بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
وَٱلۡفَجۡرِ ١Ka meso وَلَيَالٍ عَشۡرٍ ٢Le ka masiu a leshome وَٱلشَّفۡعِ وَٱلۡوَتۡرِ ٣Le ka libopuoa tsohle tsa Allah وَٱلَّيۡلِ إِذَا يَسۡرِ ٤Le ka bosiu ha bo esa هَلۡ فِي ذَٰلِكَ قَسَمٌ لِّذِي حِجۡرٍ ٥Holim’a lits’upiso tsena ho teng bopaki ho ba utloisisang أَلَمۡ تَرَ كَيۡفَ فَعَلَ رَبُّكَ بِعَادٍ ٦Na ha u elelloe kamoo Mong`a hau A ileng A sebetsa kateng ka morabe oa Ba-Ad إِرَمَ ذَاتِ ٱلۡعِمَادِ ٧Ba motse oa Iram, ka lits’ia tse phahameng ٱلَّتِي لَمۡ يُخۡلَقۡ مِثۡلُهَا فِي ٱلۡبِلَٰدِ ٨Bao ho es’ong ho be le tlholeho e ts’oanang le’a bona lefats’eng وَثَمُودَ ٱلَّذِينَ جَابُواْ ٱلصَّخۡرَ بِٱلۡوَادِ ٩Joaloka morabe oa Ba – Thamude o ileng oa betla majoe kahar’a phula وَفِرۡعَوۡنَ ذِي ٱلۡأَوۡتَادِ ١٠Le Faro, Morena oa Lipalo ٱلَّذِينَ طَغَوۡاْ فِي ٱلۡبِلَٰدِ ١١Bao kaofela ha bona ebileng batloli ba meeli eohle holim’a lefats’e فَأَكۡثَرُواْ فِيهَا ٱلۡفَسَادَ ١٢Le hona ho fehla lehloeo kahar’a tsona فَصَبَّ عَلَيۡهِمۡ رَبُّكَ سَوۡطَ عَذَابٍ ١٣Mong`a hau U ile A ts’ollela sekhobo sa kahlolo ea Hae holim’a bona إِنَّ رَبَّكَ لَبِٱلۡمِرۡصَادِ ١٤Ruri! Ha ho se patehileng ho Mong`a hau فَأَمَّا ٱلۡإِنسَٰنُ إِذَا مَا ٱبۡتَلَىٰهُ رَبُّهُۥ فَأَكۡرَمَهُۥ وَنَعَّمَهُۥ فَيَقُولُ رَبِّيٓ أَكۡرَمَنِ ١٥Joaloka motho eo ereng ha Mong`a hae A mo leka ka ho mo neha hlompho, A bile A ba lereko malebana le eena, e be o re: “Mong`a ka U mphile hlompho.” وَأَمَّآ إِذَا مَا ٱبۡتَلَىٰهُ فَقَدَرَ عَلَيۡهِ رِزۡقَهُۥ فَيَقُولُ رَبِّيٓ أَهَٰنَنِ ١٦Empa hang ha A mo neha teko ka ho khutsufatsa mekhoa ea bophelo ba hae, o re: “Mong`a ka U ntlontlolotse.” كـَلَّاۖ بَل لَّا تُكۡرِمُونَ ٱلۡيَتِيمَ ١٧Che! Empa lona le hloloa ho hauhela khutsana وَلَا تَحَٰٓضُّونَ عَلَىٰ طَعَامِ ٱلۡمِسۡكِينِ ١٨Ha le khothaletsane phepo ea mafutsana وَتَأۡكُلُونَ ٱلتُّرَاثَ أَكۡلًا لَّمًّا ١٩Le ja mafa lekemekeme ka bonyollo bohle وَتُحِبُّونَ ٱلۡمَالَ حُبًّا جَمًّا ٢٠Le bile le rata leruo ka lerato le hlollang كـَلَّآۖ إِذَا دُكَّتِ ٱلۡأَرۡضُ دَكًّا دَكًّا ٢١Che! mohla lefats’e le fetohang lehlohlojane le thumisehileng وَجَآءَ رَبُّكَ وَٱلۡمَلَكُ صَفًّا صَفًّا ٢٢Mong`a hau A theoha le manyeloi a entse mekhahlelo ka mekhahlelo وَجِاْيٓءَ يَوۡمَئِذِۭ بِجَهَنَّمَۚ يَوۡمَئِذٍ يَتَذَكَّرُ ٱلۡإِنسَٰنُ وَأَنَّىٰ لَهُ ٱلذِّكۡرَىٰ ٢٣Le lihele li atametsoa haufinyane; Ruri! Ke mohla motho a tlang ho hopola, empa mohopolo oo o tla mo thusa kang يَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي قَدَّمۡتُ لِحَيَاتِي ٢٤Motho o tla re: “Ao! Hoja ke mpile ka etsa letsete molemong oa bophelo ba ka!” فَيَوۡمَئِذٍ لَّا يُعَذِّبُ عَذَابَهُۥٓ أَحَدٌ ٢٥Ruri! O tla ahloloa ka kahlolo es’o kang e bonoa mohla letsatsi leo وَلَا يُوثِقُ وَثَاقَهُۥٓ أَحَدٌ ٢٦Ebile ha ho ea tlamang kamoo A tlamang kateng يَٰٓأَيَّتُهَا ٱلنَّفۡسُ ٱلۡمُطۡمَئِنَّةُ ٢٧Ho tla thoe hoba lokileng: “Oho lona! Meea ea lona ha e ke e phomole ka khotso ٱرۡجِعِيٓ إِلَىٰ رَبِّكِ رَاضِيَةً مَّرۡضِيَّةً ٢٨Khutlelang ho Mong`a lona le khotsofetse monyakeng o molemo oa Hae فَٱدۡخُلِي فِي عِبَٰدِي ٢٩Kenang kahar’a makhabunyane a Ka وَٱدۡخُلِي جَنَّتِي ٣٠Kahar’a serapa sa Ka!”