ملة الإسلام

السورة 22 · 78 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الحج باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الحج (1,230 قارئاً)
مدنيةسورة الحج٧٨ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ٱتَّقُواْ رَبَّكُمۡۚ إِنَّ زَلۡزَلَةَ ٱلسَّاعَةِ شَيۡءٌ عَظِيمٌ ١Oho lona batho! T`sabang Mong`a lona. Hobane Ruri haele ho reketla mohla Hora ea kahlolo, e tla ba ntho e nyarosang يَوۡمَ تَرَوۡنَهَا تَذۡهَلُ كُلُّ مُرۡضِعَةٍ عَمَّآ أَرۡضَعَتۡ وَتَضَعُ كُلُّ ذَاتِ حَمۡلٍ حَمۡلَهَا وَتَرَى ٱلنَّاسَ سُكَٰرَىٰ وَمَا هُم بِسُكَٰرَىٰ وَلَٰكِنَّ عَذَابَ ٱللَّهِ شَدِيدٌ ٢Mohla letsatsi leo le tlang ho e bona, motsoetse e mong le e mong o tla lebala ho ants’a lesea la hae le eena mokhachane o tla beleha lesea le’a s’o ho be maemong; uena, ke mohla o tla bona e ka batho ba tahiloe, le hoja ba sa tahoa: khalefo ea Allah e tlabae boima وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يُجَٰدِلُ فِي ٱللَّهِ بِغَيۡرِ عِلۡمٍ وَيَتَّبِعُ كُلَّ شَيۡطَٰنٍ مَّرِيدٍ ٣Har’a batho ho teng ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, ba latela mahoholi afe kapa afe a liabolosi كُتِبَ عَلَيۡهِ أَنَّهُۥ مَن تَوَلَّاهُ فَأَنَّهُۥ يُضِلُّهُۥ وَيَهۡدِيهِ إِلَىٰ عَذَابِ ٱلسَّعِيرِ ٤Empa ba laetsoe hore mong le mong ea tla etsa Satane motsoalle oa hae, o tla mo khelosa le ho mo tataisetsa kahlolong ea Mollo يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِن كُنتُمۡ فِي رَيۡبٍ مِّنَ ٱلۡبَعۡثِ فَإِنَّا خَلَقۡنَٰكُم مِّن تُرَابٍ ثُمَّ مِن نُّطۡفَةٍ ثُمَّ مِنۡ عَلَقَةٍ ثُمَّ مِن مُّضۡغَةٍ مُّخَلَّقَةٍ وَغَيۡرِ مُخَلَّقَةٍ لِّنُبَيِّنَ لَكُمۡۚ وَنُقِرُّ فِي ٱلۡأَرۡحَامِ مَا نَشَآءُ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّى ثُمَّ نُخۡرِجُكُمۡ طِفۡلًا ثُمَّ لِتَبۡلُغُوٓاْ أَشُدَّكُمۡۖ وَمِنكُم مَّن يُتَوَفَّىٰ وَمِنكُم مَّن يُرَدُّ إِلَىٰٓ أَرۡذَلِ ٱلۡعُمُرِ لِكَيۡلَا يَعۡلَمَ مِنۢ بَعۡدِ عِلۡمٍ شَيۡـًٔاۚ وَتَرَى ٱلۡأَرۡضَ هَامِدَةً فَإِذَآ أَنزَلۡنَا عَلَيۡهَا ٱلۡمَآءَ ٱهۡتَزَّتۡ وَرَبَتۡ وَأَنۢبَتَتۡ مِن كُلِّ زَوۡجِۭ بَهِيجٍ ٥Oho lona batho! Haeba le na le khoao ka Letsatsi la Tsoho, bonang! Re le hlotse ka lerole, The’re le lehloele, eaba Re le etsa nama e nang le sebopeho, kapa e senang sona, hore Re tle Re hlakise lits’upiso tsa Rona ho lona. Re etsa hore ho lule ka har’a limpa seo Re se ratang ho fihlela nako ea pallo ea sona, e be kamor’a moo Re le hlahisa le le masea, ebe Re le neha kholo, hore le tle le fihlele lilemo tse lokelang. Har’a lona ho teng ba shoang ba sa le banyane, ho teng ba fihlelang lilemo tsa botsofali, hore ba tle ba se ke ba tseba letho kamor’a ho ba ba be le tsebo. U bona lefats’e le se nang bophelo le hlobotseng, empa ha Re romella pula ho lona, le khutlela bophelong le hona ho ts’akhunya liliba le ho hlahisa limela ka bobeli tse khahlang ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّهُۥ يُحۡيِ ٱلۡمَوۡتَىٰ وَأَنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ٦Sena ke hobane Allah ke Eena ‘Nete: ke Eena ea fanang ka bophelo ho ba shoeleng, U na le Matla holima tsohle وَأَنَّ ٱلسَّاعَةَ ءَاتِيَةٌ لَّا رَيۡبَ فِيهَا وَأَنَّ ٱللَّهَ يَبۡعَثُ مَن فِي ٱلۡقُبُورِ ٧Hobane Ruri hora e ea tla eo ho seng khoao ka eona; Allah U tla tsosa bohle mabitleng وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يُجَٰدِلُ فِي ٱللَّهِ بِغَيۡرِ عِلۡمٍ وَلَا هُدًى وَلَا كِتَٰبٍ مُّنِيرٍ ٨Empa har’a batho ho na le ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, kapa tataiso esita le lona Lengolo le fanang ka Leseli ثَانِيَ عِطۡفِهِۦ لِيُضِلَّ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِۖ لَهُۥ فِي ٱلدُّنۡيَا خِزۡيٌۖ وَنُذِيقُهُۥ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ ٩O furalla ka boikakaso o khelosa batho ka thetso tseleng ea Allah. Masoabi a tla mo aparela bophelong bona, mohla Letsatsi la Kahlolo Re tla etsa hore a latsoe Kahlolo ea Mollo ذَٰلِكَ بِمَا قَدَّمَتۡ يَدَاكَ وَأَنَّ ٱللَّهَ لَيۡسَ بِظَلَّٰمٍ لِّلۡعَبِيدِ ١٠Ho tla thoe: “Sena ke moputso oa seo matsoho a hau a ileng a se romella nale, Ruri Allah ha se mohatelli oa makhabunyane a hae.” وَمِنَ ٱلنَّاسِ مَن يَعۡبُدُ ٱللَّهَ عَلَىٰ حَرۡفٍۖ فَإِنۡ أَصَابَهُۥ خَيۡرٌ ٱطۡمَأَنَّ بِهِۦۖ وَإِنۡ أَصَابَتۡهُ فِتۡنَةٌ ٱنقَلَبَ عَلَىٰ وَجۡهِهِۦ خَسِرَ ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةَۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡخُسۡرَانُ ٱلۡمُبِينُ ١١Ho teng har’a batho b`a sebeletsang Allah ka monahano o fokolang hoo eka reng haba oeloa ke lehlohonolo, ebe ba khotsofetse, empa haeba bomalimabe bo ka ba oela, ba phakisa ba nyebella. Joale, e be bophelo ba lefats’e lena bo ea ba phonyoha esita le Bo-tlang. Seo ke tahlehelo e pepenene يَدۡعُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَا يَضُرُّهُۥ وَمَا لَا يَنفَعُهُۥۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلضَّلَٰلُ ٱلۡبَعِيدُ ١٢Ba memetsa ho melingoana e ke keng ea ba hlahisetsa kotsi le e nyenyane, le hona ho ba putsa ka letho. Seo ke ho khelohela hole-hole kannete يَدۡعُواْ لَمَن ضَرُّهُۥٓ أَقۡرَبُ مِن نَّفۡعِهِۦۚ لَبِئۡسَ ٱلۡمَوۡلَىٰ وَلَبِئۡسَ ٱلۡعَشِيرُ ١٣Ba memetsa ho eo mathata a hae a leng haufi haholo ho feta moputso; Ruri setsoalle se joalo ke se fosahetseng le eena mothusi eo ke’a bolileng إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يُرِيدُ ١٤Ruri! Allah U tla amohella ba kholoang ba sebetsang ka toka ka har’a Lirapa tse linoka li phallang. Hobane Allah U phethisa seo a se rerang مَن كَانَ يَظُنُّ أَن لَّن يَنصُرَهُ ٱللَّهُ فِي ٱلدُّنۡيَا وَٱلۡأٓخِرَةِ فَلۡيَمۡدُدۡ بِسَبَبٍ إِلَى ٱلسَّمَآءِ ثُمَّ لۡيَقۡطَعۡ فَلۡيَنظُرۡ هَلۡ يُذۡهِبَنَّ كَيۡدُهُۥ مَا يَغِيظُ ١٥Ebang ho na le mong le mong ea nang le monahano o fosahetseng oa hore Allah a ke ke a fana ka tlholo ho eena lefats’eng lena le ho bo-tlang, ha a ke a leketlise thapo marulelong a ntlo ea hae, e be o’a iphanyeha. Joale, a tle a bone hore na malepa a hae a tla ke a suthise seo se mo halefisisang وَكَذَٰلِكَ أَنزَلۡنَٰهُ ءَايَٰتِۭ بَيِّنَٰتٍ وَأَنَّ ٱللَّهَ يَهۡدِي مَن يُرِيدُ ١٦Ke kamoo Re senolang Lits’enolo tse hlakileng, Ruri Allah U tataisa ea ikhethetseng Eena إِنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَٱلَّذِينَ هَادُواْ وَٱلصَّٰبِـِٔينَ وَٱلنَّصَٰرَىٰ وَٱلۡمَجُوسَ وَٱلَّذِينَ أَشۡرَكُوٓاْ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡصِلُ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ شَهِيدٌ ١٧Bohle ba kholoang ts’enolong ena, ba latelang Bo-juda, Ma- Sabian, Ba-Keresete ng, le Baloing esitana le Bahedeneng, – Ruri! Ke Allah ea tla ahlola lipakeng tsa bona mohla letsatsi la tsoho. Ruri ke Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona ka Letsatsi la Kahlolo. Hobane Allah ke paki holima lintho tsohle أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ يَسۡجُدُۤ لَهُۥۤ مَن فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ وَٱلشَّمۡسُ وَٱلۡقَمَرُ وَٱلنُّجُومُ وَٱلۡجِبَالُ وَٱلشَّجَرُ وَٱلدَّوَآبُّ وَكَثِيرٌ مِّنَ ٱلنَّاسِۖ وَكَثِيرٌ حَقَّ عَلَيۡهِ ٱلۡعَذَابُۗ وَمَن يُهِنِ ٱللَّهُ فَمَا لَهُۥ مِن مُّكۡرِمٍۚ إِنَّ ٱللَّهَ يَفۡعَلُ مَا يَشَآءُ ۩ ١٨Na ha le’a s’o bone hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li rapela Allah, letsatsi, ngoeli, linaleli, lithaba, lifate, le linonyana le batho bohle, le hoja ho na le ba ba ngata bao kahlolo eba tobileng. Bao Allah a ba apesitseng sekhobo, ha ho ope ea ka ba nehang tlhompho. Hobane! Ruri Allah U etsa seo A se ratang ۞ هَٰذَانِ خَصۡمَانِ ٱخۡتَصَمُواْ فِي رَبِّهِمۡۖ فَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ قُطِّعَتۡ لَهُمۡ ثِيَابٌ مِّن نَّارٍ يُصَبُّ مِن فَوۡقِ رُءُوسِهِمُ ٱلۡحَمِيمُ ١٩Mahlakore ana a mabeli, a hohlana ka bobeli khahlanong le Mong`a bona: Ba latolang,-ba tla etsetsoa liaparo tsa mollo; ba tla ts’eloa lihloohong ka metsi a belang يُصۡهَرُ بِهِۦ مَا فِي بُطُونِهِمۡ وَٱلۡجُلُودُ ٢٠Lintho tsohle tse ka har’a limpa tsa bona li tlang ho qhibilia `moho le letlalo la bona وَلَهُم مَّقَٰمِعُ مِنۡ حَدِيدٍ ٢١Ho bile ho teng Meutloa ea ts’epe sebakeng sa bona كُلَّمَآ أَرَادُوٓاْ أَن يَخۡرُجُواْ مِنۡهَا مِنۡ غَمٍّ أُعِيدُواْ فِيهَا وَذُوقُواْ عَذَابَ ٱلۡحَرِيقِ ٢٢Ka linako tsohle batla lakatsa ho tsoa kamoo ka maqakabetsing, empa ba tla qobelloa ho boela kateng, ho tla thoe: “Latsoang kahlolo ea Mollo.” إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ يُحَلَّوۡنَ فِيهَا مِنۡ أَسَاوِرَ مِن ذَهَبٍ وَلُؤۡلُؤًاۖ وَلِبَاسُهُمۡ فِيهَا حَرِيرٌ ٢٣Allah U tla amohela bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng ho kena ka har’a lirapa tse linoka li phallang, ba tla apesoa lipetja tsa khauta le tsa masapo, Liaparo tsa bona e tla ba tsa silika وَهُدُوٓاْ إِلَى ٱلطَّيِّبِ مِنَ ٱلۡقَوۡلِ وَهُدُوٓاْ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡحَمِيدِ ٢٤Hobane ba ile ba tataisoa ka molaetsa o machosi; ba tataiselitsoe tseleng ea Ea Ts’oanetsoeng ke Tlotla إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَيَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَٱلۡمَسۡجِدِ ٱلۡحَرَامِ ٱلَّذِي جَعَلۡنَٰهُ لِلنَّاسِ سَوَآءً ٱلۡعَٰكِفُ فِيهِ وَٱلۡبَادِۚ وَمَن يُرِدۡ فِيهِ بِإِلۡحَادِۭ بِظُلۡمٍ نُّذِقۡهُ مِنۡ عَذَابٍ أَلِيمٍ ٢٥Haele ba latotseng, ba sitisa batho ho kena tseleng e lebisang ho Allah le ‘nqalong e Halalelang ea thapelo, eo Re e khethetseng batho bohle hoba ‘moho ho eona; baahi ba moo le baeti, ka bobeli ba na le tokelo ea moo; mong le mong ea ikemiselitseng ho baka pherekano moo, Ruri re tla mo latsoisa kahlolo e mahlonoko وَإِذۡ بَوَّأۡنَا لِإِبۡرَٰهِيمَ مَكَانَ ٱلۡبَيۡتِ أَن لَّا تُشۡرِكۡ بِي شَيۡـًٔا وَطَهِّرۡ بَيۡتِيَ لِلطَّآئِفِينَ وَٱلۡقَآئِمِينَ وَٱلرُّكَّعِ ٱلسُّجُودِ ٢٦Bonang Re nehile Abrahama ‘nqalo ea ntlo e halalelang, (Re Re): “Ho se be letho leo o ka le kopanyang le ‘Na, u be u hloekise Ntlo ea Ka malebana le batla e pota-pota le hona ho ema haufi le eona `moho le ba tla khumama ba ithapalatse وَأَذِّن فِي ٱلنَّاسِ بِٱلۡحَجِّ يَأۡتُوكَ رِجَالًا وَعَلَىٰ كُلِّ ضَامِرٍ يَأۡتِينَ مِن كُلِّ فَجٍّ عَمِيقٍ ٢٧“U phatlalatse bosepheleli ho batho bohle: ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto, ha ba bang ba tla tla ba kaletse likamele; ba tla tla ba hlaha ka likhoro tsohle لِّيَشۡهَدُواْ مَنَٰفِعَ لَهُمۡ وَيَذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ فِيٓ أَيَّامٍ مَّعۡلُومَٰتٍ عَلَىٰ مَا رَزَقَهُم مِّنۢ بَهِيمَةِ ٱلۡأَنۡعَٰمِۖ فَكُلُواْ مِنۡهَا وَأَطۡعِمُواْ ٱلۡبَآئِسَ ٱلۡفَقِيرَ ٢٨Ho tla paka lintho tse nang le molemo ho bona, le ho keteKa lebitso la Allah ka Matsatsi a fanoeng holim’a makhomo ao A ba sitsitseng ka ona sebakeng sa lihlabelo. Joale, jang le be le fane ka eona ho mafutsana ثُمَّ لۡيَقۡضُواْ تَفَثَهُمۡ وَلۡيُوفُواْ نُذُورَهُمۡ وَلۡيَطَّوَّفُواْ بِٱلۡبَيۡتِ ٱلۡعَتِيقِ ٢٩Ba tlohele ho qetela lits’ebeletso tse ngolileong malebana le bona, le hona ho rapela le ho potoloha Ntlo e Halalelang ea Mathomo.” ذَٰلِكَۖ وَمَن يُعَظِّمۡ حُرُمَٰتِ ٱللَّهِ فَهُوَ خَيۡرٌ لَّهُۥ عِندَ رَبِّهِۦۗ وَأُحِلَّتۡ لَكُمُ ٱلۡأَنۡعَٰمُ إِلَّا مَا يُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡۖ فَٱجۡتَنِبُواْ ٱلرِّجۡسَ مِنَ ٱلۡأَوۡثَٰنِ وَٱجۡتَنِبُواْ قَوۡلَ ٱلزُّورِ ٣٠Mong le mong ea hlomphang litokelo tsa bohlokoa tsa Allah, seo se molemo ho eena kapel’a Mong`a hae. Makhomo a molemo ho lona ele lijo nakong ea bosepheleli kantle le seo le kileng la se joetsoa. Kahoo, qobang lits’ila tsa bahedene le mashano حُنَفَآءَ لِلَّهِ غَيۡرَ مُشۡرِكِينَ بِهِۦۚ وَمَن يُشۡرِكۡ بِٱللَّهِ فَكَأَنَّمَا خَرَّ مِنَ ٱلسَّمَآءِ فَتَخۡطَفُهُ ٱلطَّيۡرُ أَوۡ تَهۡوِي بِهِ ٱلرِّيحُ فِي مَكَانٍ سَحِيقٍ ٣١Le be le ‘nete tumelong ea Allah, le se mo kopanye le batlatsetsi; hobane ea kopanyang Allah le batlatsetsi, o ts’oana leha e ka o ile a theoha marung, eaba o hlothoa ke linonyana, kapa a fefoloa ke moea ho mo lahlela sebakeng se hole-hole ذَٰلِكَۖ وَمَن يُعَظِّمۡ شَعَٰٓئِرَ ٱللَّهِ فَإِنَّهَا مِن تَقۡوَى ٱلۡقُلُوبِ ٣٢Seo: Mong le mong ea ikitlaetsang ho hlompha lits’upiso tsa Allah, ka ho etsa mahlabelo a liphoofolo Ruri seo se tsoa khalalelong ea lipelo لَكُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّى ثُمَّ مَحِلُّهَآ إِلَى ٱلۡبَيۡتِ ٱلۡعَتِيقِ ٣٣Mahlabelo ao a molemo ho lona sebakeng sa pallo; mathethong sebaka sa tsona lihlabelo tseo se thoko le Ka’ba وَلِكُلِّ أُمَّةٍ جَعَلۡنَا مَنسَكًا لِّيَذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ عَلَىٰ مَا رَزَقَهُم مِّنۢ بَهِيمَةِ ٱلۡأَنۡعَٰمِۗ فَإِلَٰهُكُمۡ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌ فَلَهُۥٓ أَسۡلِمُواْۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُخۡبِتِينَ ٣٤Re fane ka taelo ea lihlabelo ho merabe eohle ea batho, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Allah holim’a makhomo ao A ba nehileng ona ele lijo; etsoe `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong, kahoo ineheleng ho Eena. Fana ka litaba tse molemo ho ba ikokobetsang ٱلَّذِينَ إِذَا ذُكِرَ ٱللَّهُ وَجِلَتۡ قُلُوبُهُمۡ وَٱلصَّٰبِرِينَ عَلَىٰ مَآ أَصَابَهُمۡ وَٱلۡمُقِيمِي ٱلصَّلَوٰةِ وَمِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ يُنفِقُونَ ٣٥Bao lipelo tsa bona li tlaloang ke ts’abo nakong eo ho buuoang ka Allah, ba mamellang holim’a lintho tsohle tse ba hlahelang ka ts’ohanyetso, le ho phethahatsa lithapelo esita le ho nyehela ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona وَٱلۡبُدۡنَ جَعَلۡنَٰهَا لَكُم مِّن شَعَٰٓئِرِ ٱللَّهِ لَكُمۡ فِيهَا خَيۡرٌۖ فَٱذۡكُرُواْ ٱسۡمَ ٱللَّهِ عَلَيۡهَا صَوَآفَّۖ فَإِذَا وَجَبَتۡ جُنُوبُهَا فَكُلُواْ مِنۡهَا وَأَطۡعِمُواْ ٱلۡقَانِعَ وَٱلۡمُعۡتَرَّۚ كَذَٰلِكَ سَخَّرۡنَٰهَا لَكُمۡ لَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ ٣٦Likamele tsa sehlabelo Re li etselitse hoba har’a Litsu’po ho tsoa ho Allah. Le na le melemo e mengata ho tsona. Kahoo, le hlalose lebitso la Allah holim’a tsona nakong eo li tjammeng ka mekhahlelo. Joale, ha li se li oele fats’e kamor’a ho hlajoa, le ka itjella le hona ho fepa ba hlokang le bohle ba qelang ka hlompho. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona kateng, hore le tle le fane ka liteboho لَن يَنَالَ ٱللَّهَ لُحُومُهَا وَلَا دِمَآؤُهَا وَلَٰكِن يَنَالُهُ ٱلتَّقۡوَىٰ مِنكُمۡۚ كَذَٰلِكَ سَخَّرَهَا لَكُمۡ لِتُكَبِّرُواْ ٱللَّهَ عَلَىٰ مَا هَدَىٰكُمۡۗ وَبَشِّرِ ٱلۡمُحۡسِنِينَ ٣٧Ha se nama, kapa mali a tsona a tla finyella ho Allah, empa ke tumelo ea lona e tla finyella ho Eena. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona, hore le tle le tlotlise Allah, A tle A le tataise. Fana ka litaba tse molemo tsena ho ba etsang tse lokileng ۞ إِنَّ ٱللَّهَ يُدَٰفِعُ عَنِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْۗ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يُحِبُّ كُلَّ خَوَّانٍ كَفُورٍ ٣٨Ruri! Allah U ts’ireletsa bohle ba kholoang. Allah ha A rate ea furallang tumelo, a hloka le teboho أُذِنَ لِلَّذِينَ يُقَٰتَلُونَ بِأَنَّهُمۡ ظُلِمُواْۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ عَلَىٰ نَصۡرِهِمۡ لَقَدِيرٌ ٣٩Ntoa e lumeletsoe ba loanang hobane ba hateletsoe; Allah U Matla Oohle ho ba thusa ٱلَّذِينَ أُخۡرِجُواْ مِن دِيَٰرِهِم بِغَيۡرِ حَقٍّ إِلَّآ أَن يَقُولُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُۗ وَلَوۡلَا دَفۡعُ ٱللَّهِ ٱلنَّاسَ بَعۡضَهُم بِبَعۡضٍ لَّهُدِّمَتۡ صَوَٰمِعُ وَبِيَعٌ وَصَلَوَٰتٌ وَمَسَٰجِدُ يُذۡكَرُ فِيهَا ٱسۡمُ ٱللَّهِ كَثِيرًاۗ وَلَيَنصُرَنَّ ٱللَّهُ مَن يَنصُرُهُۥٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَقَوِيٌّ عَزِيزٌ ٤٠Ba phalalisitsoeng malapeng a bona hobane ba itse: “Mong`a rona ke Allah,” na ha se Allah ea thibang lehlakore le leng la batho ka le leng, Ruri! Ho ka be ho ile ha heletsoa Litempele, Likereke, li-Sinakhokhe le li-Mosque moo lebitso la Allah le tlotlisoang ka mehla eohle. Allah U thusa ea mo thusang. Hobane Allah U Matla Oohle, U Ts’abehile Matleng, – ٱلَّذِينَ إِن مَّكَّنَّٰهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ أَقَامُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتَوُاْ ٱلزَّكَوٰةَ وَأَمَرُواْ بِٱلۡمَعۡرُوفِ وَنَهَوۡاْ عَنِ ٱلۡمُنكَرِۗ وَلِلَّهِ عَٰقِبَةُ ٱلۡأُمُورِ ٤١Bao e reng ha Re ba neha matla lefats’eng, ebe ba phethahatsa lithapelo le hona ho fana ka linyehelo le ho khothaletsa toka, le ho felisa bobe. Ho Allah ke poloko ea litla-morao tsa litaba tsohle وَإِن يُكَذِّبُوكَ فَقَدۡ كَذَّبَتۡ قَبۡلَهُمۡ قَوۡمُ نُوحٍ وَعَادٌ وَثَمُودُ ٤٢Ebang ba u hanyetsa, le Batho pele ho bona ba ‘nile ba etsa joalo ka Baprofeta ba bona, – batho ba habo Nooe esitana le mohlobo oa ba-Ad le ba-Thamud وَقَوۡمُ إِبۡرَٰهِيمَ وَقَوۡمُ لُوطٍ ٤٣Le ba habo Abrahama le Lota وَأَصۡحَٰبُ مَدۡيَنَۖ وَكُذِّبَ مُوسَىٰۖ فَأَمۡلَيۡتُ لِلۡكَٰفِرِينَ ثُمَّ أَخَذۡتُهُمۡۖ فَكَيۡفَ كَانَ نَكِيرِ ٤٤Le Balekane ba batho ba Mediane. Le Moshe o ‘nile a latoloa; empa Ke ile Ka fana ka nyehlisetso ho mahan-atumelo ha nakoana, eaba Ke ba neha kotlo kamor’a moo, nyeliso ea Ka ho bona e bile e ts’abehang joang فَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ أَهۡلَكۡنَٰهَا وَهِيَ ظَالِمَةٌ فَهِيَ خَاوِيَةٌ عَلَىٰ عُرُوشِهَا وَبِئۡرٍ مُّعَطَّلَةٍ وَقَصۡرٍ مَّشِيدٍ ٤٥Ke Lichaba tse kae tseo Re ileng Ra li ripitla nakong eo li neng li le sebeng, hoo e ileng ha sala e le lesupi ho fihlela kajeno, ke liliba tse kae tse ileng tsa sala shalabeng esita le tsona lipaleisi أَفَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَتَكُونَ لَهُمۡ قُلُوبٌ يَعۡقِلُونَ بِهَآ أَوۡ ءَاذَانٌ يَسۡمَعُونَ بِهَاۖ فَإِنَّهَا لَا تَعۡمَى ٱلۡأَبۡصَٰرُ وَلَٰكِن تَعۡمَى ٱلۡقُلُوبُ ٱلَّتِي فِي ٱلصُّدُورِ ٤٦Na ha ba e s’o hahlaule le lefats’e, hoo lipelo tsa bona li ka sisimohang esitana le tsona litsebe tsa bona li ka utloang? Hobane! Ruri ha se mahlo a bona a foufetseng, empa ke lipelo tse ka lifubeng tsa bona وَيَسۡتَعۡجِلُونَكَ بِٱلۡعَذَابِ وَلَن يُخۡلِفَ ٱللَّهُ وَعۡدَهُۥۚ وَإِنَّ يَوۡمًا عِندَ رَبِّكَ كَأَلۡفِ سَنَةٍ مِّمَّا تَعُدُّونَ ٤٧Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Allah A ke ke A sitoa ts’episong ea Hae, Ruri! Haele letsatsi le kapel’a Allah, le shebahala le ka balloa lilemong tse sekete ho latela palo ea lona وَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ أَمۡلَيۡتُ لَهَا وَهِيَ ظَالِمَةٌ ثُمَّ أَخَذۡتُهَا وَإِلَيَّ ٱلۡمَصِيرُ ٤٨Hana ke Lichaba tse kae tseo ke ileng ka li neha nyehlisetso, le hoja li ne li le sebeng? Hoo ke ileng ka li neha kotlo khabareng. Ruri! Poelo e ho ‘Na قُلۡ يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ إِنَّمَآ أَنَا۠ لَكُمۡ نَذِيرٌ مُّبِينٌ ٤٩E re: “Oho batho! Ke rometsoe ho lona feela ho fana thlokomeliso e hlakileng فَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ لَهُم مَّغۡفِرَةٌ وَرِزۡقٌ كَرِيمٌ ٥٠Bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng, ts’oarelo e teng bakeng sa bona `moho le nala e babatsehang وَٱلَّذِينَ سَعَوۡاْ فِيٓ ءَايَٰتِنَا مُعَٰجِزِينَ أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَحِيمِ ٥١Empa haele ba tsitlaletseng khahlanong le lits’enolo tsa Rona, – e tla ba balekane ba Mollo.” وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ مِن رَّسُولٍ وَلَا نَبِيٍّ إِلَّآ إِذَا تَمَنَّىٰٓ أَلۡقَى ٱلشَّيۡطَٰنُ فِيٓ أُمۡنِيَّتِهِۦ فَيَنسَخُ ٱللَّهُ مَا يُلۡقِي ٱلشَّيۡطَٰنُ ثُمَّ يُحۡكِمُ ٱللَّهُ ءَايَٰتِهِۦۗ وَٱللَّهُ عَلِيمٌ حَكِيمٌ ٥٢Ha Re’a s’o ka Re romella moromuoa, kapa moporofeta pele ho uena, ebe eba Satane ha a mo hoka-hoke ka malepa. Empa Allah U hlakola sohle seo Stane a se etsang. Allah U phethahatsa lits’enolo tsa Hae. Hobane Allah U tletse tsebo, U Seli لِّيَجۡعَلَ مَا يُلۡقِي ٱلشَّيۡطَٰنُ فِتۡنَةً لِّلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ وَٱلۡقَاسِيَةِ قُلُوبُهُمۡۗ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَفِي شِقَاقِۭ بَعِيدٍ ٥٣E le hore A tle A etse seo liabolosi a se etsang teko ho bao lipelo tsa bona ho tletseng maloetse, le bao lipelo tsa bona li thatafetseng, – Ruri! Baetsalibe ba karohanong e totobetseng, – وَلِيَعۡلَمَ ٱلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ أَنَّهُ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّكَ فَيُؤۡمِنُواْ بِهِۦ فَتُخۡبِتَ لَهُۥ قُلُوبُهُمۡۗ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهَادِ ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٥٤Le ba nehiloeng tsebo ba tle ba tsebe hore ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ba tle ba kholoe ho eona le lipelo tsa bona li tle li inehele ka boikokobetso ho Eena. Hobane! Ruri Allah U tataisa bohle ba kholoang tseleng e totobetseng وَلَا يَزَالُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فِي مِرۡيَةٍ مِّنۡهُ حَتَّىٰ تَأۡتِيَهُمُ ٱلسَّاعَةُ بَغۡتَةً أَوۡ يَأۡتِيَهُمۡ عَذَابُ يَوۡمٍ عَقِيمٍ ٥٥Bohle ba hanyetsang tumelo ba ke ke ba khaotsa ho ba le khoao holim’a eona, ho fihlela hora e ba oela ka ts’ohanyetso, kapa ba tloha ba oeloa ke Letsatsi la Tlokotsi ٱلۡمُلۡكُ يَوۡمَئِذٍ لِّلَّهِ يَحۡكُمُ بَيۡنَهُمۡۚ فَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فِي جَنَّٰتِ ٱلنَّعِيمِ ٥٦Matla a Puso mohla letsatsi leo, e tla be e le a Allah feela. Ke Eena Ea tla ahlola lipakeng tsa bona. Haele ba tla beng ba kholoa, ba etsa liketso tse lokileng ba tla kena ka har’a Lirapa tsa Nyakallo وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِـَٔايَٰتِنَا فَأُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ مُّهِينٌ ٥٧Ba hanyetsang tumelo, ba latola lits’enolo tsa Rona, ho teng Kahlolo e soabisang وَٱلَّذِينَ هَاجَرُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ ثُمَّ قُتِلُوٓاْ أَوۡ مَاتُواْ لَيَرۡزُقَنَّهُمُ ٱللَّهُ رِزۡقًا حَسَنًاۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهُوَ خَيۡرُ ٱلرَّٰزِقِينَ ٥٨Bohle ba phaphathehang malapeng a bona ts’ebeletsong ea Allah, ba fenethoa, kapa ba shoa, Ruri! Allah U tla ba sitsa ka nala e babatsehang. Ruri Allah Ke Eena Ea fanang ka nala لَيُدۡخِلَنَّهُم مُّدۡخَلًا يَرۡضَوۡنَهُۥۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَعَلِيمٌ حَلِيمٌ ٥٩Ruri! U tla ba amohela sebakeng se tla ba khahla. Hobane! Allah U Tseba Tsohle, U na le Kutloelo-Bohloko ۞ ذَٰلِكَۖ وَمَنۡ عَاقَبَ بِمِثۡلِ مَا عُوقِبَ بِهِۦ ثُمَّ بُغِيَ عَلَيۡهِ لَيَنصُرَنَّهُ ٱللَّهُۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَعَفُوٌّ غَفُورٌ ٦٠Ke kamoo ho leng kateng. Mong le mong ea iphetetsang ka bohloko bo ts’oanang le boo a ileng a bo utloisoa, e be hamorao o boetse o phetoa ka bona, Ruri! Allah U tla mo thusa. Hobane! Allah ke Eena Ea tlosang libe, o ts’oarela- joalo-joalo ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ يُولِجُ ٱلَّيۡلَ فِي ٱلنَّهَارِ وَيُولِجُ ٱلنَّهَارَ فِي ٱلَّيۡلِ وَأَنَّ ٱللَّهَ سَمِيعُۢ بَصِيرٌ ٦١Ke hobane Allah U entse hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe le mots’eare o sehe bosiu tsebe, hobane Allah U ultoa tsohle, U bona tsohle ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡحَقُّ وَأَنَّ مَا يَدۡعُونَ مِن دُونِهِۦ هُوَ ٱلۡبَٰطِلُ وَأَنَّ ٱللَّهَ هُوَ ٱلۡعَلِيُّ ٱلۡكَبِيرُ ٦٢Hobane Allah – Ke ‘Nete, seo ba bitsang ho sona kantle ho Eena, ke leshano, Allah U Phahametse Tsohle, U Moholo- Holo أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ أَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَتُصۡبِحُ ٱلۡأَرۡضُ مُخۡضَرَّةًۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَطِيفٌ خَبِيرٌ ٦٣Na ha le bone kamoo Allah A romellang pula lefats’eng kateng e tsoa marung, ebe lefats’e le apareloa ke botala ka letsatsi le hlahlamang? Ruri! Allah U Hloekile, U Hlokolosi لَّهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۚ وَإِنَّ ٱللَّهَ لَهُوَ ٱلۡغَنِيُّ ٱلۡحَمِيدُ ٦٤Lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Hae. Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ سَخَّرَ لَكُم مَّا فِي ٱلۡأَرۡضِ وَٱلۡفُلۡكَ تَجۡرِي فِي ٱلۡبَحۡرِ بِأَمۡرِهِۦ وَيُمۡسِكُ ٱلسَّمَآءَ أَن تَقَعَ عَلَى ٱلۡأَرۡضِ إِلَّا بِإِذۡنِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ بِٱلنَّاسِ لَرَءُوفٌ رَّحِيمٌ ٦٥Na ha le bone kamoo Allah A entseng hore lintho tsohle tse teng lefats’eng li be le molemo kateng ho lona? Likepe li sesa holim’a leoatle ka taelo ea Hae, U ts’oere leholimo hore le se ke la oela fats’e kantle le ka tumello ea Hae. Ruri! Allah U Tletse Khauhelo, U Mohau o Khaphatsehang ho batho وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَحۡيَاكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يُحۡيِيكُمۡۗ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَكَفُورٌ ٦٦Ke Eena ea le nehileng bophelo, ke Eena ea tla etsa hore le shoe, A boele A le nehe bophelo hape. Ruri! Motho ke sebupuoa se hlokang teboho لِّكُلِّ أُمَّةٍ جَعَلۡنَا مَنسَكًا هُمۡ نَاسِكُوهُۖ فَلَا يُنَٰزِعُنَّكَ فِي ٱلۡأَمۡرِۚ وَٱدۡعُ إِلَىٰ رَبِّكَۖ إِنَّكَ لَعَلَىٰ هُدًى مُّسۡتَقِيمٍ ٦٧Re fane ka lits’ebeletso tsa keteko le meetlo ho lichaba tsohle tseo ba ts’oanetseng ho li phethahatsa; ba se u ngangise ka taba eo, empa u ba biletse ho Mong`a hau. Hobane! Ruri uena u latetse Tataiso e Nepahetseng وَإِن جَٰدَلُوكَ فَقُلِ ٱللَّهُ أَعۡلَمُ بِمَا تَعۡمَلُونَ ٦٨Empa ba u phehisa khang, E re: “Allah U tseba ka botlalo tsohle tseo le li etsang ٱللَّهُ يَحۡكُمُ بَيۡنَكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كُنتُمۡ فِيهِ تَخۡتَلِفُونَ ٦٩“Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla Letsatsi la Kahlolo khahlanong le seo le neng le hanyetsana ka sona أَلَمۡ تَعۡلَمۡ أَنَّ ٱللَّهَ يَعۡلَمُ مَا فِي ٱلسَّمَآءِ وَٱلۡأَرۡضِۚ إِنَّ ذَٰلِكَ فِي كِتَٰبٍۚ إِنَّ ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ يَسِيرٌ ٧٠Na ha le tsebe hore Allah U tseba lintho tsohle tse leholimong esita le tsohle tse lefats’eng? Ruri! Seo se ngoliloe, seo se bobebe ho Allah وَيَعۡبُدُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَا لَمۡ يُنَزِّلۡ بِهِۦ سُلۡطَٰنًا وَمَا لَيۡسَ لَهُم بِهِۦ عِلۡمٌۗ وَمَا لِلظَّٰلِمِينَ مِن نَّصِيرٍ ٧١Empa ba khumamela lintho tse sa kang tsa senoleloa matla le hanyane, kantle ho Allah, tse bileng li senang le tsebo. Baetsalibe ha ba na mothusi وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا بَيِّنَٰتٍ تَعۡرِفُ فِي وُجُوهِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱلۡمُنكَرَۖ يَكَادُونَ يَسۡطُونَ بِٱلَّذِينَ يَتۡلُونَ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتِنَاۗ قُلۡ أَفَأُنَبِّئُكُم بِشَرٍّ مِّن ذَٰلِكُمُۚ ٱلنَّارُ وَعَدَهَا ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْۖ وَبِئۡسَ ٱلۡمَصِيرُ ٧٢Ha Lits’enolo tsa Rona tse Hlakileng li phetoa, u tla bona tatolo lifahlehong tsa mahana-tumelo; ho sale hanyane ba futuhela ba ba phetelang lits’enolo tsa Rona. E re: “Na nka le bolella ka se seng se nyarosang ho feta lits’enolo seo? Ke Mollo! Oo Allah a o ts’episitseng mahana-tumelo. Phello ea leeto e babang يَٰٓأَيُّهَا ٱلنَّاسُ ضُرِبَ مَثَلٌ فَٱسۡتَمِعُواْ لَهُۥٓۚ إِنَّ ٱلَّذِينَ تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ لَن يَخۡلُقُواْ ذُبَابًا وَلَوِ ٱجۡتَمَعُواْ لَهُۥۖ وَإِن يَسۡلُبۡهُمُ ٱلذُّبَابُ شَيۡـًٔا لَّا يَسۡتَنقِذُوهُ مِنۡهُۚ ضَعُفَ ٱلطَّالِبُ وَٱلۡمَطۡلُوبُ ٧٣Oho batho! Papiso ke ena, kahoo thehang tsebe: Lintho tseo le li bitsang ho tsona ntle ho Allah li sitoa ho hlola leha e le ts’ints’i, le ha li ka kopano ‘moho ka morero oo. Haeba ts’ints’i e ka nka ho hong ho tsona, li ke ke tsa e pholosa ho eona. Kahoo, ka bobeli bakopi le bakopuoang ba ea fokola مَا قَدَرُواْ ٱللَّهَ حَقَّ قَدۡرِهِۦٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَقَوِيٌّ عَزِيزٌ ٧٤Ba mpa ba entse tekanyo ka Allah: Hobane! Ruri Allah ke Ea Matla, Ea phethahatsang Thato ea Hae ٱللَّهُ يَصۡطَفِي مِنَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ رُسُلًا وَمِنَ ٱلنَّاسِۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَمِيعُۢ بَصِيرٌ ٧٥Allah U khetha baromuoa har’a manyeloi le har’a batho. Allah ke Eena Ea utloang tsohle, o bona tsohle يَعۡلَمُ مَا بَيۡنَ أَيۡدِيهِمۡ وَمَا خَلۡفَهُمۡۚ وَإِلَى ٱللَّهِ تُرۡجَعُ ٱلۡأُمُورُ ٧٦U tseba tsohle tse kapel’a bona esita le tsohle tse kamora’ bona, lipotso tsohle li tla boela ho Allah يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱرۡكَعُواْ وَٱسۡجُدُواْۤ وَٱعۡبُدُواْ رَبَّكُمۡ وَٱفۡعَلُواْ ٱلۡخَيۡرَ لَعَلَّكُمۡ تُفۡلِحُونَ ۩ ٧٧Oho lona ba kholoang! Inamang, le ithapalatse le rapele Mong`a lona, le etse ka toka, hore le tle le atlehe وَجَٰهِدُواْ فِي ٱللَّهِ حَقَّ جِهَادِهِۦۚ هُوَ ٱجۡتَبَىٰكُمۡ وَمَا جَعَلَ عَلَيۡكُمۡ فِي ٱلدِّينِ مِنۡ حَرَجٍۚ مِّلَّةَ أَبِيكُمۡ إِبۡرَٰهِيمَۚ هُوَ سَمَّىٰكُمُ ٱلۡمُسۡلِمِينَ مِن قَبۡلُ وَفِي هَٰذَا لِيَكُونَ ٱلرَّسُولُ شَهِيدًا عَلَيۡكُمۡ وَتَكُونُواْ شُهَدَآءَ عَلَى ٱلنَّاسِۚ فَأَقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَءَاتُواْ ٱلزَّكَوٰةَ وَٱعۡتَصِمُواْ بِٱللَّهِ هُوَ مَوۡلَىٰكُمۡۖ فَنِعۡمَ ٱلۡمَوۡلَىٰ وَنِعۡمَ ٱلنَّصِيرُ ٧٨Le be le tsitlalle tseleng ea Allah joaloka ha e le tokelo ea hae ho tsitlallela. U le khethile, ha A le belesa ka mojaro o boima tumelong; ke tumelo ea ntat’a lona Abrahama. Ke eena ea le rehileng Mamuslim linakong tsa khale-khale le ka har’a

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.