بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
يسٓ ١Ya sin وَٱلۡقُرۡءَانِ ٱلۡحَكِيمِ ٢Ka Qura‘n e tletseng Bohlale إِنَّكَ لَمِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ٣Ruri! U e mong oa baromuoa عَلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٤Tseleng e Topileng تَنزِيلَ ٱلۡعَزِيزِ ٱلرَّحِيمِ ٥Ke ts’enolo ke Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang لِتُنذِرَ قَوۡمًا مَّآ أُنذِرَ ءَابَآؤُهُمۡ فَهُمۡ غَٰفِلُونَ ٦Hore u tle u hlokomelise batho bao bo-ntat’a bona ba sa kang ba hlokomelisoa pele, kahoo ha ba na tsebo لَقَدۡ حَقَّ ٱلۡقَوۡلُ عَلَىٰٓ أَكۡثَرِهِمۡ فَهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ ٧Le hoja lentsoe le ile la pakahatsa ‘nete khahlano le bongata ba bona, hobane ha ba kholoe إِنَّا جَعَلۡنَا فِيٓ أَعۡنَٰقِهِمۡ أَغۡلَٰلًا فَهِيَ إِلَى ٱلۡأَذۡقَانِ فَهُم مُّقۡمَحُونَ ٨Ruri! Re kentse lijoko melaleng ea bona e khamathisitseng lilelung, hore ba ba sitoe ho hetla وَجَعَلۡنَا مِنۢ بَيۡنِ أَيۡدِيهِمۡ سَدًّا وَمِنۡ خَلۡفِهِمۡ سَدًّا فَأَغۡشَيۡنَٰهُمۡ فَهُمۡ لَا يُبۡصِرُونَ ٩Re behile ts’epe kapel’a bona le kamor’a bona, ke kamoo Re ba khurumelitseng kateng, hore ba se ke ba bona وَسَوَآءٌ عَلَيۡهِمۡ ءَأَنذَرۡتَهُمۡ أَمۡ لَمۡ تُنذِرۡهُمۡ لَا يُؤۡمِنُونَ ١٠Ho bona ho oa ts’oana ebang u oaba lemosa, kapa ha u ba lemose, ba ke ke ba kholoa إِنَّمَا تُنذِرُ مَنِ ٱتَّبَعَ ٱلذِّكۡرَ وَخَشِيَ ٱلرَّحۡمَٰنَ بِٱلۡغَيۡبِۖ فَبَشِّرۡهُ بِمَغۡفِرَةٍ وَأَجۡرٍ كَرِيمٍ ١١U ka mpa oa lemosa feela ea latelang molaetsa, ea ts’abang Ea Tletseng Lereko sephiring. U mo phetele litaba tse molemo tsa ts’oarelo le Moputso o babatsehang إِنَّا نَحۡنُ نُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَنَكۡتُبُ مَا قَدَّمُواْ وَءَاثَٰرَهُمۡۚ وَكُلَّ شَيۡءٍ أَحۡصَيۡنَٰهُ فِيٓ إِمَامٍ مُّبِينٍ ١٢Ruri! Re tla tsosa bafu. Re ngola liketso tseo ba li behileng nale esita le tseo ba li sieang morao. Lintho tsohle Re li boloka ka har’a Tlaleho e hlakileng وَٱضۡرِبۡ لَهُم مَّثَلًا أَصۡحَٰبَ ٱلۡقَرۡيَةِ إِذۡ جَآءَهَا ٱلۡمُرۡسَلُونَ ١٣Ak’u ba phetele pale: Ea Balekane ba Motse-moholo, ho ile ha tla morumuoa ho bona إِذۡ أَرۡسَلۡنَآ إِلَيۡهِمُ ٱثۡنَيۡنِ فَكَذَّبُوهُمَا فَعَزَّزۡنَا بِثَالِثٍ فَقَالُوٓاْ إِنَّآ إِلَيۡكُم مُّرۡسَلُونَ ١٤Ha Re ba romeletse ba romuoa ba babeli, ba ba latola, empa Ra ba matlafatsa ka oa boraro, ba re: “Ruri! Re romeletsoe ho lona.” قَالُواْ مَآ أَنتُمۡ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا وَمَآ أَنزَلَ ٱلرَّحۡمَٰنُ مِن شَيۡءٍ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا تَكۡذِبُونَ ١٥Eaba baahi ba re: “Le batho joaloka rona. Allah Ea Tletseng Lereko ha A es’o senole letho le joalo. Lona le mpa le le leshano.” قَالُواْ رَبُّنَا يَعۡلَمُ إِنَّآ إِلَيۡكُمۡ لَمُرۡسَلُونَ ١٦Ba re: “Ruri! Mong`a rona U oa tseba hore re romeletsoe ho lona وَمَا عَلَيۡنَآ إِلَّا ٱلۡبَلَٰغُ ٱلۡمُبِينُ ١٧“E bile ts’ebetso ea rona ke ho phatlalatsa molaetsa o hlakileng.” قَالُوٓاْ إِنَّا تَطَيَّرۡنَا بِكُمۡۖ لَئِن لَّمۡ تَنتَهُواْ لَنَرۡجُمَنَّكُمۡ وَلَيَمَسَّنَّكُم مِّنَّا عَذَابٌ أَلِيمٌ ١٨Baahi ba re: “Re bona bokamoso bo malimabe ho lona. Ruri! Ha le sa khaotse, re tla le tlepetsa ka majoe, kahlolo e nyarosang e tsoang ho rona e tla le oela.” قَالُواْ طَٰٓئِرُكُم مَّعَكُمۡ أَئِن ذُكِّرۡتُمۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ مُّسۡرِفُونَ ١٩Ba re: “Bokamoso bo nyonyehang bo ho lona! Ha le khalengoa? Che, empa le batho ba tlolang meeli eohle!” وَجَآءَ مِنۡ أَقۡصَا ٱلۡمَدِينَةِ رَجُلٌ يَسۡعَىٰ قَالَ يَٰقَوۡمِ ٱتَّبِعُواْ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ٢٠Hoa hlaha monna a matha ho tsoa qetellong ea motse. A re: “Oho batho ba heso! Utloang baromuoa ٱتَّبِعُواْ مَن لَّا يَسۡـَٔلُكُمۡ أَجۡرًا وَهُم مُّهۡتَدُونَ ٢١Utloang ba sa le batleng moputso oa letho, ba amohetseng Tataiso وَمَالِيَ لَآ أَعۡبُدُ ٱلَّذِي فَطَرَنِي وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ٢٢Ha ke bone molemo oa hore na ke hobaneng ha ke sa sebeletse Ea mpopileng, Eo le tlang ho boela ho Eena ءَأَتَّخِذُ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةً إِن يُرِدۡنِ ٱلرَّحۡمَٰنُ بِضُرٍّ لَّا تُغۡنِ عَنِّي شَفَٰعَتُهُمۡ شَيۡـًٔا وَلَا يُنقِذُونِ ٢٣“Na nka inkela melingoana kantle ho Eena?, Haeba Ea Tletseng Lereko A ka ntakaletsa kotsi efe kapa efe, ebe boemeli ba bona ha bo nthuse ka letho, kapa hona ho mpholosa إِنِّيٓ إِذًا لَّفِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٢٤Ruri! Ha nka etsa joalo, Ke tla be ke le phosong e totobetseng إِنِّيٓ ءَامَنتُ بِرَبِّكُمۡ فَٱسۡمَعُونِ ٢٥“Ke na le Tumelo ho Mong`a lona, kahoo ‘mameleng!” قِيلَ ٱدۡخُلِ ٱلۡجَنَّةَۖ قَالَ يَٰلَيۡتَ قَوۡمِي يَعۡلَمُونَ ٢٦Hoa thoe: “Kena Serapeng.” A re: “hoja batho ba heso ba ne ba tseba بِمَا غَفَرَ لِي رَبِّي وَجَعَلَنِي مِنَ ٱلۡمُكۡرَمِينَ ٢٧“Hobane Mong`a ka U ‘nehile Ts’oarelo, le kamoo A nkentseng ea hlomphehang kateng!”
۞ وَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَىٰ قَوۡمِهِۦ مِنۢ بَعۡدِهِۦ مِن جُندٍ مِّنَ ٱلسَّمَآءِ وَمَا كُنَّا مُنزِلِينَ ٢٨Ha Re’a ka Ra romella lebotho le tsoang leholimong khahlano le bona kamor’a hae, kapa hona ho fumana ho hlokahala hore Re romelle ba bang إِن كَانَتۡ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً فَإِذَا هُمۡ خَٰمِدُونَ ٢٩E bile feela ka molumo o nosi, eaba ke ho fela ha bona يَٰحَسۡرَةً عَلَى ٱلۡعِبَادِۚ مَا يَأۡتِيهِم مِّن رَّسُولٍ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٣٠Ao, masisapelo a makhabunyane! Ha ho moromuoa ofe kapa ofe ea kileng a tla ho bona, eaba ha ba mo some أَلَمۡ يَرَوۡاْ كَمۡ أَهۡلَكۡنَا قَبۡلَهُم مِّنَ ٱلۡقُرُونِ أَنَّهُمۡ إِلَيۡهِمۡ لَا يَرۡجِعُونَ ٣١Ana ha ba es’o bone kamoo Re ripitlileng Meloko e bileng teng pele ho bona, e ke keng ea boela ho bona وَإِن كُلٌّ لَّمَّا جَمِيعٌ لَّدَيۡنَا مُحۡضَرُونَ ٣٢Empa kaofela ha bona, ba tla hlaha kapel’a Rona وَءَايَةٌ لَّهُمُ ٱلۡأَرۡضُ ٱلۡمَيۡتَةُ أَحۡيَيۡنَٰهَا وَأَخۡرَجۡنَا مِنۡهَا حَبًّا فَمِنۡهُ يَأۡكُلُونَ ٣٣Sesupo sa bona ke lefats’e le shoeleng. Re le neha bophelo, Re hlahisa lijo-thollo tseo le li jang holim’a lona وَجَعَلۡنَا فِيهَا جَنَّٰتٍ مِّن نَّخِيلٍ وَأَعۡنَٰبٍ وَفَجَّرۡنَا فِيهَا مِنَ ٱلۡعُيُونِ ٣٤Re hlahisa Lirapa tsa lifate tsa lipalema, le merara esita le hona ho ts’akhunyisa liliba tse kopotsang holim’a lona لِيَأۡكُلُواْ مِن ثَمَرِهِۦ وَمَا عَمِلَتۡهُ أَيۡدِيهِمۡۚ أَفَلَا يَشۡكُرُونَ ٣٥Hore ba tle ba je litholoana tse teng holim’a lona tseo matsoho a bona a sa li etsang. Ke neng ba tlang ho fana ka liteboho سُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلۡأَزۡوَٰجَ كُلَّهَا مِمَّا تُنۢبِتُ ٱلۡأَرۡضُ وَمِنۡ أَنفُسِهِمۡ وَمِمَّا لَا يَعۡلَمُونَ ٣٦Tlotla e be ho Allah, Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli tse behoang ke lefats’e, le bona ka bo-bona le tseo ba se nang tsebo ka tsona وَءَايَةٌ لَّهُمُ ٱلَّيۡلُ نَسۡلَخُ مِنۡهُ ٱلنَّهَارَ فَإِذَا هُم مُّظۡلِمُونَ ٣٧Boisu ke sesupo ho bona; Re bo nts’a ho mots’eare, ebe ba ba har’a lefifi وَٱلشَّمۡسُ تَجۡرِي لِمُسۡتَقَرٍّ لَّهَاۚ ذَٰلِكَ تَقۡدِيرُ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡعَلِيمِ ٣٨Letsatsi le tsamaea mocheng oa lona o tsepameng ho ea malikelong. Seo ke pallo ea Ea Matla Oohle, Ea Tsebang Tsohle وَٱلۡقَمَرَ قَدَّرۡنَٰهُ مَنَازِلَ حَتَّىٰ عَادَ كَٱلۡعُرۡجُونِ ٱلۡقَدِيمِ ٣٩Le Ngoeli, – eo Re tsepamisitseng likarolo tsa eona ho fihlela e khutlile e ts’oana le lekhasi la khale le omeletsenga la sefate sa palema لَا ٱلشَّمۡسُ يَنۢبَغِي لَهَآ أَن تُدۡرِكَ ٱلۡقَمَرَ وَلَا ٱلَّيۡلُ سَابِقُ ٱلنَّهَارِۚ وَكُلٌّ فِي فَلَكٍ يَسۡبَحُونَ ٤٠Letsatsi le ke ke la seha Ngoeli tsebe kantle ho tumello, kapa bosiu ba hlaha pele ho lets’eare. E ‘ngoe le e ‘ngoe e tsamaea mocheng oa eona وَءَايَةٌ لَّهُمۡ أَنَّا حَمَلۡنَا ذُرِّيَّتَهُمۡ فِي ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ ٤١Sesupo sa bona ke hore Re ile Ra jara sechaba sa bona ka Areka وَخَلَقۡنَا لَهُم مِّن مِّثۡلِهِۦ مَا يَرۡكَبُونَ ٤٢Re hlotse se ts’oanang le seo ba neng ba se palame molemong oa bona وَإِن نَّشَأۡ نُغۡرِقۡهُمۡ فَلَا صَرِيخَ لَهُمۡ وَلَا هُمۡ يُنقَذُونَ ٤٣Hoja ebile Thato ea Rona, Re ka be Re ba qoelisitse, ba ne ba ke ke ba fumana mothusi, kapa ho pholosoa إِلَّا رَحۡمَةً مِّنَّا وَمَتَٰعًا إِلَىٰ حِينٍ ٤٤Kantle le Mohau o tsoang ho Rona, e le boithabiso ba nakoana وَإِذَا قِيلَ لَهُمُ ٱتَّقُواْ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيكُمۡ وَمَا خَلۡفَكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تُرۡحَمُونَ ٤٥Ha ba bolelloa: “Ts’abang se kapel’a lona le se kamor’a lona, hore le tle le fumane Mohau,” وَمَا تَأۡتِيهِم مِّنۡ ءَايَةٍ مِّنۡ ءَايَٰتِ رَبِّهِمۡ إِلَّا كَانُواْ عَنۡهَا مُعۡرِضِينَ ٤٦Ha ho sesupo sa Mong`a bona se kileng sa tla ho bona, eaba ha ba se koenehele وَإِذَا قِيلَ لَهُمۡ أَنفِقُواْ مِمَّا رَزَقَكُمُ ٱللَّهُ قَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَنُطۡعِمُ مَن لَّوۡ يَشَآءُ ٱللَّهُ أَطۡعَمَهُۥٓ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٤٧Ha ba bolelloa: “Fanang ka tseo Allah A le sitsitseng ka tsona,” Mahana-tumelo ba re ho ba-kholoang: “Re ka fepa batho bao Allah ha A ratile A ka beng A ba fepa? Ruri! Le phosong e totobetseng.” وَيَقُولُونَ مَتَىٰ هَٰذَا ٱلۡوَعۡدُ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٤٨Ba tsoelapele ba re: “Ke neng ts’episo eo e etlang ho phethahala haeba le buoa ‘nete?” مَا يَنظُرُونَ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً تَأۡخُذُهُمۡ وَهُمۡ يَخِصِّمُونَ ٤٩Ha ho seo ba se emetseng haese molumo o le mong, o tlang hoba nanola ba sa ntseng ba le har’a likhang فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ تَوۡصِيَةً وَلَآ إِلَىٰٓ أَهۡلِهِمۡ يَرۡجِعُونَ ٥٠Hoo ba tlang ho hloka monyetla aba mafa, kapa hona ho boela ho mehabo bona وَنُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَإِذَا هُم مِّنَ ٱلۡأَجۡدَاثِ إِلَىٰ رَبِّهِمۡ يَنسِلُونَ ٥١Terompeta e tla Letsoa, bafu ba tla tsoha mabitleng ba potlakele ho Mong`a bona قَالُواْ يَٰوَيۡلَنَا مَنۢ بَعَثَنَا مِن مَّرۡقَدِنَاۜۗ هَٰذَا مَا وَعَدَ ٱلرَّحۡمَٰنُ وَصَدَقَ ٱلۡمُرۡسَلُونَ ٥٢Ba tla re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Ke mang ea re tsositseng mealong ea rona?” Lentsoe le tla re: “Ena ke ts’episo eo Allah Ea Tletseng Lereko A neng A re ts’episitse eona le bona baporofeta ba ne ba bolela ‘nete,” إِن كَانَتۡ إِلَّا صَيۡحَةً وَٰحِدَةً فَإِذَا هُمۡ جَمِيعٌ لَّدَيۡنَا مُحۡضَرُونَ ٥٣Etla ba feela ka molumo o le mong, o tlang ho ba bokella kapel’a Rona فَٱلۡيَوۡمَ لَا تُظۡلَمُ نَفۡسٌ شَيۡـًٔا وَلَا تُجۡزَوۡنَ إِلَّا مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٥٤Letsatsing leo ha ho moea o tla qhekelloa; le tla putsoa ho latela liketso tsa lona إِنَّ أَصۡحَٰبَ ٱلۡجَنَّةِ ٱلۡيَوۡمَ فِي شُغُلٍ فَٰكِهُونَ ٥٥Ruri! Balekane ba Serapa ba tla be ba nyakaletse letsatsing leo ho tsohle tseo ba li etsang هُمۡ وَأَزۡوَٰجُهُمۡ فِي ظِلَٰلٍ عَلَى ٱلۡأَرَآئِكِ مُتَّكِـُٔونَ ٥٦Bona le balekane ba bona, ba tla ba meriting e pholileng, ba qethohile Literoneng لَهُمۡ فِيهَا فَٰكِهَةٌ وَلَهُم مَّا يَدَّعُونَ ٥٧Mefuta eohle ea litholoana e tlaba teng le tsohle tseo ba li kopang ba tla li fumana سَلَٰمٌ قَوۡلًا مِّن رَّبٍّ رَّحِيمٍ ٥٨“Khotso!” – Lentsoe le tsoang ho Mong’a rona Ea Mohau o Khaphatsehang وَٱمۡتَٰزُواْ ٱلۡيَوۡمَ أَيُّهَا ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٥٩“Oho lona ba qoetseng sebeng! Suthang kajeno ۞ أَلَمۡ أَعۡهَدۡ إِلَيۡكُمۡ يَٰبَنِيٓ ءَادَمَ أَن لَّا تَعۡبُدُواْ ٱلشَّيۡطَٰنَۖ إِنَّهُۥ لَكُمۡ عَدُوٌّ مُّبِينٌ ٦٠Lona bara ba Adama! Ha Ke’a le hlokomelisa ho se khumamele Satane –hobane Satane ke sera se pepenene ho lona? – وَأَنِ ٱعۡبُدُونِيۚ هَٰذَا صِرَٰطٌ مُّسۡتَقِيمٌ ٦١“Hore le khumamele ‘Na, eo ke eona tsela e nepahetseng وَلَقَدۡ أَضَلَّ مِنكُمۡ جِبِلًّا كَثِيرًاۖ أَفَلَمۡ تَكُونُواْ تَعۡقِلُونَ ٦٢“Empa o khelositse ba bangata ba lona. Na ha le ea utloisisa هَٰذِهِۦ جَهَنَّمُ ٱلَّتِي كُنتُمۡ تُوعَدُونَ ٦٣“Tsena ke Lihele tseo le hlokomelisitsoeng ka tsona ٱصۡلَوۡهَا ٱلۡيَوۡمَ بِمَا كُنتُمۡ تَكۡفُرُونَ ٦٤“Kajeno kenang ka hare le che hobane le ile la nyelisa khalemo.” ٱلۡيَوۡمَ نَخۡتِمُ عَلَىٰٓ أَفۡوَٰهِهِمۡ وَتُكَلِّمُنَآ أَيۡدِيهِمۡ وَتَشۡهَدُ أَرۡجُلُهُم بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ٦٥Letsatsing leo Re tla koala melomo ea bona. Empa matsoho a bona a tla buoa le Rona, maoto ona a tla paka khahlanong le tseo ba li entseng وَلَوۡ نَشَآءُ لَطَمَسۡنَا عَلَىٰٓ أَعۡيُنِهِمۡ فَٱسۡتَبَقُواْ ٱلصِّرَٰطَ فَأَنَّىٰ يُبۡصِرُونَ ٦٦Hoja ebile thato ea Rona, Ruri! Re ka be Re ile Ra foufatsa mahlo a bona, hore ba tle ba sokole tsela. Ba ne ba tla bona joang وَلَوۡ نَشَآءُ لَمَسَخۡنَٰهُمۡ عَلَىٰ مَكَانَتِهِمۡ فَمَا ٱسۡتَطَٰعُواْ مُضِيًّا وَلَا يَرۡجِعُونَ ٦٧Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra ba etsa bo- mathethebale, kapa hona ho khutla وَمَن نُّعَمِّرۡهُ نُنَكِّسۡهُ فِي ٱلۡخَلۡقِۚ أَفَلَا يَعۡقِلُونَ ٦٨Eo re mo pepileng ho fihlela lilemo tsa botsofali, re boetse re bo busetsa morao tlholehong ka ho mo hlokisa matla. Na ha le na kelello وَمَا عَلَّمۡنَٰهُ ٱلشِّعۡرَ وَمَا يَنۢبَغِي لَهُۥٓۚ إِنۡ هُوَ إِلَّا ذِكۡرٌ وَقُرۡءَانٌ مُّبِينٌ ٦٩Ha Re’a ruta moprofeta Lithoko, kapa ho na hore e be li mo loketse. Sena empa e le sehopotso, le eona Qura’n e hlakisang lintho لِّيُنذِرَ مَن كَانَ حَيًّا وَيَحِقَّ ٱلۡقَوۡلُ عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ ٧٠Hore e tle e hlokomelise mong le mong ea phelang, le hore lentsoe le tle le phethahale khahlanong le ba latolang أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّا خَلَقۡنَا لَهُم مِّمَّا عَمِلَتۡ أَيۡدِينَآ أَنۡعَٰمًا فَهُمۡ لَهَا مَٰلِكُونَ ٧١Ha ba es’o bone kamoo Re ba hloletseng makhomo kateng, e le ts’ebetso ea matsoho a Rona, hore e tle e be beng ba tsona وَذَلَّلۡنَٰهَا لَهُمۡ فَمِنۡهَا رَكُوبُهُمۡ وَمِنۡهَا يَأۡكُلُونَ ٧٢Le hona ho li beha tlas’a taolo ea bona, hore tse ling tsona ba tle ba li palame, ha tse ling e le lijo وَلَهُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ وَمَشَارِبُۚ أَفَلَا يَشۡكُرُونَ ٧٣Ba fumana kuno, le lebese ho noa. Na ba sa tla ke ba fane ka liteboho وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ ءَالِهَةً لَّعَلَّهُمۡ يُنصَرُونَ ٧٤Empa ba iketsetsa melingoana kathoko ho Allah, eo ba nahanang hore ba tla fumana thuso ho eona لَا يَسۡتَطِيعُونَ نَصۡرَهُمۡ وَهُمۡ لَهُمۡ جُندٌ مُّحۡضَرُونَ ٧٥Ha e na matla a ho ba thusa; empa batla tlisoa e le lebotho ho ea kahlolong فَلَا يَحۡزُنكَ قَوۡلُهُمۡۘ إِنَّا نَعۡلَمُ مَا يُسِرُّونَ وَمَا يُعۡلِنُونَ ٧٦Se lumelle lipuo tsa bona ho u utloisa bohloko. Ruri! Re tseba tseo ba li patang le tseo ba li phatlalatsang أَوَلَمۡ يَرَ ٱلۡإِنسَٰنُ أَنَّا خَلَقۡنَٰهُ مِن نُّطۡفَةٍ فَإِذَا هُوَ خَصِيمٌ مُّبِينٌ ٧٧Na motho ha a es’o bone hore Re mo hlotse ka lehloele la Lithere? Le hoja e le sera se totobetseng وَضَرَبَ لَنَا مَثَلًا وَنَسِيَ خَلۡقَهُۥۖ قَالَ مَن يُحۡيِ ٱلۡعِظَٰمَ وَهِيَ رَمِيمٌ ٧٨O bile o Re etsetsa papiso, o lebetse tlholeho ea hae, O re: “Ke mang ea tlang ho fa masapo aa bophelo ha a se a bolile?” قُلۡ يُحۡيِيهَا ٱلَّذِيٓ أَنشَأَهَآ أَوَّلَ مَرَّةٍۖ وَهُوَ بِكُلِّ خَلۡقٍ عَلِيمٌ ٧٩E re: “Eo a hlotseng qalong, U tla A neha bophelo, hobane ke Eena Ea tsebang ka botlalo tlholeho eohle ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُم مِّنَ ٱلشَّجَرِ ٱلۡأَخۡضَرِ نَارًا فَإِذَآ أَنتُم مِّنۡهُ تُوقِدُونَ ٨٠“Eena Ea o hlahiselitseng mollo sefateng se esong ho ome e be le okha mollo ho sona أَوَلَيۡسَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِقَٰدِرٍ عَلَىٰٓ أَن يَخۡلُقَ مِثۡلَهُمۚ بَلَىٰ وَهُوَ ٱلۡخَلَّٰقُ ٱلۡعَلِيمُ ٨١“Na ha se Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e, Ea ka khonang ho hlola a ts’oanang le ona? Ruri! Ke Eena. Hobane ke Eena `Mopi ea Tlotlehileng ho fetisisa, Ka tsebo إِنَّمَآ أَمۡرُهُۥٓ إِذَآ أَرَادَ شَيۡـًٔا أَن يَقُولَ لَهُۥ كُن فَيَكُونُ ٨٢Ruri, Ha A rera ntho, Taelo Ea Ha eke, “Eba!” E feele e be teng فَسُبۡحَٰنَ ٱلَّذِي بِيَدِهِۦ مَلَكُوتُ كُلِّ شَيۡءٍ وَإِلَيۡهِ تُرۡجَعُونَ ٨٣Kahoo, tlotla e be ho Eena Eo Liatleng tsa Hae e leng puso ea lintho tsohle! Bohle le tla busetsoa ho Eena