ملة الإسلام

السورة 67 · 30 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الملك باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الملك (1,412 قارئاً)
مكيةسورة الملك٣٠ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

تَبَٰرَكَ ٱلَّذِي بِيَدِهِ ٱلۡمُلۡكُ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ١Ea Hlohonolofetseng e be Eo Puso e leng Liatleng tsa Hae; Ea nang le Matla Oohle holima lintho tsohle ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡمَوۡتَ وَٱلۡحَيَوٰةَ لِيَبۡلُوَكُمۡ أَيُّكُمۡ أَحۡسَنُ عَمَلًاۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡغَفُورُ ٢Eena Ea hlotseng Lefu le Bophelo, hore A tle A behe tekong mang le mango a lona ea boits’oaro bo nepahetseng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang Khafetsa ٱلَّذِي خَلَقَ سَبۡعَ سَمَٰوَٰتٍ طِبَاقًاۖ مَّا تَرَىٰ فِي خَلۡقِ ٱلرَّحۡمَٰنِ مِن تَفَٰوُتٍۖ فَٱرۡجِعِ ٱلۡبَصَرَ هَلۡ تَرَىٰ مِن فُطُورٍ ٣Eena Ea hlotseng maholimo a supileng ka tatelano: O tla bona tlholehong Ea Allah Ea Tletseng Lereko, kahoo sheba hape: O bona koli efe?” ثُمَّ ٱرۡجِعِ ٱلۡبَصَرَ كَرَّتَيۡنِ يَنقَلِبۡ إِلَيۡكَ ٱلۡبَصَرُ خَاسِئًا وَهُوَ حَسِيرٌ ٤Talimisisa lekhetlo la bobeli: chalimo e tla boela ho uena e fifetse, e fokola, e khathetse وَلَقَدۡ زَيَّنَّا ٱلسَّمَآءَ ٱلدُّنۡيَا بِمَصَٰبِيحَ وَجَعَلۡنَٰهَا رُجُومًا لِّلشَّيَٰطِينِۖ وَأَعۡتَدۡنَا لَهُمۡ عَذَابَ ٱلسَّعِيرِ ٥Re khabisitse leholimo le ka tlase ka mabone, Re A entse likulo tse chalametsang ho leleka ea Mobe; Re ba hlophiselitse Kotlo ea Mollo o tukang وَلِلَّذِينَ كَفَرُواْ بِرَبِّهِمۡ عَذَابُ جَهَنَّمَۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ ٦Ba khesang Mong’a bona, ho teng Kotlo ea Lihele, e mpe pheletso إِذَآ أُلۡقُواْ فِيهَا سَمِعُواْ لَهَا شَهِيقًا وَهِيَ تَفُورُ ٧Ha ba akheloa kahar’a ona, ba tla utloa mororo oa ona o ntse o tuka joalo تَكَادُ تَمَيَّزُ مِنَ ٱلۡغَيۡظِۖ كُلَّمَآ أُلۡقِيَ فِيهَا فَوۡجٌ سَأَلَهُمۡ خَزَنَتُهَآ أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ نَذِيرٌ ٨O qhashoha ke khalefo. Nako le nako ha sehlopa se akheloa ka teng, ba lebeli ba ona ba tla botsa: “Ha ho ea ka ha fihla molemosi ho lona?” قَالُواْ بَلَىٰ قَدۡ جَآءَنَا نَذِيرٌ فَكَذَّبۡنَا وَقُلۡنَا مَا نَزَّلَ ٱللَّهُ مِن شَيۡءٍ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا فِي ضَلَٰلٍ كَبِيرٍ ٩Ba tla re: “Ruri! Ho bile joalo, molemosi o ile a fihla ho rona; empa ra mo latola ka hore: “Allah ha A es’o ka a senola letho; u mpa u le phosong e ts’abehang.” وَقَالُواْ لَوۡ كُنَّا نَسۡمَعُ أَوۡ نَعۡقِلُ مَا كُنَّا فِيٓ أَصۡحَٰبِ ٱلسَّعِيرِ ١٠Ba tla boela ba re: “Hoja re ile ra lemoseha kapa ra sebelisa kelello, Ruri! Re ka be re se har’a Balekane ba Khanare ea Mollo فَٱعۡتَرَفُواْ بِذَنۢبِهِمۡ فَسُحۡقًا لِّأَصۡحَٰبِ ٱلسَّعِيرِ ١١Joale bat la ipolela libe tsa bona, empa ts’oarelo e tla be e le hole le Balekane ba Khanare ea Mollo إِنَّ ٱلَّذِينَ يَخۡشَوۡنَ رَبَّهُم بِٱلۡغَيۡبِ لَهُم مَّغۡفِرَةٌ وَأَجۡرٌ كَبِيرٌ ١٢Haele ba ts’abang Mong’a bona ba sa ‘mone, ts’oarelo kea bona le moputso o moholo وَأَسِرُّواْ قَوۡلَكُمۡ أَوِ ٱجۡهَرُواْ بِهِۦٓۖ إِنَّهُۥ عَلِيمُۢ بِذَاتِ ٱلصُّدُورِ ١٣Ebang le pepesa lentsoe la lona kapa lea le pata, U na le tsebo e phethahetseng ea liphiri tsa lipelo tsohle أَلَا يَعۡلَمُ مَنۡ خَلَقَ وَهُوَ ٱللَّطِيفُ ٱلۡخَبِيرُ ١٤Ha A ke ke A tseba-Eena Ea Hlotseng? Ke Eena Ea Utloisisang makunutu oohle, Ea Hlokolosi هُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ ذَلُولًا فَٱمۡشُواْ فِي مَنَاكِبِهَا وَكُلُواْ مِن رِّزۡقِهِۦۖ وَإِلَيۡهِ ٱلنُّشُورُ ١٥Ke Eena Ea hlotseng lefats’e ho nolofala, lebakeng la hau, kahoo tsamaea litseleng tsa lona, u je nala ea lona eo A u sitsitseng ka eona; Empa Tsoho e ho Eena ءَأَمِنتُم مَّن فِي ٱلسَّمَآءِ أَن يَخۡسِفَ بِكُمُ ٱلۡأَرۡضَ فَإِذَا هِيَ تَمُورُ ١٦U ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A etsa hore u metsoe ke lefats’e ha le reketla أَمۡ أَمِنتُم مَّن فِي ٱلسَّمَآءِ أَن يُرۡسِلَ عَلَيۡكُمۡ حَاصِبًاۖ فَسَتَعۡلَمُونَ كَيۡفَ نَذِيرِ ١٧Kapa u ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A romela Sefefo hore le tle le tsebe hore Temoso Ea Ka e joang وَلَقَدۡ كَذَّبَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَكَيۡفَ كَانَ نَكِيرِ ١٨Empa ruri! batho pele ho bona ba latotse, joale e ile ea eba joang Tatolo Ea Ka أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَى ٱلطَّيۡرِ فَوۡقَهُمۡ صَٰٓفَّٰتٍ وَيَقۡبِضۡنَۚ مَا يُمۡسِكُهُنَّ إِلَّا ٱلرَّحۡمَٰنُۚ إِنَّهُۥ بِكُلِّ شَيۡءِۭ بَصِيرٌ ١٩Ha ba hlokomele linonyana kamoo li phukalatsang mapheo a tsona ka teng, li a khoale. Ha ho ope ea likakatletseng haese Ea TletsengLereko, Rurik e Eena Ea shebileng lintho tsohle أَمَّنۡ هَٰذَا ٱلَّذِي هُوَ جُندٌ لَّكُمۡ يَنصُرُكُم مِّن دُونِ ٱلرَّحۡمَٰنِۚ إِنِ ٱلۡكَٰفِرُونَ إِلَّا فِي غُرُورٍ ٢٠Ke mang ea ka le thusang, le haele sesole, kantle ho Allah, Ea Tletseng Lereko? Mahana-tumelo ha ba ka har’a letho haese thetso أَمَّنۡ هَٰذَا ٱلَّذِي يَرۡزُقُكُمۡ إِنۡ أَمۡسَكَ رِزۡقَهُۥۚ بَل لَّجُّواْ فِي عُتُوٍّ وَنُفُورٍ ٢١Ke mang ea tlang ho le sitsa ka phepo, ha A ka khatla kabelo Ea Ha? Che, ba ngangaballa boikhohomosong le khelohong أَفَمَن يَمۡشِي مُكِبًّا عَلَىٰ وَجۡهِهِۦٓ أَهۡدَىٰٓ أَمَّن يَمۡشِي سَوِيًّا عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٢٢Ea tsamaeang a tiisitse hlooho, sefahleho sa hae se kebile, o tataisong e ntle,-Kapa ea tsamaeang ka makhethe Tseleng e Otlolohileng قُلۡ هُوَ ٱلَّذِيٓ أَنشَأَكُمۡ وَجَعَلَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَۚ قَلِيلًا مَّا تَشۡكُرُونَ ٢٣E re.” Ke Eena Ea le hlotseng, A sitsa ka kutlo, pono, boleng le kutloisiso: Empa teboho ea lona e ea fokola قُلۡ هُوَ ٱلَّذِي ذَرَأَكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَإِلَيۡهِ تُحۡشَرُونَ ٢٤E re: “Ke eena ea le ngatafalitseng holim’a lefats’e, bohle le tla bokelloa ho Eena.” وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٢٥Ba ea botsa: “Ke neng ts’episo eo etlang ho phethahala haeba u bua ‘nete?” قُلۡ إِنَّمَا ٱلۡعِلۡمُ عِندَ ٱللَّهِ وَإِنَّمَآ أَنَا۠ نَذِيرٌ مُّبِينٌ ٢٦E re: “Tsebo ea nako e ho Allah A Inot’si, ‘Ke mpa ke le molemosi ea hlakileng.” فَلَمَّا رَأَوۡهُ زُلۡفَةً سِيٓـَٔتۡ وُجُوهُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَقِيلَ هَٰذَا ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تَدَّعُونَ ٢٧Mohlang ba e bonelang hauts’oanyane, mahana-tumeloba ba tla sosobanya lifahleho, Ho tla thoe ho bona: “Sena ke seo le neng se bitsa.” قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِنۡ أَهۡلَكَنِيَ ٱللَّهُ وَمَن مَّعِيَ أَوۡ رَحِمَنَا فَمَن يُجِيرُ ٱلۡكَٰفِرِينَ مِنۡ عَذَابٍ أَلِيمٍ ٢٨E re: “Lea bona? Hore haeba Allah a ka ntimetsa hammoho le ba nang le ‘na, kapa A ts’ollela Mohau oa Hae holima rona, – joale ke mang ea tlang ho lopollaba Mahana-tumelo Kahlolong e mahlonoko?” قُلۡ هُوَ ٱلرَّحۡمَٰنُ ءَامَنَّا بِهِۦ وَعَلَيۡهِ تَوَكَّلۡنَاۖ فَسَتَعۡلَمُونَ مَنۡ هُوَ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٢٩E re: “U Tletse Lereko: Re kholoa ho Eena, re behile ts’epo ea rona ho Eena. Haufinyane le tla tseba hore na ke mang ea phosong e totobetseng.” قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِنۡ أَصۡبَحَ مَآؤُكُمۡ غَوۡرًا فَمَن يَأۡتِيكُم بِمَآءٍ مَّعِينِۭ ٣٠E re: “Lea bona? – Haeba metsi oohle a lona a ka psha, ke mang ea ka etsang hore a kopotse lefats’eng

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.