ملة الإسلام

السورة 50 · 45 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة ق باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة ق (1,405 قارئاً)
مكيةسورة ق٤٥ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

قٓۚ وَٱلۡقُرۡءَانِ ٱلۡمَجِيدِ ١Qaf: Ka Qura‘n e tlotlehang (u morumuoa oa Allah) بَلۡ عَجِبُوٓاْ أَن جَآءَهُم مُّنذِرٌ مِّنۡهُمۡ فَقَالَ ٱلۡكَٰفِرُونَ هَٰذَا شَيۡءٌ عَجِيبٌ ٢Empa ba maketse hore na ho tlile morumuoa ho bona ea hlahang har’a bona. Kahoo mahana-tumelo ba re: “ena ke ntho e makatsang أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًاۖ ذَٰلِكَ رَجۡعُۢ بَعِيدٌ ٣Eng! Mohlang re shoang, re fetohile lerole, re ka boela ra tsosoa hape? Seo ke poelo e thoko haholo.” قَدۡ عَلِمۡنَا مَا تَنقُصُ ٱلۡأَرۡضُ مِنۡهُمۡۖ وَعِندَنَا كِتَٰبٌ حَفِيظُۢ ٤Re tseba tseo lefats’e le li jereng tsa bona, Re na le Lenane la litlaleho بَلۡ كَذَّبُواْ بِٱلۡحَقِّ لَمَّا جَآءَهُمۡ فَهُمۡ فِيٓ أَمۡرٍ مَّرِيجٍ ٥Empa ba nyelisa ‘nete nakong eo e tlang ho bona; kahoo ba pherekanong أَفَلَمۡ يَنظُرُوٓاْ إِلَى ٱلسَّمَآءِ فَوۡقَهُمۡ كَيۡفَ بَنَيۡنَٰهَا وَزَيَّنَّٰهَا وَمَا لَهَا مِن فُرُوجٍ ٦Na ha ba shebeng marung holim’a bona? – Kamoo Re a entseng kateng le kamoo Re’a khabisitseng kateng; le kamoo ho senang sekoli kateng وَٱلۡأَرۡضَ مَدَدۡنَٰهَا وَأَلۡقَيۡنَا فِيهَا رَوَٰسِيَ وَأَنۢبَتۡنَا فِيهَا مِن كُلِّ زَوۡجِۭ بَهِيجٍ ٧Le lefats’e Re le alile le hona ho tsepamisa lithaba holim’a lona, eaba Re etsa hore limela tsohle tse khahlehang li mele holim’a lona, – تَبۡصِرَةً وَذِكۡرَىٰ لِكُلِّ عَبۡدٍ مُّنِيبٍ ٨E le pontso le sona sehopotso molemong oa lekhabunyane lefe, kapa lefe le sokolohileng وَنَزَّلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً مُّبَٰرَكًا فَأَنۢبَتۡنَا بِهِۦ جَنَّٰتٍ وَحَبَّ ٱلۡحَصِيدِ ٩Re romella pula e hlohonolofetseng lefats’eng eo ka eona re phelisang lijalo lirapeng le tsona lijo thollo وَٱلنَّخۡلَ بَاسِقَٰتٍ لَّهَا طَلۡعٌ نَّضِيدٌ ١٠Le lifate tsa lipalema tse jereng liririella tsa litholoana; – رِّزۡقًا لِّلۡعِبَادِۖ وَأَحۡيَيۡنَا بِهِۦ بَلۡدَةً مَّيۡتًاۚ كَذَٰلِكَ ٱلۡخُرُوجُ ١١Ele phepo molemong oa batho; e bile Re phelisa lefats’e le omeletseng ka pula. Ka mokhoa oo Tsoho Ea Bafu e tla bang kateng كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحٍ وَأَصۡحَٰبُ ٱلرَّسِّ وَثَمُودُ ١٢Batho ba habo Nooe ba ile ba nyefola ‘nete pele ho bona, ka mokhoa o ts’oanang le baahi ba Rass, Ba – Thamude وَعَادٌ وَفِرۡعَوۡنُ وَإِخۡوَٰنُ لُوطٍ ١٣Ba – a’ad, Faro, le bana ba bo Lota وَأَصۡحَٰبُ ٱلۡأَيۡكَةِ وَقَوۡمُ تُبَّعٍۚ كُلٌّ كَذَّبَ ٱلرُّسُلَ فَحَقَّ وَعِيدِ ١٤Le baahi ba Mediane, le batho ba Tubb’a: morabe o mong le o mong o ile oa nyefola baromuoa; Tlhokomeliso ea Ka e ile ea phethahatsoa(holim’a bona) أَفَعَيِينَا بِٱلۡخَلۡقِ ٱلۡأَوَّلِۚ بَلۡ هُمۡ فِي لَبۡسٍ مِّنۡ خَلۡقٍ جَدِيدٍ ١٥Na Re ile Ra tepella ke tlholeho ea mathomo? Hore ebe ba na le khoao ka tlholeho e ncha وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ وَنَعۡلَمُ مَا تُوَسۡوِسُ بِهِۦ نَفۡسُهُۥۖ وَنَحۡنُ أَقۡرَبُ إِلَيۡهِ مِنۡ حَبۡلِ ٱلۡوَرِيدِ ١٦Ke Rona ba hlotseng motho, Re tseba ka botlalo seo moea oa hae o mo hlohleletsang sona, etsoe Re haufi haholo le eena ho feta mahalapa a hae إِذۡ يَتَلَقَّى ٱلۡمُتَلَقِّيَانِ عَنِ ٱلۡيَمِينِ وَعَنِ ٱلشِّمَالِ قَعِيدٌ ١٧Hopola manyeloi a mabeli a khethiloe ho ngola liketso tsa motho, le leng le lutse ka letsohong le letona, ha le leng lona le lutse ka letsohong le lets’ehali مَّا يَلۡفِظُ مِن قَوۡلٍ إِلَّا لَدَيۡهِ رَقِيبٌ عَتِيدٌ ١٨Ha ho lentsoe leha le le leng leo a le buoang e be moalosi oa hae ha a le ngole وَجَآءَتۡ سَكۡرَةُ ٱلۡمَوۡتِ بِٱلۡحَقِّۖ ذَٰلِكَ مَا كُنتَ مِنۡهُ تَحِيدُ ١٩Mahlomola a lefu a tlisa ‘nete(kapel’a mahlo a hae): “Sena ke sona seo u neng u leka ho se qoba.” وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِۚ ذَٰلِكَ يَوۡمُ ٱلۡوَعِيدِ ٢٠Terompeta e tla letsoa: Lena ke letsatsi le ts’episitsoeng وَجَآءَتۡ كُلُّ نَفۡسٍ مَّعَهَا سَآئِقٌ وَشَهِيدٌ ٢١Moea ka mong o tla atamela le lenyeloi le o qhobang esitana le la paki لَّقَدۡ كُنتَ فِي غَفۡلَةٍ مِّنۡ هَٰذَا فَكَشَفۡنَا عَنكَ غِطَآءَكَ فَبَصَرُكَ ٱلۡيَوۡمَ حَدِيدٌ ٢٢(Ho tla thoe;) “Ha u e’a ka oa tsotella molaetsa ona. Hajoale Re phetlile sekhurumetso sa lona, mahlo a lona a ncho-cho kajeno.” وَقَالَ قَرِينُهُۥ هَٰذَا مَا لَدَيَّ عَتِيدٌ ٢٣Moalosi oa hae o tla re: “tlaleho ea hae ke na le eona.” أَلۡقِيَا فِي جَهَنَّمَ كُلَّ كَفَّارٍ عَنِيدٍ ٢٤(Kahlolo e tla ba:) “akhelang mong le mong eo e leng molatoli oa Allah kahar’a lihele! – مَّنَّاعٍ لِّلۡخَيۡرِ مُعۡتَدٍ مُّرِيبٍ ٢٥Ea neng a sitisa toka, a tlola meeli eohle, a jala khoao le lipelaelo,” ٱلَّذِي جَعَلَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَأَلۡقِيَاهُ فِي ٱلۡعَذَابِ ٱلشَّدِيدِ ٢٦“Le hona ho iketsetsa molingoana kantle ho Allah. Mo akheleng kahar’a kahlolo e ts’abehang.” ۞ قَالَ قَرِينُهُۥ رَبَّنَا مَآ أَطۡغَيۡتُهُۥ وَلَٰكِن كَانَ فِي ضَلَٰلِۭ بَعِيدٍ ٢٧Motsoalle oa hae o tla re: “Mong`a ka! Ha se ‘na ea mo rutileng ho tlola meeli, empa o ne a khelohetse thoko.” قَالَ لَا تَخۡتَصِمُواْ لَدَيَّ وَقَدۡ قَدَّمۡتُ إِلَيۡكُم بِٱلۡوَعِيدِ ٢٨Allah U tla re: “Se pheheng khang kapel’a Ka, khale Ke le romeletse tlhokomeliso مَا يُبَدَّلُ ٱلۡقَوۡلُ لَدَيَّ وَمَآ أَنَا۠ بِظَلَّٰمٍ لِّلۡعَبِيدِ ٢٩“Molaetsa o tsoang ho ‘Na o ke ke oa fetoha, ha ho kamoo Nka hlokelang makhabunyane toka kateng.” يَوۡمَ نَقُولُ لِجَهَنَّمَ هَلِ ٱمۡتَلَأۡتِ وَتَقُولُ هَلۡ مِن مَّزِيدٍ ٣٠Ka letsatsi le leng Re botsa lihele: “Na o tletse haholo?” Li tla re: “Na ho sa le teng ba bang ba tlang?” وَأُزۡلِفَتِ ٱلۡجَنَّةُ لِلۡمُتَّقِينَ غَيۡرَ بَعِيدٍ ٣١Serapa se tla atametsoa haufinyane le bohle ba etsang botle, se ke ke sa eba thoko le bona هَٰذَا مَا تُوعَدُونَ لِكُلِّ أَوَّابٍ حَفِيظٍ ٣٢(Lentsoe le tla re:) “sena ke seo le neng le se ts’episitsoe, – ho bohle ba sokolohileng esita le hona ho ho boloka (Molao oa Hae) مَّنۡ خَشِيَ ٱلرَّحۡمَٰنَ بِٱلۡغَيۡبِ وَجَآءَ بِقَلۡبٍ مُّنِيبٍ ٣٣“Ba ts’abileng(Allah) Ea Tletseng Lereko sephiring, le ho tla ka pelo e sokolohileng ٱدۡخُلُوهَا بِسَلَٰمٍۖ ذَٰلِكَ يَوۡمُ ٱلۡخُلُودِ ٣٤“Kenang kahar’a sona ka Khotso le Polokeho; Lena ke Letsatsi la Bophelo bo sa feleng.” لَهُم مَّا يَشَآءُونَ فِيهَا وَلَدَيۡنَا مَزِيدٌ ٣٥Ba tla fumana tsohle tseo ba li labalabelang kamoo, – ho teng lintho tse ngata ho Rona وَكَمۡ أَهۡلَكۡنَا قَبۡلَهُم مِّن قَرۡنٍ هُمۡ أَشَدُّ مِنۡهُم بَطۡشًا فَنَقَّبُواْ فِي ٱلۡبِلَٰدِ هَلۡ مِن مَّحِيصٍ ٣٦Hana ke meloko e mekae eo Re ileng Ra e ripitla pele ho bona, eo e neng e le linatla ho ba feta ka matla hooba neng ba tletse- tletse le lefats’e! Na ba ne ba ena le sebaka sa ho phonyoha nakong eo kahlolo eba oelang إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَذِكۡرَىٰ لِمَن كَانَ لَهُۥ قَلۡبٌ أَوۡ أَلۡقَى ٱلسَّمۡعَ وَهُوَ شَهِيدٌ ٣٧Ruri وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ وَمَا مَسَّنَا مِن لُّغُوبٍ ٣٨Re hlotse maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng kantle le mokhathala o kileng oa Re ama فَٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ قَبۡلَ طُلُوعِ ٱلشَّمۡسِ وَقَبۡلَ ٱلۡغُرُوبِ ٣٩Eba le mamello ho tsohle tseo ba li buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau pele letsatsi le chaba le pele le likela وَمِنَ ٱلَّيۡلِ فَسَبِّحۡهُ وَأَدۡبَٰرَ ٱلسُّجُودِ ٤٠Le karolong ea bosiu, keteka lithoriso tsa Hae, le kamor’a lithapelo وَٱسۡتَمِعۡ يَوۡمَ يُنَادِ ٱلۡمُنَادِ مِن مَّكَانٍ قَرِيبٍ ٤١U mamele mohla letsatsi leo ka lona seboholi se tlang ho hoelehetsa se le sebakeng se haufinyane, – يَوۡمَ يَسۡمَعُونَ ٱلصَّيۡحَةَ بِٱلۡحَقِّۚ ذَٰلِكَ يَوۡمُ ٱلۡخُرُوجِ ٤٢Mohlang ba tlang ho utloa molumo o ts’abehang ka ‘nete: Leo e tla ba Letsatsi la Tsoho إِنَّا نَحۡنُ نُحۡيِۦ وَنُمِيتُ وَإِلَيۡنَا ٱلۡمَصِيرُ ٤٣Ruri! Ke Rona ba fanang ka Bophelo le Lefu, poelo ea lona bohle e ho Rona يَوۡمَ تَشَقَّقُ ٱلۡأَرۡضُ عَنۡهُمۡ سِرَاعًاۚ ذَٰلِكَ حَشۡرٌ عَلَيۡنَا يَسِيرٌ ٤٤Letsatsi leo ka lona lefats’e le tlang ho peperana, ba tla tlaba phasa-phasa ka hohle. Ke ka mokhoa o bobebe oo Re tlang ho ba khobokanya ka ona نَّحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَقُولُونَۖ وَمَآ أَنتَ عَلَيۡهِم بِجَبَّارٍۖ فَذَكِّرۡ بِٱلۡقُرۡءَانِ مَن يَخَافُ وَعِيدِ ٤٥Re tseba ka botlalo seo ba se buang; ha se uena ea tlamehang ho ba qobella. Kahoo ba lemose ka Qura’n bohle ba ts’abang Kahlolo ea Ka

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.