ملة الإسلام

السورة 20 · 135 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة طه باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة طه (1,355 قارئاً)
مكيةسورة طه١٣٥ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

طه ١Ta-Ha مَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡقُرۡءَانَ لِتَشۡقَىٰٓ ٢Ha Re’a senola Qura’n ena ho u beha mats’oenyehong, ka eona إِلَّا تَذۡكِرَةً لِّمَن يَخۡشَىٰ ٣Haese feela hore ebe sekhopotso ho ba nang le ts’abo تَنزِيلًا مِّمَّنۡ خَلَقَ ٱلۡأَرۡضَ وَٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلۡعُلَى ٤Ke ts’enolo e tsoang ho Eena Ea hlootseng lefats’e le maholimo a holimo-limo ٱلرَّحۡمَٰنُ عَلَى ٱلۡعَرۡشِ ٱسۡتَوَىٰ ٥Ea Tletseng Lereko, ea tsepameng Teroneng لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَمَا تَحۡتَ ٱلثَّرَىٰ ٦Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae, le tse lipakeng tsa tsona le tse ka tlas’a lefats’e وَإِن تَجۡهَرۡ بِٱلۡقَوۡلِ فَإِنَّهُۥ يَعۡلَمُ ٱلسِّرَّ وَأَخۡفَى ٧Leha eba u ka buela holimo, Ruri! O tseba menahano ea sephiring le e patehileng ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۖ لَهُ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰ ٨Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Mabitso ohle a matle ke’a Hae وَهَلۡ أَتَىٰكَ حَدِيثُ مُوسَىٰٓ ٩Na pale ea Moshe e se ile ea fihla ho uena إِذۡ رَءَا نَارًا فَقَالَ لِأَهۡلِهِ ٱمۡكُثُوٓاْ إِنِّيٓ ءَانَسۡتُ نَارًا لَّعَلِّيٓ ءَاتِيكُم مِّنۡهَا بِقَبَسٍ أَوۡ أَجِدُ عَلَى ٱلنَّارِ هُدًى ١٠Ha a bona mollo: a re ho lelapa: “Butleng! Ke bona mollo lefelleng. Mohlomong ke tla ea ho le khella mollo ho ona, kapa e be ke tla fumana tataiso ho ona.” فَلَمَّآ أَتَىٰهَا نُودِيَ يَٰمُوسَىٰٓ ١١Empa ha a atamela haufi le mollo oo, ha utloahala lentsoe: “Oho Moshe إِنِّيٓ أَنَا۠ رَبُّكَ فَٱخۡلَعۡ نَعۡلَيۡكَ إِنَّكَ بِٱلۡوَادِ ٱلۡمُقَدَّسِ طُوًى ١٢“Ruri! Ke ‘Na, Mong`a hau. Kahoo rola meqathatso ea hau, hobane u har’a phula e halalelang ea Tuwa وَأَنَا ٱخۡتَرۡتُكَ فَٱسۡتَمِعۡ لِمَا يُوحَىٰٓ ١٣“Ke u khethile, ka hona theha tsebe ho seo u se susumetsoang إِنَّنِيٓ أَنَا ٱللَّهُ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱعۡبُدۡنِي وَأَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَ لِذِكۡرِيٓ ١٤“Ruri Ke ‘Na Allah: Ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na. Kahoo, nts’ebeletse le hona ho phetha lithapelo molemong oa ho nkhopola إِنَّ ٱلسَّاعَةَ ءَاتِيَةٌ أَكَادُ أُخۡفِيهَا لِتُجۡزَىٰ كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا تَسۡعَىٰ ١٥“Ruri hora e ea tla – ke tla e boloka e patehile, hore moea ka mong u tle u putsoe malebana le seo u se sebelelitseng فَلَا يَصُدَّنَّكَ عَنۡهَا مَن لَّا يُؤۡمِنُ بِهَا وَٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ فَتَرۡدَىٰ ١٦“Ka lebaka leo, u se lumelle motho ofe kapa ofe ho u khelosa ho sena, ele ea sa kholoeng ho sona, ea mpang a sala morao litakatso tsa hae, esere oa timela!” وَمَا تِلۡكَ بِيَمِينِكَ يَٰمُوسَىٰ ١٧“Moshe ke eng seo o se t`soereng ka letsoho la hau le letona?” قَالَ هِيَ عَصَايَ أَتَوَكَّؤُاْ عَلَيۡهَا وَأَهُشُّ بِهَا عَلَىٰ غَنَمِي وَلِيَ فِيهَا مَـَٔارِبُ أُخۡرَىٰ ١٨Moshe a re: “Ke lere la ka leo ke ikokotlelang ka lona, le hona ho polela makhasi fats’e molemong oa linku tsa ka esita le melemo e meng.” قَالَ أَلۡقِهَا يَٰمُوسَىٰ ١٩Allah A re: “Moshe! Le lahlele fats’e.” فَأَلۡقَىٰهَا فَإِذَا هِيَ حَيَّةٌ تَسۡعَىٰ ٢٠Moshe a le lahlela fats’e, eaba le fetoha noha e hahabang قَالَ خُذۡهَا وَلَا تَخَفۡۖ سَنُعِيدُهَا سِيرَتَهَا ٱلۡأُولَىٰ ٢١Allah A re: “Le ts’oare, u se ts’abe letho: Re tla le busetsa hang bo loneng وَٱضۡمُمۡ يَدَكَ إِلَىٰ جَنَاحِكَ تَخۡرُجۡ بَيۡضَآءَ مِنۡ غَيۡرِ سُوٓءٍ ءَايَةً أُخۡرَىٰ ٢٢“U pholle lehlakore ka letsoho la hau, le tla boea le le lesoeu le se na kotsi, – Seo e tla ba sesupo se seng لِنُرِيَكَ مِنۡ ءَايَٰتِنَا ٱلۡكُبۡرَى ٢٣“Hore Re tle Re u bonts’e tse ling tsa lits’upiso tsa Rona tse kholohali ٱذۡهَبۡ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ إِنَّهُۥ طَغَىٰ ٢٤“Tsamaea u ee ho Faro! Ruri u se a tlotse meeli eohle.” قَالَ رَبِّ ٱشۡرَحۡ لِي صَدۡرِي ٢٥Moshe a re: “Mong`a ka! Atolosa sefuba sa ka وَيَسِّرۡ لِيٓ أَمۡرِي ٢٦“Mpebofaletse mosebetsi oa ka وَٱحۡلُلۡ عُقۡدَةً مِّن لِّسَانِي ٢٧“U rarolle leleme la ka يَفۡقَهُواْ قَوۡلِي ٢٨“E le hore ba tle ba utloisise puo ea ka وَٱجۡعَل لِّي وَزِيرًا مِّنۡ أَهۡلِي ٢٩“U be u ‘matahanye le lehlahana ho tsoa lapeng heso هَٰرُونَ أَخِي ٣٠“Aarone, moen’a ka ٱشۡدُدۡ بِهِۦٓ أَزۡرِي ٣١“Hlapants’a matla a ka ka eena وَأَشۡرِكۡهُ فِيٓ أَمۡرِي ٣٢“U etse hore re arolelane mosebetsi oa ka le eena كَيۡ نُسَبِّحَكَ كَثِيرًا ٣٣“Hore re tle re keteke thoriso ea hau re sa khaotse وَنَذۡكُرَكَ كَثِيرًا ٣٤“Re U hopole re sa khaotse إِنَّكَ كُنتَ بِنَا بَصِيرًا ٣٥“Hobane ke Uena Eo esale U re alositse.” قَالَ قَدۡ أُوتِيتَ سُؤۡلَكَ يَٰمُوسَىٰ ٣٦Allah A re: “Oho Moshe! Re ananetse thapelo ea hau وَلَقَدۡ مَنَنَّا عَلَيۡكَ مَرَّةً أُخۡرَىٰٓ ٣٧“Ruri! Le nakong e fetileng, Re ‘nile Ra ba molemo ho uena إِذۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰٓ أُمِّكَ مَا يُوحَىٰٓ ٣٨“Mohla re neng Re khothaletsa ‘ma’o ka ts’ususmetso, Molaetsa أَنِ ٱقۡذِفِيهِ فِي ٱلتَّابُوتِ فَٱقۡذِفِيهِ فِي ٱلۡيَمِّ فَلۡيُلۡقِهِ ٱلۡيَمُّ بِٱلسَّاحِلِ يَأۡخُذۡهُ عَدُوٌّ لِّي وَعَدُوٌّ لَّهُۥۚ وَأَلۡقَيۡتُ عَلَيۡكَ مَحَبَّةً مِّنِّي وَلِتُصۡنَعَ عَلَىٰ عَيۡنِيٓ ٣٩“Mo akhele ka har’a sethoto, ebe u se akhela ka har’a noka, noka e tla se qhelela lebopong, moo sera sa Ka, ebile e le sera sa hae, se tla mo nka teng. Ke u sitsitse ka lerato le tsoang ho ‘Na, hore u tle u holele thatong ea Ka إِذۡ تَمۡشِيٓ أُخۡتُكَ فَتَقُولُ هَلۡ أَدُلُّكُمۡ عَلَىٰ مَن يَكۡفُلُهُۥۖ فَرَجَعۡنَٰكَ إِلَىٰٓ أُمِّكَ كَيۡ تَقَرَّ عَيۡنُهَا وَلَا تَحۡزَنَۚ وَقَتَلۡتَ نَفۡسًا فَنَجَّيۡنَٰكَ مِنَ ٱلۡغَمِّ وَفَتَنَّٰكَ فُتُونًاۚ فَلَبِثۡتَ سِنِينَ فِيٓ أَهۡلِ مَدۡيَنَ ثُمَّ جِئۡتَ عَلَىٰ قَدَرٍ يَٰمُوسَىٰ ٤٠“Khaitseli ea hau e atamelang, e re: “Na nka u bonts’a e mong ea tla mo anyesa le ho mo hlokomela?” Eaba Re u busetsa ho ‘ma’o, e le hore a tle a itlhakole meokho, a se ts’oenyehe. U kile oa bolaea motho, Ra u nts’a maqakabetsing ao a ts’abehang, le hona ho u leka ka teko e boima. U kile oa lula lilemo le batho ba Mediane. Joale, u atametse koano ho latela tlhokomelo ea Ka, Moshe وَٱصۡطَنَعۡتُكَ لِنَفۡسِي ٤١“Ke u lokiselitse ‘Na ٱذۡهَبۡ أَنتَ وَأَخُوكَ بِـَٔايَٰتِي وَلَا تَنِيَا فِي ذِكۡرِي ٤٢“Tsamaea le moena oa hao ka lits’upiso tsa ka, le se be botsoa ho nkhopola ٱذۡهَبَآ إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ إِنَّهُۥ طَغَىٰ ٤٣“Tsamaeang ka bobeli le ee ho Faro. Ruri! U se a tlotse meeli eohle فَقُولَا لَهُۥ قَوۡلًا لَّيِّنًا لَّعَلَّهُۥ يَتَذَكَّرُ أَوۡ يَخۡشَىٰ ٤٤“Empa le buee le eena ka mosa, mohlomong a ka a utloisisa, kapa abale ts’abo.” قَالَا رَبَّنَآ إِنَّنَا نَخَافُ أَن يَفۡرُطَ عَلَيۡنَآ أَوۡ أَن يَطۡغَىٰ ٤٥Ba re: “Mong`a rona! Ruri! Re ts’oha hore a se tlohe a re hobosa, le hona ho re kharuma, kapa hona tlola meeli eohle.” قَالَ لَا تَخَافَآۖ إِنَّنِي مَعَكُمَآ أَسۡمَعُ وَأَرَىٰ ٤٦Allah A re: “Le se ts’abe letho. Hobane Ke na le lona: Ke utloa tsohle, Ke bona tsohle فَأۡتِيَاهُ فَقُولَآ إِنَّا رَسُولَا رَبِّكَ فَأَرۡسِلۡ مَعَنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَلَا تُعَذِّبۡهُمۡۖ قَدۡ جِئۡنَٰكَ بِـَٔايَةٍ مِّن رَّبِّكَۖ وَٱلسَّلَٰمُ عَلَىٰ مَنِ ٱتَّبَعَ ٱلۡهُدَىٰٓ ٤٧«Tsamaeang le ee ho eena, le re: “Re baromuoa ba tsoang ho Mong`a hau. Lokolla bana ba Israele ba tsamae le rona, u se ke oa ba sotla. Re u tliselitse sesupo se tsoang ho Mong`a hau. Khotso e be ho bohle ba latelang tataiso إِنَّا قَدۡ أُوحِيَ إِلَيۡنَآ أَنَّ ٱلۡعَذَابَ عَلَىٰ مَن كَذَّبَ وَتَوَلَّىٰ ٤٨“Ruri re senoletsoe hore motho ea tla latola le hona ho se tsotelle, kahlolo e tla ba holim’a hae.” قَالَ فَمَن رَّبُّكُمَا يَٰمُوسَىٰ ٤٩Faro a re: “Moshe, joale ke mang Mong`a lona eo le le babeli?” قَالَ رَبُّنَا ٱلَّذِيٓ أَعۡطَىٰ كُلَّ شَيۡءٍ خَلۡقَهُۥ ثُمَّ هَدَىٰ ٥٠Moshe a re: “Mong`a rona ke ea faneng ka tlholeho holim’a ntho efe kapa efe, eaba o e tataisa ka nepo.” قَالَ فَمَا بَالُ ٱلۡقُرُونِ ٱلۡأُولَىٰ ٥١Faro a re: “Joale, ke bofeng boemo ba batho ba khale?” قَالَ عِلۡمُهَا عِندَ رَبِّي فِي كِتَٰبٍۖ لَّا يَضِلُّ رَبِّي وَلَا يَنسَى ٥٢Moshe a re: “Tsebo ea seo e polokelong ho Mong`a ka. Etsoe Mong`a ka ha a lebale esita le hona ho fosa ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مَهۡدًا وَسَلَكَ لَكُمۡ فِيهَا سُبُلًا وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَخۡرَجۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّن نَّبَاتٍ شَتَّىٰ ٥٣“Eena ea alileng lefats’e joaloka moseme, le hona ho u bulela litsela holim’a lona; Eena ea theolelang pula lefats’eng e tsoa marung, eo ka eona Re hlahisang lijalo tse fapaneng كُلُواْ وَٱرۡعَوۡاْ أَنۡعَٰمَكُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّأُوْلِي ٱلنُّهَىٰ ٥٤“E jang le be le alose mehlape ea lona. Ruri! Ho sena ke lits’upiso ho batho ba nehiloeng kutloisiso ۞ مِنۡهَا خَلَقۡنَٰكُمۡ وَفِيهَا نُعِيدُكُمۡ وَمِنۡهَا نُخۡرِجُكُمۡ تَارَةً أُخۡرَىٰ ٥٥Re le hlotse ka lerole la lefats’e, Re tla le busetsa ho lona, e be Re boetse Re le tlisa ho lona hape.” وَلَقَدۡ أَرَيۡنَٰهُ ءَايَٰتِنَا كُلَّهَا فَكَذَّبَ وَأَبَىٰ ٥٦Re ile Ra mo bonts’a lits’upiso tsa rona, empa u ile a li latola le hona ho hanana le tsona قَالَ أَجِئۡتَنَا لِتُخۡرِجَنَا مِنۡ أَرۡضِنَا بِسِحۡرِكَ يَٰمُوسَىٰ ٥٧O ile a re: “Moshe! Le tlile ho tla tla re phalalisa naheng ea rona ka boloi ba lona فَلَنَأۡتِيَنَّكَ بِسِحۡرٍ مِّثۡلِهِۦ فَٱجۡعَلۡ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَكَ مَوۡعِدًا لَّا نُخۡلِفُهُۥ نَحۡنُ وَلَآ أَنتَ مَكَانًا سُوًى ٥٨Empa le rona re ka hlahisa mehlolo e ts’oanang le eo ea lona; kahoo, etsang therisano lipakeng tsa rona le lona, eo ho eona re ke keng ra sitoa ho e phetha, kapa lona la sitoa ho e phethisa sebakeng se ka bang bohlokoa lipakeng tsa rona le lona.” قَالَ مَوۡعِدُكُمۡ يَوۡمُ ٱلزِّينَةِ وَأَن يُحۡشَرَ ٱلنَّاسُ ضُحًى ٥٩Moshe a re: “Therisano ea lona e tla ba ka Letsatsi la Mokete, u tle u lokolle batho ho khobokana ‘moho ha letsatsi le se le phahame.” فَتَوَلَّىٰ فِرۡعَوۡنُ فَجَمَعَ كَيۡدَهُۥ ثُمَّ أَتَىٰ ٦٠Faro a its’eka: a rala morero oa hae, a boela a khutla قَالَ لَهُم مُّوسَىٰ وَيۡلَكُمۡ لَا تَفۡتَرُواْ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا فَيُسۡحِتَكُم بِعَذَابٍۖ وَقَدۡ خَابَ مَنِ ٱفۡتَرَىٰ ٦١Moshe a re ho eena: “Sekhobo se be ho uena! u se qape leshano khahlanong le Allah, esere a u ripitla ka hoohle. Moqapi, o soetseha hampe haholo.” فَتَنَٰزَعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡ وَأَسَرُّواْ ٱلنَّجۡوَىٰ ٦٢Eaba ba ea qaketsana, holima taba ena, empa ba e etsa lekunutu قَالُوٓاْ إِنۡ هَٰذَٰنِ لَسَٰحِرَٰنِ يُرِيدَانِ أَن يُخۡرِجَاكُم مِّنۡ أَرۡضِكُم بِسِحۡرِهِمَا وَيَذۡهَبَا بِطَرِيقَتِكُمُ ٱلۡمُثۡلَىٰ ٦٣Ba re: “Ruri! Bobeli bona ke baloi: morero oa bona ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ea bona, le hona ho ripitla meetlo ea lona ea bohlokoa فَأَجۡمِعُواْ كَيۡدَكُمۡ ثُمَّ ٱئۡتُواْ صَفًّاۚ وَقَدۡ أَفۡلَحَ ٱلۡيَوۡمَ مَنِ ٱسۡتَعۡلَىٰ ٦٤“Kahoo, hlophisang morero oa lona, joale e be le kena khabong ea ntoa: Ea tla hlola letsatsing lena, Ruri e tla be e le eena ea fumaneng katleho.” قَالُواْ يَٰمُوسَىٰٓ إِمَّآ أَن تُلۡقِيَ وَإِمَّآ أَن نَّكُونَ أَوَّلَ مَنۡ أَلۡقَىٰ ٦٥Ba re: “Moshe! U ka akha lithebere tsa hau pele, kapa u re lumella ho akha tsa rona pele?” قَالَ بَلۡ أَلۡقُواْۖ فَإِذَا حِبَالُهُمۡ وَعِصِيُّهُمۡ يُخَيَّلُ إِلَيۡهِ مِن سِحۡرِهِمۡ أَنَّهَا تَسۡعَىٰ ٦٦Moshe a re: “Che, le ka akha lithebere tsa lona! Eaba mehala le mare a bona a fetoha linoha ho latela boupelli ba bona, tsa simolla ho hahaba.” فَأَوۡجَسَ فِي نَفۡسِهِۦ خِيفَةً مُّوسَىٰ ٦٧Moshe o ile a tleloa ke letsoalo قُلۡنَا لَا تَخَفۡ إِنَّكَ أَنتَ ٱلۡأَعۡلَىٰ ٦٨Ra Re: “Se ts’abe letho! Ruri! Ke uena ea hapileng tlholo وَأَلۡقِ مَا فِي يَمِينِكَ تَلۡقَفۡ مَا صَنَعُوٓاْۖ إِنَّمَا صَنَعُواْ كَيۡدُ سَٰحِرٍۖ وَلَا يُفۡلِحُ ٱلسَّاحِرُ حَيۡثُ أَتَىٰ ٦٩“Akhela lere la hau le ka letsohong le letona: hang le tla koenya mehlolo eo kaofela eo ba e entseng. Tseo ba li entseng e mpa e le boupelli ba baloi, moloi a ke ke a atleha likarolong tsohle tseo a ka li nahanang.” فَأُلۡقِيَ ٱلسَّحَرَةُ سُجَّدًا قَالُوٓاْ ءَامَنَّا بِرَبِّ هَٰرُونَ وَمُوسَىٰ ٧٠Eaba baloi baoela fats’e ba ea ithapalatsa: Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Aarone le Moshe.” قَالَ ءَامَنتُمۡ لَهُۥ قَبۡلَ أَنۡ ءَاذَنَ لَكُمۡۖ إِنَّهُۥ لَكَبِيرُكُمُ ٱلَّذِي عَلَّمَكُمُ ٱلسِّحۡرَۖ فَلَأُقَطِّعَنَّ أَيۡدِيَكُمۡ وَأَرۡجُلَكُم مِّنۡ خِلَٰفٍ وَلَأُصَلِّبَنَّكُمۡ فِي جُذُوعِ ٱلنَّخۡلِ وَلَتَعۡلَمُنَّ أَيُّنَآ أَشَدُّ عَذَابًا وَأَبۡقَىٰ ٧١Faro a re: “Na le kholoa ho Eena pele ke le neha taelo e joalo. Uena Moshe le Aarone ho bonahala hantle hore ke morupelli oa lona ea le rutileng boloi. Joale, Ruri ke tla le khaola matsoho le maoto a lona mots’ekalle, le hona ho le thakhisa likutung tsa lifate tsa palema, ke hona le tla tseba ka botlalo hore na ke mang lipakeng tsa rona ea ka fanang ka kahlolo e ts’abehang, e bile e ka tiisetsa.” قَالُواْ لَن نُّؤۡثِرَكَ عَلَىٰ مَا جَآءَنَا مِنَ ٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلَّذِي فَطَرَنَاۖ فَٱقۡضِ مَآ أَنتَ قَاضٍۖ إِنَّمَا تَقۡضِي هَٰذِهِ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَآ ٧٢Ba re: “Re ke keng ra u nka u le ka holim’a lits’upiso tse hlakileng tse tlileng ho rona, kapa hona hoba ka holim’a Ea Re hlotseng. Uena, u ka etsa seo u se etsang. Ha ho seo u ka se etsang molemong oa rona haese se teng bophelong ba lefats’e lena إِنَّآ ءَامَنَّا بِرَبِّنَا لِيَغۡفِرَ لَنَا خَطَٰيَٰنَا وَمَآ أَكۡرَهۡتَنَا عَلَيۡهِ مِنَ ٱلسِّحۡرِۗ وَٱللَّهُ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰٓ ٧٣“Rona re khotsoe ho Mong`a rona, hore A tle A re ts’oarele libe tsa rona le ho re sireletsa ho boloi boo uena u neng u re tlama ho bo etsa. Ruri! Allah U molemo, e bile ke Rabosafeleng إِنَّهُۥ مَن يَأۡتِ رَبَّهُۥ مُجۡرِمًا فَإِنَّ لَهُۥ جَهَنَّمَ لَا يَمُوتُ فِيهَا وَلَا يَحۡيَىٰ ٧٤Ruri haele ba tla hlaha kapel`a Mong`a bona ba le molato, Ruri Lihele li ba loketse. Kamoo teng ba ke ke bashoa kapa hona ho phela وَمَن يَأۡتِهِۦ مُؤۡمِنًا قَدۡ عَمِلَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمُ ٱلدَّرَجَٰتُ ٱلۡعُلَىٰ ٧٥Empa ba tla tla ho Eena e le ba Kholoang, ba sebelitse liketso tse lokileng, Ruri ba joalo maemo a bona ke’a phahameng جَنَّٰتُ عَدۡنٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ وَذَٰلِكَ جَزَآءُ مَن تَزَكَّىٰ ٧٦Lirapeng tsa Edene tse linoka li phallang, ke moo teng ba tla phela kahosafeleng. Oo ke oona moputso oa ba itlhoekisang وَلَقَدۡ أَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَسۡرِ بِعِبَادِي فَٱضۡرِبۡ لَهُمۡ طَرِيقًا فِي ٱلۡبَحۡرِ يَبَسًا لَّا تَخَٰفُ دَرَكًا وَلَا تَخۡشَىٰ ٧٧Re ile ra nyenyeletsa Moshe,: “Tsamaea le makhabunyane a ka har’a bosiu, u ba betlele tsela e o’meng ka har’a leoatle, le se ts’ohe hore ba ka tloha ba le hlasela, kapa hona ho ts’aba.” فَأَتۡبَعَهُمۡ فِرۡعَوۡنُ بِجُنُودِهِۦ فَغَشِيَهُم مِّنَ ٱلۡيَمِّ مَا غَشِيَهُمۡ ٧٨Eaba Faro o ba sala morao le lebotho la hae, ba ile ba metsoa ke leoatle, joaloka ha le ne le ba fekise وَأَضَلَّ فِرۡعَوۡنُ قَوۡمَهُۥ وَمَا هَدَىٰ ٧٩Faro o ne a khelose batho ba habo, a fapana le ho ba tataisa يَٰبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ قَدۡ أَنجَيۡنَٰكُم مِّنۡ عَدُوِّكُمۡ وَوَٰعَدۡنَٰكُمۡ جَانِبَ ٱلطُّورِ ٱلۡأَيۡمَنَ وَنَزَّلۡنَا عَلَيۡكُمُ ٱلۡمَنَّ وَٱلسَّلۡوَىٰ ٨٠Oho lona bana ba Israele! Re le pholositse ho lira tsa lona, Ra theha selekane le lona Thabeng ea Senai, eaba re le romella Manna le likhoale كُلُواْ مِن طَيِّبَٰتِ مَا رَزَقۡنَٰكُمۡ وَلَا تَطۡغَوۡاْ فِيهِ فَيَحِلَّ عَلَيۡكُمۡ غَضَبِيۖ وَمَن يَحۡلِلۡ عَلَيۡهِ غَضَبِي فَقَدۡ هَوَىٰ ٨١Ra Re: “Jang lintho tse hloekileng tseo Re le nehileng tsona, ho se be molao oo le o tlolang, esere khalefo ea Ka ea le oela holimo; haele bao khalefo ea Ka e tlang ho ba oela, Ruri ba tla be ba lahlehile وَإِنِّي لَغَفَّارٌ لِّمَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا ثُمَّ ٱهۡتَدَىٰ ٨٢Ruri kantle ho khoao Ke ‘Na ea ts’oarelang khafetsa ba sokolohang, ba kholoa esita le ho etsa toka, ebe kamor’a moo ba ba tataisong e nepahetseng ۞ وَمَآ أَعۡجَلَكَ عَن قَوۡمِكَ يَٰمُوسَىٰ ٨٣“Oho Moshe! Ke se eng se neng se u potlakisitse ho tsoa bathing ba heno?” قَالَ هُمۡ أُوْلَآءِ عَلَىٰٓ أَثَرِي وَعَجِلۡتُ إِلَيۡكَ رَبِّ لِتَرۡضَىٰ ٨٤A araba“ba mehlaleng ea ka. Ke potlaketse ho uena Mong’a ka, ho U khahlisa.” قَالَ فَإِنَّا قَدۡ فَتَنَّا قَوۡمَكَ مِنۢ بَعۡدِكَ وَأَضَلَّهُمُ ٱلسَّامِرِيُّ ٨٥Allah A re: “Re behile batho ba heno tekong bosieong ba hau, As-samiri o ba khelositse.” فَرَجَعَ مُوسَىٰٓ إِلَىٰ قَوۡمِهِۦ غَضۡبَٰنَ أَسِفًاۚ قَالَ يَٰقَوۡمِ أَلَمۡ يَعِدۡكُمۡ رَبُّكُمۡ وَعۡدًا حَسَنًاۚ أَفَطَالَ عَلَيۡكُمُ ٱلۡعَهۡدُ أَمۡ أَرَدتُّمۡ أَن يَحِلَّ عَلَيۡكُمۡ غَضَبٌ مِّن رَّبِّكُمۡ فَأَخۡلَفۡتُم مَّوۡعِدِي ٨٦Moshe a boela ho batho ba habo, ka mesarelo le khalefo. A re: “Oho batho ba heso! Na ha se Mong`a lona ea entseng ts’episo e hlakileng ho lona? Na e be le bona nako ea pallo e le hole haholo le ho fihla, kapa e be le na le takatso ea hore eka Mong`a lona A ka le nehella khalefo ea Hae, e le hobane le sitiloe ts’episong ea lona ho ‘na?” قَالُواْ مَآ أَخۡلَفۡنَا مَوۡعِدَكَ بِمَلۡكِنَا وَلَٰكِنَّا حُمِّلۡنَآ أَوۡزَارًا مِّن زِينَةِ ٱلۡقَوۡمِ فَقَذَفۡنَٰهَا فَكَذَٰلِكَ أَلۡقَى ٱلسَّامِرِيُّ ٨٧Ba re: “Ha rea koenehela ts’episo ea rona ho uena, e matleng a rona. Empa re ile ra jarisoa mojaro oa khauta le silifera oa batho bana bohle, ke moo re ileng ra o lahlela ka har’a mollo, hobane ke kamoo As-samiri a neng a elelitse kateng فَأَخۡرَجَ لَهُمۡ عِجۡلًا جَسَدًا لَّهُۥ خُوَارٌ فَقَالُواْ هَٰذَآ إِلَٰهُكُمۡ وَإِلَٰهُ مُوسَىٰ فَنَسِيَ ٨٨«Eaba u ba hlahisetsa sets›oants›o sa namane, e neng e lla se ka khomo: Ke moo ba ileng ba re: “Sena ke molimo oa lona, e leng molimo oa Moshe le hoja Moshe a se a lebetse.” أَفَلَا يَرَوۡنَ أَلَّا يَرۡجِعُ إِلَيۡهِمۡ قَوۡلًا وَلَا يَمۡلِكُ لَهُمۡ ضَرًّا وَلَا نَفۡعًا ٨٩Na ba ne ba sa bone hore ha e ba arabele, e bile ha e na matla a ho ba hlahisetsa kotsi le hona ho ba molemo ho bona وَلَقَدۡ قَالَ لَهُمۡ هَٰرُونُ مِن قَبۡلُ يَٰقَوۡمِ إِنَّمَا فُتِنتُم بِهِۦۖ وَإِنَّ رَبَّكُمُ ٱلرَّحۡمَٰنُ فَٱتَّبِعُونِي وَأَطِيعُوٓاْ أَمۡرِي ٩٠Aarone pele, o ne a ile a re: “Oho batho ba heso! Le mpa le behoa tekong ka sena, hobane Ruri Mong`a lona ke’ A Tletseng Lereko, kahoo ntateleng le hona ho mamela molao oa ka.” قَالُواْ لَن نَّبۡرَحَ عَلَيۡهِ عَٰكِفِينَ حَتَّىٰ يَرۡجِعَ إِلَيۡنَا مُوسَىٰ ٩١Ba re: “Ha ho kamoo re ka khaotsang ho ba basebeletsi ba eona kateng ho fihlela Moshe a khutletse ho rona.” قَالَ يَٰهَٰرُونُ مَا مَنَعَكَ إِذۡ رَأَيۡتَهُمۡ ضَلُّوٓاْ ٩٢Moshe a re: “Oho Aarone! Ke se eng se neng se u thibetse hoba lemosa nakong eo u neng u bona hore ba ea kheloha أَلَّا تَتَّبِعَنِۖ أَفَعَصَيۡتَ أَمۡرِي ٩٣«Ho ntatela? ha u oa latela molao oa ka قَالَ يَبۡنَؤُمَّ لَا تَأۡخُذۡ بِلِحۡيَتِي وَلَا بِرَأۡسِيٓۖ إِنِّي خَشِيتُ أَن تَقُولَ فَرَّقۡتَ بَيۡنَ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ وَلَمۡ تَرۡقُبۡ قَوۡلِي ٩٤Aarone a re: “Oho mora oa ‹me›! U se ke oa tutla litelu le moriri oa ka! Ke ne ke t`sohile hore mohlomong u tla tloha u re: “u bakile pherekano har’a bana ba Israele, ha oa ka oa mamela lentsoe la ka.” قَالَ فَمَا خَطۡبُكَ يَٰسَٰمِرِيُّ ٩٥Moshe a re: “Samiri, ke eng seo u ka se buoang?” قَالَ بَصُرۡتُ بِمَا لَمۡ يَبۡصُرُواْ بِهِۦ فَقَبَضۡتُ قَبۡضَةً مِّنۡ أَثَرِ ٱلرَّسُولِ فَنَبَذۡتُهَا وَكَذَٰلِكَ سَوَّلَتۡ لِي نَفۡسِي ٩٦Samiri a re: “ke ile ka bona seo ba sa se boneng, kahoo ke tlatsitse seatla sa ka lerole la mehato ea maoto a moporofeta, eaba ke let`sela ka har’a sets’oants’o sa namane. Ke kamoo moea oa ka o ntaetseng kateng.” قَالَ فَٱذۡهَبۡ فَإِنَّ لَكَ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ أَن تَقُولَ لَا مِسَاسَۖ وَإِنَّ لَكَ مَوۡعِدًا لَّن تُخۡلَفَهُۥۖ وَٱنظُرۡ إِلَىٰٓ إِلَٰهِكَ ٱلَّذِي ظَلۡتَ عَلَيۡهِ عَاكِفًاۖ لَّنُحَرِّقَنَّهُۥ ثُمَّ لَنَنسِفَنَّهُۥ فِي ٱلۡيَمِّ نَسۡفًا ٩٧Moshe a re: “Tloha mona! Etsoe haele bophelong bona kahlolo ea lona ke hore: “Se nkame! Malebana le uena ho teng ts’episo eo u ke keng oa e fetola. Hajoale u ka shebana le molingoana oo u ikhethetseng ho o khumamela. Ruri re tla u chesa, le hona ho hasanya lerole la ona holim’a leoatle.” إِنَّمَآ إِلَٰهُكُمُ ٱللَّهُ ٱلَّذِي لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَۚ وَسِعَ كُلَّ شَيۡءٍ عِلۡمًا ٩٨Mopi oa lona bohle ke Allah A Inots’i, ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. O kenyelelitse lintho tsohle tsebong ea Hae كَذَٰلِكَ نَقُصُّ عَلَيۡكَ مِنۡ أَنۢبَآءِ مَا قَدۡ سَبَقَۚ وَقَدۡ ءَاتَيۡنَٰكَ مِن لَّدُنَّا ذِكۡرًا ٩٩Ke kamoo Re u phetelang tse ling tsa lintho tse kileng tsa etsahala khale, Re u rometse Molaetsa ho tsoa ho Rona مَّنۡ أَعۡرَضَ عَنۡهُ فَإِنَّهُۥ يَحۡمِلُ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وِزۡرًا ١٠٠Mong le mong ea tla furalla molaetsa oo, Ruri o tla fana ka mojaro oa bopaki mohla Letsatsi la Kahlolo خَٰلِدِينَ فِيهِۖ وَسَآءَ لَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ حِمۡلًا ١٠١Ba tla phomola tlas’a oona ba ntse bao jere, Ruri oo ke mojaro o bolileng mohla Letsatsi la kahlolo يَوۡمَ يُنفَخُ فِي ٱلصُّورِۚ وَنَحۡشُرُ ٱلۡمُجۡرِمِينَ يَوۡمَئِذٍ زُرۡقًا ١٠٢Mohla letsatsi leo ka lona Terompeta e tlang ho letsoa. Ka Letsatsi leo, Re tla khobokanya bohlebamolato, mahlo a bona a bile a le bolea ke letsoalo يَتَخَٰفَتُونَ بَيۡنَهُمۡ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا عَشۡرًا ١٠٣Ba tla bua ba hoeshetsa ka bo-bona, ba re: “Ha le’a lula lefats’eng matsatsi a mangata haese ka matsatsi a leshome feela.” نَّحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَقُولُونَ إِذۡ يَقُولُ أَمۡثَلُهُمۡ طَرِيقَةً إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا يَوۡمًا ١٠٤Re tseba ka botlalo ka seo batla se buoa, nakong eo ba molemo har’a bona ba reng: “Ha le’a lula ho feta letsatsi le le leng!” وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَنِ ٱلۡجِبَالِ فَقُلۡ يَنسِفُهَا رَبِّي نَسۡفًا ١٠٥Ba tla u botsa ka Lithaba. E re: “Mong`a ka o tla li fothola le hona ho li hasanya joaloka lerole,” فَيَذَرُهَا قَاعًا صَفۡصَفًا ١٠٦“Á li siee e le lesupi li bataletse لَّا تَرَىٰ فِيهَا عِوَجًا وَلَآ أَمۡتًا ١٠٧«Le ke ke la bona leha e le methipoloha, kapa ona matsoapo.” يَوۡمَئِذٍ يَتَّبِعُونَ ٱلدَّاعِيَ لَا عِوَجَ لَهُۥۖ وَخَشَعَتِ ٱلۡأَصۡوَاتُ لِلرَّحۡمَٰنِ فَلَا تَسۡمَعُ إِلَّا هَمۡسًا ١٠٨Mohla letsatsi leo ba tla latela sehoeletsi le ke keng la ba qhekella, mantsoe ohle a tla thola nyele malebana le ea Tletseng Lereko (Allah), ha ho seo le tla se utloa haese li›qi tsa maoto يَوۡمَئِذٍ لَّا تَنفَعُ ٱلشَّفَٰعَةُ إِلَّا مَنۡ أَذِنَ لَهُ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَرَضِيَ لَهُۥ قَوۡلًا ١٠٩Mohla letsatsi leo ha ho ‘muelli ea tlabale thuso haese ho bao ea tletseng lereko a kileng A ba neha tumello, eo lentsoe la hae le Amohelehang ho Eena يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡ وَلَا يُحِيطُونَ بِهِۦ عِلۡمًا ١١٠Ruri o tseba lintho tsohle tse ka pel’a bona le tsohle tse kamor’a bona, tseo ba ke keng ba li akaretsa ka tsebo ea bona ۞ وَعَنَتِ ٱلۡوُجُوهُ لِلۡحَيِّ ٱلۡقَيُّومِۖ وَقَدۡ خَابَ مَنۡ حَمَلَ ظُلۡمًا ١١١Lifahleho tsohle li tla ikokobetsa ka pel’a ea phelang, Rabosafeleng. Eo ea tla beng a jere mojaro o bolileng, Ruri e tla be e le ea lahlehetsoeng ka letsatsi leo وَمَن يَعۡمَلۡ مِنَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَلَا يَخَافُ ظُلۡمًا وَلَا هَضۡمًا ١١٢Ea tla beng a sebelitse liketso tsa toka, a ena le tumelo; Ruri ha a na hoba le letsoalo la ho hlokeloa toka, kapa hona ho qhekelloa moputsong oa hae وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَٰهُ قُرۡءَانًا عَرَبِيًّا وَصَرَّفۡنَا فِيهِ مِنَ ٱلۡوَعِيدِ لَعَلَّهُمۡ يَتَّقُونَ أَوۡ يُحۡدِثُ لَهُمۡ ذِكۡرًا ١١٣Ke kamoo re senotseng Qura’n ka teng ka puo ea Se-Arab, ho hlalosa ka har’a eona tse ling tsa likahlolo, hore ba tle ts’abe Allah, kapa hona hore ba tle ba Mo hopole فَتَعَٰلَى ٱللَّهُ ٱلۡمَلِكُ ٱلۡحَقُّۗ وَلَا تَعۡجَلۡ بِٱلۡقُرۡءَانِ مِن قَبۡلِ أَن يُقۡضَىٰٓ إِلَيۡكَ وَحۡيُهُۥۖ وَقُل رَّبِّ زِدۡنِي عِلۡمًا ١١٤Ruri! Ea phahameng ka ho fetisisa ke Allah, Motlotlehi, ‘Nete! U se be lehala ka Qura’n pele ts’enolo ea eona e feletse ho uena, e re: “Mong`a ka! nkekeletse tsebo.” وَلَقَدۡ عَهِدۡنَآ إِلَىٰٓ ءَادَمَ مِن قَبۡلُ فَنَسِيَ وَلَمۡ نَجِدۡ لَهُۥ عَزۡمًا ١١٥Re kile ra theha selekane khale-khale le Adama, empa u ile a lebala: eaba re fumana hore ha a na tsitlallo وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ أَبَىٰ ١١٦Re kile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama”, a ile a khumama haese Iblis ea ileng a hana فَقُلۡنَا يَٰٓـَٔادَمُ إِنَّ هَٰذَا عَدُوٌّ لَّكَ وَلِزَوۡجِكَ فَلَا يُخۡرِجَنَّكُمَا مِنَ ٱلۡجَنَّةِ فَتَشۡقَىٰٓ ١١٧Eaba Re Re: “Oho Adama! Enoa ke sera ho uena le ho mosali oa hau, kahoo le se ke la mo lumella ho le qhelela thoko le Serapa, la tloha la iphumana le le mesarelong إِنَّ لَكَ أَلَّا تَجُوعَ فِيهَا وَلَا تَعۡرَىٰ ١١٨Ka har’a sona ho teng khora molemong oa lona hore le se ke la lapa, kapa hona ho hlobola وَأَنَّكَ لَا تَظۡمَؤُاْ فِيهَا وَلَا تَضۡحَىٰ ١١٩Le hona ho hloka metsi, kapa hoba har’a mocheso oa letsatsi.” فَوَسۡوَسَ إِلَيۡهِ ٱلشَّيۡطَٰنُ قَالَ يَٰٓـَٔادَمُ هَلۡ أَدُلُّكَ عَلَىٰ شَجَرَةِ ٱلۡخُلۡدِ وَمُلۡكٍ لَّا يَبۡلَىٰ ١٢٠Empa Satane o ile a mo sebela, a re: “Oho Adama! Na nka u bonts’a sefate sa bophelo bosafeleng le matla a puso a ke keng a fela?” فَأَكَلَا مِنۡهَا فَبَدَتۡ لَهُمَا سَوۡءَٰتُهُمَا وَطَفِقَا يَخۡصِفَانِ عَلَيۡهِمَا مِن وَرَقِ ٱلۡجَنَّةِۚ وَعَصَىٰٓ ءَادَمُ رَبَّهُۥ فَغَوَىٰ ١٢١Eaba bobeli Adama le Eva ba ja litholoana tsa sona, bofeela ba bona ba hlahela ho bona, eaba ba simolla ho pata bofeela ba bona ka ho ipokella mahlaku a Serapa. Ke kamoo Adama a ileng a se ke a mamela Mong`a hae kateng, eaba o’a ekoa ثُمَّ ٱجۡتَبَٰهُ رَبُّهُۥ فَتَابَ عَلَيۡهِ وَهَدَىٰ ١٢٢Empa Mong`a hae o ne a mo khethile, eaba o boela ho eena ka mohau le hona ho mo tataisa قَالَ ٱهۡبِطَا مِنۡهَا جَمِيعَۢاۖ بَعۡضُكُمۡ لِبَعۡضٍ عَدُوٌّۖ فَإِمَّا يَأۡتِيَنَّكُم مِّنِّي هُدًى فَمَنِ ٱتَّبَعَ هُدَايَ فَلَا يَضِلُّ وَلَا يَشۡقَىٰ ١٢٣Allah A re: “Tlohang mona ka bobeli ba lona, e mong e tla ba sera ho e mong. Empa haeba tataiso ea Ka e ka tla ho lona, Ruri ea tla latela tataiso Ea Ka a ke ke a kheloha, kapa hona ho sareloa وَمَنۡ أَعۡرَضَ عَن ذِكۡرِي فَإِنَّ لَهُۥ مَعِيشَةً ضَنكًا وَنَحۡشُرُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَعۡمَىٰ ١٢٤Empa ea tla mphuralla eena, Ruri bophelo ba hae bo tla ba bo khuts’oane, ke tla mo tlisa pokanong ea mohla Letsatsi la Kahlolo e le sefofu.” قَالَ رَبِّ لِمَ حَشَرۡتَنِيٓ أَعۡمَىٰ وَقَدۡ كُنتُ بَصِيرًا ١٢٥O tla re: “Oho Mong`a ka! Hobaneng ha U ntsositse ke le sefofu, empa mathomong pele ho lefu ke ne ntse ke bona?” قَالَ كَذَٰلِكَ أَتَتۡكَ ءَايَٰتُنَا فَنَسِيتَهَاۖ وَكَذَٰلِكَ ٱلۡيَوۡمَ تُنسَىٰ ١٢٦Allah U tla Re: “Lits’enolo tsa rona li finyeletse ho uena, empa u ile oa iteballa ka tsona. Ka mokhoa o ts’oanang, le uena kajeno o lebetsoe.” وَكَذَٰلِكَ نَجۡزِي مَنۡ أَسۡرَفَ وَلَمۡ يُؤۡمِنۢ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦۚ وَلَعَذَابُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَشَدُّ وَأَبۡقَىٰٓ ١٢٧Ke kamoo Re putsang ea sa tsotelleng, a bile a sa lumele lits’enolo tsa Mong`a hae kateng; Ruri kahlolo ea Bo-tlang e tlaba e ts’abehang, e bileng e ke keng ea fela أَفَلَمۡ يَهۡدِ لَهُمۡ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا قَبۡلَهُم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ يَمۡشُونَ فِي مَسَٰكِنِهِمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّأُوْلِي ٱلنُّهَىٰ ١٢٨A na ha se tataiso ho batho hore ba tsebe hore na ke matlobo- tlobo a ma kae ao Re ileng Ra a ripitla pele ho bona, ao ba tsamaeang malapeng a bona? Ruri! Ka har’a sena ho teng lits’upiso ho batho ba nahanang وَلَوۡلَا كَلِمَةٌ سَبَقَتۡ مِن رَّبِّكَ لَكَانَ لِزَامًا وَأَجَلٌ مُّسَمًّى ١٢٩Hoja e se ke ea eba ka lebaka la lentsoe la Mong`a hau le tlileng pele, le eona nako ea pallo, Ruri kahlolo e neng e ke ke ea qojoa e ka be e fihlile lefats’eng lena فَٱصۡبِرۡ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ قَبۡلَ طُلُوعِ ٱلشَّمۡسِ وَقَبۡلَ غُرُوبِهَاۖ وَمِنۡ ءَانَآيِٕ ٱلَّيۡلِ فَسَبِّحۡ وَأَطۡرَافَ ٱلنَّهَارِ لَعَلَّكَ تَرۡضَىٰ ١٣٠Ka lebaka leo, u be le mamello ho seo ba se buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau ka mehla esale ka matjeke leha letsatsi le ea malikelong. U be u mo rorise lihoreng tse ling tsa bosiu esitana leha letsatsi le le hlohong tsa mengala, e le hore u tle u fumane katleho وَلَا تَمُدَّنَّ عَيۡنَيۡكَ إِلَىٰ مَا مَتَّعۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّنۡهُمۡ زَهۡرَةَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا لِنَفۡتِنَهُمۡ فِيهِۚ وَرِزۡقُ رَبِّكَ خَيۡرٌ وَأَبۡقَىٰ ١٣١U se ke oa tsotella tseo re faneng ka tsona ho ba bang ba banyalani har’a bona ho ka ithabisa, lipalesa tsa bophelo ba lefats’e lena, tseo re ba behileng tekong ka tsona. Khora ea Mong`a hau e molemo, e bile ha e fele وَأۡمُرۡ أَهۡلَكَ بِٱلصَّلَوٰةِ وَٱصۡطَبِرۡ عَلَيۡهَاۖ لَا نَسۡـَٔلُكَ رِزۡقًاۖ نَّحۡنُ نَرۡزُقُكَۗ وَٱلۡعَٰقِبَةُ لِلتَّقۡوَىٰ ١٣٢U be u khothaletse batho ba heno thapelo, le uena u be le mamello ho eona. Etsoe ha ho khora eo Re e kopang ho uena empa ke Rona ba u sitsitseng ka eona. Litlamorao tse monate ke tsa ba lokileng وَقَالُواْ لَوۡلَا يَأۡتِينَا بِـَٔايَةٍ مِّن رَّبِّهِۦٓۚ أَوَلَمۡ تَأۡتِهِم بَيِّنَةُ مَا فِي ٱلصُّحُفِ ٱلۡأُولَىٰ ١٣٣Ba re: “Hoja feela o ne a ka tlisa mohlolo o tsoang ho Mong`a hae ho rona! Na ha ho e s’o tle sesupo ho bona sa bopaki bo teng ka har’a mangolo a khale-khale?” وَلَوۡ أَنَّآ أَهۡلَكۡنَٰهُم بِعَذَابٍ مِّن قَبۡلِهِۦ لَقَالُواْ رَبَّنَا لَوۡلَآ أَرۡسَلۡتَ إِلَيۡنَا رَسُولًا فَنَتَّبِعَ ءَايَٰتِكَ مِن قَبۡلِ أَن نَّذِلَّ وَنَخۡزَىٰ ١٣٤Hoja e be Re ile Ra ba ripitla ka tse ling tsa likotlo pele ho mona, Ruri ba ka be ba ile ba re: “Mong`a rona! Hoja u mpile oa re romella moromuoa, eo re ka beng re ile ra sala lits’enolo tsa hau morao pele re ka soabisoa le hona ho tlotloloha قُلۡ كُلٌّ مُّتَرَبِّصٌ فَتَرَبَّصُواْۖ فَسَتَعۡلَمُونَ مَنۡ أَصۡحَٰبُ ٱلصِّرَٰطِ ٱلسَّوِيِّ وَمَنِ ٱهۡتَدَىٰ ١٣٥E re: “E mong le e mong oa rona o sa khefutsa; kahoo le lona le khefutse! Ke hona le tla tseba hore na ke bo-mang majalefa a tsela e topileng, ke bo-mang ba tokeng. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.