بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
سَبِّحِ ٱسۡمَ رَبِّكَ ٱلۡأَعۡلَى ١Tlotlisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a hau, Ea Okametseng Tsohle ٱلَّذِي خَلَقَ فَسَوَّىٰ ٢Ea hlotseng, Ea faneng ka taelo وَٱلَّذِي قَدَّرَ فَهَدَىٰ ٣Ea hlomathitseng melao, Ea fanang ka tataiso وَٱلَّذِيٓ أَخۡرَجَ ٱلۡمَرۡعَىٰ ٤Ea hlahisang lekhulo فَجَعَلَهُۥ غُثَآءً أَحۡوَىٰ ٥Hamorao le fetohe lehlare سَنُقۡرِئُكَ فَلَا تَنسَىٰٓ ٦Ka mekhahlelo Re u ruta ho bala, hore u se ke oa lebala إِلَّا مَا شَآءَ ٱللَّهُۚ إِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلۡجَهۡرَ وَمَا يَخۡفَىٰ ٧Kantle ho thato ea Allah, hoba U tseba tse pepeneneng le tse sephiring وَنُيَسِّرُكَ لِلۡيُسۡرَىٰ ٨Re tla nolofatsa tsela e u lebisang tseleng e otlolohileng فَذَكِّرۡ إِن نَّفَعَتِ ٱلذِّكۡرَىٰ ٩Ka hona fana ka keletso, ha keletso e le molemo سَيَذَّكَّرُ مَن يَخۡشَىٰ ١٠Keletso e tla amoheloa ke ba nang le ts’abo وَيَتَجَنَّبُهَا ٱلۡأَشۡقَى ١١Empa e tla qobjoa ke ba malimabe ٱلَّذِي يَصۡلَى ٱلنَّارَ ٱلۡكُبۡرَىٰ ١٢Ba tlang ho kena Khanareng ea Mollo ثُمَّ لَا يَمُوتُ فِيهَا وَلَا يَحۡيَىٰ ١٣Oo kahara ona ba sa tlong ho shoa kapa ho phela قَدۡ أَفۡلَحَ مَن تَزَكَّىٰ ١٤Ba tla atleha ke ba itlhoekisang وَذَكَرَ ٱسۡمَ رَبِّهِۦ فَصَلَّىٰ ١٥Ba rorisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a bona, ka thapelo بَلۡ تُؤۡثِرُونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا ١٦Che, le khetha bophelo ba lefats’e lena وَٱلۡأٓخِرَةُ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰٓ ١٧Empa bophelo Bo-tlang bo molemo, ha bo fele إِنَّ هَٰذَا لَفِي ٱلصُّحُفِ ٱلۡأُولَىٰ ١٨Ka sena se har’a mangolo a mathomo, – صُحُفِ إِبۡرَٰهِيمَ وَمُوسَىٰ ١٩Mangolo a Abrahama le Moshe