بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
تَبَارَكَ ٱلَّذِي نَزَّلَ ٱلۡفُرۡقَانَ عَلَىٰ عَبۡدِهِۦ لِيَكُونَ لِلۡعَٰلَمِينَ نَذِيرًا ١Ea Hlohonolofetseng ke Eena ea rometseng ho Lekhabunyane la hae ts’iea ea botle le bobe, hore e tle ebe khalemo lichabeng ٱلَّذِي لَهُۥ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَلَمۡ يَتَّخِذۡ وَلَدًا وَلَمۡ يَكُن لَّهُۥ شَرِيكٌ فِي ٱلۡمُلۡكِ وَخَلَقَ كُلَّ شَيۡءٍ فَقَدَّرَهُۥ تَقۡدِيرًا ٢Eo puso ea maholimo le’a lefats’e e leng ea Hae. Ea sa kang A ikhethela mora le eena motlatsetsi pusong ea Hae. Eena ea hlotseng lintho tsohle, A ba A li nyalanya ka tekanyo وَٱتَّخَذُواْ مِن دُونِهِۦٓ ءَالِهَةً لَّا يَخۡلُقُونَ شَيۡـًٔا وَهُمۡ يُخۡلَقُونَ وَلَا يَمۡلِكُونَ لِأَنفُسِهِمۡ ضَرًّا وَلَا نَفۡعًا وَلَا يَمۡلِكُونَ مَوۡتًا وَلَا حَيَوٰةً وَلَا نُشُورًا ٣Empa ba ikhethela ho rapela lits’oants’o ntle ho Eena tse ke keng tsa hlola letho tseo ka bo-tsona li hloliloeng, tse ke keng tsa hlahisa kotsi ho hang le ho iketsetsa molemo kapa ho hlahisa lefu kapa bophelo kapa ona matla a ho tsosa bafu وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ إِفۡكٌ ٱفۡتَرَىٰهُ وَأَعَانَهُۥ عَلَيۡهِ قَوۡمٌ ءَاخَرُونَۖ فَقَدۡ جَآءُو ظُلۡمًا وَزُورًا ٤Empa mahana-tumelo ba re: “Sena ha se letho haese leshano leo a iqapetseng lona, hona le ba mo thusitseng.” ‘Nete ke hore, ke bona ba buang mashano le lenyatso وَقَالُوٓاْ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٱكۡتَتَبَهَا فَهِيَ تُمۡلَىٰ عَلَيۡهِ بُكۡرَةً وَأَصِيلًا ٥Ba bile ba re: “Ke lit`somo tsa batho ba khale-khale tseo a li ngotseng, u li pheteloa hoseng le mantsiboea قُلۡ أَنزَلَهُ ٱلَّذِي يَعۡلَمُ ٱلسِّرَّ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّهُۥ كَانَ غَفُورًا رَّحِيمًا ٦E re: “Ea tsebang makunutu a maholimo le’a lefats’e ke Eena ea senotseng وَقَالُواْ مَالِ هَٰذَا ٱلرَّسُولِ يَأۡكُلُ ٱلطَّعَامَ وَيَمۡشِي فِي ٱلۡأَسۡوَاقِ لَوۡلَآ أُنزِلَ إِلَيۡهِ مَلَكٌ فَيَكُونَ مَعَهُۥ نَذِيرًا ٧Ba bile ba re: “Ke moromuoa oa mofuta ofe ea jang lijo le hona ho tsamaea har’a motse? Hobaneng ha ho sa romelloe lenyeloi ho eena, ho tla tla mo thusa ka tlhokomeliso أَوۡ يُلۡقَىٰٓ إِلَيۡهِ كَنزٌ أَوۡ تَكُونُ لَهُۥ جَنَّةٌ يَأۡكُلُ مِنۡهَاۚ وَقَالَ ٱلظَّٰلِمُونَ إِن تَتَّبِعُونَ إِلَّا رَجُلًا مَّسۡحُورًا ٨“Kapa hobaneng a sa abeloa letlotlo, kapa hobaneng ha a se na serapa seo a ithabisang ho sona? Ebile baetsalibe ba re: “Ha ho seo le se latelang haese motho ea louoeng.” ٱنظُرۡ كَيۡفَ ضَرَبُواْ لَكَ ٱلۡأَمۡثَٰلَ فَضَلُّواْ فَلَا يَسۡتَطِيعُونَ سَبِيلًا ٩Bona kamoo ba qapang lipapiso ka uena! Empa ba khelohile, ba ke ba fumana tataiso تَبَارَكَ ٱلَّذِيٓ إِن شَآءَ جَعَلَ لَكَ خَيۡرًا مِّن ذَٰلِكَ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ وَيَجۡعَل لَّكَ قُصُورَۢا ١٠Ea Hlohonolofetseng ke Eo haeba e ne e le Takatso ea Hae, A ka le nehang Lirapa tse machosi ho feta tseo, – tseo linoka li phallang tlasa tsona; le hona ho le neha Lipaleisi بَلۡ كَذَّبُواْ بِٱلسَّاعَةِۖ وَأَعۡتَدۡنَا لِمَن كَذَّبَ بِٱلسَّاعَةِ سَعِيرًا ١١Che, ba latola Hora ea kahlolo, Re lokisitse Lelakabe bakeng sa latolang Hora e tlang إِذَا رَأَتۡهُم مِّن مَّكَانِۭ بَعِيدٍ سَمِعُواْ لَهَا تَغَيُّظًا وَزَفِيرًا ١٢Nakong eo le ba bonelang thoko haholo le lona, ba tla utloa ho phsatlaka le hona ho harolaka ha lona وَإِذَآ أُلۡقُواْ مِنۡهَا مَكَانًا ضَيِّقًا مُّقَرَّنِينَ دَعَوۡاْ هُنَالِكَ ثُبُورًا ١٣Nakong eo ba khothomeletsoang ka har’a sebaka se mopatisane ba tlameletsoe mmoho, ba tla rapella koluoa لَّا تَدۡعُواْ ٱلۡيَوۡمَ ثُبُورًا وَٰحِدًا وَٱدۡعُواْ ثُبُورًا كَثِيرًا ١٤“Kajeno se rapelleng koluoa e le ‘ngoe, empa rapellang likoluoa tse menahantsoeng!” قُلۡ أَذَٰلِكَ خَيۡرٌ أَمۡ جَنَّةُ ٱلۡخُلۡدِ ٱلَّتِي وُعِدَ ٱلۡمُتَّقُونَۚ كَانَتۡ لَهُمۡ جَزَآءً وَمَصِيرًا ١٥E re: “Na kahlolo eo e molemo ho feta serapa sa nyakallo se ts’episitsoeng bohle ba nenang bobe? Serapa seo e tla ba moputso oa bona, e bile e le pheletsong ea leeto لَّهُمۡ فِيهَا مَا يَشَآءُونَ خَٰلِدِينَۚ كَانَ عَلَىٰ رَبِّكَ وَعۡدًا مَّسۡـُٔولًا ١٦“Batla phela ka har’a sona, ba ena le lintho tsohle tseo ba li labalabelang. Ts’episo ea Mong`a lona e ts’oanetseng ho phethahala.” وَيَوۡمَ يَحۡشُرُهُمۡ وَمَا يَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ فَيَقُولُ ءَأَنتُمۡ أَضۡلَلۡتُمۡ عِبَادِي هَٰٓؤُلَآءِ أَمۡ هُمۡ ضَلُّواْ ٱلسَّبِيلَ ١٧Ka letsatsi le leng U tla ba bokella ‘moho le lintho tsohle tseo bali khumamelang kantle ho Allah, U tla botsa: “na ke lona ba neng ba khelosa makhabunyane a Ka, kapa ke bona ka bo- bona ba ikhelositseng tseleng قَالُواْ سُبۡحَٰنَكَ مَا كَانَ يَنۢبَغِي لَنَآ أَن نَّتَّخِذَ مِن دُونِكَ مِنۡ أَوۡلِيَآءَ وَلَٰكِن مَّتَّعۡتَهُمۡ وَءَابَآءَهُمۡ حَتَّىٰ نَسُواْ ٱلذِّكۡرَ وَكَانُواْ قَوۡمَۢا بُورًا ١٨Ba tla re: “Tlotla e be ho Uena! Ho ne ho sa lokele ho rona hore re ka ikhethela mots’ireletsi kathoko ho Uena; empa ke Uena ea ba nehileng lintho tse molemo le bo-ntat’a bona ho fihlela ba lebetse Molaetsa, hobane e ne e le batho ba lahlehileng.” فَقَدۡ كَذَّبُوكُم بِمَا تَقُولُونَ فَمَا تَسۡتَطِيعُونَ صَرۡفًا وَلَا نَصۡرًاۚ وَمَن يَظۡلِم مِّنكُمۡ نُذِقۡهُ عَذَابًا كَبِيرًا ١٩Allah U tla re: “Ke kamoo ba le shanofatsang kateng ho seo le se buang, kahoo ha ho kamoo le ka qobang kahlolo, kapa ho fumana thuso kateng.” Etsoe mong le mong ea etsang liphoso har’a lona, Re tla mo latsoisa kahlolo e ts’abehang وَمَآ أَرۡسَلۡنَا قَبۡلَكَ مِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ إِلَّآ إِنَّهُمۡ لَيَأۡكُلُونَ ٱلطَّعَامَ وَيَمۡشُونَ فِي ٱلۡأَسۡوَاقِۗ وَجَعَلۡنَا بَعۡضَكُمۡ لِبَعۡضٍ فِتۡنَةً أَتَصۡبِرُونَۗ وَكَانَ رَبُّكَ بَصِيرًا ٢٠Baromuoa bao re ‘nileng Ra ba roma pele ho uena e ne e le batho ba ne ba ja lijo, ba bile ba tsamaea har’a metse. Re entse ba bang ba lona ho ba teko ho ba bang: na le sa tla ba le mamello? Hobane Allah ke Eena ea Bonang lintho tsohle
۞ وَقَالَ ٱلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ لِقَآءَنَا لَوۡلَآ أُنزِلَ عَلَيۡنَا ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ أَوۡ نَرَىٰ رَبَّنَاۗ لَقَدِ ٱسۡتَكۡبَرُواْ فِيٓ أَنفُسِهِمۡ وَعَتَوۡ عُتُوًّا كَبِيرًا ٢١Ba senang ts’abo ea ho kopano le Rona ba re: “Hobaneg ha manyeloi a sa ka a romelloa ho rona, hobaneng re sa bone Mong`a rona? Ruri! ban a le boikhomoso, boikhants’o ba bona bo boholo ka manyala يَوۡمَ يَرَوۡنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ لَا بُشۡرَىٰ يَوۡمَئِذٍ لِّلۡمُجۡرِمِينَ وَيَقُولُونَ حِجۡرًا مَّحۡجُورًا ٢٢Mohla ba bonang manyeloi, – ho ke ke ha eba le monyaka ho baetsalibe letsatsing leo; Manyeloi a tla re: “Ho na le thibella e hanetsoeng ka hoohle” وَقَدِمۡنَآ إِلَىٰ مَا عَمِلُواْ مِنۡ عَمَلٍ فَجَعَلۡنَٰهُ هَبَآءً مَّنثُورًا ٢٣Re tla shebana le liketso tseo ba li entseng, ebe Re li hasanya joaloka leroele أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِ يَوۡمَئِذٍ خَيۡرٌ مُّسۡتَقَرًّا وَأَحۡسَنُ مَقِيلًا ٢٤Balekane ba Serapa, ba tla be ba le manoning lehaeng la bona, ba nyakaletse sebakeng sa phomolo وَيَوۡمَ تَشَقَّقُ ٱلسَّمَآءُ بِٱلۡغَمَٰمِ وَنُزِّلَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ تَنزِيلًا ٢٥Letsatsing leo leholimo le maru li tla petsoha ka lehare, manyeloi a tla romelloa a theoha ka mekhahlelo ٱلۡمُلۡكُ يَوۡمَئِذٍ ٱلۡحَقُّ لِلرَّحۡمَٰنِۚ وَكَانَ يَوۡمًا عَلَى ٱلۡكَٰفِرِينَ عَسِيرًا ٢٦Puso Letsatsing leo, e tla be e le ea ‘nete le toka, e tsoang ho Ea Tletseng Mohau, e tla ba letsatsi le thata ho mahana-tumelo وَيَوۡمَ يَعَضُّ ٱلظَّالِمُ عَلَىٰ يَدَيۡهِ يَقُولُ يَٰلَيۡتَنِي ٱتَّخَذۡتُ مَعَ ٱلرَّسُولِ سَبِيلًا ٢٧Ke letsatsi leo moetsalibe a tla itoma matsoho, a re: “Oho, hoja e be ke ile ka ikhethela tsela ea hoba ‘moho le Moromuoa يَٰوَيۡلَتَىٰ لَيۡتَنِي لَمۡ أَتَّخِذۡ فُلَانًا خَلِيلًا ٢٨Ke soabile! Hoja ebe ha ke’a ka ka ikhethela e mong ho ba motsoalle لَّقَدۡ أَضَلَّنِي عَنِ ٱلذِّكۡرِ بَعۡدَ إِذۡ جَآءَنِيۗ وَكَانَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لِلۡإِنسَٰنِ خَذُولًا ٢٩O nkeketse thoko le Molaetsa kamor’a ho o finyelle ho ‘na. Satane haesale e le moeki oa motho.” وَقَالَ ٱلرَّسُولُ يَٰرَبِّ إِنَّ قَوۡمِي ٱتَّخَذُواْ هَٰذَا ٱلۡقُرۡءَانَ مَهۡجُورًا ٣٠Ke moo moromuoa a tla re: “Oho Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba nkile Qura’n ena e se na thuso.” وَكَذَٰلِكَ جَعَلۡنَا لِكُلِّ نَبِيٍّ عَدُوًّا مِّنَ ٱلۡمُجۡرِمِينَۗ وَكَفَىٰ بِرَبِّكَ هَادِيًا وَنَصِيرًا ٣١Leha ho le joalo, re hlophisitse moporofeta e mong le e mong ele sera ho baetsalibe; empa Allah U lekane ho tataisa le ho thusa وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡلَا نُزِّلَ عَلَيۡهِ ٱلۡقُرۡءَانُ جُمۡلَةً وَٰحِدَةًۚ كَذَٰلِكَ لِنُثَبِّتَ بِهِۦ فُؤَادَكَۖ وَرَتَّلۡنَٰهُ تَرۡتِيلًا ٣٢Ba latolang Tumelo ba re: “Hobaneng ha ho sa ka ha senoloa Qura’n ka nako e le ngoe ho eena? Ke kamoo e senotsoeng kateng e le hore Re tle Re tiise pelo ea hau ka eona; ebile Re e hlophisitse ka tatellano e nepahetseng وَلَا يَأۡتُونَكَ بِمَثَلٍ إِلَّا جِئۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ وَأَحۡسَنَ تَفۡسِيرًا ٣٣Ha ho potso eo ba e tlisang ho uena, empa Rona Re u tlisetsa ‘nete le tlhaloso e chabileng ٱلَّذِينَ يُحۡشَرُونَ عَلَىٰ وُجُوهِهِمۡ إِلَىٰ جَهَنَّمَ أُوْلَٰٓئِكَ شَرٌّ مَّكَانًا وَأَضَلُّ سَبِيلًا ٣٤Ba tla khobokangoang Liheleng ka lifahleho tsa bona: Ba tla ba maqakabetsing a ts’abehang, ba thoko-thoko le tsela e nepahetseng وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ وَجَعَلۡنَا مَعَهُۥٓ أَخَاهُ هَٰرُونَ وَزِيرًا ٣٥Re ile ra romella Moshe Lengolo esita le ho mo matahanya ‘moho le ngoana’bo Aarone ho ba Lehlahana la hae فَقُلۡنَا ٱذۡهَبَآ إِلَى ٱلۡقَوۡمِ ٱلَّذِينَ كَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا فَدَمَّرۡنَٰهُمۡ تَدۡمِيرًا ٣٦Ra fana ka taelo: “Tsamaeang mmoho le e sechabeng se latotseng Lits’enolo tsa Rona.” Sona sechaba seo Re ile Ra se ripitla larita وَقَوۡمَ نُوحٍ لَّمَّا كَذَّبُواْ ٱلرُّسُلَ أَغۡرَقۡنَٰهُمۡ وَجَعَلۡنَٰهُمۡ لِلنَّاسِ ءَايَةًۖ وَأَعۡتَدۡنَا لِلظَّٰلِمِينَ عَذَابًا أَلِيمًا ٣٧Le batho ba habo Nooe, – ha ba ne ba latola baromuoa, Re ile Ra ba khamisa ka metsi, eaba Re ba etsa sesupo ho batho. Re hlophisitse timelo e mahlonoko malebana le baetsalibe وَعَادًا وَثَمُودَاْ وَأَصۡحَٰبَ ٱلرَّسِّ وَقُرُونَۢا بَيۡنَ ذَٰلِكَ كَثِيرًا ٣٨Ka ho ts’oana le meloko ea Ba-Aad le Ba-Thamud, le balekane ba Rass, esita le meloko e mengata lipakeng tsa bona وَكُلًّا ضَرَبۡنَا لَهُ ٱلۡأَمۡثَٰلَۖ وَكُلًّا تَبَّرۡنَا تَتۡبِيرًا ٣٩Moloko ka mong oa bona Re ile Ra romela ka mehlala le lipapiso, moloko ka mong Re ileng Ra o ripitla ea eba lesupi وَلَقَدۡ أَتَوۡاْ عَلَى ٱلۡقَرۡيَةِ ٱلَّتِيٓ أُمۡطِرَتۡ مَطَرَ ٱلسَّوۡءِۚ أَفَلَمۡ يَكُونُواْ يَرَوۡنَهَاۚ بَلۡ كَانُواْ لَا يَرۡجُونَ نُشُورًا ٤٠Mahana-tumeloba fetile haufi le motse o neng o netsoe ke pula ea tlokotsi. Na e be ha ba ka ba e elelloa? Empa ha ba ts’abe Letsatsi la Tsoho وَإِذَا رَأَوۡكَ إِن يَتَّخِذُونَكَ إِلَّا هُزُوًا أَهَٰذَا ٱلَّذِي بَعَثَ ٱللَّهُ رَسُولًا ٤١Ha ba u bona ba u etsa sesomo: “Na ke eena eo Allah A mo romileng e le moporofeta?” إِن كَادَ لَيُضِلُّنَا عَنۡ ءَالِهَتِنَا لَوۡلَآ أَن صَبَرۡنَا عَلَيۡهَاۚ وَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ حِينَ يَرَوۡنَ ٱلۡعَذَابَ مَنۡ أَضَلُّ سَبِيلًا ٤٢“Ruri! A ka be A re kheloselitse hole le melingoana ea rona hoja ra se ke ra kakatlela ka tieo ho eona.” Ke hona ba tla tseba mohla ba bonang timelo, hore na ke mang ea khelohetseng thoko haholo le tsela أَرَءَيۡتَ مَنِ ٱتَّخَذَ إِلَٰهَهُۥ هَوَىٰهُ أَفَأَنتَ تَكُونُ عَلَيۡهِ وَكِيلًا ٤٣Na u kile oa bona motho ea ikhethelang molingoana oa hae ho latela litakatso tsa hae? Na u ka ba molebeli oa hae أَمۡ تَحۡسَبُ أَنَّ أَكۡثَرَهُمۡ يَسۡمَعُونَ أَوۡ يَعۡقِلُونَۚ إِنۡ هُمۡ إِلَّا كَٱلۡأَنۡعَٰمِ بَلۡ هُمۡ أَضَلُّ سَبِيلًا ٤٤Kapa e be u nahana hore boholo ba bona bo oa utloa kapa ho utloisisa? Ba ts’oana le likhomo –Che, ba khelohetse thoko- thoko le tsela أَلَمۡ تَرَ إِلَىٰ رَبِّكَ كَيۡفَ مَدَّ ٱلظِّلَّ وَلَوۡ شَآءَ لَجَعَلَهُۥ سَاكِنًا ثُمَّ جَعَلۡنَا ٱلشَّمۡسَ عَلَيۡهِ دَلِيلًا ٤٥Ha u eso lellaletse mahlo a hau ho Mong’a hau, Kamoo A lelefatsang Moriti kateng – – hoja e be e bile thato ea Hae A ka be A le lesitse hona moo –empa, ke moo Re entse hore letsatsi e be moqhobi oa oona ثُمَّ قَبَضۡنَٰهُ إِلَيۡنَا قَبۡضًا يَسِيرًا ٤٦Joale, ebe Re o hulela ho Rona, – ka mokhoa o sa potlakang وَهُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ لِبَاسًا وَٱلنَّوۡمَ سُبَاتًا وَجَعَلَ ٱلنَّهَارَ نُشُورًا ٤٧Ke Eena ea entseng Bosiu ho ba Sekhurumetso sa lona, Boroko e be Phomolo le Lets’eare e be Tsoho ea lona وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَرۡسَلَ ٱلرِّيَٰحَ بُشۡرَۢا بَيۡنَ يَدَيۡ رَحۡمَتِهِۦۚ وَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً طَهُورًا ٤٨Ebile ke Eena ea romellang liphefo e le phatlalatso ea litaba tse molemo tsa Mohau oa Hae, ke Rona ba romellang lipula tse theohang marung لِّنُحۡـِۧيَ بِهِۦ بَلۡدَةً مَّيۡتًا وَنُسۡقِيَهُۥ مِمَّا خَلَقۡنَآ أَنۡعَٰمًا وَأَنَاسِيَّ كَثِيرًا ٤٩Hore ka eona Re tle Re fane ka bophelo ho naha e neng e omeletse esita le ho batho le ho fa liphoofolo tsohle metsi ao Re li hlotseng ka ona وَلَقَدۡ صَرَّفۡنَٰهُ بَيۡنَهُمۡ لِيَذَّكَّرُواْ فَأَبَىٰٓ أَكۡثَرُ ٱلنَّاسِ إِلَّا كُفُورًا ٥٠Re abile metsi ka tekanyo har’a bona, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Rona, empa batho ba bangata ha ba tsotelle ka ho hloka teboho وَلَوۡ شِئۡنَا لَبَعَثۡنَا فِي كُلِّ قَرۡيَةٍ نَّذِيرًا ٥١Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra romela mohlokomelisi motseng o mong le o mong فَلَا تُطِعِ ٱلۡكَٰفِرِينَ وَجَٰهِدۡهُم بِهِۦ جِهَادًا كَبِيرًا ٥٢Kahoo le se mamelemahan-atumelo, empa le tsitlalle khahlanong le bona ka molaetsa ona ka matla a maholo ۞ وَهُوَ ٱلَّذِي مَرَجَ ٱلۡبَحۡرَيۡنِ هَٰذَا عَذۡبٌ فُرَاتٌ وَهَٰذَا مِلۡحٌ أُجَاجٌ وَجَعَلَ بَيۡنَهُمَا بَرۡزَخًا وَحِجۡرًا مَّحۡجُورًا ٥٣Ke Eena ea faneng ka boipuso ho maoatle a mabeli; le leng le lumellana le litatso tsohle, le monate, ha le leng le le bohla, le baba; o bile o sehile moeli esita le moeli o hanetsoeng lipakeng tsa oona وَهُوَ ٱلَّذِي خَلَقَ مِنَ ٱلۡمَآءِ بَشَرًا فَجَعَلَهُۥ نَسَبًا وَصِهۡرًاۗ وَكَانَ رَبُّكَ قَدِيرًا ٥٤Ke Eena ea hlotseng motho ka metsi, le ho phethahatsa tsoalano ea hae ka mali esita le kamano ka lenyalo; hobane Mong`a hau U matla holima tsohle وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَنفَعُهُمۡ وَلَا يَضُرُّهُمۡۗ وَكَانَ ٱلۡكَافِرُ عَلَىٰ رَبِّهِۦ ظَهِيرًا ٥٥Le hoja ba khumamela tse ke keng tsa ba atlehisa le ho ba hlahisetsa kotsi ea letho kathoko ho Allah. Ruri! Ea latolang tumelo haesale a thusa sebe khahlanong le Mong`a hae وَمَآ أَرۡسَلۡنَٰكَ إِلَّا مُبَشِّرًا وَنَذِيرًا ٥٦Ha ho seo Re u rometseng ka sona haese feela ho fana ka litaba tse molemo, le hona ho ba mohlokomelisi قُلۡ مَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍ إِلَّا مَن شَآءَ أَن يَتَّخِذَ إِلَىٰ رَبِّهِۦ سَبِيلًا ٥٧E re: “Ha ho moputso oo `na ke le kopang ona malebane le sena, mang kapa mang ea nang le tabatabelo a ka ikhethela tsela ea Mong`a hae.” وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱلۡحَيِّ ٱلَّذِي لَا يَمُوتُ وَسَبِّحۡ بِحَمۡدِهِۦۚ وَكَفَىٰ بِهِۦ بِذُنُوبِ عِبَادِهِۦ خَبِيرًا ٥٨Le be le behe ts’epo ea lona ho ea phelang, ea sa shoeng, le hona ho phetaka lithoriso tsa Hae. Etsoe U lekane, joaloka ha ele motsebi oa libe tsa makhabunyane a Hae ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ ثُمَّ ٱسۡتَوَىٰ عَلَى ٱلۡعَرۡشِۖ ٱلرَّحۡمَٰنُ فَسۡـَٔلۡ بِهِۦ خَبِيرًا ٥٩Ea hlotseng maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng, U hlomamisitsoe ka tieo Terone Ea Hae. Ea tletseng lereko! Le ka botsa mong le mong ea nang le tsebo malebana le Eena وَإِذَا قِيلَ لَهُمُ ٱسۡجُدُواْۤ لِلرَّحۡمَٰنِ قَالُواْ وَمَا ٱلرَّحۡمَٰنُ أَنَسۡجُدُ لِمَا تَأۡمُرُنَا وَزَادَهُمۡ نُفُورًا ۩ ٦٠Ha ho thoe ho bona: “Ithapalatseng kapel’a Ea Tletseng Lereko!” Ba re: “Ke mang ea Tletseng Lereko? Na re ka ithapalatsa kapel’a eng kapa eng eo u re laelang eona?” Seo se eketsa lehloeo ho bona تَبَارَكَ ٱلَّذِي جَعَلَ فِي ٱلسَّمَآءِ بُرُوجًا وَجَعَلَ فِيهَا سِرَٰجًا وَقَمَرًا مُّنِيرًا ٦١Thlohonolofalo e be ho Eena Ea hlomamisitseng linaleli tse pharaletseng leholimong, A ba A hlomamisa letsatsi le khoeli e fanang ka khanya ho lona وَهُوَ ٱلَّذِي جَعَلَ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ خِلۡفَةً لِّمَنۡ أَرَادَ أَن يَذَّكَّرَ أَوۡ أَرَادَ شُكُورًا ٦٢Ke Eena Ea tsepamisitseng bosiu le mots’eare ka tatellano, molemong oa ba nang le tabatabelo ea ho hopola le hona ho fana ka liteboho وَعِبَادُ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلَّذِينَ يَمۡشُونَ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ هَوۡنًا وَإِذَا خَاطَبَهُمُ ٱلۡجَٰهِلُونَ قَالُواْ سَلَٰمًا ٦٣Makhabunyane a nang le tumelo a Ea Tletseng Lereko, ke a tsamaeang lefats’eng ka hloko, ao e reng ba hlokang tsebo ha ba ba lumelisa, eba ba re: “Khotso;” وَٱلَّذِينَ يَبِيتُونَ لِرَبِّهِمۡ سُجَّدًا وَقِيَٰمًا ٦٤Ba bileng ba sesang bosiu ba le kapel’a Mong`a bona, ba ithapalatsa le hona ho ema وَٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَا ٱصۡرِفۡ عَنَّا عَذَابَ جَهَنَّمَۖ إِنَّ عَذَابَهَا كَانَ غَرَامًا ٦٥Ba reng: “Mong`a rona! Re qobise kahlolo ea Liheleng; hobane Kahlolo ea teng ke e mahlonoko إِنَّهَا سَآءَتۡ مُسۡتَقَرًّا وَمُقَامًا ٦٦Ruri! Ke lehae le bolileng le sona sebaka se fosahetseng ho phomola teng;” وَٱلَّذِينَ إِذَآ أَنفَقُواْ لَمۡ يُسۡرِفُواْ وَلَمۡ يَقۡتُرُواْ وَكَانَ بَيۡنَ ذَٰلِكَ قَوَامًا ٦٧Bao e reng ha ba senyeheloa, ebe ha ba etse ts’enyo kapa hona ho ba le khonono; empa ba tsepame ‘nqa e le ngoe lipakeng tsa bobeli bona وَٱلَّذِينَ لَا يَدۡعُونَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ وَلَا يَقۡتُلُونَ ٱلنَّفۡسَ ٱلَّتِي حَرَّمَ ٱللَّهُ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَلَا يَزۡنُونَۚ وَمَن يَفۡعَلۡ ذَٰلِكَ يَلۡقَ أَثَامًا ٦٨Ba bileng ba sa khumameleng mong le mong ntle ho Allah, kapa hona ho bolaea bophelo boo Allah a sa fanang ka tumello e joalo haese ha feela eba ho phethahatsoa toka, ba bileng ba sa etse bohlola – mong le mong ea etsang sena o tla jara boikarabello يُضَٰعَفۡ لَهُ ٱلۡعَذَابُ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَيَخۡلُدۡ فِيهِۦ مُهَانًا ٦٩Kahlolo ea hae e tla menahangoa habeli mohla Letsatsi la Kahlolo, o tla loeba-loeba kamoo a le mahlomoleng ho isa kahosafeleng إِلَّا مَن تَابَ وَءَامَنَ وَعَمِلَ عَمَلًا صَٰلِحًا فَأُوْلَٰٓئِكَ يُبَدِّلُ ٱللَّهُ سَيِّـَٔاتِهِمۡ حَسَنَٰتٍۗ وَكَانَ ٱللَّهُ غَفُورًا رَّحِيمًا ٧٠Ntle le a tla sokoloha le ho kholoa, a etsa liketso tse hloekileng; Allah U tla fetola liketso tsa bona tse fosahetseng ka tse lokileng. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau وَمَن تَابَ وَعَمِلَ صَٰلِحًا فَإِنَّهُۥ يَتُوبُ إِلَى ٱللَّهِ مَتَابًا ٧١Mong le mong ea sokolohang, a etsa liketso tse lokileng, O sokolohela ho Allah ka ts’okoloho ea ‘nete – – وَٱلَّذِينَ لَا يَشۡهَدُونَ ٱلزُّورَ وَإِذَا مَرُّواْ بِٱللَّغۡوِ مَرُّواْ كِرَامًا ٧٢Ba bile ba sa tl’o pakela leshano, empa nakong eo ba fetang haufi le lintho tse nyongts’ang, ba feta ka tlhompho eohle وَٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِّرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ لَمۡ يَخِرُّواْ عَلَيۡهَا صُمًّا وَعُمۡيَانًا ٧٣Bao e reng ha ba pheteloa lits’enolo tsa Mong`a bona, ebe ha ebe litholo le tsona lifofu ke seo وَٱلَّذِينَ يَقُولُونَ رَبَّنَا هَبۡ لَنَا مِنۡ أَزۡوَٰجِنَا وَذُرِّيَّٰتِنَا قُرَّةَ أَعۡيُنٍ وَٱجۡعَلۡنَا لِلۡمُتَّقِينَ إِمَامًا ٧٤Ba bileng ba reng: “Mong`a rona! ak’u re nehe basali le tsoala e amohelehang ho rona, U be U re etse sitse ka mohau ho eta pele ba nenang bobe.” أُوْلَٰٓئِكَ يُجۡزَوۡنَ ٱلۡغُرۡفَةَ بِمَا صَبَرُواْ وَيُلَقَّوۡنَ فِيهَا تَحِيَّةً وَسَلَٰمًا ٧٥Bao ba tla putsoa ka sebaka se phahameng leholimong ka lebaka la mamello ea bona, ba tla kopana le kamohelo e mofuthu le mantsoe a khotso خَٰلِدِينَ فِيهَاۚ حَسُنَتۡ مُسۡتَقَرًّا وَمُقَامًا ٧٦Ba tla phela kamoo kahosafeleng. Lehae la monyaka le sona sebaka sa phomolo e machosi قُلۡ مَا يَعۡبَؤُاْ بِكُمۡ رَبِّي لَوۡلَا دُعَآؤُكُمۡۖ فَقَدۡ كَذَّبۡتُمۡ فَسَوۡفَ يَكُونُ لِزَامَۢا ٧٧E re ho ba latolang tumelo: “Mong`a ka ha A khathatseha ka lebaka la lona, ha le sa bitse ho Eena: Empa le latotse e le ka ‘nete, haufinyane kotlo e tla le oela holimo. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao