بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ عَلَىٰ عَبۡدِهِ ٱلۡكِتَٰبَ وَلَمۡ يَجۡعَل لَّهُۥ عِوَجَاۜ ١Thoriso e be ho Allah, Ea rometseng Lengolo ho lekhabunyane la Hae, leo A sa lumellang bolotsana kahar’a lona قَيِّمًا لِّيُنذِرَ بَأۡسًا شَدِيدًا مِّن لَّدُنۡهُ وَيُبَشِّرَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أَنَّ لَهُمۡ أَجۡرًا حَسَنًا ٢Le totobetse hore A hlokomelise ka kahlolo e Ts’abehang e tsoang ho Eena, le hore A fane ka Litaba tse Molemo ho ba kholoang; ba etsang liketso tse lokileng, hore bat la fumana moputso o babatsehang مَّٰكِثِينَ فِيهِ أَبَدًا ٣Moo ba tlang ho phela teng kahosafeleng وَيُنذِرَ ٱلَّذِينَ قَالُواْ ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ وَلَدًا ٤Le hona ho khalema ba reng: “Allah U tsoetse mora,” مَّا لَهُم بِهِۦ مِنۡ عِلۡمٍ وَلَا لِأٓبَآئِهِمۡۚ كَبُرَتۡ كَلِمَةً تَخۡرُجُ مِنۡ أَفۡوَٰهِهِمۡۚ إِن يَقُولُونَ إِلَّا كَذِبًا ٥Ha ba na tsebo ka seo, kapa bona bo-ntata bona. Ba buoa sebe ka melomo ea bona. Seo ba se buang ha se letho haese leshano فَلَعَلَّكَ بَٰخِعٌ نَّفۡسَكَ عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِمۡ إِن لَّمۡ يُؤۡمِنُواْ بِهَٰذَا ٱلۡحَدِيثِ أَسَفًا ٦Mohlomong ba nahana hore ha eba ba ke ke ba kholoa molaetseng ona, o tloha o thohotheloa ho inehela lefung ho latela mesebetsi ea bona إِنَّا جَعَلۡنَا مَا عَلَى ٱلۡأَرۡضِ زِينَةً لَّهَا لِنَبۡلُوَهُمۡ أَيُّهُمۡ أَحۡسَنُ عَمَلًا ٧Re hlotse lintho tsohle tse teng lefats’eng e le mekhabiso holim’a lona, ho ba beha tekong: le hona ho bona hore na ke bafeng har’a bona ba boits’oaro bo botle وَإِنَّا لَجَٰعِلُونَ مَا عَلَيۡهَا صَعِيدًا جُرُزًا ٨Ruri! Re tla fetola lintho tsohle tse teng holim’a lona lerole le mobu o ommeng أَمۡ حَسِبۡتَ أَنَّ أَصۡحَٰبَ ٱلۡكَهۡفِ وَٱلرَّقِيمِ كَانُواْ مِنۡ ءَايَٰتِنَا عَجَبًا ٩Kapa u nahana hore batho ba Lehaha le Ba-Mongolo ke Mehlolo har’a lits’upiso tsa rona إِذۡ أَوَى ٱلۡفِتۡيَةُ إِلَى ٱلۡكَهۡفِ فَقَالُواْ رَبَّنَآ ءَاتِنَا مِن لَّدُنكَ رَحۡمَةً وَهَيِّئۡ لَنَا مِنۡ أَمۡرِنَا رَشَدًا ١٠Bahlankana ba ile ba ts’abela lehaheng: ba re: “Mong`a rona! ts’ollela Mohau oa Hau ho rona, U sebetse taba ea rona ka toka.” فَضَرَبۡنَا عَلَىٰٓ ءَاذَانِهِمۡ فِي ٱلۡكَهۡفِ سِنِينَ عَدَدًا ١١Eaba re kiba kutlo ea bona moo Lehaheng ka lilemo tse ‘maloa ثُمَّ بَعَثۡنَٰهُمۡ لِنَعۡلَمَ أَيُّ ٱلۡحِزۡبَيۡنِ أَحۡصَىٰ لِمَا لَبِثُوٓاْ أَمَدًا ١٢Kamor’a moo eaba Re ba tsosa borokong, hore Re tle Re tsebe hore na mahlakoreng ana a mabeli ke le feng le ka tsebang ho lokolisa nako eo ba ileng ba e lula moo نَّحۡنُ نَقُصُّ عَلَيۡكَ نَبَأَهُم بِٱلۡحَقِّۚ إِنَّهُمۡ فِتۡيَةٌ ءَامَنُواْ بِرَبِّهِمۡ وَزِدۡنَٰهُمۡ هُدًى ١٣Re u phetela nalane ea bona ka ‘nete: E ne e le bahlankana ba kholoang ho Mong`a bona, Re ile Ra ba phaella ka tataiso وَرَبَطۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ إِذۡ قَامُواْ فَقَالُواْ رَبُّنَا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَن نَّدۡعُوَاْ مِن دُونِهِۦٓ إِلَٰهًاۖ لَّقَدۡ قُلۡنَآ إِذًا شَطَطًا ١٤Ra Kenya sebete ho bona nakong eo ba neng ba itlhophela leeto bare: “Mong`a rona ke Mong`a maholimo le lefats’e, ha ho molingoana ope eo re llelang ho eena ntle ho Eena, hobane ha re ka etsa joalo re tla be re buile linyonts’a هَٰٓؤُلَآءِ قَوۡمُنَا ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةًۖ لَّوۡلَا يَأۡتُونَ عَلَيۡهِم بِسُلۡطَٰنِۭ بَيِّنٍۖ فَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّنِ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا ١٥Batho ba habo rona, ba ikhethets melimo esele ntle ho Eena le hoja ba se na bopaki bo hlakileng bo tsoang ho eona. Ha na ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano khahlano le Allah وَإِذِ ٱعۡتَزَلۡتُمُوهُمۡ وَمَا يَعۡبُدُونَ إِلَّا ٱللَّهَ فَأۡوُۥٓاْ إِلَى ٱلۡكَهۡفِ يَنشُرۡ لَكُمۡ رَبُّكُم مِّن رَّحۡمَتِهِۦ وَيُهَيِّئۡ لَكُم مِّنۡ أَمۡرِكُم مِّرۡفَقًا ١٦Haeba le ka ba furalla le tsohle tseo ba li khumamelang ntle ho Allah, eaba le tsoma sets’abelo Lehaheng; Ruri Mong`a lona U tla jala Mohau oa Hae holim’a lona le hona ho le bebofaletsa mathata a lona.” ۞ وَتَرَى ٱلشَّمۡسَ إِذَا طَلَعَت تَّزَٰوَرُ عَن كَهۡفِهِمۡ ذَاتَ ٱلۡيَمِينِ وَإِذَا غَرَبَت تَّقۡرِضُهُمۡ ذَاتَ ٱلشِّمَالِ وَهُمۡ فِي فَجۡوَةٍ مِّنۡهُۚ ذَٰلِكَ مِنۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِۗ مَن يَهۡدِ ٱللَّهُ فَهُوَ ٱلۡمُهۡتَدِۖ وَمَن يُضۡلِلۡ فَلَن تَجِدَ لَهُۥ وَلِيًّا مُّرۡشِدًا ١٧U ka be u ile oa bona letsatsi mohla le neng le chabile le siroha lehaheng la bona ho leba ka ho le letona, le nakong eo le neng le e ea malikelong, ba robetse hara Lehaha ba sa ikhurumetsa. Seo ebile se seng sa lits’upiso tsa Allah. Ea tataisoang ke Allah, u tataisong e nepahetseng, athe Ea mo tlohetseng ho kheloha,- ha u ke ke oa ba fumanela mosireletsi ea ka ba tataisetsang tseleng e nepahetseng وَتَحۡسَبُهُمۡ أَيۡقَاظًا وَهُمۡ رُقُودٌۚ وَنُقَلِّبُهُمۡ ذَاتَ ٱلۡيَمِينِ وَذَاتَ ٱلشِّمَالِۖ وَكَلۡبُهُم بَٰسِطٌ ذِرَاعَيۡهِ بِٱلۡوَصِيدِۚ لَوِ ٱطَّلَعۡتَ عَلَيۡهِمۡ لَوَلَّيۡتَ مِنۡهُمۡ فِرَارًا وَلَمُلِئۡتَ مِنۡهُمۡ رُعۡبًا ١٨U ka be u ile oa nahana hore ba tsohile, athe ba ntse ba robetse, Re ile Ra ba fetolela ka mahlakore bobeli, ntjanyana ea bona e otlolotse maoto a pele monyako. Ha u ne u ka atamela haufi le bona, Ruri u ne u tla menola tlhabela; u tlallane ke letsoalo la ho bona seo وَكَذَٰلِكَ بَعَثۡنَٰهُمۡ لِيَتَسَآءَلُواْ بَيۡنَهُمۡۚ قَالَ قَآئِلٌ مِّنۡهُمۡ كَمۡ لَبِثۡتُمۡۖ قَالُواْ لَبِثۡنَا يَوۡمًا أَوۡ بَعۡضَ يَوۡمٍۚ قَالُواْ رَبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَا لَبِثۡتُمۡ فَٱبۡعَثُوٓاْ أَحَدَكُم بِوَرِقِكُمۡ هَٰذِهِۦٓ إِلَى ٱلۡمَدِينَةِ فَلۡيَنظُرۡ أَيُّهَآ أَزۡكَىٰ طَعَامًا فَلۡيَأۡتِكُم بِرِزۡقٍ مِّنۡهُ وَلۡيَتَلَطَّفۡ وَلَا يُشۡعِرَنَّ بِكُمۡ أَحَدًا ١٩Ka mokhoa o ts’oanang Re ile Ra ba tsosa, e le hore ba tle ba botsane ka bo-bona. E mong oa bona o ile a re: “Re lutse nako e kae moo?” Ba ile ba re: “Re lutse letsatsi kapa karoloana ea lona,” Ha ba bang ba ile bare: “Ke Allah Ea tsebang ka botlalo hore na le lutse nako e kae.” Romang e mong oa rona ka chelete ena ea Selivera motseng, ho ea re shebela sejo se hloekileng seo re ka se jang moo. Ebe motho ea boits’oaro bo lokileng, ho se be motho ea ka tsebang ka rona إِنَّهُمۡ إِن يَظۡهَرُواْ عَلَيۡكُمۡ يَرۡجُمُوكُمۡ أَوۡ يُعِيدُوكُمۡ فِي مِلَّتِهِمۡ وَلَن تُفۡلِحُوٓاْ إِذًا أَبَدًا ٢٠Hobane haeba ba ka re tseba, ba tla re tlapunya ka majoe, kapa ba re khelosetse tumelong ea bona; re ke keng ra hlola re eba le katleho وَكَذَٰلِكَ أَعۡثَرۡنَا عَلَيۡهِمۡ لِيَعۡلَمُوٓاْ أَنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَأَنَّ ٱلسَّاعَةَ لَا رَيۡبَ فِيهَآ إِذۡ يَتَنَٰزَعُونَ بَيۡنَهُمۡ أَمۡرَهُمۡۖ فَقَالُواْ ٱبۡنُواْ عَلَيۡهِم بُنۡيَٰنًاۖ رَّبُّهُمۡ أَعۡلَمُ بِهِمۡۚ قَالَ ٱلَّذِينَ غَلَبُواْ عَلَىٰٓ أَمۡرِهِمۡ لَنَتَّخِذَنَّ عَلَيۡهِم مَّسۡجِدًا ٢١Re ile Ra ba beha pooaneng ho batho ba motseng, hore ba tle ba tsebe hore ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, le hore Hora ea Pallo ha ho khoao ka eona. Eaba baahi ba motse ba simolla ho pheha khang ka bo bona, ba re: “Hahang moaho holim’a bona; ‘Mong`a bona o tseba ka botlalo malebana le bona.” Joale, ba ileng ba hlola nyeoe ea ba ba re: “Ruri re tla aha ntlo ea thapelo holim’a bona.” سَيَقُولُونَ ثَلَٰثَةٌ رَّابِعُهُمۡ كَلۡبُهُمۡ وَيَقُولُونَ خَمۡسَةٌ سَادِسُهُمۡ كَلۡبُهُمۡ رَجۡمَۢا بِٱلۡغَيۡبِۖ وَيَقُولُونَ سَبۡعَةٌ وَثَامِنُهُمۡ كَلۡبُهُمۡۚ قُل رَّبِّيٓ أَعۡلَمُ بِعِدَّتِهِم مَّا يَعۡلَمُهُمۡ إِلَّا قَلِيلٌۗ فَلَا تُمَارِ فِيهِمۡ إِلَّا مِرَآءً ظَٰهِرًا وَلَا تَسۡتَفۡتِ فِيهِم مِّنۡهُمۡ أَحَدًا ٢٢Bang ba re: “Ba ne ba le ba raro, ntja ea bona ke’a bone,” athe karolo e ngoe eona e re: “Ba ne ba le bahlano, ntja ea bona ke’a bots’elela,” Ba noha tlas’a ho hloka tsebo; ba bang ba re: “Ba ne ba supile, ntja ea bona ke’a borobeli.” E re: “Ruri ke Mong`a ka ea tsebang ka kotloloho palo ea bona. Ke ba fokolang feela ba tsebang ka bona. Kahoo, u se phehe khang le bona haese ha feela eba ke ka mokhoa o hlakileng, u se botse ope oa bona khahlanong le taba eo وَلَا تَقُولَنَّ لِشَاْيۡءٍ إِنِّي فَاعِلٌ ذَٰلِكَ غَدًا ٢٣Kapa hore: “Ke tla etsa ntho e itseng hosane,” – إِلَّآ أَن يَشَآءَ ٱللَّهُۚ وَٱذۡكُر رَّبَّكَ إِذَا نَسِيتَ وَقُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَهۡدِيَنِ رَبِّي لِأَقۡرَبَ مِنۡ هَٰذَا رَشَدًا ٢٤U sa ka oa re;” Ka thato ea Allah!” U hopole Mong`a hau nakong eo u lebetseng, u re: “Mohlomong Mong`a ka o tla ntataisetsa katamelong ea tsela ea ‘nete ho feta ena.” وَلَبِثُواْ فِي كَهۡفِهِمۡ ثَلَٰثَ مِاْئَةٍ سِنِينَ وَٱزۡدَادُواْ تِسۡعًا ٢٥Ba ile ba lula Lehaheng la bona lilemo tse makholo a mararo, le lilemo tse robong قُلِ ٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا لَبِثُواْۖ لَهُۥ غَيۡبُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ أَبۡصِرۡ بِهِۦ وَأَسۡمِعۡۚ مَا لَهُم مِّن دُونِهِۦ مِن وَلِيٍّ وَلَا يُشۡرِكُ فِي حُكۡمِهِۦٓ أَحَدًا ٢٦E re: “Ke Allah ea tsebang ka kotloloho lilemo tseobali lutseng. Etsoe makunutu a maholimo le lefats’e ke a hae. U na le pono e hlakileng le kutlo e batsi! Ha ba na mosireltsi ea kantle ho Eena, ha ho ope ea nang le kabelo ‘Musong oa Hae وَٱتۡلُ مَآ أُوحِيَ إِلَيۡكَ مِن كِتَابِ رَبِّكَۖ لَا مُبَدِّلَ لِكَلِمَٰتِهِۦ وَلَن تَجِدَ مِن دُونِهِۦ مُلۡتَحَدًا ٢٧U phete Lengolo leo u le senoletsoeng le etsoa ho Mong`a hau. Ha ho ope ea ka fetolang mantsoe A Hae, u ke ke oa fumana sets’abelo kantle ho Eena وَٱصۡبِرۡ نَفۡسَكَ مَعَ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ رَبَّهُم بِٱلۡغَدَوٰةِ وَٱلۡعَشِيِّ يُرِيدُونَ وَجۡهَهُۥۖ وَلَا تَعۡدُ عَيۡنَاكَ عَنۡهُمۡ تُرِيدُ زِينَةَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَلَا تُطِعۡ مَنۡ أَغۡفَلۡنَا قَلۡبَهُۥ عَن ذِكۡرِنَا وَٱتَّبَعَ هَوَىٰهُ وَكَانَ أَمۡرُهُۥ فُرُطًا ٢٨U boloke moea oa hau o khotsofetse ‘moho le bohle ba memetsang ho Mong`a bona mesong le mantsiboea, moo ba ba tlang motlopotlo oa Hae; u se ba tlolise mahlo holimo, moo u labalabelang monyaka oa bophelo ba lefats’e lena; u se ke oa latela eo Re thatafalitseng pelo ea hae hore e se ke ea Re hopola, ea setseng litakatso tsa hae morao, mehopolo ea hae e se e tlotse meeli eohle وَقُلِ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكُمۡۖ فَمَن شَآءَ فَلۡيُؤۡمِن وَمَن شَآءَ فَلۡيَكۡفُرۡۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ نَارًا أَحَاطَ بِهِمۡ سُرَادِقُهَاۚ وَإِن يَسۡتَغِيثُواْ يُغَاثُواْ بِمَآءٍ كَٱلۡمُهۡلِ يَشۡوِي ٱلۡوُجُوهَۚ بِئۡسَ ٱلشَّرَابُ وَسَآءَتۡ مُرۡتَفَقًا ٢٩E re ho bona: “‘Nete e tsoa ho Mong`a lona. Mong le mong ea nang le thahasello mo tloheleng a kholoe, ka ho ts’oana le eo ea senang thahasello le mo lese ho latola tumelo. Haele ba tlolang molao bona Re ba lokiselitse Mollo. Lephephe la ona le tla ba koahela joaloka marulelo. Haeba ba kopa ho tola, ba tla tolisoa ka metsi a ts’oanang le koporo e qhebilisitsoeng e chesang lifahleho. Ak’u bone kamoo ba tlang ho noa mothofu o ts’abehang esitana le bona bolulo bo bolileng kateng إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ إِنَّا لَا نُضِيعُ أَجۡرَ مَنۡ أَحۡسَنَ عَمَلًا ٣٠Haele ba kholoang ba etsa mesebetsi e hloekileng, – Ruri Re ke ke Ra lumela hore moputso oa mong le mong ea entseng ketso e lokileng e be o’a lahleha أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ جَنَّٰتُ عَدۡنٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهِمُ ٱلۡأَنۡهَٰرُ يُحَلَّوۡنَ فِيهَا مِنۡ أَسَاوِرَ مِن ذَهَبٍ وَيَلۡبَسُونَ ثِيَابًا خُضۡرًا مِّن سُندُسٍ وَإِسۡتَبۡرَقٍ مُّتَّكِـِٔينَ فِيهَا عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِۚ نِعۡمَ ٱلثَّوَابُ وَحَسُنَتۡ مُرۡتَفَقًا ٣١Ba joalo, Lirapa tsa Edene ke tsa bona, moo teng linoka li phallang haufi le bona; ba tla nehoa libenyele tsa khauta esita le hona ho apara liaparo tse tala tsa silika e bobebe e nang le mekhabiso ea khauta, ba phomotse holima Literone. Ruri oo ke moputso o babatsehang esitana le sona sebaka se machosi hakakang ۞ وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلًا رَّجُلَيۡنِ جَعَلۡنَا لِأَحَدِهِمَا جَنَّتَيۡنِ مِنۡ أَعۡنَٰبٍ وَحَفَفۡنَٰهُمَا بِنَخۡلٍ وَجَعَلۡنَا بَيۡنَهُمَا زَرۡعًا ٣٢Ak’u ba etsetse papiso ea banna ba babeli: bao e mong le e mong oa bona Re mo sitsitseng ka lirapa tse peli tsa merara, tseo Re li kopetseng har’e ka lifate tsa palema, lipakeng tsa tsona ho len’goe كِلۡتَا ٱلۡجَنَّتَيۡنِ ءَاتَتۡ أُكُلَهَا وَلَمۡ تَظۡلِم مِّنۡهُ شَيۡـًٔاۚ وَفَجَّرۡنَا خِلَٰلَهُمَا نَهَرًا ٣٣Serapa ka seng se fana ka litholoana tse khotsofatsang. Ho phalla noka lipakeng tsa tsona وَكَانَ لَهُۥ ثَمَرٌ فَقَالَ لِصَٰحِبِهِۦ وَهُوَ يُحَاوِرُهُۥٓ أَنَا۠ أَكۡثَرُ مِنكَ مَالًا وَأَعَزُّ نَفَرًا ٣٤E mong o ne a ena le litholoana tse ngata. Eaba moo a ileng a re ho mphato oa hae nakong eo neng a buisana le eena: “‘Na ke morui ho feta uena ka thepa, ebile ke hlompheha kahofetisisa bathong.” وَدَخَلَ جَنَّتَهُۥ وَهُوَ ظَالِمٌ لِّنَفۡسِهِۦ قَالَ مَآ أَظُنُّ أَن تَبِيدَ هَٰذِهِۦٓ أَبَدًا ٣٥Eaba o ea serapeng sa hae, ka moelelo o fosahetseng. A re: “Ha ke nahane hore lintho tsena tsohle li sa tla hlola li fela وَمَآ أَظُنُّ ٱلسَّاعَةَ قَآئِمَةً وَلَئِن رُّدِدتُّ إِلَىٰ رَبِّي لَأَجِدَنَّ خَيۡرًا مِّنۡهَا مُنقَلَبًا ٣٦Ebile ha ke nahane hore hora ea kahlolo e sa tla tla, haeba nka boela ho Mong`a ka, Ruri ke na le bo-’nete ba hore ke tla fumana puseletso e molemo ho feta ena.” قَالَ لَهُۥ صَاحِبُهُۥ وَهُوَ يُحَاوِرُهُۥٓ أَكَفَرۡتَ بِٱلَّذِي خَلَقَكَ مِن تُرَابٍ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةٍ ثُمَّ سَوَّىٰكَ رَجُلًا ٣٧Empa motsoalle oa hae nakong eo ba ntseng ba phehile khang, a re: “na ha o lumele ho Eena ea o hlotseng ka lerole le ka lehloele, eaba o o bopa o le motho لَّٰكِنَّا۠ هُوَ ٱللَّهُ رَبِّي وَلَآ أُشۡرِكُ بِرَبِّيٓ أَحَدًا ٣٨Ruri! ke Allah Mong`a ka, nke ke ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi وَلَوۡلَآ إِذۡ دَخَلۡتَ جَنَّتَكَ قُلۡتَ مَا شَآءَ ٱللَّهُ لَا قُوَّةَ إِلَّا بِٱللَّهِۚ إِن تَرَنِ أَنَا۠ أَقَلَّ مِنكَ مَالًا وَوَلَدًا ٣٩Hoja e be nakong eo o neng o kena ka har’a serapa sa hau o ile oa re: “Thato ea Allah e phethoe! Ha ho matla ntle le matla a Allah! Le ha o mpona ke le mofutsana ea o fetang ka thepa esita le ka bana فَعَسَىٰ رَبِّيٓ أَن يُؤۡتِيَنِ خَيۡرًا مِّن جَنَّتِكَ وَيُرۡسِلَ عَلَيۡهَا حُسۡبَانًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ فَتُصۡبِحَ صَعِيدًا زَلَقًا ٤٠Mohlomong Mong`a ka o tla mpha se molemo ho feta serapa seo sa hau, e be U romella lehalima le tsoang marung ho tla se ripitla hoo ekareng hoseng eaba se tsoha e le mofela أَوۡ يُصۡبِحَ مَآؤُهَا غَوۡرًا فَلَن تَسۡتَطِيعَ لَهُۥ طَلَبًا ٤١Kapa e be hoseng ho hong metsi a teng moo ho sona a be a nyametse hoo o ke keng oa hlola o’a fumana وَأُحِيطَ بِثَمَرِهِۦ فَأَصۡبَحَ يُقَلِّبُ كَفَّيۡهِ عَلَىٰ مَآ أَنفَقَ فِيهَا وَهِيَ خَاوِيَةٌ عَلَىٰ عُرُوشِهَا وَيَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي لَمۡ أُشۡرِكۡ بِرَبِّيٓ أَحَدًا ٤٢Litholoana tsohle tsa hau li be li ripitliloe. Ebe o simolla ho akha matsoho a hau molemong oa tsohle tseo o li senyehetsoeng, tseo ha joale li fetohileng lesupi, e be o tla re: “nka be ke sa ka ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi!” وَلَمۡ تَكُن لَّهُۥ فِئَةٌ يَنصُرُونَهُۥ مِن دُونِ ٱللَّهِ وَمَا كَانَ مُنتَصِرًا ٤٣Ha a na lequloana le ka mo thusang kahlanong le Allah, kapa hona hore a ka ipholosa هُنَالِكَ ٱلۡوَلَٰيَةُ لِلَّهِ ٱلۡحَقِّۚ هُوَ خَيۡرٌ ثَوَابًا وَخَيۡرٌ عُقۡبًا ٤٤Ke Allah feela ea ka fanang ka ts’ireletso, Ea ‘Nete. Etsoe ke Eena ea molemo ho putsa, e bile o molemo ho fana ka katleho وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلَ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا كَمَآءٍ أَنزَلۡنَٰهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَٱخۡتَلَطَ بِهِۦ نَبَاتُ ٱلۡأَرۡضِ فَأَصۡبَحَ هَشِيمًا تَذۡرُوهُ ٱلرِّيَٰحُۗ وَكَانَ ٱللَّهُ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ مُّقۡتَدِرًا ٤٥U ke u ba etsetse papiso ka bophelo ba lefats’e lena bo joalo ka metsi ao Re’a romellang ho theoha marung, e be limela tsa lefats’e li’a e amohela; kamorao e be li’a omella hoo li ka fefoloang ke moea. Ruri! Allah U Matla A ho etsa lintho tsohle ٱلۡمَالُ وَٱلۡبَنُونَ زِينَةُ ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَاۖ وَٱلۡبَٰقِيَٰتُ ٱلصَّٰلِحَٰتُ خَيۡرٌ عِندَ رَبِّكَ ثَوَابًا وَخَيۡرٌ أَمَلًا ٤٦Thepa le bana ba lona ke liaparo tsa bophelo ba lefats’e lena. Empa ba etsang liketso tse lokileng, ba molemo mahlong a Mong`a bona ho ka putsuoa, ba bile bana le ts’epo e tiileng وَيَوۡمَ نُسَيِّرُ ٱلۡجِبَالَ وَتَرَى ٱلۡأَرۡضَ بَارِزَةً وَحَشَرۡنَٰهُمۡ فَلَمۡ نُغَادِرۡ مِنۡهُمۡ أَحَدًا ٤٧Le ke le ipotse tsa mohla Letsatsi leo ka lona Re tlang ho batalatsa maralla, le tla bona lefats’e le nyebekolloa; Re tla ba bokella hammoho ho sa tl’o sala le a mong oa bona morao وَعُرِضُواْ عَلَىٰ رَبِّكَ صَفًّا لَّقَدۡ جِئۡتُمُونَا كَمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةِۭۚ بَلۡ زَعَمۡتُمۡ أَلَّن نَّجۡعَلَ لَكُم مَّوۡعِدًا ٤٨Ebe joale ba hloptjoa ka mahlofo kapel’a Mong`a bona, eleng moo lentsoe le tla re: “Le tlile ho Rona joaloka ha Re ile Ra le bopa mathomong. Le ile la nahana hore Re ke ke Ra phethisa lits’episo hore le tla kopana le Rona!.” وَوُضِعَ ٱلۡكِتَٰبُ فَتَرَى ٱلۡمُجۡرِمِينَ مُشۡفِقِينَ مِمَّا فِيهِ وَيَقُولُونَ يَٰوَيۡلَتَنَا مَالِ هَٰذَا ٱلۡكِتَٰبِ لَا يُغَادِرُ صَغِيرَةً وَلَا كَبِيرَةً إِلَّآ أَحۡصَىٰهَاۚ وَوَجَدُواْ مَا عَمِلُواْ حَاضِرًاۗ وَلَا يَظۡلِمُ رَبُّكَ أَحَدًا ٤٩Buka ea liketso e tla behoa kapel’a lona, ke moo u tla bona ba molato ba le matsoalong ho latela se tla beng se ngoliloe kahar’a eona, ba tla re: “Jo’na oee! Ke buka ea mofuta ofe e sa sieeng letho le lenyane leha e le le leholo, e li ngolile kaofela!” Ruri! ba tla fumana tsohle tseo ba li entseng li ba tjametse, ho se ope eo Allah a mo qhekeletseng وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ كَانَ مِنَ ٱلۡجِنِّ فَفَسَقَ عَنۡ أَمۡرِ رَبِّهِۦٓۗ أَفَتَتَّخِذُونَهُۥ وَذُرِّيَّتَهُۥٓ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِي وَهُمۡ لَكُمۡ عَدُوُّۢۚ بِئۡسَ لِلظَّٰلِمِينَ بَدَلًا ٥٠Bonang Re ile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama,” Eaba a ea khumama haese Iblis. E ne e le e mong oa Masabonoeng, kahoo, o ile a nyelisa le hona ho ba khahlanong le taelo ea Mong`a hae. Na le ka khetha eena le tsoala ea hae ho ba metsoalle ea lona e ka le ts’ireletsang ntle ho ‘Na? Empa e le lira tsa lona? Ruri! Se nyonyehang ke poelo ea baetsalibe ۞ مَّآ أَشۡهَدتُّهُمۡ خَلۡقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَا خَلۡقَ أَنفُسِهِمۡ وَمَا كُنتُ مُتَّخِذَ ٱلۡمُضِلِّينَ عَضُدًا ٥١Ha ke’a ba bopela ho ba lipaki tsa tlholeho ea maholimo le’a lefats’e esitana le ho ba lipaki khahlanong le popo ea bona; kapa hona ho ba khetha e le bathusi ba ka ho khelosa batho وَيَوۡمَ يَقُولُ نَادُواْ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ زَعَمۡتُمۡ فَدَعَوۡهُمۡ فَلَمۡ يَسۡتَجِيبُواْ لَهُمۡ وَجَعَلۡنَا بَيۡنَهُم مَّوۡبِقًا ٥٢Ka letsatsi le leng Allah U tla re: “Memetsang ho bao le neng le ba kopanya le ‘Na.” Kemoo ba tla memetsa ho bona, empa ba ke ke ba utloa thapelo ea bona, etsoe Re tla etsa timelo e tebileng lipakeng tsa bona وَرَءَا ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٱلنَّارَ فَظَنُّوٓاْ أَنَّهُم مُّوَاقِعُوهَا وَلَمۡ يَجِدُواْ عَنۡهَا مَصۡرِفًا ٥٣Ke moo ba molato ba tla bona mollo, ba utloisise hore ba tla lahleloa kahar’a ona, ba ke ke ba fumana tsela ea ho phonyoha وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لِلنَّاسِ مِن كُلِّ مَثَلٍۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ أَكۡثَرَ شَيۡءٍ جَدَلًا ٥٤Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso; empa motho o manganga a fetisisang وَمَا مَنَعَ ٱلنَّاسَ أَن يُؤۡمِنُوٓاْ إِذۡ جَآءَهُمُ ٱلۡهُدَىٰ وَيَسۡتَغۡفِرُواْ رَبَّهُمۡ إِلَّآ أَن تَأۡتِيَهُمۡ سُنَّةُ ٱلۡأَوَّلِينَ أَوۡ يَأۡتِيَهُمُ ٱلۡعَذَابُ قُبُلًا ٥٥Ke eng se thibelang batho ho kholoa, empa tataiso e se e tlile ho bona esitana le hona ho kopa ts’oarelo ho Mong`a bona, haese feela hore e be ba na le taba-tabelo ea kahlolo ea batho ba mehleng ea pele hore eba oele, kapa hore e be ba tjametsoe ke timelo وَمَا نُرۡسِلُ ٱلۡمُرۡسَلِينَ إِلَّا مُبَشِّرِينَ وَمُنذِرِينَۚ وَيُجَٰدِلُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِٱلۡبَٰطِلِ لِيُدۡحِضُواْ بِهِ ٱلۡحَقَّۖ وَٱتَّخَذُوٓاْ ءَايَٰتِي وَمَآ أُنذِرُواْ هُزُوًا ٥٦Re romella baromuoa joaloka bahlokomelisi le ho tlisa litaba tse molemo. Empa ba mahana-tumelo a pheha khang ka leshano, le ho sesefatsa ‘nete ka lona. Ba nka lits’enolo tsa Ka, le hohle moo ebang ba ea khalengoa joaloka papali وَمَنۡ أَظۡلَمُ مِمَّن ذُكِّرَ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِۦ فَأَعۡرَضَ عَنۡهَا وَنَسِيَ مَا قَدَّمَتۡ يَدَاهُۚ إِنَّا جَعَلۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ أَكِنَّةً أَن يَفۡقَهُوهُ وَفِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرًاۖ وَإِن تَدۡعُهُمۡ إِلَى ٱلۡهُدَىٰ فَلَن يَهۡتَدُوٓاْ إِذًا أَبَدًا ٥٧Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea phethetsoeng lits’enolo tsa Mong`a hae, eaba o oa likoenehela le ho lebala tseo matsoho a hae a lirometseng nale ho lebisa kahlolong? Ruri Re koahetse lipelo tsa bona ka lesira, hore ba tle ba se ke ba utloisisa letho, ebile e le litholo. Leha u ka oa ba bitsetsa tataisong, Ruri ba ke ke ba tataisoa ka nepo وَرَبُّكَ ٱلۡغَفُورُ ذُو ٱلرَّحۡمَةِۖ لَوۡ يُؤَاخِذُهُم بِمَا كَسَبُواْ لَعَجَّلَ لَهُمُ ٱلۡعَذَابَۚ بَل لَّهُم مَّوۡعِدٌ لَّن يَجِدُواْ مِن دُونِهِۦ مَوۡئِلًا ٥٨Empa Mong`a hau U Ts’oarela-jolao-joalo, U Tletse Mohau. Haeba A ka ba biletsa boikarabellong hajoale mabapi le tseo bali entseng, Ruri o ne A tla potlakela Kahlolong ea bona; empa nako ea bona ke’a pallo eo ba ke keng ba phonyoha ho eona وَتِلۡكَ ٱلۡقُرَىٰٓ أَهۡلَكۡنَٰهُمۡ لَمَّا ظَلَمُواْ وَجَعَلۡنَا لِمَهۡلِكِهِم مَّوۡعِدًا ٥٩Le eona metse eohle eo Re ileng Ra e ripitla ho latela liketso tse fosahetseng, Re ne Re ile Ra fana ka nako ea pallo kotlong ea bona وَإِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِفَتَىٰهُ لَآ أَبۡرَحُ حَتَّىٰٓ أَبۡلُغَ مَجۡمَعَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ أَوۡ أَمۡضِيَ حُقُبًا ٦٠Moshe o ile a re ho mosebeletsi oa hae: “Ruri nke ke ka emisa ho fihlela ke fihlile mateanong a maoatle a mabeli, le ha ke qhala lilemo-lemo tseleng فَلَمَّا بَلَغَا مَجۡمَعَ بَيۡنِهِمَا نَسِيَا حُوتَهُمَا فَٱتَّخَذَ سَبِيلَهُۥ فِي ٱلۡبَحۡرِ سَرَبًا ٦١Empa eitse ha ba se bafihlile mateanyetsong, ba lebala Tlhapi ea bona, eona e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi e le bolokolohing فَلَمَّا جَاوَزَا قَالَ لِفَتَىٰهُ ءَاتِنَا غَدَآءَنَا لَقَدۡ لَقِينَا مِن سَفَرِنَا هَٰذَا نَصَبًا ٦٢Hoba ba tsamae sebakanyana, eaba o re ho mosebeletsi oa hae: “A k’u re etsetse lijo tsa hoseng. Ruri! Haele leetong lena re teane le mathata a mangata.” قَالَ أَرَءَيۡتَ إِذۡ أَوَيۡنَآ إِلَى ٱلصَّخۡرَةِ فَإِنِّي نَسِيتُ ٱلۡحُوتَ وَمَآ أَنسَىٰنِيهُ إِلَّا ٱلشَّيۡطَٰنُ أَنۡ أَذۡكُرَهُۥۚ وَٱتَّخَذَ سَبِيلَهُۥ فِي ٱلۡبَحۡرِ عَجَبًا ٦٣A araba a re: “Na ha o oa bona, hore nakong eo re neng re ts’abela holim’a lefika, ke ile ka lebala tlhapi teng, – ke satane ea entseng hore ke lebale ho buoa ka eona, – e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi ka mokhoa o makhethe.” قَالَ ذَٰلِكَ مَا كُنَّا نَبۡغِۚ فَٱرۡتَدَّا عَلَىٰٓ ءَاثَارِهِمَا قَصَصًا ٦٤Moshe a re: “Sena ke sona seo re neng re tsomana le sona.” Kahoo, menahana le mehlala ea bona فَوَجَدَا عَبۡدًا مِّنۡ عِبَادِنَآ ءَاتَيۡنَٰهُ رَحۡمَةً مِّنۡ عِندِنَا وَعَلَّمۡنَٰهُ مِن لَّدُنَّا عِلۡمًا ٦٥Ke moo ba ileng ba fumana e mong oa makhabunyane a Rona, eo Re mo sitsitseng ka Mohau oa Rona le ho mo ruta tsebo e tsoang boteng ba Rona قَالَ لَهُۥ مُوسَىٰ هَلۡ أَتَّبِعُكَ عَلَىٰٓ أَن تُعَلِّمَنِ مِمَّا عُلِّمۡتَ رُشۡدًا ٦٦Moshe a re ho eena: “Na nka o sala morao ho fihlela moo o tlang ho nthuta ‘Nete eo o ileng oa e rutoa?” قَالَ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا ٦٧Eaba eo o re: “Ruri u ke ke oa ba le mamello ho ‘na وَكَيۡفَ تَصۡبِرُ عَلَىٰ مَا لَمۡ تُحِطۡ بِهِۦ خُبۡرًا ٦٨Ho tla joang hore u ka ba le mamello ka seo u sa kang oa ba le kutlisiso e feletseng ka sona?” قَالَ سَتَجِدُنِيٓ إِن شَآءَ ٱللَّهُ صَابِرًا وَلَآ أَعۡصِي لَكَ أَمۡرًا ٦٩Moshe a re: “Haeba e le thato ea Allah, Ruri u tla mphumana ke ena le mamello, ha ho letho leo ke tlang ho u hanyetsa ka lona.” قَالَ فَإِنِ ٱتَّبَعۡتَنِي فَلَا تَسۡـَٔلۡنِي عَن شَيۡءٍ حَتَّىٰٓ أُحۡدِثَ لَكَ مِنۡهُ ذِكۡرًا ٧٠Eo a re: “Ho lokile, haeba u tsamaea le ‘na; u se mpotse letho ho fihlela e le ‘na ea ka o bolellang sona.” فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَا رَكِبَا فِي ٱلسَّفِينَةِ خَرَقَهَاۖ قَالَ أَخَرَقۡتَهَا لِتُغۡرِقَ أَهۡلَهَا لَقَدۡ جِئۡتَ شَيۡـًٔا إِمۡرًا ٧١Ba ile ba tsamaea ‘moho ho fihlela moo ba ileng ba kena sekepeng, e leng moo mphato oa hae a ileng a phunya sekepe seo lesoba. Eaba Moshe o re: “Lesoba leo o le etsetsa hore o tle o qoelise batho? Ruri o entse ntho e mohlolo قَالَ أَلَمۡ أَقُلۡ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا ٧٢A araba: “Na ha ke’a u bolella hore o ke ke oa ba le mamello ho ‘na?” قَالَ لَا تُؤَاخِذۡنِي بِمَا نَسِيتُ وَلَا تُرۡهِقۡنِي مِنۡ أَمۡرِي عُسۡرًا ٧٣Moshe a re: “Se nkhalefele hobane ke se ke lebetse, o se be pelo e mpe holim’a ka ho latela phoso ea ka.” فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَا لَقِيَا غُلَٰمًا فَقَتَلَهُۥ قَالَ أَقَتَلۡتَ نَفۡسًا زَكِيَّةَۢ بِغَيۡرِ نَفۡسٍ لَّقَدۡ جِئۡتَ شَيۡـًٔا نُّكۡرًا ٧٤Ba qhoba ka leeto la bona ho fihlela moo ba ileng ba kopana le mohlankana, eaba monna eo oa ‘molaea. Moshe a re: “O etsang eng! Ha eka o bolaea moea o se nang molato, o sa kang oa bolaea le haele motho? Ruri! O entse ntho e mpe ka mokhoa o makatsang!”
۞ قَالَ أَلَمۡ أَقُل لَّكَ إِنَّكَ لَن تَسۡتَطِيعَ مَعِيَ صَبۡرًا ٧٥A araba: “Ha ha ke’a ka ka u bolella hore u ke ke oa ba le mamello ho ‘na?” قَالَ إِن سَأَلۡتُكَ عَن شَيۡءِۭ بَعۡدَهَا فَلَا تُصَٰحِبۡنِيۖ قَدۡ بَلَغۡتَ مِن لَّدُنِّي عُذۡرًا ٧٦Moshe a re: “Haeba nka o botsa ho hong kamor’a sena, Ruri o mpe o nteleke pela hau. Hobane o tla be o ile oa mphumana molato.” فَٱنطَلَقَا حَتَّىٰٓ إِذَآ أَتَيَآ أَهۡلَ قَرۡيَةٍ ٱسۡتَطۡعَمَآ أَهۡلَهَا فَأَبَوۡاْ أَن يُضَيِّفُوهُمَا فَوَجَدَا فِيهَا جِدَارًا يُرِيدُ أَن يَنقَضَّ فَأَقَامَهُۥۖ قَالَ لَوۡ شِئۡتَ لَتَّخَذۡتَ عَلَيۡهِ أَجۡرًا ٧٧Ba tsoela pele ka leeto la bona ho fihlela ba fihla bathong ba motse o mong, moo ba ileng ba kopa lijo, empa ba se ke ba ba amohela joaloka baeti. Ba fumana lerako le neng le se le le haufi le ho heleha, monna eo oa le tsosa. Eaba Moshe o re: “Hoja e bile thato ea hau, e ka be ba o batlile moputso sebakeng sa lona.” قَالَ هَٰذَا فِرَاقُ بَيۡنِي وَبَيۡنِكَۚ سَأُنَبِّئُكَ بِتَأۡوِيلِ مَا لَمۡ تَسۡتَطِع عَّلَيۡهِ صَبۡرًا ٧٨A araba: “Mona ke karohano lipakeng tsa ka le uena! Ke tla o hlalosetsa manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona أَمَّا ٱلسَّفِينَةُ فَكَانَتۡ لِمَسَٰكِينَ يَعۡمَلُونَ فِي ٱلۡبَحۡرِ فَأَرَدتُّ أَنۡ أَعِيبَهَا وَكَانَ وَرَآءَهُم مَّلِكٌ يَأۡخُذُ كُلَّ سَفِينَةٍ غَصۡبًا ٧٩Mabapi le sekepe, se ikarabella ho batho ba neng ba sotlehile ba sebetsa moo metsing, ke ne ke lakalitse ho se nts’a maemong a ts’ebetso, hobane ho ne ho e na le morena kamor’a bona ea inkelang sekepe sefe kapa sefe ka sheshe وَأَمَّا ٱلۡغُلَٰمُ فَكَانَ أَبَوَاهُ مُؤۡمِنَيۡنِ فَخَشِينَآ أَن يُرۡهِقَهُمَا طُغۡيَٰنًا وَكُفۡرًا ٨٠Mabapi le mohlankana eloa, eena batsoali ba hae e ne e le ba kholoang, re ile ra ts’oha hore mohlomong o tloha a ba hlokofatsa ka borabele le ho hloka teboho فَأَرَدۡنَآ أَن يُبۡدِلَهُمَا رَبُّهُمَا خَيۡرًا مِّنۡهُ زَكَوٰةً وَأَقۡرَبَ رُحۡمًا ٨١Ra lakatsa hore mohlomong sebakeng sa hae Mong`a bona aba putse ka mora e mong ea fapaneng le eo ka bohloeki le katamelong Mong`a hau وَأَمَّا ٱلۡجِدَارُ فَكَانَ لِغُلَٰمَيۡنِ يَتِيمَيۡنِ فِي ٱلۡمَدِينَةِ وَكَانَ تَحۡتَهُۥ كَنزٌ لَّهُمَا وَكَانَ أَبُوهُمَا صَٰلِحًا فَأَرَادَ رَبُّكَ أَن يَبۡلُغَآ أَشُدَّهُمَا وَيَسۡتَخۡرِجَا كَنزَهُمَا رَحۡمَةً مِّن رَّبِّكَۚ وَمَا فَعَلۡتُهُۥ عَنۡ أَمۡرِيۚ ذَٰلِكَ تَأۡوِيلُ مَا لَمۡ تَسۡطِع عَّلَيۡهِ صَبۡرًا ٨٢Mabapi le lerako teng, lona e ne e le la likhutsana tse peli tsa bahlankana har’a motse, ka tlas’a lona ho ne ho le teng letlotlo leo eleng la bona, ntat`a bona u ne a bolokile, Mong`a hau U ne A rerile hore ba fihlele lilemo tse lokelang, ba tle ba iphumanele letlotlo la bona joaloka Mohau o tsoang ho Mong`a bona; ha ke’a ka le tsosa ka thato ea ka. Sena ke manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona.” وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَن ذِي ٱلۡقَرۡنَيۡنِۖ قُلۡ سَأَتۡلُواْ عَلَيۡكُم مِّنۡهُ ذِكۡرًا ٨٣Ba o botsa ka Zul-qarnain. E re: “Ke tla le phetela pale ea hae.” إِنَّا مَكَّنَّا لَهُۥ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَءَاتَيۡنَٰهُ مِن كُلِّ شَيۡءٍ سَبَبًا ٨٤Ruri Re ile ra mo apesa ka matla lefats’eng le ho mo neha tsela holim’a lintho tsohle فَأَتۡبَعَ سَبَبًا ٨٥O ile a latela tsela e `ngoe حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ مَغۡرِبَ ٱلشَّمۡسِ وَجَدَهَا تَغۡرُبُ فِي عَيۡنٍ حَمِئَةٍ وَوَجَدَ عِندَهَا قَوۡمًاۖ قُلۡنَا يَٰذَا ٱلۡقَرۡنَيۡنِ إِمَّآ أَن تُعَذِّبَ وَإِمَّآ أَن تَتَّخِذَ فِيهِمۡ حُسۡنًا ٨٦Ho fihlela, a fihla moo letsatsi le phirimang teng, a fihlela le phirima kahar’a Seliba se mokhoabong, haufi le sona a fihlela batho: Ra Re: “Oho Zhul-qarnain! Ebang o ba neha kotlo kapa o ba lemosa ka mosa قَالَ أَمَّا مَن ظَلَمَ فَسَوۡفَ نُعَذِّبُهُۥ ثُمَّ يُرَدُّ إِلَىٰ رَبِّهِۦ فَيُعَذِّبُهُۥ عَذَابًا نُّكۡرًا ٨٧A re: “Mong le mong ea etsang phoso re tla mo ahlola, hamorao o tla boela ho Mong`a hae, ea tlang ho mo ahlola ka kahlolo e ts’abehang وَأَمَّا مَنۡ ءَامَنَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا فَلَهُۥ جَزَآءً ٱلۡحُسۡنَىٰۖ وَسَنَقُولُ لَهُۥ مِنۡ أَمۡرِنَا يُسۡرًا ٨٨Empa ea kholoang a bile a etsa toka, – moputso oa hae e tla ba o molemo; Re tla mo putsa ona ka taelo e molemo.” ثُمَّ أَتۡبَعَ سَبَبًا ٨٩Ke moo a ileng a latela tsela e ‘ngoe حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ مَطۡلِعَ ٱلشَّمۡسِ وَجَدَهَا تَطۡلُعُ عَلَىٰ قَوۡمٍ لَّمۡ نَجۡعَل لَّهُم مِّن دُونِهَا سِتۡرًا ٩٠Ho fihlela moo letsatsi le chabang teng, a fumana le chabela batho bao Re sa kang ra ba neha ts’ireletso khahlanong le lona كَذَٰلِكَۖ وَقَدۡ أَحَطۡنَا بِمَا لَدَيۡهِ خُبۡرًا ٩١A ba lesa ba le joalo; Re ne Re tsebile lintho tsohle kapele ho eena ثُمَّ أَتۡبَعَ سَبَبًا ٩٢A latela tsela e ‘ngoe حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ بَيۡنَ ٱلسَّدَّيۡنِ وَجَدَ مِن دُونِهِمَا قَوۡمًا لَّا يَكَادُونَ يَفۡقَهُونَ قَوۡلًا ٩٣Ho fihlela moo a ileng a fihla lipakeng tsa lithaba tse peli, moo a ileng a fumana batho tlas’a tsona ba neng sa utloisisi puo le ha e le lentsoe le le leng قَالُواْ يَٰذَا ٱلۡقَرۡنَيۡنِ إِنَّ يَأۡجُوجَ وَمَأۡجُوجَ مُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَهَلۡ نَجۡعَلُ لَكَ خَرۡجًا عَلَىٰٓ أَن تَجۡعَلَ بَيۡنَنَا وَبَيۡنَهُمۡ سَدًّا ٩٤Ba re: “Oho Zhul-qarnain! Batho ba Gog le Magog ba baka pherekano lefats’eng. Kahoo, na re ka o neha tefo, e le hore o tle o ahe lerako lipakeng tsa rona le bona?” قَالَ مَا مَكَّنِّي فِيهِ رَبِّي خَيۡرٌ فَأَعِينُونِي بِقُوَّةٍ أَجۡعَلۡ بَيۡنَكُمۡ وَبَيۡنَهُمۡ رَدۡمًا ٩٥A re: “Matla ao Mong`a ka A ‘matlafalitseng ka ona a molemo ho feta tefo ea lona. Lona le ka mpa la nthusa ho aha: ke tla aha mokoallo lipakeng tsa lona le bona ءَاتُونِي زُبَرَ ٱلۡحَدِيدِۖ حَتَّىٰٓ إِذَا سَاوَىٰ بَيۡنَ ٱلصَّدَفَيۡنِ قَالَ ٱنفُخُواْۖ حَتَّىٰٓ إِذَا جَعَلَهُۥ نَارًا قَالَ ءَاتُونِيٓ أُفۡرِغۡ عَلَيۡهِ قِطۡرًا ٩٦Mpheng likoto tsa lits’epe ke etse mokoallo, – ha a qetile ho koala lekhalo le lipakeng tsa lithaba tseo, A re: “Buts’oelang!” –babuts’oela ho fihlela li chesa, Eaba o re: “ntlisetseng koporo e qhebilisitsoeng ke tl’o li inela ka har’e.” فَمَا ٱسۡطَٰعُوٓاْ أَن يَظۡهَرُوهُ وَمَا ٱسۡتَطَٰعُواْ لَهُۥ نَقۡبًا ٩٧Ke kamoo ba ileng ba sitoa ho le tlola esita le hona ho le phunya lesoba kateng قَالَ هَٰذَا رَحۡمَةٌ مِّن رَّبِّيۖ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ رَبِّي جَعَلَهُۥ دَكَّآءَۖ وَكَانَ وَعۡدُ رَبِّي حَقًّا ٩٨A re: “Ona ke mohau o tsoang ho Mong`a ka; empa mohla ts’episo ea Mong`a ka e phethahatsoang, Ruri o tla le ripitla; hobane ts’episo ea Mong`a ka ke ‘nete ۞ وَتَرَكۡنَا بَعۡضَهُمۡ يَوۡمَئِذٍ يَمُوجُ فِي بَعۡضٍۖ وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَجَمَعۡنَٰهُمۡ جَمۡعًا ٩٩Mohla letsatsi leo re tla menahanya khahlanong le a mang, Terompeta e tla letsoa. Re tla ba tlohela ho khahlelana holimo joalo ka maqhubu وَعَرَضۡنَا جَهَنَّمَ يَوۡمَئِذٍ لِّلۡكَٰفِرِينَ عَرۡضًا ١٠٠Re tla tlisa Lihele kapel’a mahana-tumelo ka mokhoa o hlakileng ho ka iponela ٱلَّذِينَ كَانَتۡ أَعۡيُنُهُمۡ فِي غِطَآءٍ عَن ذِكۡرِي وَكَانُواْ لَا يَسۡتَطِيعُونَ سَمۡعًا ١٠١Bao mahlo a bona a neng a koahetsoe ka lesira lits’enolo khopolong Ea Ka, ba sa nkutloe أَفَحَسِبَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَن يَتَّخِذُواْ عِبَادِي مِن دُونِيٓ أَوۡلِيَآءَۚ إِنَّآ أَعۡتَدۡنَا جَهَنَّمَ لِلۡكَٰفِرِينَ نُزُلًا ١٠٢Mahana-tumelo a nahana hore ba ka ikhethela makhabunyane a ka ele bats’ireletsi kantle ho ‘Na? Ruri! Re lokisitse lihele e le kamohelo ea Mahana-tumelo قُلۡ هَلۡ نُنَبِّئُكُم بِٱلۡأَخۡسَرِينَ أَعۡمَٰلًا ١٠٣E re: “Na re ka le tsebisa ka ba lahleheloang haholo ho latela mesebetsi ea bona ٱلَّذِينَ ضَلَّ سَعۡيُهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَهُمۡ يَحۡسَبُونَ أَنَّهُمۡ يُحۡسِنُونَ صُنۡعًا ١٠٤Bao liketso tsa bona li khelohileng bophelong balefats’e lena, ha ba ne ba nahana hore ba etsa mesebetsi e lokileng أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ وَلِقَآئِهِۦ فَحَبِطَتۡ أَعۡمَٰلُهُمۡ فَلَا نُقِيمُ لَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَزۡنًا ١٠٥Bao ke ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona esita le hona ho nyelisa kopano ea bona le Eena. Kahoo, mesebetsi ea bona e mafeela, ka Letsatsi la Kahlolo ha ho kabelo eo Re tla ba neha eona ذَٰلِكَ جَزَآؤُهُمۡ جَهَنَّمُ بِمَا كَفَرُواْ وَٱتَّخَذُوٓاْ ءَايَٰتِي وَرُسُلِي هُزُوًا ١٠٦Lihele e tla ba moputso oa bona: hobane ba latotse Tumelo, ba nka Lits’enolo tsa Ka le Baromuoa ba Ka e le motlae إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ كَانَتۡ لَهُمۡ جَنَّٰتُ ٱلۡفِرۡدَوۡسِ نُزُلًا ١٠٧Haele ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; Lirapa tsa Paradeisi e tla ba kamohelo ea bona خَٰلِدِينَ فِيهَا لَا يَبۡغُونَ عَنۡهَا حِوَلًا ١٠٨Ba tla phela moo, ntle le ho lakatsa phetoho قُل لَّوۡ كَانَ ٱلۡبَحۡرُ مِدَادًا لِّكَلِمَٰتِ رَبِّي لَنَفِدَ ٱلۡبَحۡرُ قَبۡلَ أَن تَنفَدَ كَلِمَٰتُ رَبِّي وَلَوۡ جِئۡنَا بِمِثۡلِهِۦ مَدَدًا ١٠٩E re: “Hoja e be leoatle e ne e le enke ea ho ngola mantsoe a Mong`a ka, Ruri le ne le tla felloa ke mokelikeli oo, hoo mantsoe a Mong`a ka a neng a ke ke a fella, leha re ne re ka tlisa leoatle le leng ho thusa leo.” قُلۡ إِنَّمَآ أَنَا۠ بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يُوحَىٰٓ إِلَيَّ أَنَّمَآ إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌۖ فَمَن كَانَ يَرۡجُواْ لِقَآءَ رَبِّهِۦ فَلۡيَعۡمَلۡ عَمَلًا صَٰلِحًا وَلَا يُشۡرِكۡ بِعِبَادَةِ رَبِّهِۦٓ أَحَدَۢا ١١٠E re: “`Na ke motho joaloka lona. Ke Mong`a ka ea nts`enoletseng hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Mong le mong ea nang le ts’epo ea ho kopana le Mong`a hae, mo leseng ho etsa liketso tse hloekileng, ho se be ope ea ka mo bapisang le Allah.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao