بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
وَٱلصَّٰٓفَّٰتِ صَفًّا ١Ka Baitlhophileng ka maemo فَٱلزَّٰجِرَٰتِ زَجۡرًا ٢Ba matla ho qheleng bobe فَٱلتَّٰلِيَٰتِ ذِكۡرًا ٣Ba phatlalatsa Molaetsa إِنَّ إِلَٰهَكُمۡ لَوَٰحِدٌ ٤Ruri, ruri! ‘Mopi oa hau U Inots’i رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَا وَرَبُّ ٱلۡمَشَٰرِقِ ٥Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa ona le Mong`a mahlaseli a ho chaba ha letsatsi إِنَّا زَيَّنَّا ٱلسَّمَآءَ ٱلدُّنۡيَا بِزِينَةٍ ٱلۡكَوَاكِبِ ٦Re khabisitse leholimo le ka tlase ka botle ba linaleli وَحِفۡظًا مِّن كُلِّ شَيۡطَٰنٍ مَّارِدٍ ٧E le ts’ireletso khahlanong le mahana-puso a meea e mebe لَّا يَسَّمَّعُونَ إِلَى ٱلۡمَلَإِ ٱلۡأَعۡلَىٰ وَيُقۡذَفُونَ مِن كُلِّ جَانِبٍ ٨Hore a se thehe tsebe ho utloa ‘Moka o Hlomphehang, empa o leka kahoohle دُحُورًاۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ وَاصِبٌ ٩Ho phephetheloa, hobane kahlolo e sa feleng ke’a bona إِلَّا مَنۡ خَطِفَ ٱلۡخَطۡفَةَ فَأَتۡبَعَهُۥ شِهَابٌ ثَاقِبٌ ١٠Kantle le ea tla utsoang bonyane, e be o saloa morao ke lelakabe le nchocho la mollo فَٱسۡتَفۡتِهِمۡ أَهُمۡ أَشَدُّ خَلۡقًا أَم مَّنۡ خَلَقۡنَآۚ إِنَّا خَلَقۡنَٰهُم مِّن طِينٍ لَّازِبِۭ ١١Ak’u ba nonye maikutlo: “Ana le hlotsoe ka thata, kapa ke tlholeho e ngoe e thata eo Re e hlotseng?” Bona Re ba hlotse ka letsopa le khomarelang بَلۡ عَجِبۡتَ وَيَسۡخَرُونَ ١٢Ruri u’a makala nakong eo ba phoqang وَإِذَا ذُكِّرُواْ لَا يَذۡكُرُونَ ١٣Ba sa tsotelle nakong eo ba khalengoang وَإِذَا رَأَوۡاْ ءَايَةً يَسۡتَسۡخِرُونَ ١٤Ha ba bona Sesupo, ba fetohella ka ho sona ka sesomo وَقَالُوٓاْ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا سِحۡرٌ مُّبِينٌ ١٥Ba re: “Sena ke boloi bo pepenene أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ ١٦“Ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape أَوَءَابَآؤُنَا ٱلۡأَوَّلُونَ ١٧“Le bo-ntat’a rona moholo?” قُلۡ نَعَمۡ وَأَنتُمۡ دَٰخِرُونَ ١٨E re: “E, ka ‘nete le tla tlotloloha.” فَإِنَّمَا هِيَ زَجۡرَةٌ وَٰحِدَةٌ فَإِذَا هُمۡ يَنظُرُونَ ١٩Ruri! E tlaba molumo o nots’i, joale kemoo ba tlang ho lemoha وَقَالُواْ يَٰوَيۡلَنَا هَٰذَا يَوۡمُ ٱلدِّينِ ٢٠E be ba re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Lena ke Letsatsi la Kahlolo.” هَٰذَا يَوۡمُ ٱلۡفَصۡلِ ٱلَّذِي كُنتُم بِهِۦ تُكَذِّبُونَ ٢١Lentsoe le tla re “Lena ke Letsatsi la Karohano, leo le neng le le latola.” ۞ ٱحۡشُرُواْ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ وَأَزۡوَٰجَهُمۡ وَمَا كَانُواْ يَعۡبُدُونَ ٢٢“Tsosang,” Ho tla thoe, “Baetsalibe le basali ba bona, le lintho tseo ba neng ba li khumamela – مِن دُونِ ٱللَّهِ فَٱهۡدُوهُمۡ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡجَحِيمِ ٢٣“Kathoko ho Allah, le ba etelle pele tseleng e eang Mollong وَقِفُوهُمۡۖ إِنَّهُم مَّسۡـُٔولُونَ ٢٤“Empa le ba emise, hobane ba lokeloa ho hlong’oa lipotso مَا لَكُمۡ لَا تَنَاصَرُونَ ٢٥“Ke eng se le sitisang ho thusana?” بَلۡ هُمُ ٱلۡيَوۡمَ مُسۡتَسۡلِمُونَ ٢٦Che, empa mohla letsatsi leo ba tla inehela وَأَقۡبَلَ بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ يَتَسَآءَلُونَ ٢٧Ba tla retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso قَالُوٓاْ إِنَّكُمۡ كُنتُمۡ تَأۡتُونَنَا عَنِ ٱلۡيَمِينِ ٢٨Ba tla re: “Ke lona ba neng ba tloaetse ho tla ho rona le hlaha ka letsohong le letona.” قَالُواْ بَل لَّمۡ تَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ ٢٩Ba tla araba ka hore: “Che, Lona ka bo-lona le ne le hloka Tumelo وَمَا كَانَ لَنَا عَلَيۡكُم مِّن سُلۡطَٰنِۭۖ بَلۡ كُنتُمۡ قَوۡمًا طَٰغِينَ ٣٠“Re ne se na matla holim’a lona, empa le bile batho ba tlolang meeli فَحَقَّ عَلَيۡنَا قَوۡلُ رَبِّنَآۖ إِنَّا لَذَآئِقُونَ ٣١“Hajoale Lentsoe la Mong`a rona le phethahetse khahlanong le rona. Ruri! Re lokeloa ke ho latsoa kahlolo فَأَغۡوَيۡنَٰكُمۡ إِنَّا كُنَّا غَٰوِينَ ٣٢“Re le khelositse: ruri le rona re ne re khelohile.” فَإِنَّهُمۡ يَوۡمَئِذٍ فِي ٱلۡعَذَابِ مُشۡتَرِكُونَ ٣٣Ruri! Mohla letsatsi leo mahlakore ka bobeli a tlaba le seabo kahlolong إِنَّا كَذَٰلِكَ نَفۡعَلُ بِٱلۡمُجۡرِمِينَ ٣٤Ruri! Ke kamoo Re sebetsang kateng ka baetsalibe إِنَّهُمۡ كَانُوٓاْ إِذَا قِيلَ لَهُمۡ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱللَّهُ يَسۡتَكۡبِرُونَ ٣٥Hobane ha ho thoe ho bona, ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, ba ne ba ikakasa ka Boikhohomoso وَيَقُولُونَ أَئِنَّا لَتَارِكُوٓاْ ءَالِهَتِنَا لِشَاعِرٍ مَّجۡنُونِۭ ٣٦Ba re: “Eng! Re koenehele melingoana ea rona molemong oa Seroki se hlanyang?” بَلۡ جَآءَ بِٱلۡحَقِّ وَصَدَّقَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ٣٧Che, empa o tlisitse ‘nete, a pakahatsa ba bileng teng pele ho eena إِنَّكُمۡ لَذَآئِقُواْ ٱلۡعَذَابِ ٱلۡأَلِيمِ ٣٨Ruri Le tla latsoa kahlolo e mahlonoko; – وَمَا تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٣٩Ha ho seo le tla putsoa ka sona kantle le seo le se sebelelitseng; – إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ٤٠Empa makhabunyane a ‘nete a Allah أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ رِزۡقٌ مَّعۡلُومٌ ٤١Ho teng Letsete le Netefalitsoeng sebakeng sa bona فَوَٰكِهُ وَهُم مُّكۡرَمُونَ ٤٢Litholoana; ba tla hlompheloa, ba babatsehe فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ ٤٣Lirapeng tsa nyakallo عَلَىٰ سُرُرٍ مُّتَقَٰبِلِينَ ٤٤Literoneng tse shebaneng يُطَافُ عَلَيۡهِم بِكَأۡسٍ مِّن مَّعِينِۭ ٤٥Ba tla neheletsoa khalase ea Seliba se kopotsang بَيۡضَآءَ لَذَّةٍ لِّلشَّٰرِبِينَ ٤٦E ts’oeu ba ponaletso, e mathemaloli ho ba noang ka eona لَا فِيهَا غَوۡلٌ وَلَا هُمۡ عَنۡهَا يُنزَفُونَ ٤٧Moo ho se nang tarakano; kapa bona botahoa وَعِندَهُمۡ قَٰصِرَٰتُ ٱلطَّرۡفِ عِينٌ ٤٨Pel’a bona ho tla ba le basali ba hloekileng, ba lihang chebo ea bona, ba mahlo a maholo كَأَنَّهُنَّ بَيۡضٌ مَّكۡنُونٌ ٤٩Joaloka ha eka ke mahe a Katiloeng ka thata فَأَقۡبَلَ بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍ يَتَسَآءَلُونَ ٥٠Ba retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso قَالَ قَآئِلٌ مِّنۡهُمۡ إِنِّي كَانَ لِي قَرِينٌ ٥١E mong oa bona o tla qala puo a re: “Ruri! Ke bile le motsoalle يَقُولُ أَءِنَّكَ لَمِنَ ٱلۡمُصَدِّقِينَ ٥٢Ea neng a tloaetse hore: “Eng! Ana ka ‘nete o e mong oa ba pakang ‘nete أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَدِينُونَ ٥٣“Hore ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo – re tla amohela meputso le likahlolo?” قَالَ هَلۡ أَنتُم مُّطَّلِعُونَ ٥٤Lentsoe la re: “Na u ka rata ho sheba fats’e?” فَٱطَّلَعَ فَرَءَاهُ فِي سَوَآءِ ٱلۡجَحِيمِ ٥٥Eaba o sheba fats’e, a bonela motsoalle oa hae har’a Mollo قَالَ تَٱللَّهِ إِن كِدتَّ لَتُرۡدِينِ ٥٦A re: “Ka Allah! Ho setse hanyane o ntahla وَلَوۡلَا نِعۡمَةُ رَبِّي لَكُنتُ مِنَ ٱلۡمُحۡضَرِينَ ٥٧“Hoja e se be ka Lereko la Mong`a ka, le ‘na nka be ke le e mong oa ba tlotlolotsoeng kahlolong.” أَفَمَا نَحۡنُ بِمَيِّتِينَ ٥٨“Na ha re sa na ho shoa إِلَّا مَوۡتَتَنَا ٱلۡأُولَىٰ وَمَا نَحۡنُ بِمُعَذَّبِينَ ٥٩“Kantle le lefu la rona la mathomo, re ke ke ra hlola re sa ahloloa?” إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡعَظِيمُ ٦٠Ruri! Ena ke katleho e babatsehang لِمِثۡلِ هَٰذَا فَلۡيَعۡمَلِ ٱلۡعَٰمِلُونَ ٦١Ba ts’oanang le bana le ba lese ba sebetse أَذَٰلِكَ خَيۡرٌ نُّزُلًا أَمۡ شَجَرَةُ ٱلزَّقُّومِ ٦٢Na kamohelo e e molemo, kapa se molemo ke Sefate sa Zaqqum إِنَّا جَعَلۡنَٰهَا فِتۡنَةً لِّلظَّٰلِمِينَ ٦٣Ruri! Re se hlomamisitse ho ba kahlolo sebakeng sa baetsalibe إِنَّهَا شَجَرَةٌ تَخۡرُجُ فِيٓ أَصۡلِ ٱلۡجَحِيمِ ٦٤Ke sefate se melang har’a mpa ea Mollo-oa-Lihele طَلۡعُهَا كَأَنَّهُۥ رُءُوسُ ٱلشَّيَٰطِينِ ٦٥Seo lehlomela la teng li ts’oanang le lihlooho tsa lisatane فَإِنَّهُمۡ لَأٓكِلُونَ مِنۡهَا فَمَالِـُٔونَ مِنۡهَا ٱلۡبُطُونَ ٦٦Ruri! ba tla ja litholoana tsa sona, ho tlatsa limpa tsa bona ka tsona ثُمَّ إِنَّ لَهُمۡ عَلَيۡهَا لَشَوۡبًا مِّنۡ حَمِيمٍ ٦٧Kaholimo ho moo, ba nehoa metsi a belang ثُمَّ إِنَّ مَرۡجِعَهُمۡ لَإِلَى ٱلۡجَحِيمِ ٦٨E be ba boela Mollong إِنَّهُمۡ أَلۡفَوۡاْ ءَابَآءَهُمۡ ضَآلِّينَ ٦٩Ruri ba fumane bo-ntat’a bona ba khelohile فَهُمۡ عَلَىٰٓ ءَاثَٰرِهِمۡ يُهۡرَعُونَ ٧٠Empa le bona ba ile ba potlakela metsamaong ea bona وَلَقَدۡ ضَلَّ قَبۡلَهُمۡ أَكۡثَرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٧١Ruri pele ho bona, bongata ba batho ba khale ba ile ba kheloha وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا فِيهِم مُّنذِرِينَ ٧٢Re ile ra romella barumuoa har’a bona ho ba hlokomelisa فَٱنظُرۡ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلۡمُنذَرِينَ ٧٣Joale, ak’ubonengseoebilengpheletsoeabahlokomelisitsoeng إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ٧٤Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah وَلَقَدۡ نَادَىٰنَا نُوحٌ فَلَنِعۡمَ ٱلۡمُجِيبُونَ ٧٥Nooe o ile a lla ho Rona, Re Hloahloa ho utloa thapelo وَنَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥ مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ ٧٦Re ile Ra mo pholosa ‘moho le lelapa la hae Koluoeng e Kholo وَجَعَلۡنَا ذُرِّيَّتَهُۥ هُمُ ٱلۡبَاقِينَ ٧٧Ra etsa tsoala ea hae majalefa وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ ٧٨Le hona ho mo siela moqhaka oa tlholo har’a litloholoana tsa morao-rao سَلَٰمٌ عَلَىٰ نُوحٍ فِي ٱلۡعَٰلَمِينَ ٧٩“Khotso le litumeliso li be le Nooe har’a lichaba-chaba!” إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ ٨٠Ruri! Ke kamoo Re putsang kateng ba lokileng إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٨١Hobane Ruri! E bile e mong oa makhabunyane a Rona ea kholoang ثُمَّ أَغۡرَقۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ ٨٢Eaba bohle Re’a ba qoelisa ۞ وَإِنَّ مِن شِيعَتِهِۦ لَإِبۡرَٰهِيمَ ٨٣Ruri har’a ba ileng ba latela tsela ea hae ke Abrahama إِذۡ جَآءَ رَبَّهُۥ بِقَلۡبٍ سَلِيمٍ ٨٤Bonang! O ile a atamela ho Mong`a hae ka pelo eohle ea hae إِذۡ قَالَ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦ مَاذَا تَعۡبُدُونَ ٨٥Bonang! O ile a re ho ntata’e le batho ba habo: “Ke eng sena seo le se khumamelang أَئِفۡكًا ءَالِهَةً دُونَ ٱللَّهِ تُرِيدُونَ ٨٦“Na ke leshano –melimo e meng ntle ho Allah – eo le e labalabelang فَمَا ظَنُّكُم بِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٨٧“Joale, maikutlo a lona ke a feng ka Mong`a Mafats’e?” فَنَظَرَ نَظۡرَةً فِي ٱلنُّجُومِ ٨٨Eaba o sheba Linaleli فَقَالَ إِنِّي سَقِيمٌ ٨٩A re: “Ruri! Ke ea kula!” فَتَوَلَّوۡاْ عَنۡهُ مُدۡبِرِينَ ٩٠Eaba ba mo furalla, ba tsamaea فَرَاغَ إِلَىٰٓ ءَالِهَتِهِمۡ فَقَالَ أَلَا تَأۡكُلُونَ ٩١Joale, a boela ho melingoana ea bona a re: “Hobaneng ha le sa je مَا لَكُمۡ لَا تَنطِقُونَ ٩٢“Hobaneng ha le sa buoe?” فَرَاغَ عَلَيۡهِمۡ ضَرۡبَۢا بِٱلۡيَمِينِ ٩٣Eaba o’a e futuhela, o e otla ka letsoho le letona فَأَقۡبَلُوٓاْ إِلَيۡهِ يَزِفُّونَ ٩٤Batho ba habo ba tla ba phaletse, ba mo tjamela قَالَ أَتَعۡبُدُونَ مَا تَنۡحِتُونَ ٩٥Ea ba o re: “Na le ka khumamela lintho tseo le li betlileng وَٱللَّهُ خَلَقَكُمۡ وَمَا تَعۡمَلُونَ ٩٦“Empa Allah A le hlotse ‘moho le lintho tseo le li etsang!” قَالُواْ ٱبۡنُواْ لَهُۥ بُنۡيَٰنًا فَأَلۡقُوهُ فِي ٱلۡجَحِيمِ ٩٧Ba re: “Mo aheleng sebopi sa mollo, e be le mo lahlela ka hare.” فَأَرَادُواْ بِهِۦ كَيۡدًا فَجَعَلۡنَٰهُمُ ٱلۡأَسۡفَلِينَ ٩٨Ke kamoo ba ileng ba rera kateng khahlanong le eena, empa Re ile Ra ba tlotlolla وَقَالَ إِنِّي ذَاهِبٌ إِلَىٰ رَبِّي سَيَهۡدِينِ ٩٩A re: “Ruri! Ke ea ho Mong`a ka Ea tla ntataisa رَبِّ هَبۡ لِي مِنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ١٠٠Mong`a ka! Ak’u mphe ts’oala e lokileng.” فَبَشَّرۡنَٰهُ بِغُلَٰمٍ حَلِيمٍ ١٠١Eaba Re mo neha litaba tse molemo tsa mora ea nang le mamello le tiisetso فَلَمَّا بَلَغَ مَعَهُ ٱلسَّعۡيَ قَالَ يَٰبُنَيَّ إِنِّيٓ أَرَىٰ فِي ٱلۡمَنَامِ أَنِّيٓ أَذۡبَحُكَ فَٱنظُرۡ مَاذَا تَرَىٰۚ قَالَ يَٰٓأَبَتِ ٱفۡعَلۡ مَا تُؤۡمَرُۖ سَتَجِدُنِيٓ إِن شَآءَ ٱللَّهُ مِنَ ٱلصَّٰبِرِينَ ١٠٢Eitse hoba mora oa hae a fihlele lilemo tsa bohlankana, eaba Abrahama o re: “Mora’ka! Ke lorile toro hore ke lokela ho etsa sehlabelo ka uena. Joale, u hopola joang?” Eaba mora oa hae o re: “Oho ntate! Etsa kamoo u laetsoeng kateng. Etsoe thatong ea Allah, u tla mphumana ke le mamello le tsitlallo.” فَلَمَّآ أَسۡلَمَا وَتَلَّهُۥ لِلۡجَبِينِ ١٠٣Eitse hoba ba inehele ho Allah, Abrahama a kakalatsa mora kapel’a sefahleho sa hae وَنَٰدَيۡنَٰهُ أَن يَٰٓإِبۡرَٰهِيمُ ١٠٤Eaba Re’a mo nyenyeletsa: “Oho Abrahama قَدۡ صَدَّقۡتَ ٱلرُّءۡيَآۚ إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ ١٠٥Ruri! U phethisitse toro.” Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng إِنَّ هَٰذَا لَهُوَ ٱلۡبَلَٰٓؤُاْ ٱلۡمُبِينُ ١٠٦Hobane sena e bile teko e hlakileng – وَفَدَيۡنَٰهُ بِذِبۡحٍ عَظِيمٍ ١٠٧Joale, eaba Re mo lopolla ka sehlabelo sa tonanahali وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ ١٠٨Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko e tlang سَلَٰمٌ عَلَىٰٓ إِبۡرَٰهِيمَ ١٠٩“khotso le litumeliso li be le Abrahama!” كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ ١١٠Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١١١Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang وَبَشَّرۡنَٰهُ بِإِسۡحَٰقَ نَبِيًّا مِّنَ ٱلصَّٰلِحِينَ ١١٢Ebile Re mo neha litaba tse molemo tsa Isaaka-Moprofeta – E mong oa ba lokileng وَبَٰرَكۡنَا عَلَيۡهِ وَعَلَىٰٓ إِسۡحَٰقَۚ وَمِن ذُرِّيَّتِهِمَا مُحۡسِنٌ وَظَالِمٌ لِّنَفۡسِهِۦ مُبِينٌ ١١٣Ra mo hlohonolofatsa ha’moho le Isaaka. Har’a tsoala ea bona ho teng ba etsang toka, ba bang ba fosetsang meea ea bona وَلَقَدۡ مَنَنَّا عَلَىٰ مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ ١١٤Hape, Ra fana ka lereko ho Moshe le Aarone وَنَجَّيۡنَٰهُمَا وَقَوۡمَهُمَا مِنَ ٱلۡكَرۡبِ ٱلۡعَظِيمِ ١١٥Le hoba pholosa le ba neng ba ena le bona Mahlomoleng a Ts’abehang وَنَصَرۡنَٰهُمۡ فَكَانُواْ هُمُ ٱلۡغَٰلِبِينَ ١١٦Ra ba thusa, hore ba tle ba hlole وَءَاتَيۡنَٰهُمَا ٱلۡكِتَٰبَ ٱلۡمُسۡتَبِينَ ١١٧Ra ba neha Lengolo le thusang ho hlakisa lintho وَهَدَيۡنَٰهُمَا ٱلصِّرَٰطَ ٱلۡمُسۡتَقِيمَ ١١٨Ra ba tataisetsa tseleng e nepahetseng وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِمَا فِي ٱلۡأٓخِرِينَ ١١٩Ra siea meqhaka ea bona ea tlholo har’a meloko ea moraorao سَلَٰمٌ عَلَىٰ مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ ١٢٠“Khotso le litumeliso li be le Moshe le Aarone!” إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ ١٢١Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng إِنَّهُمَا مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٢٢Hobane Ruri e bile makhabunyane a Rona a kholoang وَإِنَّ إِلۡيَاسَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٢٣Le Eliase ebile e mong oa ba neng ba romiloe ke Rona إِذۡ قَالَ لِقَوۡمِهِۦٓ أَلَا تَتَّقُونَ ١٢٤O ile a re ho batho ba habo: “Na le sa tla ke le ts’abe أَتَدۡعُونَ بَعۡلًا وَتَذَرُونَ أَحۡسَنَ ٱلۡخَٰلِقِينَ ١٢٥“Le bitsa ho Baal, le furalla `Mopi ea Molemo, – ٱللَّهَ رَبَّكُمۡ وَرَبَّ ءَابَآئِكُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٢٦“Allah, Mong`a lona le Motataise le Mong`a bo-ntat’a lona moholo?” فَكَذَّبُوهُ فَإِنَّهُمۡ لَمُحۡضَرُونَ ١٢٧Empaba ile ba mo latola, kahoo ruri ba tla bitsetsoa kahlolong إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ١٢٨Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah وَتَرَكۡنَا عَلَيۡهِ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ ١٢٩Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko ea moraorao سَلَٰمٌ عَلَىٰٓ إِلۡ يَاسِينَ ١٣٠“Khotso le litumeliso li be le Eliase!” إِنَّا كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡمُحۡسِنِينَ ١٣١Ruri! Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng إِنَّهُۥ مِنۡ عِبَادِنَا ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٣٢Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang وَإِنَّ لُوطًا لَّمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٣٣Le Lota e mong oa ba romeletsoeng إِذۡ نَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥٓ أَجۡمَعِينَ ١٣٤Re ile Ra mo pholosa ’moho le ba ntlo ea hae إِلَّا عَجُوزًا فِي ٱلۡغَٰبِرِينَ ١٣٥Ntle le mosali moholo ea ileng a salla har’a ba ileng ba salla morao ثُمَّ دَمَّرۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ ١٣٦Eaba Re ripitla bohle وَإِنَّكُمۡ لَتَمُرُّونَ عَلَيۡهِم مُّصۡبِحِينَ ١٣٧Ruri! Le feta pela lithako tsa bona, mehla eohle – وَبِٱلَّيۡلِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ ١٣٨Le mantsiboea; hobaneng le sa utloisise وَإِنَّ يُونُسَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٣٩Le Jonase, e ne e le e mong oa ba neng ba romiloe إِذۡ أَبَقَ إِلَى ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ ١٤٠Ha a balehela sekepeng se neng se nkile meroalo فَسَاهَمَ فَكَانَ مِنَ ٱلۡمُدۡحَضِينَ ١٤١Eaba ba akha lotho ho bona ea nang le molato, eaba o oa ahloloa فَٱلۡتَقَمَهُ ٱلۡحُوتُ وَهُوَ مُلِيمٌ ١٤٢Tlhapi e kholo ea mo koenya, o ne a entse liketso tse mpe فَلَوۡلَآ أَنَّهُۥ كَانَ مِنَ ٱلۡمُسَبِّحِينَ ١٤٣Hoja e ne e se e mong oa ba Tlotlisang Allah لَلَبِثَ فِي بَطۡنِهِۦٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ ١٤٤Ruri a ka be a lutse ka mpeng ea tlhapi eo ho fihlela Letsatsi la Tsoho ۞ فَنَبَذۡنَٰهُ بِٱلۡعَرَآءِ وَهُوَ سَقِيمٌ ١٤٥Eaba Re mo lahlela kathoko lebopong la leoatle, a kula وَأَنۢبَتۡنَا عَلَيۡهِ شَجَرَةً مِّن يَقۡطِينٍ ١٤٦Ra etsa hore sefate sa mokopu se mele ho mo koahela وَأَرۡسَلۡنَٰهُ إِلَىٰ مِاْئَةِ أَلۡفٍ أَوۡ يَزِيدُونَ ١٤٧Eaba Re mo romella har’a likete tse lekholo tsa batho kapa ho feta فَـَٔامَنُواْ فَمَتَّعۡنَٰهُمۡ إِلَىٰ حِينٍ ١٤٨Ba ile ba kholoa; kahoo Re ile Ra ba neha monyaka oa nakoana فَٱسۡتَفۡتِهِمۡ أَلِرَبِّكَ ٱلۡبَنَاتُ وَلَهُمُ ٱلۡبَنُونَ ١٤٩Ak’u ba nonye maikutlo: “Mong`a lona U na le barali feela, ha bona ba na le bara أَمۡ خَلَقۡنَا ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ إِنَٰثًا وَهُمۡ شَٰهِدُونَ ١٥٠Kapa e be Re hlotse manyeloi a basali ba le teng أَلَآ إِنَّهُم مِّنۡ إِفۡكِهِمۡ لَيَقُولُونَ ١٥١Ruri! Ke puo ea bohata ea hore وَلَدَ ٱللَّهُ وَإِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ ١٥٢“Allah U tsetse bana.” Empa ba leshano أَصۡطَفَى ٱلۡبَنَاتِ عَلَى ٱلۡبَنِينَ ١٥٣U ikhethetse barali ho ena le bara مَا لَكُمۡ كَيۡفَ تَحۡكُمُونَ ١٥٤Ke eng ka lona? Le ahlola joang أَفَلَا تَذَكَّرُونَ ١٥٥Ana le sa tla ke le amohele khalemo أَمۡ لَكُمۡ سُلۡطَٰنٌ مُّبِينٌ ١٥٦Kapa e be le na le matla a feletseng فَأۡتُواْ بِكِتَٰبِكُمۡ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ١٥٧Hlahisang Lengolo la lona haeba le buoa ‘nete وَجَعَلُواْ بَيۡنَهُۥ وَبَيۡنَ ٱلۡجِنَّةِ نَسَبًاۚ وَلَقَدۡ عَلِمَتِ ٱلۡجِنَّةُ إِنَّهُمۡ لَمُحۡضَرُونَ ١٥٨Ba qapile kamano ea mali lipakeng tsa hae le Li-Jinn, Li-Jinn tsona li tseba hantle hore li tla bokelloa kapel’a hae سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يَصِفُونَ ١٥٩Tlotlo e be ho Allah, Khahlanong le lintho tseo ba mo kopanyang le tsona إِلَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ١٦٠E seng makhabunyane a ‘nete a Allah فَإِنَّكُمۡ وَمَا تَعۡبُدُونَ ١٦١Habane, ruri, ha se lona kapa tseo le li khumamelang مَآ أَنتُمۡ عَلَيۡهِ بِفَٰتِنِينَ ١٦٢Tse ka ba hohellang tahlehong tseleng ea Allah إِلَّا مَنۡ هُوَ صَالِ ٱلۡجَحِيمِ ١٦٣Kantle le eo ebang o lokela ho ea cha Liheleng وَمَا مِنَّآ إِلَّا لَهُۥ مَقَامٌ مَّعۡلُومٌ ١٦٤“Ha ho mong le mong oa rona ea se nang boemoba hae bo tsebahalang وَإِنَّا لَنَحۡنُ ٱلصَّآفُّونَ ١٦٥“Ruri, re eme ka mekhahlelo thapelong وَإِنَّا لَنَحۡنُ ٱلۡمُسَبِّحُونَ ١٦٦“Re ba reneketsang Lithoriso tsa Allah وَإِن كَانُواْ لَيَقُولُونَ ١٦٧Ho teng ba neng ba re لَوۡ أَنَّ عِندَنَا ذِكۡرًا مِّنَ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٦٨“Hoja e be re bile le molaetsa o tsoang ho tsoa melokong ea khale لَكُنَّا عِبَادَ ٱللَّهِ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ١٦٩“Ruri! Re ka be re le makhabunyane a ‘nete a Allah.” فَكَفَرُواْ بِهِۦۖ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ ١٧٠Empa ba e latola: empa haufinyane ba tla tseba وَلَقَدۡ سَبَقَتۡ كَلِمَتُنَا لِعِبَادِنَا ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٧١Lentsoe la Rona le ile la finyella ho makhabunyane a Rona khale-khale a neng a romiloe إِنَّهُمۡ لَهُمُ ٱلۡمَنصُورُونَ ١٧٢Hore ba tla thusoa وَإِنَّ جُندَنَا لَهُمُ ٱلۡغَٰلِبُونَ ١٧٣Hore lebotho la Rona, – le tla hlola فَتَوَلَّ عَنۡهُمۡ حَتَّىٰ حِينٍ ١٧٤Ak’u ba furalle ha nakoana وَأَبۡصِرۡهُمۡ فَسَوۡفَ يُبۡصِرُونَ ١٧٥U ba shebelle; haufinyane ba tla bona أَفَبِعَذَابِنَا يَسۡتَعۡجِلُونَ ١٧٦Na ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona فَإِذَا نَزَلَ بِسَاحَتِهِمۡ فَسَآءَ صَبَاحُ ٱلۡمُنذَرِينَ ١٧٧Empa hang ha e se e atametse haufi le bona, Ruri! Se tla nyonyeha e tla ba meso ea letsatsi leo ho ba ileng ba lemosoa وَتَوَلَّ عَنۡهُمۡ حَتَّىٰ حِينٍ ١٧٨Kahoo, ak’u ba furalle ha nakoana وَأَبۡصِرۡ فَسَوۡفَ يُبۡصِرُونَ ١٧٩U ba shebelle; ba tla bona haufinyane سُبۡحَٰنَ رَبِّكَ رَبِّ ٱلۡعِزَّةِ عَمَّا يَصِفُونَ ١٨٠Tlotla e be ho Mong`a hau! Mong`a Botlotlehi le Matla, U lokolohile ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona وَسَلَٰمٌ عَلَى ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٨١Khotso e be ho barumuoa وَٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٨٢Lithoriso li be ho Allah, Mong`a le Mots’ireletsi oa Mafats’e