ملة الإسلام

السورة 71 · 28 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة نوح باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة نوح (1,290 قارئاً)
مكيةسورة نوح٢٨ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

إِنَّآ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦٓ أَنۡ أَنذِرۡ قَوۡمَكَ مِن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ١Ruri! Re ile Ra romella Nooe ho batho ba habo: “Lemosa batho ba heno esere kahlolo e mahlonoko ea tloha ea ba oela holimo قَالَ يَٰقَوۡمِ إِنِّي لَكُمۡ نَذِيرٌ مُّبِينٌ ٢A re: “Oho batho ba heso! Ruri! Ke mohlokomelisi ea totobetseng ho lona أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱتَّقُوهُ وَأَطِيعُونِ ٣“Hore le tlameha ho khumamela Allah le hona ho mo sebeletsa ka tieo, le nkutloe يَغۡفِرۡ لَكُم مِّن ذُنُوبِكُمۡ وَيُؤَخِّرۡكُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّىۚ إِنَّ أَجَلَ ٱللَّهِ إِذَا جَآءَ لَا يُؤَخَّرُۚ لَوۡ كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٤“Hore A tle A le ts’oarele libe tsa lona le hona ho lelefatsa nako ea lona ea pallo. Hobane Ruri! Nako eo pallo ea Allah e tlang, e ke ke ea liehisoa hoja le ne le tseba.” قَالَ رَبِّ إِنِّي دَعَوۡتُ قَوۡمِي لَيۡلًا وَنَهَارًا ٥A re: “Mong`a ka! Ruri! Ke ne ke etsa pitso ho batho ba heso bosiu le mots’eare فَلَمۡ يَزِدۡهُمۡ دُعَآءِيٓ إِلَّا فِرَارًا ٦Empa lipitso tsohle tsa ka ha li’a ka tsa thusa letho haese hona hore ba balehe ‘neteng وَإِنِّي كُلَّمَا دَعَوۡتُهُمۡ لِتَغۡفِرَ لَهُمۡ جَعَلُوٓاْ أَصَٰبِعَهُمۡ فِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَٱسۡتَغۡشَوۡاْ ثِيَابَهُمۡ وَأَصَرُّواْ وَٱسۡتَكۡبَرُواْ ٱسۡتِكۡبَارًا ٧“Hobane ka linako tsohle ha ke ba bitsetsa hore U tle U ba ts’oarele, ba kiba litsebe tsa bona ka menoana le hona ho ipata lifahleho ka liaparo tsa bona; ba tsitlaletse nyefolong le hona ho ikhohomosa ثُمَّ إِنِّي دَعَوۡتُهُمۡ جِهَارًا ٨“Ke ba hoelelitse ka lentsoe le phahameng ثُمَّ إِنِّيٓ أَعۡلَنتُ لَهُمۡ وَأَسۡرَرۡتُ لَهُمۡ إِسۡرَارًا ٩“Ke ile ka phatlalatsa molaetsa pooaneng ho bona; ka etsa kopo ho bona sephiring فَقُلۡتُ ٱسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّكُمۡ إِنَّهُۥ كَانَ غَفَّارًا ١٠“Ke re: kopang ts’oarelo ho Mong`a lona. Hobane U Ts’oarela ka Mehla eohle يُرۡسِلِ ٱلسَّمَآءَ عَلَيۡكُم مِّدۡرَارًا ١١“Etsoe U tla le nesetsa lipula tsa litloebelele وَيُمۡدِدۡكُم بِأَمۡوَٰلٍ وَبَنِينَ وَيَجۡعَل لَّكُمۡ جَنَّٰتٍ وَيَجۡعَل لَّكُمۡ أَنۡهَٰرًا ١٢“A le ekeletse maruo le bara; A le sitse ka Lirapa le Linoka tse phallang مَّا لَكُمۡ لَا تَرۡجُونَ لِلَّهِ وَقَارًا ١٣“Molato ke eng ka lona haele moo le hloka ts’epo ho Allah molemong oa boits’oaro bo nepahetseng وَقَدۡ خَلَقَكُمۡ أَطۡوَارًا ١٤Empa e le Eena Ea le hlotseng ka mekhahlelo e fapaneng أَلَمۡ تَرَوۡاْ كَيۡفَ خَلَقَ ٱللَّهُ سَبۡعَ سَمَٰوَٰتٍ طِبَاقًا ١٥Na ha le bone kamoo Allah a hlotseng maholimo a supileng kateng ka tatellano وَجَعَلَ ٱلۡقَمَرَ فِيهِنَّ نُورًا وَجَعَلَ ٱلشَّمۡسَ سِرَاجًا ١٦A tsepamisa ngoeli ho ba khanya leholimong le lona letsatsi ho ba lebone وَٱللَّهُ أَنۢبَتَكُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ نَبَاتًا ١٧“Ke Allah ea le hlahisitseng leroleng la lefats’e ثُمَّ يُعِيدُكُمۡ فِيهَا وَيُخۡرِجُكُمۡ إِخۡرَاجًا ١٨“Pheletsong U tla boela A le busetsa ho lona hape, U tla le tsosa hape ka Letsatsi la Tsoho وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ بِسَاطًا ١٩“Allah U le aletse lefats’e لِّتَسۡلُكُواْ مِنۡهَا سُبُلًا فِجَاجًا ٢٠“Hore le tle le hahlaule holim’a lona ka litsela tse pharaletseng.” قَالَ نُوحٌ رَّبِّ إِنَّهُمۡ عَصَوۡنِي وَٱتَّبَعُواْ مَن لَّمۡ يَزِدۡهُ مَالُهُۥ وَوَلَدُهُۥٓ إِلَّا خَسَارًا ٢١Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri! ba ntatotse, eaba ba sala morao batho bao thepa le bana ba bona li sa tl’ong ho ba thusa ka letho haese Tahleho وَمَكَرُواْ مَكۡرًا كُبَّارًا ٢٢“Ba lohile leqheka le ts’abehang وَقَالُواْ لَا تَذَرُنَّ ءَالِهَتَكُمۡ وَلَا تَذَرُنَّ وَدًّا وَلَا سُوَاعًا وَلَا يَغُوثَ وَيَعُوقَ وَنَسۡرًا ٢٣“Ba re: “Le se lahle melingoana ea lona kherehloa. E leng Wadd kapa Suw’a, le haele Yaghuth, Ya’uq kapa Nasr وَقَدۡ أَضَلُّواْ كَثِيرًاۖ وَلَا تَزِدِ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا ضَلَٰلًا ٢٤Ruri! Ba khelositse batho ba bangata tseleng, uena ha ho kamoo u ka putsang baetsalibe kateng haese ka ho kheloha.” مِّمَّا خَطِيٓـَٰٔتِهِمۡ أُغۡرِقُواْ فَأُدۡخِلُواْ نَارًا فَلَمۡ يَجِدُواْ لَهُم مِّن دُونِ ٱللَّهِ أَنصَارًا ٢٥Ba ile ba khamisoa metsi ho latela libe tsa bona, eaba ba akheloa Mollong. Ha ho bathusi ba ileng ba ba fumana ntle ho Allah وَقَالَ نُوحٌ رَّبِّ لَا تَذَرۡ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ دَيَّارًا ٢٦Nooe a re: “Mong`a ka! U se siee leha e le moneketsela feela oa moetsalibe lefats’eng إِنَّكَ إِن تَذَرۡهُمۡ يُضِلُّواْ عِبَادَكَ وَلَا يَلِدُوٓاْ إِلَّا فَاجِرًا كَفَّارًا ٢٧Hobane haeba U ka ba siea, ba tla khelosa makhabunyane a Hau le tsoala tsa bona e tla ba baetsalibe رَّبِّ ٱغۡفِرۡ لِي وَلِوَٰلِدَيَّ وَلِمَن دَخَلَ بَيۡتِيَ مُؤۡمِنًا وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۖ وَلَا تَزِدِ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا تَبَارَۢا ٢٨Mong`a ka! U nts’oarele ‘moho le batsoali ba ka le ba-kholoang bohle ba keneng lelapeng la ka, banna le basali, U se ke oa putsa baetsalibe ka letho haese timelo

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.