بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
وَيۡلٌ لِّلۡمُطَفِّفِينَ ١Sekhobo se be holim’a baqhekanyetsi ٱلَّذِينَ إِذَا ٱكۡتَالُواْ عَلَى ٱلنَّاسِ يَسۡتَوۡفُونَ ٢Bao e reng ha ba amohela tekanyo ho batho, ba e batla e felletse وَإِذَا كَالُوهُمۡ أَو وَّزَنُوهُمۡ يُخۡسِرُونَ ٣Empa ha ba lokela ho bekha ka tekanyo kapa ho bekhela batho; ba fana ka boima bo tlase أَلَا يَظُنُّ أُوْلَٰٓئِكَ أَنَّهُم مَّبۡعُوثُونَ ٤Ha ba nahane hore ba tla biletsoa boikarabelong لِيَوۡمٍ عَظِيمٍ ٥Mohla Letsatsi la Tonanahali يَوۡمَ يَقُومُ ٱلنَّاسُ لِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٦Letsatsi leo batho ba tlang ho ema kapel’a Mong`a mafats’e كـَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡفُجَّارِ لَفِي سِجِّينٍ ٧Che! Ruri tlaleho ea baetsalibe e kahar’a sijjin – وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا سِجِّينٌ ٨Keng se tla o hlalosetsa hore sijjin ke eng? – كِتَٰبٌ مَّرۡقُومٌ ٩Tlaleho e ngoliloeng وَيۡلٌ يَوۡمَئِذٍ لِّلۡمُكَذِّبِينَ ١٠Sekhobo letsatsi leo se be ho ba latolang ٱلَّذِينَ يُكَذِّبُونَ بِيَوۡمِ ٱلدِّينِ ١١Ba latolang Letsatsi la Kahlolo وَمَا يُكَذِّبُ بِهِۦٓ إِلَّا كُلُّ مُعۡتَدٍ أَثِيمٍ ١٢Leo ho seng ea ka le latolang ntle le motloli oa molao, moetsalibe إِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِ ءَايَٰتُنَا قَالَ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٣Ha a pheteloa Lits’enolo tsa Rona, a re: “Lits’omo tsa mehleng ea khale.” كـَلَّاۖ بَلۡۜ رَانَ عَلَىٰ قُلُوبِهِم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ١٤Che! Empa lipelong tsa bona ke mabali a tseo ba li etsang كـَلَّآ إِنَّهُمۡ عَن رَّبِّهِمۡ يَوۡمَئِذٍ لَّمَحۡجُوبُونَ ١٥Ruri! Letsatsing leo ba tla siroa ho bona khanya e tsoang ho Mong`a bona ثُمَّ إِنَّهُمۡ لَصَالُواْ ٱلۡجَحِيمِ ١٦Khabareng ba tla kena mollong oa Lihele ثُمَّ يُقَالُ هَٰذَا ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ ١٧Ho tla thoe ho bona: “Sena ke nnete eo le e latotseng le re ke leshano!” كـَلَّآ إِنَّ كِتَٰبَ ٱلۡأَبۡرَارِ لَفِي عِلِّيِّينَ ١٨Ruri tlaleho ea ba lokileng e bolokiloe ‘iliyin – وَمَآ أَدۡرَىٰكَ مَا عِلِّيُّونَ ١٩Keng se tla le hlalosetsa hore ‘iliyin ke eng كِتَٰبٌ مَّرۡقُومٌ ٢٠Tlaleho e ngoliloeng يَشۡهَدُهُ ٱلۡمُقَرَّبُونَ ٢١E pakelang ba haufinyane le Allah إِنَّ ٱلۡأَبۡرَارَ لَفِي نَعِيمٍ ٢٢Ruri ba lokileng ba tla ba nyakallong (paradeising) عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ يَنظُرُونَ ٢٣Literoneng, ba tla talima lintho tsohle تَعۡرِفُ فِي وُجُوهِهِمۡ نَضۡرَةَ ٱلنَّعِيمِ ٢٤U tla ba tseba ka khanya e phatsimang lifahlehong يُسۡقَوۡنَ مِن رَّحِيقٍ مَّخۡتُومٍ ٢٥Lenyora la bona le tla kholisoa ka seno sa morara, o bitieletsoeng خِتَٰمُهُۥ مِسۡكٌۚ وَفِي ذَٰلِكَ فَلۡيَتَنَافَسِ ٱلۡمُتَنَٰفِسُونَ ٢٦Sekoahelo sa teng e tla ba “musk”: molemong oa sena ba lakatsang tlhonolofatso ha ba hahabelle teng وَمِزَاجُهُۥ مِن تَسۡنِيمٍ ٢٧Ba tla e fuoa le motsoako oa tasnim عَيۡنًا يَشۡرَبُ بِهَا ٱلۡمُقَرَّبُونَ ٢٨Seliba seo ho noang ba atametseng haufi le Allah إِنَّ ٱلَّذِينَ أَجۡرَمُواْ كَانُواْ مِنَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يَضۡحَكُونَ ٢٩Baetsalibe ba ne ba tloaetse ho soma ba-kholoang وَإِذَا مَرُّواْ بِهِمۡ يَتَغَامَزُونَ ٣٠Ha ba ne ba feta pela bona ba ne ba panyetsana وَإِذَا ٱنقَلَبُوٓاْ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِمُ ٱنقَلَبُواْ فَكِهِينَ ٣١Nakong eo ba boelang ho mehahabo bona, ba khutla ba soma وَإِذَا رَأَوۡهُمۡ قَالُوٓاْ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ لَضَآلُّونَ ٣٢Ha ba ba bona, ebe ba re: “Bonang bana ke ba khelohileng Ruri.” وَمَآ أُرۡسِلُواْ عَلَيۡهِمۡ حَٰفِظِينَ ٣٣Empa ha ba ea romelloa ho ba balebeli ba bona فَٱلۡيَوۡمَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ مِنَ ٱلۡكُفَّارِ يَضۡحَكُونَ ٣٤Letsatsi leo ba-kholoang ba tla ts’eha mahana-tumelo عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ يَنظُرُونَ ٣٥Literoneng, ba tla talima lintho tsohle هَلۡ ثُوِّبَ ٱلۡكُفَّارُ مَا كَانُواْ يَفۡعَلُونَ ٣٦Na mahana-tumelo a ke keng a lefshoa ho latela liketso tseo a neng a li etsa