Millat al-Islam

Chapter 16 · 128 verses · Sheikh Elias Keketso Lelia

Surah An-Nahl in Sotho

Arabic with tafsir Listen to Surah An-Nahl (1182 reciters)
Meccanسورة النحل128 verses

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

أَتَىٰٓ أَمۡرُ ٱللَّهِ فَلَا تَسۡتَعۡجِلُوهُۚ سُبۡحَٰنَهُۥ وَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ١Ruri taelo ea Allah e se e le haufi le ho phethahala, kahoo le se leke ho e potlakisa: Tlotla e be ho Eena, Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona يُنَزِّلُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ بِٱلرُّوحِ مِنۡ أَمۡرِهِۦ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦٓ أَنۡ أَنذِرُوٓاْ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّآ أَنَا۠ فَٱتَّقُونِ ٢O romella manyeloi lefats’eng ka moea o halalelang ka Taelo ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane A Hae,: “Hlokomelisa hore ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na, kahoo bolokang ts’ebeletso ea lona ho ‘Na.” خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۚ تَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ٣O hlotse maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona خَلَقَ ٱلۡإِنسَٰنَ مِن نُّطۡفَةٍ فَإِذَا هُوَ خَصِيمٌ مُّبِينٌ ٤U hlotse motho ka there; Bona, motho eo a fetohe sera se pepenene sa Mong`a hae وَٱلۡأَنۡعَٰمَ خَلَقَهَاۖ لَكُمۡ فِيهَا دِفۡءٌ وَمَنَٰفِعُ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ ٥A hlola likhomo sebakeng sa lona: tseo le fumanang liaparo tse mofuthu le melemo e mengata, ebile e le lijo tsa lona وَلَكُمۡ فِيهَا جَمَالٌ حِينَ تُرِيحُونَ وَحِينَ تَسۡرَحُونَ ٦Ke bokhabane ho lona, nakong eo le li orosang le nakong eo le li lebisang makhulong hoseng وَتَحۡمِلُ أَثۡقَالَكُمۡ إِلَىٰ بَلَدٍ لَّمۡ تَكُونُواْ بَٰلِغِيهِ إِلَّا بِشِقِّ ٱلۡأَنفُسِۚ إِنَّ رَبَّكُمۡ لَرَءُوفٌ رَّحِيمٌ ٧Le ho le jarela thepa e boima ho ea libakeng tseo le neng le ke ke la fihla ho tsona, kantle le ka meea e khathatsehileng. Hobane! Mong`a lona U Tletse Khauhelo, U Mohau وَٱلۡخَيۡلَ وَٱلۡبِغَالَ وَٱلۡحَمِيرَ لِتَرۡكَبُوهَا وَزِينَةًۚ وَيَخۡلُقُ مَا لَا تَعۡلَمُونَ ٨Etsoe U hlotse lipere, li’moulo le li esele hore le tle le li kalle, le ho khaba ka tsona. E bile U hlotse tse ling tseo le sa li tsebeng وَعَلَى ٱللَّهِ قَصۡدُ ٱلسَّبِيلِ وَمِنۡهَا جَآئِرٌۚ وَلَوۡ شَآءَ لَهَدَىٰكُمۡ أَجۡمَعِينَ ٩Ho Allah ke boikarabello ho hlakisa Tsela E Topileng, empa litsela tse ling tsona li ts’okame. Hoja ebile thato ea hae eka be ba kaofela ha lona le tataisitse ka nepo kaofela هُوَ ٱلَّذِيٓ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءًۖ لَّكُم مِّنۡهُ شَرَابٌ وَمِنۡهُ شَجَرٌ فِيهِ تُسِيمُونَ ١٠Ke Eena Ea romellang pula ho tsoa marung: eo le thapisang linthane ka eona, e hlahisang limela tseo le fepang mehlape ea lona ka tsona يُنۢبِتُ لَكُم بِهِ ٱلزَّرۡعَ وَٱلزَّيۡتُونَ وَٱلنَّخِيلَ وَٱلۡأَعۡنَٰبَ وَمِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ ١١Ka eona U le hlahisetsa poone, mehloare, litholoana tsa palema, merara le mefuta eohle ea litholoana. Ruri kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ba nahanang وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ وَٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَۖ وَٱلنُّجُومُ مُسَخَّرَٰتُۢ بِأَمۡرِهِۦٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ ١٢Ke Eena Ea faneng ka taelo ho mots’eare le bosiu; le ho letsatsi le ngoeli; le linaleli tlas’a taelo ea Hae. Ruri kahar’a sena ke lits’upiso ho batho ba seli وَمَا ذَرَأَ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُخۡتَلِفًا أَلۡوَٰنُهُۥٓۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَذَّكَّرُونَ ١٣Le lintho tsohle tseo a le hloletseng tsona tse teng mona lefats’eng tse fapaneng ka mebala, Ruri! Kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ketekang lithoriso tsa Allah وَهُوَ ٱلَّذِي سَخَّرَ ٱلۡبَحۡرَ لِتَأۡكُلُواْ مِنۡهُ لَحۡمًا طَرِيًّا وَتَسۡتَخۡرِجُواْ مِنۡهُ حِلۡيَةً تَلۡبَسُونَهَاۖ وَتَرَى ٱلۡفُلۡكَ مَوَاخِرَ فِيهِ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ ١٤Ke Eena ea faneng ka taelo ho leoatle ho ba taolong, hore le tle le fumane nama e hloekileng ho lona, le bile le hlahisa lipetja ho khaba. Le bona likepe li lelemela ho le arola, e le hore lona batho le tle le fumane nala ea Hae le hore le tle le fane ka liteboho وَأَلۡقَىٰ فِي ٱلۡأَرۡضِ رَوَٰسِيَ أَن تَمِيدَ بِكُمۡ وَأَنۡهَٰرًا وَسُبُلًا لَّعَلَّكُمۡ تَهۡتَدُونَ ١٥A hloma lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e esere la reketla ka lona; le liliba le litsela hore le tle le tsamaee وَعَلَٰمَٰتٍۚ وَبِٱلنَّجۡمِ هُمۡ يَهۡتَدُونَ ١٦Le mats’oao; ka linaleli ba fumane tsela أَفَمَن يَخۡلُقُ كَمَن لَّا يَخۡلُقُۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ ١٧Na ea hlotseng A ka ts’oants’oa le’a sa hlolang letho? Na le sa tla ke le amohele khalemo وَإِن تَعُدُّواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ لَا تُحۡصُوهَآۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَغَفُورٌ رَّحِيمٌ ١٨Le ka sitoa ho bala melemo ea Allah haeba le ka leka ho e bala. Hobane Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Khaphatseha Mohau وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مَا تُسِرُّونَ وَمَا تُعۡلِنُونَ ١٩Allah U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang وَٱلَّذِينَ يَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَا يَخۡلُقُونَ شَيۡـًٔا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ ٢٠Haele bao ho bitsoang ho bona ntle ho Allah ha ba hlole letho, empa bona ka bo-bona ba hlotsoe أَمۡوَٰتٌ غَيۡرُ أَحۡيَآءٍۖ وَمَا يَشۡعُرُونَ أَيَّانَ يُبۡعَثُونَ ٢١Ba shoele, ha ba phele: ha ba tsebe mohla ba tlang ho tsosoa إِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌۚ فَٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ قُلُوبُهُم مُّنكِرَةٌ وَهُم مُّسۡتَكۡبِرُونَ ٢٢Ruri Mong`a lona ke `Mopi A le mong. Bohle ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, lipelo tsa bona li hana ho amohela tsebo, ba ea ikhohomosa لَا جَرَمَ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا يُسِرُّونَ وَمَا يُعۡلِنُونَۚ إِنَّهُۥ لَا يُحِبُّ ٱلۡمُسۡتَكۡبِرِينَ ٢٣Ruri Allah U tseba tseo ba li patang le tseo ba li pepesang. Ruri ha A rate baikhohomosi وَإِذَا قِيلَ لَهُم مَّاذَآ أَنزَلَ رَبُّكُمۡ قَالُوٓاْ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٢٤Ha ho thoe ho bona: “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng?” ba re: “Lipale tse khale-khale,” لِيَحۡمِلُوٓاْ أَوۡزَارَهُمۡ كَامِلَةً يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَمِنۡ أَوۡزَارِ ٱلَّذِينَ يُضِلُّونَهُم بِغَيۡرِ عِلۡمٍۗ أَلَا سَآءَ مَا يَزِرُونَ ٢٥Ba tla fana ka bopaki ba liketso tsa bona ka Letsatsi la Tsoho ka botlalo, le liketso tsa ba khelositsoeng ke bona tlas’a ho hloka tsebo. Ruri o mahlonoko mojaro oo ba tlang ho o jara قَدۡ مَكَرَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡ فَأَتَى ٱللَّهُ بُنۡيَٰنَهُم مِّنَ ٱلۡقَوَاعِدِ فَخَرَّ عَلَيۡهِمُ ٱلسَّقۡفُ مِن فَوۡقِهِمۡ وَأَتَىٰهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِنۡ حَيۡثُ لَا يَشۡعُرُونَ ٢٦Ba bileng teng pele ho bona ba ile ba ithera, eaba Allah U tsumula metheo ea metse ea bona, marulelo a ona a ile a ba oela holim’o; Kotlo ea ba fihlela hoja ba sa ile le khongoana holim’o ba sa lebella ثُمَّ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ يُخۡزِيهِمۡ وَيَقُولُ أَيۡنَ شُرَكَآءِيَ ٱلَّذِينَ كُنتُمۡ تُشَٰٓقُّونَ فِيهِمۡۚ قَالَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ إِنَّ ٱلۡخِزۡيَ ٱلۡيَوۡمَ وَٱلسُّوٓءَ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ ٢٧Mohla Letsatsi la Kahlolo U tla ba apesa ka masoabi, A re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka, bao le neng le le khahlanong le tataiso ea ka?” Ba neng ba filoe tsebo ba tla re: “Ruri kajeno mahana- tumelo a apesitsoe masoabi le bohloko ٱلَّذِينَ تَتَوَفَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ ظَالِمِيٓ أَنفُسِهِمۡۖ فَأَلۡقَوُاْ ٱلسَّلَمَ مَا كُنَّا نَعۡمَلُ مِن سُوٓءِۭۚ بَلَىٰٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمُۢ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٢٨Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa le har’a phoso, ba tla inehela ka botlalo ka hore: “Ruri re ne re sa etse bobe ka tsebo.” Che, Ruri Allah U tseba tsohle tseo le neng le li etsa فَٱدۡخُلُوٓاْ أَبۡوَٰبَ جَهَنَّمَ خَٰلِدِينَ فِيهَاۖ فَلَبِئۡسَ مَثۡوَى ٱلۡمُتَكَبِّرِينَ ٢٩“kahoo kenang ka khoro ea Lihele, ho phela teng kahosafeleng. Ruri sebaka se tlontlollang ho bohle ba ikhants’ang ۞ وَقِيلَ لِلَّذِينَ ٱتَّقَوۡاْ مَاذَآ أَنزَلَ رَبُّكُمۡۚ قَالُواْ خَيۡرًاۗ لِّلَّذِينَ أَحۡسَنُواْ فِي هَٰذِهِ ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةٌۚ وَلَدَارُ ٱلۡأٓخِرَةِ خَيۡرٌۚ وَلَنِعۡمَ دَارُ ٱلۡمُتَّقِينَ ٣٠Ho ba lokileng ho thoe, “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng? ba tla re: “Tsohle tse lokileng.” Ho ba etsang toka, ho teng toka Lefats’eng lena, le lehae le babatsehang Bophelong Bo-tlang. Ruri se babatsehang e tlabalehae la ba lokileng, – جَنَّٰتُ عَدۡنٍ يَدۡخُلُونَهَا تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ لَهُمۡ فِيهَا مَا يَشَآءُونَۚ كَذَٰلِكَ يَجۡزِي ٱللَّهُ ٱلۡمُتَّقِينَ ٣١Ba tla kena kahar’a Lirapa tsa Edene; tseo linoka li phallang tlas’a tsona; teng ba tla ba le tsohle tseo ba li labalabelang. Ke kamoo Allah a putsang ba lokileng ٱلَّذِينَ تَتَوَفَّىٰهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ طَيِّبِينَ يَقُولُونَ سَلَٰمٌ عَلَيۡكُمُ ٱدۡخُلُواْ ٱلۡجَنَّةَ بِمَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٣٢Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa hloekile, manyeloi a tla re: “Khotso e be le uena! Kahoo kena kahar’a serapa ka lebaka la tseo u neng u li etsa.” هَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّآ أَن تَأۡتِيَهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَوۡ يَأۡتِيَ أَمۡرُ رَبِّكَۚ كَذَٰلِكَ فَعَلَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ وَمَا ظَلَمَهُمُ ٱللَّهُ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ ٣٣Na ba emetse hore manyeloi a fihle ho bona, kapa taelo ea Mong`a hau e phethahatsoe? Ho bile joalo le ho ba bileng teng pele ho bona. Ha Allah ea ba foselitseng, baiphoselitse bo-bona فَأَصَابَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا عَمِلُواْ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٣٤Litlamorao tsa liketso tsa bona tse mpe li fumane, seo ba neng ba se soma se ba etselitse sakana-la-nkope وَقَالَ ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ لَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ مَا عَبَدۡنَا مِن دُونِهِۦ مِن شَيۡءٍ نَّحۡنُ وَلَآ ءَابَآؤُنَا وَلَا حَرَّمۡنَا مِن دُونِهِۦ مِن شَيۡءٍۚ كَذَٰلِكَ فَعَلَ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۚ فَهَلۡ عَلَى ٱلرُّسُلِ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ ٣٥Ba khumamelang melimo ea bohata ba re: “Hoja e bile takatso ea Allah, re ka be re sa ka ra khumamela ho hong ntle ho Eena, rona le bo-ntat’a rona, kapa ho se likhanyetso tseo re li etsang kantle le taelo e tsoang ho Eena.” Leha ho le joalo, ba bileng teng pele ho bona ba‘nile ba etsa joalo. Na baromuoa ba ka qosoa ka ho hong kantle le molaetsa o hlakileng وَلَقَدۡ بَعَثۡنَا فِي كُلِّ أُمَّةٍ رَّسُولًا أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ وَٱجۡتَنِبُواْ ٱلطَّٰغُوتَۖ فَمِنۡهُم مَّنۡ هَدَى ٱللَّهُ وَمِنۡهُم مَّنۡ حَقَّتۡ عَلَيۡهِ ٱلضَّلَٰلَةُۚ فَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَٱنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُكَذِّبِينَ ٣٦Ruri Re rometse moromuoa har’a lichaba tsohle, ka taelo e reng: “Sebeletsang Allah, le nene bobe.” Kahoo, har’a ba bang ba bona ho bile le bao Allah A ileng A ba tataisa, ho ba bang bona ts’ito e hlile ea ahela. Ak’u ha hlaule le lefats’e, u tle u bone seo e bileng pheletso ea ba ileng latola ‘nete إِن تَحۡرِصۡ عَلَىٰ هُدَىٰهُمۡ فَإِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي مَن يُضِلُّۖ وَمَا لَهُم مِّن نَّٰصِرِينَ ٣٧Haeba u laba-labela tataiso ea bona, Allah ha A tataisa bao A ba tlohetseng ho kheloha. Ba joalo ha ba na mothusi وَأَقۡسَمُواْ بِٱللَّهِ جَهۡدَ أَيۡمَٰنِهِمۡ لَا يَبۡعَثُ ٱللَّهُ مَن يَمُوتُۚ بَلَىٰ وَعۡدًا عَلَيۡهِ حَقًّا وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ ٣٨Ba ikana ka likano tsa bona tse tiileng hore Allah a ke ke a tsosa ea shoang. Empa hoo ke ts’episo e tiileng ea ‘nete e teng ho Eena, le hoja boholo har’a batho bo sa hlokomele لِيُبَيِّنَ لَهُمُ ٱلَّذِي يَخۡتَلِفُونَ فِيهِ وَلِيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَنَّهُمۡ كَانُواْ كَٰذِبِينَ ٣٩Hore a tle A ba manollele ka ‘nete tseo ba neng ba fapana ka tsona, mahana-tumelo a tla tseba hore ba ne ba le bohata إِنَّمَا قَوۡلُنَا لِشَيۡءٍ إِذَآ أَرَدۡنَٰهُ أَن نَّقُولَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ ٤٠Lentsoe la Rona holim’a ntho eo Re E rerang, ke hore feela Re Re ho eona, “E ba”! Efele e be teng وَٱلَّذِينَ هَاجَرُواْ فِي ٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ مَا ظُلِمُواْ لَنُبَوِّئَنَّهُمۡ فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةًۖ وَلَأَجۡرُ ٱلۡأٓخِرَةِ أَكۡبَرُۚ لَوۡ كَانُواْ يَعۡلَمُونَ ٤١Ba phaphathehi ba sieang malapa a bona ka baka la ts’ebeletso ea Allah kamor’a hoba ba be tlas’a khatello, Ruri re tla ba neha lehae le molemo lefats’eng lena, moputso oa Bophelo Bo-tlang o moholohali hoja ebe ba ne ba ka tseba ٱلَّذِينَ صَبَرُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ ٤٢Joaloka ba tsitlalletseng ba bile ba behile ts’epo ea bona ho Allah وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ إِلَّا رِجَالًا نُّوحِيٓ إِلَيۡهِمۡۖ فَسۡـَٔلُوٓاْ أَهۡلَ ٱلذِّكۡرِ إِن كُنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ ٤٣Re ‘nile Ra romella Baromuoa ba Rona pele ho uena, bao e neng e ntse e le batho bao Re neng Re ba nyenyelelitse, – haeba le sa tsebe letho botsang ba ntseng ba latetse molaetsa بِٱلۡبَيِّنَٰتِ وَٱلزُّبُرِۗ وَأَنزَلۡنَآ إِلَيۡكَ ٱلذِّكۡرَ لِتُبَيِّنَ لِلنَّاسِ مَا نُزِّلَ إِلَيۡهِمۡ وَلَعَلَّهُمۡ يَتَفَكَّرُونَ ٤٤Molaetsa o jereng bopaki bo totobetseng esitana le ka mangolo; re bile ra u senolela Molaetsa, e le hore u tle u hlalosetse batho seo ba se senoletsoeng, ba tle ba tsebe ho nahana أَفَأَمِنَ ٱلَّذِينَ مَكَرُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ أَن يَخۡسِفَ ٱللَّهُ بِهِمُ ٱلۡأَرۡضَ أَوۡ يَأۡتِيَهُمُ ٱلۡعَذَابُ مِنۡ حَيۡثُ لَا يَشۡعُرُونَ ٤٥Na ba rerang liketso tse fosahetseng baikutloa ba ts’ireletsehile hoo Allah A ke keng A etsa hore lefats’e le ba metse, kapa hona hore khalefo ea Hae e ba hloibile ba sa ile le khongoana holimo أَوۡ يَأۡخُذَهُمۡ فِي تَقَلُّبِهِمۡ فَمَا هُم بِمُعۡجِزِينَ ٤٦Kapa hona hore A ba hloibile ba sa ntse ba nyolosa ba theosa hoo ba ke keng ba phonyoha ho hang أَوۡ يَأۡخُذَهُمۡ عَلَىٰ تَخَوُّفٍ فَإِنَّ رَبَّكُمۡ لَرَءُوفٌ رَّحِيمٌ ٤٧Kapa hona hore A ba nehelle ka kotlo e butle-butle – Hobane Mong`a hau U Tletse Mosa, U Mohau أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَىٰ مَا خَلَقَ ٱللَّهُ مِن شَيۡءٍ يَتَفَيَّؤُاْ ظِلَٰلُهُۥ عَنِ ٱلۡيَمِينِ وَٱلشَّمَآئِلِ سُجَّدًا لِّلَّهِ وَهُمۡ دَٰخِرُونَ ٤٨Ha ba ithute ka lihloliloeng tsa Allah har’a lintho, – kamoo liriti tsa tsona li retelehang kateng ka ho le letona le le lets’ehali, le kamoo li ithapalatsang kateng kapel’a Allah ka boikokobetso bo boholo وَلِلَّهِۤ يَسۡجُدُۤ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ مِن دَآبَّةٍ وَٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ وَهُمۡ لَا يَسۡتَكۡبِرُونَ ٤٩Ruri lintho tsohle tse maholimong le libopuoa tsohle tse phelang lefats’eng li ithapalatsa kapel’a Allah, ka mokhoa o ts’oanang le manyeloi; ha li ikhohomose يَخَافُونَ رَبَّهُم مِّن فَوۡقِهِمۡ وَيَفۡعَلُونَ مَا يُؤۡمَرُونَ ۩ ٥٠Kaofela li ts’aba Mong`a tsona ea li Okametseng, li etsa kamoo li laeloang kateng ۞ وَقَالَ ٱللَّهُ لَا تَتَّخِذُوٓاْ إِلَٰهَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِۖ إِنَّمَا هُوَ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌ فَإِيَّٰيَ فَٱرۡهَبُونِ ٥١Allah U itse: “Le se iketsetse melingoana. Hobane `Mopi A Inonts’i: ka hona ‘Ntsabeng.” وَلَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَهُ ٱلدِّينُ وَاصِبًاۚ أَفَغَيۡرَ ٱللَّهِ تَتَّقُونَ ٥٢Tsohle tse maholimong le lefats’eng li ikarabella ho Eena, tumelo eona ke Ea Hae ho isa kahosafeleng. Na le tla eba le ts’abo ho e mong ntle ho Allah وَمَا بِكُم مِّن نِّعۡمَةٍ فَمِنَ ٱللَّهِۖ ثُمَّ إِذَا مَسَّكُمُ ٱلضُّرُّ فَإِلَيۡهِ تَجۡـَٔرُونَ ٥٣Tsohle tse le khotsofatsang li tsoa ho Allah. Etsoe nakong eo le oeloang ke bomalimabe le bitsa ho Eena moo le batlang thuso ثُمَّ إِذَا كَشَفَ ٱلضُّرَّ عَنكُمۡ إِذَا فَرِيقٌ مِّنكُم بِرَبِّهِمۡ يُشۡرِكُونَ ٥٤Kamor’a hore a hlakole bomalimabe boo ho lona, bonang! Lequloana le leng la lona le kopanya Mong`a lona le melingoana لِيَكۡفُرُواْ بِمَآ ءَاتَيۡنَٰهُمۡۚ فَتَمَتَّعُواْ فَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَ ٥٥Joaloka ha eka ho nyefoloa melemo eo Re ba sitsitseng ka eona. Leha ho le joalo, natefeloang ke bophelo le sa khona, hobane haufinyane le tla ruoa tsebo وَيَجۡعَلُونَ لِمَا لَا يَعۡلَمُونَ نَصِيبًا مِّمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡۗ تَٱللَّهِ لَتُسۡـَٔلُنَّ عَمَّا كُنتُمۡ تَفۡتَرُونَ ٥٦Ebile ba maneha karolo ea seo Re ba nehileng sona ka seo ba sa se tsebeng. Ka Allah! Ruri le tla botsoa mabapi le tsohle tseo le neng le li qapa ka bohata وَيَجۡعَلُونَ لِلَّهِ ٱلۡبَنَٰتِ سُبۡحَٰنَهُۥ وَلَهُم مَّا يَشۡتَهُونَ ٥٧Ba bile ba maneha Allah barali, – Tlotla e be ho Eena! – bona ba ipha seo ba se ratang وَإِذَا بُشِّرَ أَحَدُهُم بِٱلۡأُنثَىٰ ظَلَّ وَجۡهُهُۥ مُسۡوَدًّا وَهُوَ كَظِيمٌ ٥٨E mong oa bona ha a fihleloa ke litaba tsa tlhaho ea ngoana oa mosetsana, sefahleho sa hae se ea rothofala, a tlaloe ke mesarelo يَتَوَٰرَىٰ مِنَ ٱلۡقَوۡمِ مِن سُوٓءِ مَا بُشِّرَ بِهِۦٓۚ أَيُمۡسِكُهُۥ عَلَىٰ هُونٍ أَمۡ يَدُسُّهُۥ فِي ٱلتُّرَابِۗ أَلَا سَآءَ مَا يَحۡكُمُونَ ٥٩Ka masoabi o ipatela mehahabo ka lebaka la litaba tse mpe tseo a li fumaneng, “na o tla boloka lesea leo tlas’a mahlomola, kapa a le epele leroleng?” Aa! khetho e nyonyehang ha kakaang لِلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ مَثَلُ ٱلسَّوۡءِۖ وَلِلَّهِ ٱلۡمَثَلُ ٱلۡأَعۡلَىٰۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٦٠Ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang ho teng papiso ea bobe, ho Allah ho maname papiso e phahameng ka ho fetisisa. Ke Eena Ea matla Oohle, Ea Seli وَلَوۡ يُؤَاخِذُ ٱللَّهُ ٱلنَّاسَ بِظُلۡمِهِم مَّا تَرَكَ عَلَيۡهَا مِن دَآبَّةٍ وَلَٰكِن يُؤَخِّرُهُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّىۖ فَإِذَا جَآءَ أَجَلُهُمۡ لَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ سَاعَةً وَلَا يَسۡتَقۡدِمُونَ ٦١Hoja Allah U ne A ka otla batho ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe, U ne A ke ke A siea sebopuoa leha se le seng se phelang lefats’eng, empa U li neha nyehlisetso ea nakoana ea pallo, ha nako eo ea tsona e se e atametse li ke ke tsa e busetsa morao leha e le ka hora, kapa ho e akofisa وَيَجۡعَلُونَ لِلَّهِ مَا يَكۡرَهُونَۚ وَتَصِفُ أَلۡسِنَتُهُمُ ٱلۡكَذِبَ أَنَّ لَهُمُ ٱلۡحُسۡنَىٰۚ لَا جَرَمَ أَنَّ لَهُمُ ٱلنَّارَ وَأَنَّهُم مُّفۡرَطُونَ ٦٢Ba manamisa Allah lintho tseo le bona ba sa li rateng, ba buoa leshano ka maleme a bona, ba re karolo eohle e molemo e tla ba ea bona. Ruri mollo e tlaba karollo ea bona, ba tla khoromeletsoa pele تَٱللَّهِ لَقَدۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَىٰٓ أُمَمٍ مِّن قَبۡلِكَ فَزَيَّنَ لَهُمُ ٱلشَّيۡطَٰنُ أَعۡمَٰلَهُمۡ فَهُوَ وَلِيُّهُمُ ٱلۡيَوۡمَ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ٦٣Ka Allah, Re rometse baromuoa lichabeng pele ho uena, empa Liabolosi o ile a etsa hore liketso tsa bona tse mpe li shebahale li khahleha. Esale eena mots’ehetsi oa bona kajeno, empa kahlolo e mahlonoko ke ea bona وَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ إِلَّا لِتُبَيِّنَ لَهُمُ ٱلَّذِي ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِ وَهُدًى وَرَحۡمَةً لِّقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ ٦٤Re u senoletse وَٱللَّهُ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَحۡيَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَآۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَسۡمَعُونَ ٦٥Ke Allah ea romellang pula e theoha marung, eo ka eona A ts’osolosang lefats’e kamor’a lefu la lona. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba utloang وَإِنَّ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَنۡعَٰمِ لَعِبۡرَةًۖ نُّسۡقِيكُم مِّمَّا فِي بُطُونِهِۦ مِنۢ بَيۡنِ فَرۡثٍ وَدَمٍ لَّبَنًا خَالِصًا سَآئِغًا لِّلشَّٰرِبِينَ ٦٦Ruri likhomong ho teng thuto ho lona. Re le nehile hore le noe se teng kahar’a limpa tsa tsona, lipakeng tsa bolokoe le mali a tsona ho teng lebese le hloekileng le bileng le natefelang ba le noang وَمِن ثَمَرَٰتِ ٱلنَّخِيلِ وَٱلۡأَعۡنَٰبِ تَتَّخِذُونَ مِنۡهُ سَكَرًا وَرِزۡقًا حَسَنًاۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ ٦٧Le litholoaneng tsa lipalema le merara, le fumana lino tse matlafatsang le eona phepo e matlafetseng le lijo. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba seli وَأَوۡحَىٰ رَبُّكَ إِلَى ٱلنَّحۡلِ أَنِ ٱتَّخِذِي مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتًا وَمِنَ ٱلشَّجَرِ وَمِمَّا يَعۡرِشُونَ ٦٨Mong`a hau U rutile notsi ho aha sehlaha maralleng, lifateng le matlong a batho ثُمَّ كُلِي مِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِ فَٱسۡلُكِي سُبُلَ رَبِّكِ ذُلُلًاۚ يَخۡرُجُ مِنۢ بُطُونِهَا شَرَابٌ مُّخۡتَلِفٌ أَلۡوَٰنُهُۥ فِيهِ شِفَآءٌ لِّلنَّاسِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ ٦٩Ebe e itjella litholoana tsohle le hona ho latela litsela tsa Mong`a eona tse pharaletseng. Kahar’a ‘mele ea tsona ho kolla seno se mebala e fapakaneng, ao e leng pheko ho batho. Ruri kahar’a ho sena ho teng sesupo ho ba nahanang وَٱللَّهُ خَلَقَكُمۡ ثُمَّ يَتَوَفَّىٰكُمۡۚ وَمِنكُم مَّن يُرَدُّ إِلَىٰٓ أَرۡذَلِ ٱلۡعُمُرِ لِكَيۡ لَا يَعۡلَمَ بَعۡدَ عِلۡمٍ شَيۡـًٔاۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلِيمٌ قَدِيرٌ ٧٠Ke Allah Ea le hlotseng, A ba A etsa hore le shoe; har’a lona ho teng ea busetsoang morao botsofaling, e le hore a tle a se hlole a tseba letho kamor’a hoba a be le tsebo. Ruri Allah U Tseba Tsohle, U Matla Oohle وَٱللَّهُ فَضَّلَ بَعۡضَكُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ فِي ٱلرِّزۡقِۚ فَمَا ٱلَّذِينَ فُضِّلُواْ بِرَآدِّي رِزۡقِهِمۡ عَلَىٰ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَهُمۡ فِيهِ سَوَآءٌۚ أَفَبِنِعۡمَةِ ٱللَّهِ يَجۡحَدُونَ ٧١Allah U fane ka limpho tsa boipheliso ho ba bang ba lona haholo ho feta ba bang. Ba filoeng limpho tse fetang tsa ba bang, ha ba fane ka limpho tseo ho bao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hore ba tle ba lekane ka boemo. Na ke lereko la Allah leo ba le latolang وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّنۡ أَنفُسِكُمۡ أَزۡوَٰجًا وَجَعَلَ لَكُم مِّنۡ أَزۡوَٰجِكُم بَنِينَ وَحَفَدَةً وَرَزَقَكُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِۚ أَفَبِٱلۡبَٰطِلِ يُؤۡمِنُونَ وَبِنِعۡمَتِ ٱللَّهِ هُمۡ يَكۡفُرُونَ ٧٢Allah U le nehile balekane ho tsoa mahopong a lona, A ba A le neha bara le barali ‘moho le litloholo ho tsoa ho bona, A le etsetsa boipheliso ka lintho tsohle tse molemo. Na ke kahoo ba kholoang ho mafeela, ba sitoang ho leboha lereko la Allah وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَمۡلِكُ لَهُمۡ رِزۡقًا مِّنَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ شَيۡـًٔا وَلَا يَسۡتَطِيعُونَ ٧٣Ba khumamela melimo ea bohata ntle ho Allah eo ka bo eona e senang mokhoa oa boipheliso, eka bang leholimong kapa lefats’eng, ebile e se na le matla فَلَا تَضۡرِبُواْ لِلَّهِ ٱلۡأَمۡثَالَۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ وَأَنتُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ ٧٤Le se qape lit`soant`so mabapi le Allah. Hobane Ke Allah Ea Tsebang, lona ha le tsebe letho ۞ ضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلًا عَبۡدًا مَّمۡلُوكًا لَّا يَقۡدِرُ عَلَىٰ شَيۡءٍ وَمَن رَّزَقۡنَٰهُ مِنَّا رِزۡقًا حَسَنًا فَهُوَ يُنفِقُ مِنۡهُ سِرًّا وَجَهۡرًاۖ هَلۡ يَسۡتَوُۥنَۚ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ٧٥Allah U entse papiso ea banna ba ba beli: ea lekhoba le tlas’a taolo ea e mong le se nang taelo holim’a eng kapa eng, le ea e mong eo Re mo sitsitseng ka boipheliso bo tsoang ho Rona, e be o sebelisa boipheliso boo lekunutung kapa ponts’eng. Na bobeli ba ea lekana? Lithoriso li be ho Allah! Empa bongata ba bona habana tsebo وَضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلًا رَّجُلَيۡنِ أَحَدُهُمَآ أَبۡكَمُ لَا يَقۡدِرُ عَلَىٰ شَيۡءٍ وَهُوَ كَلٌّ عَلَىٰ مَوۡلَىٰهُ أَيۡنَمَا يُوَجِّههُّ لَا يَأۡتِ بِخَيۡرٍ هَلۡ يَسۡتَوِي هُوَ وَمَن يَأۡمُرُ بِٱلۡعَدۡلِ وَهُوَ عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٧٦Allah U boetse o behile papiso e ‘ngoe hape ea banna ba babeli, e mong oa bona ke setholo se se nang taolo holim’a eng kapa eng, ke moroalo oa Mong`a hae; hohle moo Mong`a hae a mo laelana ho ea teng, ha ho molemo oa letho oo a tlang le oona. Na monna ea joalo o lekana le’a sebetsang ka Toka a bile a latela Tsela e Otlolohileng وَلِلَّهِ غَيۡبُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَمَآ أَمۡرُ ٱلسَّاعَةِ إِلَّا كَلَمۡحِ ٱلۡبَصَرِ أَوۡ هُوَ أَقۡرَبُۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ٧٧Ruri Masabonoeng tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah le eona Hora ea Timelo ke ho panya ha leihlo, kapa ho feta moo. Allah U Matla holima tsohle وَٱللَّهُ أَخۡرَجَكُم مِّنۢ بُطُونِ أُمَّهَٰتِكُمۡ لَا تَعۡلَمُونَ شَيۡـًٔا وَجَعَلَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ ٧٨Ke Allah Ea le nts’itseng lipopelong tsa bo-’ma lona ha le ne le sa tsebe letho, A le neha kutlo le pono le bohlale le maikutlo, e le hore le tle le fane ka liteboho أَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَى ٱلطَّيۡرِ مُسَخَّرَٰتٍ فِي جَوِّ ٱلسَّمَآءِ مَا يُمۡسِكُهُنَّ إِلَّا ٱللَّهُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يُؤۡمِنُونَ ٧٩Na ha bae s’o bone ha linonyana li ithapalalitse molaong oa Allah li tsitsitse lipakeng tsa moea le maru? Ha ho letho le li khakelelitseng haese Allah. Ruri ho sena ke sesupo ho ba kholoang وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّنۢ بُيُوتِكُمۡ سَكَنًا وَجَعَلَ لَكُم مِّن جُلُودِ ٱلۡأَنۡعَٰمِ بُيُوتًا تَسۡتَخِفُّونَهَا يَوۡمَ ظَعۡنِكُمۡ وَيَوۡمَ إِقَامَتِكُمۡ وَمِنۡ أَصۡوَافِهَا وَأَوۡبَارِهَا وَأَشۡعَارِهَآ أَثَٰثًا وَمَتَٰعًا إِلَىٰ حِينٍ ٨٠Ke Allah Ea le nehileng matlo ho ba malapa a bolulo le phomolo, A le neha matlalo a likhomo hore le etse matlo ao le a fumanang a le bobebe ha le’a kuka nakong ea bohahlauli, ha le khefutsa bohahlauling ba lona, ebe le hloma litente tsa lona; ka boea le bolitse ba tsona le be le etse masela a bonolo a le futhumatsang ha nakoana وَٱللَّهُ جَعَلَ لَكُم مِّمَّا خَلَقَ ظِلَٰلًا وَجَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلۡجِبَالِ أَكۡنَٰنًا وَجَعَلَ لَكُمۡ سَرَٰبِيلَ تَقِيكُمُ ٱلۡحَرَّ وَسَرَٰبِيلَ تَقِيكُم بَأۡسَكُمۡۚ كَذَٰلِكَ يُتِمُّ نِعۡمَتَهُۥ عَلَيۡكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُسۡلِمُونَ ٨١Ke Allah Ea le nehileng ho tsoa linthong tseo a li hlolileng, moriti; A le neha libaka tsa bots’abelo lithabeng, le hona ho le neha liaparo tse le ts’ireletsang lebatameng esitana le eona kobo-khulu ho le ts’ireletsa lintoeng tse bakoang ke lona. Ke kamoo A phethahatsang melemo Ea Hae kateng ho lona; e le hore le tle le ithapalatse ho Eena فَإِن تَوَلَّوۡاْ فَإِنَّمَا عَلَيۡكَ ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ ٨٢Haeba ba u furalla, mosebetsi oa hau ke ho fetisa molaetsa o hlakileng يَعۡرِفُونَ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ ثُمَّ يُنكِرُونَهَا وَأَكۡثَرُهُمُ ٱلۡكَٰفِرُونَ ٨٣Ba tseba molemo ea Allah, empa ba ea e latola. Ruri bongata ba bona ha bana teboho وَيَوۡمَ نَبۡعَثُ مِن كُلِّ أُمَّةٍ شَهِيدًا ثُمَّ لَا يُؤۡذَنُ لِلَّذِينَ كَفَرُواْ وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ ٨٤Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng: ke moo ho se nang hoba le monyetla ho amohela kopo ea ts’oarelo ho mahana – tumelo, kapa oona molemo وَإِذَا رَءَا ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ ٱلۡعَذَابَ فَلَا يُخَفَّفُ عَنۡهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنظَرُونَ ٨٥Ha ba etsang liphoso ba bona Kotlo, ha eke ke ea bebofatsoa hohang, kapa hona ho fumana nyehlisetso وَإِذَا رَءَا ٱلَّذِينَ أَشۡرَكُواْ شُرَكَآءَهُمۡ قَالُواْ رَبَّنَا هَٰٓؤُلَآءِ شُرَكَآؤُنَا ٱلَّذِينَ كُنَّا نَدۡعُواْ مِن دُونِكَۖ فَأَلۡقَوۡاْ إِلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلَ إِنَّكُمۡ لَكَٰذِبُونَ ٨٦Ha ba neng ba maneha Allah batlatsetsi ba bona bo-mphato’a bona, Ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bo-mphato’a rona bao re neng re tloaetse ho memetsa ho bona kathoko ho uena.” Empa batlatsetsi ba bona ba tla ba tjolietsa ka hore: “Ruri le mashano!” وَأَلۡقَوۡاْ إِلَى ٱللَّهِ يَوۡمَئِذٍ ٱلسَّلَمَۖ وَضَلَّ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ ٨٧Letsatsing leo ba tla totobatsa boinehelo ba bona ho Allah, tsohle tseo ba neng ba li qapa li ba lahlile kherehloa ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ زِدۡنَٰهُمۡ عَذَابًا فَوۡقَ ٱلۡعَذَابِ بِمَا كَانُواْ يُفۡسِدُونَ ٨٨Ba latolang Allah, ba sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, Ruri Re tla ba phaella kotlo holim’a kotlo hobane ba ne ba tloaetse ho baka pherekano وَيَوۡمَ نَبۡعَثُ فِي كُلِّ أُمَّةٍ شَهِيدًا عَلَيۡهِم مِّنۡ أَنفُسِهِمۡۖ وَجِئۡنَا بِكَ شَهِيدًا عَلَىٰ هَٰٓؤُلَآءِۚ وَنَزَّلۡنَا عَلَيۡكَ ٱلۡكِتَٰبَ تِبۡيَٰنًا لِّكُلِّ شَيۡءٍ وَهُدًى وَرَحۡمَةً وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُسۡلِمِينَ ٨٩Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng e tsoang har’a bona, Re tla u tlisa u le paki khahlanong le bana. Re senotse Lengolo le hlalosang lintho tsohle, e le Tataiso le Mohau le Litaba tse Molemo ho Mamuslim ۞ إِنَّ ٱللَّهَ يَأۡمُرُ بِٱلۡعَدۡلِ وَٱلۡإِحۡسَٰنِ وَإِيتَآيِٕ ذِي ٱلۡقُرۡبَىٰ وَيَنۡهَىٰ عَنِ ٱلۡفَحۡشَآءِ وَٱلۡمُنكَرِ وَٱلۡبَغۡيِۚ يَعِظُكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَذَكَّرُونَ ٩٠Allah U laetse toka, ho etsa botle, le ho ba mosa ho mehaeno, o hanetse liketso tsohle tse tlontlollang le lehloeo le bokhopo. O le eletsa ho amohela khalemo وَأَوۡفُواْ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ إِذَا عَٰهَدتُّمۡ وَلَا تَنقُضُواْ ٱلۡأَيۡمَٰنَ بَعۡدَ تَوۡكِيدِهَا وَقَدۡ جَعَلۡتُمُ ٱللَّهَ عَلَيۡكُمۡ كَفِيلًاۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا تَفۡعَلُونَ ٩١Phethahatsang Selekane sa Allah ha le se le itlamme ka sona, le se koenehele likano tsa lona kamor’a hoba le ikane, le kamor’a hoba le etse Allah molisa holim’a lona. Ruri Allah U Tseba Tsohle tseo le li etsang وَلَا تَكُونُواْ كَٱلَّتِي نَقَضَتۡ غَزۡلَهَا مِنۢ بَعۡدِ قُوَّةٍ أَنكَٰثًا تَتَّخِذُونَ أَيۡمَٰنَكُمۡ دَخَلَۢا بَيۡنَكُمۡ أَن تَكُونَ أُمَّةٌ هِيَ أَرۡبَىٰ مِنۡ أُمَّةٍۚ إِنَّمَا يَبۡلُوكُمُ ٱللَّهُ بِهِۦۚ وَلَيُبَيِّنَنَّ لَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ مَا كُنتُمۡ فِيهِ تَخۡتَلِفُونَ ٩٢Le se ts’oane le mosali ea pomang likhoele kamor’a hoba a lits’ohle hore li be matla. Kapa ho etsa likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, ka lebaka la sechaba se sengata haholo ho feta se seng. Hobane Allah U tla le beha tekong ka sena, Ruri o tla le hlalosetsa seo le neng le sa lumellane ka sona mohla Letsatsi la Kahlolo وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَجَعَلَكُمۡ أُمَّةً وَٰحِدَةً وَلَٰكِن يُضِلُّ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَلَتُسۡـَٔلُنَّ عَمَّا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٩٣Hoja e bile thato Ea Allah, A ka be a le entse sechaba se le seng kaofela ha lona, empa U lesa bao A ikhethelang bona ho kheloha le ho tataisa bao A Ikhethelang bona; empa le tla botsoa tsohle tseo le neng le li etsa وَلَا تَتَّخِذُوٓاْ أَيۡمَٰنَكُمۡ دَخَلَۢا بَيۡنَكُمۡ فَتَزِلَّ قَدَمُۢ بَعۡدَ ثُبُوتِهَا وَتَذُوقُواْ ٱلسُّوٓءَ بِمَا صَدَدتُّمۡ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَلَكُمۡ عَذَابٌ عَظِيمٌ ٩٤Le se fetole likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, esere ka mohlomong leoto la e mong la thella kamor’a hobale setlele ka tieo, la tlameha ho latsoa litholoana tse babang tsa ketso ea ho sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, eaba kahlolo e ts’abehang e oela holim’a lona وَلَا تَشۡتَرُواْ بِعَهۡدِ ٱللَّهِ ثَمَنًا قَلِيلًاۚ إِنَّمَا عِندَ ٱللَّهِ هُوَ خَيۡرٌ لَّكُمۡ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٩٥Le se rekise selekane sa Allah ka theko e eisehang! Bonang! Ruri moputso o ho Allah ke o babatsehang sebakeng sa lona, hoja feela le ne le tseba مَا عِندَكُمۡ يَنفَدُ وَمَا عِندَ ٱللَّهِ بَاقٍۗ وَلَنَجۡزِيَنَّ ٱلَّذِينَ صَبَرُوٓاْ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٩٦Seo se ho lona ha se na thuso, empa haele se ho Allah se tla sala e le seemahale. Ruri Re tla putsa ba tsitlaletseng ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao ba neng ba a etsa مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا مِّن ذَكَرٍ أَوۡ أُنثَىٰ وَهُوَ مُؤۡمِنٌ فَلَنُحۡيِيَنَّهُۥ حَيَوٰةً طَيِّبَةًۖ وَلَنَجۡزِيَنَّهُمۡ أَجۡرَهُم بِأَحۡسَنِ مَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٩٧Motho ofe kapa ofe ea etsang toka, ekaba monna kapa mosali, e bile e le molumeli, Ruri Re tla mo neha bophelo bo ntlafetseng, Re tlaba putsa ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao baneng ba a etsa فَإِذَا قَرَأۡتَ ٱلۡقُرۡءَانَ فَٱسۡتَعِذۡ بِٱللَّهِ مِنَ ٱلشَّيۡطَٰنِ ٱلرَّجِيمِ ٩٨Nakong eo le phetang Qura’n, le kope ts’ireletso ho Allah khahlanong le Satane oa ho nenoa إِنَّهُۥ لَيۡسَ لَهُۥ سُلۡطَٰنٌ عَلَى ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَلَىٰ رَبِّهِمۡ يَتَوَكَّلُونَ ٩٩Bonang! Ruri ha a na matla holim’a ba kholoang ba behileng ts’epo ea bona ho Mong`a bona إِنَّمَا سُلۡطَٰنُهُۥ عَلَى ٱلَّذِينَ يَتَوَلَّوۡنَهُۥ وَٱلَّذِينَ هُم بِهِۦ مُشۡرِكُونَ ١٠٠Bolaoli ba Satane bo holim’a ba thehileng setsoalle le eena feela le ba manehang Allah ka batlatsetsi وَإِذَا بَدَّلۡنَآ ءَايَةً مَّكَانَ ءَايَةٍ وَٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا يُنَزِّلُ قَالُوٓاْ إِنَّمَآ أَنتَ مُفۡتَرِۭۚ بَلۡ أَكۡثَرُهُمۡ لَا يَعۡلَمُونَ ١٠١Nakong eo Re nyokolang ts’enolo sebakeng sa e ‘ngoe, – ‘Allah U tseba ka botlalo seo A se senolang, – Ba re: “Uena u mpa u iqapetse.” Ruri bongata ba bona ha bo na tsebo قُلۡ نَزَّلَهُۥ رُوحُ ٱلۡقُدُسِ مِن رَّبِّكَ بِٱلۡحَقِّ لِيُثَبِّتَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَهُدًى وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُسۡلِمِينَ ١٠٢E re: “Moea o Halalelang o tlisitse ts’enolo e tsoang ho Mong`a hae ka ‘nete, ho tla hlapants’a tumelo ea ba kholoang, e le tataiso le tsona litaba tse monate ho ba inehetseng ho Allah.” وَلَقَدۡ نَعۡلَمُ أَنَّهُمۡ يَقُولُونَ إِنَّمَا يُعَلِّمُهُۥ بَشَرٌۗ لِّسَانُ ٱلَّذِي يُلۡحِدُونَ إِلَيۡهِ أَعۡجَمِيٌّ وَهَٰذَا لِسَانٌ عَرَبِيٌّ مُّبِينٌ ١٠٣Re bile Re tseba hantle hore ba re: “Ke motho ea u rutang.” Leleme leo ba mo supang ka lona ke la balichaba, athe leleme lena ke la se-Arabia se hlakileng إِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ لَا يَهۡدِيهِمُ ٱللَّهُ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ١٠٤Haele ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, Ruri Allah a ke ke a ba tataisa, kahlolo e mahlonoko ke’a bona إِنَّمَا يَفۡتَرِي ٱلۡكَذِبَ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡكَٰذِبُونَ ١٠٥Ke ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, ba iqapelang mashano, ke bona ba leshano مَن كَفَرَ بِٱللَّهِ مِنۢ بَعۡدِ إِيمَٰنِهِۦٓ إِلَّا مَنۡ أُكۡرِهَ وَقَلۡبُهُۥ مُطۡمَئِنُّۢ بِٱلۡإِيمَٰنِ وَلَٰكِن مَّن شَرَحَ بِٱلۡكُفۡرِ صَدۡرًا فَعَلَيۡهِمۡ غَضَبٌ مِّنَ ٱللَّهِ وَلَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمٌ ١٠٦Mong le mong ea sa tl’o lumela ho Allah kamor’a hoba a be le tumelo, ntle le ea tla hatelloa, pelo ea hae eona e sale e sataletse tumelong, – empa ba koenehelang tumelo ha bobebe: khalefo ea Allah e holim’a bona. Ruri kahlolo ea bona ke e ts’abehang ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمُ ٱسۡتَحَبُّواْ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا عَلَى ٱلۡأٓخِرَةِ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡكَٰفِرِينَ ١٠٧Sena ke ka lebaka la hobane ba ikhethetse bophelo ba lefats’e lena ho ena le bo-tlang, etsoe ke hobane Allah ha A tataise batho ba hlokang tumelo أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ طَبَعَ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ وَسَمۡعِهِمۡ وَأَبۡصَٰرِهِمۡۖ وَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡغَٰفِلُونَ ١٠٨Bana ke bao Allah A kabileng lipelo, litsebe le mahlo a bona. Ke maoatla لَا جَرَمَ أَنَّهُمۡ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ هُمُ ٱلۡخَٰسِرُونَ ١٠٩Kantle ho khoao, ba tla timela ho Bo-tlang ثُمَّ إِنَّ رَبَّكَ لِلَّذِينَ هَاجَرُواْ مِنۢ بَعۡدِ مَا فُتِنُواْ ثُمَّ جَٰهَدُواْ وَصَبَرُوٓاْ إِنَّ رَبَّكَ مِنۢ بَعۡدِهَا لَغَفُورٌ رَّحِيمٌ ١١٠Empa ruri Mong’a Hau,-Haele ba phaphathehang kamor’a likotlo qobello tse bileng teng holim’a bona, hamorao e be ba a loanela Tumelo le hona ho ba le mamello, – Ruri kamor’a mona Mong`a hau malebana le bona U Ts’oarela-joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau ۞ يَوۡمَ تَأۡتِي كُلُّ نَفۡسٍ تُجَٰدِلُ عَن نَّفۡسِهَا وَتُوَفَّىٰ كُلُّ نَفۡسٍ مَّا عَمِلَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ١١١Ka letsatsi le leng moea o mong le o mong o tla ipuelella ka bo-ona, moea ka mong o tla putsuoa seo o se entseng, e ke ke ea qhekelloa وَضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلًا قَرۡيَةً كَانَتۡ ءَامِنَةً مُّطۡمَئِنَّةً يَأۡتِيهَا رِزۡقُهَا رَغَدًا مِّن كُلِّ مَكَانٍ فَكَفَرَتۡ بِأَنۡعُمِ ٱللَّهِ فَأَذَٰقَهَا ٱللَّهُ لِبَاسَ ٱلۡجُوعِ وَٱلۡخَوۡفِ بِمَا كَانُواْ يَصۡنَعُونَ ١١٢Allah U fana ka papiso: ea motse o phelang ka ts’ireletso le khutso, nala ea ona e hlaha likhutlong tsohle, empa o nyefola melemo ea Allah, eaba Allah U etsa hore o ke o latsoe tlala le tsitsipano ka lebaka la mekhoa e mebe eo batho ba oona ba entseng وَلَقَدۡ جَآءَهُمۡ رَسُولٌ مِّنۡهُمۡ فَكَذَّبُوهُ فَأَخَذَهُمُ ٱلۡعَذَابُ وَهُمۡ ظَٰلِمُونَ ١١٣Eaba ho fihla Moromuoa har’a bona ea hlahetseng har’a bona, empa ba ile ba mo latola ka bohata, ba ripitloa ke khalefo nakong eo ba sa ntseng ba le har’a lits’ito tseo tsa bona فَكُلُواْ مِمَّا رَزَقَكُمُ ٱللَّهُ حَلَٰلًا طَيِّبًا وَٱشۡكُرُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ إِن كُنتُمۡ إِيَّاهُ تَعۡبُدُونَ ١١٤Ejang lijo tse hloekileng tseo le lumeletsoeng ho lija, tseo Allah a le sitsitseng ka tsona; le lebohe nala ea Mong`a lona haeba ke Eena eo le mo sebeletsang إِنَّمَا حَرَّمَ عَلَيۡكُمُ ٱلۡمَيۡتَةَ وَٱلدَّمَ وَلَحۡمَ ٱلۡخِنزِيرِ وَمَآ أُهِلَّ لِغَيۡرِ ٱللَّهِ بِهِۦۖ فَمَنِ ٱضۡطُرَّ غَيۡرَ بَاغٍ وَلَا عَادٍ فَإِنَّ ٱللَّهَ غَفُورٌ رَّحِيمٌ ١١٥Allah U le hanetse feela ka nama ea phoofolo e shoeleng, bobete, nama ea kolobe le nama eo eitseng ha e hlajoa eaba ho bitsoa lebitso le leng le ntle ho la Allah; ntle le ea tla khannoa ke boemo, eseng ho tlola molao kapa hona ho tlola meeli, – Ruri Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Tletse Mohau وَلَا تَقُولُواْ لِمَا تَصِفُ أَلۡسِنَتُكُمُ ٱلۡكَذِبَ هَٰذَا حَلَٰلٌ وَهَٰذَا حَرَامٌ لِّتَفۡتَرُواْ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ يَفۡتَرُونَ عَلَى ٱللَّهِ ٱلۡكَذِبَ لَا يُفۡلِحُونَ ١١٦Le se ke la buoa khahlanong le seo maleme a lona a sa se tsebeng, empa ka leshano le re: “Sena se molaong, sena ha se molaong,” le qapa leshano mabapi le Allah. Ruri haele ba qapang leshano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha مَتَٰعٌ قَلِيلٌ وَلَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ١١٧Boithabisonyana bo fokolang e tla ba ba bona; le kahlolo e mahlonoko ke’a bona وَعَلَى ٱلَّذِينَ هَادُواْ حَرَّمۡنَا مَا قَصَصۡنَا عَلَيۡكَ مِن قَبۡلُۖ وَمَا ظَلَمۡنَٰهُمۡ وَلَٰكِن كَانُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ يَظۡلِمُونَ ١١٨Ho Ma-Juda Re ba hanetse ka lintho tseo Re seng Re u phetetse tsona. Ha se Rona ba ba foSelitseng, empa ba ne ba atisa ho iketsetsa liphoso ka bo-bona ثُمَّ إِنَّ رَبَّكَ لِلَّذِينَ عَمِلُواْ ٱلسُّوٓءَ بِجَهَٰلَةٍ ثُمَّ تَابُواْ مِنۢ بَعۡدِ ذَٰلِكَ وَأَصۡلَحُوٓاْ إِنَّ رَبَّكَ مِنۢ بَعۡدِهَا لَغَفُورٌ رَّحِيمٌ ١١٩Ba etsang sebe tlas’a ho hloka tsebo, hamorao ba inyatse le hona ho etsa tefelo, – – Ruri Mong`a hau U Ts’oarela ka Mehla, U khaphatseha Mohau إِنَّ إِبۡرَٰهِيمَ كَانَ أُمَّةً قَانِتًا لِّلَّهِ حَنِيفًا وَلَمۡ يَكُ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ ١٢٠Abrahama e bile mohlala, a le mamello ho Allah le ho ba le tumelo e tiileng tlhahong, a sa kopanye Allah le melingoana شَاكِرًا لِّأَنۡعُمِهِۚ ٱجۡتَبَىٰهُ وَهَدَىٰهُ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ١٢١O ile a bonts’a teboho melemong ea Allah; Ea mokhethileng, a mo tataisetsa Tseleng e Otlolohileng وَءَاتَيۡنَٰهُ فِي ٱلدُّنۡيَا حَسَنَةًۖ وَإِنَّهُۥ فِي ٱلۡأٓخِرَةِ لَمِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ١٢٢Eaba Re mo neha tse molemo lefats’eng lena, ho Bo-tlang o tlaba har’a ba lokileng ثُمَّ أَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡكَ أَنِ ٱتَّبِعۡ مِلَّةَ إِبۡرَٰهِيمَ حَنِيفًاۖ وَمَا كَانَ مِنَ ٱلۡمُشۡرِكِينَ ١٢٣Kamorao ho moo eaba Re A u nyenyeletsa: “Latela tsela ea Abrahama, ea bileng le ‘nete Tumelong, o ne a sa kopanyanye Allah le melingoana إِنَّمَا جُعِلَ ٱلسَّبۡتُ عَلَى ٱلَّذِينَ ٱخۡتَلَفُواْ فِيهِۚ وَإِنَّ رَبَّكَ لَيَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ١٢٤Sabata sona se ile sa etsetsoa feela ba neng ba phehisana khang ka sona, Empa Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo malebana le phapang ea bona ٱدۡعُ إِلَىٰ سَبِيلِ رَبِّكَ بِٱلۡحِكۡمَةِ وَٱلۡمَوۡعِظَةِ ٱلۡحَسَنَةِۖ وَجَٰدِلۡهُم بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُۚ إِنَّ رَبَّكَ هُوَ أَعۡلَمُ بِمَن ضَلَّ عَن سَبِيلِهِۦ وَهُوَ أَعۡلَمُ بِٱلۡمُهۡتَدِينَ ١٢٥Memela bohle Tseleng ea Mong`a hau ka bohlale le boshomaeli bo hlakileng; u supisane mabaka le bona ka mokhoa o babatsehang. Hobane Mong`a hau o tsebisisa hantle eo ea khelohang tseleng ea Hae, le ba amohelang tataiso وَإِنۡ عَاقَبۡتُمۡ فَعَاقِبُواْ بِمِثۡلِ مَا عُوقِبۡتُم بِهِۦۖ وَلَئِن صَبَرۡتُمۡ لَهُوَ خَيۡرٌ لِّلصَّٰبِرِينَ ١٢٦Haeba u fana ka kotlo, u fane ka kotlo e ts’oanang le eo le uena u kileng oa ahloloa ka eona. Empa haeba u mamella ka ts’iamo, Ruri seo se molemo ho ba mamellang وَٱصۡبِرۡ وَمَا صَبۡرُكَ إِلَّا بِٱللَّهِۚ وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَلَا تَكُ فِي ضَيۡقٍ مِّمَّا يَمۡكُرُونَ ١٢٧Mamella. Mamello ea hau e tsoa ho Allah; U se ikutloese bohloko ka bona; u se ke ua ituba ka merero ea bona إِنَّ ٱللَّهَ مَعَ ٱلَّذِينَ ٱتَّقَواْ وَّٱلَّذِينَ هُم مُّحۡسِنُونَ ١٢٨Hobane Allah U na le ba bolokang its’oarang, le ba etsang toka. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Translation: Sheikh Elias Keketso Lelia.