بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
صٓۚ وَٱلۡقُرۡءَانِ ذِي ٱلذِّكۡرِ ١Sad: Ka Qura‘n e tletseng Khalemo بَلِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي عِزَّةٍ وَشِقَاقٍ ٢Empa Mahana-tumelo ba nyeunya ka har’a Boikhohomoso le Karohano كَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِن قَبۡلِهِم مِّن قَرۡنٍ فَنَادَواْ وَّلَاتَ حِينَ مَنَاصٍ ٣Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng pele ho bona? Qetellong e ileng ea lla – nakong eo ho neng ho se na nako ea ho pholoha وَعَجِبُوٓاْ أَن جَآءَهُم مُّنذِرٌ مِّنۡهُمۡۖ وَقَالَ ٱلۡكَٰفِرُونَ هَٰذَا سَٰحِرٌ كَذَّابٌ ٤Ba maketse ha mohlokomelisi ea tsoang har’a bona a tla ho bona, mahana-tumelo ba re: “Enoa ke moloi ea buang leshano.” أَجَعَلَ ٱلۡأٓلِهَةَ إِلَٰهًا وَٰحِدًاۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءٌ عُجَابٌ ٥“O etsa melingoana, ho ba `Mopi a le mong? Ruri! sena ke ntho e makatsang وَٱنطَلَقَ ٱلۡمَلَأُ مِنۡهُمۡ أَنِ ٱمۡشُواْ وَٱصۡبِرُواْ عَلَىٰٓ ءَالِهَتِكُمۡۖ إِنَّ هَٰذَا لَشَيۡءٌ يُرَادُ ٦Eaba marena har’a bona a tsamaea, a re: “Tlohang le tsitlallele melingoaneng ea lona! Hobane Ruri! Sena ke ntho e reriloeng مَا سَمِعۡنَا بِهَٰذَا فِي ٱلۡمِلَّةِ ٱلۡأٓخِرَةِ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا ٱخۡتِلَٰقٌ ٧“Ha re ea s’o ka re utloa ka sena tumelong ea moraorao tjena: Sena empa e le boqapi أَءُنزِلَ عَلَيۡهِ ٱلذِّكۡرُ مِنۢ بَيۡنِنَاۚ بَلۡ هُمۡ فِي شَكٍّ مِّن ذِكۡرِيۚ بَل لَّمَّا يَذُوقُواْ عَذَابِ ٨“Eng! Molaetsa o senoletsoe eena – har’a rona?” Empa ba na le khoao Molaetseng oa Ka; Che ha ba es’o latsoe kahlolo ea Ka أَمۡ عِندَهُمۡ خَزَآئِنُ رَحۡمَةِ رَبِّكَ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡوَهَّابِ ٩Kapa e be Matlotlo a Mong`a hau ke’a bona, Ea Matla Oohle, Mofani Oa Matlotlo ntle ho tekano أَمۡ لَهُم مُّلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَاۖ فَلۡيَرۡتَقُواْ فِي ٱلۡأَسۡبَٰبِ ١٠Kapa e be puso ea maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ke tsa bona? Haba nyolohe ka lithapo جُندٌ مَّا هُنَالِكَ مَهۡزُومٌ مِّنَ ٱلۡأَحۡزَابِ ١١Empa – ho tla phaphathehisoa lebotho la baikopanyi كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحٍ وَعَادٌ وَفِرۡعَوۡنُ ذُو ٱلۡأَوۡتَادِ ١٢Pele ho bona ho bile ba latolang barumuoa, Batho ba habo Nooe, le Ba-‘Ad, le Faro ea neng a tsepamisitsoe ka botlalo وَثَمُودُ وَقَوۡمُ لُوطٍ وَأَصۡحَٰبُ لۡـَٔيۡكَةِۚ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلۡأَحۡزَابُ ١٣Le Ba-Thamud, le batho ba habo Lota, le Balekane ba Moru; – kaofela ha bona e ne e le baikopanyi إِن كُلٌّ إِلَّا كَذَّبَ ٱلرُّسُلَ فَحَقَّ عِقَابِ ١٤Kaofela ha bona ba ile ba latola baromuoa ba Ka, ka lebaka leo kahlolo ea Ka e ile ea finyella ho bona kantle le tika-tiko وَمَا يَنظُرُ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً مَّا لَهَا مِن فَوَاقٍ ١٥Ba naba mpaba emetse molumo o le mong feela, etsoe oa ke ke oa liehisoa وَقَالُواْ رَبَّنَا عَجِّل لَّنَا قِطَّنَا قَبۡلَ يَوۡمِ ٱلۡحِسَابِ ١٦Ba re: “Mong`a rona! Ak’u re potlakisetse boikarabellong pele ho Letsatsi la Pallo.” ٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَٱذۡكُرۡ عَبۡدَنَا دَاوُۥدَ ذَا ٱلۡأَيۡدِۖ إِنَّهُۥٓ أَوَّابٌ ١٧U be le mamello ka seoba se buoang, u hopole lekhabunyane la rona Davida ea neng a le matla. Hobane Ruri! O ne a sokolohela ho Allah ka boinyatso إِنَّا سَخَّرۡنَا ٱلۡجِبَالَ مَعَهُۥ يُسَبِّحۡنَ بِٱلۡعَشِيِّ وَٱلۡإِشۡرَاقِ ١٨Ke Rona ba entseng hore lithaba li phete Lithoriso tsa Mong`a tsona le eena ha letsatsi le ea malikelong ho fihlela le chaba وَٱلطَّيۡرَ مَحۡشُورَةًۖ كُلٌّ لَّهُۥٓ أَوَّابٌ ١٩Le linonyana le tsona li tsa khobokana ‘moho: le eena li retelehela ho Allah وَشَدَدۡنَا مُلۡكَهُۥ وَءَاتَيۡنَٰهُ ٱلۡحِكۡمَةَ وَفَصۡلَ ٱلۡخِطَابِ ٢٠Re ile Ra matlafatsa puso ea hae, le hona ho mo neha bohlale le eona puo e chorileng le qeto e batsi ۞ وَهَلۡ أَتَىٰكَ نَبَؤُاْ ٱلۡخَصۡمِ إِذۡ تَسَوَّرُواْ ٱلۡمِحۡرَابَ ٢١Na pale ea ba ba phehang khang e ile ea finyella ho uena? Kamoo ba ileng ba hloella holim’a lerako kateng, ba kena ka har’a ntlo ea sephiri إِذۡ دَخَلُواْ عَلَىٰ دَاوُۥدَ فَفَزِعَ مِنۡهُمۡۖ قَالُواْ لَا تَخَفۡۖ خَصۡمَانِ بَغَىٰ بَعۡضُنَا عَلَىٰ بَعۡضٍ فَٱحۡكُم بَيۡنَنَا بِٱلۡحَقِّ وَلَا تُشۡطِطۡ وَٱهۡدِنَآ إِلَىٰ سَوَآءِ ٱلصِّرَٰطِ ٢٢Ba ile ba kena ka har’a ntlo ea Davida, a ts’oha ha aba bona. Ba re: “u se ke oa ts’oha! Re pheha khang ba babeli, e mong oa rona o foselitse emong, ahlola ka toka lipakeng tsa rona; u se be le ts’ekamelo; empa u re bonts’e Tsela e nepahetseng إِنَّ هَٰذَآ أَخِي لَهُۥ تِسۡعٌ وَتِسۡعُونَ نَعۡجَةً وَلِيَ نَعۡجَةٌ وَٰحِدَةٌ فَقَالَ أَكۡفِلۡنِيهَا وَعَزَّنِي فِي ٱلۡخِطَابِ ٢٣“Monna enoa ke ngoan’eso o na le linku tse ts’ehali tse mashome a robong a robileng mono o le mong, ha ‘na ke na le nku e le ngoe; joale o itse: “ke mo nehe eona, o nqhekeletse ka puo.” قَالَ لَقَدۡ ظَلَمَكَ بِسُؤَالِ نَعۡجَتِكَ إِلَىٰ نِعَاجِهِۦۖ وَإِنَّ كَثِيرًا مِّنَ ٱلۡخُلَطَآءِ لَيَبۡغِي بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ إِلَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَقَلِيلٌ مَّا هُمۡۗ وَظَنَّ دَاوُۥدُ أَنَّمَا فَتَنَّٰهُ فَٱسۡتَغۡفَرَ رَبَّهُۥ وَخَرَّۤ رَاكِعًاۤ وَأَنَابَ ۩ ٢٤Davida a re: “u o qhekeletse haele mona a re u batla nku ea hau ho ekeletsa tsa hae, etsoe metsoalle e mengata ea hatellana, kantle le ba-kholoang le ho etsa liketso tse lokileng, empa ba a fokola.” O ile a noha hore haese be re ne re mo leka, eaba o kopa ts’oarelo ho Mong`a hae, a ba a inama, le hona ho ithapalatsa le ho inyatsa فَغَفَرۡنَا لَهُۥ ذَٰلِكَۖ وَإِنَّ لَهُۥ عِندَنَا لَزُلۡفَىٰ وَحُسۡنَ مَـَٔابٍ ٢٥Kahoo, Re ile Ra mo ts’oarela seo; u bile le katleho ho Rona le eona pheletso e thabisang ea leeto يَٰدَاوُۥدُ إِنَّا جَعَلۡنَٰكَ خَلِيفَةً فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱحۡكُم بَيۡنَ ٱلنَّاسِ بِٱلۡحَقِّ وَلَا تَتَّبِعِ ٱلۡهَوَىٰ فَيُضِلَّكَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَضِلُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ لَهُمۡ عَذَابٌ شَدِيدُۢ بِمَا نَسُواْ يَوۡمَ ٱلۡحِسَابِ ٢٦Davida! Re u hlomamisitse ho ba motlotlehi lefats’eng; kahoo, ahlola lipakeng tsa batho ka toka, u se ke oa latela takatso e tla o lebatsa tsela ea Allah. Hobane ba hlahlathellang thoko le tsela ea Allah, kahlolo ea bona ke e ts’abehang, hobane ba lebala Letsatsi la Pallo.” وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَآءَ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا بَٰطِلًاۚ ذَٰلِكَ ظَنُّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۚ فَوَيۡلٌ لِّلَّذِينَ كَفَرُواْ مِنَ ٱلنَّارِ ٢٧Ha Re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka bophoqo. Seo ke maikutlo a mahana-tumelo. Sekhobo se be ho mahana-tumelo ka lebaka la Mollo أَمۡ نَجۡعَلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ كَٱلۡمُفۡسِدِينَ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَمۡ نَجۡعَلُ ٱلۡمُتَّقِينَ كَٱلۡفُجَّارِ ٢٨Na Re ka putsa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng joaloka ba jalang pherekano lefats’eng? Re ka putsa ba nenang bobe, joaloka ba furallang botle كِتَٰبٌ أَنزَلۡنَٰهُ إِلَيۡكَ مُبَٰرَكٌ لِّيَدَّبَّرُوٓاْ ءَايَٰتِهِۦ وَلِيَتَذَكَّرَ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ ٢٩Lena ke Lengolo leo Re u senoletseng lona, le tletseng mahlohonolo, hore ba tleba nahane lits’enolo tsa lona, le hona hore ba nang le kutloisiso ba tle ba amohele khalemo وَوَهَبۡنَا لِدَاوُۥدَ سُلَيۡمَٰنَۚ نِعۡمَ ٱلۡعَبۡدُ إِنَّهُۥٓ أَوَّابٌ ٣٠Re ile Ra sitsa Davida ka Solomone; – boipabolo ts’ebeletsong ea Rona! A retelehela ho Allah kamehla إِذۡ عُرِضَ عَلَيۡهِ بِٱلۡعَشِيِّ ٱلصَّٰفِنَٰتُ ٱلۡجِيَادُ ٣١Bonang, ho kile ha tlisoa lipere tse thapisitsoeng, tse bileng li khethetsoeng kapel’a hae, e le thapama فَقَالَ إِنِّيٓ أَحۡبَبۡتُ حُبَّ ٱلۡخَيۡرِ عَن ذِكۡرِ رَبِّي حَتَّىٰ تَوَارَتۡ بِٱلۡحِجَابِ ٣٢A re: “Ruri! Ke rata lerato la tse lokileng, ka khopolo ea Thoriso ea Mong’a ka;-” Ho fihlela letsatsi le likela kamor’a lesira رُدُّوهَا عَلَيَّۖ فَطَفِقَ مَسۡحَۢا بِٱلسُّوقِ وَٱلۡأَعۡنَاقِ ٣٣“Li khutlisetseng ho ‘na” Eaba o qalella ho li pholla ka letsoho melaleng le litlhakong وَلَقَدۡ فَتَنَّا سُلَيۡمَٰنَ وَأَلۡقَيۡنَا عَلَىٰ كُرۡسِيِّهِۦ جَسَدًا ثُمَّ أَنَابَ ٣٤Re ile ra beha Solomome tekong: Ra beha setopo holim’a terone ea hae: empa a retelehela ho Rona قَالَ رَبِّ ٱغۡفِرۡ لِي وَهَبۡ لِي مُلۡكًا لَّا يَنۢبَغِي لِأَحَدٍ مِّنۢ بَعۡدِيٓۖ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡوَهَّابُ ٣٥A re: “Mong`a ka! nts’oarele, le hona ho mpha puso e ke keng ea ikarabella ho mong le mong kamorao ho ‘na. Hobane Ke Uena Mofani oa Matlotlo.” فَسَخَّرۡنَا لَهُ ٱلرِّيحَ تَجۡرِي بِأَمۡرِهِۦ رُخَآءً حَيۡثُ أَصَابَ ٣٦Kahoo, Re ile Ra beha moea tlas’a taolo ea hae, o neng o fokela moo a ratang teng tlas’a taelo ea hae وَٱلشَّيَٰطِينَ كُلَّ بَنَّآءٍ وَغَوَّاصٍ ٣٧Le holim’a liabolosi le liahi tsohle, le ho mong le mong وَءَاخَرِينَ مُقَرَّنِينَ فِي ٱلۡأَصۡفَادِ ٣٨Le ba neng ba tlamiloe ka mahlahlela ‘moho هَٰذَا عَطَآؤُنَا فَٱمۡنُنۡ أَوۡ أَمۡسِكۡ بِغَيۡرِ حِسَابٍ ٣٩“Ena ke mpho ea Rona ho uena, kahoo ebang u ka fana ka eona, kapa oa e khoaela, u ke ke oa botsoa.” وَإِنَّ لَهُۥ عِندَنَا لَزُلۡفَىٰ وَحُسۡنَ مَـَٔابٍ ٤٠A nyakalla, ruri katamelo ho Rona, le sebaka se setle sa phomolo وَٱذۡكُرۡ عَبۡدَنَآ أَيُّوبَ إِذۡ نَادَىٰ رَبَّهُۥٓ أَنِّي مَسَّنِيَ ٱلشَّيۡطَٰنُ بِنُصۡبٍ وَعَذَابٍ ٤١Hopola lekhabunye la Rona Jobo, Ha a ne a lla ho Mong`a hae: “Ea mobe o nts’etse ka sesila le mats’oenyeho.” ٱرۡكُضۡ بِرِجۡلِكَۖ هَٰذَا مُغۡتَسَلُۢ بَارِدٌ وَشَرَابٌ ٤٢Lentsoe la re ho eena: “Otla fats’e ka leoto la hau. Ha ts’akhunya Seliba, sena ke Seliba se pholileng molemong oa ho hlapa le ho hlabosa molemong oa ho noa.” وَوَهَبۡنَا لَهُۥٓ أَهۡلَهُۥ وَمِثۡلَهُم مَّعَهُمۡ رَحۡمَةً مِّنَّا وَذِكۡرَىٰ لِأُوْلِي ٱلۡأَلۡبَٰبِ ٤٣Ra mo buseletsa lelapa la hae hape le ho le menahanya, – e le Mohau o tsoang ho Rona, ebile ele moqhaka ho batho ba utloisisang وَخُذۡ بِيَدِكَ ضِغۡثًا فَٱضۡرِب بِّهِۦ وَلَا تَحۡنَثۡۗ إِنَّا وَجَدۡنَٰهُ صَابِرًاۚ نِّعۡمَ ٱلۡعَبۡدُ إِنَّهُۥٓ أَوَّابٌ ٤٤“Nka lehlokoa, e be u otla ka lona, u se ke oa roba boikano ba hau.” Ruri! Re ile Ra fumana a ena le mamello, e bile lekhabunyane le lokileng joang! O retelehela ho Mong`a hae kamehla وَٱذۡكُرۡ عِبَٰدَنَآ إِبۡرَٰهِيمَ وَإِسۡحَٰقَ وَيَعۡقُوبَ أُوْلِي ٱلۡأَيۡدِي وَٱلۡأَبۡصَٰرِ ٤٥Hopola makhabunyane a Rona Abrahama, Isaaka le Jakobo; banna ba neng ba le Matla le lipono إِنَّآ أَخۡلَصۡنَٰهُم بِخَالِصَةٍ ذِكۡرَى ٱلدَّارِ ٤٦Re ba khethetse ts’ebetso e hloekileng,-Ho phatlalatsa Molaetsa oa Bophelo Bo-tlang وَإِنَّهُمۡ عِندَنَا لَمِنَ ٱلۡمُصۡطَفَيۡنَ ٱلۡأَخۡيَارِ ٤٧Hobane Ruri! Mahlong a Rona ke Bakhethoa, ba har’a ba Lokileng وَٱذۡكُرۡ إِسۡمَٰعِيلَ وَٱلۡيَسَعَ وَذَا ٱلۡكِفۡلِۖ وَكُلٌّ مِّنَ ٱلۡأَخۡيَارِ ٤٨Hopola Ishmaele, Elisha le Zhu’l-kifl (isaia). Kaofela ba har’a ba Lokileng هَٰذَا ذِكۡرٌۚ وَإِنَّ لِلۡمُتَّقِينَ لَحُسۡنَ مَـَٔابٍ ٤٩Sena ke Molaetsa. Ruri ba nenang bobe pheletso ea leeto la bona ke e thabisang جَنَّٰتِ عَدۡنٍ مُّفَتَّحَةً لَّهُمُ ٱلۡأَبۡوَٰبُ ٥٠Lirapa tsa Edene, mekoallo ea teng e buletsoe bona مُتَّكِـِٔينَ فِيهَا يَدۡعُونَ فِيهَا بِفَٰكِهَةٍ كَثِيرَةٍ وَشَرَابٍ ٥١Kamoo teng ba tla phomola ha monate, ba feptjoe litholoana tse ngata le lino mapholi ۞ وَعِندَهُمۡ قَٰصِرَٰتُ ٱلطَّرۡفِ أَتۡرَابٌ ٥٢Haufi le bona etla ba basali ba hloekileng, ba lekanang lilemong هَٰذَا مَا تُوعَدُونَ لِيَوۡمِ ٱلۡحِسَابِ ٥٣Sena ke ts’episo eo le e etselitsoeng ka letsatsi la hlahlobo إِنَّ هَٰذَا لَرِزۡقُنَا مَا لَهُۥ مِن نَّفَادٍ ٥٤Ruri e tla be e le nala ea Rona; e ke keng ea thisa هَٰذَاۚ وَإِنَّ لِلطَّٰغِينَ لَشَرَّ مَـَٔابٍ ٥٥Empa haele baetsalibe ke sebaka se nyonyehang seo ba khutlelang ho sona جَهَنَّمَ يَصۡلَوۡنَهَا فَبِئۡسَ ٱلۡمِهَادُ ٥٦Liheleng! – ba tla cha teng, – moalo o nyonyehang هَٰذَا فَلۡيَذُوقُوهُ حَمِيمٌ وَغَسَّاقٌ ٥٧Kamoo teng ba tla latsoa metsi a belang, le mokekeli o mots’o, o lits’ila, o batang ha bohloko وَءَاخَرُ مِن شَكۡلِهِۦٓ أَزۡوَٰجٌ ٥٨Le likahlolo tse ling tsa mefuta e tsoanang هَٰذَا فَوۡجٌ مُّقۡتَحِمٌ مَّعَكُمۡ لَا مَرۡحَبَۢا بِهِمۡۚ إِنَّهُمۡ صَالُواْ ٱلنَّارِ ٥٩Lebotho le mahang le lona, le potlakileng! Ha ho kamohelo ho bona! Ruri ba tla cha Mollong قَالُواْ بَلۡ أَنتُمۡ لَا مَرۡحَبَۢا بِكُمۡۖ أَنتُمۡ قَدَّمۡتُمُوهُ لَنَاۖ فَبِئۡسَ ٱلۡقَرَارُ ٦٠“Che, empa ho lona bakhelosi, ho lona ha ho kamohelo. Ke lona ba re hlophisitseng sena. Joale, sebaka se nyonts’ang ke sena seo re leng ho sona.” قَالُواْ رَبَّنَا مَن قَدَّمَ لَنَا هَٰذَا فَزِدۡهُ عَذَابًا ضِعۡفًا فِي ٱلنَّارِ ٦١Ba tla re: “Mong`a rona! Ak’u phaelle kotlo ea mollo ho mong le mong ea re hlophiselitseng sena!” وَقَالُواْ مَا لَنَا لَا نَرَىٰ رِجَالًا كُنَّا نَعُدُّهُم مِّنَ ٱلۡأَشۡرَارِ ٦٢Ba tla re: “Ho etsahatseng haele moo re sa bone batho bao re neng re ba balla har’a ba babe?” أَتَّخَذۡنَٰهُمۡ سِخۡرِيًّا أَمۡ زَاغَتۡ عَنۡهُمُ ٱلۡأَبۡصَٰرُ ٦٣“Re ile ra ba nyatsa, kapa mahlo a rona a ne a sa ba bone hantle?” إِنَّ ذَٰلِكَ لَحَقٌّ تَخَاصُمُ أَهۡلِ ٱلنَّارِ ٦٤Ruri! Seo ke ‘nete: ea phehisano ea balekane ba Mollo قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ مُنذِرٌۖ وَمَا مِنۡ إِلَٰهٍ إِلَّا ٱللَّهُ ٱلۡوَٰحِدُ ٱلۡقَهَّارُ ٦٥E re: “‘Na ke moeletsi: ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, Ea Inotsi, Motlotlehi, Ea Matla Oohle رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡغَفَّٰرُ ٦٦“Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng, Ea Matla Oohle, Ea Etsang Thato Ea Hae, Ea Ts’oarelang-joalo-joalo.” قُلۡ هُوَ نَبَؤٌاْ عَظِيمٌ ٦٧E re: “Seo ke Molaetsa o moholo أَنتُمۡ عَنۡهُ مُعۡرِضُونَ ٦٨“Oo le o furallang مَا كَانَ لِيَ مِنۡ عِلۡمِۭ بِٱلۡمَلَإِ ٱلۡأَعۡلَىٰٓ إِذۡ يَخۡتَصِمُونَ ٦٩“Ha ke na tsebo ka manyeloi, ha a buisana إِن يُوحَىٰٓ إِلَيَّ إِلَّآ أَنَّمَآ أَنَا۠ نَذِيرٌ مُّبِينٌ ٧٠“Ho mpang ho senotsoe ho ‘na ke hore ke tle ke fana ka keletso e hlakileng ponts’eng.” إِذۡ قَالَ رَبُّكَ لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنِّي خَٰلِقُۢ بَشَرًا مِّن طِينٍ ٧١Bona! Mong`a hau A re ho manyeloi: “Ke na le morero oa ho bopa motho ka letsopa فَإِذَا سَوَّيۡتُهُۥ وَنَفَخۡتُ فِيهِ مِن رُّوحِي فَقَعُواْ لَهُۥ سَٰجِدِينَ ٧٢“Hang ha ke se ke qetile ho mo neha sebopeo le ho bululela moea oa Ka ka ho eena, le oele fats’e kapel’a hae le ithapalatse.” فَسَجَدَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ كُلُّهُمۡ أَجۡمَعُونَ ٧٣Manyeloi a ile a oela fats’e a ithapalatsa kaofela إِلَّآ إِبۡلِيسَ ٱسۡتَكۡبَرَ وَكَانَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ ٧٤Kantle le Iblis; a ikhohomosa, ea eba e mong oa ba latolang Tumelo قَالَ يَٰٓإِبۡلِيسُ مَا مَنَعَكَ أَن تَسۡجُدَ لِمَا خَلَقۡتُ بِيَدَيَّۖ أَسۡتَكۡبَرۡتَ أَمۡ كُنتَ مِنَ ٱلۡعَالِينَ ٧٥Allah A re: “Ke eng se u thibetseng ho ithapalatsa kapel’a seo ke se bopileng ka matsoho a Ka. Ana u moikhantsi ea mokakang, kapa u ipona u phahame ka ho fetisisa?” قَالَ أَنَا۠ خَيۡرٌ مِّنۡهُ خَلَقۡتَنِي مِن نَّارٍ وَخَلَقۡتَهُۥ مِن طِينٍ ٧٦Iblis a re: “ke betere ho mo feta. U mpopile ka mollo, eena o ‘mopile ka letsopa.” قَالَ فَٱخۡرُجۡ مِنۡهَا فَإِنَّكَ رَجِيمٌ ٧٧Allah a re: “Tloha mona, hobane o ea lelekiloeng, ea rohakehileng وَإِنَّ عَلَيۡكَ لَعۡنَتِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلدِّينِ ٧٨Thohako ea ka e holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.” قَالَ رَبِّ فَأَنظِرۡنِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ ٧٩Iblis a re: “Mong`a ka! Ak’u mphe nyehlisetso ho fihlela mohla letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.” قَالَ فَإِنَّكَ مِنَ ٱلۡمُنظَرِينَ ٨٠Allah a re: “Ke u nehile nyehlisetso إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡوَقۡتِ ٱلۡمَعۡلُومِ ٨١“Ho fihlela letsatsi la pallo.” قَالَ فَبِعِزَّتِكَ لَأُغۡوِيَنَّهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٨٢Iblis a re: “Joale, ka matla A Hau; Ruri! Ke tla thetsa e mong le e mong إِلَّا عِبَادَكَ مِنۡهُمُ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ٨٣Ntle le makhabunyane a hau a ‘nete, a hloekileng.” قَالَ فَٱلۡحَقُّ وَٱلۡحَقَّ أَقُولُ ٨٤Allah A re: “Ha ho be joalo-Ke buoa ‘nete لَأَمۡلَأَنَّ جَهَنَّمَ مِنكَ وَمِمَّن تَبِعَكَ مِنۡهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٨٥“Ke tla tlatsa lihele ka uena ‘moho le bohleba tla u sala morao.” قُلۡ مَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍ وَمَآ أَنَا۠ مِنَ ٱلۡمُتَكَلِّفِينَ ٨٦E re: “Ha ho moputso oo ke u ba tlang ka sena, kapa eena moikaketsi.” إِنۡ هُوَ إِلَّا ذِكۡرٌ لِّلۡعَٰلَمِينَ ٨٧“Sena ke molaetsa ho batho bohle وَلَتَعۡلَمُنَّ نَبَأَهُۥ بَعۡدَ حِينِۭ ٨٨“Le tla tseba ‘nete ea eona kamora nako”