ملة الإسلام

السورة 41 · 54 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة فصلت باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة فصلت (1,201 قارئاً)
مكيةسورة فصلت٥٤ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

حمٓ ١Ha. Mim تَنزِيلٌ مِّنَ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ ٢Ts’enolo e tsoang, ho Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang; – كِتَٰبٌ فُصِّلَتۡ ءَايَٰتُهُۥ قُرۡءَانًا عَرَبِيًّا لِّقَوۡمٍ يَعۡلَمُونَ ٣Ke Lengolo le jereng likhaolo tse manolotsoeng ka botlalo, Qura’n ea Se-Arab, molemong oa batho ba utloisisang; – بَشِيرًا وَنَذِيرًا فَأَعۡرَضَ أَكۡثَرُهُمۡ فَهُمۡ لَا يَسۡمَعُونَ ٤E fanang ka Litaba tse Molemo le Khalemo: Empa bongata ba bona bo ea furalla, Kahoo ha ba utloe وَقَالُواْ قُلُوبُنَا فِيٓ أَكِنَّةٍ مِّمَّا تَدۡعُونَآ إِلَيۡهِ وَفِيٓ ءَاذَانِنَا وَقۡرٌ وَمِنۢ بَيۡنِنَا وَبَيۡنِكَ حِجَابٌ فَٱعۡمَلۡ إِنَّنَا عَٰمِلُونَ ٥Ba re: “Lipelo tsa rona li sireletsehile, ho seo u re memelang ho sona, ebile litsebe tsa rona li kabiloe, ho teng lesira lipakeng tsa rona le uena. Kahoo, etsa kamoo u etsang, le rona re tla etsa kamoo re etsang.” قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌ فَٱسۡتَقِيمُوٓاْ إِلَيۡهِ وَٱسۡتَغۡفِرُوهُۗ وَوَيۡلٌ لِّلۡمُشۡرِكِينَ ٦E re: “‘Na ke mpa ke le motho ea joaloka lona: Ke susumelitsoe ka hore `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, kahoo tsitlallelang ka ‘nete ho Eena, le kope ts’oarelo ea Hae.” Sekhobo se aparele ba kopanyang Allah le melingoana, – ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡتُونَ ٱلزَّكَوٰةَ وَهُم بِٱلۡأٓخِرَةِ هُمۡ كَٰفِرُونَ ٧Ba sa faneng ka linyehelo kamehla, ba sa kholoeng bophelong Bo-tlang إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُمۡ أَجۡرٌ غَيۡرُ مَمۡنُونٍ ٨Ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, moputso o sa feleng ke oa bona ۞ قُلۡ أَئِنَّكُمۡ لَتَكۡفُرُونَ بِٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَرۡضَ فِي يَوۡمَيۡنِ وَتَجۡعَلُونَ لَهُۥٓ أَندَادًاۚ ذَٰلِكَ رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٩E re: “Ruri! Na le latola Ea hlotseng lefats’e ka matsatsi a mabeli? Le mo kopanya le batlatsetsi? Ke Eena Mong`a Mafats’e وَجَعَلَ فِيهَا رَوَٰسِيَ مِن فَوۡقِهَا وَبَٰرَكَ فِيهَا وَقَدَّرَ فِيهَآ أَقۡوَٰتَهَا فِيٓ أَرۡبَعَةِ أَيَّامٍ سَوَآءً لِّلسَّآئِلِينَ ١٠U hlomamisitse Lithaba tse tsepameng holim’a lefat`se, A ts’ollela mahlohonolo holima lefats’e, le ho etsa tsohle tse fanang ka phepo ho lona ka matsatsi a mane, ka ho lekana le bohle ba kopang ho latela lithloko ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰٓ إِلَى ٱلسَّمَآءِ وَهِيَ دُخَانٌ فَقَالَ لَهَا وَلِلۡأَرۡضِ ٱئۡتِيَا طَوۡعًا أَوۡ كَرۡهًا قَالَتَآ أَتَيۡنَا طَآئِعِينَ ١١A bolella leholimong nakong eo ho neng ho kuba mosi, eaba U re ho leholimo le lefats’e: “Raohang ka bobeli, le ratang kapa le sa rateng.” Eaba a re: “Re’a raoha ka boithapalatso.” فَقَضَىٰهُنَّ سَبۡعَ سَمَٰوَاتٍ فِي يَوۡمَيۡنِ وَأَوۡحَىٰ فِي كُلِّ سَمَآءٍ أَمۡرَهَاۚ وَزَيَّنَّا ٱلسَّمَآءَ ٱلدُّنۡيَا بِمَصَٰبِيحَ وَحِفۡظًاۚ ذَٰلِكَ تَقۡدِيرُ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡعَلِيمِ ١٢U ile A a phetha e le maholimo a supileng ka matsatsi a mabeli, A ba A hlophisetsa leholimo ka leng taelo ea lona; eaba Re khabisa leholimo le ka tlase ka mabone le ho le sireletsa ka molebeli. Oo ke morero oa Ea Matla Oohle, Ea Tsetseng Tsebo فَإِنۡ أَعۡرَضُواْ فَقُلۡ أَنذَرۡتُكُمۡ صَٰعِقَةً مِّثۡلَ صَٰعِقَةِ عَادٍ وَثَمُودَ ١٣Empa haeba ba u furalla, u re: “Ke le eletsa ka Kahlolo e ts’oanang le e ileng ea oela meloko a Ba-Ad le Ba – Thamud.” إِذۡ جَآءَتۡهُمُ ٱلرُّسُلُ مِنۢ بَيۡنِ أَيۡدِيهِمۡ وَمِنۡ خَلۡفِهِمۡ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّا ٱللَّهَۖ قَالُواْ لَوۡ شَآءَ رَبُّنَا لَأَنزَلَ مَلَٰٓئِكَةً فَإِنَّا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ كَٰفِرُونَ ١٤Baromuoa ba ile ba fihla ho bona ka mahlakore ohle, ba re: “Sebeletsang Allah A Inotsi!” Ba re: “Hoja e bile thato ea Mong`a rona, A ke be A re romeletse manyeloi; kahoo, ha re na ho lumela ho seo uena u romeletsoeng ka sona.” فَأَمَّا عَادٌ فَٱسۡتَكۡبَرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّ وَقَالُواْ مَنۡ أَشَدُّ مِنَّا قُوَّةًۖ أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ ٱلَّذِي خَلَقَهُمۡ هُوَ أَشَدُّ مِنۡهُمۡ قُوَّةًۖ وَكَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يَجۡحَدُونَ ١٥Joale Ba-Ad ba ile ba ikhohomosa lefats’eng khahlanong le ‘nete le toka, ba re: “Ke mang ea leng matla ho re feta?” Eng! Ba ne ba sa tsebe hore Allah ea ba hlotseng, ke Eena Ea Matla ho ba feta? Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona فَأَرۡسَلۡنَا عَلَيۡهِمۡ رِيحًا صَرۡصَرًا فِيٓ أَيَّامٍ نَّحِسَاتٍ لِّنُذِيقَهُمۡ عَذَابَ ٱلۡخِزۡيِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَخۡزَىٰۖ وَهُمۡ لَا يُنصَرُونَ ١٦Kahoo, Re ile Ra ba nehella ka setsokotsane sa lisuoa matsatsing a nyonyehang; hore Re ba latsoise kahlolo e tlontlollang bophelong ba lefats’e lena. Empa Kahlolo ea bophelo Bo-tlang eona, etla ba e soabisang ka ho fetisisa; ba ke ke ba fumana thuso وَأَمَّا ثَمُودُ فَهَدَيۡنَٰهُمۡ فَٱسۡتَحَبُّواْ ٱلۡعَمَىٰ عَلَى ٱلۡهُدَىٰ فَأَخَذَتۡهُمۡ صَٰعِقَةُ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡهُونِ بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ١٧Ba-Thamud, Re ile Ra ba neha tataiso; empa ba ile ba ikhethela bofofu ho ena le tataiso, kahoo lealuma la kahlolo e soabisang le ile la ba ripitla ho latela tseo ba neng ba li etsa وَنَجَّيۡنَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَكَانُواْ يَتَّقُونَ ١٨Empa Re ile Ra pholosa bohle ba neng ba kholoa, ba bile ba etsa tse ntle وَيَوۡمَ يُحۡشَرُ أَعۡدَآءُ ٱللَّهِ إِلَى ٱلنَّارِ فَهُمۡ يُوزَعُونَ ١٩Letsatsing leo ka lona lira tsa Allah li khobokang’oa ‘moho ho ea Mollong, ba qhojoa ka tatellano حَتَّىٰٓ إِذَا مَا جَآءُوهَا شَهِدَ عَلَيۡهِمۡ سَمۡعُهُمۡ وَأَبۡصَٰرُهُمۡ وَجُلُودُهُم بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٢٠Khabareng ha ba finyella ho ona, litsebe le mahlo le matlalo a bona; li tla paka khahlanong le bona ka tseo ba neng ba li etsa وَقَالُواْ لِجُلُودِهِمۡ لِمَ شَهِدتُّمۡ عَلَيۡنَاۖ قَالُوٓاْ أَنطَقَنَا ٱللَّهُ ٱلَّذِيٓ أَنطَقَ كُلَّ شَيۡءٍۚ وَهُوَ خَلَقَكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةٍ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ٢١Ba tla re ho matlalo a bona: “Hobaneng ha le fana ka bopaki khahlanong le rona?” Matlalo a tla re: “Allah U re nehile puo, joaloka ha A fana ka puo ho tsohle, Ea le hlotseng mathomong; le tla boela ho Eena.” وَمَا كُنتُمۡ تَسۡتَتِرُونَ أَن يَشۡهَدَ عَلَيۡكُمۡ سَمۡعُكُمۡ وَلَآ أَبۡصَٰرُكُمۡ وَلَا جُلُودُكُمۡ وَلَٰكِن ظَنَنتُمۡ أَنَّ ٱللَّهَ لَا يَعۡلَمُ كَثِيرًا مِّمَّا تَعۡمَلُونَ ٢٢“Le ne le sa ipate, mohlaope kutlo, pono le matlao a lona a tla paka khahlanong le lona! Empa le ne le nahana hore Allah ha A tsebe lintho tseo le neng le li etsa وَذَٰلِكُمۡ ظَنُّكُمُ ٱلَّذِي ظَنَنتُم بِرَبِّكُمۡ أَرۡدَىٰكُمۡ فَأَصۡبَحۡتُم مِّنَ ٱلۡخَٰسِرِينَ ٢٣“Empa monahano oo oa lona oo le neng le o nahanne ka Mong`a lona, o le isetse tahlehong; joale le har’a ba lahlehileng!” فَإِن يَصۡبِرُواْ فَٱلنَّارُ مَثۡوًى لَّهُمۡۖ وَإِن يَسۡتَعۡتِبُواْ فَمَا هُم مِّنَ ٱلۡمُعۡتَبِينَ ٢٤Le haeba ba na le mamello, Mollo e tla ba lehae la bona; le haeba ba ka kopa molemo, ba ke ke ba fuoa molemo ۞ وَقَيَّضۡنَا لَهُمۡ قُرَنَآءَ فَزَيَّنُواْ لَهُم مَّا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَحَقَّ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلُ فِيٓ أُمَمٍ قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهِم مِّنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِۖ إِنَّهُمۡ كَانُواْ خَٰسِرِينَ ٢٥Re ba hlophiselitse balekane, ba entseng hore liketso tseo ba li entseng khale le joale, li shebahele li khahla mahlong a bona; kahlolo har’a lichaba tsa Li-Jinn le batho ba seng ba fetile pele ho bona, le tla phethahatsoa khahlanong le bona. Hobane ba lahlehile ka’nete وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَا تَسۡمَعُواْ لِهَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ وَٱلۡغَوۡاْ فِيهِ لَعَلَّكُمۡ تَغۡلِبُونَ ٢٦Mahana-tumelo ba re: “Le se mamele Qura’n ena, empa le qoqe nakong eo e phetoang; hore le tle le be bahloli.” فَلَنُذِيقَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ عَذَابًا شَدِيدًا وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَسۡوَأَ ٱلَّذِي كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٢٧Empa Re tla neha mahana-tumelo tatso ea kahlolo e ts’abehang, Re tla ba phetetsa ka se hlaaha ho feta tseo ba neng ba etsa ذَٰلِكَ جَزَآءُ أَعۡدَآءِ ٱللَّهِ ٱلنَّارُۖ لَهُمۡ فِيهَا دَارُ ٱلۡخُلۡدِ جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ بِـَٔايَٰتِنَا يَجۡحَدُونَ ٢٨Mollo – Ke moputso oa Allah ho lira tsa Hae. Ka hare ho ona ke lehae la bona le sa feleng, e le moputso ho latela kamoo ba neng ba nyefola lits’enolo tsa Rona kateng وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ رَبَّنَآ أَرِنَا ٱلَّذَيۡنِ أَضَلَّانَا مِنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِ نَجۡعَلۡهُمَا تَحۡتَ أَقۡدَامِنَا لِيَكُونَا مِنَ ٱلۡأَسۡفَلِينَ ٢٩Mahana-tumelo ba tla re: “Mong`a rona! Re bonts’e ba neng ba re eka har’a li-Jinn le batho. Re tla ba phets’ela ka maoto a rona, hore ba tle ba be har’a ba eisehang.” إِنَّ ٱلَّذِينَ قَالُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُ ثُمَّ ٱسۡتَقَٰمُواْ تَتَنَزَّلُ عَلَيۡهِمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَلَّا تَخَافُواْ وَلَا تَحۡزَنُواْ وَأَبۡشِرُواْ بِٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ ٣٠Ho ba reng: “Mong`a rona ke Allah”, e be kamor’a moo ba ea topa; manyeloi a tla theohela ho bona, a re: “Le se ts’ohe letho; empa amohelang litaba tse molemo tsa Serapa seo le se ts’episitsoeng نَحۡنُ أَوۡلِيَآؤُكُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۖ وَلَكُمۡ فِيهَا مَا تَشۡتَهِيٓ أَنفُسُكُمۡ وَلَكُمۡ فِيهَا مَا تَدَّعُونَ ٣١“Re basireletsi ba lona bophelong ba lefats’e lena le bophelong bo-tlang. Moo le tlang ho fumana tsohle tseo meea ea lona e li labalabelang, le tla fumana lintho tsohle tseo le li kopang نُزُلًا مِّنۡ غَفُورٍ رَّحِيمٍ ٣٢“Mpho ea kamohelo e tsoang ho Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau.” وَمَنۡ أَحۡسَنُ قَوۡلًا مِّمَّن دَعَآ إِلَى ٱللَّهِ وَعَمِلَ صَٰلِحًا وَقَالَ إِنَّنِي مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ ٣٣Ke mang ea khahlang puong ho feta ea bitsetsang batho ho Mong`a hae le hona ho etsa toka, a re: “Le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.” وَلَا تَسۡتَوِي ٱلۡحَسَنَةُ وَلَا ٱلسَّيِّئَةُۚ ٱدۡفَعۡ بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ فَإِذَا ٱلَّذِي بَيۡنَكَ وَبَيۡنَهُۥ عَدَٰوَةٌ كَأَنَّهُۥ وَلِيٌّ حَمِيمٌ ٣٤Kapa Botle bo ts’oane le Bobe. Phetetsa ketso e mpe ka e lokileng, e le hore eo lipakeng tsa lona le eena ho nang le qoaketsano a tle a fetohe motsoalle oa hau وَمَا يُلَقَّىٰهَآ إِلَّا ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَمَا يُلَقَّىٰهَآ إِلَّا ذُو حَظٍّ عَظِيمٍ ٣٥Ha ho ea tla fuoa boemo bo phahameng haese feela ba nang le mamello le tiisetso, ha ho ope kantle ho ba mokhoa o babatsehang وَإِمَّا يَنزَغَنَّكَ مِنَ ٱلشَّيۡطَٰنِ نَزۡغٌ فَٱسۡتَعِذۡ بِٱللَّهِۖ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ ٣٦Haeba ho ka ba le tlhohloletso ea qabang khahlanong le uena ke Ea Mobe, kopa ts’ireletso ho Allah. Ke Eena Ea utloang, Ea tsebang tsohle وَمِنۡ ءَايَٰتِهِ ٱلَّيۡلُ وَٱلنَّهَارُ وَٱلشَّمۡسُ وَٱلۡقَمَرُۚ لَا تَسۡجُدُواْ لِلشَّمۡسِ وَلَا لِلۡقَمَرِ وَٱسۡجُدُواْۤ لِلَّهِۤ ٱلَّذِي خَلَقَهُنَّ إِن كُنتُمۡ إِيَّاهُ تَعۡبُدُونَ ٣٧Har’a Lits’upiso tsa Hae ke Bosiu le Mots’eare, le Letsatsi le Ngoeli. Le se rapele Letsatsi le Ngoeli; empa le rapele Allah Ea li hlotseng, haeba ka ‘nete e le Eena Eo le lakatsang ho Mo sebeletsa فَإِنِ ٱسۡتَكۡبَرُواْ فَٱلَّذِينَ عِندَ رَبِّكَ يُسَبِّحُونَ لَهُۥ بِٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَهُمۡ لَا يَسۡـَٔمُونَ ۩ ٣٨Empa haeba ba ikhohomosa – Ruri! ba nang le Mong`a hau ba lutes ba mo tlotlisa bosiu le mots’eare, ha ba khathale وَمِنۡ ءَايَٰتِهِۦٓ أَنَّكَ تَرَى ٱلۡأَرۡضَ خَٰشِعَةً فَإِذَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهَا ٱلۡمَآءَ ٱهۡتَزَّتۡ وَرَبَتۡۚ إِنَّ ٱلَّذِيٓ أَحۡيَاهَا لَمُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰٓۚ إِنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ٣٩Har’a Lits’upiso tsa Hae ho teng sena: u bona lefats’e le omeletse, empa nakong eo Re romellang pula holim’a lona, le folofela bophelong, e be le melisa lijalo. Ruri! Eo Ea le nehileng bophelo, ke Eena Ea tsosang bafu. Hobane U na le matla holim‘a lintho tsohle إِنَّ ٱلَّذِينَ يُلۡحِدُونَ فِيٓ ءَايَٰتِنَا لَا يَخۡفَوۡنَ عَلَيۡنَآۗ أَفَمَن يُلۡقَىٰ فِي ٱلنَّارِ خَيۡرٌ أَم مَّن يَأۡتِيٓ ءَامِنًا يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ ٱعۡمَلُواْ مَا شِئۡتُمۡ إِنَّهُۥ بِمَا تَعۡمَلُونَ بَصِيرٌ ٤٠Ba fetolelang ‘Nete Lits’enolong tsa rona bona, ha ba pateha ho Rona. Ke mang ea hantle? Ke ea lahleloang mollong, kapa ea tsoellang a ts’ireletsehile, mohla Letsatsi la Kahlolo? Etsang kamoo etsang. Ruri! U bona tsohle tseo le li etsang إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِٱلذِّكۡرِ لَمَّا جَآءَهُمۡۖ وَإِنَّهُۥ لَكِتَٰبٌ عَزِيزٌ ٤١Ba latolang Molaetsa ha o fihla ho bona(ha ba ea pateha ho Rona); Ruri! ke Lengolo le hlomphehang لَّا يَأۡتِيهِ ٱلۡبَٰطِلُ مِنۢ بَيۡنِ يَدَيۡهِ وَلَا مِنۡ خَلۡفِهِۦۖ تَنزِيلٌ مِّنۡ حَكِيمٍ حَمِيدٍ ٤٢Mashano a ke ke a atamela haufi le eona kapele kapa ka morao ho eona. Le rometsoe ke Ea Seli ka ho Fetisisa, Ea Ts’oanetsoeng ke Lithoriso tsohle مَّا يُقَالُ لَكَ إِلَّا مَا قَدۡ قِيلَ لِلرُّسُلِ مِن قَبۡلِكَۚ إِنَّ رَبَّكَ لَذُو مَغۡفِرَةٍ وَذُو عِقَابٍ أَلِيمٍ ٤٣Ha ho se ke keng sa buoa ho uena se sa kang sa buoa ho baromuoa ba bileng teng pele ho uena. Hore Mong`a hau, ke Mong`a ts’oarelo le Eena Mong`a kahlolo e t`sabehang وَلَوۡ جَعَلۡنَٰهُ قُرۡءَانًا أَعۡجَمِيًّا لَّقَالُواْ لَوۡلَا فُصِّلَتۡ ءَايَٰتُهُۥٓۖ ءَا۬عۡجَمِيٌّ وَعَرَبِيٌّۗ قُلۡ هُوَ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْ هُدًى وَشِفَآءٌۚ وَٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ فِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرٌ وَهُوَ عَلَيۡهِمۡ عَمًىۚ أُوْلَٰٓئِكَ يُنَادَوۡنَ مِن مَّكَانِۭ بَعِيدٍ ٤٤Hoja e be Re hlophisitse Qura’n ka leleme lesele ho Se-Arab, ba ne ba tla re: “Hobaneng likhaolo tsa eona li sa manolloa ka botlalo? Eng! E seng ka Se-Arab le moromuoa oa mo-Arab? – E re: “Ke tataiso le pheko ho ba-kholoang; ho ba kholoeng, litsebe tsa bona li kibane, ba bile ba foufetse. Ba joalo, ke ba hlahlathelang hole!” وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ فَٱخۡتُلِفَ فِيهِۚ وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَقُضِيَ بَيۡنَهُمۡۚ وَإِنَّهُمۡ لَفِي شَكٍّ مِّنۡهُ مُرِيبٍ ٤٥Re ile Ra neha Moshe Lengolo, empa ho bile le likhang mabapi le lona; hoja e se ke ea eba ka lentsoe le ileng la tla pele le hlaha ho Mong`a hau, likhang tsa bona li ka be li ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa leha joale ba sa na le khoao e nyahamisang مَّنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَنۡ أَسَآءَ فَعَلَيۡهَاۗ وَمَا رَبُّكَ بِظَلَّٰمٍ لِّلۡعَبِيدِ ٤٦Mong le mong ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae le ea etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le ona. Mong`a hau ha A na bokhopo ho makhabunyane a Hae

الجزء الخامس والعشرون

۞ إِلَيۡهِ يُرَدُّ عِلۡمُ ٱلسَّاعَةِۚ وَمَا تَخۡرُجُ مِن ثَمَرَٰتٍ مِّنۡ أَكۡمَامِهَا وَمَا تَحۡمِلُ مِنۡ أُنثَىٰ وَلَا تَضَعُ إِلَّا بِعِلۡمِهِۦۚ وَيَوۡمَ يُنَادِيهِمۡ أَيۡنَ شُرَكَآءِي قَالُوٓاْ ءَاذَنَّٰكَ مَا مِنَّا مِن شَهِيدٍ ٤٧Allah ke Eena feela Ea nang le tsebo Ea hora ea Kahlolo. Ha ho litholoana tse ka thunyang ho tsoa makhapetleng a tsona le eena mosali ea ka imang, kapa a beleha ntle le tsebo ea Hae. Mohla letsatsi leo ka lona Allah A tlang ho ba botsa hore: “Ba kae batlatsetsi ba Ka?” Ba tla re: “Re ipolela ho uena, hore ha ho ope oa rona ea ka pakang.” وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَدۡعُونَ مِن قَبۡلُۖ وَظَنُّواْ مَا لَهُم مِّن مَّحِيصٍ ٤٨Melingoana eo ba neng ba bitsa ho eona pele e tla ba siea shalabeng; ba tla hlokomela hore ha ba na tsela ea ho pholoha لَّا يَسۡـَٔمُ ٱلۡإِنسَٰنُ مِن دُعَآءِ ٱلۡخَيۡرِ وَإِن مَّسَّهُ ٱلشَّرُّ فَيَـُٔوسٌ قَنُوطٌ ٤٩Motho ha a khathale ho kopa tse lokileng, empa hang ha bomalimabe bo mo oela, o lahla ts’epo, a nyahame وَلَئِنۡ أَذَقۡنَٰهُ رَحۡمَةً مِّنَّا مِنۢ بَعۡدِ ضَرَّآءَ مَسَّتۡهُ لَيَقُولَنَّ هَٰذَا لِي وَمَآ أَظُنُّ ٱلسَّاعَةَ قَآئِمَةً وَلَئِن رُّجِعۡتُ إِلَىٰ رَبِّيٓ إِنَّ لِي عِندَهُۥ لَلۡحُسۡنَىٰۚ فَلَنُنَبِّئَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِمَا عَمِلُواْ وَلَنُذِيقَنَّهُم مِّنۡ عَذَابٍ غَلِيظٍ ٥٠Empa hang ha Re mo latsoisa mohau oa Rona, kamor’a hoba mats’oenyeho a mo ame, o re: “Sena ke sa ka; ha ke nahane hore hora e sa tla hlola e tla, haeba nka busetsoa ho Mong`a ka, Ruri! Ke tla fumana molemo o fetang oona ho Eena.” Empa Re tla bonts’a mahana-tumelo ‚nete ea tseo ba neng ba li etsa, Re tla ba latsoisa kahlolo e boima وَإِذَآ أَنۡعَمۡنَا عَلَى ٱلۡإِنسَٰنِ أَعۡرَضَ وَنَـَٔا بِجَانِبِهِۦ وَإِذَا مَسَّهُ ٱلشَّرُّ فَذُو دُعَآءٍ عَرِيضٍ ٥١Ha Re sitsa motho ka molemo, o ea furalla, eba o tla ikhant`sa bo-inotsing; empa ha mats’oenyeho a mo ama, eba o tla rapela khafetsa قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كَانَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِ ثُمَّ كَفَرۡتُم بِهِۦ مَنۡ أَضَلُّ مِمَّنۡ هُوَ فِي شِقَاقِۭ بَعِيدٍ ٥٢E re: “Ak’u mpolelleng, haeba ts‘enolo ena e tsoa ho Allah, le’a e latola? Ha na ke mang ea khelohileng ka ho fetisisa ho feta ea hanyetsang?” سَنُرِيهِمۡ ءَايَٰتِنَا فِي ٱلۡأٓفَاقِ وَفِيٓ أَنفُسِهِمۡ حَتَّىٰ يَتَبَيَّنَ لَهُمۡ أَنَّهُ ٱلۡحَقُّۗ أَوَلَمۡ يَكۡفِ بِرَبِّكَ أَنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ شَهِيدٌ ٥٣Haufinyane Re tla ba bonts’a Lits’upiso tsa Rona liqoleng tsohle tsa lefats’e le ka har’a lifuba tsa bona, ho fihlela e hlahela ponts’eng ea hore ke ‘nete. Na ha ho oa lekana hore Mong`a hau ke paki holim’a lintho tsohle أَلَآ إِنَّهُمۡ فِي مِرۡيَةٍ مِّن لِّقَآءِ رَبِّهِمۡۗ أَلَآ إِنَّهُۥ بِكُلِّ شَيۡءٍ مُّحِيطُۢ ٥٤Ruri! Ba na le khooa kopanong ea bona le Mong’a bona? Ruri, Ke Eena Ea kopetseng lintho tsohle hare

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.