بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
الٓرۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡحَكِيمِ ١Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Lengolo le halalelang le phuthetseng bohlale أَكَانَ لِلنَّاسِ عَجَبًا أَنۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ رَجُلٍ مِّنۡهُمۡ أَنۡ أَنذِرِ ٱلنَّاسَ وَبَشِّرِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَنَّ لَهُمۡ قَدَمَ صِدۡقٍ عِندَ رَبِّهِمۡۗ قَالَ ٱلۡكَٰفِرُونَ إِنَّ هَٰذَا لَسَٰحِرٌ مُّبِينٌ ٢Na ke taba e mohlolo ho batho haele mona re ile ra susumetsa monna har’a bona, ka hore: “Hlokomelisa batho le hona ho nehelana ka litaba tse molemo ho ba kholoang tsa hore ba be le nete ho Mong`a bona?” Mahana-tumelo a re: “Ruri enoa ke moloi ea pepenene” إِنَّ رَبَّكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۖ مَا مِن شَفِيعٍ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ إِذۡنِهِۦۚ ذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمۡ فَٱعۡبُدُوهُۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ ٣Ruri! Mong`a lona ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng, o tsitsitse Teroneng moo a laolang lintho tsohle. Ha ho ‘muelli ea ka bang teng lipakeng tsa Hae le batho haese kamor’a tumello ea Hae. Eo ke Eena Allah, Mong`a lona, kahoo Mo sebeletseng. Na le sa tla ke le nahane إِلَيۡهِ مَرۡجِعُكُمۡ جَمِيعًاۖ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقًّاۚ إِنَّهُۥ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ لِيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ بِٱلۡقِسۡطِۚ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَهُمۡ شَرَابٌ مِّنۡ حَمِيمٍ وَعَذَابٌ أَلِيمُۢ بِمَا كَانُواْ يَكۡفُرُونَ ٤Bohle le tla boela ho Eena; ena ke ts’episo ea Allah. Ke Eena ea simolotseng tlholeho, eaba o se A e pheta-pheta, hore A tle A putse bohle ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng ka tekanyo; empa ba sa kholoeng, ba tla khaqisoa metsi a belang ekasitana le eona timelo e mahlonoko ke ea bona hobane ba latotse tumelo هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ ٱلشَّمۡسَ ضِيَآءً وَٱلۡقَمَرَ نُورًا وَقَدَّرَهُۥ مَنَازِلَ لِتَعۡلَمُواْ عَدَدَ ٱلسِّنِينَ وَٱلۡحِسَابَۚ مَا خَلَقَ ٱللَّهُ ذَٰلِكَ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۚ يُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمٍ يَعۡلَمُونَ ٥Ruri! Ke Eena Ea hlotseng letsatsi le phatsimang le eona ngoeli e khanyang, eaba U e behela liteka-tekano tse fapaneng, hore le tle le tsebe ho bala lilemo le hona ho etsa lipalo. Allah U hlotse tsena tsohle ka ‘nete. Ke kamoo A hlalosang lits’enolo kateng ho ba utloisisang إِنَّ فِي ٱخۡتِلَٰفِ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَمَا خَلَقَ ٱللَّهُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَتَّقُونَ ٦Ruri! Phapanyetsano ea bosiu le mots’eare le lintho tsohle tseo Allah a li hlotseng maholimong le lefats’eng ke lits’upiso Ruri, sebakeng sa ba Mo ts`abang إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا وَرَضُواْ بِٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَٱطۡمَأَنُّواْ بِهَا وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَنۡ ءَايَٰتِنَا غَٰفِلُونَ ٧Ba sa lebellang kopano le rona, ba mpa ba laba-labela bophelo ba lefats’e lena le hona ho ikutloa ba hlokomelehile ho lona, le bohle ba sa tsotelleng lits’enolo tsa Rona أُوْلَٰٓئِكَ مَأۡوَىٰهُمُ ٱلنَّارُ بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ٨Lehae la bona e tla ba mollo ho latela lintho tseo ba li kotutseng إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ يَهۡدِيهِمۡ رَبُّهُم بِإِيمَٰنِهِمۡۖ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهِمُ ٱلۡأَنۡهَٰرُ فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ ٩Ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri Mong`a bona U ba tataisa ho latela tumelo ea bona. Linoka li tla phalla mabapi le bona kahar’a lirapa tsa nyakallo دَعۡوَىٰهُمۡ فِيهَا سُبۡحَٰنَكَ ٱللَّهُمَّ وَتَحِيَّتُهُمۡ فِيهَا سَلَٰمٌۚ وَءَاخِرُ دَعۡوَىٰهُمۡ أَنِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٠Sello sa bona moo teng e tlaba: “Tlotla e be ho Uena, Oho Allah!” Tumeliso ea bona e tlaba: “Khotso”. Mathetho a lithapelo tsa bona e tlaba: “Lithoriso li be ho Allah, Mong`a Mafats’e!” ۞ وَلَوۡ يُعَجِّلُ ٱللَّهُ لِلنَّاسِ ٱلشَّرَّ ٱسۡتِعۡجَالَهُم بِٱلۡخَيۡرِ لَقُضِيَ إِلَيۡهِمۡ أَجَلُهُمۡۖ فَنَذَرُ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا فِي طُغۡيَٰنِهِمۡ يَعۡمَهُونَ ١١Hoja Allah a ne a ka potlakisa bobe boo batho ba bo kotutseng joaloka ha ba ne ba ka potlakela melemo, eka be eba kahlolo ea bona e se e fetile. Re mpa re lesa basa elelloeng kopano ea rona le bona ho tlankella lefifing ho latela manganga a bona وَإِذَا مَسَّ ٱلۡإِنسَٰنَ ٱلضُّرُّ دَعَانَا لِجَنۢبِهِۦٓ أَوۡ قَاعِدًا أَوۡ قَآئِمًا فَلَمَّا كَشَفۡنَا عَنۡهُ ضُرَّهُۥ مَرَّ كَأَن لَّمۡ يَدۡعُنَآ إِلَىٰ ضُرٍّ مَّسَّهُۥۚ كَذَٰلِكَ زُيِّنَ لِلۡمُسۡرِفِينَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ١٢Empa ha tubeho e ka ama motho o memetsa ho rona, empa a paqame ka lehlakore, kapa a lutse, kapa a eme, nakong eo re mo pholosang tubehong eo; o ikela moo a ratang teng joaloka ha eka ha a e s’o re llele mathateng a kileng a mo ama. Ke kamoo liketso tsa ba bohlasoa li bonahalang li khahlisa mahlong a bona وَلَقَدۡ أَهۡلَكۡنَا ٱلۡقُرُونَ مِن قَبۡلِكُمۡ لَمَّا ظَلَمُواْ وَجَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَمَا كَانُواْ لِيُؤۡمِنُواْۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ ١٣Meloko pele ho lona e ile ea ripitloa nakong eo ba neng ba entse liphoso; Baromuoa ba tsoang ho Allah ba ‘nile ba tla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea hae, empa ha ba eaka ba kholoa. Ke kamoo Re putsang batho ba etsang liphoso ثُمَّ جَعَلۡنَٰكُمۡ خَلَٰٓئِفَ فِي ٱلۡأَرۡضِ مِنۢ بَعۡدِهِمۡ لِنَنظُرَ كَيۡفَ تَعۡمَلُونَ ١٤Eaba le etsa majalefa lefats’eng kamor’a bona, hore re tle re bone kamoo le tla its’oara kateng وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَاتُنَا بَيِّنَٰتٍ قَالَ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا ٱئۡتِ بِقُرۡءَانٍ غَيۡرِ هَٰذَآ أَوۡ بَدِّلۡهُۚ قُلۡ مَا يَكُونُ لِيٓ أَنۡ أُبَدِّلَهُۥ مِن تِلۡقَآيِٕ نَفۡسِيٓۖ إِنۡ أَتَّبِعُ إِلَّا مَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّۖ إِنِّيٓ أَخَافُ إِنۡ عَصَيۡتُ رَبِّي عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ ١٥Empa nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa rona tse hlakileng, ba sa tsotelleng kopano le Rona ba re: “Re tlisetse thuto e ‘ngoe e fapaneng le ena, kapa le e fetole”. E re: “Ruri ha ke’a lokela ho fetola قُل لَّوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا تَلَوۡتُهُۥ عَلَيۡكُمۡ وَلَآ أَدۡرَىٰكُم بِهِۦۖ فَقَدۡ لَبِثۡتُ فِيكُمۡ عُمُرًا مِّن قَبۡلِهِۦٓۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ ١٦E re: “Hoja ebile thato ea Allah, nka be ke sa ka ka le phetela lona فَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا أَوۡ كَذَّبَ بِـَٔايَٰتِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ ١٧Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano ka Allah a bile a nyefola lits’enolo tsa Hae? Bonang! Haele baetsang liphoso ba ke ke ba atleha وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُمۡ وَلَا يَنفَعُهُمۡ وَيَقُولُونَ هَٰٓؤُلَآءِ شُفَعَٰٓؤُنَا عِندَ ٱللَّهِۚ قُلۡ أَتُنَبِّـُٔونَ ٱللَّهَ بِمَا لَا يَعۡلَمُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَلَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ١٨Ba sebeletsa melingoana kathoko ho Allah e ke keng ea ba hlahisa kotsi le haele ho ba thusa ka letho, ba bile ba re: “Bana ke bona babuelli ba rona ho Allah”. E re: “Na e be ho teng ntho eo le ka e tsebisang Allah eo e leng hore ha a e tsebe maholimong kapa lefats’eng? Lithoriso li be ho Eena hobane ke Eena ea phahametseng lintho tsohle ka ho fetisisa tseo le mo kopanyang le tsona وَمَا كَانَ ٱلنَّاسُ إِلَّآ أُمَّةً وَٰحِدَةً فَٱخۡتَلَفُواْۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡ فِيمَا فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ١٩Batho bohle lefats’eng ekile ea eba sechaba se le seng; liphapang li bile teng hamorao; ebang e ne e se ka lebaka la lentsoe le ileng la behoa nale ka pele-pele ke Mong`a bona, le ka be le hlile la ahlola lipakeng tsa bona ho latela moo ebang ba fapana وَيَقُولُونَ لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡهِ ءَايَةٌ مِّن رَّبِّهِۦۖ فَقُلۡ إِنَّمَا ٱلۡغَيۡبُ لِلَّهِ فَٱنتَظِرُوٓاْ إِنِّي مَعَكُم مِّنَ ٱلۡمُنتَظِرِينَ ٢٠Ba tla re: “Hoja ho mpile ha romeloa sesupo ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Masabonoeng ke tsa Allah feela. Kahoo letang! Ruri, le ‘na ke tla leta le lona وَإِذَآ أَذَقۡنَا ٱلنَّاسَ رَحۡمَةً مِّنۢ بَعۡدِ ضَرَّآءَ مَسَّتۡهُمۡ إِذَا لَهُم مَّكۡرٌ فِيٓ ءَايَاتِنَاۚ قُلِ ٱللَّهُ أَسۡرَعُ مَكۡرًاۚ إِنَّ رُسُلَنَا يَكۡتُبُونَ مَا تَمۡكُرُونَ ٢١Hoba re etse hore batho ba latsoe mohau kamor’a litubeho tse seng kae tse ileng tsa ba ama, bonang! Ke moo ba simolla ho rera sephiring khahlanong le lits’enolo tsa rona. U re: “Ruri ea potlakang ka ho fetisisa ka merero ke Allah”. Ruri! Baromuoa ba Rona ba ngola fats’e merero eo le e rerang هُوَ ٱلَّذِي يُسَيِّرُكُمۡ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِۖ حَتَّىٰٓ إِذَا كُنتُمۡ فِي ٱلۡفُلۡكِ وَجَرَيۡنَ بِهِم بِرِيحٍ طَيِّبَةٍ وَفَرِحُواْ بِهَا جَآءَتۡهَا رِيحٌ عَاصِفٌ وَجَآءَهُمُ ٱلۡمَوۡجُ مِن كُلِّ مَكَانٍ وَظَنُّوٓاْ أَنَّهُمۡ أُحِيطَ بِهِمۡ دَعَوُاْ ٱللَّهَ مُخۡلِصِينَ لَهُ ٱلدِّينَ لَئِنۡ أَنجَيۡتَنَا مِنۡ هَٰذِهِۦ لَنَكُونَنَّ مِنَ ٱلشَّٰكِرِينَ ٢٢Ebile ke eena ea le nolofaletsang ho tsamaea lefats’eng le leoatleng, ho fihlela le palame likepe, e be li sesa ka lona li sututsoa ke liphefo, e be le thabile kahar’a tsona, e re ha sefefo se le tsometsa le maqhubu a le aparela ka mahohle, le se le bile le nahana hore le tla qoela bolibeng moo; le simolla ho memetsa ho Allah, moo le lekang ho hloekisa tumelo ea lona malebana le eena feela, ka hore: “Haeba U ka re pholosa kotsing ena, Ruri re tla ba har’a ba fanang ka liteboho” فَلَمَّآ أَنجَىٰهُمۡ إِذَا هُمۡ يَبۡغُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّۗ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّمَا بَغۡيُكُمۡ عَلَىٰٓ أَنفُسِكُمۖ مَّتَٰعَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ ثُمَّ إِلَيۡنَا مَرۡجِعُكُمۡ فَنُنَبِّئُكُم بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٢٣Empa hoba A ba pholose, ba tlola melao lefats’eng ka boikhants’o bohle. Oho batho! Borabele ba lona bo mpa feela bo le khahlanong le lona. Le natefetsoe ke bophelo ba lefats’e lena; empa le tla boela ho rona, re tla le tsebisa lintho tseo le neng le li etsa إِنَّمَا مَثَلُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا كَمَآءٍ أَنزَلۡنَٰهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَٱخۡتَلَطَ بِهِۦ نَبَاتُ ٱلۡأَرۡضِ مِمَّا يَأۡكُلُ ٱلنَّاسُ وَٱلۡأَنۡعَٰمُ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَخَذَتِ ٱلۡأَرۡضُ زُخۡرُفَهَا وَٱزَّيَّنَتۡ وَظَنَّ أَهۡلُهَآ أَنَّهُمۡ قَٰدِرُونَ عَلَيۡهَآ أَتَىٰهَآ أَمۡرُنَا لَيۡلًا أَوۡ نَهَارًا فَجَعَلۡنَٰهَا حَصِيدًا كَأَن لَّمۡ تَغۡنَ بِٱلۡأَمۡسِۚ كَذَٰلِكَ نُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ ٢٤Papiso ea bophelo ba lefats’e lena e ka ts’oants’oa feela le pula eo Re e nesang ho tsoa marung, joale e be lefats’e le hlahisa limela tseo eleng lijo ho batho le liphoofolo ho latela mefuta ea tsona, ho fihlela nakong eo lefats’e le aparetsoeng ke mekhabiso ea mefuta-futa, e be ke moo batho ba lona lefats’e ba eng ba nahane hore ke balaoli ba lona, joale ha taelo ea Rona e fihla bosiu kapa mots’eare, ebe moo re e etsang hore eke ke lijo-thollo tse seng li kotutsoe joaloka ha eka e ne e sa tlokome maobane. Ke kamoo Re hlalosang lits’enolo kateng ho batho ba nahanang وَٱللَّهُ يَدۡعُوٓاْ إِلَىٰ دَارِ ٱلسَّلَٰمِ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٢٥Allah U ntse a biletsa bohle lehaeng la khotso, e bile o tataisetsa bao a ikhethetseng bona tseleng e otlolohileng ۞ لِّلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ ٱلۡحُسۡنَىٰ وَزِيَادَةٌۖ وَلَا يَرۡهَقُ وُجُوهَهُمۡ قَتَرٌ وَلَا ذِلَّةٌۚ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ ٢٦Bohle ba etsang botle, moputso oa bona ke o molemo le e meng e mengata hona moo. Ha ho kamoo lerole kapa masoabi a tlang ho aparela lifahleho tsa bona. Bao ke bona majalefa ka kotloloho a Serapa; ba tla phela moo kahosafeleng وَٱلَّذِينَ كَسَبُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ جَزَآءُ سَيِّئَةِۭ بِمِثۡلِهَا وَتَرۡهَقُهُمۡ ذِلَّةٌۖ مَّا لَهُم مِّنَ ٱللَّهِ مِنۡ عَاصِمٍۖ كَأَنَّمَآ أُغۡشِيَتۡ وُجُوهُهُمۡ قِطَعًا مِّنَ ٱلَّيۡلِ مُظۡلِمًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلنَّارِۖ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ ٢٧Haele ba etsang liketso tse fosahetseng, sebakeng sa bona ba tla amohela moputso oa bobe ka mokhoa o ts’oanang; batla apareloa ke masoabi, – ha ba na mots’ireletsi mabapi le Allah. Ho tla ts’oana le haeka lifahleho tsa bona li kile tsa bitieloa ka boka bo tsoang lefifing la bo-nka-ntjana la bosiu. Ruri bana ka kotloloho ke majalefa a mollo (liheleng); batla phela kamoo kahosafeleng وَيَوۡمَ نَحۡشُرُهُمۡ جَمِيعًا ثُمَّ نَقُولُ لِلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ مَكَانَكُمۡ أَنتُمۡ وَشُرَكَآؤُكُمۡۚ فَزَيَّلۡنَا بَيۡنَهُمۡۖ وَقَالَ شُرَكَآؤُهُم مَّا كُنتُمۡ إِيَّانَا تَعۡبُدُونَ ٢٨Ka letsatsi le leng Re tla ba bokella hammoho kaofela, joale e be re re ho ba neng ba re kopanya le batlatsetsi: “Emellang morao, lona le batlatsetsi ba lona bao le neng le ba maneha Allah!” Ke moo Re tla ba arohanya le beng ka bona, baikaketsi ba bona ba melingoana ba tla re: “Le ne le sa khumamele rona فَكَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدَۢا بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكُمۡ إِن كُنَّا عَنۡ عِبَادَتِكُمۡ لَغَٰفِلِينَ ٢٩Allah U lekane ka bopaki lipakeng tsa rona le lona, rona ha re’a ka ra elelloa ka ho re khumamela hoa lona” هُنَالِكَ تَبۡلُواْ كُلُّ نَفۡسٍ مَّآ أَسۡلَفَتۡۚ وَرُدُّوٓاْ إِلَى ٱللَّهِ مَوۡلَىٰهُمُ ٱلۡحَقِّۖ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ ٣٠Ke moo moea ka mong o tla paka tseo o li entseng esale pele, ba tla be ba khutletse ho Allah Mong`a bona ka kotloloho; boqapi ba bona bo tla be bo ba siile shalabeng قُلۡ مَن يَرۡزُقُكُم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِ أَمَّن يَمۡلِكُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَمَن يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَمَن يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَۚ فَسَيَقُولُونَ ٱللَّهُۚ فَقُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ ٣١E re: “Ke mang ea le bolokileng ka bophelo ho tsoa marung ekasitana le lefats’eng, kapa eo eleng eena Mong`a kutlo le pono; le ea khutlisetsang tse phelang ho tse shoeleng le ho khutlisesta tse shoeleng ho tse phelang; ea bileng a laolang mabaka ohle?” Ba tla re: “Ke Allah.” E re: “joale hobaneng le sa boloke ts’ebeletso ea lona malebana le eena فَذَٰلِكُمُ ٱللَّهُ رَبُّكُمُ ٱلۡحَقُّۖ فَمَاذَا بَعۡدَ ٱلۡحَقِّ إِلَّا ٱلضَّلَٰلُۖ فَأَنَّىٰ تُصۡرَفُونَ ٣٢Ruri eo ke Allah, Mong`a lona ka kotloloho. Joale kamor’a ‘nete ke eng hape haese leshano? Ke hobaneng ha le sa sokolohe!” كَذَٰلِكَ حَقَّتۡ كَلِمَتُ رَبِّكَ عَلَى ٱلَّذِينَ فَسَقُوٓاْ أَنَّهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ ٣٣Ruri ke kahoo lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le ba etsang liphoso: ba ke ke ba kholoa قُلۡ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥۚ قُلِ ٱللَّهُ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥۖ فَأَنَّىٰ تُؤۡفَكُونَ ٣٤U re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka hlahisang tlholeho a ba e phete hape?” U re: “ke Allah ea qapang tlholeho, A boele A e phete hape. Joale ke hobaneng le khelosoang!” قُلۡ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلۡحَقِّۚ قُلِ ٱللَّهُ يَهۡدِي لِلۡحَقِّۗ أَفَمَن يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلۡحَقِّ أَحَقُّ أَن يُتَّبَعَ أَمَّن لَّا يَهِدِّيٓ إِلَّآ أَن يُهۡدَىٰۖ فَمَا لَكُمۡ كَيۡفَ تَحۡكُمُونَ ٣٥E re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka tataisetsang batho ‘neteng? E re: “Ke Allah feela ea tataisetsang ‘neteng. Na ha ho bohlokoa ho sala morao ea tataisetsang ‘neteng, kapa ho bohlokoa ho latela eo ea sa fumaneng tsela kantle le hore eena ka bo-eena a be a tataisoe. Molato ke eng ka lona? Athe le ahlola litaba joang وَمَا يَتَّبِعُ أَكۡثَرُهُمۡ إِلَّا ظَنًّاۚ إِنَّ ٱلظَّنَّ لَا يُغۡنِي مِنَ ٱلۡحَقِّ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِمَا يَفۡعَلُونَ ٣٦Bongata ba bona ha ho seo ba se latelang haese likhakanyo feela. Ruri likhakanyo ha ho kamoo li ka nkang sebaka sa ‘nete kateng. Ruri! Allah U hlokolosi ka lintho tsohle tseo ba li etsang وَمَا كَانَ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانُ أَن يُفۡتَرَىٰ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلَٰكِن تَصۡدِيقَ ٱلَّذِي بَيۡنَ يَدَيۡهِ وَتَفۡصِيلَ ٱلۡكِتَٰبِ لَا رَيۡبَ فِيهِ مِن رَّبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٣٧Koran ena ha se e ka qaptjoang ke e mong haese Allah; ke ts’enolo e tiisang tse etsahetseng pele ho eona, e bile e le tlhaloso ea se senoletsoeng batho, – eo ka ho eona ho seng khoao, – e bileng etsoang ho Mong`a mafats’e أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۖ قُلۡ فَأۡتُواْ بِسُورَةٍ مِّثۡلِهِۦ وَٱدۡعُواْ مَنِ ٱسۡتَطَعۡتُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٣٨Kapa ba re: “U iqapetse eona?” E re: “Hlahisang khaolo e ts’oanang le ea eona, le be le bitse bathusi bohle bao le ka ikhethelang bona ntle ho Allah haeba le bua ‘nete” بَلۡ كَذَّبُواْ بِمَا لَمۡ يُحِيطُواْ بِعِلۡمِهِۦ وَلَمَّا يَأۡتِهِمۡ تَأۡوِيلُهُۥۚ كَذَٰلِكَ كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلظَّٰلِمِينَ ٣٩Che, ba mpile ba qosa ka mashano, seo tsebo ea teng ba ke keng bae kopa; etsoe le pele tlhalosetso ea lintho e es’o finyelle ho bona. Leha ho le joalo, le ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba qapa mashano. Empa bonang pheletso ea baetsa-libe e bileng sona وَمِنۡهُم مَّن يُؤۡمِنُ بِهِۦ وَمِنۡهُم مَّن لَّا يُؤۡمِنُ بِهِۦۚ وَرَبُّكَ أَعۡلَمُ بِٱلۡمُفۡسِدِينَ ٤٠Har’a bona ho teng ba kholoang ho lona, ho boetse hona le ba bang ba sa kholoeng ho lona, kahoo Mong`a lona o hlokolosi haholo ka ba etsang litlolo tsa molao وَإِن كَذَّبُوكَ فَقُل لِّي عَمَلِي وَلَكُمۡ عَمَلُكُمۡۖ أَنتُم بَرِيٓـُٔونَ مِمَّآ أَعۡمَلُ وَأَنَا۠ بَرِيٓءٌ مِّمَّا تَعۡمَلُونَ ٤١Ha ba u qosa ka bohata, u re: “mosebetsi oa ka ke oa ka; le lona mosebetsi oa lona ke oa lona. Le hloke boikarabello ho seo ke se etsang, le ‘na ke tla hloka boikarabello ho seo le se etsang” وَمِنۡهُم مَّن يَسۡتَمِعُونَ إِلَيۡكَۚ أَفَأَنتَ تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ وَلَوۡ كَانُواْ لَا يَعۡقِلُونَ ٤٢Har’a bona ho teng lequloana le u mamelang. Empa ha o ka etsa hore litholo li utloe le ha li se na kutloisiso وَمِنۡهُم مَّن يَنظُرُ إِلَيۡكَۚ أَفَأَنتَ تَهۡدِي ٱلۡعُمۡيَ وَلَوۡ كَانُواْ لَا يُبۡصِرُونَ ٤٣Ebile ho teng e mong har’a bona ea u talimileng. Empa na o ka tataisa lifofu le ha ho se letho leo li le bonang إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَظۡلِمُ ٱلنَّاسَ شَيۡـًٔا وَلَٰكِنَّ ٱلنَّاسَ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ ٤٤Ruri! Allah a ke ke a fosetsa batho ka soele; empa ke bathobatla fosetsa meea ea bona ka bo-bona وَيَوۡمَ يَحۡشُرُهُمۡ كَأَن لَّمۡ يَلۡبَثُوٓاْ إِلَّا سَاعَةً مِّنَ ٱلنَّهَارِ يَتَعَارَفُونَ بَيۡنَهُمۡۚ قَدۡ خَسِرَ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِلِقَآءِ ٱللَّهِ وَمَا كَانُواْ مُهۡتَدِينَ ٤٥Ka letsatsi le leng o tla ba bokella hammoho, e tla ka hoja ba phetse hora e le ‘ngoe feela ka letsatsi, ke moo ba tla tsebana, Ruri haele banyefotseng kopano le Allah ba bile basa ka ba tataisoa ba tla timela وَإِمَّا نُرِيَنَّكَ بَعۡضَ ٱلَّذِي نَعِدُهُمۡ أَوۡ نَتَوَفَّيَنَّكَ فَإِلَيۡنَا مَرۡجِعُهُمۡ ثُمَّ ٱللَّهُ شَهِيدٌ عَلَىٰ مَا يَفۡعَلُونَ ٤٦Le hoja Re ne Re ka u bonts’a karoloana ea seo Re ba ts’episang sona, kapa Ra nka moea oa hau, Poelo ea bona e ho rona, pheletsong Allah ke paki holim’a tsohle tseo ba li etsang وَلِكُلِّ أُمَّةٍ رَّسُولٌۖ فَإِذَا جَآءَ رَسُولُهُمۡ قُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡقِسۡطِ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ٤٧Ho merabe eohle ho bile teng Moromuoa. Nakong eo Moromuoa ka mong a tlang ho hlahela ho morabe oa habo, taba ea bona e tla ahloloa lipakeng tsa bona kantle le lits’ekamelo, ba ke ke ba qhekelloa وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٤٨Ba bile ba re: “Ts’episo ena e tla phethisoa neneng, haeba u bua ‘nete?” قُل لَّآ أَمۡلِكُ لِنَفۡسِي ضَرًّا وَلَا نَفۡعًا إِلَّا مَا شَآءَ ٱللَّهُۗ لِكُلِّ أُمَّةٍ أَجَلٌۚ إِذَا جَآءَ أَجَلُهُمۡ فَلَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ سَاعَةً وَلَا يَسۡتَقۡدِمُونَ ٤٩E re: “Ha ke na matla holima kotsi, kapa ona molemo haese kamoo Allah a ratileng kateng. Morabe o mong le o mong o behetsoe nako. Ha nako ea bona e se e atametse, ba ke ke ba e liehisa le haele ka hora feela, kapa hona ho e potlakisa” قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِنۡ أَتَىٰكُمۡ عَذَابُهُۥ بَيَٰتًا أَوۡ نَهَارًا مَّاذَا يَسۡتَعۡجِلُ مِنۡهُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٥٠E re: “Na le’a nahana: hore haeba kotlo ea Allah e ka le fihlela ka ts’ohanyetso ekaba bosiu kapa mots’eare ho phathahanoe; ke karolo efeng ea eona eo baetsalibe ba ka lakatsang ho e potlakisa أَثُمَّ إِذَا مَا وَقَعَ ءَامَنتُم بِهِۦٓۚ ءَآلۡـَٰٔنَ وَقَدۡ كُنتُم بِهِۦ تَسۡتَعۡجِلُونَ ٥١Ebe ke feela le tlang ho lumela ho eona ha e se e le oetse holimo? Eng! Kholoang esale joale, ke neng esale le e potlakisitse ho fihlela joale ثُمَّ قِيلَ لِلَّذِينَ ظَلَمُواْ ذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡخُلۡدِ هَلۡ تُجۡزَوۡنَ إِلَّا بِمَا كُنتُمۡ تَكۡسِبُونَ ٥٢Joale ke moo ho tla thoe ho bao esaleng ba tlola melao: “Latsoang ke hona timelo e sa feleng”. Na le putsitsoe ka se seng se kathoko ho seo le se sebelelitseng ۞ وَيَسۡتَنۢبِـُٔونَكَ أَحَقٌّ هُوَۖ قُلۡ إِي وَرَبِّيٓ إِنَّهُۥ لَحَقٌّۖ وَمَآ أَنتُم بِمُعۡجِزِينَ ٥٣Ba kopa tlhalosetso ho uena ea hore: “Na ke ‘nete?” E re: “Aha, Ruri ka Mong`a ka ke ‘nete, le ke ke la phonyoha وَلَوۡ أَنَّ لِكُلِّ نَفۡسٍ ظَلَمَتۡ مَا فِي ٱلۡأَرۡضِ لَٱفۡتَدَتۡ بِهِۦۗ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّدَامَةَ لَمَّا رَأَوُاْ ٱلۡعَذَابَۖ وَقُضِيَ بَيۡنَهُم بِٱلۡقِسۡطِ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ٥٤Haeba moea ka mong oo ebang o entse phoso o bile le lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, o ne o tla batla ho itokolla ka tefo ea tsona; batla ikutloela bohloko lipelong tsa bona nakong eo ba bonang kahlolo. Empa ho ahlotsoe ka nepo kantle ho lits’ekamelo lipakeng tsa bona” أَلَآ إِنَّ لِلَّهِ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ أَلَآ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ٥٥Bonang! Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri ts’episo ea Allah ke’a ‘nete. Le hoja bongata ba bona bo hloka tsebo هُوَ يُحۡيِۦ وَيُمِيتُ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ٥٦Ke Eena ea fanang ka bophelo le lefu, bohlele tla boela ho Eena يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَتۡكُم مَّوۡعِظَةٌ مِّن رَّبِّكُمۡ وَشِفَآءٌ لِّمَا فِي ٱلصُّدُورِ وَهُدًى وَرَحۡمَةٌ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ ٥٧Oho batho! Ho tlile ho lona keletso ea bohlokoa e tsoang ho Mong`a lona, pheko ea maloetsi a kahar’a lifuba tsa lona, Tataiso le Mohau ho ba kholoang قُلۡ بِفَضۡلِ ٱللَّهِ وَبِرَحۡمَتِهِۦ فَبِذَٰلِكَ فَلۡيَفۡرَحُواْ هُوَ خَيۡرٌ مِّمَّا يَجۡمَعُونَ ٥٨E re: “Kahar’a nala ea Allah le Mohau oa Hae: Ba lumelleng ba nyakalle kahar’a eona. Seo se molemo ho feta matlotlo ao ba a bokelletseng” قُلۡ أَرَءَيۡتُم مَّآ أَنزَلَ ٱللَّهُ لَكُم مِّن رِّزۡقٍ فَجَعَلۡتُم مِّنۡهُ حَرَامًا وَحَلَٰلًا قُلۡ ءَآللَّهُ أَذِنَ لَكُمۡۖ أَمۡ عَلَى ٱللَّهِ تَفۡتَرُونَ ٥٩E re: “Na le nahana ka lintho tseo Allah a li romeletseng molemong oa lona ho tla tla le phelisa, kamoo le kentseng tse ling tsa tsona molaong, empa tse ling le li hanetse ka molao?” E re: “Na Allah U le lumelletse, kapa le qapa leshano khahlanong le Allah?” وَمَا ظَنُّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَذُو فَضۡلٍ عَلَى ٱلنَّاسِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَهُمۡ لَا يَشۡكُرُونَ ٦٠Ba nahanang ba qapang leshano khahlaong le Allah ka Letsatsi la Tsoho? Ruri Allah ke Mofani ho batho, empa ba bangata ba bona ha ba’na liteboho وَمَا تَكُونُ فِي شَأۡنٍ وَمَا تَتۡلُواْ مِنۡهُ مِن قُرۡءَانٍ وَلَا تَعۡمَلُونَ مِنۡ عَمَلٍ إِلَّا كُنَّا عَلَيۡكُمۡ شُهُودًا إِذۡ تُفِيضُونَ فِيهِۚ وَمَا يَعۡزُبُ عَن رَّبِّكَ مِن مِّثۡقَالِ ذَرَّةٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَلَآ أَصۡغَرَ مِن ذَٰلِكَ وَلَآ أَكۡبَرَ إِلَّا فِي كِتَٰبٍ مُّبِينٍ ٦١Hore na u phathahantsoe ke ts’ebetso ea mofuta ofe, le hore na u pheta karolo efe Koraneng, leha ekaba lona batho ha ho ketso eo le e phethahatsang, Rona Re lipaki holim’a tsohle nakong eo le phathahantsoeng ke tsona. Ha ho letho lefats’eng kapa leholimong le ka phonyohang Mong`a lona, ekaba tse nyenyane kapa tse kholo ho feta moo, empa li’a ngoloa kahar’a buka e hlakileng أَلَآ إِنَّ أَوۡلِيَآءَ ٱللَّهِ لَا خَوۡفٌ عَلَيۡهِمۡ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ ٦٢Bonang! Ruri ha ho ts’abo kapa eona mesarelo e ka fihlelang metsoalle ea Allah ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ ٦٣Eleng ba kholoang le ho ba khahlanong le bobe لَهُمُ ٱلۡبُشۡرَىٰ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۚ لَا تَبۡدِيلَ لِكَلِمَٰتِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ ٦٤Ba khoaeletsoe litaba tse molemo lefats’eng lena le bophelong bo-tlang, – ha ho phetoho Mantsoeng a Allah, – seo ke sona sehlohlolo sa Nyakallo وَلَا يَحۡزُنكَ قَوۡلُهُمۡۘ إِنَّ ٱلۡعِزَّةَ لِلَّهِ جَمِيعًاۚ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ ٦٥U se ke oa lumella litaba tsa bona ho u khopisa. Hobane Allah U matla oohle. U utloa tsohle, e bile ke Motsebi oa lintho tsohle أَلَآ إِنَّ لِلَّهِ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَمَا يَتَّبِعُ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ شُرَكَآءَۚ إِن يَتَّبِعُونَ إِلَّا ٱلظَّنَّ وَإِنۡ هُمۡ إِلَّا يَخۡرُصُونَ ٦٦Bonang! ruri libupuoa tsohle Ke tsa Allah, tse maholimong le tsohle tse lefats’eng. Ba sala eng morao bosaoana morao ba khumamelang batletsetsi kantle ho Allah? ha ba latele letho haese masaoana, ha ho seo ba se etsang haese ho bua leshano هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ لِتَسۡكُنُواْ فِيهِ وَٱلنَّهَارَ مُبۡصِرًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَسۡمَعُونَ ٦٧Ke Eena ea le etselitseng Bosiu hore ka bona le phomole, le ona Mots’eare ho le neha pono. Ruri ho tsena ke lits’upiso ho le ba utloang قَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ وَلَدًاۗ سُبۡحَٰنَهُۥۖ هُوَ ٱلۡغَنِيُّۖ لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ إِنۡ عِندَكُم مِّن سُلۡطَٰنِۭ بِهَٰذَآۚ أَتَقُولُونَ عَلَى ٱللَّهِ مَا لَا تَعۡلَمُونَ ٦٨Ba re: “Allah U na le mora”, – Tlotla e be ho Eena! Allah ha A na Litlhoko. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Ha le na tokelo ka tseo. Le buoa joalo ka Allah ka seo le senang tsebo ea sona قُلۡ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ لَا يُفۡلِحُونَ ٦٩E re: “Ruri haele baqapang mashano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha.” مَتَٰعٌ فِي ٱلدُّنۡيَا ثُمَّ إِلَيۡنَا مَرۡجِعُهُمۡ ثُمَّ نُذِيقُهُمُ ٱلۡعَذَابَ ٱلشَّدِيدَ بِمَا كَانُواْ يَكۡفُرُونَ ٧٠Nyakallo ea nakoana lefats’eng lena, ho Rona e tla ba poelo ea bona. Ke moo Re tla ba latsoisa kotlo e mahlonoko ho latela nyefolo ea bona ۞ وَٱتۡلُ عَلَيۡهِمۡ نَبَأَ نُوحٍ إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦ يَٰقَوۡمِ إِن كَانَ كَبُرَ عَلَيۡكُم مَّقَامِي وَتَذۡكِيرِي بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَعَلَى ٱللَّهِ تَوَكَّلۡتُ فَأَجۡمِعُوٓاْ أَمۡرَكُمۡ وَشُرَكَآءَكُمۡ ثُمَّ لَا يَكُنۡ أَمۡرُكُمۡ عَلَيۡكُمۡ غُمَّةً ثُمَّ ٱقۡضُوٓاْ إِلَيَّ وَلَا تُنظِرُونِ ٧١A k’u ba phetele pale ea Nooe, mohla a neng a bolella batho ba habo a re: “Oho batho ba heso! Haeba bolulo ba ka har’a lona ba nakoana le tsona likhopotso tsa ka ho lona le lits’enolo tsa Allah ke likhopiso ho lona, ‘na ke behile ts’epo ea ka ho Allah. Kahoo ralang holim’a litumellano tsa lona mahareng a lona le Batlatsetsi ba lona. Empa le hlokomele hore morero oa lona o se le nts’ofalle oa khopama. Joale e be lea nkahlola, ha le mphe phomolo فَإِن تَوَلَّيۡتُمۡ فَمَا سَأَلۡتُكُم مِّنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَى ٱللَّهِۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ ٧٢Empa haeba le inyatsa, ha ho moputso oo ke o kopang ho lona. Moputso oa ka ke tla o fumana ho Allah, ke laetsoe ho ba har’a ba inehetseng ho Eena.” فَكَذَّبُوهُ فَنَجَّيۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ فِي ٱلۡفُلۡكِ وَجَعَلۡنَٰهُمۡ خَلَٰٓئِفَ وَأَغۡرَقۡنَا ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَاۖ فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُنذَرِينَ ٧٣Empa ba ile ba mo latola, eaba Re’a mo pholosa le bohle bao a neng a e na le bona Arekeng, Ra ba etsa majalefa lefats’eng, bohle ba ileng ba latola lits’enolo tsa rona bona Re ile Ra ba khamisa morallo oa metsi. Joale bonang pheletso ea ba ileng hlokomelisoa ke efe ثُمَّ بَعَثۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِۦ رُسُلًا إِلَىٰ قَوۡمِهِمۡ فَجَآءُوهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَمَا كَانُواْ لِيُؤۡمِنُواْ بِمَا كَذَّبُواْ بِهِۦ مِن قَبۡلُۚ كَذَٰلِكَ نَطۡبَعُ عَلَىٰ قُلُوبِ ٱلۡمُعۡتَدِينَ ٧٤Kamor’a hae Re ile Ra romella lethathama la Baromuoa bathing ba habo bona, ba ba tliselitse lits’upiso tse hlakileng. Empa ba ne ba sa itlhophela ho kholoa seo ba se latotseng pele. Ke kamoo Re bitielang lipelo tsa litloli tsa molao kateng ثُمَّ بَعَثۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِم مُّوسَىٰ وَهَٰرُونَ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ بِـَٔايَٰتِنَا فَٱسۡتَكۡبَرُواْ وَكَانُواْ قَوۡمًا مُّجۡرِمِينَ ٧٥Kamor’a moo, Re ile Ra romela Moshe le Aarone ho Faro le Matona a hae ka lits’enolo tsa Rona, empa ba bile le boikhohomoso hoo ebileng batho ba sebeng فَلَمَّا جَآءَهُمُ ٱلۡحَقُّ مِنۡ عِندِنَا قَالُوٓاْ إِنَّ هَٰذَا لَسِحۡرٌ مُّبِينٌ ٧٦Leha ‘nete e se ebatjametse ho tsoa bo teng ba Rona, ba ile ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.” قَالَ مُوسَىٰٓ أَتَقُولُونَ لِلۡحَقِّ لَمَّا جَآءَكُمۡۖ أَسِحۡرٌ هَٰذَا وَلَا يُفۡلِحُ ٱلسَّٰحِرُونَ ٧٧Eaba Moshe a re: “Na le ka rialo le hoja ‘nete e se e le tjametse? Na ke boloi? Empa baloi ba ke ke ba atleha.” قَالُوٓاْ أَجِئۡتَنَا لِتَلۡفِتَنَا عَمَّا وَجَدۡنَا عَلَيۡهِ ءَابَآءَنَا وَتَكُونَ لَكُمَا ٱلۡكِبۡرِيَآءُ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا نَحۡنُ لَكُمَا بِمُؤۡمِنِينَ ٧٨Ba re: “U tlile ho rona ho tla re khelosa tumelong eo re fumaneng bo-ntat’a rona ba le ho eona, hore bobeli ba lona le tle le ruoe khubu ea naha? Re ke ke ra le kholoa.” وَقَالَ فِرۡعَوۡنُ ٱئۡتُونِي بِكُلِّ سَٰحِرٍ عَلِيمٍ ٧٩Ke moo Faro a ileng a re: “Ntlisetseng baloi bo-nkhekhe.” فَلَمَّا جَآءَ ٱلسَّحَرَةُ قَالَ لَهُم مُّوسَىٰٓ أَلۡقُواْ مَآ أَنتُم مُّلۡقُونَ ٨٠Hoba baloi ba fihle, Moshe a re ho bona: “Akhelang lithebere tsa lona!” فَلَمَّآ أَلۡقَوۡاْ قَالَ مُوسَىٰ مَا جِئۡتُم بِهِ ٱلسِّحۡرُۖ إِنَّ ٱللَّهَ سَيُبۡطِلُهُۥٓ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُصۡلِحُ عَمَلَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ ٨١Eitse hoba ba akhele, Moshe a re: “Seo le se tlisitseng ke boloi. Ruri! Allah U tla bo fetola lefeela. Allah ha a khahloe ke mesebetsi ea ba fehlang merusu وَيُحِقُّ ٱللَّهُ ٱلۡحَقَّ بِكَلِمَٰتِهِۦ وَلَوۡ كَرِهَ ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٨٢Allah Ka Mantsoe A Hae U oa phethahatsa, ho sa tsotellehe na baetsalibe ba e nyatsa ha kae.” فَمَآ ءَامَنَ لِمُوسَىٰٓ إِلَّا ذُرِّيَّةٌ مِّن قَوۡمِهِۦ عَلَىٰ خَوۡفٍ مِّن فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِمۡ أَن يَفۡتِنَهُمۡۚ وَإِنَّ فِرۡعَوۡنَ لَعَالٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَإِنَّهُۥ لَمِنَ ٱلۡمُسۡرِفِينَ ٨٣Empa ha ho le’a mong ea ileng a ts’epa Moshe haese bana ba mehahabo, ka ho ts`aba Faro le matona a hae, ese re ba ba tuba; Ruri Faro o ne a le matla lefats’eng, e le ea tlolang meeli eohle وَقَالَ مُوسَىٰ يَٰقَوۡمِ إِن كُنتُمۡ ءَامَنتُم بِٱللَّهِ فَعَلَيۡهِ تَوَكَّلُوٓاْ إِن كُنتُم مُّسۡلِمِينَ ٨٤Moshe a re: “Oho batho ba heso! Haeba le hlile le khotsoe ho Allah, behang ts’epo ea lona ho Eena haeba le inehetse فَقَالُواْ عَلَى ٱللَّهِ تَوَكَّلۡنَا رَبَّنَا لَا تَجۡعَلۡنَا فِتۡنَةً لِّلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ ٨٥Ba ile ba re: “Re behile ts’epo ea rona ho Allah. Oho, Mong`a rona! Se re etse teko ea bahanyapetsi وَنَجِّنَا بِرَحۡمَتِكَ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلۡكَٰفِرِينَ ٨٦U re lopolle ka Mohau Oa Hau ho ba U latolang.” وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰ وَأَخِيهِ أَن تَبَوَّءَا لِقَوۡمِكُمَا بِمِصۡرَ بُيُوتًا وَٱجۡعَلُواْ بُيُوتَكُمۡ قِبۡلَةً وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٨٧Ra ts’ollela ts’usumetso ho Moshe le moena’e, ka molaetsa ona: “Fana ka matlo ho batho ba heno Egepeta le’a etse matlo a thapelo, le rapele ka linako tsohle. Le fane ka litaba tse molemo ho ba kholoang.” وَقَالَ مُوسَىٰ رَبَّنَآ إِنَّكَ ءَاتَيۡتَ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَأَهُۥ زِينَةً وَأَمۡوَٰلًا فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا رَبَّنَا لِيُضِلُّواْ عَن سَبِيلِكَۖ رَبَّنَا ٱطۡمِسۡ عَلَىٰٓ أَمۡوَٰلِهِمۡ وَٱشۡدُدۡ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ فَلَا يُؤۡمِنُواْ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ ٨٨Moshe a rapela: “Mong`a rona! Ruri! U nehile Faro le Matona a hae bokhabane le maruo bophelong ba lefats’e lena, Mong`a rona! Hore ba khelose batho tseleng ea Hau. Kahoo Mong`a rona! Ripitla borui ba bona U be U thatafatse lipelo tsa bona, e le hore ba tle ba se ke ba kholoa ho fihlela ba bona timelo e mahlonoko.” قَالَ قَدۡ أُجِيبَت دَّعۡوَتُكُمَا فَٱسۡتَقِيمَا وَلَا تَتَّبِعَآنِّ سَبِيلَ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ ٨٩Allah A re: “Thapelo ea hau e utloahetse. Tsitsang tseleng e otlolohileng, le se latele tsela ea ba hlokang tsebo.” ۞ وَجَٰوَزۡنَا بِبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱلۡبَحۡرَ فَأَتۡبَعَهُمۡ فِرۡعَوۡنُ وَجُنُودُهُۥ بَغۡيًا وَعَدۡوًاۖ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَدۡرَكَهُ ٱلۡغَرَقُ قَالَ ءَامَنتُ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱلَّذِيٓ ءَامَنَتۡ بِهِۦ بَنُوٓاْ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَأَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ ٩٠Re ts’elisa bana ba Israele leoatle, faro le lebotho la hae ba ba latela ka boikakaso le soele, ho fihlela a kha’ngoe ke boliba, eaba faro u re: “Kea kholoa hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah A inotsi eo bana ba Israele ba kholoang ho Eena, le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.” ءَآلۡـَٰٔنَ وَقَدۡ عَصَيۡتَ قَبۡلُ وَكُنتَ مِنَ ٱلۡمُفۡسِدِينَ ٩١“Hona joale! ha pejana u ne u tlola melao, u bile u le har’a ba fehlang merusu فَٱلۡيَوۡمَ نُنَجِّيكَ بِبَدَنِكَ لِتَكُونَ لِمَنۡ خَلۡفَكَ ءَايَةًۚ وَإِنَّ كَثِيرًا مِّنَ ٱلنَّاسِ عَنۡ ءَايَٰتِنَا لَغَٰفِلُونَ ٩٢Empa kajeno Re tla u pholosa ‘meleng oa hau, e le hore u tle u be sesupo ho bohle ba tlang kamor’a hau. Empa ruri boholo hara batho habo tsotelle lits’upiso tsa Rona.” وَلَقَدۡ بَوَّأۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ مُبَوَّأَ صِدۡقٍ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ فَمَا ٱخۡتَلَفُواْ حَتَّىٰ جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُۚ إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ٩٣Re ile Ra abela bana ba Israele bolulo bo phethahetseng, Ra ba khaketsa ka lintho tse molemo; ke kamora hore tsebo e finyelle ho bona ba ileng ba oela phosong. Ruri Mong`a lona o tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka liphapang tsa bona فَإِن كُنتَ فِي شَكٍّ مِّمَّآ أَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ فَسۡـَٔلِ ٱلَّذِينَ يَقۡرَءُونَ ٱلۡكِتَٰبَ مِن قَبۡلِكَۚ لَقَدۡ جَآءَكَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ فَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُمۡتَرِينَ ٩٤Haeba u na le khoao ka seo re se senolang ho uena, a k’u botse bao ebang ba ile ba bala Lengolo le bileng teng pele ho lena. Ruri ‘nete e tlile ho uena e tsoang ho Mong`a hau. Kahoo u se be har’a ba nang le khoao وَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ فَتَكُونَ مِنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ ٩٥U se be har’a ba latolang lits’enolo tsa Allah, oa ts`oha oa ba har’a ba lahlehetsoeng إِنَّ ٱلَّذِينَ حَقَّتۡ عَلَيۡهِمۡ كَلِمَتُ رَبِّكَ لَا يُؤۡمِنُونَ ٩٦Bao Lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le bona, ba ke ke ba kholoa وَلَوۡ جَآءَتۡهُمۡ كُلُّ ءَايَةٍ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ ٩٧Leha ho ka tlisoa lits’upiso tsohle ho bona, ho fihlela ba bona Kotlo e Mahlonoko فَلَوۡلَا كَانَتۡ قَرۡيَةٌ ءَامَنَتۡ فَنَفَعَهَآ إِيمَٰنُهَآ إِلَّا قَوۡمَ يُونُسَ لَمَّآ ءَامَنُواْ كَشَفۡنَا عَنۡهُمۡ عَذَابَ ٱلۡخِزۡيِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَمَتَّعۡنَٰهُمۡ إِلَىٰ حِينٍ ٩٨Hobane ho sa ka haeba le motsana, o ileng oa kholoa,-hore tumelo ea ona e etle o tsoele molemo, – kantle ho Batho ba Jonase! Bao eitseng ho ba ba kholoe Re ile Ra hlakola Kotlo e Tlontlollang ho bona bophelong bona, Ra ba lamella ho nyakalla nakoana وَلَوۡ شَآءَ رَبُّكَ لَأٓمَنَ مَن فِي ٱلۡأَرۡضِ كُلُّهُمۡ جَمِيعًاۚ أَفَأَنتَ تُكۡرِهُ ٱلنَّاسَ حَتَّىٰ يَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ ٩٩Hoja e bile Thato ea Mong’a hau, batho bohle ba teng mona lefats’eng ba ke be ba khotsoe kaofela! Na u ka qobella batho khahlanong le thato ea bona, ho kholoa وَمَا كَانَ لِنَفۡسٍ أَن تُؤۡمِنَ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَيَجۡعَلُ ٱلرِّجۡسَ عَلَى ٱلَّذِينَ لَا يَعۡقِلُونَ ١٠٠Ha ho moea leha o le mong o ka kholoang haese ka Thato ea Allah. U ee A apese ka khoao ba senang kutloisiso قُلِ ٱنظُرُواْ مَاذَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَا تُغۡنِي ٱلۡأٓيَٰتُ وَٱلنُّذُرُ عَن قَوۡمٍ لَّا يُؤۡمِنُونَ ١٠١E re: “Bonang tsohle tse maholimong le tse lefats’eng!” Empa ha se lits’enolo le litlhokomeliso tse ka thusang ba sa kholoeng فَهَلۡ يَنتَظِرُونَ إِلَّا مِثۡلَ أَيَّامِ ٱلَّذِينَ خَلَوۡاْ مِن قَبۡلِهِمۡۚ قُلۡ فَٱنتَظِرُوٓاْ إِنِّي مَعَكُم مِّنَ ٱلۡمُنتَظِرِينَ ١٠٢Ba lebelletse eng haese se ts’oanang le batho ba matsatsi a fetileng pele ho bona? E re: “Letang ke hona! Le ‘na ke tla leta le lona.” ثُمَّ نُنَجِّي رُسُلَنَا وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْۚ كَذَٰلِكَ حَقًّا عَلَيۡنَا نُنجِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٠٣Qetellong Re tla pholosa baromuoa ba Rona le ba kholoang. Etsoe ke tlameho ea Rona ho pholosa ba kholoang قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِن كُنتُمۡ فِي شَكٍّ مِّن دِينِي فَلَآ أَعۡبُدُ ٱلَّذِينَ تَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَلَٰكِنۡ أَعۡبُدُ ٱللَّهَ ٱلَّذِي يَتَوَفَّىٰكُمۡۖ وَأُمِرۡتُ أَنۡ أَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٠٤E re: “Oho batho! Haeba le na le pelaelo ka tumelo ea ka, tsebang hore ‘na ha ke khumalmele seo lona le se khumamelang kantle ho Allah, empa ke khumamela Allah Ea le biletsang lefung, ke laetsoe ho ba har’a ba kholoang.” وَأَنۡ أَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ حَنِيفًا وَلَا تَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ ١٠٥Tsitlallela ts’ebetsong ea hau Tumelong ka ‘nete kholong, u se be har’a mahana-tumelo وَلَا تَدۡعُ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُكَ وَلَا يَضُرُّكَۖ فَإِن فَعَلۡتَ فَإِنَّكَ إِذًا مِّنَ ٱلظَّٰلِمِينَ ١٠٦U se llele ho mang kapa mang ntle ho Allah, eleng lintho tse ke keng tsa u putsa ka letho le haele hona ho u hlahisetsa kotsi; hobane ebang ha u ka etsa joalo, Ruri u tla be u le har’a baetsalibe وَإِن يَمۡسَسۡكَ ٱللَّهُ بِضُرٍّ فَلَا كَاشِفَ لَهُۥٓ إِلَّا هُوَۖ وَإِن يُرِدۡكَ بِخَيۡرٍ فَلَا رَآدَّ لِفَضۡلِهِۦۚ يُصِيبُ بِهِۦ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦۚ وَهُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ ١٠٧Haeba Allah a ka u ama ka bothata, ha ho ope ea ka bo tlosang haese Eena; haeba A u lakaletsa katleho, ha ho ope ea ka thibelang nala Ea Hae. Ka eona U sitsa ope Ea ikhethetseng Eena har’a makhabunyane a Hae. Etsoe U ts’oarela joalo- joalo, e bile U Khaphatseha Mohau قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ قَدۡ جَآءَكُمُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَإِنَّمَا يَضِلُّ عَلَيۡهَاۖ وَمَآ أَنَا۠ عَلَيۡكُم بِوَكِيلٍ ١٠٨E re: “Oho batho! Joale ‘nete e finyeletse ho lona e tsoang ho Mong`a lona. Ba amohelang tataiso, ba etsa joalo molemong oa moea oa hae; ba khelohang, ba etsa joalo ho ea tahlehong. ‘Ha ke holim’a lona ho lokolisa litaba tsa lona.” وَٱتَّبِعۡ مَا يُوحَىٰٓ إِلَيۡكَ وَٱصۡبِرۡ حَتَّىٰ يَحۡكُمَ ٱللَّهُۚ وَهُوَ خَيۡرُ ٱلۡحَٰكِمِينَ ١٠٩Latela ts’usumetso eo u e senoletsoeng, u be le mamello le tieo ho fihlela Allah A fana ka kahlolo. Etsoe ke Eena Moahloli E Moholo