Millat al-Islam

Chapter 62 · 11 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Jumua in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah Al-Jumua (1216 reciters)
Medinanسورة الجمعة11 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

يُسَبِّحُ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ ٱلۡمَلِكِ ٱلۡقُدُّوسِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ ١Lintho tsohle tse maholimong le tsohle lefats’eng li bolela Lithoriso le Boholo Ba Allah, – Motlotlehi, Ea Halalelang, Ea Matla Oohle, Ea Seli هُوَ ٱلَّذِي بَعَثَ فِي ٱلۡأُمِّيِّـۧنَ رَسُولًا مِّنۡهُمۡ يَتۡلُواْ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِهِۦ وَيُزَكِّيهِمۡ وَيُعَلِّمُهُمُ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحِكۡمَةَ وَإِن كَانُواْ مِن قَبۡلُ لَفِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٢Ke Eena Ea romeletseng har’a ba sa rutehang moromuoa oa habo bona, ho ba phetela Lits’enolo tsa Hae, Ho ba hloekisa le ho ba ruta ka Lengolo le Bohlale, – le hoja pele ho mona ba ne ba le har’a sebe se hlakileng وَءَاخَرِينَ مِنۡهُمۡ لَمَّا يَلۡحَقُواْ بِهِمۡۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٣Ka ho ts’oana le ba bang ba es’ong ho kopana le bona. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli ذَٰلِكَ فَضۡلُ ٱللَّهِ يُؤۡتِيهِ مَن يَشَآءُۚ وَٱللَّهُ ذُو ٱلۡفَضۡلِ ٱلۡعَظِيمِ ٤Lena ke lereko la Allah, leo A sitsang mang, kapa mang ea khahloang ke eena ka lona. Allah ke Mong’a lereko le khaphatsehang مَثَلُ ٱلَّذِينَ حُمِّلُواْ ٱلتَّوۡرَىٰةَ ثُمَّ لَمۡ يَحۡمِلُوهَا كَمَثَلِ ٱلۡحِمَارِ يَحۡمِلُ أَسۡفَارَۢاۚ بِئۡسَ مَثَلُ ٱلۡقَوۡمِ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِۚ وَٱللَّهُ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ ٥Papiso ea ba ileng ba fumana Molao oa Moshe, eaba ba ea hloleha ho ona, E ts’oana le ea pokola e jereng mangolo a maholo. Papiso e nyonyehang ea ba fetolang Lits’enolo tsa Allah ka mashano. Etsoe Allah ha A tataise batho ba etsang bobe قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ هَادُوٓاْ إِن زَعَمۡتُمۡ أَنَّكُمۡ أَوۡلِيَآءُ لِلَّهِ مِن دُونِ ٱلنَّاسِ فَتَمَنَّوُاْ ٱلۡمَوۡتَ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٦E re: “Oho lona ba emeng Bo-Judeng! Haeba le nahana le metsoalle ea Allah, ho qolla lichaba tse ling, joale, ipitsetseng lefu haeba le buoa ‘nete.” وَلَا يَتَمَنَّوۡنَهُۥٓ أَبَدَۢا بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡۚ وَٱللَّهُ عَلِيمُۢ بِٱلظَّٰلِمِينَ ٧Empa ba ke keba ipiletsa lona ho latela lintho tsohle tseo matsoho a bona a li rometseng nale! Allah U tseba ka botlalo ba etsang bobe قُلۡ إِنَّ ٱلۡمَوۡتَ ٱلَّذِي تَفِرُّونَ مِنۡهُ فَإِنَّهُۥ مُلَٰقِيكُمۡۖ ثُمَّ تُرَدُّونَ إِلَىٰ عَٰلِمِ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ فَيُنَبِّئُكُم بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٨E re: “Lefu leo le le balehang le tla le khahlanyetsa: kamor’a moo le tla boela ho Motsibi oa tse patehileng le tse pepeneneng; kemoo A tlang ho le bolella tsohle tseo le neng le li etsa.” يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِذَا نُودِيَ لِلصَّلَوٰةِ مِن يَوۡمِ ٱلۡجُمُعَةِ فَٱسۡعَوۡاْ إِلَىٰ ذِكۡرِ ٱللَّهِ وَذَرُواْ ٱلۡبَيۡعَۚ ذَٰلِكُمۡ خَيۡرٌ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٩Oho lona ba-kholoang! Nakong eo le utloang pitso ea thapelo ea khobokano ea letsatsi la Labohlano, le potlakele pitsong ea Allah; le lese likhoebo tsa lona. Seo se molemo ho lona hoja eba le ne le tseba فَإِذَا قُضِيَتِ ٱلصَّلَوٰةُ فَٱنتَشِرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَٱبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِ ٱللَّهِ وَٱذۡكُرُواْ ٱللَّهَ كَثِيرًا لَّعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ ١٠Hang ha thapelo e fetile, le ka hasana le naha eohle ho ea batla nala ea Allah; empa le keteke Lithoriso tsa Allah ka ho fetisisa hore le tle le atlehe وَإِذَا رَأَوۡاْ تِجَٰرَةً أَوۡ لَهۡوًا ٱنفَضُّوٓاْ إِلَيۡهَا وَتَرَكُوكَ قَآئِمًاۚ قُلۡ مَا عِندَ ٱللَّهِ خَيۡرٌ مِّنَ ٱللَّهۡوِ وَمِنَ ٱلتِّجَٰرَةِۚ وَٱللَّهُ خَيۡرُ ٱلرَّٰزِقِينَ ١١Empa hang ha ba bona khoebo, kapa monyaka ba khothometseha ho ea teng, ba o sie o tjamme. E re: “Tseo Allah A nang le tsona li molemo ho feta boithabiso, kapa khoebo; ke Eena Ea Molemo ho fana

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.