بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
ٱقۡتَرَبَتِ ٱلسَّاعَةُ وَٱنشَقَّ ٱلۡقَمَرُ ١Hora (Ea Kahlolo) e se e atametse, ngoeli petsohile ka lehare وَإِن يَرَوۡاْ ءَايَةً يُعۡرِضُواْ وَيَقُولُواْ سِحۡرٌ مُّسۡتَمِرٌّ ٢Empa ha ba bona sesupo, ba ea koeneha, ba re: “Hona ke boloi ba ka mehla.” وَكَذَّبُواْ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَهۡوَآءَهُمۡۚ وَكُلُّ أَمۡرٍ مُّسۡتَقِرٌّ ٣Ba nyelisa ‘nete, ba sala litakatso tsa bona morao. Empa, ntho e ngoe le e ngoe e na le nako ea pallo وَلَقَدۡ جَآءَهُم مِّنَ ٱلۡأَنۢبَآءِ مَا فِيهِ مُزۡدَجَرٌ ٤Ba amohetse litaba tsa temoso e feletseng, hore ba fetole metsamao ea bona حِكۡمَةُۢ بَٰلِغَةٌۖ فَمَا تُغۡنِ ٱلنُّذُرُ ٥Bohlale bo tsotoang; empa litemoso ha li’a ka tsa thusa letho فَتَوَلَّ عَنۡهُمۡۘ يَوۡمَ يَدۡعُ ٱلدَّاعِ إِلَىٰ شَيۡءٍ نُّكُرٍ ٦Kahoo ba furalle. Letsatsi leo ka lona sebohloli se tlang ho ba bitsetsa litabeng tse mahlonoko خُشَّعًا أَبۡصَٰرُهُمۡ يَخۡرُجُونَ مِنَ ٱلۡأَجۡدَاثِ كَأَنَّهُمۡ جَرَادٌ مُّنتَشِرٌ ٧Ba tla atamela, – ba soabile – mabitleng a bona, ba ts’oana le litsie ha li tletse-tletse hohle مُّهۡطِعِينَ إِلَى ٱلدَّاعِۖ يَقُولُ ٱلۡكَٰفِرُونَ هَٰذَا يَوۡمٌ عَسِرٌ ٨Ba potlaketse ho seboholi ba tonne mahlo! – “Le thata Letsatsi.” Mahana-tumelo a tla cho ۞ كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحٍ فَكَذَّبُواْ عَبۡدَنَا وَقَالُواْ مَجۡنُونٌ وَٱزۡدُجِرَ ٩Batho ba habo Nooe pele ho bona ba ile ba nyefola lekhabunyane la Rona pele ho bona, ba re: “Ke lehlanya!” O ile a phalalisoa فَدَعَا رَبَّهُۥٓ أَنِّي مَغۡلُوبٌ فَٱنتَصِرۡ ١٠Ke moo a ileng a bitsa ho Mong`a hae: “Ke ea hlotsoeng, kahoo ak’u mpe U nthuse.” فَفَتَحۡنَآ أَبۡوَٰبَ ٱلسَّمَآءِ بِمَآءٍ مُّنۡهَمِرٍ ١١Eaba Re bula mekoallo ea leholimo ka metsi a phallang وَفَجَّرۡنَا ٱلۡأَرۡضَ عُيُونًا فَٱلۡتَقَى ٱلۡمَآءُ عَلَىٰٓ أَمۡرٍ قَدۡ قُدِرَ ١٢Le hona ho ts’akhunya liliba lefats’eng, hore metsi a tle a fihlele taelo e fanoeng وَحَمَلۡنَٰهُ عَلَىٰ ذَاتِ أَلۡوَٰحٍ وَدُسُرٍ ١٣Eaba Re mo jara ka Areka eneng e entsoe ka lifate tsa lipalema تَجۡرِي بِأَعۡيُنِنَا جَزَآءً لِّمَن كَانَ كُفِرَ ١٤Hore e phaphamale holim’a metsi kapel’a mahlo a Rona, e le moputso ho eo ea ileng a nyelisoa وَلَقَد تَّرَكۡنَٰهَآ ءَايَةً فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ١٥Re ile Ra siea seo e le sesupo; empa na ho teng ea tlang ho amohela temoso فَكَيۡفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ ١٦Empa ak’u boneng kamoo kahlolo ea ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa ka وَلَقَدۡ يَسَّرۡنَا ٱلۡقُرۡءَانَ لِلذِّكۡرِ فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ١٧Ka ‘nete Re entse Qura’n ho ba bobebe ho ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tla amohela temoso كَذَّبَتۡ عَادٌ فَكَيۡفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ ١٨Morabe oa Ba-A’d o ile oa nyelisa. Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso إِنَّآ أَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ رِيحًا صَرۡصَرًا فِي يَوۡمِ نَحۡسٍ مُّسۡتَمِرٍّ ١٩Hobane Re ile Ra ba romella sekhobo sa phefo mohla letsatsi le nyonyehang تَنزِعُ ٱلنَّاسَ كَأَنَّهُمۡ أَعۡجَازُ نَخۡلٍ مُّنقَعِرٍ ٢٠Hoo e ileng ea tsokotsa batho joaloka ha eka ene ele likutu tse koqotsoeng ka metso tsa lifate tsa palema فَكَيۡفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ ٢١Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa Ka وَلَقَدۡ يَسَّرۡنَا ٱلۡقُرۡءَانَ لِلذِّكۡرِ فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ٢٢Ruri! Re entse koran ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso كَذَّبَتۡ ثَمُودُ بِٱلنُّذُرِ ٢٣Ba-Thamude ba ile ba nyelisa Balemosi فَقَالُوٓاْ أَبَشَرًا مِّنَّا وَٰحِدًا نَّتَّبِعُهُۥٓ إِنَّآ إِذًا لَّفِي ضَلَٰلٍ وَسُعُرٍ ٢٤Hobane ba ile ba re: “Eng! Monna a le mong feela har’a rona, re ka mo latela? Ruri! Re tla be re lahlehetsoe ke menahano, re hlanya أَءُلۡقِيَ ٱلذِّكۡرُ عَلَيۡهِ مِنۢ بَيۡنِنَا بَلۡ هُوَ كَذَّابٌ أَشِرٌ ٢٥“Na molaetsa o filoe eena Salih feela har’a rona? Che, empa e le moqabanyi ea leshano.” سَيَعۡلَمُونَ غَدًا مَّنِ ٱلۡكَذَّابُ ٱلۡأَشِرُ ٢٦Hosane ba tla tseba hore na ke mang ea leshano إِنَّا مُرۡسِلُواْ ٱلنَّاقَةِ فِتۡنَةً لَّهُمۡ فَٱرۡتَقِبۡهُمۡ وَٱصۡطَبِرۡ ٢٧Hobane Re tla romella kamele e ts’ehali ele teko khahlano le bona, kahoo u ba lebelle, u be le mamello وَنَبِّئۡهُمۡ أَنَّ ٱلۡمَآءَ قِسۡمَةُۢ بَيۡنَهُمۡۖ كُلُّ شِرۡبٍ مُّحۡتَضَرٌ ٢٨U ba tsebise hore ba arolelana metsi le eona, ba lokela ho noa ka tlhatlhamano فَنَادَوۡاْ صَاحِبَهُمۡ فَتَعَاطَىٰ فَعَقَرَ ٢٩Empa ba ileba bitsa e mong oa bona, eaba o nka sabole; a e bolaea فَكَيۡفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ ٣٠Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a hore Ke fane ka litemoso إِنَّآ أَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ صَيۡحَةً وَٰحِدَةً فَكَانُواْ كَهَشِيمِ ٱلۡمُحۡتَظِرِ ٣١Hobane Re ile Ra ba romella molumo o matla o le mong feela, eaba ba fetoha lesupi وَلَقَدۡ يَسَّرۡنَا ٱلۡقُرۡءَانَ لِلذِّكۡرِ فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ٣٢Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na o teng ea tla amohela temoso كَذَّبَتۡ قَوۡمُ لُوطِۭ بِٱلنُّذُرِ ٣٣Batho ba habo Lota, ba ‘nile ba nyefola Temoso إِنَّآ أَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ حَاصِبًا إِلَّآ ءَالَ لُوطٍۖ نَّجَّيۡنَٰهُم بِسَحَرٍ ٣٤Re ile Ra romella sefako sa majoe holim’a bona kaofela kantle ho lelapa la lota, eo Re ileng Ra mo pholosa esale ka matjeke نِّعۡمَةً مِّنۡ عِندِنَاۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي مَن شَكَرَ ٣٥Ele Lereko ho tsoa ho Rona. Ke kamoo Re putsang ba fanang ka liteboho وَلَقَدۡ أَنذَرَهُم بَطۡشَتَنَا فَتَمَارَوۡاْ بِٱلنُّذُرِ ٣٦O (Lota) ‘nile a ba lemosa ka kotlo ea Rona, empa ba ile ba hanyetsa Temoso وَلَقَدۡ رَٰوَدُوهُ عَن ضَيۡفِهِۦ فَطَمَسۡنَآ أَعۡيُنَهُمۡ فَذُوقُواْ عَذَابِي وَنُذُرِ ٣٧Ba bile ba mo tsekisa baeti ba hae, empa Ra ba foufatsa.(ba utloa) “Latsoang kahlolo ea Ka kamor’a Temoso ea Ka.” وَلَقَدۡ صَبَّحَهُم بُكۡرَةً عَذَابٌ مُّسۡتَقِرٌّ ٣٨Kahlolo e neng e ts’episitsoe e ile eaba oela esale ka meso فَذُوقُواْ عَذَابِي وَنُذُرِ ٣٩“Kahoo, latsoang kahlolo ea Ka le temoso ea Ka!” وَلَقَدۡ يَسَّرۡنَا ٱلۡقُرۡءَانَ لِلذِّكۡرِ فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ٤٠Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso وَلَقَدۡ جَآءَ ءَالَ فِرۡعَوۡنَ ٱلنُّذُرُ ٤١Sechabeng sa Faro, le teng ho ile ha fihla Balemosi (ho tsoa ho Allah) كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا كُلِّهَا فَأَخَذۡنَٰهُمۡ أَخۡذَ عَزِيزٍ مُّقۡتَدِرٍ ٤٢Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona kaofela. Empa Ra ba otla ka kotlo ea Ea Matla Oohle, Ea phethahatsang Thato ea Hae أَكُفَّارُكُمۡ خَيۡرٌ مِّنۡ أُوْلَٰٓئِكُمۡ أَمۡ لَكُم بَرَآءَةٌ فِي ٱلزُّبُرِ ٤٣Mahana-Tumelo a hau ba molemo ho feta bao? Kapa ba na le ts’ireletso kahar’a Lengolo le Halalelang أَمۡ يَقُولُونَ نَحۡنُ جَمِيعٌ مُّنتَصِرٌ ٤٤Kapa ba re: “Rona re lebotho le hlometseng?” سَيُهۡزَمُ ٱلۡجَمۡعُ وَيُوَلُّونَ ٱلدُّبُرَ ٤٥Haufi Mabotho ohle a tla hloptjoa, a tla supa ntoa ka lirethe بَلِ ٱلسَّاعَةُ مَوۡعِدُهُمۡ وَٱلسَّاعَةُ أَدۡهَىٰ وَأَمَرُّ ٤٦Che, Hora (ea kahlolo) ke nako ea pallo; Hora eo etla ba e mahlonoko, ebileng eleng bohla إِنَّ ٱلۡمُجۡرِمِينَ فِي ضَلَٰلٍ وَسُعُرٍ ٤٧Ruri ba sebeng ke bona ba lahlehtsoeng ke monahano, ba ea hlanya يَوۡمَ يُسۡحَبُونَ فِي ٱلنَّارِ عَلَىٰ وُجُوهِهِمۡ ذُوقُواْ مَسَّ سَقَرَ ٤٨Letsatsi leo ka lona ba tlang ho huleloa ka har’a mollo ka lifahleho,(ba tla utloa): “Utloang lelakabe la Lihele.” إِنَّا كُلَّ شَيۡءٍ خَلَقۡنَٰهُ بِقَدَرٍ ٤٩Ruri! Re hlotse lintho tsohle ka tekanyetso وَمَآ أَمۡرُنَآ إِلَّا وَٰحِدَةٌ كَلَمۡحِۭ بِٱلۡبَصَرِ ٥٠Taelo ea Rona e `ngoe feela, e joaloka ho panya ha leihlo وَلَقَدۡ أَهۡلَكۡنَآ أَشۡيَاعَكُمۡ فَهَلۡ مِن مُّدَّكِرٍ ٥١Re ile Ra ripitla bana ba bo-lona mehleng ea pele; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso وَكُلُّ شَيۡءٍ فَعَلُوهُ فِي ٱلزُّبُرِ ٥٢Ntho e ngoe le e ngoe eo ba e etsang e teng kahar’a Lengolo وَكُلُّ صَغِيرٍ وَكَبِيرٍ مُّسۡتَطَرٌ ٥٣Ntho e ngoe le e ngoe e nyenyane, kapa e kholo e tlalehiloe إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي جَنَّٰتٍ وَنَهَرٍ ٥٤Haele ba lokileng ba tla phela kahar’a Lirapa le Linoka فِي مَقۡعَدِ صِدۡقٍ عِندَ مَلِيكٍ مُّقۡتَدِرِۭ ٥٥Kahar’a ‘Moka oa ‘Nete, kapel’a Ea Matla Oohle