ملة الإسلام

السورة 26 · 227 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الشعراء باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الشعراء (1,209 قارئاً)
مكيةسورة الشعراء٢٢٧ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

طسٓمٓ ١Ta. Sin. Mim تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ ٱلۡمُبِينِ ٢Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo tse totobatsang لَعَلَّكَ بَٰخِعٌ نَّفۡسَكَ أَلَّا يَكُونُواْ مُؤۡمِنِينَ ٣Kamohlomong u tla ituba moeeng ka ho utloa bohloko, hobane ba sa kholoe إِن نَّشَأۡ نُنَزِّلۡ عَلَيۡهِم مِّنَ ٱلسَّمَآءِ ءَايَةً فَظَلَّتۡ أَعۡنَٰقُهُمۡ لَهَا خَٰضِعِينَ ٤Hoja ebe ke Thato Ea Rona, Re ka be Re romela sesupo ho bona se tsoang marung, hore ba tle ba lule ba kebisitse melala ka boikokobetso وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن ذِكۡرٍ مِّنَ ٱلرَّحۡمَٰنِ مُحۡدَثٍ إِلَّا كَانُواْ عَنۡهُ مُعۡرِضِينَ ٥Ka linako tsohle ha sehopotso se etla ho bona se secha se tsoang ho Ea Tletseng Lereko, ba ea furalla فَقَدۡ كَذَّبُواْ فَسَيَأۡتِيهِمۡ أَنۢبَٰٓؤُاْ مَا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٦Ba latola molaetsa; empa haufi ba tla tseba `nete ea seo ba ‘nileng ba se soma أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ إِلَى ٱلۡأَرۡضِ كَمۡ أَنۢبَتۡنَا فِيهَا مِن كُلِّ زَوۡجٍ كَرِيمٍ ٧Na ha ba es’o bone lefats’e, – hore ke mefuta e molemo ea lintho tseo Re li melisang teng إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ٨Ruri! Kahar’a sena ke sesupo; le hoja bongata ba bona bo sa lumele وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ٩Etsoe Ruri! Mong`a hau U Matla Oohle, Mohau oa Hae o’a Khaphatseha وَإِذۡ نَادَىٰ رَبُّكَ مُوسَىٰٓ أَنِ ٱئۡتِ ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ ١٠Mong`a hau U ile A bitsa Moshe: “Tsamaea o ee ho batho ba etsang liphoso قَوۡمَ فِرۡعَوۡنَۚ أَلَا يَتَّقُونَ ١١“Batho ba Faro. Na ba tla ts’aba Allah?” قَالَ رَبِّ إِنِّيٓ أَخَافُ أَن يُكَذِّبُونِ ١٢A re: “Mong`a ka! Ke t`saba hore ba tloha ba mphara ka leshano وَيَضِيقُ صَدۡرِي وَلَا يَنطَلِقُ لِسَانِي فَأَرۡسِلۡ إِلَىٰ هَٰرُونَ ١٣“Sefuba sa ka se tla petatsana. Puo ea ka e se hlake, kahoo nthome le Aarone وَلَهُمۡ عَلَيَّ ذَنۢبٌ فَأَخَافُ أَن يَقۡتُلُونِ ١٤“Ba bile ba na le qoso ea tlolo ea molao khahlano le ‘na, ka hona ke t`saba hore ba se tlohe ba mpolaea.” قَالَ كـَلَّاۖ فَٱذۡهَبَا بِـَٔايَٰتِنَآۖ إِنَّا مَعَكُم مُّسۡتَمِعُونَ ١٥Allah A re: “Leletho, Tsoelang pele, bobeli ba lona ka lits’upiso tsa Rona. Ruri! Re tlabale lona, le hona ho le mamela فَأۡتِيَا فِرۡعَوۡنَ فَقُولَآ إِنَّا رَسُولُ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٦“Joale, tsamaeang ‘moho le ee ho Faro, le re: “Re rometsoe ke ‘Maballi le Mong`a mafats’e ho uena أَنۡ أَرۡسِلۡ مَعَنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ١٧“Lokolla bana ba Israele ho tsamaea le rona.” قَالَ أَلَمۡ نُرَبِّكَ فِينَا وَلِيدًا وَلَبِثۡتَ فِينَا مِنۡ عُمُرِكَ سِنِينَ ١٨Faro a re: “Na ha re’a u holisa o le ngoana har’a rona? Oa lula lilemo tse ngata le rona bophelong ba hau وَفَعَلۡتَ فَعۡلَتَكَ ٱلَّتِي فَعَلۡتَ وَأَنتَ مِنَ ٱلۡكَٰفِرِينَ ١٩“Eaba o etsa ketso eo u kileng oa e etsa, eo u e tsebang, oa ba e mong oa ba hlokang teboho!” قَالَ فَعَلۡتُهَآ إِذًا وَأَنَا۠ مِنَ ٱلضَّآلِّينَ ٢٠Moshe a re: “Ke entse, nakong eo ke neng ke le ka har’a ba khelohileng فَفَرَرۡتُ مِنكُمۡ لَمَّا خِفۡتُكُمۡ فَوَهَبَ لِي رَبِّي حُكۡمًا وَجَعَلَنِي مِنَ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ٢١“Ka lebaka la ho le t`saba ka baleha, Empa Mong`a ka U ile a nts’usumetsa ka taelo esita le hona ho nkhetha ke le e mong oa baromuoa ba Hae وَتِلۡكَ نِعۡمَةٌ تَمُنُّهَا عَلَيَّ أَنۡ عَبَّدتَّ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٢٢“Joale, sena ke ke tsela eo u mputsang ka eona, u nts’eolla ka hore: ke entse bana ba Israele makhoba.” قَالَ فِرۡعَوۡنُ وَمَا رَبُّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٢٣Faro a re: “Joale, ke eng ‘Maballi le Mong`a mafats’e?” قَالَ رَبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ وَمَا بَيۡنَهُمَآۖ إِن كُنتُم مُّوقِنِينَ ٢٤Moshe a re: “Mong`a maholimo le lefats’e le lintho tsohle tse teng lipakeng tsa ona, – haeba u batla ho rua tsebo.” قَالَ لِمَنۡ حَوۡلَهُۥٓ أَلَا تَسۡتَمِعُونَ ٢٥Eaba faro o re ho ba neng ba mo pota-potile: “Na le’a utloa?” قَالَ رَبُّكُمۡ وَرَبُّ ءَابَآئِكُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٢٦Moshe a re: “Mong`a lona le bo-ntat’a lona ho tloha ts’imolohong.” قَالَ إِنَّ رَسُولَكُمُ ٱلَّذِيٓ أُرۡسِلَ إِلَيۡكُمۡ لَمَجۡنُونٌ ٢٧Faro a re: “Ruri! Moromuoa enoa ea romeletsoeng ho lona e feela e le lehlanya!” قَالَ رَبُّ ٱلۡمَشۡرِقِ وَٱلۡمَغۡرِبِ وَمَا بَيۡنَهُمَآۖ إِن كُنتُمۡ تَعۡقِلُونَ ٢٨Moshe a re: “Mong`a bochabela le bophirima le tsohle tse lipakeng tsa tsona, ha feela ebale na le kutloisiso.” قَالَ لَئِنِ ٱتَّخَذۡتَ إِلَٰهًا غَيۡرِي لَأَجۡعَلَنَّكَ مِنَ ٱلۡمَسۡجُونِينَ ٢٩Faro a re: “Ha feela eba u ka ikhethela molimo e mong ntle ho ‘na, Ruri! Ke tla u koala chankaneng.” قَالَ أَوَلَوۡ جِئۡتُكَ بِشَيۡءٍ مُّبِينٍ ٣٠Moshe a re: “Le hoja ke u bonts’a se seng se hlakileng?” قَالَ فَأۡتِ بِهِۦٓ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ ٣١Faro a re: “Se bonts’e, haeba u e mong oa ba nang le ‘nete!” فَأَلۡقَىٰ عَصَاهُ فَإِذَا هِيَ ثُعۡبَانٌ مُّبِينٌ ٣٢Eaba Moshe o akhela lere la hae fats’e, la fetoha noha وَنَزَعَ يَدَهُۥ فَإِذَا هِيَ بَيۡضَآءُ لِلنَّٰظِرِينَ ٣٣A pholla lehlakore ka letsoho la hae, eaba le hlaha le le lesoeu ho babohi قَالَ لِلۡمَلَإِ حَوۡلَهُۥٓ إِنَّ هَٰذَا لَسَٰحِرٌ عَلِيمٌ ٣٤Faro a sebela Mahlahana a hae, a re: “Ruri! Enoa ke moloi oa sebele يُرِيدُ أَن يُخۡرِجَكُم مِّنۡ أَرۡضِكُم بِسِحۡرِهِۦ فَمَاذَا تَأۡمُرُونَ ٣٥“Morero oa hae ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ena ea hae. Joale, ke eng seo le ka nkeletsang ka sona?” قَالُوٓاْ أَرۡجِهۡ وَأَخَاهُ وَٱبۡعَثۡ فِي ٱلۡمَدَآئِنِ حَٰشِرِينَ ٣٦Ba re: “Ak’u ba boloke hanyane ka bobeli ba bona, joale e be u romella maqosa metseng يَأۡتُوكَ بِكُلِّ سَحَّارٍ عَلِيمٍ ٣٧“Ba u tlisetse litsibi tsohle tsa boloi.” فَجُمِعَ ٱلسَّحَرَةُ لِمِيقَٰتِ يَوۡمٍ مَّعۡلُومٍ ٣٨Baloi bohle ba bokelloa hammoho ka nako e boletsoeng mohla letsatsi le neng le khethiloe وَقِيلَ لِلنَّاسِ هَلۡ أَنتُم مُّجۡتَمِعُونَ ٣٩Eaba ho thoe ho sechaba: “Na le se le khobokane hammoho?” لَعَلَّنَا نَتَّبِعُ ٱلسَّحَرَةَ إِن كَانُواْ هُمُ ٱلۡغَٰلِبِينَ ٤٠“Hore re tle re latele baloi haeba ba ka ikhapela tlholo?” فَلَمَّا جَآءَ ٱلسَّحَرَةُ قَالُواْ لِفِرۡعَوۡنَ أَئِنَّ لَنَا لَأَجۡرًا إِن كُنَّا نَحۡنُ ٱلۡغَٰلِبِينَ ٤١Eitse hoba baloi ba fihle ho faro, ba re ho eena: “Na ka ‘nete re tla fumana moputso haeba re fumana tlholo?” قَالَ نَعَمۡ وَإِنَّكُمۡ إِذًا لَّمِنَ ٱلۡمُقَرَّبِينَ ٤٢A re: “E ho joalo, e bile ka ‘nete le tla ba har’a ba atametseng haufi le ‘na.” قَالَ لَهُم مُّوسَىٰٓ أَلۡقُواْ مَآ أَنتُم مُّلۡقُونَ ٤٣Moshe a re ho bona: “Akhang lithebere tsa lona!” فَأَلۡقَوۡاْ حِبَالَهُمۡ وَعِصِيَّهُمۡ وَقَالُواْ بِعِزَّةِ فِرۡعَوۡنَ إِنَّا لَنَحۡنُ ٱلۡغَٰلِبُونَ ٤٤Eaba ba akha liketane le lithebere tsa bona, ba re: “Ruri! Ka matla a Faro, re tla ikhapela tlholo.” فَأَلۡقَىٰ مُوسَىٰ عَصَاهُ فَإِذَا هِيَ تَلۡقَفُ مَا يَأۡفِكُونَ ٤٥Moshe a akhela lere la hae fats’e, eaba le fetoha noha le koenya lintho tsohle tseo ba neng bali akhile ka ponts’o ea bohata فَأُلۡقِيَ ٱلسَّحَرَةُ سَٰجِدِينَ ٤٦Eaba baloi ba oela fats’e ba ithapalatsa قَالُوٓاْ ءَامَنَّا بِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٤٧Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Mafats’e رَبِّ مُوسَىٰ وَهَٰرُونَ ٤٨“Mong`a Moshe le Aarone.” قَالَ ءَامَنتُمۡ لَهُۥ قَبۡلَ أَنۡ ءَاذَنَ لَكُمۡۖ إِنَّهُۥ لَكَبِيرُكُمُ ٱلَّذِي عَلَّمَكُمُ ٱلسِّحۡرَ فَلَسَوۡفَ تَعۡلَمُونَۚ لَأُقَطِّعَنَّ أَيۡدِيَكُمۡ وَأَرۡجُلَكُم مِّنۡ خِلَٰفٍ وَلَأُصَلِّبَنَّكُمۡ أَجۡمَعِينَ ٤٩Faro a re: “Le kholoa ho Eena joang ke’a s’o le nehe tumello. Ntle le khoao ke nkhekhe ea lona e le rutileng boloi! Empa ka ‘nete le tla tseba قَالُواْ لَا ضَيۡرَۖ إِنَّآ إِلَىٰ رَبِّنَا مُنقَلِبُونَ ٥٠Ruri! Ke tla poma matsoho le maoto a lona mots’ekalle, e be ke’a le thakhisa kaofela ha lona.” إِنَّا نَطۡمَعُ أَن يَغۡفِرَ لَنَا رَبُّنَا خَطَٰيَٰنَآ أَن كُنَّآ أَوَّلَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٥١Ba re: “Ha ho se ka re utloisang bohloko, hobane re tla boela ho Mong`a rona ۞ وَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنۡ أَسۡرِ بِعِبَادِيٓ إِنَّكُم مُّتَّبَعُونَ ٥٢Takatso ea rona ke feela hore Mong`a rona o tla re ts’oarela libe tsa rona, hobane ke rona ba pele ba amohelang tumelo.” فَأَرۡسَلَ فِرۡعَوۡنُ فِي ٱلۡمَدَآئِنِ حَٰشِرِينَ ٥٣Eaba Re susumetsa Moshe: “Tsamaeang le makhabunyane A ka bosiu bohle, hobane le tla tla le setsoe morao.” إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ لَشِرۡذِمَةٌ قَلِيلُونَ ٥٤Kemoo Faro a ileng a romella maqosa metseng وَإِنَّهُمۡ لَنَا لَغَآئِظُونَ ٥٥A re: “Ruri! Ma-Israele ana ke lequloana le fokolang وَإِنَّا لَجَمِيعٌ حَٰذِرُونَ ٥٦“Ba khahlanong le rona فَأَخۡرَجۡنَٰهُم مِّن جَنَّٰتٍ وَعُيُونٍ ٥٧“Re lebotho le hlometseng le malala-a-laotsoe.” وَكُنُوزٍ وَمَقَامٍ كَرِيمٍ ٥٨Ke kamoo Re ileng Ra ba lelekela thoko le lirapa, liliba tse ts’akhunyang كَذَٰلِكَۖ وَأَوۡرَثۡنَٰهَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٥٩Matlotlong le maemong ohle a hlomphehang kateng فَأَتۡبَعُوهُم مُّشۡرِقِينَ ٦٠E joalo, Re ile Ra etsa hore bana ba Israele e be majalefa a lintho tseo فَلَمَّا تَرَٰٓءَا ٱلۡجَمۡعَانِ قَالَ أَصۡحَٰبُ مُوسَىٰٓ إِنَّا لَمُدۡرَكُونَ ٦١Ba ba beha meja esale ka matjeke قَالَ كـَلَّآۖ إِنَّ مَعِيَ رَبِّي سَيَهۡدِينِ ٦٢Ha bobeli bo bonana, ba neng ba ena le Moshe ba re: “Ruri! Re se re ts’oeroe.” فَأَوۡحَيۡنَآ إِلَىٰ مُوسَىٰٓ أَنِ ٱضۡرِب بِّعَصَاكَ ٱلۡبَحۡرَۖ فَٱنفَلَقَ فَكَانَ كُلُّ فِرۡقٍ كَٱلطَّوۡدِ ٱلۡعَظِيمِ ٦٣Moshe a re: “Che, Mong`a ka o na le ‘na. Ke Eena ea tla ntataisa وَأَزۡلَفۡنَا ثَمَّ ٱلۡأٓخَرِينَ ٦٤Eaba Re susumetsa Moshe: “Otla leoatle ka lere la hau.” Eaba leoatle le’a arohana, karolo e ngoe le e ngoe ea ipopa thajana وَأَنجَيۡنَا مُوسَىٰ وَمَن مَّعَهُۥٓ أَجۡمَعِينَ ٦٥Eaba Re atametsa lichaba ka bobeli haufi le moo ثُمَّ أَغۡرَقۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ ٦٦Re ile Ra pholosa Moshe le bohle ba neng ba ena le eena إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ٦٧Eaba Re khamisa lebotho la Faro ka metsi وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ٦٨Ruri وَٱتۡلُ عَلَيۡهِمۡ نَبَأَ إِبۡرَٰهِيمَ ٦٩Empa Ruri! Mong`a hau o na le Matla Oohle, o Tletse Mohau إِذۡ قَالَ لِأَبِيهِ وَقَوۡمِهِۦ مَا تَعۡبُدُونَ ٧٠Ak’u ba phetele pale ea Abrahama قَالُواْ نَعۡبُدُ أَصۡنَامًا فَنَظَلُّ لَهَا عَٰكِفِينَ ٧١Mohla a neng a buoa le ntata’e le batho ba habo a re: “ke eng sena seo le se khumamelang?” قَالَ هَلۡ يَسۡمَعُونَكُمۡ إِذۡ تَدۡعُونَ ٧٢Ba re: “Re khumamela lits’oants’o tse betliloeng, re ke ke ra khaohana le eona.” أَوۡ يَنفَعُونَكُمۡ أَوۡ يَضُرُّونَ ٧٣Abrahama a re: “Na li ea le utloa nakong eo le memetsang ho tsona, kapa hona ho le etsetsa botle kapa bobe قَالُواْ بَلۡ وَجَدۡنَآ ءَابَآءَنَا كَذَٰلِكَ يَفۡعَلُونَ ٧٤Ba re: “Che, re fumana bo-ntat’a rona ba ntse ba li khumamela.” قَالَ أَفَرَءَيۡتُم مَّا كُنتُمۡ تَعۡبُدُونَ ٧٥A re: “Na le’a bona eo le khumamelang أَنتُمۡ وَءَابَآؤُكُمُ ٱلۡأَقۡدَمُونَ ٧٦“Lona le bo-ntat’a lona pele ho lona فَإِنَّهُمۡ عَدُوٌّ لِّيٓ إِلَّا رَبَّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٧٧“Kaofela ha tsona ke lira ho ‘na; empa e seng Mong`a mafats’e ٱلَّذِي خَلَقَنِي فَهُوَ يَهۡدِينِ ٧٨«Ea ntlhotseng, Ke Eena ea ntataisang وَٱلَّذِي هُوَ يُطۡعِمُنِي وَيَسۡقِينِ ٧٩“Ea mphepang le hona ho mpha metsi وَإِذَا مَرِضۡتُ فَهُوَ يَشۡفِينِ ٨٠«Ha ke kula, ke Eena ea mphekolang وَٱلَّذِي يُمِيتُنِي ثُمَّ يُحۡيِينِ ٨١“Ea tla etsa hore ke shoe, A boele A ‘nehe bophelo hape وَٱلَّذِيٓ أَطۡمَعُ أَن يَغۡفِرَ لِي خَطِيٓـَٔتِي يَوۡمَ ٱلدِّينِ ٨٢“Eena Eo ke nang le khopolo ea hore, U tla nts’oarela libe tsa ka mohla Letsatsi la Kahlolo رَبِّ هَبۡ لِي حُكۡمًا وَأَلۡحِقۡنِي بِٱلصَّٰلِحِينَ ٨٣“Mong`a ka! Ak’u nkekeletse bohlale, U be U nkopanye le bohle ba lokileng وَٱجۡعَل لِّي لِسَانَ صِدۡقٍ فِي ٱلۡأٓخِرِينَ ٨٤“U mphe tlaleho e hlomphehileng melokong e tlang وَٱجۡعَلۡنِي مِن وَرَثَةِ جَنَّةِ ٱلنَّعِيمِ ٨٥“U nketse e mong oa majalefa a Serapa sa Nyakallo وَٱغۡفِرۡ لِأَبِيٓ إِنَّهُۥ كَانَ مِنَ ٱلضَّآلِّينَ ٨٦“Ts’oarela ntate oa ka. Hobane le eena ke e mong oabakhelohileng وَلَا تُخۡزِنِي يَوۡمَ يُبۡعَثُونَ ٨٧“U tle u se ke oa ntlotlolla mohla letsatsi leo U tla tsosa batho ka lona يَوۡمَ لَا يَنفَعُ مَالٌ وَلَا بَنُونَ ٨٨“Letsatsi leo ka lona leruo le bara li ke keng tsa re thusa ka letho إِلَّا مَنۡ أَتَى ٱللَّهَ بِقَلۡبٍ سَلِيمٍ ٨٩«Kantle le ea ikatamelitseng haufi le Allah ka pelo eohle وَأُزۡلِفَتِ ٱلۡجَنَّةُ لِلۡمُتَّقِينَ ٩٠“Serapa se tla atametsoa haufi le bohle ba nenang bobe وَبُرِّزَتِ ٱلۡجَحِيمُ لِلۡغَاوِينَ ٩١“Lihele li tla hlahella ponts’eng ho bohle ba hlahlathellang bobeng وَقِيلَ لَهُمۡ أَيۡنَ مَا كُنتُمۡ تَعۡبُدُونَ ٩٢“Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le e khumamela مِن دُونِ ٱللَّهِ هَلۡ يَنصُرُونَكُمۡ أَوۡ يَنتَصِرُونَ ٩٣“Kantle ho Allah? Na eka le thusa le hona ho ithusa?” فَكُبۡكِبُواْ فِيهَا هُمۡ وَٱلۡغَاوُۥنَ ٩٤“Joale, batla lahleloa ka sefutho ka har’a Lihele,-bona le ba hlahlathellang bobeng وَجُنُودُ إِبۡلِيسَ أَجۡمَعُونَ ٩٥“Le mabotho oohle a iblis hammoho قَالُواْ وَهُمۡ فِيهَا يَخۡتَصِمُونَ ٩٦“Ba tla phehisana khang kamoo تَٱللَّهِ إِن كُنَّا لَفِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٩٧“Ruri! Ka Allah, ka ‘nete re bile phosong e totobetseng إِذۡ نُسَوِّيكُم بِرَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٩٨“Nakong eo re neng re le lekanya le Mong`a Mafats’e وَمَآ أَضَلَّنَآ إِلَّا ٱلۡمُجۡرِمُونَ ٩٩“Le baeki ba rona ke ba neng ba khanathetse molato feela فَمَا لَنَا مِن شَٰفِعِينَ ١٠٠“Ha joale ha re na ‘muelli وَلَا صَدِيقٍ حَمِيمٍ ١٠١«Kapa ena motsoalle le ea hore utloela فَلَوۡ أَنَّ لَنَا كَرَّةً فَنَكُونَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١٠٢“Hoja re ne re ka ba le monyetla oa ho khutlela morao, Ruri! Re ne re tla ba har’a ba kholoang!” إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٠٣Ruri وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٠٤Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau كَذَّبَتۡ قَوۡمُ نُوحٍ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٠٥Le batho ba habo Nooe ba kile ba nyelisa baromuoa ba Allah إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ نُوحٌ أَلَا تَتَّقُونَ ١٠٦Ngoana bo bona Nooe o ne a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ ١٠٧Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٠٨Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٠٩Ha ho moputso oo ke le kopang ona holim’a sena; moputso oa ka o tsoa feela ho Mong`a mafats’e فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١١٠Ka hona, ts’abang Allah, le ‘mamele.” ۞ قَالُوٓاْ أَنُؤۡمِنُ لَكَ وَٱتَّبَعَكَ ٱلۡأَرۡذَلُونَ ١١١Ba re: “Re ka kholoa ho uena, empa batho ba eisehang ba u latetse morao?” قَالَ وَمَا عِلۡمِي بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ١١٢A re: “Ke tseba joang ka tseo ba li etsang إِنۡ حِسَابُهُمۡ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّيۖ لَوۡ تَشۡعُرُونَ ١١٣“Boikarabello ba bona bo ho Mong`a ka, hoja feela eba le utloisisa وَمَآ أَنَا۠ بِطَارِدِ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١١٤“Ha ke’a tla ho tla phalalisa ba kholoang إِنۡ أَنَا۠ إِلَّا نَذِيرٌ مُّبِينٌ ١١٥“Ke rometsoe ho hlokomelisa pepeneneng.” قَالُواْ لَئِن لَّمۡ تَنتَهِ يَٰنُوحُ لَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمَرۡجُومِينَ ١١٦Ba re: “Nooe, haeba u sa khaotse, u tla tlepetsoa ka majoe.” قَالَ رَبِّ إِنَّ قَوۡمِي كَذَّبُونِ ١١٧A re: “Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba ea ntatola فَٱفۡتَحۡ بَيۡنِي وَبَيۡنَهُمۡ فَتۡحًا وَنَجِّنِي وَمَن مَّعِيَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ١١٨“Ak’u ahlole lipakeng tsa rona le bona ka kahlolo e senang leeme, U mpholose le ba kholoang bohle ba nang le ‘na.” فَأَنجَيۡنَٰهُ وَمَن مَّعَهُۥ فِي ٱلۡفُلۡكِ ٱلۡمَشۡحُونِ ١١٩Eaba Re’a mo pholosa hammoho le bohle ba neng ba ena le eena ka Arekeng ثُمَّ أَغۡرَقۡنَا بَعۡدُ ٱلۡبَاقِينَ ١٢٠Kamor’a ho moo Ra khamisa bohle ba setseng ka metsi إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٢١Ruri ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona ha bo kholoe وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٢٢Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau كَذَّبَتۡ عَادٌ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٢٣Ba-Ad ba ile ba latola Baromuoa ba Allah إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ هُودٌ أَلَا تَتَّقُونَ ١٢٤Ngoana bo bona Hud a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe Allah إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ ١٢٥“Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٢٦“Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٢٧“Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela أَتَبۡنُونَ بِكُلِّ رِيعٍ ءَايَةً تَعۡبَثُونَ ١٢٨“Na le ka aha sefika holim’a leralla le leng le le leng ho ithabisa وَتَتَّخِذُونَ مَصَانِعَ لَعَلَّكُمۡ تَخۡلُدُونَ ١٢٩“Le aha le matlo a matle a bolulo, khopolong ea ho phela teng kahosafeleng وَإِذَا بَطَشۡتُم بَطَشۡتُمۡ جَبَّارِينَ ١٣٠“Ha le sebelisa matla a lona, le ea sebelisa joalo ka batho ba nang le matla oohle فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٣١“Ts’abang Allah, le ‘mamele وَٱتَّقُواْ ٱلَّذِيٓ أَمَدَّكُم بِمَا تَعۡلَمُونَ ١٣٢“Ts’abang Eena Ea le sitsitseng ka lintho tsohle tseo le li tsebang أَمَدَّكُم بِأَنۡعَٰمٍ وَبَنِينَ ١٣٣“U le setsitse ka makhomo le bara وَجَنَّٰتٍ وَعُيُونٍ ١٣٤“Lirapa le liliba tse ts’akhunyang إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ ١٣٥“Ke na le ts’abo ea Kahlolo ea mohla Letsatsi le Ts’abehang.” قَالُواْ سَوَآءٌ عَلَيۡنَآ أَوَعَظۡتَ أَمۡ لَمۡ تَكُن مِّنَ ٱلۡوَٰعِظِينَ ١٣٦Ba re: “Ho ea ts’oana ho rona hore na u oa re khalema kapa u ba sieo hara bakhalemi إِنۡ هَٰذَآ إِلَّا خُلُقُ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٣٧“Tsena ha se letho, haese tsona linthoana tsa mehleng ea khale وَمَا نَحۡنُ بِمُعَذَّبِينَ ١٣٨«Ha re ke ba ka amohelang mahloko kapa likahlolo!» فَكَذَّبُوهُ فَأَهۡلَكۡنَٰهُمۡۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٣٩Ba ile ba mo latola; Ra ba ripitla. Ruri! ho sena ke sesupo, empa boholo ba bona bo sa kholoe وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٤٠Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, Mohau Oa Hae o’a Khaphatseha كَذَّبَتۡ ثَمُودُ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٤١Ba-Thamud, ba ile ba latola Baromuoa ba Allah إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ صَٰلِحٌ أَلَا تَتَّقُونَ ١٤٢Ngoana bo bona Salih a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ ١٤٣“Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٤٤“Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٤٥“Ha ho moputso oo ke le kopang oona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela أَتُتۡرَكُونَ فِي مَا هَٰهُنَآ ءَامِنِينَ ١٤٦“Na le hopola hore le ts’ireletsong ka lintho tsohle tseo le nang le tsona hajoale فِي جَنَّٰتٍ وَعُيُونٍ ١٤٧“Lirapa le liliba tse ts’akhunyang وَزُرُوعٍ وَنَخۡلٍ طَلۡعُهَا هَضِيمٌ ١٤٨“Masimo a poone le lifate tsa lipalema tse behileng haholo hooli ka ‘nang tsa robeha وَتَنۡحِتُونَ مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتًا فَٰرِهِينَ ١٤٩“Le hona ho honya mafika ho etsa matlo ka botsebi bo matla فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٥٠“Empa ts’abang Allah le ‘mamele وَلَا تُطِيعُوٓاْ أَمۡرَ ٱلۡمُسۡرِفِينَ ١٥١“Le se latele taelo ea ea lehlasoa ٱلَّذِينَ يُفۡسِدُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا يُصۡلِحُونَ ١٥٢“Ea jalang pherekano lefats’eng, ea sa rateng ho sokoloha.” قَالُوٓاْ إِنَّمَآ أَنتَ مِنَ ٱلۡمُسَحَّرِينَ ١٥٣Ba re: “uena u e mong oa ba louoeng مَآ أَنتَ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا فَأۡتِ بِـَٔايَةٍ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ ١٥٤“U motho joalo ka rona. Kahoo, hlahisa sesupo haeba u bua `nete.” قَالَ هَٰذِهِۦ نَاقَةٌ لَّهَا شِرۡبٌ وَلَكُمۡ شِرۡبُ يَوۡمٍ مَّعۡلُومٍ ١٥٥Salih a re: “Bonang, kamele ke ena e ts’ehali. Le eona e na le tokelo ea ho noa Selibeng ka letsatsi le leng, le lona le na le tokelo e joalo ka letsatsi le leng, empa ka letsatsi le boletsoeng وَلَا تَمَسُّوهَا بِسُوٓءٍ فَيَأۡخُذَكُمۡ عَذَابُ يَوۡمٍ عَظِيمٍ ١٥٦«Le se e nt`se kotsi esere la tloha la oeloa ke Kahlolo ea Letsatsi le Ts’abehang.” فَعَقَرُوهَا فَأَصۡبَحُواْ نَٰدِمِينَ ١٥٧Empa ba ile bae khakhatha, eaba ba apareloa ke masoabi فَأَخَذَهُمُ ٱلۡعَذَابُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٥٨Ba oeloa ke kahlolo. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٥٩Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau كَذَّبَتۡ قَوۡمُ لُوطٍ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٦٠Batho ba habo Lota ba ile ba latola Baromuoa ba Allah إِذۡ قَالَ لَهُمۡ أَخُوهُمۡ لُوطٌ أَلَا تَتَّقُونَ ١٦١Ngoana’bo bona Lota a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ ١٦٢‹Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٦٣“Kahoo, ts’abang Allah le ‘mamele وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٦٤“Ha ho moputso oo ke le kopang ho lona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela أَتَأۡتُونَ ٱلذُّكۡرَانَ مِنَ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٦٥“Har’a libopuoa tsohle lefats’eng le arorelana likobo le banna ba bang وَتَذَرُونَ مَا خَلَقَ لَكُمۡ رَبُّكُم مِّنۡ أَزۡوَٰجِكُمۚ بَلۡ أَنتُمۡ قَوۡمٌ عَادُونَ ١٦٦“Le siee bao Mong`a lona a le hloletseng bona? Che, le batho ba tlotseng meeli eohle.” قَالُواْ لَئِن لَّمۡ تَنتَهِ يَٰلُوطُ لَتَكُونَنَّ مِنَ ٱلۡمُخۡرَجِينَ ١٦٧Ba re: “Oho Lota haeba u sa khaotse, ruri u tla lelekoa.” قَالَ إِنِّي لِعَمَلِكُم مِّنَ ٱلۡقَالِينَ ١٦٨A re: “Ke hloile liketso tsa lona رَبِّ نَجِّنِي وَأَهۡلِي مِمَّا يَعۡمَلُونَ ١٦٩“Mong`a ka! Ak’u mpholose le ba lelapa la ka ho tseo ba li etsang!” فَنَجَّيۡنَٰهُ وَأَهۡلَهُۥٓ أَجۡمَعِينَ ١٧٠Re ile ra mo pholosa ‘moho lebalelapa la hae,-bohle إِلَّا عَجُوزًا فِي ٱلۡغَٰبِرِينَ ١٧١“Ntle feela le mosali moholo ea neng a le har’a ba neng ba salatse morao ثُمَّ دَمَّرۡنَا ٱلۡأٓخَرِينَ ١٧٢Empa Ra ripitla bohle وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِم مَّطَرًاۖ فَسَآءَ مَطَرُ ٱلۡمُنذَرِينَ ١٧٣Ra ba nesetsa majoe a lengetana: E ts’abehang pula ho ba neng ba khaleng’oe إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٧٤Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٧٥Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau كَذَّبَ أَصۡحَٰبُ لۡـَٔيۡكَةِ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ١٧٦Balekane ba Moru ba ile ba latola Baromuoa ba Allah إِذۡ قَالَ لَهُمۡ شُعَيۡبٌ أَلَا تَتَّقُونَ ١٧٧Shuaib a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe إِنِّي لَكُمۡ رَسُولٌ أَمِينٌ ١٧٨“Ke moromuoa ea ts’epahalang ea romiloeng ho lona فَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُونِ ١٧٩“Kahoo ts’abang Allah le ‘mamele وَمَآ أَسۡـَٔلُكُمۡ عَلَيۡهِ مِنۡ أَجۡرٍۖ إِنۡ أَجۡرِيَ إِلَّا عَلَىٰ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٨٠“Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o tsoa ho Mong`a mafats’e feela ۞ أَوۡفُواْ ٱلۡكَيۡلَ وَلَا تَكُونُواْ مِنَ ٱلۡمُخۡسِرِينَ ١٨١«Fanang ka tekanyo e nepahetseng, le se ke la jalletsa وَزِنُواْ بِٱلۡقِسۡطَاسِ ٱلۡمُسۡتَقِيمِ ١٨٢«Le be le bekhe ka nepo le ‹nete وَلَا تَبۡخَسُواْ ٱلنَّاسَ أَشۡيَآءَهُمۡ وَلَا تَعۡثَوۡاْ فِي ٱلۡأَرۡضِ مُفۡسِدِينَ ١٨٣“Le se ke la ja batho ling tsa bona, le ho etsa bokhopo ka ho fehla pherekano lefats’eng وَٱتَّقُواْ ٱلَّذِي خَلَقَكُمۡ وَٱلۡجِبِلَّةَ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٨٤“Le ts’abe Eena Ea le hlotseng le meloko pele ho lona.” قَالُوٓاْ إِنَّمَآ أَنتَ مِنَ ٱلۡمُسَحَّرِينَ ١٨٥Ba re: “Uena u e mong oa ba louoeng وَمَآ أَنتَ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا وَإِن نَّظُنُّكَ لَمِنَ ٱلۡكَٰذِبِينَ ١٨٦“U motho joalo ka rona, re nahana hore u leshano فَأَسۡقِطۡ عَلَيۡنَا كِسَفًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ ١٨٧“Ak’u etse hore lekumane la leholimo le re oele, haeba u buoa ‘nete.” قَالَ رَبِّيٓ أَعۡلَمُ بِمَا تَعۡمَلُونَ ١٨٨A re: “Ke Mong`a ka Ea hlokolosi ka ho fetisisa malebana le tseo le li etsang.” فَكَذَّبُوهُ فَأَخَذَهُمۡ عَذَابُ يَوۡمِ ٱلظُّلَّةِۚ إِنَّهُۥ كَانَ عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ ١٨٩Ba ile ba mo latola, eaba ba oeloa ke kotlo ea Letsatsi la mahlomola. Ruri! E bile Kotlo ea Letsatsi le Ts’abehang إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةًۖ وَمَا كَانَ أَكۡثَرُهُم مُّؤۡمِنِينَ ١٩٠Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe وَإِنَّ رَبَّكَ لَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلرَّحِيمُ ١٩١Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau وَإِنَّهُۥ لَتَنزِيلُ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٩٢Ruri sena ke Ts’enolo e tsong ho Mong`a Mafats’e نَزَلَ بِهِ ٱلرُّوحُ ٱلۡأَمِينُ ١٩٣E theohile le moea oa ‘Nete le Tumelo عَلَىٰ قَلۡبِكَ لِتَكُونَ مِنَ ٱلۡمُنذِرِينَ ١٩٤Pelong le kelellong ea hau, hore u tle u khaleme بِلِسَانٍ عَرَبِيٍّ مُّبِينٍ ١٩٥Ka puo e mathemaloli ea Se-Arabia وَإِنَّهُۥ لَفِي زُبُرِ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٩٦Kantle ho khoao e teng ka har’a mangolo a halalelang a batho ba khale-khale أَوَلَمۡ يَكُن لَّهُمۡ ءَايَةً أَن يَعۡلَمَهُۥ عُلَمَٰٓؤُاْ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ١٩٧Ana ha se sesupo ho bona ha barutehi ba bana ba Israele ba e tseba وَلَوۡ نَزَّلۡنَٰهُ عَلَىٰ بَعۡضِ ٱلۡأَعۡجَمِينَ ١٩٨Hoja e be Re ile Ra le senolela e mong oa sechaba ntle le sa Ma-Arab فَقَرَأَهُۥ عَلَيۡهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ مُؤۡمِنِينَ ١٩٩A ba balla lona, ba ne ba ke ke ba kholoa ho lona كَذَٰلِكَ سَلَكۡنَٰهُ فِي قُلُوبِ ٱلۡمُجۡرِمِينَ ٢٠٠Ke kamoo re etsang hore le kene lipelong tsa Baetsa-libe لَا يُؤۡمِنُونَ بِهِۦ حَتَّىٰ يَرَوُاْ ٱلۡعَذَابَ ٱلۡأَلِيمَ ٢٠١Ba ke ke ba kholoa ho lona ho fihlela ba bona kahlolo e Mahlonoko فَيَأۡتِيَهُم بَغۡتَةً وَهُمۡ لَا يَشۡعُرُونَ ٢٠٢Empa e tla ba fihlela ka ts’ohanyetso ba sa elelloe فَيَقُولُواْ هَلۡ نَحۡنُ مُنظَرُونَ ٢٠٣Joale ba tla re: “Re tla fuoa nyehlisetso?” أَفَبِعَذَابِنَا يَسۡتَعۡجِلُونَ ٢٠٤Ana ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona أَفَرَءَيۡتَ إِن مَّتَّعۡنَٰهُمۡ سِنِينَ ٢٠٥Na u oa hlokomela? Hore haeba Re ka ba neha nyehlisetso ea lilemo tse ‘maloa ثُمَّ جَآءَهُم مَّا كَانُواْ يُوعَدُونَ ٢٠٦Ha ho fihla kahlolo eo e saleng ba e ts’episoa مَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يُمَتَّعُونَ ٢٠٧Tsohle tseo e saleng ba ithabisa ka tsona li ke ke tsa ba thusa ka letho وَمَآ أَهۡلَكۡنَا مِن قَرۡيَةٍ إِلَّا لَهَا مُنذِرُونَ ٢٠٨Ha ho motse oo Re kileng Ra o ripitla o sa kang oa romelloa bahlokomelisi ذِكۡرَىٰ وَمَا كُنَّا ظَٰلِمِينَ ٢٠٩Molemong oa ho ba hopotsa, ha Re’a s’o ka Re eba bahanyapetsi وَمَا تَنَزَّلَتۡ بِهِ ٱلشَّيَٰطِينُ ٢١٠T`senolo ena ha e ea tlisoa ke bo-liabolosi lefats’eng وَمَا يَنۢبَغِي لَهُمۡ وَمَا يَسۡتَطِيعُونَ ٢١١E bile ha e ea ba lokela, kapa ona matla a ho e hlahisa إِنَّهُمۡ عَنِ ٱلسَّمۡعِ لَمَعۡزُولُونَ ٢١٢Ruri! ba qheletsoe thoko le ho e utloa فَلَا تَدۡعُ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ فَتَكُونَ مِنَ ٱلۡمُعَذَّبِينَ ٢١٣Kahoo, u se bitse ho mang kapa mang ntle ho Allah, esere oa tloha oa ba e mong oa ba tla fumana kotlo وَأَنذِرۡ عَشِيرَتَكَ ٱلۡأَقۡرَبِينَ ٢١٤U khaleme ba leloko la hau ba haufi le uena وَٱخۡفِضۡ جَنَاحَكَ لِمَنِ ٱتَّبَعَكَ مِنَ ٱلۡمُؤۡمِنِينَ ٢١٥U be pelo-tlhomohi ho Ba-kholoang ba u latelang فَإِنۡ عَصَوۡكَ فَقُلۡ إِنِّي بَرِيٓءٌ مِّمَّا تَعۡمَلُونَ ٢١٦Empa haeba ba ke ke ba u mamela, e re: “Ruri! Ha ke na molato ho tseo le li etsang.” وَتَوَكَّلۡ عَلَى ٱلۡعَزِيزِ ٱلرَّحِيمِ ٢١٧U behe ts’epo ea hau ho Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Mohau ٱلَّذِي يَرَىٰكَ حِينَ تَقُومُ ٢١٨Eena Ea u bonang nakong eo u emeng u rapelang وَتَقَلُّبَكَ فِي ٱلسَّٰجِدِينَ ٢١٩Ea bonang le boikokobetso ba hau har’a baithapalatsang thapelong إِنَّهُۥ هُوَ ٱلسَّمِيعُ ٱلۡعَلِيمُ ٢٢٠Hobane Ke Eena Ea Utloang le ho tseba tsohle هَلۡ أُنَبِّئُكُمۡ عَلَىٰ مَن تَنَزَّلُ ٱلشَّيَٰطِينُ ٢٢١Ana nka le bolella ka bao bo-liabolosi ba theohelang holim’a bona تَنَزَّلُ عَلَىٰ كُلِّ أَفَّاكٍ أَثِيمٍ ٢٢٢Ba theohela holim’a bohle ba leshano, ba khopo يُلۡقُونَ ٱلسَّمۡعَ وَأَكۡثَرُهُمۡ كَٰذِبُونَ ٢٢٣Ba ts’ollela litsebeng tsa bona lipuo tsa mafeela, boholo ba bona ba leshano وَٱلشُّعَرَآءُ يَتَّبِعُهُمُ ٱلۡغَاوُۥنَ ٢٢٤Le Bareneketsi, – bohle ba fosahetseng ba ba sala morao أَلَمۡ تَرَ أَنَّهُمۡ فِي كُلِّ وَادٍ يَهِيمُونَ ٢٢٥Ana ha u es’o bone kamoo ba khelohileng ba phaqola hoohle وَأَنَّهُمۡ يَقُولُونَ مَا لَا يَفۡعَلُونَ ٢٢٦Le kamoo ba buoang ka seo ba sa se etseng إِلَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَذَكَرُواْ ٱللَّهَ كَثِيرًا وَٱنتَصَرُواْ مِنۢ بَعۡدِ مَا ظُلِمُواْۗ وَسَيَعۡلَمُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَيَّ مُنقَلَبٍ يَنقَلِبُونَ ٢٢٧Kantle le ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, le hona ho hopola Allah ka linako tsohle, le hona ho its›ireletsa kamor’a hoba ba tlatlaptjoe. Baetsalibe bona, haufinyane ba tla ruoa tsebo ka se seholo seo e tlang ho ba pheletso ea bona

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.