Millat al-Islam

Chapter 27 · 93 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah An-Naml in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah An-Naml (1243 reciters)
Meccanسورة النمل93 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

طسٓۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡقُرۡءَانِ وَكِتَابٍ مُّبِينٍ ١Ta. Sin. Tsena ke lits’enolo tsa Qura’n, Lengolo le totobatsang lintho هُدًى وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُؤۡمِنِينَ ٢Tataiso; le tsona litaba tse molemo ho Ba-kholoang ٱلَّذِينَ يُقِيمُونَ ٱلصَّلَوٰةَ وَيُؤۡتُونَ ٱلزَّكَوٰةَ وَهُم بِٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ يُوقِنُونَ ٣Ba phethang lithapelo le ho fana ka linyehelo, ba nang le bo- ’nete ka bophelo Bo-tlang إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ زَيَّنَّا لَهُمۡ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَهُمۡ يَعۡمَهُونَ ٤Ha ele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, hore kaofela ha bona ba tle ba hlahlathele أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَهُمۡ سُوٓءُ ٱلۡعَذَابِ وَهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ هُمُ ٱلۡأَخۡسَرُونَ ٥Bao ke bona ba loketsoeng ke kahlolo e ts’abehang, e bile Bophelong Bo-tlang ke bona bao e tlang ho ba bona ba lahlehetsoeng ka hofetisisa وَإِنَّكَ لَتُلَقَّى ٱلۡقُرۡءَانَ مِن لَّدُنۡ حَكِيمٍ عَلِيمٍ ٦Ruri! u amohetse Qura’n ho tsoa ho Ea Mong, Ea Seli, Ea Tsebang Tsohle إِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِأَهۡلِهِۦٓ إِنِّيٓ ءَانَسۡتُ نَارًا سَـَٔاتِيكُم مِّنۡهَا بِخَبَرٍ أَوۡ ءَاتِيكُم بِشِهَابٍ قَبَسٍ لَّعَلَّكُمۡ تَصۡطَلُونَ ٧Bona! Moshe a re ho lelapa la hae: “Ke bona mollo thokoana mane; mohlomong ke tla le tlela le molaetsa ho ona, kapa ke le okhela ona, hore le tle le fumane mofuthu.” فَلَمَّا جَآءَهَا نُودِيَ أَنۢ بُورِكَ مَن فِي ٱلنَّارِ وَمَنۡ حَوۡلَهَا وَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٨Empa eitse hoba a atamele haufi le ona, ho’a utloahala lentaoe: “Ba hlohonolofetseng ke ba har’a mollo ona le ba haufi le ona! Tlotlo e be ho Allah, Mong`a Mafats’e يَٰمُوسَىٰٓ إِنَّهُۥٓ أَنَا ٱللَّهُ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٩“Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli وَأَلۡقِ عَصَاكَۚ فَلَمَّا رَءَاهَا تَهۡتَزُّ كَأَنَّهَا جَآنٌّ وَلَّىٰ مُدۡبِرًا وَلَمۡ يُعَقِّبۡۚ يَٰمُوسَىٰ لَا تَخَفۡ إِنِّي لَا يَخَافُ لَدَيَّ ٱلۡمُرۡسَلُونَ ١٠“Lahlela lere la hau fats’e!” Empa Moshe ha a bona le meneka joaloka noha, a furalla a baleha; empa lentsoe le ile la re ho eena: “Oho Moshe! Se ts’abe letho! Ruri! Haele baromuoa ha ba na letsoalo ho bo teng ba Ka إِلَّا مَن ظَلَمَ ثُمَّ بَدَّلَ حُسۡنَۢا بَعۡدَ سُوٓءٍ فَإِنِّي غَفُورٌ رَّحِيمٌ ١١Empa haele ba entseng phoso, kamor’a moo eaba ba ea sokoloha. Hobane Ruri! Ke ‘Na Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau وَأَدۡخِلۡ يَدَكَ فِي جَيۡبِكَ تَخۡرُجۡ بَيۡضَآءَ مِنۡ غَيۡرِ سُوٓءٍۖ فِي تِسۡعِ ءَايَٰتٍ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَقَوۡمِهِۦٓۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمًا فَٰسِقِينَ ١٢Joale, beha letsoho la hau lehlakoreng la likhopo tsa hau, le tla khutla le le lesoeu, empa le se na kotsi. Sena e tla ba se seng sa lits’upiso tse robong tseo u tla ea le tsona ho Faro le sechaba sa hae. Hobane Ruri! Haesale e le batho ba tetebetseng sebeng.” فَلَمَّا جَآءَتۡهُمۡ ءَايَٰتُنَا مُبۡصِرَةً قَالُواْ هَٰذَا سِحۡرٌ مُّبِينٌ ١٣Empa eitse hoba lits’upiso tsa Rona li finyelle ho bona li hlakile ponts’eng, ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.” وَجَحَدُواْ بِهَا وَٱسۡتَيۡقَنَتۡهَآ أَنفُسُهُمۡ ظُلۡمًا وَعُلُوًّاۚ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُفۡسِدِينَ ١٤Ba li latola ka boikhomoso le boikakaso, le hoja meea ea bona e ne e na le khohelo holim’a tsona: bona kamoo pheletso ea baetsalibe e bileng ka teng وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا دَاوُۥدَ وَسُلَيۡمَٰنَ عِلۡمًاۖ وَقَالَا ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي فَضَّلَنَا عَلَىٰ كَثِيرٍ مِّنۡ عِبَادِهِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٥Re ile ra fana ka tsebo ho Davida le Solomone; Ba re: “Lithoriso li be ho Allah, Ea re khethileng har’a makhabunyane a mangata a kholoang ho Eena!” وَوَرِثَ سُلَيۡمَٰنُ دَاوُۥدَۖ وَقَالَ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ عُلِّمۡنَا مَنطِقَ ٱلطَّيۡرِ وَأُوتِينَا مِن كُلِّ شَيۡءٍۖ إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡفَضۡلُ ٱلۡمُبِينُ ١٦Solomone e ne e le mojalefa oa Davida. A re: “Oho lona batho! Ruri! Re rutiloe puo ea linonyana, e bile re filoe nala ea lintho tsohle. Ruri! Sena ke molemo o hlakileng.” وَحُشِرَ لِسُلَيۡمَٰنَ جُنُودُهُۥ مِنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِ وَٱلطَّيۡرِ فَهُمۡ يُوزَعُونَ ١٧Mabotho a Masabonoeng le a batho le’a linonyana a kile a khobokana ‘moho kapel’a Solomone, eaba a hloptjoa ka mekhahlelo حَتَّىٰٓ إِذَآ أَتَوۡاْ عَلَىٰ وَادِ ٱلنَّمۡلِ قَالَتۡ نَمۡلَةٌ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّمۡلُ ٱدۡخُلُواْ مَسَٰكِنَكُمۡ لَا يَحۡطِمَنَّكُمۡ سُلَيۡمَٰنُ وَجُنُودُهُۥ وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ ١٨Ho fihlela a atametse haufinyane le phula ea bohloa, eaba bohloa bo le bong bo re: “Oho bohloa! Kenang ka matlung a lona esere mohlaope Solomone le mabotho a hae a tloha a le ripitla a sa le hlokomele.” فَتَبَسَّمَ ضَاحِكًا مِّن قَوۡلِهَا وَقَالَ رَبِّ أَوۡزِعۡنِيٓ أَنۡ أَشۡكُرَ نِعۡمَتَكَ ٱلَّتِيٓ أَنۡعَمۡتَ عَلَيَّ وَعَلَىٰ وَٰلِدَيَّ وَأَنۡ أَعۡمَلَ صَٰلِحًا تَرۡضَىٰهُ وَأَدۡخِلۡنِي بِرَحۡمَتِكَ فِي عِبَادِكَ ٱلصَّٰلِحِينَ ١٩Eaba salomone o’a bososela, a qaboloa ke puo ea bona, a re: “Mong`a ka! Ak’u ntaele hore ke be le teboho ka tlhohonolofatso eo U ntlhohonolofalitseng ka eona esita le batsoali ba ka, ke be ke etse tse lokileng tse ka U khahlisang, U be U nkenyeletse palong ea makhabunyane a Hau a lokileng.” وَتَفَقَّدَ ٱلطَّيۡرَ فَقَالَ مَالِيَ لَآ أَرَى ٱلۡهُدۡهُدَ أَمۡ كَانَ مِنَ ٱلۡغَآئِبِينَ ٢٠Eaba o talima har’a linonyana, a nto re: “Ho tla joang hore e be ha ke bone hoopoe (mofuta o mong oa nonyana), kapa e be e har’a tse sieo لَأُعَذِّبَنَّهُۥ عَذَابًا شَدِيدًا أَوۡ لَأَاْذۡبَحَنَّهُۥٓ أَوۡ لَيَأۡتِيَنِّي بِسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ ٢١Ruri! Ke tla e otla ka kotlo ea masisapelo, kapa ke e bolae, kantle leha eba e tla ntlela ka lebaka le totobetseng.” فَمَكَثَ غَيۡرَ بَعِيدٍ فَقَالَ أَحَطتُ بِمَا لَمۡ تُحِطۡ بِهِۦ وَجِئۡتُكَ مِن سَبَإِۭ بِنَبَإٍ يَقِينٍ ٢٢Empa ha ea ka ea senya nako ho ea pitsong, eaba e re: “ke fumane ntho eo uena u neng u sa e lemohe ho hang, ke tla ho uena ka litaba tse molemo tse tsoang Sheba إِنِّي وَجَدتُّ ٱمۡرَأَةً تَمۡلِكُهُمۡ وَأُوتِيَتۡ مِن كُلِّ شَيۡءٍ وَلَهَا عَرۡشٌ عَظِيمٌ ٢٣“Ke fumane mosali a busa sechaba sa moo, e bile o nehiloe nala ea lintho tsohle, terone ea hae ke e makhabane وَجَدتُّهَا وَقَوۡمَهَا يَسۡجُدُونَ لِلشَّمۡسِ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَزَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَصَدَّهُمۡ عَنِ ٱلسَّبِيلِ فَهُمۡ لَا يَهۡتَدُونَ ٢٤“Ke fumane eena le sechaba sa hae ba khumamela letsatsi ntle ho Allah; Satane o entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, e bile o ba sitisa ho kena tseleng ea ‘nete, hore ba tle ba tsamae ka nepo أَلَّاۤ يَسۡجُدُواْۤ لِلَّهِ ٱلَّذِي يُخۡرِجُ ٱلۡخَبۡءَ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَيَعۡلَمُ مَا تُخۡفُونَ وَمَا تُعۡلِنُونَ ٢٥Ka ho ba khelosa ho se khumamele Allah, Eena Ea hlahisang Masabonoeng tsa maholimo le lefats’e, Ea bileng A tsebang tseo le li patang le tseo le li pepesang ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ رَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ ۩ ٢٦Ke Allah; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena! – Eena Mong`a Terone e Hloahloeng ۞ قَالَ سَنَنظُرُ أَصَدَقۡتَ أَمۡ كُنتَ مِنَ ٱلۡكَٰذِبِينَ ٢٧Eaba Solomone o re: “Re tla bona haeba feela u buoa ‘nete, kapa leshano ٱذۡهَب بِّكِتَٰبِي هَٰذَا فَأَلۡقِهۡ إِلَيۡهِمۡ ثُمَّ تَوَلَّ عَنۡهُمۡ فَٱنظُرۡ مَاذَا يَرۡجِعُونَ ٢٨“Tsamaea le قَالَتۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ إِنِّيٓ أُلۡقِيَ إِلَيَّ كِتَٰبٌ كَرِيمٌ ٢٩Mofumahali oa Sheba a re: “Oho lona matona! Ruri! Ke amohetse Lengolo le hlomphehang إِنَّهُۥ مِن سُلَيۡمَٰنَ وَإِنَّهُۥ بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ ٣٠Le tsoa ho Solomone, le baleha joana: “Ka lebitso la Allah, Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang أَلَّا تَعۡلُواْ عَلَيَّ وَأۡتُونِي مُسۡلِمِينَ ٣١“Se ikhohomose khahlano le ‘na, empa atamela ho ‘na joaloka ba ithapalatsang.” قَالَتۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ أَفۡتُونِي فِيٓ أَمۡرِي مَا كُنتُ قَاطِعَةً أَمۡرًا حَتَّىٰ تَشۡهَدُونِ ٣٢A re: “Oho lona matona! nkeletseng tabeng ena. Ha ke’a s’o ka ke iketsetsa liqeto ntle ho lona.” قَالُواْ نَحۡنُ أُوْلُواْ قُوَّةٍ وَأُوْلُواْ بَأۡسٍ شَدِيدٍ وَٱلۡأَمۡرُ إِلَيۡكِ فَٱنظُرِي مَاذَا تَأۡمُرِينَ ٣٣Ba re: “Re marena a nang le matla esita le bona bohlale bo ts’abehang, empa ke uena ea lokelang ho fana ka taelo; kahoo nahana seo o ts’oanelang ho se laela.” قَالَتۡ إِنَّ ٱلۡمُلُوكَ إِذَا دَخَلُواْ قَرۡيَةً أَفۡسَدُوهَا وَجَعَلُوٓاْ أَعِزَّةَ أَهۡلِهَآ أَذِلَّةًۚ وَكَذَٰلِكَ يَفۡعَلُونَ ٣٤A re: “Marena nakong eo a kenang naheng, baa e ripitla le hona ho nyelisa hlompho ea baahi ba eona. Ke kamoo ba tla etsa kateng وَإِنِّي مُرۡسِلَةٌ إِلَيۡهِم بِهَدِيَّةٍ فَنَاظِرَةُۢ بِمَ يَرۡجِعُ ٱلۡمُرۡسَلُونَ ٣٥“Empa ke tla mo romella mpho, ke tla bona karabo ea seo baromuoa ba tlang ho khutla le sona فَلَمَّا جَآءَ سُلَيۡمَٰنَ قَالَ أَتُمِدُّونَنِ بِمَالٍ فَمَآ ءَاتَىٰنِۦَ ٱللَّهُ خَيۡرٌ مِّمَّآ ءَاتَىٰكُمۚ بَلۡ أَنتُم بِهَدِيَّتِكُمۡ تَفۡرَحُونَ ٣٦Joale, eitse hoba moromuoa a finyelle ho Solomone, a re: “Eng! Na u lakatsa ho ka nthusa ka thepa? Empa seo Allah a ‘nehileng sona se molemo ho feta seo a u nehileng sona. Che, ke uena ea tla imona menoana ka mpho ea hau eseng ‘na ٱرۡجِعۡ إِلَيۡهِمۡ فَلَنَأۡتِيَنَّهُم بِجُنُودٍ لَّا قِبَلَ لَهُم بِهَا وَلَنُخۡرِجَنَّهُم مِّنۡهَآ أَذِلَّةً وَهُمۡ صَٰغِرُونَ ٣٧“Boela ho bona. Ruri! Re tla ba hlsela ka mabotho ao ba ke keng baits’ireletsa ho oona, re tla ba phalalisa moo ka tlotloloho, etsoe ba tla be ba soabile.” قَالَ يَٰٓأَيُّهَا ٱلۡمَلَؤُاْ أَيُّكُمۡ يَأۡتِينِي بِعَرۡشِهَا قَبۡلَ أَن يَأۡتُونِي مُسۡلِمِينَ ٣٨Solomone a re: “Oho matona! Ke mang har’a lona ea tla ntlisetsa terone ea hae pele ba e tla ho ‘na ba ithapalalitse?” قَالَ عِفۡرِيتٌ مِّنَ ٱلۡجِنِّ أَنَا۠ ءَاتِيكَ بِهِۦ قَبۡلَ أَن تَقُومَ مِن مَّقَامِكَۖ وَإِنِّي عَلَيۡهِ لَقَوِيٌّ أَمِينٌ ٣٩E mong har’a li-jinn a re: “‘Na nka e tlisa kapel’a hau pele u ema setulong sa hau. Ruri! Ke na le matla esita le bona bots’epehi ts’ebetsong e joalo.” قَالَ ٱلَّذِي عِندَهُۥ عِلۡمٌ مِّنَ ٱلۡكِتَٰبِ أَنَا۠ ءَاتِيكَ بِهِۦ قَبۡلَ أَن يَرۡتَدَّ إِلَيۡكَ طَرۡفُكَۚ فَلَمَّا رَءَاهُ مُسۡتَقِرًّا عِندَهُۥ قَالَ هَٰذَا مِن فَضۡلِ رَبِّي لِيَبۡلُوَنِيٓ ءَأَشۡكُرُ أَمۡ أَكۡفُرُۖ وَمَن شَكَرَ فَإِنَّمَا يَشۡكُرُ لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن كَفَرَ فَإِنَّ رَبِّي غَنِيٌّ كَرِيمٌ ٤٠E mong ea neng a sitsitsoe ka tsebo ea Lengolo a re: “‘Ke tla e tlisa ho uena ka ho panya ha leihlo. Eitse hoba a e bone e lutse kapel’a hae, eaba Solomone o re: “Sena ke ka mohau oa Mong`a ka, e le hore A tle A mphehe tekong ea hore ebang ke na teboho kapa e be ke tla ikhohomosa. Mong le mong ea nang le teboho, o etsa joalo molemong oa moea oa hae: mong le mong ea hlokang teboho, o etsa joalo molemong oa ho utloisa moea oa hae bohloko. Hobane Ruri! Mong`a ka U tsepame pusong, ha A Hloke Letho, U Tlotlehile,.” قَالَ نَكِّرُواْ لَهَا عَرۡشَهَا نَنظُرۡ أَتَهۡتَدِيٓ أَمۡ تَكُونُ مِنَ ٱلَّذِينَ لَا يَهۡتَدُونَ ٤١A re: “Fetolang maemo a terone ea hae, e le hore re tle re bone haeba o tla tsepama tataisong, kapa ebang o tlaba har’a ba sa amoheleng tataiso.” فَلَمَّا جَآءَتۡ قِيلَ أَهَٰكَذَا عَرۡشُكِۖ قَالَتۡ كَأَنَّهُۥ هُوَۚ وَأُوتِينَا ٱلۡعِلۡمَ مِن قَبۡلِهَا وَكُنَّا مُسۡلِمِينَ ٤٢Hoba a fihle, o ile a botsoa: “Ana ke terone ea hau ee?” A re: “E batlile e ts’oana le eona; re nehiloe tsebo pele ho eona, re ile ra inehela ho Allah.” وَصَدَّهَا مَا كَانَت تَّعۡبُدُ مِن دُونِ ٱللَّهِۖ إِنَّهَا كَانَتۡ مِن قَوۡمٍ كَٰفِرِينَ ٤٣O ile a mo tlosa khumamelong ea tsohle ntle ho Allah, hobane o tsoetsoe ke batho ba hlokang tumelo قِيلَ لَهَا ٱدۡخُلِي ٱلصَّرۡحَۖ فَلَمَّا رَأَتۡهُ حَسِبَتۡهُ لُجَّةً وَكَشَفَتۡ عَن سَاقَيۡهَاۚ قَالَ إِنَّهُۥ صَرۡحٌ مُّمَرَّدٌ مِّن قَوَارِيرَۗ قَالَتۡ رَبِّ إِنِّي ظَلَمۡتُ نَفۡسِي وَأَسۡلَمۡتُ مَعَ سُلَيۡمَٰنَ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٤٤Eaba ho thoe ho eena a kene paleising. Eitse hoba a e bone, a hopola hore ke letamo, eaba o phetla liaparo tse neng li koahetse maoto a hae. Solomone a re: “Ena ke paleisi e ahiloeng ka bokhabane ea khalase.” Eaba o re: “Mong`a ka! Ruri! Ke foselitse moea oa ka, ke inehela le Solomone ho Allah, Mong`a Mafats’e.” وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَىٰ ثَمُودَ أَخَاهُمۡ صَٰلِحًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ فَإِذَا هُمۡ فَرِيقَانِ يَخۡتَصِمُونَ ٤٥Re ile Ra romella ho Ba-Thamud Salih ngoana bo bona: “Sebeletsang Allah.” Le hoja ba ile ba khaoha likoto tse peli tse ngangisanang قَالَ يَٰقَوۡمِ لِمَ تَسۡتَعۡجِلُونَ بِٱلسَّيِّئَةِ قَبۡلَ ٱلۡحَسَنَةِۖ لَوۡلَا تَسۡتَغۡفِرُونَ ٱللَّهَ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ ٤٦A re: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le potlakela sebeng ho fapana le se molemo?” Ke hobaneng ha le sa kope ts’oarelo ea Allah, hore le tle le fumane mohau.” قَالُواْ ٱطَّيَّرۡنَا بِكَ وَبِمَن مَّعَكَۚ قَالَ طَٰٓئِرُكُمۡ عِندَ ٱللَّهِۖ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ تُفۡتَنُونَ ٤٧Ba re: “Re u lakaletsa bobe le ba nang le uena. A re: “Takaletso ea lona ea bobe e ho Allah. Lona le mpa le le batho ba behiloeng tekong.” وَكَانَ فِي ٱلۡمَدِينَةِ تِسۡعَةُ رَهۡطٍ يُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا يُصۡلِحُونَ ٤٨Ho ne ho le teng batho ba robong ba lelapa ba neng ba etsa litlolo tsa molao lefats’eng, ba sa sokolohe قَالُواْ تَقَاسَمُواْ بِٱللَّهِ لَنُبَيِّتَنَّهُۥ وَأَهۡلَهُۥ ثُمَّ لَنَقُولَنَّ لِوَلِيِّهِۦ مَا شَهِدۡنَا مَهۡلِكَ أَهۡلِهِۦ وَإِنَّا لَصَٰدِقُونَ ٤٩Ba re: “Re hlapanya ka Allah re tla mo tsometsa hammoho le lelapa la hae bosiu, e be kamor’a moo re re ho metsoalle ea hae: “Re ne re le sieo ho fenethoeng ha batho ba habo, re bua ‘nete e tsoileng matsoho.” وَمَكَرُواْ مَكۡرًا وَمَكَرۡنَا مَكۡرًا وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ ٥٠Ba ile ba rera ba loha mano: Eaba le Rona Rea rera, baes’o elelloe letho فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ مَكۡرِهِمۡ أَنَّا دَمَّرۡنَٰهُمۡ وَقَوۡمَهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٥١Joale, ak’u bone seo e bileng pheletso ea morero oa bona, – Re ile Ra ba ripitla hammoho le baetsana ba bona kaofela فَتِلۡكَ بُيُوتُهُمۡ خَاوِيَةَۢ بِمَا ظَلَمُوٓاْۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَعۡلَمُونَ ٥٢Matlo a bona ke lithako le lesupi – hobane ba ne ba etsa liphoso. Ruri! Ka har’a sena ke sesupo ho batho banang le tsebo وَأَنجَيۡنَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ ٥٣Re ile Ra pholosa ba neng ba kholoa, ba etsa tse lokileng وَلُوطًا إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦٓ أَتَأۡتُونَ ٱلۡفَٰحِشَةَ وَأَنتُمۡ تُبۡصِرُونَ ٥٤Lota! a re ho batho ba habo: “na le sa tla etsa linyonts’a ka tsebo أَئِنَّكُمۡ لَتَأۡتُونَ ٱلرِّجَالَ شَهۡوَةً مِّن دُونِ ٱلنِّسَآءِۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ تَجۡهَلُونَ ٥٥Na le sa tla robalana le banna feela basali ba ntse ba le teng? Eu, empa le batho hlokang kelello.”

Juz 20

۞ فَمَا كَانَ جَوَابَ قَوۡمِهِۦٓ إِلَّآ أَن قَالُوٓاْ أَخۡرِجُوٓاْ ءَالَ لُوطٍ مِّن قَرۡيَتِكُمۡۖ إِنَّهُمۡ أُنَاسٌ يَتَطَهَّرُونَ ٥٦Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore; ba re: “Lelekang balateli ba Lota motseng oa lona, hobane Ruri! Ke banna ba labalabelang bohloeki!” فَأَنجَيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥٓ إِلَّا ٱمۡرَأَتَهُۥ قَدَّرۡنَٰهَا مِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ ٥٧Empa Re ile Ra mo pholosa le lelapa la hae ntle feela le mosali oa hae; Re ile Ra mo behella kathoko hore a tle a be har’a ba saletseng morao وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِم مَّطَرًاۖ فَسَآءَ مَطَرُ ٱلۡمُنذَرِينَ ٥٨Eaba Re ba nesetsa majoe a lengetane. Pula e nyonyehang holima batho ba ileng ba khalengoa قُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ وَسَلَٰمٌ عَلَىٰ عِبَادِهِ ٱلَّذِينَ ٱصۡطَفَىٰٓۗ ءَآللَّهُ خَيۡرٌ أَمَّا يُشۡرِكُونَ ٥٩E re: “Lithoriso li be ho Allah, khotso e be ho makhabunyane A Hae ao A a khethileng! Ana ke Allah Ea molemo, kapa ba molemo ke batlatsetsi ba ba manamisang ho Eena أَمَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَأَنزَلَ لَكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَنۢبَتۡنَا بِهِۦ حَدَآئِقَ ذَاتَ بَهۡجَةٍ مَّا كَانَ لَكُمۡ أَن تُنۢبِتُواْ شَجَرَهَآۗ أَءِلَٰهٌ مَّعَ ٱللَّهِۚ بَلۡ هُمۡ قَوۡمٌ يَعۡدِلُونَ ٦٠Ana ha se Eena Ea Molemo Ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho le romella pula e tsoang marung, eo ka eona Re hlahisang lirapa tsa litholoana tse hlabosang, seo lifate tsa sona li sa kang tsa lengoa ke lona. Ana ho teng `Mopi e mong kathoko ho Allah? Eu, empa batho ba maneha ba tlatsetsi ho Eena أَمَّن جَعَلَ ٱلۡأَرۡضَ قَرَارًا وَجَعَلَ خِلَٰلَهَآ أَنۡهَٰرًا وَجَعَلَ لَهَا رَوَٰسِيَ وَجَعَلَ بَيۡنَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ حَاجِزًاۗ أَءِلَٰهٌ مَّعَ ٱللَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ٦١Kapa, ha se Eena Ea entseng lefats’e hoba lehae le tsepameng, A ba A theha linoka ho lona, le hona ho theha lithaba holim’a lona le hona ho tsepamisa moeli lipakeng tsa maoatle a mabeli? Ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Che bongata ba bona ha bo tsebe letho أَمَّن يُجِيبُ ٱلۡمُضۡطَرَّ إِذَا دَعَاهُ وَيَكۡشِفُ ٱلسُّوٓءَ وَيَجۡعَلُكُمۡ خُلَفَآءَ ٱلۡأَرۡضِۗ أَءِلَٰهٌ مَّعَ ٱللَّهِۚ قَلِيلًا مَّا تَذَكَّرُونَ ٦٢Ana ha se Eena Ea arabelang ea bohlokong nakong eo a bitsang ho Eena, e be U mo imolla bothateng, A etse majalefa a lefats’e? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ruri! ba nahana hanyenyane أَمَّن يَهۡدِيكُمۡ فِي ظُلُمَٰتِ ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ وَمَن يُرۡسِلُ ٱلرِّيَٰحَ بُشۡرَۢا بَيۡنَ يَدَيۡ رَحۡمَتِهِۦٓۗ أَءِلَٰهٌ مَّعَ ٱللَّهِۚ تَعَٰلَى ٱللَّهُ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ٦٣Ana ha se Eena Ea le tataisang har’a lefifi la naha le leoatle, Ea romellang liphefo tse phatlalatsang Mohau oa Hae? Ana o teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ea hloahloeng ke Allah kahofetisisa ho batlatsetsi bohle ba ba manehang ho Eena أَمَّن يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ وَمَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۗ أَءِلَٰهٌ مَّعَ ٱللَّهِۚ قُلۡ هَاتُواْ بُرۡهَٰنَكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٦٤Kapa, Ea hlahisang tlholeho, A boele A e phete hape, Eena Ea le nehang nala ho tsoa leholimong le lefats’eng? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? E re: “Hlahisang bopaki ba lona haeba le hlile le buoa ‘nete!” قُل لَّا يَعۡلَمُ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ ٱلۡغَيۡبَ إِلَّا ٱللَّهُۚ وَمَا يَشۡعُرُونَ أَيَّانَ يُبۡعَثُونَ ٦٥E re: “Ha ho ope ea ka tsebang ka tse patiloeng tsa maholimo le tsa lefats’e haese Allah; ha ba tsebe letho ka letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona بَلِ ٱدَّٰرَكَ عِلۡمُهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِۚ بَلۡ هُمۡ فِي شَكٍّ مِّنۡهَاۖ بَلۡ هُم مِّنۡهَا عَمُونَ ٦٦Ana tsebo ea bona e pharaletse hoo ba ka fihlelang bophelo bo-tlang? Ba na le khoao. Ke lifofu.” وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا تُرَٰبًا وَءَابَآؤُنَآ أَئِنَّا لَمُخۡرَجُونَ ٦٧Mahana-tumelo ba re: “Eng! Ha re se re fetohile lerole,-rona le bo-ntata rona, – ana re sa tla hlola re tsosoa hape لَقَدۡ وُعِدۡنَا هَٰذَا نَحۡنُ وَءَابَآؤُنَا مِن قَبۡلُ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٦٨“Ke `nete re ile ra ts’episoa sena.-rona le bo-ntata rona. Empa tsena tsohle ha se letho haese lits’omo tsa mehleng ea khale.” قُلۡ سِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُجۡرِمِينَ ٦٩E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng pheletso ea ba bileng molato!” وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَلَا تَكُن فِي ضَيۡقٍ مِّمَّا يَمۡكُرُونَ ٧٠U se ke oa ikutloisa bohloko ka bona, le hona ho touta ka lebaka la merero ea bona وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٧١Ba bile ba re: “Ke neng ts’episo ena e tlang ho phethahala haeba u hlile u buoa ‘nete?” قُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَكُونَ رَدِفَ لَكُم بَعۡضُ ٱلَّذِي تَسۡتَعۡجِلُونَ ٧٢E re: “Mohlomong karolo ea seo le ka se potlakelang se haufi le lona.” وَإِنَّ رَبَّكَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَشۡكُرُونَ ٧٣Empa ruriMong`a hau U Khaphatseha mohau ho batho, le hoja bongata ba bona bo hloka teboho وَإِنَّ رَبَّكَ لَيَعۡلَمُ مَا تُكِنُّ صُدُورُهُمۡ وَمَا يُعۡلِنُونَ ٧٤Ruri Mong`a hau o tseba ka botlalo lintho tsohle tseo lipelo tsa bona li li patileng le tsohle tseo ba li pepesang وَمَا مِنۡ غَآئِبَةٍ فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ إِلَّا فِي كِتَٰبٍ مُّبِينٍ ٧٥Ha ho letho le patehileng leholimong le lefats’eng, empa se ngoliloe ka har’a buka e hlakileng إِنَّ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ يَقُصُّ عَلَىٰ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ أَكۡثَرَ ٱلَّذِي هُمۡ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ٧٦Ruri! Qura›n ena e manolletse bana ba Israele boholo ba lintho tseo ba hohlanang ka tsona وَإِنَّهُۥ لَهُدًى وَرَحۡمَةٌ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ ٧٧Ke Tataiso le Mohau ho ba kholoang إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُم بِحُكۡمِهِۦۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡعَلِيمُ ٧٨Ruri Mong`a hau o tla ahlola lipakeng tsa bona ho latela Bohlale ba Hae, Eena Ea Matla Oohle, Ea Tsebang-Tsohle فَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱللَّهِۖ إِنَّكَ عَلَى ٱلۡحَقِّ ٱلۡمُبِينِ ٧٩Kahoo beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane u tsepame ‘neteng e hlakileng إِنَّكَ لَا تُسۡمِعُ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَلَا تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا وَلَّوۡاْ مُدۡبِرِينَ ٨٠Ruri! U ke ke ua etsa hore bafu ba utloe le tsona litholo hore li utloe pitso nakong eo li seng li menotse tlhabela وَمَآ أَنتَ بِهَٰدِي ٱلۡعُمۡيِ عَن ضَلَٰلَتِهِمۡۖ إِن تُسۡمِعُ إِلَّا مَن يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُم مُّسۡلِمُونَ ٨١Kapa hona ho tataisa lifofu ho se hlahlathele. Kantle le ba kholoang lits’enolong tsa Rona, ba inehetse Islam ۞ وَإِذَا وَقَعَ ٱلۡقَوۡلُ عَلَيۡهِمۡ أَخۡرَجۡنَا لَهُمۡ دَآبَّةً مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ تُكَلِّمُهُمۡ أَنَّ ٱلنَّاسَ كَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا لَا يُوقِنُونَ ٨٢Mohla lentsoe le phethahatsoang khahlanong le bona, Re tla hlahisa Sebatana sa lefats’e ho buoa le bona, hobane batho ba hlokile tumelo lits’enolong tsa Rona وَيَوۡمَ نَحۡشُرُ مِن كُلِّ أُمَّةٍ فَوۡجًا مِّمَّن يُكَذِّبُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُمۡ يُوزَعُونَ ٨٣Ka letsatsi le leng Re tla khobokanya mabotho har’a lichaba tsohle mabotho a latolang lits’enolo tsa Rona, a tla hloptjoa ka mekhahlelo حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءُو قَالَ أَكَذَّبۡتُم بِـَٔايَٰتِي وَلَمۡ تُحِيطُواْ بِهَا عِلۡمًا أَمَّاذَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٨٤Ho fihlela ba atamelang kapel’a Mong`a bona, U tla re: “Le Latotse lits’enolo tsa Ka le hoja tsebo ea lona e ne e fokola malebana le tsona, kapa ke eng seo le neng le se etsa?” وَوَقَعَ ٱلۡقَوۡلُ عَلَيۡهِم بِمَا ظَلَمُواْ فَهُمۡ لَا يَنطِقُونَ ٨٥Lentsoe le tla phethahatsoa khahlanong le bona ka lebaka la ketso-phoso, etsoe ba ke ke ba eba le puo أَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا جَعَلۡنَا ٱلَّيۡلَ لِيَسۡكُنُواْ فِيهِ وَٱلنَّهَارَ مُبۡصِرًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ ٨٦Ha ba es’o bone kamoo Re entseng hore ba phomole kateng bosiu, e be mots’eare U ba neha pono? Ruri! ho sena ke Lits’upiso ho batho ba kholoang وَيَوۡمَ يُنفَخُ فِي ٱلصُّورِ فَفَزِعَ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا مَن شَآءَ ٱللَّهُۚ وَكُلٌّ أَتَوۡهُ دَٰخِرِينَ ٨٧Letsatsi leo Terompeta e tlang ho letsoa – bohle ba maholimong le lefats’eng ba tla simolla ho ts’oha, haese feela bao Allah A ka khahloang ke bona. Bohle ba tla tla ho Eena ba tseba bofokoli ba bona وَتَرَى ٱلۡجِبَالَ تَحۡسَبُهَا جَامِدَةً وَهِيَ تَمُرُّ مَرَّ ٱلسَّحَابِۚ صُنۡعَ ٱللَّهِ ٱلَّذِيٓ أَتۡقَنَ كُلَّ شَيۡءٍۚ إِنَّهُۥ خَبِيرُۢ بِمَا تَفۡعَلُونَ ٨٨Na u bona lithaba tseo u nahanang hore li tsepame ka tieo, empa tsatsing leo li tla tsamaea joaloka maru: seo ke mosebetsi oa Allah ea phethahatsang lintho tsohle. Ruri! U Tseba ka botlalo tseo le li etsang مَن جَآءَ بِٱلۡحَسَنَةِ فَلَهُۥ خَيۡرٌ مِّنۡهَا وَهُم مِّن فَزَعٍ يَوۡمَئِذٍ ءَامِنُونَ ٨٩Mang kapa mang ea etsang toka, o tla fumana moputso o molemo ho feta kamoo e neng e le kateng; ba joalo bats’ireletsehile matsoalong a Letsatsi leo وَمَن جَآءَ بِٱلسَّيِّئَةِ فَكُبَّتۡ وُجُوهُهُمۡ فِي ٱلنَّارِ هَلۡ تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٩٠Mang kapa mang ea etsang sebe, ba tla khothomeletsoa ka har’a mollo ka lifahleho. “Etsoe ha ho seo le ka putsoang ka sona haese seo le se entseng إِنَّمَآ أُمِرۡتُ أَنۡ أَعۡبُدَ رَبَّ هَٰذِهِ ٱلۡبَلۡدَةِ ٱلَّذِي حَرَّمَهَا وَلَهُۥ كُلُّ شَيۡءٍۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ ٩١E re: “‘na ke laetsoe feela ho sebeletsa Mong`a motse ona Eo A entseng hore o halalele, Eena Mong`a lintho tsohle. Etsoe ke laetsoe hoba har’a bohle ba inehetseng thatong Ea Hae وَأَنۡ أَتۡلُوَاْ ٱلۡقُرۡءَانَۖ فَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَقُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُنذِرِينَ ٩٢Le hona ho pheta Qura’n. Mang, kapa mang ea amohelang tataiso, o etsa seo molemong oa moea oa hae; Ha e mong a hlahalthela – e re: “‘Ke mohlokomelisi feela.” وَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ سَيُرِيكُمۡ ءَايَٰتِهِۦ فَتَعۡرِفُونَهَاۚ وَمَا رَبُّكَ بِغَٰفِلٍ عَمَّا تَعۡمَلُونَ ٩٣U be u re: “Lithoriso li be ho Allah Ea tla le bonts’a Lits’upiso tsa Hae, e le hore le tle le li tsebe. Etsoe Mong`a hau ha se hore ha A hlokomele tseo le li etsang

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.