Millat al-Islam

Chapter 43 · 89 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Az-Zukhruf in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah Az-Zukhruf (1167 reciters)
Meccanسورة الزخرف89 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

حمٓ ١Ha. Mim وَٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُبِينِ ٢Ka Lengolo le totobatsang lintho, – إِنَّا جَعَلۡنَٰهُ قُرۡءَٰنًا عَرَبِيًّا لَّعَلَّكُمۡ تَعۡقِلُونَ ٣Re hlophisitse Qura‘n ka se-Arab, hore le tle le be le kutloisiso وَإِنَّهُۥ فِيٓ أُمِّ ٱلۡكِتَٰبِ لَدَيۡنَا لَعَلِيٌّ حَكِيمٌ ٤Ruri, ke mohloli oa Lengolo, le ho Rona, e maemong a babatsehang, le tletse bohlale أَفَنَضۡرِبُ عَنكُمُ ٱلذِّكۡرَ صَفۡحًا أَن كُنتُمۡ قَوۡمًا مُّسۡرِفِينَ ٥Ana Re ka le amoha Molaetsa eaba Rea le leleka, hobane le batho ba tlolang meeli وَكَمۡ أَرۡسَلۡنَا مِن نَّبِيٍّ فِي ٱلۡأَوَّلِينَ ٦Ke ba ba kae baporofeta bao Re ileng Ra ba romella har’a batho ba khale-khale وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن نَّبِيٍّ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٧Moporofeta ofe, kapa ofe ea ileng a tla ho bona ba neba mo soma فَأَهۡلَكۡنَآ أَشَدَّ مِنۡهُم بَطۡشًا وَمَضَىٰ مَثَلُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٨Re ile Ra ripitla batho bao e neng e le likoankoetla ho feta bao ka matla; – mohlala oa batho ba khale-khale o se o fetile ka pele ho bona وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ لَيَقُولُنَّ خَلَقَهُنَّ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡعَلِيمُ ٩Haeba u ka ba botsa: “Ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e,” Ruri! ba tla u araba: “Re hlotsoe ke Eena, Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Tsebo;” ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مَهۡدًا وَجَعَلَ لَكُمۡ فِيهَا سُبُلًا لَّعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ ١٠Ea le etselitseng lefats’e ho ba sebaka sa lona sa phomolo, A le batalletsa lona, A le etsetsa litsela holim’a lona, hore le tle le fumane tataiso وَٱلَّذِي نَزَّلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءَۢ بِقَدَرٍ فَأَنشَرۡنَا بِهِۦ بَلۡدَةً مَّيۡتًاۚ كَذَٰلِكَ تُخۡرَجُونَ ١١Ea romellang pula lefats’eng ho tsoa marung ka tekanyo, eo Re phelisang lefats’e le omeletseng ka eona. Ka mokhoa o ts’oanang le oo le tla tsosoa ka oona وَٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَزۡوَٰجَ كُلَّهَا وَجَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلۡفُلۡكِ وَٱلۡأَنۡعَٰمِ مَا تَرۡكَبُونَ ١٢Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli (botona, le bots’ehali), A ba A le etsatsa likepe le likhomo tseo le li palamang لِتَسۡتَوُۥاْ عَلَىٰ ظُهُورِهِۦ ثُمَّ تَذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ رَبِّكُمۡ إِذَا ٱسۡتَوَيۡتُمۡ عَلَيۡهِ وَتَقُولُواْ سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي سَخَّرَ لَنَا هَٰذَا وَمَا كُنَّا لَهُۥ مُقۡرِنِينَ ١٣Hore le tle le palame le tsitsitse mekokotlong ea tsona, le hore le tle le hopole molemo oa Mong`a lona nakong eo le palameng holim’a tsona, le re: “Tlotla e be ho Ea re etselitseng tsena, le hoja rona re ne re se na matla a ho li etsa وَإِنَّآ إِلَىٰ رَبِّنَا لَمُنقَلِبُونَ ١٤“Ruri re tla boela ho Mong`a rona!” وَجَعَلُواْ لَهُۥ مِنۡ عِبَادِهِۦ جُزۡءًاۚ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَكَفُورٌ مُّبِينٌ ١٥Empa ba Mo kopanya le makhabunyane a Hae! Ruri Motho ke monyefoli ea se nang liteboho أَمِ ٱتَّخَذَ مِمَّا يَخۡلُقُ بَنَاتٍ وَأَصۡفَىٰكُم بِٱلۡبَنِينَ ١٦Eng! U ikhethetse barali har’a libopuoa tsohle tseo A li hlotseng, eaba lona U le khethela bara وَإِذَا بُشِّرَ أَحَدُهُم بِمَا ضَرَبَ لِلرَّحۡمَٰنِ مَثَلًا ظَلَّ وَجۡهُهُۥ مُسۡوَدًّا وَهُوَ كَظِيمٌ ١٧Ha litaba tsa tsoalo ea seo bona ba se bapisang le Allâh Mong`a hau lapeng la hae li mo fihlela, sefahleho sa hae se’a fifala, u apareloa ke mesarelo e meholo pelong ea hae أَوَمَن يُنَشَّؤُاْ فِي ٱلۡحِلۡيَةِ وَهُوَ فِي ٱلۡخِصَامِ غَيۡرُ مُبِينٍ ١٨Na ba ts’oants’a Allah le sebopuoa se holisoang se apesitsoe mekhabiso, se tla sitoa ho itlhakisa har’a likhang وَجَعَلُواْ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ ٱلَّذِينَ هُمۡ عِبَٰدُ ٱلرَّحۡمَٰنِ إِنَٰثًاۚ أَشَهِدُواْ خَلۡقَهُمۡۚ سَتُكۡتَبُ شَهَٰدَتُهُمۡ وَيُسۡـَٔلُونَ ١٩Ba etsa manyeloi ao e leng makhabunyane a Allah basali. Na ba bile le bopaki tlholehong ea oona? Ruri! Bopaki ba bona botla ngoloa, ba tla biletsoa lipotsong وَقَالُواْ لَوۡ شَآءَ ٱلرَّحۡمَٰنُ مَا عَبَدۡنَٰهُمۗ مَّا لَهُم بِذَٰلِكَ مِنۡ عِلۡمٍۖ إِنۡ هُمۡ إِلَّا يَخۡرُصُونَ ٢٠Ba re: “Hoja ebile thato ea Ea Tletseng Lereko, re ka be re sa khumamele melingoana!” Ha ho tsebo eo ba nang le eona mabapi le tseo tsohle! Ba mpa ba bua leshano أَمۡ ءَاتَيۡنَٰهُمۡ كِتَٰبًا مِّن قَبۡلِهِۦ فَهُم بِهِۦ مُسۡتَمۡسِكُونَ ٢١Eng! Re kile Ra ba neha Lengolo pele le e, hoo ba ntseng ba kakatletse ho lona بَلۡ قَالُوٓاْ إِنَّا وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا عَلَىٰٓ أُمَّةٍ وَإِنَّا عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِم مُّهۡتَدُونَ ٢٢Che, ba re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo e ngoe, le rona re tataisitsoe ke mehlala ea bona.” وَكَذَٰلِكَ مَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ فِي قَرۡيَةٍ مِّن نَّذِيرٍ إِلَّا قَالَ مُتۡرَفُوهَآ إِنَّا وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا عَلَىٰٓ أُمَّةٍ وَإِنَّا عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِم مُّقۡتَدُونَ ٢٣Ka mokhoa o ts’oanang, Re ‘nile Ra romella Mohlokomelisi pele ho uena sechabeng se seng le se seng; empa likhorane har’a bona li re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo, rona re setse morao mehlala ea bona.” ۞ قَٰلَ أَوَلَوۡ جِئۡتُكُم بِأَهۡدَىٰ مِمَّا وَجَدتُّمۡ عَلَيۡهِ ءَابَآءَكُمۡۖ قَالُوٓاْ إِنَّا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ كَٰفِرُونَ ٢٤A re: “Eng! Le hoja ke le tliselitse tataiso e molemo ho feta eo le fumaneng bo-ntat’a lona ba e latela?” Ba re: “Re hana seo o re tliselitseng sona.” فَٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُكَذِّبِينَ ٢٥Kahoo, Ra iphetetsa khahlanong le bona. Ak’u bone seo e bileng pheletso eaba latotseng `Nete وَإِذۡ قَالَ إِبۡرَٰهِيمُ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦٓ إِنَّنِي بَرَآءٌ مِّمَّا تَعۡبُدُونَ ٢٦Bonang! Abrahama a re ho ntata’e le batho ba habo:“Ruri! ‘na ha ke ikamahanye le tseo le li khumamelang إِلَّا ٱلَّذِي فَطَرَنِي فَإِنَّهُۥ سَيَهۡدِينِ ٢٧(Ke khumamela) Ea mpopileng A Inots’i, U tla ntataisa.” وَجَعَلَهَا كَلِمَةَۢ بَاقِيَةً فِي عَقِبِهِۦ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ ٢٨O ile a siea lentsoe leo e le seema-hale har’a litloholo tsa hae, hore ba tle ba sokolohele ho Allah بَلۡ مَتَّعۡتُ هَٰٓؤُلَآءِ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ وَرَسُولٌ مُّبِينٌ ٢٩Ke ile ka lokollela lintho tsohle tse thabisang tsa lefats’e lena ho bona le ho bo-ntat’a bona, ho fihlela ‘Nete e finyella ho bona le Moromuoa ho hlakisa lintho tsohle وَلَمَّا جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ قَالُواْ هَٰذَا سِحۡرٌ وَإِنَّا بِهِۦ كَٰفِرُونَ ٣٠Empa ha ‘nete e se e finyeletse ho bona, ba re: “Sena ke boloi, re’a se latola.” وَقَالُواْ لَوۡلَا نُزِّلَ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانُ عَلَىٰ رَجُلٍ مِّنَ ٱلۡقَرۡيَتَيۡنِ عَظِيمٍ ٣١Ba bile ba re: “Hobaneng ha Qura’n ena e sa senoleloa e mong oa baholo har’a metse Meholo e ‘meli?” أَهُمۡ يَقۡسِمُونَ رَحۡمَتَ رَبِّكَۚ نَحۡنُ قَسَمۡنَا بَيۡنَهُم مَّعِيشَتَهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۚ وَرَفَعۡنَا بَعۡضَهُمۡ فَوۡقَ بَعۡضٍ دَرَجَٰتٍ لِّيَتَّخِذَ بَعۡضُهُم بَعۡضًا سُخۡرِيًّاۗ وَرَحۡمَتُ رَبِّكَ خَيۡرٌ مِّمَّا يَجۡمَعُونَ ٣٢Ke bona ba abang Mohau oa Mong`a hau? Ke Rona ba ba abetseng bophelo ba lefats’e lena, ebile ke Rona ba faneng ka maemo a phahameng ho ba bang ba bona ho feta ba bang, hore ba tle ba sebeletse ba bang; Mohau oa Mong`a hau o molemo ho feta maruo ao ba a bokeletseng وَلَوۡلَآ أَن يَكُونَ ٱلنَّاسُ أُمَّةً وَٰحِدَةً لَّجَعَلۡنَا لِمَن يَكۡفُرُ بِٱلرَّحۡمَٰنِ لِبُيُوتِهِمۡ سُقُفًا مِّن فِضَّةٍ وَمَعَارِجَ عَلَيۡهَا يَظۡهَرُونَ ٣٣Hoja e se be hore batho e ne e tla ba sechaba se le seng se latelang tsela e mpe morao, Re ka be Re etselitse bohle ba nyefolang Allah, marulelo a silvera holima matlo a bona le mekato ea silvera eoba hloang ka eona وَلِبُيُوتِهِمۡ أَبۡوَٰبًا وَسُرُرًا عَلَيۡهَا يَتَّكِـُٔونَ ٣٤Le menyako ea silvera le literone tsa silvera tseo ba phomolang ho tsona وَزُخۡرُفًاۚ وَإِن كُلُّ ذَٰلِكَ لَمَّا مَتَٰعُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۚ وَٱلۡأٓخِرَةُ عِندَ رَبِّكَ لِلۡمُتَّقِينَ ٣٥Le eona mekhabiso ea gauta. Lintho tsena kaofela li ne li ke ke tsa thusa letho haese feela boithabiso ba bopheloba lefats’e lena. Bophelo Bo-tlang bo ho Mong`a lona, bona ene e tla ba ba balokileng, ba bile ba ts’aba Allah وَمَن يَعۡشُ عَن ذِكۡرِ ٱلرَّحۡمَٰنِ نُقَيِّضۡ لَهُۥ شَيۡطَٰنًا فَهُوَ لَهُۥ قَرِينٌ ٣٦Mang, kapa mang ea ka koenehang khopolong ea Allah Ea Lereko, Re mo abela satane hoba motsoalle oa hae وَإِنَّهُمۡ لَيَصُدُّونَهُمۡ عَنِ ٱلسَّبِيلِ وَيَحۡسَبُونَ أَنَّهُم مُّهۡتَدُونَ ٣٧Bo liabolosi ba ba khelosa Tseleng, empa ba nahana hore ba tataisoa ka nepo حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءَنَا قَالَ يَٰلَيۡتَ بَيۡنِي وَبَيۡنَكَ بُعۡدَ ٱلۡمَشۡرِقَيۡنِ فَبِئۡسَ ٱلۡقَرِينُ ٣٨Ho fihlela eo ea joalo a tla ho rona, eba o re ho motsoalle oa hae (ea mobe): “Hoja e be lipakeng tsa ka le uena ebile sebaka sa bohole ba bochabela le bophirimela – o motsoalle ea nyonyehang وَلَن يَنفَعَكُمُ ٱلۡيَوۡمَ إِذ ظَّلَمۡتُمۡ أَنَّكُمۡ فِي ٱلۡعَذَابِ مُشۡتَرِكُونَ ٣٩Ha le entse bobe, ha bo na ho le tsoela molemo oa letho, letsatsing leo; le tla ba metsoalle kahlolong أَفَأَنتَ تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ أَوۡ تَهۡدِي ٱلۡعُمۡيَ وَمَن كَانَ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٤٠Na u ka etsa hore setholo se utloe, kapa u ka tataisa sefofu le ho tataisa ea phosong e totobetseng فَإِمَّا نَذۡهَبَنَّ بِكَ فَإِنَّا مِنۡهُم مُّنتَقِمُونَ ٤١Le hoja e be Re ka u nka, Ruri! Re tla iphetetsa khahlanong le bona أَوۡ نُرِيَنَّكَ ٱلَّذِي وَعَدۡنَٰهُمۡ فَإِنَّا عَلَيۡهِم مُّقۡتَدِرُونَ ٤٢Kapa Re ka u bonts’a seo Re ba ts’episitseng sona; Re phethile taelo holim‘a bona فَٱسۡتَمۡسِكۡ بِٱلَّذِيٓ أُوحِيَ إِلَيۡكَۖ إِنَّكَ عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٤٣Kahoo, u kakatlele ka tieo ho seo u se Senoletsoeng: Ruri U Tseleng e topileng وَإِنَّهُۥ لَذِكۡرٌ لَّكَ وَلِقَوۡمِكَۖ وَسَوۡفَ تُسۡـَٔلُونَ ٤٤Ruri Qura’n ena ke Molaetsa, ho uena le ho batho ba heno; haufi le tla botsoa وَسۡـَٔلۡ مَنۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رُّسُلِنَآ أَجَعَلۡنَا مِن دُونِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ءَالِهَةً يُعۡبَدُونَ ٤٥Ak’u botse baromuoa ba Rona bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: “Na Re kile Ra hlomamisa melingoana ho khumameloa kathoko ho Ea Tletseng Lereko, Allah?” وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَآ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ فَقَالَ إِنِّي رَسُولُ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٤٦Re ile Ra romella Moshe ka Lits’enolo tsa Rona ho Faro le Matona a hae, A re: “Ke moromuoa oa Mong`a Mafats’e.” فَلَمَّا جَآءَهُم بِـَٔايَٰتِنَآ إِذَا هُم مِّنۡهَا يَضۡحَكُونَ ٤٧Empa hoba a finyelle ho bona ka Lits’upiso tsa Rona, ba ile ba mo nyelisa وَمَا نُرِيهِم مِّنۡ ءَايَةٍ إِلَّا هِيَ أَكۡبَرُ مِنۡ أُخۡتِهَاۖ وَأَخَذۡنَٰهُم بِٱلۡعَذَابِ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ ٤٨Re ile Ra ba bonts’a Sesupo ka seng, se ne se eba seholo ho feta sa mathomo, eaba Re ba nehella Kotlo, hore ba tleba sokolohe وَقَالُواْ يَٰٓأَيُّهَ ٱلسَّاحِرُ ٱدۡعُ لَنَا رَبَّكَ بِمَا عَهِدَ عِندَكَ إِنَّنَا لَمُهۡتَدُونَ ٤٩Eaba ba re: “Oho uena moloi! Bitsa ho Mong`a hau ho ea ka maqhama a teng lipakeng tsa hau le Eena. Hobane ruri re tla amohela tataiso.” فَلَمَّا كَشَفۡنَا عَنۡهُمُ ٱلۡعَذَابَ إِذَا هُمۡ يَنكُثُونَ ٥٠Empa eitse hoba re tlose kotlo holim’a bona, ba ile ba koenehela ts’episo ea bona وَنَادَىٰ فِرۡعَوۡنُ فِي قَوۡمِهِۦ قَالَ يَٰقَوۡمِ أَلَيۡسَ لِي مُلۡكُ مِصۡرَ وَهَٰذِهِ ٱلۡأَنۡهَٰرُ تَجۡرِي مِن تَحۡتِيٓۚ أَفَلَا تُبۡصِرُونَ ٥١Faro a phatlalatsa har’a sechaba sa hae, a re: “Oho sechaba sa ka! Na puso ea Egepeta ha se ea ka, le lipaki hore linoka li phallang ka tlasa Paleisi ea ka? Eng! ha le li bone أَمۡ أَنَا۠ خَيۡرٌ مِّنۡ هَٰذَا ٱلَّذِي هُوَ مَهِينٌ وَلَا يَكَادُ يُبِينُ ٥٢“Ha ke fete eo ea eisehang, ea sa qaqang puong ea hae فَلَوۡلَآ أُلۡقِيَ عَلَيۡهِ أَسۡوِرَةٌ مِّن ذَهَبٍ أَوۡ جَآءَ مَعَهُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ مُقۡتَرِنِينَ ٥٣“Joale hobaneng a sa sitsoa ka lipetja tsa khauta, kapa ho se na manyeloi a mo felehelitseng?” فَٱسۡتَخَفَّ قَوۡمَهُۥ فَأَطَاعُوهُۚ إِنَّهُمۡ كَانُواْ قَوۡمًا فَٰسِقِينَ ٥٤Ke kamoo a ileng a firifanya sechaba sa hae kateng, sa mo mamela. Rurik e mahana puso khahlanong le Allah فَلَمَّآ ءَاسَفُونَا ٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡ فَأَغۡرَقۡنَٰهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٥٥Khabareng ba ile ba Re halefise, Ra ba nehella kotlo, Ra ba khamisa ka metsi bohle فَجَعَلۡنَٰهُمۡ سَلَفًا وَمَثَلًا لِّلۡأٓخِرِينَ ٥٦Ra ba etsa mohlala lichabeng tse tla latela ۞ وَلَمَّا ضُرِبَ ٱبۡنُ مَرۡيَمَ مَثَلًا إِذَا قَوۡمُكَ مِنۡهُ يَصِدُّونَ ٥٧Ha Jesu mor’a Maria a khethoa ho ba mohlala, batho ba heno ba ile ba mo tlepa lit`seho وَقَالُوٓاْ ءَأَٰلِهَتُنَا خَيۡرٌ أَمۡ هُوَۚ مَا ضَرَبُوهُ لَكَ إِلَّا جَدَلَۢاۚ بَلۡ هُمۡ قَوۡمٌ خَصِمُونَ ٥٨Ba re: “Melingoana ea rona e molemo, kapa ke eena?” Sena ba se hlahisa kapel’a hau e le likhang: Che, empa e le batho ba tletseng khathatso إِنۡ هُوَ إِلَّا عَبۡدٌ أَنۡعَمۡنَا عَلَيۡهِ وَجَعَلۡنَٰهُ مَثَلًا لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٥٩E ne es letho haese lekhabunyane: Re ile Ra mo sitsa ka molemo oa Rona, Ra mo etsa mohlala ho Bana ba Israele وَلَوۡ نَشَآءُ لَجَعَلۡنَا مِنكُم مَّلَٰٓئِكَةً فِي ٱلۡأَرۡضِ يَخۡلُفُونَ ٦٠Hoja ebile Thato ea Rona, Re ne Re tla hlomamisa manyeloi har’a lona ho ba majalefa holim’a lefats’e وَإِنَّهُۥ لَعِلۡمٌ لِّلسَّاعَةِ فَلَا تَمۡتَرُنَّ بِهَا وَٱتَّبِعُونِۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ ٦١Jesu e tla ba Sesupo sa Hora, kahoo le se be le khoao ka Hora, empa ntateleng: ena ke eona Tsela e Topileng وَلَا يَصُدَّنَّكُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُۖ إِنَّهُۥ لَكُمۡ عَدُوٌّ مُّبِينٌ ٦٢Le se lumelle E Mobe ho le khelosa: hobane ke sera se pepenene ho lona وَلَمَّا جَآءَ عِيسَىٰ بِٱلۡبَيِّنَٰتِ قَالَ قَدۡ جِئۡتُكُم بِٱلۡحِكۡمَةِ وَلِأُبَيِّنَ لَكُم بَعۡضَ ٱلَّذِي تَخۡتَلِفُونَ فِيهِۖ فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ٦٣Ha Jesu a ne a tla ka Sesupo se hlakileng, a re: “Joale ke tlile ho lona ka Bohlale le ho tla totobatsa lintlha tseo le fapanang ka tsona. Kahoo ts’abang Allah, le ‘mamele إِنَّ ٱللَّهَ هُوَ رَبِّي وَرَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُوهُۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ ٦٤“Hobane Allah ke Mong`a ka, ke Mong`a lona. Kahoo, Mo khumameleng: ena ke eona tsela e topileng.” فَٱخۡتَلَفَ ٱلۡأَحۡزَابُ مِنۢ بَيۡنِهِمۡۖ فَوَيۡلٌ لِّلَّذِينَ ظَلَمُواْ مِنۡ عَذَابِ يَوۡمٍ أَلِيمٍ ٦٥Empa lequloana har’a bona le ile la ngangisana: sekhobo se be holim’a baetsalibe, mohla kahlolo ea Letsatsi le Mahlonoko هَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّا ٱلسَّاعَةَ أَن تَأۡتِيَهُم بَغۡتَةً وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ ٦٦Na ba emetse Hora feela –hore e tle e ba fihlele ka ts’ohanyetso, hoja ba sa lebella ٱلۡأَخِلَّآءُ يَوۡمَئِذِۭ بَعۡضُهُمۡ لِبَعۡضٍ عَدُوٌّ إِلَّا ٱلۡمُتَّقِينَ ٦٧Metsoalle e tla fetoha lira letsatsing leo, – ntle le ba lokileng يَٰعِبَادِ لَا خَوۡفٌ عَلَيۡكُمُ ٱلۡيَوۡمَ وَلَآ أَنتُمۡ تَحۡزَنُونَ ٦٨Oho Makhabunyane a Ka! Kajeno ts’abo ha e eo ho lona kapa mesarelo ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَكَانُواْ مُسۡلِمِينَ ٦٩Lona ba ileng ba kholoa lits’upisong tsa Rona, la inehela Islamong ٱدۡخُلُواْ ٱلۡجَنَّةَ أَنتُمۡ وَأَزۡوَٰجُكُمۡ تُحۡبَرُونَ ٧٠Kenang Serapeng le basali ba lona, le nyakalle يُطَافُ عَلَيۡهِم بِصِحَافٍ مِّن ذَهَبٍ وَأَكۡوَابٍۖ وَفِيهَا مَا تَشۡتَهِيهِ ٱلۡأَنفُسُ وَتَلَذُّ ٱلۡأَعۡيُنُۖ وَأَنتُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ ٧١Kamoo teng, ba tla feptjoa ka lijana le mepotjoana ea khauta, moo ho tla ba le tsohle tseo meea ea bona e li labalabelang le tseo mahlo a li thabelang: le tla phela kamoo ka hosafeleng وَتِلۡكَ ٱلۡجَنَّةُ ٱلَّتِيٓ أُورِثۡتُمُوهَا بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٧٢Seo e tla be e le Serapa seo le entsoeng majalefa a sona, lebaka la liketso tsa lona لَكُمۡ فِيهَا فَٰكِهَةٌ كَثِيرَةٌ مِّنۡهَا تَأۡكُلُونَ ٧٣Ka har’a sona le tla fumana litholoana ka mefuta, tseo le tlang ho li khotsofalla إِنَّ ٱلۡمُجۡرِمِينَ فِي عَذَابِ جَهَنَّمَ خَٰلِدُونَ ٧٤Haele baetsalibe bona, bat la ba Kahlolong ea Lihele ho phela teng kahosafeleng لَا يُفَتَّرُ عَنۡهُمۡ وَهُمۡ فِيهِ مُبۡلِسُونَ ٧٥Kahlolo ea bona e ke ke ea bebofatsoa, ba tla apareloa ke mahlomola وَمَا ظَلَمۡنَٰهُمۡ وَلَٰكِن كَانُواْ هُمُ ٱلظَّٰلِمِينَ ٧٦Ha Re ke ke Ra ba ba ja tsuo, empa ke bona ba itjeleng tsuo وَنَادَوۡاْ يَٰمَٰلِكُ لِيَقۡضِ عَلَيۡنَا رَبُّكَۖ قَالَ إِنَّكُم مَّٰكِثُونَ ٧٧Ba tla re: “Oho Malik Mong`a hau ha A ka mpa A re timetsa!” O tla re: “Che empa le lokela ho hlola mona.” لَقَدۡ جِئۡنَٰكُم بِٱلۡحَقِّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَكُمۡ لِلۡحَقِّ كَٰرِهُونَ ٧٨Ruri Re tlisitse ‘nete ho lona: empa bongata ba lona bo hloile ‘nete أَمۡ أَبۡرَمُوٓاْ أَمۡرًا فَإِنَّا مُبۡرِمُونَ ٧٩Eng! Ba lohile leano? Empa ke Rona ba phethatsang lintho أَمۡ يَحۡسَبُونَ أَنَّا لَا نَسۡمَعُ سِرَّهُمۡ وَنَجۡوَىٰهُمۚ بَلَىٰ وَرُسُلُنَا لَدَيۡهِمۡ يَكۡتُبُونَ ٨٠Kapa ba nahana hore ha Re utloe makunutu a bona le merero ea bona ea siphiri? Ruri le Barumuoa ba Rona ba teng haufi le bona ho ngola fats’e قُلۡ إِن كَانَ لِلرَّحۡمَٰنِ وَلَدٌ فَأَنَا۠ أَوَّلُ ٱلۡعَٰبِدِينَ ٨١E re: “Haeba Ea Lereko U ne A ena le mora, nka be ke le oa pele ho mo khumamela.” سُبۡحَٰنَ رَبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ رَبِّ ٱلۡعَرۡشِ عَمَّا يَصِفُونَ ٨٢Tlotla e be ho Mong`a maholimo le lefats’e, Mong`a Terone, U hole le tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona فَذَرۡهُمۡ يَخُوضُواْ وَيَلۡعَبُواْ حَتَّىٰ يُلَٰقُواْ يَوۡمَهُمُ ٱلَّذِي يُوعَدُونَ ٨٣Kahoo, ba lese ho inanatha le ho bapala ho fihlela Letsatsi la bona, leo ba le ts’episitsoeng وَهُوَ ٱلَّذِي فِي ٱلسَّمَآءِ إِلَٰهٌ وَفِي ٱلۡأَرۡضِ إِلَٰهٌۚ وَهُوَ ٱلۡحَكِيمُ ٱلۡعَلِيمُ ٨٤Ke Eena Eo e leng Allah Ea maholimong le Allah lefats’eng. Ke Eena Ea Tletseng Tsebo, Ea Seli وَتَبَارَكَ ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَعِندَهُۥ عِلۡمُ ٱلسَّاعَةِ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ٨٥U hlohonolofetse, Eena Eo puso ea maholimo le lefats’e e leng tsa hae, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, Eena ea tsebang Hora; Bohle le tla boela ho Eena وَلَا يَمۡلِكُ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِهِ ٱلشَّفَٰعَةَ إِلَّا مَن شَهِدَ بِٱلۡحَقِّ وَهُمۡ يَعۡلَمُونَ ٨٦Bao ba bitsang ho bona kantle ho Allah, ha ba na matla a ho buela, – ke feela ea fanang ba ‘nete, ba mo tseba وَلَئِن سَأَلۡتَهُم مَّنۡ خَلَقَهُمۡ لَيَقُولُنَّ ٱللَّهُۖ فَأَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ ٨٧Haeba u kaba botsa, Ke mang Ea ba hlotseng, ba tla re: “Ke Allah.” Joale ho tla joang hore ba hlahlathella hole le ‘nete وَقِيلِهِۦ يَٰرَبِّ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ قَوۡمٌ لَّا يُؤۡمِنُونَ ٨٨(Allah U na le Tsebo)Ea sello sa Moprofeta: “Oho Mong`aka bana ke batho ba ke keng ba kholoa!” فَٱصۡفَحۡ عَنۡهُمۡ وَقُلۡ سَلَٰمٌۚ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ ٨٩Empa ba furalle, u re: “Khotso.” Hobane haufinyane ba tla tseba

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.