ملة الإسلام

السورة 32 · 30 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة السجدة باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة السجدة (1,287 قارئاً)
مكيةسورة السجدة٣٠ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

الٓمٓ ١Alif. Lam. Mim تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ لَا رَيۡبَ فِيهِ مِن رَّبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٢Ts’enolo ea Lengolo leo ho seng khoao ho lona, – le tsoang ho Mong`a Mafats’e أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۚ بَلۡ هُوَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ لِتُنذِرَ قَوۡمًا مَّآ أَتَىٰهُم مِّن نَّذِيرٍ مِّن قَبۡلِكَ لَعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ ٣Kapa ba re: “O iqapetse lona?” Che, ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, hore u tle u hlokomelise batho bao ho sa kang haeba le mohlokomelisi ea ileng a tla ho bona pele ho uena, hore ba tle ba amohele tataiso ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ مَا لَكُم مِّن دُونِهِۦ مِن وَلِيٍّ وَلَا شَفِيعٍۚ أَفَلَا تَتَذَكَّرُونَ ٤Ke Allah Ea hlotseng maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ka matsatsi a ts’eletseng. U tsepame ka tieo Teroneng. Ntle ho eena ha le na ea ka le ts’ireletsang kapa eena ‘muelli. Na le sa tla ke le amohele khalemo يُدَبِّرُ ٱلۡأَمۡرَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ثُمَّ يَعۡرُجُ إِلَيۡهِ فِي يَوۡمٍ كَانَ مِقۡدَارُهُۥٓ أَلۡفَ سَنَةٍ مِّمَّا تَعُدُّونَ ٥U laola litaba tsohle tse lefat`seng le leholimong; pheletsong tsohle lit la boela ho Eena ka letsatsi, leo khakanyo ea mohopolo oa lona e leng lilemo tse sekete ذَٰلِكَ عَٰلِمُ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ٦Ke Eena Eo, Motsibi oa tsohle tse patiloeng le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang ٱلَّذِيٓ أَحۡسَنَ كُلَّ شَيۡءٍ خَلَقَهُۥۖ وَبَدَأَ خَلۡقَ ٱلۡإِنسَٰنِ مِن طِينٍ ٧Eena Ea entseng lintho tsohle ka tseo A li hlotseng ka botle, A simolla tlholeho ea motho ka letsopa ثُمَّ جَعَلَ نَسۡلَهُۥ مِن سُلَٰلَةٍ مِّن مَّآءٍ مَّهِينٍ ٨A etsa peo ea motho ka lehloele le eisehang ثُمَّ سَوَّىٰهُ وَنَفَخَ فِيهِ مِن رُّوحِهِۦۖ وَجَعَلَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَۚ قَلِيلًا مَّا تَشۡكُرُونَ ٩Eaba U oa mo ntlafatsa, A bululela moea oa Hae ka ho eena; A le neha kutlo, pono le lipelo, empa lona le fana ka liteboho tse fokolang وَقَالُوٓاْ أَءِذَا ضَلَلۡنَا فِي ٱلۡأَرۡضِ أَءِنَّا لَفِي خَلۡقٍ جَدِيدِۭۚ بَلۡ هُم بِلِقَآءِ رَبِّهِمۡ كَٰفِرُونَ ١٠Ba bile ba re: “Na ha re lahlehile lefats’eng, re ka boela ra hlooloa joang hape?” Empa ba hloka tumelo ka kopano le Mong`a bona ۞ قُلۡ يَتَوَفَّىٰكُم مَّلَكُ ٱلۡمَوۡتِ ٱلَّذِي وُكِّلَ بِكُمۡ ثُمَّ إِلَىٰ رَبِّكُمۡ تُرۡجَعُونَ ١١E re: “Lenyeloi la Lefu, le ikarabellang ho lona, le tla nka meea ea lona: le tla khobokang’a ka pela Mong`a lona.” وَلَوۡ تَرَىٰٓ إِذِ ٱلۡمُجۡرِمُونَ نَاكِسُواْ رُءُوسِهِمۡ عِندَ رَبِّهِمۡ رَبَّنَآ أَبۡصَرۡنَا وَسَمِعۡنَا فَٱرۡجِعۡنَا نَعۡمَلۡ صَٰلِحًا إِنَّا مُوقِنُونَ ١٢Hoja ebe le ne le tla bona nakong eo ba molato ba kebisitseng lihlooho tsa bona kateng kapel’a Mong`a bona, ba ntse ba re: “Mong`a rona! Hajoale re bone, e bile re utloile, kahoo re busetse morao; re na le bo-’nete ba hore re tla phetha toka: hobane ruri rea kholoa.” وَلَوۡ شِئۡنَا لَأٓتَيۡنَا كُلَّ نَفۡسٍ هُدَىٰهَا وَلَٰكِنۡ حَقَّ ٱلۡقَوۡلُ مِنِّي لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنَ ٱلۡجِنَّةِ وَٱلنَّاسِ أَجۡمَعِينَ ١٣Hoja Re ne Re ratile joalo, Re ka be Re tataisitse meea eohle: empa Lentsoe la Ka le tla phethahala: “Ke tla tlatsa Lihele ka Li-Jinn le batho ha ‘moho فَذُوقُواْ بِمَا نَسِيتُمۡ لِقَآءَ يَوۡمِكُمۡ هَٰذَآ إِنَّا نَسِينَٰكُمۡۖ وَذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡخُلۡدِ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ١٤Kahoo, latsoang – Hobane le ile la Lebala Kopano ea Letsatsi lena la lona, Le rona Re tla le Lebala – latsoang kahlolo e sa Feleng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe إِنَّمَا يُؤۡمِنُ بِـَٔايَٰتِنَا ٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِّرُواْ بِهَا خَرُّواْۤ سُجَّدًاۤ وَسَبَّحُواْ بِحَمۡدِ رَبِّهِمۡ وَهُمۡ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ ۩ ١٥Ke feela ba-kholoang Lits’enolong tsa Rona, bao e reng ha ba hopotsoa ka tsona e beba oela fats’e ka boithapalatso, le hona ho pheta lithoriso tsa Mong`a bona, ba hloka boikhants’o تَتَجَافَىٰ جُنُوبُهُمۡ عَنِ ٱلۡمَضَاجِعِ يَدۡعُونَ رَبَّهُمۡ خَوۡفًا وَطَمَعًا وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ ١٦Ba siea mealo ea bona molemong oa ho bitsa ho Mong`a bona ka Ts’abo le ka Ts’epo, ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona فَلَا تَعۡلَمُ نَفۡسٌ مَّآ أُخۡفِيَ لَهُم مِّن قُرَّةِ أَعۡيُنٍ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ١٧Ha ho motho ea tsebang seo a se patetsoeng le se thabisang molemong oa hae, – ele moputso oa seo a neng a se etsa أَفَمَن كَانَ مُؤۡمِنًا كَمَن كَانَ فَاسِقًاۚ لَّا يَسۡتَوُۥنَ ١٨Na motho ea kholoang a ka ts’oana le’a phelang ka bobe? Ha ba ts’oane أَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَلَهُمۡ جَنَّٰتُ ٱلۡمَأۡوَىٰ نُزُلَۢا بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ١٩Empa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, Lirapa tsa phomolo ke mahae a bona – e le moputso oa liketso tsa bona وَأَمَّا ٱلَّذِينَ فَسَقُواْ فَمَأۡوَىٰهُمُ ٱلنَّارُۖ كُلَّمَآ أَرَادُوٓاْ أَن يَخۡرُجُواْ مِنۡهَآ أُعِيدُواْ فِيهَا وَقِيلَ لَهُمۡ ذُوقُواْ عَذَابَ ٱلنَّارِ ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ ٢٠Haele mahana-puso le ba khopo, phomolo ea bona ke mollong. Ka linako tsohle ha ba lakatsa ho tsoa kamoo, ba tla sutuletsoa kateng. Ho tla thoe ho bona: “Latsoang kahlolo ea mollo oo le neng le o latola e le leshano.” وَلَنُذِيقَنَّهُم مِّنَ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَدۡنَىٰ دُونَ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَكۡبَرِ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ ٢١Ruri! Re tla etsa hore ba latsoe kahlolo lefats’eng lena pele ho e Boima, hore ba tle ba khutle mekhoeng وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن ذُكِّرَ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦ ثُمَّ أَعۡرَضَ عَنۡهَآۚ إِنَّا مِنَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ مُنتَقِمُونَ ٢٢Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea kileng a hopotsoa lits’enolo tsa Mong`a hae, e be hamorao o’a li koenehela. Ruri! Re tla ahlola ba molato وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ فَلَا تَكُن فِي مِرۡيَةٍ مِّن لِّقَآئِهِۦۖ وَجَعَلۡنَٰهُ هُدًى لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٢٣Ruri! Re ile Ra neha Moshe Lengolo; kahoo, le se be le khoao ho le amohela; Re ile Ra le hlophisa e le tataiso ho Bana ba Israele وَجَعَلۡنَا مِنۡهُمۡ أَئِمَّةً يَهۡدُونَ بِأَمۡرِنَا لَمَّا صَبَرُواْۖ وَكَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يُوقِنُونَ ٢٤Eitse hoba ba be le tjantjello ba bile ba lumetse ka tieo lits’enolong tsa Rona, Re ile Ra thonya baetapele har’a bona ba neng ba ba tataisa ka taelo ea Rona إِنَّ رَبَّكَ هُوَ يَفۡصِلُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ٢٥Ruri Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo likhohlano tsa bona أَوَلَمۡ يَهۡدِ لَهُمۡ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِن قَبۡلِهِم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ يَمۡشُونَ فِي مَسَٰكِنِهِمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍۚ أَفَلَا يَسۡمَعُونَ ٢٦Na ha se tataiso hore ba hlahlobe kamoo Re ileng Ra ripitla matlobo kateng pele ho bona, ao ba tsamaeang lithakong tsa ona? Ruri! Lengolo leo le jere lits’upiso kahar’a lona! Na ba sa tla ke ba utloe أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا نَسُوقُ ٱلۡمَآءَ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ ٱلۡجُرُزِ فَنُخۡرِجُ بِهِۦ زَرۡعًا تَأۡكُلُ مِنۡهُ أَنۡعَٰمُهُمۡ وَأَنفُسُهُمۡۚ أَفَلَا يُبۡصِرُونَ ٢٧Na ha ba bone kamoo Re theolelang pula lefats’eng le omeletseng, eo ka eona Re hlahisang lijalo tseo e leng lijo ho liphoofolo tsa bona le ho bona? Ana ha ba na pono وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡفَتۡحُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٢٨Ba re: “Ke neng Qeto eo ea lona e tlang ho tla haeba le na le ‘nete?” قُلۡ يَوۡمَ ٱلۡفَتۡحِ لَا يَنفَعُ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِيمَٰنُهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ ٢٩E re: “Mohla letsatsi la Qeto, ha ho kuno ho mahana-tumelo le ha ba ka kholoa, kapa hona ho nyehlisetsoa.” فَأَعۡرِضۡ عَنۡهُمۡ وَٱنتَظِرۡ إِنَّهُم مُّنتَظِرُونَ ٣٠Kahoo ba furalle, u lete. Le bona ba lete

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.