Millat al-Islam

Chapter 21 · 112 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Anbiyaa in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah Al-Anbiyaa (1271 reciters)

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

ٱقۡتَرَبَ لِلنَّاسِ حِسَابُهُمۡ وَهُمۡ فِي غَفۡلَةٍ مُّعۡرِضُونَ ١Boikarabello ba batho bo se bo le haufi haholo le bona, le hoja ba furalla ka ho hloka kutloisiso مَا يَأۡتِيهِم مِّن ذِكۡرٍ مِّن رَّبِّهِم مُّحۡدَثٍ إِلَّا ٱسۡتَمَعُوهُ وَهُمۡ يَلۡعَبُونَ ٢Ha ho fihla ho bona molaetsa o mocha o tsoang ho Mong`a bona, ha bao mamele bao nka e le papali لَاهِيَةً قُلُوبُهُمۡۗ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّجۡوَى ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ هَلۡ هَٰذَآ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡۖ أَفَتَأۡتُونَ ٱلسِّحۡرَ وَأَنتُمۡ تُبۡصِرُونَ ٣Lipelo tsa bona li tletsoe ke bosaoana. Ba ipuoa lekunutung baetsalibe ba re: “Ana ha se motho ea joaloka lona? Na le ka hoheloa ke boloi le ntse le bo bona?” قَالَ رَبِّي يَعۡلَمُ ٱلۡقَوۡلَ فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ ٤E re: “Mong`a ka U tseba lintho tsohle tse buoang leholimong esita le lefats’eng. U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle.” بَلۡ قَالُوٓاْ أَضۡغَٰثُ أَحۡلَٰمِۭ بَلِ ٱفۡتَرَىٰهُ بَلۡ هُوَ شَاعِرٌ فَلۡيَأۡتِنَا بِـَٔايَةٍ كَمَآ أُرۡسِلَ ٱلۡأَوَّلُونَ ٥Ba re: “Che, tsena ke motsoebere oa litoro; kapa e be u iqapetse tsona; kapa e be ke seroki. Ha a ke a re tlele le sesupo se ts’oanang le sa baporofeta ba khale-khale, ba kileng ba romelloa ka lits’upiso.” مَآ ءَامَنَتۡ قَبۡلَهُم مِّن قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَآۖ أَفَهُمۡ يُؤۡمِنُونَ ٦Ho ne ho se Sechaba se neng se lumela har’a tseo Re ileng Ra li ripitla pele ho bona, le hoja Re ‘nile Ra ba romella lits’upiso: na e be ba sa tla ke kholoe وَمَآ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ إِلَّا رِجَالًا نُّوحِيٓ إِلَيۡهِمۡۖ فَسۡـَٔلُوٓاْ أَهۡلَ ٱلذِّكۡرِ إِن كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ ٧Pele ho lona ha Re’a ka ra romella ho hong, e le baromuoa ba Rona kantle le batho bao Re ileng Ra ba neha ts’usumetso. A ke le botseng balateli ba Lengolo وَمَا جَعَلۡنَٰهُمۡ جَسَدًا لَّا يَأۡكُلُونَ ٱلطَّعَامَ وَمَا كَانُواْ خَٰلِدِينَ ٨Ha Re’a ba neha ‘mele e ke keng ea ja lijo, kapa hona ho se ang’oe ke lefu ثُمَّ صَدَقۡنَٰهُمُ ٱلۡوَعۡدَ فَأَنجَيۡنَٰهُمۡ وَمَن نَّشَآءُ وَأَهۡلَكۡنَا ٱلۡمُسۡرِفِينَ ٩Re ile Ra phethahatsa ts’episo ea Rona holim’a bona. Re ile Ra pholosa bao Re neng Re khahloa ke bona, eaba Re ripitla ba neng ba tlotse melao لَقَدۡ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكُمۡ كِتَٰبًا فِيهِ ذِكۡرُكُمۡۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ ١٠Re le senoletse Lengolo leo e leng sehopotso ho lona. Na ha le utloisisi وَكَمۡ قَصَمۡنَا مِن قَرۡيَةٍ كَانَتۡ ظَالِمَةً وَأَنشَأۡنَا بَعۡدَهَا قَوۡمًا ءَاخَرِينَ ١١Hana ke lichaba tse ngata hakakang tseo re ileng ra lie ripitla ka lebaka la ho tlaloa ke bosaoana, eaba Re tsosa lichaba tse ling kamor’a tsona فَلَمَّآ أَحَسُّواْ بَأۡسَنَآ إِذَا هُم مِّنۡهَا يَرۡكُضُونَ ١٢Ha ba se ba lokela ho latsoa kahlolo ea Rona, ba qalella ho e baleha لَا تَرۡكُضُواْ وَٱرۡجِعُوٓاْ إِلَىٰ مَآ أُتۡرِفۡتُمۡ فِيهِ وَمَسَٰكِنِكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُسۡـَٔلُونَ ١٣“Se baleheng, empa boelang monyakeng oo le o filoeng le malapeng a lona, hore le tle le botsoe lipotso قَالُواْ يَٰوَيۡلَنَآ إِنَّا كُنَّا ظَٰلِمِينَ ١٤Ba re: “Bomalimabe bo ho rona! Ruri re bile baetsalibe.” فَمَا زَالَت تِّلۡكَ دَعۡوَىٰهُمۡ حَتَّىٰ جَعَلۡنَٰهُمۡ حَصِيدًا خَٰمِدِينَ ١٥Sello seo sa bona ha se’a ka sa khaotsa, ho fihlela Re ba bokelletse joaloka koro ha e hetsoe, bafetoha lesupi وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَآءَ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا لَٰعِبِينَ ١٦Ha re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona ho ba papali لَوۡ أَرَدۡنَآ أَن نَّتَّخِذَ لَهۡوًا لَّٱتَّخَذۡنَٰهُ مِن لَّدُنَّآ إِن كُنَّا فَٰعِلِينَ ١٧Hoja e bile thato ea Rona ea ho fumana monyaka, Re ka be Re ile Ra iketsetsa ona ho ka bo Rona, – hoja Re ne Re ratile joalo بَلۡ نَقۡذِفُ بِٱلۡحَقِّ عَلَى ٱلۡبَٰطِلِ فَيَدۡمَغُهُۥ فَإِذَا هُوَ زَاهِقٌۚ وَلَكُمُ ٱلۡوَيۡلُ مِمَّا تَصِفُونَ ١٨Che Re tjekeletsa leshano ka ‘Nete, leshano le hloka mokoka hoo le timelang. Ruri le tla ba mahlomoleng ka seo le se manamisang Allah وَلَهُۥ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَنۡ عِندَهُۥ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ عَنۡ عِبَادَتِهِۦ وَلَا يَسۡتَحۡسِرُونَ ١٩Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Le manyeloi a haufi le bo teng ba Hae, Ha A ikakase hoo A ke keng a mo sebeletsa, kapa hona ho khathala ts’ebeletsong ea Hae يُسَبِّحُونَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ لَا يَفۡتُرُونَ ٢٠Ba Mo rorisa bosiu le mots’eare; ha ba khathale أَمِ ٱتَّخَذُوٓاْ ءَالِهَةً مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ هُمۡ يُنشِرُونَ ٢١Kapa ebe ba ikhethetse melimo lefats’eng e ka tsosang bafu لَوۡ كَانَ فِيهِمَآ ءَالِهَةٌ إِلَّا ٱللَّهُ لَفَسَدَتَاۚ فَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ رَبِّ ٱلۡعَرۡشِ عَمَّا يَصِفُونَ ٢٢Hoja e be e bile teng molimo o mong ntle ho Allah, Ruri maholimo le lefats’e a ka be a hloka taolo. Lithoriso li be ho Allah, Eena Mong`a Terone ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona لَا يُسۡـَٔلُ عَمَّا يَفۡعَلُ وَهُمۡ يُسۡـَٔلُونَ ٢٣A ke ke A botsoa lipotso holim’a lintho tseo A li hlolang, empa ke bona ba tla botsoa أَمِ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةًۖ قُلۡ هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡۖ هَٰذَا ذِكۡرُ مَن مَّعِيَ وَذِكۡرُ مَن قَبۡلِيۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ٱلۡحَقَّۖ فَهُم مُّعۡرِضُونَ ٢٤Kapa e be ba ikhethela ba bang ho ba etsa molimo ntle ho Allah? E re: “Hlahisang sesupo sa lona sa bopaki ba bo-molimo ba bona. Sena ke sehopotso sa banang le ‘na le bohle ba bileng teng pele ho ‘na, empa bongata ba bona ha ba na tsebo ea ‘nete, kahoo ba khelohile وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولٍ إِلَّا نُوحِيٓ إِلَيۡهِ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدُونِ ٢٥Ha Re’A s’o ka Re romella moromuoa Re sa ka Ra mo neha ts’usumetso,: “Ha ho na molimo o mong kantle ho ‘Na, Allah, kahoo khumamelang le ho sebeletsa ‘Na.” وَقَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَلَدًاۗ سُبۡحَٰنَهُۥۚ بَلۡ عِبَادٌ مُّكۡرَمُونَ ٢٦Ba re: “Ea Khaphatsehang Lereko, Allah, o na le mora. Lithoriso li be ho Eena! Ke makhabunyane a hlomphehang لَا يَسۡبِقُونَهُۥ بِٱلۡقَوۡلِ وَهُم بِأَمۡرِهِۦ يَعۡمَلُونَ ٢٧Ha ba buee ho fihlela Eena A fana ka puo, e bile ba etsa ts’ebetso ho latela taelo ea Hae يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَلَا يَشۡفَعُونَ إِلَّا لِمَنِ ٱرۡتَضَىٰ وَهُم مِّنۡ خَشۡيَتِهِۦ مُشۡفِقُونَ ٢٨O tseba tsohle tse ka pel’a bona le tse kamor’a bona, ba ke ke ba buella mong le mong kantle le ho bao Allah a khahlisoang ke bona, ba bile ba thothomela ke ts’abo malebana le Eena ۞ وَمَن يَقُلۡ مِنۡهُمۡ إِنِّيٓ إِلَٰهٌ مِّن دُونِهِۦ فَذَٰلِكَ نَجۡزِيهِ جَهَنَّمَۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلظَّٰلِمِينَ ٢٩Ha e mong oa bona a ka re: “Ruri! Ke ‘na `Mopi kathoko ho Allah”, eo eena Re tla mo putsa ka Lihele. E leng kamoo Re putsang baetsa-libe kateng أَوَلَمۡ يَرَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ كَانَتَا رَتۡقًا فَفَتَقۡنَٰهُمَاۖ وَجَعَلۡنَا مِنَ ٱلۡمَآءِ كُلَّ شَيۡءٍ حَيٍّۚ أَفَلَا يُؤۡمِنُونَ ٣٠Na e be mahana-tumelo ha ba tsebe hore maholimo le lefats’e e ne e le karolo e le ‘ngoe, eaba Re ea li arola; le hore Re ile Ra etsa lihloliloeng tsohle tse phelang ka metsi? Na e be ba sa tla ke ba kholoe وَجَعَلۡنَا فِي ٱلۡأَرۡضِ رَوَٰسِيَ أَن تَمِيدَ بِهِمۡ وَجَعَلۡنَا فِيهَا فِجَاجًا سُبُلًا لَّعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ ٣١Re behile Lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e hore le se reketle ka bona, e bile re entse litsela tse pharalleteseng, e le hore ba tle ba iphumanele tataiso وَجَعَلۡنَا ٱلسَّمَآءَ سَقۡفًا مَّحۡفُوظًاۖ وَهُمۡ عَنۡ ءَايَٰتِهَا مُعۡرِضُونَ ٣٢Re entse leholimo marulelo a sireletsehileng. Le hoja ba furalla lits’upiso tsa lona leholimo وَهُوَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ كُلٌّ فِي فَلَكٍ يَسۡبَحُونَ ٣٣Ke Allah Ea hlotseng bosiu le mots’ehare, le lona letsatsi le ‘ngoeli. E ‘ngoe le e ‘ngoe ea tsona e tsamaea mocheng oa eona وَمَا جَعَلۡنَا لِبَشَرٍ مِّن قَبۡلِكَ ٱلۡخُلۡدَۖ أَفَإِيْن مِّتَّ فَهُمُ ٱلۡخَٰلِدُونَ ٣٤Ha Re’a s’o ka Re fana ka bophelo bosafeleng ho motho ofe kapa ofe pele ho uena. Eng! Haeba u ka shoa, na e be ba ka phela kahosafeleng كُلُّ نَفۡسٍ ذَآئِقَةُ ٱلۡمَوۡتِۗ وَنَبۡلُوكُم بِٱلشَّرِّ وَٱلۡخَيۡرِ فِتۡنَةًۖ وَإِلَيۡنَا تُرۡجَعُونَ ٣٥Moea ka mong o tla latsoa lefu, Re le lekile ka botle le bobe. Bohle le tla boela ho Rona وَإِذَا رَءَاكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِن يَتَّخِذُونَكَ إِلَّا هُزُوًا أَهَٰذَا ٱلَّذِي يَذۡكُرُ ءَالِهَتَكُمۡ وَهُم بِذِكۡرِ ٱلرَّحۡمَٰنِ هُمۡ كَٰفِرُونَ ٣٦Nakong eo mahana-tumelo a u lemohang, ba u nka u le sesomo, ba re: “Ana ke eloa ea phoqang melingoana ea lona?” Ba bile banyefola lipuo tsohle tsa ea Tletseng Lereko خُلِقَ ٱلۡإِنسَٰنُ مِنۡ عَجَلٍۚ سَأُوْرِيكُمۡ ءَايَٰتِي فَلَا تَسۡتَعۡجِلُونِ ٣٧Motho o hlotsoe a le lehala: Haufinyane Ke tla le bonts’a lits’upiso tsa Ka, ka nako eo le ke ke la nkopa ho li potlakisa وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٣٨Ba re: “Ke neng ts’episo eo e tlang ho phethahatsoa, haeba u hlile u buoa ‘nete?” لَوۡ يَعۡلَمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ حِينَ لَا يَكُفُّونَ عَن وُجُوهِهِمُ ٱلنَّارَ وَلَا عَن ظُهُورِهِمۡ وَلَا هُمۡ يُنصَرُونَ ٣٩Hoja e be mahana-tumelo ba ne ba mpa ba tsebile ka nako ea mohla ba tlang ho sitoa ho phutla mollo o tla beng o le mahlong a bona le ka mor’a bona, ba ke keng ba thusoa بَلۡ تَأۡتِيهِم بَغۡتَةً فَتَبۡهَتُهُمۡ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ رَدَّهَا وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ ٤٠Che, nako eo e tla ba oela ka ts’ohanyetso, hore e tle e ba ts’erehanye hoo ba tlang ho sitoa le ho e thibela, kapa hona ho fumants’oa nyehlisetso وَلَقَدِ ٱسۡتُهۡزِئَ بِرُسُلٍ مِّن قَبۡلِكَ فَحَاقَ بِٱلَّذِينَ سَخِرُواْ مِنۡهُم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٤١Ba ‘nile ba so’ngoa Baromuoa pele ho uena, empa lits’omo tseo tsa bona li baetselitse lesakana-la-nkope bao bohle ba neng ba ba phoqa قُلۡ مَن يَكۡلَؤُكُم بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ مِنَ ٱلرَّحۡمَٰنِۚ بَلۡ هُمۡ عَن ذِكۡرِ رَبِّهِم مُّعۡرِضُونَ ٤٢E re: “Ke mang ea le lebetseng bosiu le mots’eare malebana le khalefo ea Allah, ea Tletseng Lereko.” Empa ba furalla polelo ea Mong`a bona أَمۡ لَهُمۡ ءَالِهَةٌ تَمۡنَعُهُم مِّن دُونِنَاۚ لَا يَسۡتَطِيعُونَ نَصۡرَ أَنفُسِهِمۡ وَلَا هُم مِّنَّا يُصۡحَبُونَ ٤٣Kapa e be bana le melingoana e ka ba pholosang khahlanong le Rona? Ruri! ba ke keng ba ithusa ka bo-bona, leha e le hona ho its’ireletsa khahlanong le Rona بَلۡ مَتَّعۡنَا هَٰٓؤُلَآءِ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ طَالَ عَلَيۡهِمُ ٱلۡعُمُرُۗ أَفَلَا يَرَوۡنَ أَنَّا نَأۡتِي ٱلۡأَرۡضَ نَنقُصُهَا مِنۡ أَطۡرَافِهَآۚ أَفَهُمُ ٱلۡغَٰلِبُونَ ٤٤Che Re fane ho bona le ho bo-ntata bona ka lintho tse hloekileng tsa bophelo ba lefats’e, ho fihlela bophelo bo lelefetse malebana le bona. Ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, le hona ho e khutsufatsa ka hanyane meeling e ka mathoko? Na e be ke bona ba tla hlola قُلۡ إِنَّمَآ أُنذِرُكُم بِٱلۡوَحۡيِۚ وَلَا يَسۡمَعُ ٱلصُّمُّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا مَا يُنذَرُونَ ٤٥E re: “Ke mpa feela ke le hlaha leseling ka ts’usumetso.” Empa haele litholo ha li utloe pitso nakong eo li eletsoang وَلَئِن مَّسَّتۡهُمۡ نَفۡحَةٌ مِّنۡ عَذَابِ رَبِّكَ لَيَقُولُنَّ يَٰوَيۡلَنَآ إِنَّا كُنَّا ظَٰلِمِينَ ٤٦Haeba moea oa kahlolo ea Mong`a hau o ne o ka ba ama, Ruri ba ne ba tla re: “Tahlehelo ke’a rona! Hobane re bile baetsa- libe.” وَنَضَعُ ٱلۡمَوَٰزِينَ ٱلۡقِسۡطَ لِيَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ فَلَا تُظۡلَمُ نَفۡسٌ شَيۡـًٔاۖ وَإِن كَانَ مِثۡقَالَ حَبَّةٍ مِّنۡ خَرۡدَلٍ أَتَيۡنَا بِهَاۗ وَكَفَىٰ بِنَا حَٰسِبِينَ ٤٧Re tla hlopha lipekho tsa Toka tsa Letsatsi la Kahlolo, e le hore ho se be moea o ka qhekelloang ka letho. Le hoja o tla be o lekana le qoba ea koro ka boima, empa re tla o tlisa boikarabellong. Re lekane ts’ebetso ea ho ka hlahloba وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ ٱلۡفُرۡقَانَ وَضِيَآءً وَذِكۡرًا لِّلۡمُتَّقِينَ ٤٨Re ile Ra neha Moshe le Aarone ts’iea ea kahlolo ea botle le bobe, Leseli le Molaetsa le sehopotso sebakeng sa ba etsang botle ٱلَّذِينَ يَخۡشَوۡنَ رَبَّهُم بِٱلۡغَيۡبِ وَهُم مِّنَ ٱلسَّاعَةِ مُشۡفِقُونَ ٤٩Ba ts’abang Mong`a bona lekunutung, le ho ba hlokolosi ka hora ea kahlolo وَهَٰذَا ذِكۡرٌ مُّبَارَكٌ أَنزَلۡنَٰهُۚ أَفَأَنتُمۡ لَهُۥ مُنكِرُونَ ٥٠Sena ke Molaetsa o halalelang oo Re o senotseng: na le ona le tla o latola ۞ وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَآ إِبۡرَٰهِيمَ رُشۡدَهُۥ مِن قَبۡلُ وَكُنَّا بِهِۦ عَٰلِمِينَ ٥١Re ile Ra neha Abrahama kholo e nepahetseng khale, Re bile hlokolosi ka eena إِذۡ قَالَ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦ مَا هَٰذِهِ ٱلتَّمَاثِيلُ ٱلَّتِيٓ أَنتُمۡ لَهَا عَٰكِفُونَ ٥٢Hopola mohla a reng ho ntata’e le ho batho ba habo: “Ke ling lits’oants’o tsena tseo le li rapelang?” قَالُواْ وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا لَهَا عَٰبِدِينَ ٥٣Ba re: “Re fumane bo-ntata rona ba li khumamela.” قَالَ لَقَدۡ كُنتُمۡ أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُمۡ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٥٤Abrahama a re: “Ruri lona le bo-ntata lona le bile phosong e hlakileng.” قَالُوٓاْ أَجِئۡتَنَا بِٱلۡحَقِّ أَمۡ أَنتَ مِنَ ٱللَّٰعِبِينَ ٥٥Ba re: “Joale, uena u re tliselitse ‘nete, kapa u e mong oa ba soasoang?” قَالَ بَل رَّبُّكُمۡ رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ ٱلَّذِي فَطَرَهُنَّ وَأَنَا۠ عَلَىٰ ذَٰلِكُم مِّنَ ٱلشَّٰهِدِينَ ٥٦Abrahama a re: “Che, Mong`a lona ke Mong`a maholimo le lefats’e, Ea A hlotseng; le ‘na ke paki ea seo وَتَٱللَّهِ لَأَكِيدَنَّ أَصۡنَٰمَكُم بَعۡدَ أَن تُوَلُّواْ مُدۡبِرِينَ ٥٧Ka Allah, ke na le leano ka melingoana ena ea lona, hoba le tsamae, le furalle فَجَعَلَهُمۡ جُذَٰذًا إِلَّا كَبِيرًا لَّهُمۡ لَعَلَّهُمۡ إِلَيۡهِ يَرۡجِعُونَ ٥٨Eaba o e khaola likotoana kaofela, a siea se seholo har’a tsona, hore ba tle ba se botse lipotso قَالُواْ مَن فَعَلَ هَٰذَا بِـَٔالِهَتِنَآ إِنَّهُۥ لَمِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ ٥٩Ba re: “Ke mang ea thuileng melingoana ea rona tje? Ruri! E tlameha e le e mong oa baetsa-libe.” قَالُواْ سَمِعۡنَا فَتًى يَذۡكُرُهُمۡ يُقَالُ لَهُۥٓ إِبۡرَٰهِيمُ ٦٠Ba re: “Re utloile mohlankana a buoa ka eona: ea bitsoang Abrahama.” قَالُواْ فَأۡتُواْ بِهِۦ عَلَىٰٓ أَعۡيُنِ ٱلنَّاسِ لَعَلَّهُمۡ يَشۡهَدُونَ ٦١Ba re: “mo tliseng ponts’eng ea batho, hore ba tle ba fane ka bopaki.” قَالُوٓاْ ءَأَنتَ فَعَلۡتَ هَٰذَا بِـَٔالِهَتِنَا يَٰٓإِبۡرَٰهِيمُ ٦٢Ba re: “Abrahama! Na ke uena ea entseng melingoana ea rona ka tsela e tje?” قَالَ بَلۡ فَعَلَهُۥ كَبِيرُهُمۡ هَٰذَا فَسۡـَٔلُوهُمۡ إِن كَانُواْ يَنطِقُونَ ٦٣Abrahama a re: “Che se entsoe-, ke ena e kholo. Li botseng haeba li tseba ho bua.” فَرَجَعُوٓاْ إِلَىٰٓ أَنفُسِهِمۡ فَقَالُوٓاْ إِنَّكُمۡ أَنتُمُ ٱلظَّٰلِمُونَ ٦٤Ba qamaka koana le koana, ba re: “Ruri ke rona ba phoso.” ثُمَّ نُكِسُواْ عَلَىٰ رُءُوسِهِمۡ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَا هَٰٓؤُلَآءِ يَنطِقُونَ ٦٥Ba hlajoa ke lihlong, ba re: “Ruri! U tseba hantle hore lits’oants’so tsena ha li tsebe ho buoa.” قَالَ أَفَتَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُكُمۡ شَيۡـًٔا وَلَا يَضُرُّكُمۡ ٦٦Abrahama a re: “Joale le khumamela lintho tse ke keng tsa le thusa ka letho, leha e le hona ho le hlahisetsa kotsi kathoko ho Allah أُفٍّ لَّكُمۡ وَلِمَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ ٦٧“Masoabi a be ho lona le lintho tsohle tseo le li rapelang ntle ho Allah! Ha le na kelello na?” قَالُواْ حَرِّقُوهُ وَٱنصُرُوٓاْ ءَالِهَتَكُمۡ إِن كُنتُمۡ فَٰعِلِينَ ٦٨Ba re: “Mo cheseng, le sireletse melingoana ea lona haeba le ka khona.” قُلۡنَا يَٰنَارُ كُونِي بَرۡدًا وَسَلَٰمًا عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ ٦٩Re Re: “Mollo! Bata, o be sets’abelo ho Abrahama!” وَأَرَادُواْ بِهِۦ كَيۡدًا فَجَعَلۡنَٰهُمُ ٱلۡأَخۡسَرِينَ ٧٠Eaba ba etsa sefi khahlanong le eena: empa Ra ba etsa ba lahlehetsoeng ka ho fetisisa وَنَجَّيۡنَٰهُ وَلُوطًا إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلَّتِي بَٰرَكۡنَا فِيهَا لِلۡعَٰلَمِينَ ٧١Re ile Ra mo pholosa le Lota, Ra ba lebisa naheng eo Re e hlonolofalitseng molemong oa lichaba tsohle وَوَهَبۡنَا لَهُۥٓ إِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ نَافِلَةًۖ وَكُلًّا جَعَلۡنَا صَٰلِحِينَ ٧٢Ra mo sitsa ka Isaaka, le Jakobo e le mpho ea tlatsetso. Ra ba apesa ka toka e mong le e mong oa bona وَجَعَلۡنَٰهُمۡ أَئِمَّةً يَهۡدُونَ بِأَمۡرِنَا وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡهِمۡ فِعۡلَ ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَإِقَامَ ٱلصَّلَوٰةِ وَإِيتَآءَ ٱلزَّكَوٰةِۖ وَكَانُواْ لَنَا عَٰبِدِينَ ٧٣Ra ba etsa Baetapele ba tataisang ka Taelo ea Rona, Ra ba susumelitsa ho etsa liketso tse lokileng, le ho phethahatsa lithapelo tsa mehla le ho fana ka linyehelo; ba re sebeletsa kamehla وَلُوطًا ءَاتَيۡنَٰهُ حُكۡمًا وَعِلۡمًا وَنَجَّيۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡقَرۡيَةِ ٱلَّتِي كَانَت تَّعۡمَلُ ٱلۡخَبَٰٓئِثَۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمَ سَوۡءٍ فَٰسِقِينَ ٧٤Lota le eena Re ile Ra mo neha Kahlolo le Tsebo, Ra mo pholosa har›a motse o neng o etsa manyala. Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng le bona bojela-thoko وَأَدۡخَلۡنَٰهُ فِي رَحۡمَتِنَآۖ إِنَّهُۥ مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ٧٥Ra mo atametsa haufi le Mohau oa Rona. Hobane e ne e le e mong oa ba lokileng وَنُوحًا إِذۡ نَادَىٰ مِن قَبۡلُ فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ فَنَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥ مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ ٧٦Hopola Nooe ha ne a memetsa pele ho koano: Ra mamela thapelo ea hae; Ra mo pholosa le ba ntlo ea hae mesarelong e ts’abehang وَنَصَرۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَآۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمَ سَوۡءٍ فَأَغۡرَقۡنَٰهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٧٧Ra mo thusa khahlanong le batho ba latotseng lits’enolo tsa Rona: Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng: Re ile Ra metsa kaofela ha bona metsing وَدَاوُۥدَ وَسُلَيۡمَٰنَ إِذۡ يَحۡكُمَانِ فِي ٱلۡحَرۡثِ إِذۡ نَفَشَتۡ فِيهِ غَنَمُ ٱلۡقَوۡمِ وَكُنَّا لِحُكۡمِهِمۡ شَٰهِدِينَ ٧٨Hopola Davida le Salomone, mohla ba neng ba fana ka kahlolo malebana le linku tsa batho tse neng li tlole bosiu eaba li kena ts’imong bosiu; Re bile lipaki kahlolong ea bona فَفَهَّمۡنَٰهَا سُلَيۡمَٰنَۚ وَكُلًّا ءَاتَيۡنَا حُكۡمًا وَعِلۡمًاۚ وَسَخَّرۡنَا مَعَ دَاوُۥدَ ٱلۡجِبَالَ يُسَبِّحۡنَ وَٱلطَّيۡرَۚ وَكُنَّا فَٰعِلِينَ ٧٩Re ts’ollela Salomone kutloisiso ea taba eo; ho e mong le e mong oa bona Re fane ka Kahlolo le Tsebo. Ebile ka matla a Rona ho etsa hore maralla le linonyana li bine lithoriso tsa Allah hauts’oane le Davida. Ebile Rona Baetsi ba lintho tseo وَعَلَّمۡنَٰهُ صَنۡعَةَ لَبُوسٍ لَّكُمۡ لِتُحۡصِنَكُم مِّنۢ بَأۡسِكُمۡۖ فَهَلۡ أَنتُمۡ شَٰكِرُونَ ٨٠Ke Rona ba mo rutileng mahlale a ho etsa liaparo tsa ts’epe molemong oa lona, ho le ts’ireletsa lintoeng tsa lona. Ana ha le na teboho وَلِسُلَيۡمَٰنَ ٱلرِّيحَ عَاصِفَةً تَجۡرِي بِأَمۡرِهِۦٓ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلَّتِي بَٰرَكۡنَا فِيهَاۚ وَكُنَّا بِكُلِّ شَيۡءٍ عَٰلِمِينَ ٨١E bile ka matla a Rona ho Salomone mabapi le moea o neng o foka ka matla hore o khutse. Tlas’a taelo ea hae, ‘nga ea naha eo Re e hlohonolofalitseng. Hobane Re hlokolosi holim’a lintho tsohle وَمِنَ ٱلشَّيَٰطِينِ مَن يَغُوصُونَ لَهُۥ وَيَعۡمَلُونَ عَمَلًا دُونَ ذَٰلِكَۖ وَكُنَّا لَهُمۡ حَٰفِظِينَ ٨٢Re ile Ra mo neha matla holim’a karolo e ‘ngoe ea bo-liabolosi ba neng bapharumela likhetla sebakeng sa hae, ba bile ba etsa mosebetsi o mong, e bile Rona ba neng ba ba lebetse ۞ وَأَيُّوبَ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥٓ أَنِّي مَسَّنِيَ ٱلضُّرُّ وَأَنتَ أَرۡحَمُ ٱلرَّٰحِمِينَ ٨٣Hopola Jobo ha a memetsa ho Mong`a hae, a re: “Ruri! Mats’oenyeho a nkaparetse, ke Uena Ea Khaphatsehang Mohau ho feta bohle ba bonts’ang Mohau.” فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ فَكَشَفۡنَا مَا بِهِۦ مِن ضُرٍّۖ وَءَاتَيۡنَٰهُ أَهۡلَهُۥ وَمِثۡلَهُم مَّعَهُمۡ رَحۡمَةً مِّنۡ عِندِنَا وَذِكۡرَىٰ لِلۡعَٰبِدِينَ ٨٤Eaba Re mamela thapelo ea hae: Ra phumula mats’oenyeho ao a neng a mo aparetse, le hona ho mo neha lelapa la hae, Ra le menahanya ha beli, – e le Mohau o tsoang naleng ea Rona le eona khopolo ho ba sebeletsi ba Rona وَإِسۡمَٰعِيلَ وَإِدۡرِيسَ وَذَا ٱلۡكِفۡلِۖ كُلٌّ مِّنَ ٱلصَّٰبِرِينَ ٨٥Hopola Ishmaele, Idris le Zu’l-kifl. Kaofela ba ne ba ena le mamello le tsitlalello وَأَدۡخَلۡنَٰهُمۡ فِي رَحۡمَتِنَآۖ إِنَّهُم مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ٨٦Re ile Ra ba amohela Mohaung oa Rona. Hobane ba ne ba le har’a ba lokileng وَذَا ٱلنُّونِ إِذ ذَّهَبَ مُغَٰضِبًا فَظَنَّ أَن لَّن نَّقۡدِرَ عَلَيۡهِ فَنَادَىٰ فِي ٱلظُّلُمَٰتِ أَن لَّآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنتَ سُبۡحَٰنَكَ إِنِّي كُنتُ مِنَ ٱلظَّٰلِمِينَ ٨٧Hopola Zu’n-nun, mohla a neng a tsamaea ke khalefo, a hopola hore ha Re na matla holim’a hae, empa u ne a memetse har’a lefifi, a re: “Ha ho `Mopi e mong ntle ho Uena Allah. Tlotla e be ho Uena! Ruri! Ke bile moetsa-libe.” فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ وَنَجَّيۡنَٰهُ مِنَ ٱلۡغَمِّۚ وَكَذَٰلِكَ نُـۨجِي ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٨٨Eaba Re mamela thapelo ea hae, Ra mo pholosa mathateng ao. Ke kamoo Re pholosang ba kholoang kateng وَزَكَرِيَّآ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥ رَبِّ لَا تَذَرۡنِي فَرۡدًا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلۡوَٰرِثِينَ ٨٩Hopola Zakaria mohla a neng a memetsa ho Mong`a hae: “Mong`a ka! U se ntlohelle ke sena ngoana, le ha ele Uena mojalefa ea Molemo فَٱسۡتَجَبۡنَا لَهُۥ وَوَهَبۡنَا لَهُۥ يَحۡيَىٰ وَأَصۡلَحۡنَا لَهُۥ زَوۡجَهُۥٓۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ يُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَيَدۡعُونَنَا رَغَبًا وَرَهَبًاۖ وَكَانُواْ لَنَا خَٰشِعِينَ ٩٠Re ile Ra mo mamela, Ra mo sitsa ka Johanne, eaba Re neha mosali oa hae matla a ho mo tsoalla ngoana. Ba ne ba potlakela tlholisanong ea mesebetsi e metle: ba memetsa ho Rona ka lerato le ka tlhompho, ba ikokobetsa ho Rona وَٱلَّتِيٓ أَحۡصَنَتۡ فَرۡجَهَا فَنَفَخۡنَا فِيهَا مِن رُّوحِنَا وَجَعَلۡنَٰهَا وَٱبۡنَهَآ ءَايَةً لِّلۡعَٰلَمِينَ ٩١Le ea neng a hloka sekoli, Re ne Re bolulele moea oa Rona ka ho eena, eaba Re ba etsa sesupo eena le mora oa hae ho merabe eohle إِنَّ هَٰذِهِۦٓ أُمَّتُكُمۡ أُمَّةً وَٰحِدَةً وَأَنَا۠ رَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُونِ ٩٢Ruri! Tumelo ena ea lona, ke tumelo e le ‘ngoe; ‘Na ke Mong`a lona, kahoo le nthapele ke inot`si وَتَقَطَّعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡۖ كُلٌّ إِلَيۡنَا رَٰجِعُونَ ٩٣Empa matlobo a morao-rao, a khaotse tumelo ea bona likotoana har’a bona, le hoja kaofela ha bona ba tla boela rona فَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَلَا كُفۡرَانَ لِسَعۡيِهِۦ وَإِنَّا لَهُۥ كَٰتِبُونَ ٩٤Athe mong le mong ea etsang toka, e bile e le molumeli, ts’ebetso ea hae ha e ke ke ea latoloa. Re tla e boloka molemong oa hae وَحَرَٰمٌ عَلَىٰ قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَآ أَنَّهُمۡ لَا يَرۡجِعُونَ ٩٥Ho behiloe thibelo holim’a sechaba sefe kapa sefe seo re ileng ra se ripitla: hore ba ke ke ba khutla حَتَّىٰٓ إِذَا فُتِحَتۡ يَأۡجُوجُ وَمَأۡجُوجُ وَهُم مِّن كُلِّ حَدَبٍ يَنسِلُونَ ٩٦Ho fihlela batho ba Gog le Magog ba lokolotsoe, ba phasaphasa ho hloella lithaba tsohle وَٱقۡتَرَبَ ٱلۡوَعۡدُ ٱلۡحَقُّ فَإِذَا هِيَ شَٰخِصَةٌ أَبۡصَٰرُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يَٰوَيۡلَنَا قَدۡ كُنَّا فِي غَفۡلَةٍ مِّنۡ هَٰذَا بَلۡ كُنَّا ظَٰلِمِينَ ٩٧Ke moo, Ts’episo ea ‘Nete e tla beng e atametse; mahlo a mahana-tumelo a tla be a le nchocho ke le ts’oalo! batla re: “Ruri re malimabe! Re phetse tlas’a bolebalibasena. Che, re bile baetsa-libe إِنَّكُمۡ وَمَا تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ حَصَبُ جَهَنَّمَ أَنتُمۡ لَهَا وَٰرِدُونَ ٩٨Ruri! Lona le melingoanaeo le e khumamelang ntle ho Allah, le libeso tsa Lihele. Le tla tla ho tsona لَوۡ كَانَ هَٰٓؤُلَآءِ ءَالِهَةً مَّا وَرَدُوهَاۖ وَكُلٌّ فِيهَا خَٰلِدُونَ ٩٩Hoja e be lintho tseo e ne e le Allah, li ne li ke ke tsa atamela moo, empa kaofela li tla phela kamoo لَهُمۡ فِيهَا زَفِيرٌ وَهُمۡ فِيهَا لَا يَسۡمَعُونَ ١٠٠Sa bona kamoo ke seboko, ha ho seo ba tla se utloa إِنَّ ٱلَّذِينَ سَبَقَتۡ لَهُم مِّنَّا ٱلۡحُسۡنَىٰٓ أُوْلَٰٓئِكَ عَنۡهَا مُبۡعَدُونَ ١٠١Bao Re ba sitsitseng pele ka mosa oa Rona, ba tla ba hole-hole le teng لَا يَسۡمَعُونَ حَسِيسَهَاۖ وَهُمۡ فِي مَا ٱشۡتَهَتۡ أَنفُسُهُمۡ خَٰلِدُونَ ١٠٢Ba ke ke ba utloa le haele molumo o monyenyane oa teng, ba tla nyakalla ka har’a seo lipelo tsa bona li se labalabelang لَا يَحۡزُنُهُمُ ٱلۡفَزَعُ ٱلۡأَكۡبَرُ وَتَتَلَقَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ هَٰذَا يَوۡمُكُمُ ٱلَّذِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ ١٠٣Ba ke ke ba nyaroha ke letsoalo le thothometsang, etsoe manyeloi a tla ba amohela ka hore: “Lena ke Letsatsi – leo esaleng le le ts’episoa يَوۡمَ نَطۡوِي ٱلسَّمَآءَ كَطَيِّ ٱلسِّجِلِّ لِلۡكُتُبِۚ كَمَا بَدَأۡنَآ أَوَّلَ خَلۡقٍ نُّعِيدُهُۥۚ وَعۡدًا عَلَيۡنَآۚ إِنَّا كُنَّا فَٰعِلِينَ ١٠٤Ke mohla Re tla phutha maholimo joaloka ha mongoli a phutha buka e ngotsoeng. Joaloka ha Re ile Ra simolla tlholeho sethathong, Ruri Re tla e pheta hape. Seo ke ts’episo e tlamang ho Rona. Ruri! Re tla e phethahatsa وَلَقَدۡ كَتَبۡنَا فِي ٱلزَّبُورِ مِنۢ بَعۡدِ ٱلذِّكۡرِ أَنَّ ٱلۡأَرۡضَ يَرِثُهَا عِبَادِيَ ٱلصَّٰلِحُونَ ١٠٥Pele ho mona Re ngotse Lipesalemeng, kamor’a Lengolo la Moshe hore: “Makhabunyane a ka a tla ja lefats’e lefa.” إِنَّ فِي هَٰذَا لَبَلَٰغًا لِّقَوۡمٍ عَٰبِدِينَ ١٠٦Ruri! Ho teng molaetsa o totobetseng ho batho ba khumamelang Allah ka tieo وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا رَحۡمَةً لِّلۡعَٰلَمِينَ ١٠٧Re u romeletse o se letho ntle le mohau libupuoeng tsohle قُلۡ إِنَّمَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌۖ فَهَلۡ أَنتُم مُّسۡلِمُونَ ١٠٨E re: “Seo ke se senoletsoeng ke hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Na joale le inehela ho eena?” فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَقُلۡ ءَاذَنتُكُمۡ عَلَىٰ سَوَآءٍۖ وَإِنۡ أَدۡرِيٓ أَقَرِيبٌ أَم بَعِيدٌ مَّا تُوعَدُونَ ١٠٩Empa ha ba furalla, E re: “Ke le feteselisitse molaetsa ka mokhoa o ts’oanang le ka ‘nete ho lona kaofela, ha ke na tsebo ea hore na seo le se ts’episitsoeng se hole kapa se haufi ho le hokae إِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلۡجَهۡرَ مِنَ ٱلۡقَوۡلِ وَيَعۡلَمُ مَا تَكۡتُمُونَ ١١٠“Ke Eena ea tsebang tsohle tseo le li buoang pepeneneng le tseo le li patang وَإِنۡ أَدۡرِي لَعَلَّهُۥ فِتۡنَةٌ لَّكُمۡ وَمَتَٰعٌ إِلَىٰ حِينٍ ١١١“Ha ke na tsebo hore na ke teko ho lona, kapa mpho ea nakoana ea bophelo.” قَٰلَ رَبِّ ٱحۡكُم بِٱلۡحَقِّۗ وَرَبُّنَا ٱلرَّحۡمَٰنُ ٱلۡمُسۡتَعَانُ عَلَىٰ مَا تَصِفُونَ ١١٢E re: “Oho Mong`a ka! A k’u ahlole ka ‘nete.” “Mong`a rona Ea Khaphatsehang Lereko, Eo Thuso Ea Hae e ts’oanelang ho kopuoa khahlanong le seo le se manehang ho Eena. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.