Millat al-Islam

Chapter 85 · 22 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Burooj in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah Al-Burooj (1318 reciters)
Meccanسورة البروج22 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

وَٱلسَّمَآءِ ذَاتِ ٱلۡبُرُوجِ ١Ka leholimo le linaleli tse jeroeng ke lona وَٱلۡيَوۡمِ ٱلۡمَوۡعُودِ ٢Ka le Letsatsi le Ts’episitsoeng وَشَاهِدٍ وَمَشۡهُودٍ ٣Ka ea pakang, le se pakoang قُتِلَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡأُخۡدُودِ ٤Ho malimabe baepi ba mokoti ٱلنَّارِ ذَاتِ ٱلۡوَقُودِ ٥Mollo o beseletsoang إِذۡ هُمۡ عَلَيۡهَا قُعُودٌ ٦Bona! ba ne ba tjamme pel’a ona وَهُمۡ عَلَىٰ مَا يَفۡعَلُونَ بِٱلۡمُؤۡمِنِينَ شُهُودٌ ٧Ke lipaki ho tseo ba neng ba li etsa khahlanong le ba-kholoang وَمَا نَقَمُواْ مِنۡهُمۡ إِلَّآ أَن يُؤۡمِنُواْ بِٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَمِيدِ ٨Ba ba hlokofalitse kantle ho lebaka haese feela hore ba kholoa ho Allah, Ea Matla Oohle, U ts’oanetsoe ke Lithoriso tsohle ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ شَهِيدٌ ٩Eo `Muso oa maholimo e leng oa Hae le lefats`e! Allah ke Paki ea lintho tsohle إِنَّ ٱلَّذِينَ فَتَنُواْ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِ ثُمَّ لَمۡ يَتُوبُواْ فَلَهُمۡ عَذَابُ جَهَنَّمَ وَلَهُمۡ عَذَابُ ٱلۡحَرِيقِ ١٠Haele ba hobosang ba-kholoang, banna le basali, ba sa retellehele ka boinyatso(ho Allah), ba tla fumana kahlolo ea Lihele: ba tla otloa ka mollo o tukang إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُمۡ جَنَّٰتٌ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡكَبِيرُ ١١Ho ba-kholoang, ba etsang ketso tse lokileng, e tlaba lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona. Seo ke pholoho e babatsehang إِنَّ بَطۡشَ رَبِّكَ لَشَدِيدٌ ١٢Ruri letsoho la Mong`a hau le matla إِنَّهُۥ هُوَ يُبۡدِئُ وَيُعِيدُ ١٣Ke Eena Ea hlolang ho tloha mathomong, A boele A phete وَهُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلۡوَدُودُ ١٤U ts’oarela ka mehla, U Tletse Lerato-le-Mohau ذُو ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡمَجِيدُ ١٥Mong`a Terone e Tlotlehang فَعَّالٌ لِّمَا يُرِيدُ ١٦Moetsi oa tsohle tseo A li rerang هَلۡ أَتَىٰكَ حَدِيثُ ٱلۡجُنُودِ ١٧Na pale ea mabotho e fihlile ho uena فِرۡعَوۡنَ وَثَمُودَ ١٨A Faro le a Ba – Thamud بَلِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي تَكۡذِيبٍ ١٩Empa mahana-tumelo a lula a latola وَٱللَّهُ مِن وَرَآئِهِم مُّحِيطُۢ ٢٠Empa Allah U ba kopetse ka morao بَلۡ هُوَ قُرۡءَانٌ مَّجِيدٌ ٢١Che! Sena ke Qur`an e tlotlehang فِي لَوۡحٍ مَّحۡفُوظِۭ ٢٢E ngoliloeng letlapeng e babaletsoeng

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.