ملة الإسلام

السورة 63 · 11 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة المنافقون باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة المنافقون (1,210 قارئاً)
مدنيةسورة المنافقون١١ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

إِذَا جَآءَكَ ٱلۡمُنَٰفِقُونَ قَالُواْ نَشۡهَدُ إِنَّكَ لَرَسُولُ ٱللَّهِۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ إِنَّكَ لَرَسُولُهُۥ وَٱللَّهُ يَشۡهَدُ إِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَكَٰذِبُونَ ١Ha Baikaketsi ba tla ho uena ba re: “Re paka hore ruri u Moromuoa oa Allah.” Allah U ea tseba hore u Moromuoa oa Hae, ‘Allah ke paki hore ruri Baikaketsi ba bua leshano ٱتَّخَذُوٓاْ أَيۡمَٰنَهُمۡ جُنَّةً فَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ إِنَّهُمۡ سَآءَ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٢Likano tsa bona ba li entse sets’ireletso, hore ba tle ba khelose batho tseleng ea Allah. Ruri! Liketso tsa bona li ea nyonts’a ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ ءَامَنُواْ ثُمَّ كَفَرُواْ فَطُبِعَ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ فَهُمۡ لَا يَفۡقَهُونَ ٣Hobane ba ile ba kholoa hamorao ba koenehela Tumelo; lipelo tsa bona li kabiloe: kahoo ha ba utloisise ۞ وَإِذَا رَأَيۡتَهُمۡ تُعۡجِبُكَ أَجۡسَامُهُمۡۖ وَإِن يَقُولُواْ تَسۡمَعۡ لِقَوۡلِهِمۡۖ كَأَنَّهُمۡ خُشُبٌ مُّسَنَّدَةٌۖ يَحۡسَبُونَ كُلَّ صَيۡحَةٍ عَلَيۡهِمۡۚ هُمُ ٱلۡعَدُوُّ فَٱحۡذَرۡهُمۡۚ قَٰتَلَهُمُ ٱللَّهُۖ أَنَّىٰ يُؤۡفَكُونَ ٤Ha u ba sheba, libopeho tsa bona li’a u khahla; ha ba buoa u’a ba mamela. Ba ts’oana le likutu tsa patsi tse ts’ehelitseng. Ba nahana hore molumo o mong le o mong o khahlanong le bona. Ke lira tsa hau u ba hlokomele. Thohako ea Allah e be holim’a bona! Kamoo ba tsoileng tseleng kateng وَإِذَا قِيلَ لَهُمۡ تَعَالَوۡاْ يَسۡتَغۡفِرۡ لَكُمۡ رَسُولُ ٱللَّهِ لَوَّوۡاْ رُءُوسَهُمۡ وَرَأَيۡتَهُمۡ يَصُدُّونَ وَهُم مُّسۡتَكۡبِرُونَ ٥Ha ho thoe ho bona: “Atamelang! Moromuoa oa Allah u tla le kopela ts’oarelo!” Ba thint’sa lifahleho, u tla ba bona ba furalla ka boikhohomoso سَوَآءٌ عَلَيۡهِمۡ أَسۡتَغۡفَرۡتَ لَهُمۡ أَمۡ لَمۡ تَسۡتَغۡفِرۡ لَهُمۡ لَن يَغۡفِرَ ٱللَّهُ لَهُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡفَٰسِقِينَ ٦Ho ea ts’oana ho bona le ha u ka ba kopela ts’oarelo, kapa u saba kopeleng, Allah A ke ke a ba ts’oarela. Hobane Ruri! Allah ha A tataise Mahana-puso a tlolang meeli هُمُ ٱلَّذِينَ يَقُولُونَ لَا تُنفِقُواْ عَلَىٰ مَنۡ عِندَ رَسُولِ ٱللَّهِ حَتَّىٰ يَنفَضُّواْۗ وَلِلَّهِ خَزَآئِنُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَٰكِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَا يَفۡقَهُونَ ٧Ke bona ba reng: “Le se senyeheloe ke letho ho ba nang le moromuoa oa Allah, ho fihlela ba qhalane ba tsoile Al- Madina;” Empa matlotlo a maholimo le lefats’e ke’a Allah, le hoja Baikaketsi ho se seo ba se utloisisang يَقُولُونَ لَئِن رَّجَعۡنَآ إِلَى ٱلۡمَدِينَةِ لَيُخۡرِجَنَّ ٱلۡأَعَزُّ مِنۡهَا ٱلۡأَذَلَّۚ وَلِلَّهِ ٱلۡعِزَّةُ وَلِرَسُولِهِۦ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَلَٰكِنَّ ٱلۡمُنَٰفِقِينَ لَا يَعۡلَمُونَ ٨Ba re: “Ruri! Haeba re ka boela Al-Madina, ea matla a fetisisang o tla leleka mofokoli.” Empa matla ke a Allah le Moromuoa oa Hae le ho Ba-kholoang; Empa Baikaketsi ha ba na tsebo يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَا تُلۡهِكُمۡ أَمۡوَٰلُكُمۡ وَلَآ أَوۡلَٰدُكُمۡ عَن ذِكۡرِ ٱللَّهِۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ ٩Oho lona ba-kholoang! Le se lumelle maruo le bana ba lona ho le khelosa khopolong ea Allah. Ba tla etsa joalo, ke ba lahlehetsoeng وَأَنفِقُواْ مِن مَّا رَزَقۡنَٰكُم مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ أَحَدَكُمُ ٱلۡمَوۡتُ فَيَقُولَ رَبِّ لَوۡلَآ أَخَّرۡتَنِيٓ إِلَىٰٓ أَجَلٍ قَرِيبٍ فَأَصَّدَّقَ وَأَكُن مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ١٠Le fane ka matlotlo ao Re le sitsitseng ka ona pele lefu le khahlanyetsa e mong oa lona, a be a re: “Mong`a ka! Ha feela U ka mpa oa nkekeletsa nakoana? Hore ke tle ke fane ka linyehelo; ke tle ke be har’a ba lokileng.” وَلَن يُؤَخِّرَ ٱللَّهُ نَفۡسًا إِذَا جَآءَ أَجَلُهَاۚ وَٱللَّهُ خَبِيرُۢ بِمَا تَعۡمَلُونَ ١١Empa Allah a ke ke a fana ka nyehlisetso ho moea ofe, kapa ofe ha feela nako ea pallo e se e fihlile; Allah U hlokolosi ka lintho tseo le li etsang

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.