Millat al-Islam

Chapter 17 · 111 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah Al-Israa in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah Al-Israa (1338 reciters)
Meccanسورة الإسراء111 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِيٓ أَسۡرَىٰ بِعَبۡدِهِۦ لَيۡلًا مِّنَ ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ إِلَى ٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡأَقۡصَا ٱلَّذِي بَٰرَكۡنَا حَوۡلَهُۥ لِنُرِيَهُۥ مِنۡ ءَايَٰتِنَآۚ إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡبَصِيرُ ١Tlotla e be ho Allah, ea ileng a nka lekhabunyane la hae Makka (kaaba) bosiu ho ea Jerusalema (masjid al-aqsa), eo Re e hlohonolofalitseng; ho ea ‘monts’a lits’upiso tsa rona! Ruri ke Eena, Eena feela Ea utloang, Ea Bonang Tsohle وَءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ وَجَعَلۡنَٰهُ هُدًى لِّبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ أَلَّا تَتَّخِذُواْ مِن دُونِي وَكِيلًا ٢Re ile Ra neha Moshe Lengolo, ra le etsa hore e be tataiso baneng ba Israele, –: “Le se ikhethele molebeli e mong ntle ho ‘Na.” ذُرِّيَّةَ مَنۡ حَمَلۡنَا مَعَ نُوحٍۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَبۡدًا شَكُورًا ٣Lona tsoala ea bao re neng Re bankile mmoho le Nooe. Nooe ene ele lekhabunyane le tletseng teboho وَقَضَيۡنَآ إِلَىٰ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ لَتُفۡسِدُنَّ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَرَّتَيۡنِ وَلَتَعۡلُنَّ عُلُوًّا كَبِيرًا ٤Eaba Re behela bana ba Israele temoso kahar’a Lengolo, le tla baka bobolu ka makhetlo a mabeli lefats’eng, le tla sokolohela bokhopong bo boholo فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ أُولَىٰهُمَا بَعَثۡنَا عَلَيۡكُمۡ عِبَادًا لَّنَآ أُوْلِي بَأۡسٍ شَدِيدٍ فَجَاسُواْ خِلَٰلَ ٱلدِّيَارِۚ وَكَانَ وَعۡدًا مَّفۡعُولًا ٥Ha nako ea khalemo e se e tlotse ho tseo tse peli, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlanong le lona ba matlahali ntoeng, ba ileng ba ripitla naha ea lona, ebile sekhobo se phethahalitsoeng ثُمَّ رَدَدۡنَا لَكُمُ ٱلۡكَرَّةَ عَلَيۡهِمۡ وَأَمۡدَدۡنَٰكُم بِأَمۡوَٰلٍ وَبَنِينَ وَجَعَلۡنَٰكُمۡ أَكۡثَرَ نَفِيرًا ٦Eaba Re boela Re le neha monyetla oa ho boela morao khahlanong le bona, Ra le sitsa ka thepa le bara, le hona ho le phaella ka matla إِنۡ أَحۡسَنتُمۡ أَحۡسَنتُمۡ لِأَنفُسِكُمۡۖ وَإِنۡ أَسَأۡتُمۡ فَلَهَاۚ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ ٱلۡأٓخِرَةِ لِيَسُـُٔواْ وُجُوهَكُمۡ وَلِيَدۡخُلُواْ ٱلۡمَسۡجِدَ كَمَا دَخَلُوهُ أَوَّلَ مَرَّةٍ وَلِيُتَبِّرُواْ مَا عَلَوۡاْ تَتۡبِيرًا ٧“Haeba le etsa toka, le e etsetsa molemong oa meea ea lona, haeba le etsa sebe, le se etsa molemong oa lona. Eitse ha nako eo ea kahlolo ea bobeli e se e fihlile, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlano le lona ho le ripitla, le ho kena Tempeleng ea lona, joaloka ha ba ile ba kena lekhetlo la pele, le ho ripitla tsohle tse kapela bona عَسَىٰ رَبُّكُمۡ أَن يَرۡحَمَكُمۡۚ وَإِنۡ عُدتُّمۡ عُدۡنَاۚ وَجَعَلۡنَا جَهَنَّمَ لِلۡكَٰفِرِينَ حَصِيرًا ٨Mohlomong Mong`a lona U tla ba mohau ho lona, empa haeba le ntse le pheeletse ho etsa bobolu, Re tla le pheta ka kahlolo e `ngoe hape, Re lokisitse Lihele chankane e ka tlas’a lefats’e sebakeng sa ba latolang tumelo إِنَّ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ يَهۡدِي لِلَّتِي هِيَ أَقۡوَمُ وَيُبَشِّرُ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٱلَّذِينَ يَعۡمَلُونَ ٱلصَّٰلِحَٰتِ أَنَّ لَهُمۡ أَجۡرًا كَبِيرًا ٩Ruri Qura’n ena e tataisetsa tseleng e otlolohileng, e fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang ba etsang mesebetsi e lokileng, hore ba tla ba le moputso o moholohali وَأَنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ أَعۡتَدۡنَا لَهُمۡ عَذَابًا أَلِيمًا ١٠Le ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re ba lokiselitse kahlolo e mahlonoko وَيَدۡعُ ٱلۡإِنسَٰنُ بِٱلشَّرِّ دُعَآءَهُۥ بِٱلۡخَيۡرِۖ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ عَجُولًا ١١Thapelo eo motho a e etsetsang bokhopo, o e etsa joaloka ha e ka o rapella toka; hobane haesale motho a le sefuthong وَجَعَلۡنَا ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ ءَايَتَيۡنِۖ فَمَحَوۡنَآ ءَايَةَ ٱلَّيۡلِ وَجَعَلۡنَآ ءَايَةَ ٱلنَّهَارِ مُبۡصِرَةً لِّتَبۡتَغُواْ فَضۡلًا مِّن رَّبِّكُمۡ وَلِتَعۡلَمُواْ عَدَدَ ٱلسِّنِينَ وَٱلۡحِسَابَۚ وَكُلَّ شَيۡءٍ فَصَّلۡنَٰهُ تَفۡصِيلًا ١٢Re hlotse bosiu le mots’eare hoba lits’upiso tse peli. Eaba Re etsa lefifi ho ba sesupo sa khanya, Ra boela Ra etsa sesupo sa mots’eare ho fana ka leseli, e le hore le tle le tsomane le nala ea Mong`a lona le hore le tle le tsebe ho lokolisa lilemo, le eona pallo; Re hlakisitse lintho tsohle ka hlokolosi وَكُلَّ إِنسَٰنٍ أَلۡزَمۡنَٰهُ طَٰٓئِرَهُۥ فِي عُنُقِهِۦۖ وَنُخۡرِجُ لَهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ كِتَٰبًا يَلۡقَىٰهُ مَنشُورًا ١٣Re tlameletse liketso tsa motho e mong le e mong molaleleng oa hae, re tla hlahisa kapel’a hae Lengolo, leo a tlang ho le fumana le pharaletse mohla Letsatsi la Kahlolo ٱقۡرَأۡ كِتَٰبَكَ كَفَىٰ بِنَفۡسِكَ ٱلۡيَوۡمَ عَلَيۡكَ حَسِيبًا ١٤“Bala buka ea hau. Kajeno moea oa hau o lekane ho iketsetsa tlhahlobo khahlano le uena.” مَّنِ ٱهۡتَدَىٰ فَإِنَّمَا يَهۡتَدِي لِنَفۡسِهِۦۖ وَمَن ضَلَّ فَإِنَّمَا يَضِلُّ عَلَيۡهَاۚ وَلَا تَزِرُ وَازِرَةٌ وِزۡرَ أُخۡرَىٰۗ وَمَا كُنَّا مُعَذِّبِينَ حَتَّىٰ نَبۡعَثَ رَسُولًا ١٥Mong le mong ea amohetseng tataiso, o e amohetse molemong oa hae, ea khelohang, o etsa joalo molemong oa hae. Ha ho moea o tla jarisoa mojaro oa moea o mong. Re ke ke Ra ahlola Re es’o ka Re romella moromuoa وَإِذَآ أَرَدۡنَآ أَن نُّهۡلِكَ قَرۡيَةً أَمَرۡنَا مُتۡرَفِيهَا فَفَسَقُواْ فِيهَا فَحَقَّ عَلَيۡهَا ٱلۡقَوۡلُ فَدَمَّرۡنَٰهَا تَدۡمِيرًا ١٦Nakong eo Re nkang qeto ho ripitla sechaba, Re romella taelo ho baahi ba teng ba phelang ha monate, empa kamorao ho moo ba simolle ho e nyelisa, joale lentsoe la kahlolo le phethahale khahlanong le bona, ebe Re ba ripitla ka sehloho se t`sabihang وَكَمۡ أَهۡلَكۡنَا مِنَ ٱلۡقُرُونِ مِنۢ بَعۡدِ نُوحٍۗ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ بِذُنُوبِ عِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرًا ١٧Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng ho tloha ho Nooe? ‘Allah U lekane tje kaha e le Motsibi le Molula-qhooa oa libe tsa makhabunyane a Hae مَّن كَانَ يُرِيدُ ٱلۡعَاجِلَةَ عَجَّلۡنَا لَهُۥ فِيهَا مَا نَشَآءُ لِمَن نُّرِيدُ ثُمَّ جَعَلۡنَا لَهُۥ جَهَنَّمَ يَصۡلَىٰهَا مَذۡمُومًا مَّدۡحُورًا ١٨Mong le mong ea ka labalabelang bophelobamafeela-feela bo potlakang bo feela, re potlakela ho eena ka bona malebana le eo re ikhethelang eena. Kamor’a moo, re se re ntse re mo lokisitse lihele; o tlabamahlomoleng a mollo kahar’a tsona, a rohakehile, a bile a kheseha وَمَنۡ أَرَادَ ٱلۡأٓخِرَةَ وَسَعَىٰ لَهَا سَعۡيَهَا وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَأُوْلَٰٓئِكَ كَانَ سَعۡيُهُم مَّشۡكُورًا ١٩Mong le mong ea lakatsang Bophelo Bo-tlang, a tsitlaletse ho bona ka mokhoa o lokelang oa bolumeli; Ruri ba joalo, bolumeli ba bona bo fumana molemo ho Mong`a bona كُلًّا نُّمِدُّ هَٰٓؤُلَآءِ وَهَٰٓؤُلَآءِ مِنۡ عَطَآءِ رَبِّكَۚ وَمَا كَانَ عَطَآءُ رَبِّكَ مَحۡظُورًا ٢٠Re putsa bohle ka nala ea Mong`a hau. Ho enoa le eane, Nala ea Mong`a hau e buletsoe bohle ٱنظُرۡ كَيۡفَ فَضَّلۡنَا بَعۡضَهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍۚ وَلَلۡأٓخِرَةُ أَكۡبَرُ دَرَجَٰتٍ وَأَكۡبَرُ تَفۡضِيلًا ٢١Bona kamoo Re putsang ba bang kateng ho feta ba bang, Ruri bophelo Bo-tlang etlaba bo phahameng ka ho fetisisa ka maemo le ka tlhohonolofatso لَّا تَجۡعَلۡ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتَقۡعُدَ مَذۡمُومًا مَّخۡذُولًا ٢٢Oho uena motho! U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa ikoahleha le hona ho its’oabela ۞ وَقَضَىٰ رَبُّكَ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّآ إِيَّاهُ وَبِٱلۡوَٰلِدَيۡنِ إِحۡسَٰنًاۚ إِمَّا يَبۡلُغَنَّ عِندَكَ ٱلۡكِبَرَ أَحَدُهُمَآ أَوۡ كِلَاهُمَا فَلَا تَقُل لَّهُمَآ أُفٍّ وَلَا تَنۡهَرۡهُمَا وَقُل لَّهُمَا قَوۡلًا كَرِيمًا ٢٣Mong`a lona! U nehelane ka taelo ea hore ho se be ope eo le mo khumamelang ntle ho Eena, le be mosa ho batsoa li ba lona. Haeba e mong kapa bobeli ba se ba fihletse lilemo tsa botsofali boteng ba lona, le se ke la ba tsoela hlompho le ho ba leleka, empa le buoe le bona mantsoe a hlompho وَٱخۡفِضۡ لَهُمَا جَنَاحَ ٱلذُّلِّ مِنَ ٱلرَّحۡمَةِ وَقُل رَّبِّ ٱرۡحَمۡهُمَا كَمَا رَبَّيَانِي صَغِيرًا ٢٤Le ba rolele khaebana ka boikokobetso le ka mohau, le re: “Mong`a ka! A k’u be le mohau holim’a bona joaloka ha ba ile ba ntlhokomela ho tloha bongoaneng ba ka.” رَّبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَا فِي نُفُوسِكُمۡۚ إِن تَكُونُواْ صَٰلِحِينَ فَإِنَّهُۥ كَانَ لِلۡأَوَّٰبِينَ غَفُورًا ٢٥Mong`a lona! U Tseba hantle se kahar’a lipelo tsa lona. Haeba le na etsa liketso tse ntle, Ruri U Ts’oarela-joalo-joalo ba sokolohelang ho Eena khafetsa وَءَاتِ ذَا ٱلۡقُرۡبَىٰ حَقَّهُۥ وَٱلۡمِسۡكِينَ وَٱبۡنَ ٱلسَّبِيلِ وَلَا تُبَذِّرۡ تَبۡذِيرًا ٢٦Le nehelane ho beng ka lona litokelo tsa bona, ba hlokang le ba hahlauli, u se ke oa ja maruo a hau lekeme-keme ka meharo إِنَّ ٱلۡمُبَذِّرِينَ كَانُوٓاْ إِخۡوَٰنَ ٱلشَّيَٰطِينِۖ وَكَانَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لِرَبِّهِۦ كَفُورًا ٢٧Ruri ba meharo ke metsoalle ea Bo-Liabolosi, Liabolosi o oa kheseha ho Mong`a hae وَإِمَّا تُعۡرِضَنَّ عَنۡهُمُ ٱبۡتِغَآءَ رَحۡمَةٍ مِّن رَّبِّكَ تَرۡجُوهَا فَقُل لَّهُمۡ قَوۡلًا مَّيۡسُورًا ٢٨Empa haeba u ka sutha pela bona ho ea batla mohau oa Mong`a hau, oo u behileng ts’epo ea hau ho ona, joale buisana le bona ka mantsoe a amohelehang وَلَا تَجۡعَلۡ يَدَكَ مَغۡلُولَةً إِلَىٰ عُنُقِكَ وَلَا تَبۡسُطۡهَا كُلَّ ٱلۡبَسۡطِ فَتَقۡعُدَ مَلُومًا مَّحۡسُورًا ٢٩Letsoho la hau le se tlamelloe molaleng oa hau, kapa hona ho le nenesa leha ho sa hlokahale, esere oa tloha oa itelela le hona ho sala u hlobotse إِنَّ رَبَّكَ يَبۡسُطُ ٱلرِّزۡقَ لِمَن يَشَآءُ وَيَقۡدِرُۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِعِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرًا ٣٠Ruri Mong`a hau o phaella nala ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena, e bile o’a e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena, U nehelana ka tekano. U tseba lintho tsohle ke Moalosi oa makhabunyane a hae وَلَا تَقۡتُلُوٓاْ أَوۡلَٰدَكُمۡ خَشۡيَةَ إِمۡلَٰقٍۖ نَّحۡنُ نَرۡزُقُهُمۡ وَإِيَّاكُمۡۚ إِنَّ قَتۡلَهُمۡ كَانَ خِطۡـًٔا كَبِيرًا ٣١Le se ke la bolaea bana ba lona moo le ts’abang tlala; Re tla ba fepa hammoho le lona. Ruri polao ea bona ke sebe se seholohali وَلَا تَقۡرَبُواْ ٱلزِّنَىٰٓۖ إِنَّهُۥ كَانَ فَٰحِشَةً وَسَآءَ سَبِيلًا ٣٢Le se atamele haufi le bofebe. Ke ketso e manyala esita le eona tsela e nyonyehang وَلَا تَقۡتُلُواْ ٱلنَّفۡسَ ٱلَّتِي حَرَّمَ ٱللَّهُ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۗ وَمَن قُتِلَ مَظۡلُومًا فَقَدۡ جَعَلۡنَا لِوَلِيِّهِۦ سُلۡطَٰنًا فَلَا يُسۡرِف فِّي ٱلۡقَتۡلِۖ إِنَّهُۥ كَانَ مَنصُورًا ٣٣Le se ke la fenetha kantle ho molao bophelo ba ope eo Allah a bo hlohonolofalitseng haese feela ka toka. Empa haele ea tla bolaoa ka phoso, Re nehelane ka matla holim’a ea ikarabellang ho eena, empa le eena a se ke a tlola meeli e behiloeng ka polao. Hobane o oa thusoa وَلَا تَقۡرَبُواْ مَالَ ٱلۡيَتِيمِ إِلَّا بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ حَتَّىٰ يَبۡلُغَ أَشُدَّهُۥۚ وَأَوۡفُواْ بِٱلۡعَهۡدِۖ إِنَّ ٱلۡعَهۡدَ كَانَ مَسۡـُٔولًا ٣٤Le se ke la atamela maruo a khutsana haese feela ka mokhoa o molemo, ho fihlela a fihletse lilemo tse lumellehang; le boloke selekane. Ruri tseo le li entseng ka selekane le tla li botsoa وَأَوۡفُواْ ٱلۡكَيۡلَ إِذَا كِلۡتُمۡ وَزِنُواْ بِٱلۡقِسۡطَاسِ ٱلۡمُسۡتَقِيمِۚ ذَٰلِكَ خَيۡرٌ وَأَحۡسَنُ تَأۡوِيلًا ٣٥Nakong eo le fanang ka tekanyo, le nehelane ka tekanyo e feletseng, le be le kale ka tekanyo e lokileng; seo ke katamelo e kholo, e bile e le molemo Bophelong Bo-tlang وَلَا تَقۡفُ مَا لَيۡسَ لَكَ بِهِۦ عِلۡمٌۚ إِنَّ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡبَصَرَ وَٱلۡفُؤَادَ كُلُّ أُوْلَٰٓئِكَ كَانَ عَنۡهُ مَسۡـُٔولًا ٣٦U se ke oa sala morao seo u senang tsebo ea sona. Hobane kutlo le pono esita le eona pelo, e ‘ngoe ea tsona e tla botsoa وَلَا تَمۡشِ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَرَحًاۖ إِنَّكَ لَن تَخۡرِقَ ٱلۡأَرۡضَ وَلَن تَبۡلُغَ ٱلۡجِبَالَ طُولًا ٣٧U se ke oa tsamaea ka boikhants’o lefats’eng. Hobane u ke ke oa petsola lefats’e, kapa ho fihlela lithaba ka bophahamo كُلُّ ذَٰلِكَ كَانَ سَيِّئُهُۥ عِندَ رَبِّكَ مَكۡرُوهًا ٣٨Hobane sebe sa tseo tsohle, se’a nyonyeha kapel’a Mong`a hau ذَٰلِكَ مِمَّآ أَوۡحَىٰٓ إِلَيۡكَ رَبُّكَ مِنَ ٱلۡحِكۡمَةِۗ وَلَا تَجۡعَلۡ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتُلۡقَىٰ فِي جَهَنَّمَ مَلُومًا مَّدۡحُورًا ٣٩Sena ke karolo ea bohlale boo Mong`a hau A ileng A u senolela ka bona. U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa lahleloa Liheleng, u le molato le hona ho ba shalabeng أَفَأَصۡفَىٰكُمۡ رَبُّكُم بِٱلۡبَنِينَ وَٱتَّخَذَ مِنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنَٰثًاۚ إِنَّكُمۡ لَتَقُولُونَ قَوۡلًا عَظِيمًا ٤٠Le bolela hore Mong`a lona o le abetse bara, eena a ikhethela barali har’a manyeloi? Ruri le buoa linyonts’a وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لِيَذَّكَّرُواْ وَمَا يَزِيدُهُمۡ إِلَّا نُفُورًا ٤١Ruri! Re hlakisitse likeletso tsa rona kahar’a Qura’n ena, hore ba tle ba amohele khalemo; empa ha ho molemo oo e o tlisang haese paleho قُل لَّوۡ كَانَ مَعَهُۥٓ ءَالِهَةٌ كَمَا يَقُولُونَ إِذًا لَّٱبۡتَغَوۡاْ إِلَىٰ ذِي ٱلۡعَرۡشِ سَبِيلًا ٤٢E re: “Hoja e be ho teng melimo e meng kapel’a hae joaloka ha ba rialo, Ruri ba ke be ba itherile ka mokhoa o mong khahlanong le Mong`a Terone.” سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يَقُولُونَ عُلُوًّا كَبِيرًا ٤٣Ke Eena Ea Tlotlehileng, U hloahloeng e phahametseng tsohle tseo ba li bolelang تُسَبِّحُ لَهُ ٱلسَّمَٰوَٰتُ ٱلسَّبۡعُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهِنَّۚ وَإِن مِّن شَيۡءٍ إِلَّا يُسَبِّحُ بِحَمۡدِهِۦ وَلَٰكِن لَّا تَفۡقَهُونَ تَسۡبِيحَهُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ حَلِيمًا غَفُورًا ٤٤Lintho tsohle tse teng maholimong a supileng esitana le lefats’eng li rorisa Eena, ha ho letho le sa pheteng lithoriso tsa Hae; empa lona ha le utloisise thoriso ea tsona. Ruri U na le Mamello, U Ts’oarelo e Fetisisang وَإِذَا قَرَأۡتَ ٱلۡقُرۡءَانَ جَعَلۡنَا بَيۡنَكَ وَبَيۡنَ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ حِجَابًا مَّسۡتُورًا ٤٥Nakong eo u phetang Qura’n, Re beha lesira le sa bonahaleng lipakeng tsa hau le ba sa Kholoeng Bophelong Bo-tlang وَجَعَلۡنَا عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ أَكِنَّةً أَن يَفۡقَهُوهُ وَفِيٓ ءَاذَانِهِمۡ وَقۡرًاۚ وَإِذَا ذَكَرۡتَ رَبَّكَ فِي ٱلۡقُرۡءَانِ وَحۡدَهُۥ وَلَّوۡاْ عَلَىٰٓ أَدۡبَٰرِهِمۡ نُفُورًا ٤٦Re koahela lipelo tsa bona ka lesira, esere ka mohlomong ba tloha ba e utloa, etsoe ke litholo; nakong eo u hlalosang ka Mong`a hau a Inots’i kahar’a Qura’n, ba u furalla ka paleho نَّحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَسۡتَمِعُونَ بِهِۦٓ إِذۡ يَسۡتَمِعُونَ إِلَيۡكَ وَإِذۡ هُمۡ نَجۡوَىٰٓ إِذۡ يَقُولُ ٱلظَّٰلِمُونَ إِن تَتَّبِعُونَ إِلَّا رَجُلًا مَّسۡحُورًا ٤٧Re tseba ka botlalo seo ba laba-labelang ho se utloa nakong eo ba le mametseng, Nakong eo ba kopanang sephiring, bonang lifelekoane li re: “ha ho seo le se setseng morao haese motho ea louoeng.” ٱنظُرۡ كَيۡفَ ضَرَبُواْ لَكَ ٱلۡأَمۡثَالَ فَضَلُّواْ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ سَبِيلًا ٤٨Bona kamoo ba u etsetsang lipapiso kateng, ba khelohile, ba ke ke ba fumana tsela وَقَالُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا عِظَٰمًا وَرُفَٰتًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ خَلۡقًا جَدِيدًا ٤٩Ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re tla boetse re tsosoa hape joaloka moloko o mocha?” ۞ قُلۡ كُونُواْ حِجَارَةً أَوۡ حَدِيدًا ٥٠E re: “Le be majoe, kapa tsona ts’epe أَوۡ خَلۡقًا مِّمَّا يَكۡبُرُ فِي صُدُورِكُمۡۚ فَسَيَقُولُونَ مَن يُعِيدُنَاۖ قُلِ ٱلَّذِي فَطَرَكُمۡ أَوَّلَ مَرَّةٍۚ فَسَيُنۡغِضُونَ إِلَيۡكَ رُءُوسَهُمۡ وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هُوَۖ قُلۡ عَسَىٰٓ أَن يَكُونَ قَرِيبًا ٥١Kapa eng le eng feela e hlotsoeng e thata kahar’a likelello tsa lona!” Ke moo ba tla re: “Joale ke mang ea tla re busetsa bophelong hape?” E re: “Eena Ea le hlotseng sethathong.” Ba tla u sisinyetsa lihlooho, ba re: “Seo se tla fihla neng?” E re: “Kamohlomong seo se tla etsahala haufi-ufi يَوۡمَ يَدۡعُوكُمۡ فَتَسۡتَجِيبُونَ بِحَمۡدِهِۦ وَتَظُنُّونَ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا قَلِيلًا ٥٢Mohla Letsatsi leo A tlang ho le bitsa ka lona, le tla arabela ka lithoriso tsa hae, le tla nahana hore le phetse nakoana e khuts’oanyane.” وَقُل لِّعِبَادِي يَقُولُواْ ٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُۚ إِنَّ ٱلشَّيۡطَٰنَ يَنزَغُ بَيۡنَهُمۡۚ إِنَّ ٱلشَّيۡطَٰنَ كَانَ لِلۡإِنسَٰنِ عَدُوًّا مُّبِينًا ٥٣U bolelle makhabunyane A ka hore ba buoe lipuo tse molemo. Satane o jala qhoebeshano har’a bona. Hobane Satane ke sera ka boikano ho motho رَّبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِكُمۡۖ إِن يَشَأۡ يَرۡحَمۡكُمۡ أَوۡ إِن يَشَأۡ يُعَذِّبۡكُمۡۚ وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ عَلَيۡهِمۡ وَكِيلًا ٥٤Etsoe Mong`a lona U hlokolosi haholo ka lona. Haeba A rata, A ka ba le mosa holim’a lona, kapa haeba A rata, A ka le neha kotlo. Ha re’a u romella ho ba moalosi holim’a bona وَرَبُّكَ أَعۡلَمُ بِمَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۗ وَلَقَدۡ فَضَّلۡنَا بَعۡضَ ٱلنَّبِيِّـۧنَ عَلَىٰ بَعۡضٍۖ وَءَاتَيۡنَا دَاوُۥدَ زَبُورًا ٥٥Mong`alona Uhlokolosihaholokalinthotsetengmaholimong le tse lefats’eng. Re thontse ba bang ba Baporofeta ho ba holim’a ba bang, Re nehile Davida Lipesalema قُلِ ٱدۡعُواْ ٱلَّذِينَ زَعَمۡتُم مِّن دُونِهِۦ فَلَا يَمۡلِكُونَ كَشۡفَ ٱلضُّرِّ عَنكُمۡ وَلَا تَحۡوِيلًا ٥٦E re: “Memetsang ho bao le hopolang hore ba matla kathoko ho Eena, le hoja ba se na matla a ho hlakola bomalimabe bo teng ho lona le hona ho le fetola أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ يَبۡتَغُونَ إِلَىٰ رَبِّهِمُ ٱلۡوَسِيلَةَ أَيُّهُمۡ أَقۡرَبُ وَيَرۡجُونَ رَحۡمَتَهُۥ وَيَخَافُونَ عَذَابَهُۥٓۚ إِنَّ عَذَابَ رَبِّكَ كَانَ مَحۡذُورًا ٥٧Haele ba bitsang ho bona, le bona ba batla mokhoa oa katamelo ho Mong`a bona, oa hore na lipakeng tsa bona e tla ba bo mang ba tla ba haufinyane; balaba-labela mohau Oa Hae, ba ts’aba timelo ea Hae. Hobane Ruri timelo ea Mong`a hau e ts’oanela ho ts’ajoa وَإِن مِّن قَرۡيَةٍ إِلَّا نَحۡنُ مُهۡلِكُوهَا قَبۡلَ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ أَوۡ مُعَذِّبُوهَا عَذَابًا شَدِيدًاۚ كَانَ ذَٰلِكَ فِي ٱلۡكِتَٰبِ مَسۡطُورًا ٥٨Etsoe ha ho na sechaba seo Re sa tl’ong ho se ripitla pele ho Letsatsi la Kahlolo, kapa hona ho se otla ka kotlo e sehlooho. Sena se ngoliloe kahar’a buka ea Rona ea litaelo وَمَا مَنَعَنَآ أَن نُّرۡسِلَ بِٱلۡأٓيَٰتِ إِلَّآ أَن كَذَّبَ بِهَا ٱلۡأَوَّلُونَۚ وَءَاتَيۡنَا ثَمُودَ ٱلنَّاقَةَ مُبۡصِرَةً فَظَلَمُواْ بِهَاۚ وَمَا نُرۡسِلُ بِٱلۡأٓيَٰتِ إِلَّا تَخۡوِيفًا ٥٩Re ile Ra ithiba ho romella lits’upiso ka lebaka la batho ba khale-khale ba ile ba li nka e le mashano. Re ile ra neha Ba- Thamud Kamele – e – ts’ehali, – e le sesupo se hlakileng, – empa ba ile ba e sotla. Ha re romelle lits’upiso feela haese ka mokhoa oa tlhokomeliso وَإِذۡ قُلۡنَا لَكَ إِنَّ رَبَّكَ أَحَاطَ بِٱلنَّاسِۚ وَمَا جَعَلۡنَا ٱلرُّءۡيَا ٱلَّتِيٓ أَرَيۡنَٰكَ إِلَّا فِتۡنَةً لِّلنَّاسِ وَٱلشَّجَرَةَ ٱلۡمَلۡعُونَةَ فِي ٱلۡقُرۡءَانِۚ وَنُخَوِّفُهُمۡ فَمَا يَزِيدُهُمۡ إِلَّا طُغۡيَٰنًا كَبِيرًا ٦٠Re u boleletse hore Mong`a hau o kopetse batho bohle hare, Re ile Ra nehelana ka pono eo Re ileng Ra u bonts’a eona e le teko ho batho, joaloka sefate se khesehang kahar’a Qura›n. Re ile Ra ba Kenya letsoalo, empa seo se ile sa eketsa tlolo ea molao ho bona وَإِذۡ قُلۡنَا لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ ٱسۡجُدُواْ لِأٓدَمَ فَسَجَدُوٓاْ إِلَّآ إِبۡلِيسَ قَالَ ءَأَسۡجُدُ لِمَنۡ خَلَقۡتَ طِينًا ٦١Bonang Re ile Ra re ho manyeloi: “Khumamang kapel’a Adama, a ile a khumama haese Iblis (Satane), ea ileng a re: “Nka khumama joang kapel’a eo o `Mopileng ka letsopa?” قَالَ أَرَءَيۡتَكَ هَٰذَا ٱلَّذِي كَرَّمۡتَ عَلَيَّ لَئِنۡ أَخَّرۡتَنِ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَأَحۡتَنِكَنَّ ذُرِّيَّتَهُۥٓ إِلَّا قَلِيلًا ٦٢A re: “A k’u bone sebopuoa sena seo uena o se hlomphetseng ho ba ka holim’a ka, haeba o ka mpha lereko ho fihlela letsatsi la tsoho, Ruri ke tla khelosa litloholo tsa hae, haese tse fokolang feela.” قَالَ ٱذۡهَبۡ فَمَن تَبِعَكَ مِنۡهُمۡ فَإِنَّ جَهَنَّمَ جَزَآؤُكُمۡ جَزَآءً مَّوۡفُورًا ٦٣Allah A re: “Tsamaea, mong le mong ea tla o sala morao, – Ruri! Moputso oa lona e tla ba lihele, moputso o moholohali وَٱسۡتَفۡزِزۡ مَنِ ٱسۡتَطَعۡتَ مِنۡهُم بِصَوۡتِكَ وَأَجۡلِبۡ عَلَيۡهِم بِخَيۡلِكَ وَرَجِلِكَ وَشَارِكۡهُمۡ فِي ٱلۡأَمۡوَٰلِ وَٱلۡأَوۡلَٰدِ وَعِدۡهُمۡۚ وَمَا يَعِدُهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ إِلَّا غُرُورًا ٦٤U fehle e mong le emong oa bona bao o ka ba khonang ka lentsoe la hau, le hona hobakhahlela ka mekhoa eohle eo o ka e khonang, o be motsoalle thepeng eohle ea bona esitana le bana ba bona, o ba ts’epise. Ruri! Ha ho seo Satane a ba ts’episang sona haese thetso إِنَّ عِبَادِي لَيۡسَ لَكَ عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنٌۚ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ وَكِيلًا ٦٥Haele makhabunyane a ka ao ke khahloang ke oona, – holim’a bona ha o na matla.” Mong`a bona o lekane ele molebeli oa bona رَّبُّكُمُ ٱلَّذِي يُزۡجِي لَكُمُ ٱلۡفُلۡكَ فِي ٱلۡبَحۡرِ لِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦٓۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِكُمۡ رَحِيمًا ٦٦Mong`a lona ke Eena Ea qhobang likepe tsa lona holim’a leoatle, e le hore le tle le tsome nala ea Hae. Haesale A Khaphatseha Mohau ho lona وَإِذَا مَسَّكُمُ ٱلضُّرُّ فِي ٱلۡبَحۡرِ ضَلَّ مَن تَدۡعُونَ إِلَّآ إِيَّاهُۖ فَلَمَّا نَجَّىٰكُمۡ إِلَى ٱلۡبَرِّ أَعۡرَضۡتُمۡۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ كَفُورًا ٦٧Nakong eo le hlaheloang ke koluoa holim’a leoatle, kaofela batlatsetsi bao le eeng le memetse ho bona moo le batlang topoloho, ba ea siteha haese Allah feela, empa ha A se A le lopolotse mathateng ao le se le lefats’eng, le’a Mo furalla, hobane haesale motho a se na teboho أَفَأَمِنتُمۡ أَن يَخۡسِفَ بِكُمۡ جَانِبَ ٱلۡبَرِّ أَوۡ يُرۡسِلَ عَلَيۡكُمۡ حَاصِبًا ثُمَّ لَا تَجِدُواْ لَكُمۡ وَكِيلًا ٦٨Na le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A etsa hore le metsoe ke lefats’e, kapa hona ho romella sefako se lehlohlojane holim’a lona, ebe kemoo le tla fumana hore ha le na mots’ireletsi أَمۡ أَمِنتُمۡ أَن يُعِيدَكُمۡ فِيهِ تَارَةً أُخۡرَىٰ فَيُرۡسِلَ عَلَيۡكُمۡ قَاصِفًا مِّنَ ٱلرِّيحِ فَيُغۡرِقَكُم بِمَا كَفَرۡتُمۡ ثُمَّ لَا تَجِدُواْ لَكُمۡ عَلَيۡنَا بِهِۦ تَبِيعًا ٦٩Kapa le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A le busetsa koluoeng ea mohla monene lekhetlo la bobeli, le hona ho le romella leholi’otsoana la sefefo se ka le fekisang ho latela tlhoka teboho ea lona, ebe moo le ke keng la fumana mothusi ofe kapa ofe khahlanong le Rona ۞ وَلَقَدۡ كَرَّمۡنَا بَنِيٓ ءَادَمَ وَحَمَلۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡبَرِّ وَٱلۡبَحۡرِ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَفَضَّلۡنَٰهُمۡ عَلَىٰ كَثِيرٍ مِّمَّنۡ خَلَقۡنَا تَفۡضِيلًا ٧٠Re hlomphile bara ba Adama. Ke Rona ba ba pepang lefats’eng le leoatleng, le hona ho ba sitsa ka boipheliso ba lintho tse hloekileng esita le hona ho ba beha maemong a ka holim’a ba bangata bao re ba hlotseng ka makhabane a its’upang يَوۡمَ نَدۡعُواْ كُلَّ أُنَاسِۭ بِإِمَٰمِهِمۡۖ فَمَنۡ أُوتِيَ كِتَٰبَهُۥ بِيَمِينِهِۦ فَأُوْلَٰٓئِكَ يَقۡرَءُونَ كِتَٰبَهُمۡ وَلَا يُظۡلَمُونَ فَتِيلًا ٧١Ka letsatsi le leng re tla bitsa batho bohle hammoho le Baetapele ba bona, ba tlang ho nehoa litlaleho tsa bona ka matsohong a matona, – ke bona ba tla bala litlaleho tsa bona, ba ke ke ba qhekelloa ka lonya وَمَن كَانَ فِي هَٰذِهِۦٓ أَعۡمَىٰ فَهُوَ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ أَعۡمَىٰ وَأَضَلُّ سَبِيلًا ٧٢Empa ba foufetseng lefats’eng lena, le Bophelong Bo-tlang e tla ba lifofu; ba tla be ba khelohile haholo tseleng e nepahetseng وَإِن كَادُواْ لَيَفۡتِنُونَكَ عَنِ ٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ لِتَفۡتَرِيَ عَلَيۡنَا غَيۡرَهُۥۖ وَإِذًا لَّٱتَّخَذُوكَ خَلِيلًا ٧٣Ba lekile ka matla ho u khelosetsa thoko le seo Re u susumelitseng sona, e le hore u tle u iqapele ho hong ho kathoko ho sona malebana le Rona; eleng moo ba neng ba tla u amohela joaloka motsoalle oa bona وَلَوۡلَآ أَن ثَبَّتۡنَٰكَ لَقَدۡ كِدتَّ تَرۡكَنُ إِلَيۡهِمۡ شَيۡـًٔا قَلِيلًا ٧٤Hoja Ra se ke Ra u matlafatsa, u ka be u ile oa sekamela ho bona hanyane إِذًا لَّأَذَقۡنَٰكَ ضِعۡفَ ٱلۡحَيَوٰةِ وَضِعۡفَ ٱلۡمَمَاتِ ثُمَّ لَا تَجِدُ لَكَ عَلَيۡنَا نَصِيرًا ٧٥Joale, e be Re etsa hore u latsoe kahlolo e menahaneng ea bophelo ba lefats’e le e menahaneng ea lefu, u ne u ke ke oa fumana mothusi khahlanong le Rona وَإِن كَادُواْ لَيَسۡتَفِزُّونَكَ مِنَ ٱلۡأَرۡضِ لِيُخۡرِجُوكَ مِنۡهَاۖ وَإِذًا لَّا يَلۡبَثُونَ خِلَٰفَكَ إِلَّا قَلِيلًا ٧٦Takatso ea bona e bile ea ho u ts’osa lefats’eng, hore ba tle ba u leleke ho lona; hoja seo se ile sa phethahala, ba ka be ba ile ba lula ho lona; empa ha khuts’oane kamor’a hau سُنَّةَ مَن قَدۡ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ مِن رُّسُلِنَاۖ وَلَا تَجِدُ لِسُنَّتِنَا تَحۡوِيلًا ٧٧Seo e bile mokhoa oa Rona ka barumuoa bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: u ke ke oa fumana phethoho mokhoeng oa Rona أَقِمِ ٱلصَّلَوٰةَ لِدُلُوكِ ٱلشَّمۡسِ إِلَىٰ غَسَقِ ٱلَّيۡلِ وَقُرۡءَانَ ٱلۡفَجۡرِۖ إِنَّ قُرۡءَانَ ٱلۡفَجۡرِ كَانَ مَشۡهُودًا ٧٨Phethahatsa lithapelo ha letsatsi le’a malikelong ho fihlela bosiu, u phete Qura’n esale ka meso. Ho pheta Qura›n ka meso ho pakahalitsoe وَمِنَ ٱلَّيۡلِ فَتَهَجَّدۡ بِهِۦ نَافِلَةً لَّكَ عَسَىٰٓ أَن يَبۡعَثَكَ رَبُّكَ مَقَامًا مَّحۡمُودًا ٧٩U be u rapele likarolong tse ling tsa meso, seo se molemo haholo ho uena. Mong`a hau u tla u phahamisetsa boemong ba tlotla le thoriso وَقُل رَّبِّ أَدۡخِلۡنِي مُدۡخَلَ صِدۡقٍ وَأَخۡرِجۡنِي مُخۡرَجَ صِدۡقٍ وَٱجۡعَل لِّي مِن لَّدُنكَ سُلۡطَٰنًا نَّصِيرًا ٨٠E re: “Mong`a ka! etsa hore ho kena hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla le hona ho tsoa hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla; U nts’itse ho tsoa ho Uena ka matla ho nthusa.” وَقُلۡ جَآءَ ٱلۡحَقُّ وَزَهَقَ ٱلۡبَٰطِلُۚ إِنَّ ٱلۡبَٰطِلَ كَانَ زَهُوقًا ٨١U be u re: “Nete e fihlile, leshano le phephethetsoe: Hobane Leshano haesale le sena mokoka.” وَنُنَزِّلُ مِنَ ٱلۡقُرۡءَانِ مَا هُوَ شِفَآءٌ وَرَحۡمَةٌ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ وَلَا يَزِيدُ ٱلظَّٰلِمِينَ إِلَّا خَسَارًا ٨٢Re senotse Qura’n eo e leng eona pheko le ona mohau ho ba kholoang, le hoja e eketsa makukuno ho ba etsang bokhopo وَإِذَآ أَنۡعَمۡنَا عَلَى ٱلۡإِنسَٰنِ أَعۡرَضَ وَنَـَٔا بِجَانِبِهِۦ وَإِذَا مَسَّهُ ٱلشَّرُّ كَانَ يَـُٔوسًا ٨٣Empa ha Re theolela nala ea Rona ho motho, o oa furalla, ebe o ema hole le Rona; ha mats’oenyeho a mo ama o lahla ts’epo قُلۡ كُلٌّ يَعۡمَلُ عَلَىٰ شَاكِلَتِهِۦ فَرَبُّكُمۡ أَعۡلَمُ بِمَنۡ هُوَ أَهۡدَىٰ سَبِيلًا ٨٤E re: “E mong le e mong o etsa ho latela po’po ea hae, ke Mong`a lona Ea hlokolosi haholo ka eo tsela ea hae e leng e nepahetseng.” وَيَسۡـَٔلُونَكَ عَنِ ٱلرُّوحِۖ قُلِ ٱلرُّوحُ مِنۡ أَمۡرِ رَبِّي وَمَآ أُوتِيتُم مِّنَ ٱلۡعِلۡمِ إِلَّا قَلِيلًا ٨٥Ba u botsa malebana le moea o halalelang. E re: “Moea o halalelang o tlas’a taolo ea Mong`a ka, lona le nehiloe tsebo e fokolang.” وَلَئِن شِئۡنَا لَنَذۡهَبَنَّ بِٱلَّذِيٓ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ ثُمَّ لَا تَجِدُ لَكَ بِهِۦ عَلَيۡنَا وَكِيلًا ٨٦Ha e ne e le takatso ea Rona, Re ka be Re ile Ra hlakola seo Re u senoletseng sona, joale ebe moo u neng u sa tl’o fumana ‘muelli khahlanong le rona tabeng eo إِلَّا رَحۡمَةً مِّن رَّبِّكَۚ إِنَّ فَضۡلَهُۥ كَانَ عَلَيۡكَ كَبِيرًا ٨٧Kantle ho Mohau ho tsoa ho Mong’a hau: Hobane matlotlo A Hae ho uena ’a khaphatseha قُل لَّئِنِ ٱجۡتَمَعَتِ ٱلۡإِنسُ وَٱلۡجِنُّ عَلَىٰٓ أَن يَأۡتُواْ بِمِثۡلِ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ لَا يَأۡتُونَ بِمِثۡلِهِۦ وَلَوۡ كَانَ بَعۡضُهُمۡ لِبَعۡضٍ ظَهِيرًا ٨٨E re: “Le hoja batho le Li-Jinn ba ne ba ka iketsa khokanyana phiri ho hlahisa se ts’oanang le Qura’n ena, ba ne ba ke ke ba hlahisa se ts’oanang le eona, le ha ba ne ba ka thusana.” وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَا لِلنَّاسِ فِي هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانِ مِن كُلِّ مَثَلٍ فَأَبَىٰٓ أَكۡثَرُ ٱلنَّاسِ إِلَّا كُفُورًا ٨٩Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso, empa bongata ba batho bo hanana le eona ka mokhoa oa ho nyefola وَقَالُواْ لَن نُّؤۡمِنَ لَكَ حَتَّىٰ تَفۡجُرَ لَنَا مِنَ ٱلۡأَرۡضِ يَنۢبُوعًا ٩٠Ba re: “Re ke ke ra beha ts’epo ea rona ho uena ho fihlela u etsa hore seliba se ts’akhunye lefats’eng أَوۡ تَكُونَ لَكَ جَنَّةٌ مِّن نَّخِيلٍ وَعِنَبٍ فَتُفَجِّرَ ٱلۡأَنۡهَٰرَ خِلَٰلَهَا تَفۡجِيرًا ٩١Kapa hona hore u be le serapa sa lipalema le merara le hona ho etsa hore linoka tse metsi a mangata li phalli har’a sona أَوۡ تُسۡقِطَ ٱلسَّمَآءَ كَمَا زَعَمۡتَ عَلَيۡنَا كِسَفًا أَوۡ تَأۡتِيَ بِٱللَّهِ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ قَبِيلًا ٩٢Kapa hona ho etsa hore leholimo le re oele, joaloka ha u rialo, kapa hona ho re tlisetsa Allah le manyeloi re ba bone ka mahlo أَوۡ يَكُونَ لَكَ بَيۡتٌ مِّن زُخۡرُفٍ أَوۡ تَرۡقَىٰ فِي ٱلسَّمَآءِ وَلَن نُّؤۡمِنَ لِرُقِيِّكَ حَتَّىٰ تُنَزِّلَ عَلَيۡنَا كِتَٰبًا نَّقۡرَؤُهُۥۗ قُلۡ سُبۡحَانَ رَبِّي هَلۡ كُنتُ إِلَّا بَشَرًا رَّسُولًا ٩٣Kapa u na le ntlo e khabisitsoeng ka khauta; kapa ebang u ka nyolohela leholimong. Leha ho le joalo re ke ke ra kholoa ho nyolohelo ea hau ho fihlela u re tliselitse lengolo ho le bala. E re: “Tlotla e be ho Mong`a ka! ‘na ha ke ho hong haese Moromuoa feela?” وَمَا مَنَعَ ٱلنَّاسَ أَن يُؤۡمِنُوٓاْ إِذۡ جَآءَهُمُ ٱلۡهُدَىٰٓ إِلَّآ أَن قَالُوٓاْ أَبَعَثَ ٱللَّهُ بَشَرًا رَّسُولًا ٩٤Ke eng se sitisang batho hore ba be le Tumelo Tataisong e romeletsoeng ho bona, ha se letho: Ba re: “Allah a ka romella motho ea ts’oanang le rona ele Moromuoa oa hae?” قُل لَّوۡ كَانَ فِي ٱلۡأَرۡضِ مَلَٰٓئِكَةٌ يَمۡشُونَ مُطۡمَئِنِّينَ لَنَزَّلۡنَا عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ مَلَكًا رَّسُولًا ٩٥E re: “Hoja e be ho bile le manyeloi lefats’eng a neng a tsamaea tlas’a ts’ireletso le khotso, Re ka be Re ile Ra romella lenyeloi le tsoang leholimong ele Moromuoa.” قُلۡ كَفَىٰ بِٱللَّهِ شَهِيدَۢا بَيۡنِي وَبَيۡنَكُمۡۚ إِنَّهُۥ كَانَ بِعِبَادِهِۦ خَبِيرَۢا بَصِيرًا ٩٦E re: “Allah U lekane ele paki lipakeng tsa ka le lona. Hobane Ke Motsebi, e bile ke Moalosi oa makhabunyane A Hae.” وَمَن يَهۡدِ ٱللَّهُ فَهُوَ ٱلۡمُهۡتَدِۖ وَمَن يُضۡلِلۡ فَلَن تَجِدَ لَهُمۡ أَوۡلِيَآءَ مِن دُونِهِۦۖ وَنَحۡشُرُهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عَلَىٰ وُجُوهِهِمۡ عُمۡيًا وَبُكۡمًا وَصُمًّاۖ مَّأۡوَىٰهُمۡ جَهَنَّمُۖ كُلَّمَا خَبَتۡ زِدۡنَٰهُمۡ سَعِيرًا ٩٧Ea tataisoang Ea Allah, o tataisong e nepahetseng; Ea mo tlohetseng ho kheloha, a ke ke a fumana mots’ireletsi kantle ho Eena, Re tla ba bokella ‘moho mohla Letsatsi la Kahlolo ba tjapalletse ka lifahleho, ba foufetse, e le limumu esitana le litholo; lehae la bona e tla ba Lihele; ka linako tsohle ha li kokobela, Re tla li phaella ka lelakabe ذَٰلِكَ جَزَآؤُهُم بِأَنَّهُمۡ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِنَا وَقَالُوٓاْ أَءِذَا كُنَّا عِظَٰمًا وَرُفَٰتًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ خَلۡقًا جَدِيدًا ٩٨Seo ke moputso oa bona hobane ba latotse lits’enolo tsa rona, ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re ka boela ra tsosoa hape re se re le ‘mopo o mocha?” ۞ أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ قَادِرٌ عَلَىٰٓ أَن يَخۡلُقَ مِثۡلَهُمۡ وَجَعَلَ لَهُمۡ أَجَلًا لَّا رَيۡبَ فِيهِ فَأَبَى ٱلظَّٰلِمُونَ إِلَّا كُفُورًا ٩٩Na ha bae s’o bone hore Allah Ea bopileng maholimo le lefats’e U matla ho bopa tse ts’oanang le bona, U se A ba behetse nako ea bona ea pallo eo ka eona ho seng khoao? Ba etsang liphoso bona ba hana ka tlhoka teboho قُل لَّوۡ أَنتُمۡ تَمۡلِكُونَ خَزَآئِنَ رَحۡمَةِ رَبِّيٓ إِذًا لَّأَمۡسَكۡتُمۡ خَشۡيَةَ ٱلۡإِنفَاقِۚ وَكَانَ ٱلۡإِنسَٰنُ قَتُورًا ١٠٠E re: “Hoja e be le na le matla holim’a Matlotlo a Mohau oa Mong`a ka, Ruri le ka be le le leqe ka ona, hobane haesale motho a le lekhonatha وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَىٰ تِسۡعَ ءَايَٰتِۭ بَيِّنَٰتٍۖ فَسۡـَٔلۡ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ إِذۡ جَآءَهُمۡ فَقَالَ لَهُۥ فِرۡعَوۡنُ إِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰمُوسَىٰ مَسۡحُورًا ١٠١Re nehile Moshe Lits’upiso tse robong tse hlakileng: A k’u botse bana ba Israele kamoo a kileng a fihla ho bona kateng, Eaba Faro o re ho eena: “Oho Moshe! Ruri ke nahana hore o e mong oa ba louoeng.” قَالَ لَقَدۡ عَلِمۡتَ مَآ أَنزَلَ هَٰٓؤُلَآءِ إِلَّا رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ بَصَآئِرَ وَإِنِّي لَأَظُنُّكَ يَٰفِرۡعَوۡنُ مَثۡبُورًا ١٠٢Moshe a re: “U tseba hantle hore ha ho ope ea nthomileng ka lits’upiso tsena haese Mong`a maholimo le lefats’e e le bopaki bo bulang mahlo: Oho Faro! Ke nahana hore ke uena ea lahlehileng.” فَأَرَادَ أَن يَسۡتَفِزَّهُم مِّنَ ٱلۡأَرۡضِ فَأَغۡرَقۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ جَمِيعًا ١٠٣Eaba o nka qeto ea ho ba tlosa holima lefats’e: empa Ra mo khamisa metsi le bo-mphato ba hae وَقُلۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِۦ لِبَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱسۡكُنُواْ ٱلۡأَرۡضَ فَإِذَا جَآءَ وَعۡدُ ٱلۡأٓخِرَةِ جِئۡنَا بِكُمۡ لَفِيفًا ١٠٤Eaba Re Re ho Bana ba Israele: “Phelang ka khotso lefats’eng lena; empa ha ts’episo ea bophelo bo-tlang e se e atametse, re tla le bokella ‘moho joaloka mokhopi ho tsoa lichabeng tse fapakaneng.” وَبِٱلۡحَقِّ أَنزَلۡنَٰهُ وَبِٱلۡحَقِّ نَزَلَۗ وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا مُبَشِّرًا وَنَذِيرًا ١٠٥Re romeletse Qura›n lefats’eng ka ‹nete, ka ‘nete e finyeletseng. Re u romeletse u se ho hong haese ‘moleli oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi وَقُرۡءَانًا فَرَقۡنَٰهُ لِتَقۡرَأَهُۥ عَلَى ٱلنَّاسِ عَلَىٰ مُكۡثٍ وَنَزَّلۡنَٰهُ تَنزِيلًا ١٠٦Ke Qura’n eo Re e entseng likhaolo, hore u tle u e phetele batho ka linako tsa khefutso: Re e senotse ka mekhahlelo قُلۡ ءَامِنُواْ بِهِۦٓ أَوۡ لَا تُؤۡمِنُوٓاْۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ مِن قَبۡلِهِۦٓ إِذَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ يَخِرُّونَۤ لِلۡأَذۡقَانِۤ سُجَّدًاۤ ١٠٧E re: “Ebang le kholoa ho eona, kapa le sa kholoeng, ke ‘nete hore ba nehiloeng tsebo pele, nakong eo ba e balloang, ba oela fats’e ka lifahleho ba ithapalatsa وَيَقُولُونَ سُبۡحَٰنَ رَبِّنَآ إِن كَانَ وَعۡدُ رَبِّنَا لَمَفۡعُولًا ١٠٨Ba re: “Tlotla e be ho Mong`a rona! Ruri ts’episo ea Mong`a rona e phethahetse.” وَيَخِرُّونَ لِلۡأَذۡقَانِ يَبۡكُونَ وَيَزِيدُهُمۡ خُشُوعًا ۩ ١٠٩Ba oela fats’e ka lifahleho tse tletseng meokho, e eketsa boikokobetso ho bona قُلِ ٱدۡعُواْ ٱللَّهَ أَوِ ٱدۡعُواْ ٱلرَّحۡمَٰنَۖ أَيًّا مَّا تَدۡعُواْ فَلَهُ ٱلۡأَسۡمَآءُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ وَلَا تَجۡهَرۡ بِصَلَاتِكَ وَلَا تُخَافِتۡ بِهَا وَٱبۡتَغِ بَيۡنَ ذَٰلِكَ سَبِيلًا ١١٠E re: “Bitsang ho Allah, kapa ho Ramaseli, mabitso ohle ao le ka bitsang ho Eena,: Mabitso Oohle a Matle ke’a Hae. U se ke oa hoeletsa ha u rapela kapa ho hoeshetsa; empa u be bohareng وَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي لَمۡ يَتَّخِذۡ وَلَدًا وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ شَرِيكٌ فِي ٱلۡمُلۡكِ وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ وَلِيٌّ مِّنَ ٱلذُّلِّۖ وَكَبِّرۡهُ تَكۡبِيرَۢا ١١١E re: “Lithoriso li be ho Allah, ea sa tsoalang mora, ea se nang molekane Pusong Ea Hae, kapa hona ho ba le mos’ireletsi tlotlollong. Mo phafe ka Boholo le Tlotla Ea Hae. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.