ملة الإسلام

السورة 30 · 60 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الروم باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الروم (1,248 قارئاً)
مكيةسورة الروم٦٠ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

الٓمٓ ١Alif. Lam. Mim غُلِبَتِ ٱلرُّومُ ٢Muso oa Roma o hlotsoe فِيٓ أَدۡنَى ٱلۡأَرۡضِ وَهُم مِّنۢ بَعۡدِ غَلَبِهِمۡ سَيَغۡلِبُونَ ٣Naheng ea boahelani, empa kamorao ho tlholo eo ea bona, e tla boela eba bahloli فِي بِضۡعِ سِنِينَۗ لِلَّهِ ٱلۡأَمۡرُ مِن قَبۡلُ وَمِنۢ بَعۡدُۚ وَيَوۡمَئِذٍ يَفۡرَحُ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ٤Lilemong tse `maloa, – etsoe Qeto ke’ ea Allah ho tloha sethathong sa litaba ho isa pheletsong, – mohla letsatsi leo, ba kholoang ba tla nyakalla بِنَصۡرِ ٱللَّهِۚ يَنصُرُ مَن يَشَآءُۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ٥Ka thuso ea Allah. Allah U thusa ea khahloang ke Eena. O na le Matla-Oohle, U Mohau oo Khaphatsehang وَعۡدَ ٱللَّهِۖ لَا يُخۡلِفُ ٱللَّهُ وَعۡدَهُۥ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ ٦Ke ts’episo ea Allah. Allah ha A koenehele ts’episo ea Hae, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso يَعۡلَمُونَ ظَٰهِرًا مِّنَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَهُمۡ عَنِ ٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ غَٰفِلُونَ ٧Ba itsebela feela likarolo tse ling tsa bophelo ba lefats’e, Empa ka Qetello ea tsohle ha ba na tsebo أَوَلَمۡ يَتَفَكَّرُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۗ مَّا خَلَقَ ٱللَّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَأَجَلٍ مُّسَمًّىۗ وَإِنَّ كَثِيرًا مِّنَ ٱلنَّاسِ بِلِقَآيِٕ رَبِّهِمۡ لَكَٰفِرُونَ ٨Na ee ba inahane? Allah ha A hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete le eona pallo ea bofelo. Empa ruri ho teng hara batho ba latolang kopano le Mong`a bona أَوَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ كَانُوٓاْ أَشَدَّ مِنۡهُمۡ قُوَّةً وَأَثَارُواْ ٱلۡأَرۡضَ وَعَمَرُوهَآ أَكۡثَرَ مِمَّا عَمَرُوهَا وَجَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِۖ فَمَا كَانَ ٱللَّهُ لِيَظۡلِمَهُمۡ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ ٩Ha ba hahlaule le lefats’e ho bona kamoo ebileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ba ne ba le matla ho ba feta, etsoe ba ne ba lema, ba tlatsa lefats’e ka tsoala ea bona ka palo e holimo ho feta kamoo ba leng ka teng. Baromuoa ba hab’o bona ba fihlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah. Ha se Allah Ea ba foselitseng, empa ba iphoselitse ثُمَّ كَانَ عَٰقِبَةَ ٱلَّذِينَ أَسَٰٓـُٔواْ ٱلسُّوٓأَىٰٓ أَن كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَكَانُواْ بِهَا يَسۡتَهۡزِءُونَ ١٠Qetellong timelo e mahlonoko e tla ba ea ba etsang bobe, hobane ba latotse lits’enolo tsa Allah, ba li fetola sesomo ٱللَّهُ يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ ثُمَّ إِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ١١Ke Allah qalo ea tlholeho; a boele a e phete, poelo ea lona e ho Eena وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يُبۡلِسُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ ١٢Mohla letsatsi leo Hora e hlomamisoang, ba molato ba tla fetoha limumu ke ho lahla ts’epo وَلَمۡ يَكُن لَّهُم مِّن شُرَكَآئِهِمۡ شُفَعَٰٓؤُاْ وَكَانُواْ بِشُرَكَآئِهِمۡ كَٰفِرِينَ ١٣Ha ho muelli eo ba tlang ho mo fumana har’a batlatsetsi ba ba kopanyang le Allah. Ba tla latola batlatsetsi ba bona وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يَوۡمَئِذٍ يَتَفَرَّقُونَ ١٤Ka letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa, Letsatsi leo batho ba tla hloptjhoa فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَهُمۡ فِي رَوۡضَةٍ يُحۡبَرُونَ ١٥Ba-kholoang, ba entse liketso tse lokileng; Ba tla thabisoa Senong sa Nyakallo وَأَمَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَلِقَآيِٕ ٱلۡأٓخِرَةِ فَأُوْلَٰٓئِكَ فِي ٱلۡعَذَابِ مُحۡضَرُونَ ١٦Empa latotseng tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa Rona ka leshano, le kopano ea bophelo Bo-tlang; Ba joalo ba tla atametsoa kahlolong فَسُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ حِينَ تُمۡسُونَ وَحِينَ تُصۡبِحُونَ ١٧Kahoo, tlotlisang Allah mantsiboea le hoseng ka matjeke – وَلَهُ ٱلۡحَمۡدُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَعَشِيًّا وَحِينَ تُظۡهِرُونَ ١٨Lithoriso li lebisoe ho Eena maholimong le lefats’eng! – mots’eare oa mantsiboea, leha letsatsi le ea malikelong يُخۡرِجُ ٱلۡحَيَّ مِنَ ٱلۡمَيِّتِ وَيُخۡرِجُ ٱلۡمَيِّتَ مِنَ ٱلۡحَيِّ وَيُحۡيِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَاۚ وَكَذَٰلِكَ تُخۡرَجُونَ ١٩Ke Eena ea tsosang bafu, le ho fana ka lefu ho tse phelang le ho phelisa lefats’e kamor’a komello. Ke kamoo le tlang ho tsosoa kateng وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنۡ خَلَقَكُم مِّن تُرَابٍ ثُمَّ إِذَآ أَنتُم بَشَرٌ تَنتَشِرُونَ ٢٠Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U le hlotse ka lerole,- Bonang le lichaba le tletse hohle وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنۡ خَلَقَ لَكُم مِّنۡ أَنفُسِكُمۡ أَزۡوَٰجًا لِّتَسۡكُنُوٓاْ إِلَيۡهَا وَجَعَلَ بَيۡنَكُم مَّوَدَّةً وَرَحۡمَةًۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ ٢١Har’a lits’upiso tsa hae ho teng sena: U le hloletse balekane hara lona, hore le tle le phele ka khotso le bona; U bile U phethahalitse lerato le mohau lipelong tsa lona. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba inahanang وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ خَلۡقُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَٱخۡتِلَٰفُ أَلۡسِنَتِكُمۡ وَأَلۡوَٰنِكُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّلۡعَٰلِمِينَ ٢٢Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng tlholeho ea maholimo le lefats’e le sa phapang ea lipuo tsa lona le ‘mala. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso malebana leba thoba nang le tsebo وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ مَنَامُكُم بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَٱبۡتِغَآؤُكُم مِّن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَسۡمَعُونَ ٢٣Har’a lits’upiso tsa hae ho teng boroko boo le bo robalang bosiu le mots’eare le hona ho tsomana le nala ea Hae. Ruri! Kahar’a sena ho teng Lits’upiso molemong oa batho ba mamelang وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦ يُرِيكُمُ ٱلۡبَرۡقَ خَوۡفًا وَطَمَعًا وَيُنَزِّلُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَيُحۡيِۦ بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ ٢٤Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae, U le bonts’a lehalima le le nyarosang le bileng le fanang ka ts’epo, U romella pula e tsoang marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse. Ruri! Ho teng lits’upiso kahar’a sena molemong oa batho ba nang le kutloisiso وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَن تَقُومَ ٱلسَّمَآءُ وَٱلۡأَرۡضُ بِأَمۡرِهِۦۚ ثُمَّ إِذَا دَعَاكُمۡ دَعۡوَةً مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ إِذَآ أَنتُمۡ تَخۡرُجُونَ ٢٥Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae: maholimo le lefats’e li tsepame ka tieo tlas’a Taelo ea Hae, kamor’a mona mohlang A le bitsang ka pitso e le ng’oe; Bonang! Le tla tsoha وَلَهُۥ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ كُلٌّ لَّهُۥ قَٰنِتُونَ ٢٦Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Hae: Kaofela ha tsona li tlas’a taolo ea Hae وَهُوَ ٱلَّذِي يَبۡدَؤُاْ ٱلۡخَلۡقَ ثُمَّ يُعِيدُهُۥ وَهُوَ أَهۡوَنُ عَلَيۡهِۚ وَلَهُ ٱلۡمَثَلُ ٱلۡأَعۡلَىٰ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٢٧Ke Eena qalo ea tlholeho a boele a e phete, seo se bonolo ho Eena. Ke Eena Ea boemong bo phahameng ka ho fetisisa ho ka bapisoa maholimong le lefats’eng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli ضَرَبَ لَكُم مَّثَلًا مِّنۡ أَنفُسِكُمۡۖ هَل لَّكُم مِّن مَّا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُكُم مِّن شُرَكَآءَ فِي مَا رَزَقۡنَٰكُمۡ فَأَنتُمۡ فِيهِ سَوَآءٌ تَخَافُونَهُمۡ كَخِيفَتِكُمۡ أَنفُسَكُمۡۚ كَذَٰلِكَ نُفَصِّلُ ٱلۡأٓيَٰتِ لِقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ ٢٨U le etsetsa papiso har’a lona. Na le na le balekane basebeletsing bao matsoho a lona a matona aba ruileng, ba lekanang le lona le hona hoba le kabelo holim’a thepa eo Re le abetseng eona, bao le ba ts’abang joaloka ha le ts’abana bo-lona? Ke kamoo Re manollang Lits’enolo ka botlalo ho batho ba utloisisang بَلِ ٱتَّبَعَ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَهۡوَآءَهُم بِغَيۡرِ عِلۡمٍۖ فَمَن يَهۡدِي مَنۡ أَضَلَّ ٱللَّهُۖ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ ٢٩Che, baetsalibe ba setse litakatso tsa bona morao ka ho hloka tsebo. Ke mang ea ka tataisang motho eo Allah A mo lesitseng ho kheloha? Ba joalo ha ba na bathusi فَأَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ حَنِيفًاۚ فِطۡرَتَ ٱللَّهِ ٱلَّتِي فَطَرَ ٱلنَّاسَ عَلَيۡهَاۚ لَا تَبۡدِيلَ لِخَلۡقِ ٱللَّهِۚ ذَٰلِكَ ٱلدِّينُ ٱلۡقَيِّمُ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ ٣٠Tsepamisa maikutlo a hau Tumelong ka ‘nete – tlholehong ea Allah eo A hlotseng motho holim’a eona. Ha ho phetoho melaong ea tlholeho ea Allah. Ena ke Tumelo e nepahetseng, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso – ۞ مُنِيبِينَ إِلَيۡهِ وَٱتَّقُوهُ وَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَلَا تَكُونُواْ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ ٣١Sokolohelang ho Eena A inot`si le mo ts’abe, phethahatsang lithapelo tsa ka mehla eohle; le se be har’a ba kopanyang Allah le melingoana, – مِنَ ٱلَّذِينَ فَرَّقُواْ دِينَهُمۡ وَكَانُواْ شِيَعًاۖ كُلُّ حِزۡبِۭ بِمَا لَدَيۡهِمۡ فَرِحُونَ ٣٢Ba arolang Tumelo ea bona, ba fetoha mekhahlelo, mokhahlelo ka mong o nyakalla bo oona وَإِذَا مَسَّ ٱلنَّاسَ ضُرٌّ دَعَوۡاْ رَبَّهُم مُّنِيبِينَ إِلَيۡهِ ثُمَّ إِذَآ أَذَاقَهُم مِّنۡهُ رَحۡمَةً إِذَا فَرِيقٌ مِّنۡهُم بِرَبِّهِمۡ يُشۡرِكُونَ ٣٣Ha batho ba angoa ke bothata, Ba llela ho Mong`a bona le hona ho inyatsa kapel’e ho Eena; empa, hang hoba ba latsoe Mohau oa Hae, Bonang! ba bang ba bona ba khumamela melingoana kantle ho Mong`a bona, – لِيَكۡفُرُواْ بِمَآ ءَاتَيۡنَٰهُمۡۚ فَتَمَتَّعُواْ فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ ٣٤Ho bonts’a ho hloka teboho ea melemo eo Re ba sitsitseng ka eona! Natefeloang ha nakoana; empa haufinyane le tla tseba أَمۡ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنًا فَهُوَ يَتَكَلَّمُ بِمَا كَانُواْ بِهِۦ يُشۡرِكُونَ ٣٥Kapa ebe Re ba senoletse bopaki bo hlalosang tseo ba li khumamelang ‘moho le Eena وَإِذَآ أَذَقۡنَا ٱلنَّاسَ رَحۡمَةً فَرِحُواْ بِهَاۖ وَإِن تُصِبۡهُمۡ سَيِّئَةُۢ بِمَا قَدَّمَتۡ أَيۡدِيهِمۡ إِذَا هُمۡ يَقۡنَطُونَ ٣٦Ha Re neha batho tatso ea Mohau, ba ea nyakalla; empa ha bomalimabe bo ba oela e le sephetho sa liketso tsa bona, ba felloa ke ts’epo أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ ٣٧Na ha ba bone hore Allah U phaella nala ea Hae holim’a eo a khahloang ke eena le hona hoba leqe ka eona holim’a eo a khahloang ke eena. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba nang le tumelo فَـَٔاتِ ذَا ٱلۡقُرۡبَىٰ حَقَّهُۥ وَٱلۡمِسۡكِينَ وَٱبۡنَ ٱلسَّبِيلِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرٌ لِّلَّذِينَ يُرِيدُونَ وَجۡهَ ٱللَّهِۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ ٣٨Fanang ka karolo ea matlotlo a lona ho beng ka lona, mafutsana le ba hahlaoli. Seo se molemo ho ba tsomang Sefahleho sa Allah, bao ke bona ba tla atleha وَمَآ ءَاتَيۡتُم مِّن رِّبًا لِّيَرۡبُوَاْ فِيٓ أَمۡوَٰلِ ٱلنَّاسِ فَلَا يَرۡبُواْ عِندَ ٱللَّهِۖ وَمَآ ءَاتَيۡتُم مِّن زَكَوٰةٍ تُرِيدُونَ وَجۡهَ ٱللَّهِ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُضۡعِفُونَ ٣٩Empa seo le fanang ka sona e le phaello moo le batlang phaello e fetang eo holim’a thepa ea batho ba bang, ha e na phaello ho Allah; empa haele seo le fanang ka sona ka bohloeki moo le batlang Sefahleho sa Allah, ke bana ba tla fumana phaello e menahaneng ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ ثُمَّ رَزَقَكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يُحۡيِيكُمۡۖ هَلۡ مِن شُرَكَآئِكُم مَّن يَفۡعَلُ مِن ذَٰلِكُم مِّن شَيۡءٍۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ٤٠Ke Allah Ea u hlotseng le hona ho u neha phepo, A etsa hore u shoe; U tla le neha bophelo hape. Na ho teng e mong har’a ba tlatsetsi ba lona ea ka etsang tse? Lithoriso ke tsa Hae, ke Eena Ea phahameng ka ho fetisisa Ea ka holim’a tsohle tseo ba li manehang ho Eena ظَهَرَ ٱلۡفَسَادُ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ بِمَا كَسَبَتۡ أَيۡدِي ٱلنَّاسِ لِيُذِيقَهُم بَعۡضَ ٱلَّذِي عَمِلُواْ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ ٤١Mofere-fere o tsohile lefats’eng le leoatleng ho latela libe tseo matsoho a batho a li entseng moo a etsang hore ba latsoe karolo ea tseo ba li entseng, hore ba tle ba sokolohe قُلۡ سِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلُۚ كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّشۡرِكِينَ ٤٢E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng qetello eaba bileng teng pele ho lona! Bongata ba bona ene ele ba khumamelang melingoana kantle ho Allah.” فَأَقِمۡ وَجۡهَكَ لِلدِّينِ ٱلۡقَيِّمِ مِن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ يَوۡمٌ لَّا مَرَدَّ لَهُۥ مِنَ ٱللَّهِۖ يَوۡمَئِذٍ يَصَّدَّعُونَ ٤٣Tsepamisa maikutlo tumelong ea ‘nete, pele ho letsatsi le ke keng la sitoa hoba teng le tsoang ho Allah. Ka letsatsi leo batho bohle ba tla arohang’oa – مَن كَفَرَ فَعَلَيۡهِ كُفۡرُهُۥۖ وَمَنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا فَلِأَنفُسِهِمۡ يَمۡهَدُونَ ٤٤Ba latolang Tumelo ba tla latoloa joalo feela; ba etsang toka, ba ikalla malulo a bona – لِيَجۡزِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ مِن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُحِبُّ ٱلۡكَٰفِرِينَ ٤٥Hore a tle a putse bohle ka nala ea Hae ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Hobane Ha A rate ba latolang Tumelo وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَن يُرۡسِلَ ٱلرِّيَاحَ مُبَشِّرَٰتٍ وَلِيُذِيقَكُم مِّن رَّحۡمَتِهِۦ وَلِتَجۡرِيَ ٱلۡفُلۡكُ بِأَمۡرِهِۦ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ ٤٦Kahar’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U romella liphefo tse phatlalatsang litaba tse molemo ho lona ho etsa hore le latsoe Mohau oa Hae le hona hore likepe li sese tlas’a taolo ea Hae, le tle le tsome molemo oa Hae le hore le tle le fane ka liteboho وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ رُسُلًا إِلَىٰ قَوۡمِهِمۡ فَجَآءُوهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَٱنتَقَمۡنَا مِنَ ٱلَّذِينَ أَجۡرَمُواْۖ وَكَانَ حَقًّا عَلَيۡنَا نَصۡرُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٤٧Pele ho uena ruri Re ile Ra romella baporofeta har’a batho ba habo bona. Ba ileng ba phatlalatsa lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah ho bona. Re ile Ra iphetetsa khahlano le ba bileng molato. Ke tlameho holim’a Rona ho thusa ba- kholoang ٱللَّهُ ٱلَّذِي يُرۡسِلُ ٱلرِّيَٰحَ فَتُثِيرُ سَحَابًا فَيَبۡسُطُهُۥ فِي ٱلسَّمَآءِ كَيۡفَ يَشَآءُ وَيَجۡعَلُهُۥ كِسَفًا فَتَرَى ٱلۡوَدۡقَ يَخۡرُجُ مِنۡ خِلَٰلِهِۦۖ فَإِذَآ أَصَابَ بِهِۦ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦٓ إِذَا هُمۡ يَسۡتَبۡشِرُونَ ٤٨Ke Allah Ea romellang liphefo tse bilietsang maru, tse bileng li a hasanyang tlas’a leholimo ho phethisa thato Ea Hae; ebe le bona a lutsa pula e hlahang har’a ona. Nakong eo A etsang hore e oela holim’a mang, kapa mang eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae, Bonang, ba ea nyakalla وَإِن كَانُواْ مِن قَبۡلِ أَن يُنَزَّلَ عَلَيۡهِم مِّن قَبۡلِهِۦ لَمُبۡلِسِينَ ٤٩Le hoja pele ba fumana pula, pele ho teng; ba ne ba lahlile ts’epo فَٱنظُرۡ إِلَىٰٓ ءَاثَٰرِ رَحۡمَتِ ٱللَّهِ كَيۡفَ يُحۡيِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ ذَٰلِكَ لَمُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰۖ وَهُوَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ٥٠Lemohang ke hona likhopotso tsa Mohau oa Allah! – Kamoo a tsosang lefats’e kateng kamor’a hoba le shoe. Hobane Ruri! Ke Eena Ea tla tsosa bafu, U na le matla holima lintho tsohle وَلَئِنۡ أَرۡسَلۡنَا رِيحًا فَرَأَوۡهُ مُصۡفَرًّا لَّظَلُّواْ مِنۢ بَعۡدِهِۦ يَكۡفُرُونَ ٥١Leha eba Re ka romella phefo; ba e bona e sehlefetse, Ruri! ba tla ‘neba tsitlalle nyefolong ea bona ea tumelo فَإِنَّكَ لَا تُسۡمِعُ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَلَا تُسۡمِعُ ٱلصُّمَّ ٱلدُّعَآءَ إِذَا وَلَّوۡاْ مُدۡبِرِينَ ٥٢Hobane Ruri! Haele u ke ke oa etsa hore bafu ba utloe, kapa hona ho etsa hore litholo li utloe pitso nakong eo ba furallang وَمَآ أَنتَ بِهَٰدِ ٱلۡعُمۡيِ عَن ضَلَٰلَتِهِمۡۖ إِن تُسۡمِعُ إِلَّا مَن يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا فَهُم مُّسۡلِمُونَ ٥٣Kapa hona ho tataisetsa lifofu ho khutla phosong ea tsona. Ha ho mang, kapa mang eo u ka etsang hore a utloe haese ba- kholoang Lits’enolong tsa Rona le ho ithpalatsa ۞ ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَكُم مِّن ضَعۡفٍ ثُمَّ جَعَلَ مِنۢ بَعۡدِ ضَعۡفٍ قُوَّةً ثُمَّ جَعَلَ مِنۢ بَعۡدِ قُوَّةٍ ضَعۡفًا وَشَيۡبَةًۚ يَخۡلُقُ مَا يَشَآءُۚ وَهُوَ ٱلۡعَلِيمُ ٱلۡقَدِيرُ ٥٤Ke Allah Ea le hlotseng ka mokhoa le fokola, eaba U le fa matla kamor’a bofokoli, kamor’a matla o boetse U fane ka bofokoli le moriri o moputsoa. Etsoe U hlola seo A se ratang. Ke Eena Ea nang le tsebo eohle, le matla Oohle وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يُقۡسِمُ ٱلۡمُجۡرِمُونَ مَا لَبِثُواْ غَيۡرَ سَاعَةٍۚ كَذَٰلِكَ كَانُواْ يُؤۡفَكُونَ ٥٥Mohla letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa ka lona, ba molato ba tla ikana ka hore ba ile ba lula feela hora lefats’eng: ke kamoo ba khelohileng kateng وَقَالَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ وَٱلۡإِيمَٰنَ لَقَدۡ لَبِثۡتُمۡ فِي كِتَٰبِ ٱللَّهِ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡبَعۡثِۖ فَهَٰذَا يَوۡمُ ٱلۡبَعۡثِ وَلَٰكِنَّكُمۡ كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ ٥٦Empa ba filoeng tsebo le tumelo ba tla re: “‘Ruri le lutse ho fihlela letsatsi la tsoho tlas’a pallo ea Allah. Lena ke Letsatsi la Tsoho, empa le ne le sa tsebe.” فَيَوۡمَئِذٍ لَّا يَنفَعُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ مَعۡذِرَتُهُمۡ وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ ٥٧Mohla letsatsi leo, lits’oarelo tsa ba entseng bobe li ke ke tsa thusa letho, kapa hona hore e be ba ka meng’oa ho inyatsa وَلَقَدۡ ضَرَبۡنَا لِلنَّاسِ فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ مِن كُلِّ مَثَلٍۚ وَلَئِن جِئۡتَهُم بِـَٔايَةٍ لَّيَقُولَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا مُبۡطِلُونَ ٥٨Ruri! Re fane ka lipapiso tsa mefuta eohle kahar’a Qura’n molemong oa batho; leha eba u ka tla ho bona ka mohlolo ofe kapa ofe, Ruri! mahana-tumelo ba tla re ho ba-kholoang: “Ha le bue letho haese masaoana.” كَذَٰلِكَ يَطۡبَعُ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ ٥٩Ke kamoo Allah a kabileng lipelo tsaba hlokang kutloisiso kateng فَٱصۡبِرۡ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّۖ وَلَا يَسۡتَخِفَّنَّكَ ٱلَّذِينَ لَا يُوقِنُونَ ٦٠Kahoo tsitlallela ka mamello: Ruri! Ts’episo ea Allah ke ‘nete: u se lumelle ba hlokang tumelo ho u sisinya

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.