Millat al-Islam

Chapter 64 · 18 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah At-Taghabun in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah At-Taghabun (1129 reciters)
Medinanسورة التغابن18 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

يُسَبِّحُ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۖ لَهُ ٱلۡمُلۡكُ وَلَهُ ٱلۡحَمۡدُۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ١Tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li bolela Lithoriso le Boholo Ba Allah; Eo Puso le thoriso e leng tsa Hae, U matla holima tsohle هُوَ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ فَمِنكُمۡ كَافِرٌ وَمِنكُم مُّؤۡمِنٌۚ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرٌ ٢Ke Eena Ea le hlotseng, ba bang ba lona ke mahana-tumelo, ba bang ke Ba-kholoang;’Allah U bona tsohle tseo le li etsang خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّ وَصَوَّرَكُمۡ فَأَحۡسَنَ صُوَرَكُمۡۖ وَإِلَيۡهِ ٱلۡمَصِيرُ ٣U hlotse maholimo le lefats’e ka tekano e nepahetseng, A le neha sebopeho le hona ho le neha libopeho tse ntle, Ruri! Pheletso e ho Eena يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَيَعۡلَمُ مَا تُسِرُّونَ وَمَا تُعۡلِنُونَۚ وَٱللَّهُ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ ٤U tseba tse maholimong le tse lefats’eng, U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang. ‘Allah U tseba ka botlalo tse kahar’a lipelo أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ نَبَؤُاْ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن قَبۡلُ فَذَاقُواْ وَبَالَ أَمۡرِهِمۡ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ٥Na pale ea ba ileng ba latola tumelo khale e se kile ea fihla ho lona? Ba ile ba latsoa sephetho se bosula sa boits’oaro ba bona, kahlolo ea bona e bile e mahlonoko ذَٰلِكَ بِأَنَّهُۥ كَانَت تَّأۡتِيهِمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَقَالُوٓاْ أَبَشَرٌ يَهۡدُونَنَا فَكَفَرُواْ وَتَوَلَّواْۖ وَّٱسۡتَغۡنَى ٱللَّهُۚ وَٱللَّهُ غَنِيٌّ حَمِيدٌ ٦Ke hobane baromuoa ba ‘nile ba fihla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng, Empa ba re: “Re ka tataisoa ke motho?” Kahoo, ba ile ba latola eaba ba a furalla; empa Allah ha a hloke letho ho tsoa ho bona. Allah ha A na litlhoko, U Ts’oanetso ke lithoriso زَعَمَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَن لَّن يُبۡعَثُواْۚ قُلۡ بَلَىٰ وَرَبِّي لَتُبۡعَثُنَّ ثُمَّ لَتُنَبَّؤُنَّ بِمَا عَمِلۡتُمۡۚ وَذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٌ ٧Mahana-tumelo ba nahana hore ba ke ke ba tsosoa hape. E re: “E, Ruri! Ka Mong`a ka! Le tla boela le tsosoa hape, le tla tsebisoa tsohle tseo le li entseng; hobane seo se bonolo ho Allah.” فَـَٔامِنُواْ بِٱللَّهِ وَرَسُولِهِۦ وَٱلنُّورِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلۡنَاۚ وَٱللَّهُ بِمَا تَعۡمَلُونَ خَبِيرٌ ٨Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae le ho Leseli leo Re le senotseng. Allah U hlokolosi ka tsohle tseo le li etsang يَوۡمَ يَجۡمَعُكُمۡ لِيَوۡمِ ٱلۡجَمۡعِۖ ذَٰلِكَ يَوۡمُ ٱلتَّغَابُنِۗ وَمَن يُؤۡمِنۢ بِٱللَّهِ وَيَعۡمَلۡ صَٰلِحًا يُكَفِّرۡ عَنۡهُ سَيِّـَٔاتِهِۦ وَيُدۡخِلۡهُ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَآ أَبَدًاۚ ذَٰلِكَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ ٩Letsatsi leo A tlang ho le bokella Letsatsing la Khobokano, leo e tla be e le letsatsi la tahlehelo le kuno ho ba bangata. Bohle ba ba-Kholoang ho Allah le hona ho etsa toka, Allah U tla hlakola ho bona liketso maloetse le ho ba amohela kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang ka tlasa tsona; ba tla phela kamoo kahosafeleng. Seo ke Katleho e Babatsehang وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَآ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ ١٠Empa ba latolang Tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa rona, e tla ba Balekane ba Mollo; ho phela kamoo kahosafeleng – Pheletso e nyonyehang مَآ أَصَابَ مِن مُّصِيبَةٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۗ وَمَن يُؤۡمِنۢ بِٱللَّهِ يَهۡدِ قَلۡبَهُۥۚ وَٱللَّهُ بِكُلِّ شَيۡءٍ عَلِيمٌ ١١Ha ho sekhobo sefe, kapa sefe se ka oang kantle ho tumello ea Allah. Mang, kapa mang ea kholoang ho Allah, Allah U tataisa pelo ea hae. ‘Allah U Tseba tsohle وَأَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَۚ فَإِن تَوَلَّيۡتُمۡ فَإِنَّمَا عَلَىٰ رَسُولِنَا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ ١٢Utloang Allah le Moromuoa oa Hae; empa haeba le koeneha, ts’ebetso ea Moromuoa Oa Rona ke feela ho phatlalatsa molaetsa ka ho hlaka ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ١٣Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Kahoo, lesang ba- kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Eena يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِنَّ مِنۡ أَزۡوَٰجِكُمۡ وَأَوۡلَٰدِكُمۡ عَدُوًّا لَّكُمۡ فَٱحۡذَرُوهُمۡۚ وَإِن تَعۡفُواْ وَتَصۡفَحُواْ وَتَغۡفِرُواْ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٌ رَّحِيمٌ ١٤Oho lona ba-kholoang! Ruri! Ho teng lira tsa lona har’a basali le bana ba lona, kahoo le ba hlokomele. Empa ha le ts’oarela le tlolisa liphoso tsa bona mahlo le koahela liphoso tsa bona, Ruri Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau إِنَّمَآ أَمۡوَٰلُكُمۡ وَأَوۡلَٰدُكُمۡ فِتۡنَةٌۚ وَٱللَّهُ عِندَهُۥٓ أَجۡرٌ عَظِيمٌ ١٥Maruo a lona le bana ba lona e ka ‘na ea eba teko: Empa kapela Allah ho teng Moputso o moholohali فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ مَا ٱسۡتَطَعۡتُمۡ وَٱسۡمَعُواْ وَأَطِيعُواْ وَأَنفِقُواْ خَيۡرًا لِّأَنفُسِكُمۡۗ وَمَن يُوقَ شُحَّ نَفۡسِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ ١٦Kahoo ts’abang Allah ka hohle kamoo le ka khonang, le mamele le be le latele le hona ho nyehela molemong oa meea ea lona. Mang, kapa mang ea pholohileng meharong ea meea ea bona, – Ke bona ba tla fumana katleho إِن تُقۡرِضُواْ ٱللَّهَ قَرۡضًا حَسَنًا يُضَٰعِفۡهُ لَكُمۡ وَيَغۡفِرۡ لَكُمۡۚ وَٱللَّهُ شَكُورٌ حَلِيمٌ ١٧Ha le etsa kalimo e ntle ho Allah, U tla e menahanya ha beli molemong oa lona le hona ho le ts’oarela, hobane Allah ke mot’soareli oa libe, e bile o na le Mamello e Fetisisang عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ١٨Motsibi oa liphiri le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Seli

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.