بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ ٱتَّقِ ٱللَّهَ وَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقِينَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلِيمًا حَكِيمًا ١Oho Moporofeta! Ts’aba Allah, u se mamele Mahana-tumelo le Baikaketsi: Ruri! Allah U Tseba Tsohle, U Seli وَٱتَّبِعۡ مَا يُوحَىٰٓ إِلَيۡكَ مِن رَّبِّكَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرًا ٢Empa latela seo u se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a hau. Hobane! Allah U hlokolosi ka tseo u li etsang وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا ٣Beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane Allah U lekane e le mots’epehi مَّا جَعَلَ ٱللَّهُ لِرَجُلٍ مِّن قَلۡبَيۡنِ فِي جَوۡفِهِۦۚ وَمَا جَعَلَ أَزۡوَٰجَكُمُ ٱلَّٰٓـِٔي تُظَٰهِرُونَ مِنۡهُنَّ أُمَّهَٰتِكُمۡۚ وَمَا جَعَلَ أَدۡعِيَآءَكُمۡ أَبۡنَآءَكُمۡۚ ذَٰلِكُمۡ قَوۡلُكُم بِأَفۡوَٰهِكُمۡۖ وَٱللَّهُ يَقُولُ ٱلۡحَقَّ وَهُوَ يَهۡدِي ٱلسَّبِيلَ ٤Allah ha A etsa lipelo tse peli ka hare ho motho ofe kapa ofe: kapa hona ho etsa basali ba lona bao le ba hlalang ka ho ba ts’oants’a le bo-’ma lona ka Sihar, le ho etsa bara bao le ikholisetsang bona bara ba lona. Sena empa e le puo feela ea melomo ea lona. Ebile Allah U le bolella ‘nete, U bonts’a tsela e nepahetseng ٱدۡعُوهُمۡ لِأٓبَآئِهِمۡ هُوَ أَقۡسَطُ عِندَ ٱللَّهِۚ فَإِن لَّمۡ تَعۡلَمُوٓاْ ءَابَآءَهُمۡ فَإِخۡوَٰنُكُمۡ فِي ٱلدِّينِ وَمَوَٰلِيكُمۡۚ وَلَيۡسَ عَلَيۡكُمۡ جُنَاحٌ فِيمَآ أَخۡطَأۡتُم بِهِۦ وَلَٰكِن مَّا تَعَمَّدَتۡ قُلُوبُكُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا ٥Ba bitseng ka mabitso a bo-ntata bona. Seo se tla ba molemo ka ho fetisisa mahlong a Allah. Haeba le sa tsebe bo-ntata bona, e tla ba baena ba lona tumelong le metsoalle ea lona. Ha hona ho ba le phoso holim’a lona haeba le sa ka la hlokomela, se bohlokoa ke se maikutlong a lona. Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Khaphatseha Mohau ٱلنَّبِيُّ أَوۡلَىٰ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ مِنۡ أَنفُسِهِمۡۖ وَأَزۡوَٰجُهُۥٓ أُمَّهَٰتُهُمۡۗ وَأُوْلُواْ ٱلۡأَرۡحَامِ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلَىٰ بِبَعۡضٍ فِي كِتَٰبِ ٱللَّهِ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُهَٰجِرِينَ إِلَّآ أَن تَفۡعَلُوٓاْ إِلَىٰٓ أَوۡلِيَآئِكُم مَّعۡرُوفًاۚ كَانَ ذَٰلِكَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ مَسۡطُورًا ٦Moporofeta o haufi haholo ho ba-kholoang ho feta bona ka bo-bona, basali ba hae ke bo-’ma bona. Tsoalano ka mali e haufi haholo ho e mong le e mong oa bona molaong oa Allah ho feta ba-kholoang ba bang le ba ileng ba phaphatheha: kantle leha eba le ka etsa mohau ho metsoalle ea lona: Sena se ngoliloe Molaong وَإِذۡ أَخَذۡنَا مِنَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ مِيثَٰقَهُمۡ وَمِنكَ وَمِن نُّوحٍ وَإِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ وَعِيسَى ٱبۡنِ مَرۡيَمَۖ وَأَخَذۡنَا مِنۡهُم مِّيثَٰقًا غَلِيظًا ٧Hopola hore Re nkile kano ho Baporofeta: le ho uena, Nooe, Abrahama, Moshe le ho Jesu mora oa Maria. Re ile Ra nka kano ea sebele ho bona لِّيَسۡـَٔلَ ٱلصَّٰدِقِينَ عَن صِدۡقِهِمۡۚ وَأَعَدَّ لِلۡكَٰفِرِينَ عَذَابًا أَلِيمًا ٨E le hore Allah A tle A botse ka bo-’nete ba seo tumelo ea bona e bileng sona. U lokisitse kahlolo e mahlonoko khahlanong le mahana-tumelo يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ إِذۡ جَآءَتۡكُمۡ جُنُودٌ فَأَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ رِيحًا وَجُنُودًا لَّمۡ تَرَوۡهَاۚ وَكَانَ ٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرًا ٩Oho lona ba-kholoang! Hopolang molemo oa Allah ho lona mohla le neng le thulane le mabotho, ha Re romella setsokotsane se matla le lebotho kahlahlanong le bona leo le sa kang la le bona. Empa Allah U bona tsohle tseo le li etsang إِذۡ جَآءُوكُم مِّن فَوۡقِكُمۡ وَمِنۡ أَسۡفَلَ مِنكُمۡ وَإِذۡ زَاغَتِ ٱلۡأَبۡصَٰرُ وَبَلَغَتِ ٱلۡقُلُوبُ ٱلۡحَنَاجِرَ وَتَظُنُّونَ بِٱللَّهِ ٱلظُّنُونَا۠ ١٠Mohla ba neng ba le khahlela ka mona le ka mona, le se le tsoeretse mahlo hoo lipelo tsa lona li neng li le haufi le liqoqotho, le apareloa ke menahano e fosahetseng malebana le Allah هُنَالِكَ ٱبۡتُلِيَ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ وَزُلۡزِلُواْ زِلۡزَالًا شَدِيدًا ١١Ho bile le ba-kholoang ba ileng ba lekoa boemong boo, ba ile ba tsukutloa ke letsoalo le ts’abehang وَإِذۡ يَقُولُ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ وَٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ مَّا وَعَدَنَا ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥٓ إِلَّا غُرُورًا ١٢Baikaketsi le ba nang le maloetsi lipelong tsa bona, ba re: “Allah le Moporofeta oa Hae ha ho seo ba re ts’episitse sona haese mafeela-feela.” وَإِذۡ قَالَت طَّآئِفَةٌ مِّنۡهُمۡ يَٰٓأَهۡلَ يَثۡرِبَ لَا مُقَامَ لَكُمۡ فَٱرۡجِعُواْۚ وَيَسۡتَـٔۡذِنُ فَرِيقٌ مِّنۡهُمُ ٱلنَّبِيَّ يَقُولُونَ إِنَّ بُيُوتَنَا عَوۡرَةٌ وَمَا هِيَ بِعَوۡرَةٍۖ إِن يُرِيدُونَ إِلَّا فِرَارًا ١٣Lequloana le leng la bona le ile la re: “Oho lona banna ba Yathrib! Ha le ke ke la emela ntoa, kahoo boelang morao.” Sehlopha se seng se ile sa kopa tumello ea Moporofeta, sa re: “Malapa a rona a setse a sa sireletseha.” Morero oa bona ene e se letho, haese ho hlanola tlhabela وَلَوۡ دُخِلَتۡ عَلَيۡهِم مِّنۡ أَقۡطَارِهَا ثُمَّ سُئِلُواْ ٱلۡفِتۡنَةَ لَأٓتَوۡهَا وَمَا تَلَبَّثُواْ بِهَآ إِلَّا يَسِيرًا ١٤Hoja lira li ile tsa ba khahlela ka mahlakore ohle, eaba ba khothaletsoa ho ikhula, ba ka be ba amohetse kantle le khanyetso ea letho وَلَقَدۡ كَانُواْ عَٰهَدُواْ ٱللَّهَ مِن قَبۡلُ لَا يُوَلُّونَ ٱلۡأَدۡبَٰرَۚ وَكَانَ عَهۡدُ ٱللَّهِ مَسۡـُٔولًا ١٥Empa ba ne ba ikanne ho Allah hore ba ke ke ba koeneha. Boikano ho Allah bo lokela ho arabelloa قُل لَّن يَنفَعَكُمُ ٱلۡفِرَارُ إِن فَرَرۡتُم مِّنَ ٱلۡمَوۡتِ أَوِ ٱلۡقَتۡلِ وَإِذًا لَّا تُمَتَّعُونَ إِلَّا قَلِيلًا ١٦E re: “Paleho e ke ke ea le thusa ka letho haeba le baleha lefu kapa polao; hobane mofutho oo le phelang har’a ona ke oa nakoana.” قُلۡ مَن ذَا ٱلَّذِي يَعۡصِمُكُم مِّنَ ٱللَّهِ إِنۡ أَرَادَ بِكُمۡ سُوٓءًا أَوۡ أَرَادَ بِكُمۡ رَحۡمَةًۚ وَلَا يَجِدُونَ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ وَلِيًّا وَلَا نَصِيرًا ١٧E re: “Ke mang ea ka le pholosang ho Allah haeba A le neha Kotlo, kapa ho le neha Mohau?” Kapa ho fumana motsoalle kapa mothusi ofe kapa ofe kantle ho Allah ۞ قَدۡ يَعۡلَمُ ٱللَّهُ ٱلۡمُعَوِّقِينَ مِنكُمۡ وَٱلۡقَآئِلِينَ لِإِخۡوَٰنِهِمۡ هَلُمَّ إِلَيۡنَاۖ وَلَا يَأۡتُونَ ٱلۡبَأۡسَ إِلَّا قَلِيلًا ١٨Allah U tseba bohle ba sitisang batho har’a lona le ba reng ho bo-mphato’a bona: “Atamelang haufi le rona!” Empa le se tle ntoeng haese feela ha nakoana أَشِحَّةً عَلَيۡكُمۡۖ فَإِذَا جَآءَ ٱلۡخَوۡفُ رَأَيۡتَهُمۡ يَنظُرُونَ إِلَيۡكَ تَدُورُ أَعۡيُنُهُمۡ كَٱلَّذِي يُغۡشَىٰ عَلَيۡهِ مِنَ ٱلۡمَوۡتِۖ فَإِذَا ذَهَبَ ٱلۡخَوۡفُ سَلَقُوكُم بِأَلۡسِنَةٍ حِدَادٍ أَشِحَّةً عَلَى ٱلۡخَيۡرِۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَمۡ يُؤۡمِنُواْ فَأَحۡبَطَ ٱللَّهُ أَعۡمَٰلَهُمۡۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرًا ١٩Ba le honohela. Empa ha ba otloa ke ts’abo, u tla ba bona ba talimile ka lona ka mahlo a ntseng a panya-panya sa motho ea makhatheng a lefu: Hang hoba letsoalo le khutse, ba u chesa ka maleme a nchocho tlas’a lipelo tse telele thepeng. Ba joalo ba hloka tumelo, Ka lebaka leo, Allah U etsa liketso tsa bona lefeela: Seo se bobebe ho Allah يَحۡسَبُونَ ٱلۡأَحۡزَابَ لَمۡ يَذۡهَبُواْۖ وَإِن يَأۡتِ ٱلۡأَحۡزَابُ يَوَدُّواْ لَوۡ أَنَّهُم بَادُونَ فِي ٱلۡأَعۡرَابِ يَسۡـَٔلُونَ عَنۡ أَنۢبَآئِكُمۡۖ وَلَوۡ كَانُواْ فِيكُم مَّا قَٰتَلُوٓاْ إِلَّا قَلِيلًا ٢٠Ba nahana hore Bafuthi ha ba ea beha lihlomo fats’e; hoja e be Bafuthi ba ntse ba tsoelapele, ba ne ba tla lakatsa ho ba lehoatateng har’a Baleleri, ba botsa ka lona; hoja ba ne ba le har’a lona, ba ne ba tla loana empa ka monyebe لَّقَدۡ كَانَ لَكُمۡ فِي رَسُولِ ٱللَّهِ أُسۡوَةٌ حَسَنَةٌ لِّمَن كَانَ يَرۡجُواْ ٱللَّهَ وَٱلۡيَوۡمَ ٱلۡأٓخِرَ وَذَكَرَ ٱللَّهَ كَثِيرًا ٢١Ruri! Le na le mohlala o motle ho Moporofeta oa Allah ho ea ts’epetseng ho Allah le ho Letsatsi la Bofelo, a tsitlalla thorisong ea Allah وَلَمَّا رَءَا ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٱلۡأَحۡزَابَ قَالُواْ هَٰذَا مَا وَعَدَنَا ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥ وَصَدَقَ ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥۚ وَمَا زَادَهُمۡ إِلَّآ إِيمَٰنًا وَتَسۡلِيمًا ٢٢Ba-kholoang ha ba bona Bahlabani ba Bafuthi, ba ile ba re; “Sena ke seo Allah le Moromuoa oa Hae ba re ts’episitseng sona, Allah le Moromuoa oa Hae ba re boleletse seo e leng ‘nete.” Seo sa matlafatsa tumelo le tjantjello ea bona boithapalatsong مِّنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ رِجَالٌ صَدَقُواْ مَا عَٰهَدُواْ ٱللَّهَ عَلَيۡهِۖ فَمِنۡهُم مَّن قَضَىٰ نَحۡبَهُۥ وَمِنۡهُم مَّن يَنتَظِرُۖ وَمَا بَدَّلُواْ تَبۡدِيلًا ٢٣Har’a ba-kholoang ho na le batho ba ‘nete Selekaneng sa bona le Allah. Ba bang ba phethile kano ea bona, ba bang ba sa lebeletse; Empa ha ba ea fetoha le ha nyane لِّيَجۡزِيَ ٱللَّهُ ٱلصَّٰدِقِينَ بِصِدۡقِهِمۡ وَيُعَذِّبَ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ إِن شَآءَ أَوۡ يَتُوبَ عَلَيۡهِمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ غَفُورًا رَّحِيمًا ٢٤Hore Allah A tle A putse batho ba ‘Nete ho latela ‘Nete ea bona, le hona ho ahlola Baikaketsi haeba e le Thato Ea Hae, kapa A retelehele ho bona ka Mohau: Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang وَرَدَّ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِغَيۡظِهِمۡ لَمۡ يَنَالُواْ خَيۡرًاۚ وَكَفَى ٱللَّهُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلۡقِتَالَۚ وَكَانَ ٱللَّهُ قَوِيًّا عَزِيزًا ٢٥Allah U leleketse mahana-tumelo kahlolong ea bona; ha ho molemo oo ba o fumaneng. Allah U lekane ho Ba-kholoang ntoeng ea bona. Allah U Matla, U Matla A ho phethisa Thato Ea Hae وَأَنزَلَ ٱلَّذِينَ ظَٰهَرُوهُم مِّنۡ أَهۡلِ ٱلۡكِتَٰبِ مِن صَيَاصِيهِمۡ وَقَذَفَ فِي قُلُوبِهِمُ ٱلرُّعۡبَ فَرِيقًا تَقۡتُلُونَ وَتَأۡسِرُونَ فَرِيقًا ٢٦Ba bang ba batho ba Lengolo ban eng ba thusa mahana- tumelo – Allah U ile A ba theola maemong a bona, A ba A ts’ollela letsoalo lipelong tsa bona. Ba bang ba bona le ile la ba bolaea, ba bang la ba hapa وَأَوۡرَثَكُمۡ أَرۡضَهُمۡ وَدِيَٰرَهُمۡ وَأَمۡوَٰلَهُمۡ وَأَرۡضًا لَّمۡ تَطَـُٔوهَاۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرًا ٢٧A le etsa majalefa a naha ea bona, matlo a bona, thepa ea bona esita le naha eo le neng le sa e etele khafetsa. Allah U Matla holima lintho tsohle يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ قُل لِّأَزۡوَٰجِكَ إِن كُنتُنَّ تُرِدۡنَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا وَزِينَتَهَا فَتَعَالَيۡنَ أُمَتِّعۡكُنَّ وَأُسَرِّحۡكُنَّ سَرَاحًا جَمِيلًا ٢٨Oho Moporofeta! E re ho basali ba hau: “Haeba le rata bophelo ba lefats’e lena le mekhabiso ea lona, – tlohong! Ke tla le khotsofatsa, ke le lokolle ka tsela e nonofetseng.” وَإِن كُنتُنَّ تُرِدۡنَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ وَٱلدَّارَ ٱلۡأٓخِرَةَ فَإِنَّ ٱللَّهَ أَعَدَّ لِلۡمُحۡسِنَٰتِ مِنكُنَّ أَجۡرًا عَظِيمًا ٢٩Empa haeba le rata Allah le Moromuoa oa Hae le lehae la Bo-tlang, Ruri! Allah U hlophisitse moputso o moholohali sebakeng sa ba hloekileng har’a lona يَٰنِسَآءَ ٱلنَّبِيِّ مَن يَأۡتِ مِنكُنَّ بِفَٰحِشَةٍ مُّبَيِّنَةٍ يُضَٰعَفۡ لَهَا ٱلۡعَذَابُ ضِعۡفَيۡنِۚ وَكَانَ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرًا ٣٠Oho lona basali ba Moporofeta! Haeba e mong oa lona o ne a le molato oa liketso tse nyonts’ang, Kahlolo ea hae e tla phaelloa habeli, hobane seo se bobebe ho Allah
۞ وَمَن يَقۡنُتۡ مِنكُنَّ لِلَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَتَعۡمَلۡ صَٰلِحًا نُّؤۡتِهَآ أَجۡرَهَا مَرَّتَيۡنِ وَأَعۡتَدۡنَا لَهَا رِزۡقًا كَرِيمًا ٣١Mong le mong har’a lona ea ipabotseng ts’ebeletsong ea Allah le ho Moromuoa oa Hae, a bile a etsa tse lokileng, Re tla mo neha moputso oa hae o menahane habeli, e bile Re hlophisitse phepo ea maemo a phahameng sebakeng sa hae يَٰنِسَآءَ ٱلنَّبِيِّ لَسۡتُنَّ كَأَحَدٍ مِّنَ ٱلنِّسَآءِ إِنِ ٱتَّقَيۡتُنَّۚ فَلَا تَخۡضَعۡنَ بِٱلۡقَوۡلِ فَيَطۡمَعَ ٱلَّذِي فِي قَلۡبِهِۦ مَرَضٌ وَقُلۡنَ قَوۡلًا مَّعۡرُوفًا ٣٢Oho lona basali ba Moporofeta! Ha le ts’oane le basali ba bang. Haeba le ts’aba Allah, empa le se bue ka mantsoe a hohelang, esere eo pelo ea hae e aparetsoeng ke maloetse a tloha a hoheleha, empa le buoe ka mantsoe a hlakileng وَقَرۡنَ فِي بُيُوتِكُنَّ وَلَا تَبَرَّجۡنَ تَبَرُّجَ ٱلۡجَٰهِلِيَّةِ ٱلۡأُولَىٰۖ وَأَقِمۡنَ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتِينَ ٱلزَّكَوٰةَ وَأَطِعۡنَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥٓۚ إِنَّمَا يُرِيدُ ٱللَّهُ لِيُذۡهِبَ عَنكُمُ ٱلرِّجۡسَ أَهۡلَ ٱلۡبَيۡتِ وَيُطَهِّرَكُمۡ تَطۡهِيرًا ٣٣Le lule ka khutso ka matlung a lona, le se ipapatse pooaneng joaloka Mehleng ea Pele ea Tlhoka-Tsebo. Le phethahatse Lithapelo tsa letsatsi ka leng, le hona ho fana ka linyehelo, le utloe Allah le Moromuoa oa Hae. Thato ea Allah ke ho tlosa lits’ila ho lona, beng ka lona, le ho le hloekisa hore le hloke koli وَٱذۡكُرۡنَ مَا يُتۡلَىٰ فِي بُيُوتِكُنَّ مِنۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ وَٱلۡحِكۡمَةِۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ لَطِيفًا خَبِيرًا ٣٤Le phete ka tlhoko seo le se Phetetsoeng malapeng a lona, Lits’enolo tsa Allah le Bohlale ba Hae. Hobane Allah U hlokolosi haholo ka mehlolo eohle إِنَّ ٱلۡمُسۡلِمِينَ وَٱلۡمُسۡلِمَٰتِ وَٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ وَٱلۡقَٰنِتِينَ وَٱلۡقَٰنِتَٰتِ وَٱلصَّٰدِقِينَ وَٱلصَّٰدِقَٰتِ وَٱلصَّٰبِرِينَ وَٱلصَّٰبِرَٰتِ وَٱلۡخَٰشِعِينَ وَٱلۡخَٰشِعَٰتِ وَٱلۡمُتَصَدِّقِينَ وَٱلۡمُتَصَدِّقَٰتِ وَٱلصَّٰٓئِمِينَ وَٱلصَّٰٓئِمَٰتِ وَٱلۡحَٰفِظِينَ فُرُوجَهُمۡ وَٱلۡحَٰفِظَٰتِ وَٱلذَّٰكِرِينَ ٱللَّهَ كَثِيرًا وَٱلذَّٰكِرَٰتِ أَعَدَّ ٱللَّهُ لَهُم مَّغۡفِرَةً وَأَجۡرًا عَظِيمًا ٣٥Banna le basali ba Ma-Muslim, le banna le basali ba-kholoang, le banna le basali ba inehetseng, banna le basali ba ‘nete, le banna le basali ba tsitlalletseng toka, le banna le basali ba ikokobetsang, le banna le basali ba fanang ka linyehelo, le banna le basali ba ilang, le banna le basali ba ipolokang khahlano le bobe le bona banna le basali ba hopolang Allah ka thata – Allah U hlophisitse ts’oarelo esita le moputso o babatsehang sebakeng sa bona وَمَا كَانَ لِمُؤۡمِنٍ وَلَا مُؤۡمِنَةٍ إِذَا قَضَى ٱللَّهُ وَرَسُولُهُۥٓ أَمۡرًا أَن يَكُونَ لَهُمُ ٱلۡخِيَرَةُ مِنۡ أَمۡرِهِمۡۗ وَمَن يَعۡصِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَقَدۡ ضَلَّ ضَلَٰلًا مُّبِينًا ٣٦Ha ho oa lokela ba-kholoang monna kapa mosali hore taba ha e nketsoe qeto ke Allah le Moromuoa oa Hae, e be kamor’a moo ba ba le khoao malebana le taba eo; mong le mong ea khahlanong le Allah le Moromuoa oa hae, o khelohetse thoko وَإِذۡ تَقُولُ لِلَّذِيٓ أَنۡعَمَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِ وَأَنۡعَمۡتَ عَلَيۡهِ أَمۡسِكۡ عَلَيۡكَ زَوۡجَكَ وَٱتَّقِ ٱللَّهَ وَتُخۡفِي فِي نَفۡسِكَ مَا ٱللَّهُ مُبۡدِيهِ وَتَخۡشَى ٱلنَّاسَ وَٱللَّهُ أَحَقُّ أَن تَخۡشَىٰهُۖ فَلَمَّا قَضَىٰ زَيۡدٌ مِّنۡهَا وَطَرًا زَوَّجۡنَٰكَهَا لِكَيۡ لَا يَكُونَ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ حَرَجٌ فِيٓ أَزۡوَٰجِ أَدۡعِيَآئِهِمۡ إِذَا قَضَوۡاْ مِنۡهُنَّ وَطَرًاۚ وَكَانَ أَمۡرُ ٱللَّهِ مَفۡعُولًا ٣٧Hopola! O ile oa re ho eo Allah A neng a mo sitsitse ka molemo, le uena u neng u mo nehe molemo: “Boloka mosali oa hau lenyalong, O ts’abe Allah.” Empa u ne u patile kelellong ea hau seo Allah a neng a se tlisa leseling, u ne u ts’aba batho, Allah U na le tokelo ea hore u lokela ho mo ts’aba. Joale, eitse hoba Zaid a phethahatse setlamo sa ho khaola lenyalo la hae, eaba Re u kopanya le eena ka lenyalo, hore mohlomong ho se be le sebe ho ba-kholoang malebana le basali bao bara ba bona ba ikholiselitseng bona ba kileng ba ba nyalla eaba ho phethahatsoa setlamo sa bona sa karohano ka Lengolo lipakeng tsa bona. Taelo ea Allah e lokela ho phethahatsoa مَّا كَانَ عَلَى ٱلنَّبِيِّ مِنۡ حَرَجٍ فِيمَا فَرَضَ ٱللَّهُ لَهُۥۖ سُنَّةَ ٱللَّهِ فِي ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلُۚ وَكَانَ أَمۡرُ ٱللَّهِ قَدَرًا مَّقۡدُورًا ٣٨Ha ho na mathata ho Moporofeta ho seo Allah a se etsang ts’ebetso ea hae. Seo e bile tsela ea Allah ho batho ba khale ba seng ba fetile – taelo ea Allah e tlameha ho phethahatsoa – ٱلَّذِينَ يُبَلِّغُونَ رِسَٰلَٰتِ ٱللَّهِ وَيَخۡشَوۡنَهُۥ وَلَا يَخۡشَوۡنَ أَحَدًا إِلَّا ٱللَّهَۗ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ حَسِيبًا ٣٩Ebile tloaelo ea ba neng ba phatlalatsa Melaetsa ea Allah, ba mo ts’aba, ho se e mong eo ba mo ts’abang ntle ho Allah. Allah U lekane ho bitsetsa batho tlalehong مَّا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَآ أَحَدٍ مِّن رِّجَالِكُمۡ وَلَٰكِن رَّسُولَ ٱللَّهِ وَخَاتَمَ ٱلنَّبِيِّـۧنَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمًا ٤٠Muhammad ha se ntata motho ofe kapa ofe har’a lona, empa ke moromuoa oa Allah, ke mokoallo oa Baporofeta; etsoe Allah U hlokolosi holim’a lintho tsohle يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱذۡكُرُواْ ٱللَّهَ ذِكۡرًا كَثِيرًا ٤١Oho lona ba-kholoang! Ketekang lithoriso tsa Allah, le etse sena khafetsa وَسَبِّحُوهُ بُكۡرَةً وَأَصِيلًا ٤٢Le Mo tlotlise hoseng le mantsiboea هُوَ ٱلَّذِي يُصَلِّي عَلَيۡكُمۡ وَمَلَٰٓئِكَتُهُۥ لِيُخۡرِجَكُم مِّنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِۚ وَكَانَ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ رَحِيمًا ٤٣Ee Eena Ea le Hlohonolofatsang le manyeloi A Hae, hore A tle A le lopolle koetseng Ea Lefifi A le tlise Leseling: e bile U Tletse Mohau ho Ba-kholoang تَحِيَّتُهُمۡ يَوۡمَ يَلۡقَوۡنَهُۥ سَلَٰمٌۚ وَأَعَدَّ لَهُمۡ أَجۡرًا كَرِيمًا ٤٤Litumeliso tsa mohla Letsatsi leo ba tlang ho kopana le Eena e tlaba: “Khotso.” E bile U ba hlophiselitse mats’eliso a babatsehang يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ إِنَّآ أَرۡسَلۡنَٰكَ شَٰهِدًا وَمُبَشِّرًا وَنَذِيرًا ٤٥Oho Moporofeta! Ruri! Re u romeletse ho ba Paki, le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi وَدَاعِيًا إِلَى ٱللَّهِ بِإِذۡنِهِۦ وَسِرَاجًا مُّنِيرًا ٤٦U bile u le leng’osa la Allah ka taelo ea Hae, le lona Lebone le Fanang ka Khanya وَبَشِّرِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ بِأَنَّ لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ فَضۡلًا كَبِيرًا ٤٧U phatlalatse litaba tse molemo ho Ba-kholoang hore ba tla fumana Nala e babatsehang ho Allah وَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقِينَ وَدَعۡ أَذَىٰهُمۡ وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۚ وَكَفَىٰ بِٱللَّهِ وَكِيلًا ٤٨U be u se ke oa inamela mahana-tumelo le Baikaketsi. U tlolise mahlo holimo litaba tsa bona tse khopo, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Hobane Allah U lekane e le Mots’epehi يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا نَكَحۡتُمُ ٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ ثُمَّ طَلَّقۡتُمُوهُنَّ مِن قَبۡلِ أَن تَمَسُّوهُنَّ فَمَا لَكُمۡ عَلَيۡهِنَّ مِنۡ عِدَّةٍ تَعۡتَدُّونَهَاۖ فَمَتِّعُوهُنَّ وَسَرِّحُوهُنَّ سَرَاحًا جَمِيلًا ٤٩Oho lona ba-kholoang! Ha le nyala basali ba-kholoang, le ba hlala pele le ba ama, ha ho nako eo le ka e balang (iddah) malebana le bona. Empa le ba nehe mpho, le ba lokolle ka mokhoa o amohelehang يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ إِنَّآ أَحۡلَلۡنَا لَكَ أَزۡوَٰجَكَ ٱلَّٰتِيٓ ءَاتَيۡتَ أُجُورَهُنَّ وَمَا مَلَكَتۡ يَمِينُكَ مِمَّآ أَفَآءَ ٱللَّهُ عَلَيۡكَ وَبَنَاتِ عَمِّكَ وَبَنَاتِ عَمَّٰتِكَ وَبَنَاتِ خَالِكَ وَبَنَاتِ خَٰلَٰتِكَ ٱلَّٰتِي هَاجَرۡنَ مَعَكَ وَٱمۡرَأَةً مُّؤۡمِنَةً إِن وَهَبَتۡ نَفۡسَهَا لِلنَّبِيِّ إِنۡ أَرَادَ ٱلنَّبِيُّ أَن يَسۡتَنكِحَهَا خَالِصَةً لَّكَ مِن دُونِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَۗ قَدۡ عَلِمۡنَا مَا فَرَضۡنَا عَلَيۡهِمۡ فِيٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ وَمَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ لِكَيۡلَا يَكُونَ عَلَيۡكَ حَرَجٌۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا ٥٠Oho Moporofeta! Re entse hore basali ba hau bao u ba lefeletseng mahali ba be molaong ho uena, le bao u ba phuthileng bao Allah A u nehileng bona e le bahapuoa ntoeng, le barali ba rangoana’o le maloma’o, le barali ba ‘mangoana’o le rakhali’ao ba ileng ba falla le uena, le mosali ea kholoang haeba a inehela ho moporofeta, eba moporofeta o lakatsa ho mo kopa lenyalo –sena ke monyetla ho uena feela, eseng ho ba-kholoang – etsoe Re hlokolosi ka tseo Re li khothalelitseng holim’a bona malebana le basali ba bona le ba ba phuthileng –hore u se be le bothata, hobane Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang ۞ تُرۡجِي مَن تَشَآءُ مِنۡهُنَّ وَتُـٔۡوِيٓ إِلَيۡكَ مَن تَشَآءُۖ وَمَنِ ٱبۡتَغَيۡتَ مِمَّنۡ عَزَلۡتَ فَلَا جُنَاحَ عَلَيۡكَۚ ذَٰلِكَ أَدۡنَىٰٓ أَن تَقَرَّ أَعۡيُنُهُنَّ وَلَا يَحۡزَنَّ وَيَرۡضَيۡنَ بِمَآ ءَاتَيۡتَهُنَّ كُلُّهُنَّۚ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا فِي قُلُوبِكُمۡۚ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلِيمًا حَلِيمًا ٥١U ka ‘na oa behella eo u mo ratang kathoko, eaba u amohela eo u mo ratang, ebang u na le takatso ho e mong oa bao u ba beheletseng kathoko ha nakoana, ha ho na sebe ho uena haeba u ka mo amohela hape; seo se molemo; e le hore ba tle ba khotsofale, ba se ke ba utloa bohloko le hona ho khotsofalla seo u ba nehang sona. Allah U tseba se ka lipelong tsa lona, Allah U Tseba Tsohle, U Tletse Mamello لَّا يَحِلُّ لَكَ ٱلنِّسَآءُ مِنۢ بَعۡدُ وَلَآ أَن تَبَدَّلَ بِهِنَّ مِنۡ أَزۡوَٰجٍ وَلَوۡ أَعۡجَبَكَ حُسۡنُهُنَّ إِلَّا مَا مَلَكَتۡ يَمِينُكَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ رَّقِيبًا ٥٢Ha ho ea lumelleha ho uena ho nyala basali ba bang kathoko ho bao, kapa hona ho ba fapanyetsa ka basali ba bang le haeba o khahloa ke bottle ba bona kantle le bao u ba holisang. Allah ke moalosi holim’a lintho tsohle يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَدۡخُلُواْ بُيُوتَ ٱلنَّبِيِّ إِلَّآ أَن يُؤۡذَنَ لَكُمۡ إِلَىٰ طَعَامٍ غَيۡرَ نَٰظِرِينَ إِنَىٰهُ وَلَٰكِنۡ إِذَا دُعِيتُمۡ فَٱدۡخُلُواْ فَإِذَا طَعِمۡتُمۡ فَٱنتَشِرُواْ وَلَا مُسۡتَـٔۡنِسِينَ لِحَدِيثٍۚ إِنَّ ذَٰلِكُمۡ كَانَ يُؤۡذِي ٱلنَّبِيَّ فَيَسۡتَحۡيِۦ مِنكُمۡۖ وَٱللَّهُ لَا يَسۡتَحۡيِۦ مِنَ ٱلۡحَقِّۚ وَإِذَا سَأَلۡتُمُوهُنَّ مَتَٰعًا فَسۡـَٔلُوهُنَّ مِن وَرَآءِ حِجَابٍۚ ذَٰلِكُمۡ أَطۡهَرُ لِقُلُوبِكُمۡ وَقُلُوبِهِنَّۚ وَمَا كَانَ لَكُمۡ أَن تُؤۡذُواْ رَسُولَ ٱللَّهِ وَلَآ أَن تَنكِحُوٓاْ أَزۡوَٰجَهُۥ مِنۢ بَعۡدِهِۦٓ أَبَدًاۚ إِنَّ ذَٰلِكُمۡ كَانَ عِندَ ٱللَّهِ عَظِيمًا ٥٣Oho lona ba-kholoang! Le se kene malapeng a Moporofeta, – moo le habileng lijo ntle le ho emela nako e lokelang, haese haeba o nehiloe tumello. Empa haeba le memiloe le kene, hang ha lijo tsa lona li felile, le tsamae. Le se ke la emela moqoqo. Hobane seo se ka tloha sa ts’oenya moporofeta, u tla ba lihlong ho le kopa hore le tsamae; empa Allah ha A lihlong malebana le ‘nete. Haeba le kopa se seng ho e mong oa basali ba Moporofeta, le se kope ka boits’oaro bo hloekileng. Seo se hloekile lipelong tsa lona le lipelong tsa bona. Ha le ea lumelloa ho ts’oenya Moromuoa oa Allah, kapa hona hore e be le ka nyala basali ba hae kamor’a hae. Hobane Ruri! Seo mahlong a Allah e ka ‘na ea eba sebe se seholo إِن تُبۡدُواْ شَيۡـًٔا أَوۡ تُخۡفُوهُ فَإِنَّ ٱللَّهَ كَانَ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمًا ٥٤Ebang le hlahisa eng kapa eng pepeneneng, kapa le e patang, Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tsohle لَّا جُنَاحَ عَلَيۡهِنَّ فِيٓ ءَابَآئِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآئِهِنَّ وَلَآ إِخۡوَٰنِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآءِ إِخۡوَٰنِهِنَّ وَلَآ أَبۡنَآءِ أَخَوَٰتِهِنَّ وَلَا نِسَآئِهِنَّ وَلَا مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُنَّۗ وَٱتَّقِينَ ٱللَّهَۚ إِنَّ ٱللَّهَ كَانَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ شَهِيدًا ٥٥Ha ho sebe ho basali ba ho hlaha ba lokolohile ho bo-ntat’a bona, le bara ba bona, kapa likhaitseli tsa bona, kapa bara ba likhaitseli tsa bona, kapa bara ba bo ausi’a bona, kapa basali ba bona le basebeletsi ba bona. Oho basali! Ts’abang Allah. Hobane Allah ke Paki holim’a lintho tsohle إِنَّ ٱللَّهَ وَمَلَٰٓئِكَتَهُۥ يُصَلُّونَ عَلَى ٱلنَّبِيِّۚ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ صَلُّواْ عَلَيۡهِ وَسَلِّمُواْ تَسۡلِيمًا ٥٦Allah le Manyeloi A Hae ba romella mahlohonolo ho Moporofeta. Oho lona ba-kholoang! Mo romelleng mahlohonolo le lona, le mo lumelise ka thlompho إِنَّ ٱلَّذِينَ يُؤۡذُونَ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ لَعَنَهُمُ ٱللَّهُ فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ وَأَعَدَّ لَهُمۡ عَذَابًا مُّهِينًا ٥٧Ba khopisang Allah le Moromuoa oa Hae, Allah U ba rohakile lefats’eng lena le ho Bo-tlang, e bile U ba hlophetse Kahlolo e nyonyehang وَٱلَّذِينَ يُؤۡذُونَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ بِغَيۡرِ مَا ٱكۡتَسَبُواْ فَقَدِ ٱحۡتَمَلُواْ بُهۡتَٰنًا وَإِثۡمًا مُّبِينًا ٥٨Ba ts’oenyang banna le basali ba-kholoang ka bokhopo, ba jara molato oa ketseletso le oa sebe se pepenene يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّبِيُّ قُل لِّأَزۡوَٰجِكَ وَبَنَاتِكَ وَنِسَآءِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ يُدۡنِينَ عَلَيۡهِنَّ مِن جَلَٰبِيبِهِنَّۚ ذَٰلِكَ أَدۡنَىٰٓ أَن يُعۡرَفۡنَ فَلَا يُؤۡذَيۡنَۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا ٥٩Oho Moporofeta! Bolella basali ba hau, barali ba hau le basali ba-kholoang ho apara liaparo tse ba koahetseng nakong eo ba nkang leeto. Seo se molemo, e le hore ba tle ba hlokomelehe, ba se hlekefetsoe. Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang ۞ لَّئِن لَّمۡ يَنتَهِ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ وَٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ وَٱلۡمُرۡجِفُونَ فِي ٱلۡمَدِينَةِ لَنُغۡرِيَنَّكَ بِهِمۡ ثُمَّ لَا يُجَاوِرُونَكَ فِيهَآ إِلَّا قَلِيلًا ٦٠Ruri, haeba Baikaketsi, le bao lipelo tsa bona li koahetsoeng ke maloetsi le ba fehlang merusu ka har’a motse ba sa khaotse, Ruri! Re tla ba nehella ka lona, kamor’a moo e tlaba baahisane ba lona ha nakoana مَّلۡعُونِينَۖ أَيۡنَمَا ثُقِفُوٓاْ أُخِذُواْ وَقُتِّلُواْ تَقۡتِيلًا ٦١Ba tla rohakeha, hoohle moo ba fumanoang teng bat la ts’oaroa ba bolaoe سُنَّةَ ٱللَّهِ فِي ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلُۖ وَلَن تَجِدَ لِسُنَّةِ ٱللَّهِ تَبۡدِيلًا ٦٢Seo ebile tsela ea Allah litabeng tsa batho ba khale ba seng ba fetile; etsoe ha ho matla afe kapa afe ao o ka a fumanang ho fetola tsela ea Allah يَسۡـَٔلُكَ ٱلنَّاسُ عَنِ ٱلسَّاعَةِۖ قُلۡ إِنَّمَا عِلۡمُهَا عِندَ ٱللَّهِۚ وَمَا يُدۡرِيكَ لَعَلَّ ٱلسَّاعَةَ تَكُونُ قَرِيبًا ٦٣Batho ba u botsa ka Hora. E re: “Tsebo ea eona e ho Allah A Inots’i. Ke eng se tla etsa hore o utloisise? – Mohlomong Hora e se e le haufinyane إِنَّ ٱللَّهَ لَعَنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَأَعَدَّ لَهُمۡ سَعِيرًا ٦٤Ruri! Allah U rohakile mahana-tumelo, U ba hlophiselitse Khanare ea Mollo خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدًاۖ لَّا يَجِدُونَ وَلِيًّا وَلَا نَصِيرًا ٦٥Moo ba tlang ho phela kahosafeleng. Ha ho mots’oalle ea ka ba ts’ireletsang, kapa mothusi يَوۡمَ تُقَلَّبُ وُجُوهُهُمۡ فِي ٱلنَّارِ يَقُولُونَ يَٰلَيۡتَنَآ أَطَعۡنَا ٱللَّهَ وَأَطَعۡنَا ٱلرَّسُولَا۠ ٦٦Letsatsi leo ka lona lifahleho tsa bona li tla phetholeloa ka har’a mollo, ba tla re: “Oho, hoja ebe re ile ra mamela Allah le moromuoa oa Hae وَقَالُواْ رَبَّنَآ إِنَّآ أَطَعۡنَا سَادَتَنَا وَكُبَرَآءَنَا فَأَضَلُّونَا ٱلسَّبِيلَا۠ ٦٧Ba tla re: “Mong`a rona! Re ile ra mamela marena le banna ba phahameng ba habo rona, ba re khelositse tseleng رَبَّنَآ ءَاتِهِمۡ ضِعۡفَيۡنِ مِنَ ٱلۡعَذَابِ وَٱلۡعَنۡهُمۡ لَعۡنًا كَبِيرًا ٦٨“Mong`a rona! Oho, A k’u mpe U ba nehe Kahlolo e Menahaneng, U ba rohake ka thohako e matla.” يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تَكُونُواْ كَٱلَّذِينَ ءَاذَوۡاْ مُوسَىٰ فَبَرَّأَهُ ٱللَّهُ مِمَّا قَالُواْۚ وَكَانَ عِندَ ٱللَّهِ وَجِيهًا ٦٩Oho lona ba-kholoang! Le se ke la ts’oana le ba kileng ba khopisa le ho rohaka Moshe, empa Allah U ile A pakahatsa bohloeki ba hae khahlanong le seo ba neng ba mo phara ka sona: U ile a hlompheha mahlong a Allah يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَقُولُواْ قَوۡلًا سَدِيدًا ٧٠Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah, le bue ‘nete يُصۡلِحۡ لَكُمۡ أَعۡمَٰلَكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡ ذُنُوبَكُمۡۗ وَمَن يُطِعِ ٱللَّهَ وَرَسُولَهُۥ فَقَدۡ فَازَ فَوۡزًا عَظِيمًا ٧١E le hore A tle A ntlafatse liketso tsa lona, A le ts’oarele libe tsa lona. Mong le mong ea mamelang Allah le Moromuoa oa Hae, o se a ntse a fihletse tlholo e babatsehang إِنَّا عَرَضۡنَا ٱلۡأَمَانَةَ عَلَى ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَٱلۡجِبَالِ فَأَبَيۡنَ أَن يَحۡمِلۡنَهَا وَأَشۡفَقۡنَ مِنۡهَا وَحَمَلَهَا ٱلۡإِنسَٰنُۖ إِنَّهُۥ كَانَ ظَلُومًا جَهُولًا ٧٢Ruri! Re tsepamisitse ‘nete Maholimong le Lefats’eng le Lithabeng, empa li hanne ho e nka, li na le ts’abo. Empa motho o ile a e amohela; – Le hoja a ne a iphasa ka lerapo le booatla لِّيُعَذِّبَ ٱللَّهُ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ وَٱلۡمُنَٰفِقَٰتِ وَٱلۡمُشۡرِكِينَ وَٱلۡمُشۡرِكَٰتِ وَيَتُوبَ ٱللَّهُ عَلَى ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمَۢا ٧٣Kahoo, Allah U ahlola Baikaketsi, banna le basali, le mahana- tumelo, banna le basali. Allah U retelehela ka Mohau ho ba- kholoang, Banna le basali: Hobane Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Tletse Mohau