ملة الإسلام

السورة 23 · 118 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة المؤمنون باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة المؤمنون (1,265 قارئاً)
مكيةسورة المؤمنون١١٨ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

قَدۡ أَفۡلَحَ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ١Ba kholoang ba tla atleha qetellong, – ٱلَّذِينَ هُمۡ فِي صَلَاتِهِمۡ خَٰشِعُونَ ٢Ba ikokobetsang lithapelong tsa bona وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَنِ ٱللَّغۡوِ مُعۡرِضُونَ ٣Ba qobang lipuo tsa mafeela وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِلزَّكَوٰةِ فَٰعِلُونَ ٤Ba mahlahahlaha nyehelong وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِفُرُوجِهِمۡ حَٰفِظُونَ ٥Ba ila thobalano إِلَّا عَلَىٰٓ أَزۡوَٰجِهِمۡ أَوۡ مَا مَلَكَتۡ أَيۡمَٰنُهُمۡ فَإِنَّهُمۡ غَيۡرُ مَلُومِينَ ٦Ntle le basali ba bona feela, kapa makhabunyane ao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hobane ho bona ha ba na molato فَمَنِ ٱبۡتَغَىٰ وَرَآءَ ذَٰلِكَ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡعَادُونَ ٧Empa bao litakatso li tlolang meeli eo, ke litloli tsa molao, – وَٱلَّذِينَ هُمۡ لِأَمَٰنَٰتِهِمۡ وَعَهۡدِهِمۡ رَٰعُونَ ٨Bohle bahlokometseng kano ea bona, le selekane وَٱلَّذِينَ هُمۡ عَلَىٰ صَلَوَٰتِهِمۡ يُحَافِظُونَ ٩Ba hlokomelang lithapelo tsa bona, – أُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡوَٰرِثُونَ ١٠Bao e tla ba majalefa ٱلَّذِينَ يَرِثُونَ ٱلۡفِرۡدَوۡسَ هُمۡ فِيهَا خَٰلِدُونَ ١١A tlang ho ja lefa Paradeisi: ba tla phela teng وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِن سُلَٰلَةٍ مِّن طِينٍ ١٢Re hlotse motho ka letsopa ثُمَّ جَعَلۡنَٰهُ نُطۡفَةً فِي قَرَارٍ مَّكِينٍ ١٣Eaba Re mo beha e le there ea peo ka har’a popelo ثُمَّ خَلَقۡنَا ٱلنُّطۡفَةَ عَلَقَةً فَخَلَقۡنَا ٱلۡعَلَقَةَ مُضۡغَةً فَخَلَقۡنَا ٱلۡمُضۡغَةَ عِظَٰمًا فَكَسَوۡنَا ٱلۡعِظَٰمَ لَحۡمًا ثُمَّ أَنشَأۡنَٰهُ خَلۡقًا ءَاخَرَۚ فَتَبَارَكَ ٱللَّهُ أَحۡسَنُ ٱلۡخَٰلِقِينَ ١٤Ra nto apesa there eo ka lehloele, eaba Re etsa lehloele leo polokoana, polokoana eo Ra e apesa masapo le hona ho apesa masapo ao ka nama; eaba Re hlahisa sebopua seo se ts’oana le tse ling. Kahoo, Allah ha A hlohonolofatsoe, Eena Ea hloahloa tlholehong ثُمَّ إِنَّكُم بَعۡدَ ذَٰلِكَ لَمَيِّتُونَ ١٥Kamor’a moo le tla shoa ثُمَّ إِنَّكُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ تُبۡعَثُونَ ١٦Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla tsosoa وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا فَوۡقَكُمۡ سَبۡعَ طَرَآئِقَ وَمَا كُنَّا عَنِ ٱلۡخَلۡقِ غَٰفِلِينَ ١٧Re hlotse litsela tse supileng kaholim’a lona, Re tsotella Libopuoa tsa Rona وَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءَۢ بِقَدَرٍ فَأَسۡكَنَّٰهُ فِي ٱلۡأَرۡضِۖ وَإِنَّا عَلَىٰ ذَهَابِۭ بِهِۦ لَقَٰدِرُونَ ١٨Re romella pula lefats’eng e theoha marung ka tekanyo, ebe Re etsa hore e nyamele lefats’eng; Re e monya ha bonolo فَأَنشَأۡنَا لَكُم بِهِۦ جَنَّٰتٍ مِّن نَّخِيلٍ وَأَعۡنَٰبٍ لَّكُمۡ فِيهَا فَوَٰكِهُ كَثِيرَةٌ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ ١٩Ka eona Re le hlahisetsa lirapa tsa litholoana tsa palema le merara, eo ho eona ho nang le maro molemong oa lona ao le a jang وَشَجَرَةً تَخۡرُجُ مِن طُورِ سَيۡنَآءَ تَنۢبُتُ بِٱلدُّهۡنِ وَصِبۡغٍ لِّلۡأٓكِلِينَ ٢٠Le sefate se hlahileng holim’a Thaba ea Sinai, se lutlang mafura le hona ho ba mathe maloli ho ba se jang وَإِنَّ لَكُمۡ فِي ٱلۡأَنۡعَٰمِ لَعِبۡرَةًۖ نُّسۡقِيكُم مِّمَّا فِي بُطُونِهَا وَلَكُمۡ فِيهَا مَنَٰفِعُ كَثِيرَةٌ وَمِنۡهَا تَأۡكُلُونَ ٢١Le likhomong ho teng mohlala oa thuto ho lona. Re le neha lebese le tsoang ka har’a limpa tsa tsona hore le le noe, ho teng melemo e mengata ea tsona ho lona, e bile le’a li ja وَعَلَيۡهَا وَعَلَى ٱلۡفُلۡكِ تُحۡمَلُونَ ٢٢Le’a li palama le ho lipama; esita le tsona likepe وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا نُوحًا إِلَىٰ قَوۡمِهِۦ فَقَالَ يَٰقَوۡمِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥٓۚ أَفَلَا تَتَّقُونَ ٢٣Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo. A re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Na le sa tla ke le khese sebe?” فَقَالَ ٱلۡمَلَؤُاْ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ مِن قَوۡمِهِۦ مَا هَٰذَآ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يُرِيدُ أَن يَتَفَضَّلَ عَلَيۡكُمۡ وَلَوۡ شَآءَ ٱللَّهُ لَأَنزَلَ مَلَٰٓئِكَةً مَّا سَمِعۡنَا بِهَٰذَا فِيٓ ءَابَآئِنَا ٱلۡأَوَّلِينَ ٢٤Marena a batho ba habo a neng a sa mahana-tumelo a re: “Enoa ke motho ea joaloka lona ea mpang a rata ho iketsa eka o na le matla a fetang a lona. Athe hoja e bile thato ea Allah, Ruri! A ka be a ile a romella manyeloi lefats’eng. Ebile ha Re’a ka Ra utloa sena litabeng tsa bo-ntat’a rona moholo.” إِنۡ هُوَ إِلَّا رَجُلُۢ بِهِۦ جِنَّةٌ فَتَرَبَّصُواْ بِهِۦ حَتَّىٰ حِينٍ ٢٥Ba bang ba re: “U mpa a e na le bohlanya enoa, kahoo suthang pel’a hae ha nakoana قَالَ رَبِّ ٱنصُرۡنِي بِمَا كَذَّبُونِ ٢٦Nooe a re: “Mong`a ka! Ak’u nthuse hobane ba mphara ka mashano.” فَأَوۡحَيۡنَآ إِلَيۡهِ أَنِ ٱصۡنَعِ ٱلۡفُلۡكَ بِأَعۡيُنِنَا وَوَحۡيِنَا فَإِذَا جَآءَ أَمۡرُنَا وَفَارَ ٱلتَّنُّورُ فَٱسۡلُكۡ فِيهَا مِن كُلٍّ زَوۡجَيۡنِ ٱثۡنَيۡنِ وَأَهۡلَكَ إِلَّا مَن سَبَقَ عَلَيۡهِ ٱلۡقَوۡلُ مِنۡهُمۡۖ وَلَا تُخَٰطِبۡنِي فِي ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ إِنَّهُم مُّغۡرَقُونَ ٢٧Eaba Re ts’ollela ts`enolelo ho eena: “Aha Areka ka pel’a mahlo a Rona le tlas’a ts’usumetso ea Rona. E tle ere ha taelo ea Rona e fihla, mehloli e ts’akhunya metsi, ebe u nka liphoofolo ka bobeli `moho le lelapa la hau kantle le bao ebang molaetsa o ile oa finyella ho bona. U se ke be oa nkopa letho khahlanong le bao ebang ba entse libe. Hobane! Bona ba tla khangoa ke metsi فَإِذَا ٱسۡتَوَيۡتَ أَنتَ وَمَن مَّعَكَ عَلَى ٱلۡفُلۡكِ فَقُلِ ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي نَجَّىٰنَا مِنَ ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ ٢٨Joale, ha u se u le ka har’a Areka, uena le batho bohle ba tla be ba le kamoo, le tle le re: “Lithoriso li be ho Allah ea Re pholositseng har’a batho ba oetseng sebeng!” وَقُل رَّبِّ أَنزِلۡنِي مُنزَلًا مُّبَارَكًا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلۡمُنزِلِينَ ٢٩U re: “Mong`a ka! Ak’u etse hore ke tle ke theohe sebakeng se hlohonolofetseng, hobane ke uena ea molemo ho re tlisa lefats’eng.” إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ وَإِن كُنَّا لَمُبۡتَلِينَ ٣٠Ruri! Ka har’a tsena ho teng lits’upsio, hobane ke rona ba behang batho tekong ثُمَّ أَنشَأۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِمۡ قَرۡنًا ءَاخَرِينَ ٣١Eaba kamor’a bona Re hlahisa letloobo le leng فَأَرۡسَلۡنَا فِيهِمۡ رَسُولًا مِّنۡهُمۡ أَنِ ٱعۡبُدُواْ ٱللَّهَ مَا لَكُم مِّنۡ إِلَٰهٍ غَيۡرُهُۥٓۚ أَفَلَا تَتَّقُونَ ٣٢Ra ba romella moromuoa oa habo bona, A re: “Khumamelang Allah. Ha le na `Mopi e mong ntle ho Allah. Na le sa tla ke khutle mekhoeng?” وَقَالَ ٱلۡمَلَأُ مِن قَوۡمِهِ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَكَذَّبُواْ بِلِقَآءِ ٱلۡأٓخِرَةِ وَأَتۡرَفۡنَٰهُمۡ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا مَا هَٰذَآ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ يَأۡكُلُ مِمَّا تَأۡكُلُونَ مِنۡهُ وَيَشۡرَبُ مِمَّا تَشۡرَبُونَ ٣٣Marena a batho ba habo ba mahana-tumelo, ba hanyetsa kopano ea bophelo Bo-tlang, ao re’a entseng ka mohau bophelong balefats’e lena, a re: “Enoa entse e le motho ea joaloka lona, ea bileng a jang seo le se jang le ho noa seo le se noang وَلَئِنۡ أَطَعۡتُم بَشَرًا مِّثۡلَكُمۡ إِنَّكُمۡ إِذًا لَّخَٰسِرُونَ ٣٤“Haeba le tla mamela motho ea ntseng a ts’oana le lona, Ruri! Le tla sala shalabeng أَيَعِدُكُمۡ أَنَّكُمۡ إِذَا مِتُّمۡ وَكُنتُمۡ تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَنَّكُم مُّخۡرَجُونَ ٣٥“Na u le ts’episa hore ha le se le shoele, le fetohile lerole le masapo, le tla boela bophelong hape ۞ هَيۡهَاتَ هَيۡهَاتَ لِمَا تُوعَدُونَ ٣٦“Seo le se ts’episitsoeng ke mohlolo o ke keng oa etsahala إِنۡ هِيَ إِلَّا حَيَاتُنَا ٱلدُّنۡيَا نَمُوتُ وَنَحۡيَا وَمَا نَحۡنُ بِمَبۡعُوثِينَ ٣٧“Ha ho bophelo bo bong ntle le bophelo ba rona ba lefats’e; re ea phela, e bile re’a shoa; re ke ke ra boela ra phela hape إِنۡ هُوَ إِلَّا رَجُلٌ ٱفۡتَرَىٰ عَلَى ٱللَّهِ كَذِبًا وَمَا نَحۡنُ لَهُۥ بِمُؤۡمِنِينَ ٣٨“Empa ele motho ea iqapetseng leshano khahlano le Allah. Ha se motho oa hore re ka kholoa ho ena.” قَالَ رَبِّ ٱنصُرۡنِي بِمَا كَذَّبُونِ ٣٩Moporofeta a re: “Mong`a ka! Ak’u mpe o nthuse hobane ba mphara ka mashano.” قَالَ عَمَّا قَلِيلٍ لَّيُصۡبِحُنَّ نَٰدِمِينَ ٤٠Allah A re: “Ruri! Ka nakoana e khuts’oane ba tla its’ola.” فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّيۡحَةُ بِٱلۡحَقِّ فَجَعَلۡنَٰهُمۡ غُثَآءًۚ فَبُعۡدًا لِّلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ ٤١Ho qhoma ho ts’abehang ho ile ha ba nanola ka toka, Ra ba etsa joaloka mahoholi ha a hohotsoe ke sefefo. Timelo e bohlooko bathong ba etsang bobe ثُمَّ أَنشَأۡنَا مِنۢ بَعۡدِهِمۡ قُرُونًا ءَاخَرِينَ ٤٢Kamor’a bona Ra hlahisa letloobo le leng مَا تَسۡبِقُ مِنۡ أُمَّةٍ أَجَلَهَا وَمَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ ٤٣Ha ho sechaba se tla phonyoha nako ea sona ea pallo, leha e le hona ho e busetsa morao feela ثُمَّ أَرۡسَلۡنَا رُسُلَنَا تَتۡرَاۖ كُلَّ مَا جَآءَ أُمَّةً رَّسُولُهَا كَذَّبُوهُۖ فَأَتۡبَعۡنَا بَعۡضَهُم بَعۡضًا وَجَعَلۡنَٰهُمۡ أَحَادِيثَۚ فَبُعۡدًا لِّقَوۡمٍ لَّا يُؤۡمِنُونَ ٤٤Re romella baromuoa ba Rona ka tatellano. Ka mehla ha moromuoa a fihla ho sechaba sa habo, ba mo qosa ka mashano; kahoo, Re etsa hore ba latelane ka bo-bona koluoeng, Re baetsa pale. Ho teng timelo ho batho ba latolang tumelo ثُمَّ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ وَأَخَاهُ هَٰرُونَ بِـَٔايَٰتِنَا وَسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ ٤٥Eaba Re romella Moshe le moena’e Aarone ka lits’upiso tsa Rona le bopaki bo pepenene إِلَىٰ فِرۡعَوۡنَ وَمَلَإِيْهِۦ فَٱسۡتَكۡبَرُواْ وَكَانُواْ قَوۡمًا عَالِينَ ٤٦Ho Faro le Mahlahana a hae, empa baile ba ba nyelisa; e bile batho ba ikakasang فَقَالُوٓاْ أَنُؤۡمِنُ لِبَشَرَيۡنِ مِثۡلِنَا وَقَوۡمُهُمَا لَنَا عَٰبِدُونَ ٤٧Ba re: “Na re ka kholoa ho batho ba babeli ba ntseng ba ts’oana le rona, bao mehahabo bona e leng makhoba a rona?” فَكَذَّبُوهُمَا فَكَانُواْ مِنَ ٱلۡمُهۡلَكِينَ ٤٨Kahoo, ba ba qosa ka mashano; ba oela har’a ba ileng ba ripitloa وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا مُوسَى ٱلۡكِتَٰبَ لَعَلَّهُمۡ يَهۡتَدُونَ ٤٩Ra neha Moshe Lengolo, hore ba tle ba fumane tataisoe وَجَعَلۡنَا ٱبۡنَ مَرۡيَمَ وَأُمَّهُۥٓ ءَايَةً وَءَاوَيۡنَٰهُمَآ إِلَىٰ رَبۡوَةٍ ذَاتِ قَرَارٍ وَمَعِينٍ ٥٠Ra etsa sesupo ka Maria le Mora oa hae, Re ile Ra ba neha bots’abeli sebakeng se phahameng tlas’a sefate sa palema, e leng sebaka sa mehlape le mehloli ea liliba يَٰٓأَيُّهَا ٱلرُّسُلُ كُلُواْ مِنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَٱعۡمَلُواْ صَٰلِحًاۖ إِنِّي بِمَا تَعۡمَلُونَ عَلِيمٌ ٥١Oho lona baromuoa! Jang lintho tsohle tse hloekileng, le be le etse toka. Hobane! Ruri Ke hlokolosi ka tseo le li etsang وَإِنَّ هَٰذِهِۦٓ أُمَّتُكُمۡ أُمَّةً وَٰحِدَةً وَأَنَا۠ رَبُّكُمۡ فَٱتَّقُونِ ٥٢Tumelo ena ea lona ke tumelo e le ngoe, ‘Na ke Mong`a lona, kahoo Nts’abeng فَتَقَطَّعُوٓاْ أَمۡرَهُم بَيۡنَهُمۡ زُبُرًاۖ كُلُّ حِزۡبِۭ بِمَا لَدَيۡهِمۡ فَرِحُونَ ٥٣Empa batho ba arohantse tumelo ea bona, ba e etsa makalana, lekala le leng le le leng le nyakalla ka seo le leng ho sona فَذَرۡهُمۡ فِي غَمۡرَتِهِمۡ حَتَّىٰ حِينٍ ٥٤Ak`o ba tlohele har’a phoso eo ea bona ho se hokae أَيَحۡسَبُونَ أَنَّمَا نُمِدُّهُم بِهِۦ مِن مَّالٍ وَبَنِينَ ٥٥Ebe ba nahana hore thepeng eo Re ba nehileng eona le bara bao Re ba sitsitseng ka bona نُسَارِعُ لَهُمۡ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِۚ بَل لَّا يَشۡعُرُونَ ٥٦Re ba potlakela ka tsohle tse molemo? Che, ha ba utloisise إِنَّ ٱلَّذِينَ هُم مِّنۡ خَشۡيَةِ رَبِّهِم مُّشۡفِقُونَ ٥٧Ruri! Haele ba tsamaeang ka hloko ba ts’aba Mong`a bona وَٱلَّذِينَ هُم بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ يُؤۡمِنُونَ ٥٨Ba kholoang Lits’enolong tsa Mong`a bona وَٱلَّذِينَ هُم بِرَبِّهِمۡ لَا يُشۡرِكُونَ ٥٩Ba sa kopanye Mong`a bona le batlatsetsi وَٱلَّذِينَ يُؤۡتُونَ مَآ ءَاتَواْ وَّقُلُوبُهُمۡ وَجِلَةٌ أَنَّهُمۡ إِلَىٰ رَبِّهِمۡ رَٰجِعُونَ ٦٠Ba bafanang ka linyehelo tsa bona ka lipelo tse ts’abo, ka khopolo ea hore ba tla boela ho Mong`a bona أُوْلَٰٓئِكَ يُسَٰرِعُونَ فِي ٱلۡخَيۡرَٰتِ وَهُمۡ لَهَا سَٰبِقُونَ ٦١Ke bona ba potlakelang mesebetsing e lokileng, ke bona ba ka pele har’a bona وَلَا نُكَلِّفُ نَفۡسًا إِلَّا وُسۡعَهَاۚ وَلَدَيۡنَا كِتَٰبٌ يَنطِقُ بِٱلۡحَقِّ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ٦٢Ha Re jarise moea ofe, kapa ofe mojaro o tla o imela; Re na le pokello ea lintho tsohle e buoang ‘nete, ba ke ba qhekelloa بَلۡ قُلُوبُهُمۡ فِي غَمۡرَةٍ مِّنۡ هَٰذَا وَلَهُمۡ أَعۡمَٰلٌ مِّن دُونِ ذَٰلِكَ هُمۡ لَهَا عَٰمِلُونَ ٦٣Empa lipelo tsa bona li na le pherekano ea ho hloka tsebo ka sena, etsoe ba na le mesebetsi e meng eo ba tsoelang pele ho e etsa حَتَّىٰٓ إِذَآ أَخَذۡنَا مُتۡرَفِيهِم بِٱلۡعَذَابِ إِذَا هُمۡ يَجۡـَٔرُونَ ٦٤Ho fihlela nakong eo Re tla nanola lintho tsohle tse molemo tsa bona tsa lefats’e lena ka kotlo, bonang! batla ikoahlaha ka boikokobetso لَا تَجۡـَٔرُواْ ٱلۡيَوۡمَۖ إِنَّكُم مِّنَّا لَا تُنصَرُونَ ٦٥Ho tla thoe: “Se keng la ikokobetsa kajeno! Hobane Re ke ke Ra le thusa قَدۡ كَانَتۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَكُنتُمۡ عَلَىٰٓ أَعۡقَٰبِكُمۡ تَنكِصُونَ ٦٦“Lits’enolo tsa Ka li ‘nile tsa phetoa ho lona, empa le ne le tloaetse ho li furalla مُسۡتَكۡبِرِينَ بِهِۦ سَٰمِرًا تَهۡجُرُونَ ٦٧“Ka boikhants’o bohle. Bosiu le ne le qoqa mepoto le le ‘moho أَفَلَمۡ يَدَّبَّرُواْ ٱلۡقَوۡلَ أَمۡ جَآءَهُم مَّا لَمۡ يَأۡتِ ءَابَآءَهُمُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٦٨Na ebe ha ba nahane ka molaetsa, kapa ebe hona le se tlileng ho bona se sa kang sa finyella ho bo-ntat’a bona moholo ba khale-khale أَمۡ لَمۡ يَعۡرِفُواْ رَسُولَهُمۡ فَهُمۡ لَهُۥ مُنكِرُونَ ٦٩Kapa, ebe ba ne ba sa tsebe Moromuoa oa bona, eaba b’a mo latola أَمۡ يَقُولُونَ بِهِۦ جِنَّةُۢۚ بَلۡ جَآءَهُم بِٱلۡحَقِّ وَأَكۡثَرُهُمۡ لِلۡحَقِّ كَٰرِهُونَ ٧٠Kapa, ebe ba re: “Enoa u kenoe ke bohlanya? Che u ne a ba tliselitse ‘nete; bongata ba bona ba hloile ‘nete وَلَوِ ٱتَّبَعَ ٱلۡحَقُّ أَهۡوَآءَهُمۡ لَفَسَدَتِ ٱلسَّمَٰوَٰتُ وَٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهِنَّۚ بَلۡ أَتَيۡنَٰهُم بِذِكۡرِهِمۡ فَهُمۡ عَن ذِكۡرِهِم مُّعۡرِضُونَ ٧١Hoja e be ‘nete e ne e ile ea sala morao litakatso tsa bona, Ruri! Maholimo le lefats’e esitana le tsohle tse teng ho lona li ka be li ile tsa senyeha. Che, Re ba tliselitse sehopotso sa bona, le hoja ha joale ba se koenehela أَمۡ تَسۡـَٔلُهُمۡ خَرۡجًا فَخَرَاجُ رَبِّكَ خَيۡرٌۖ وَهُوَ خَيۡرُ ٱلرَّٰزِقِينَ ٧٢Kapa e be u ba kopile moputso oa letho? Empa nala ea Mong`a hau e molemo, hobane ke Eena ea molemo har’a bohle ba fanang ka phepo وَإِنَّكَ لَتَدۡعُوهُمۡ إِلَىٰ صِرَٰطٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٧٣Empa u ba bilelitse tseleng e topileng وَإِنَّ ٱلَّذِينَ لَا يُؤۡمِنُونَ بِٱلۡأٓخِرَةِ عَنِ ٱلصِّرَٰطِ لَنَٰكِبُونَ ٧٤Ruri! Haele basa lumeleng bophelong Bo-tlang ba khelohetse thoko le tsela e topileng ۞ وَلَوۡ رَحِمۡنَٰهُمۡ وَكَشَفۡنَا مَا بِهِم مِّن ضُرٍّ لَّلَجُّواْ فِي طُغۡيَٰنِهِمۡ يَعۡمَهُونَ ٧٥Le hoja e be Re bile le mohau holim’a bona le hona ho ba pholosa kotsing e neng eba aparetse, ba ne ba tla ‘ne batsoele pele ho hlahlathela thoko ka botlaopa ba bona وَلَقَدۡ أَخَذۡنَٰهُم بِٱلۡعَذَابِ فَمَا ٱسۡتَكَانُواْ لِرَبِّهِمۡ وَمَا يَتَضَرَّعُونَ ٧٦Ruri! Re ile Ra ba nehella ka kotlo, empa ha ba na boikokobetso kapel’a Mong`a bona le hona ho Mo rapela feela حَتَّىٰٓ إِذَا فَتَحۡنَا عَلَيۡهِم بَابًا ذَا عَذَابٍ شَدِيدٍ إِذَا هُمۡ فِيهِ مُبۡلِسُونَ ٧٧Ho fihlela mohla Re ba bulelang mekoallo ea kahlolo e mahlonoko, bona! Moo teng baa t`saba وَهُوَ ٱلَّذِيٓ أَنشَأَ لَكُمُ ٱلسَّمۡعَ وَٱلۡأَبۡصَٰرَ وَٱلۡأَفۡـِٔدَةَۚ قَلِيلًا مَّا تَشۡكُرُونَ ٧٨Ke Eena ea le hloletseng litsebe le mahlo le maikutlo le kutloisiso. Empa le fana ka liteboho tse fokolang وَهُوَ ٱلَّذِي ذَرَأَكُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَإِلَيۡهِ تُحۡشَرُونَ ٧٩Ebile ke Eena ea le atisitseng lefats’eng, bohle le tla bokelloa ho Eena وَهُوَ ٱلَّذِي يُحۡيِۦ وَيُمِيتُ وَلَهُ ٱخۡتِلَٰفُ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِۚ أَفَلَا تَعۡقِلُونَ ٨٠Ke Eena ea fanang ka bophelo esita le lefu, e bile phapanyetsano ea bosiu le mots’eare ke ea Hae. Na le tla ba le kutloisiso بَلۡ قَالُواْ مِثۡلَ مَا قَالَ ٱلۡأَوَّلُونَ ٨١Ba bua puo e ts’oanang le’a batho ba khale قَالُوٓاْ أَءِذَا مِتۡنَا وَكُنَّا تُرَابًا وَعِظَٰمًا أَءِنَّا لَمَبۡعُوثُونَ ٨٢Ba re: “Na ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape لَقَدۡ وُعِدۡنَا نَحۡنُ وَءَابَآؤُنَا هَٰذَا مِن قَبۡلُ إِنۡ هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ٨٣Haesale re ntse re ts’episoa jooana, rona le bo-ntat’a rona moholo.” قُل لِّمَنِ ٱلۡأَرۡضُ وَمَن فِيهَآ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٨٤E re: “Ke tsa mang lintho tsohle tse teng lefats’eng haeba le na le tsebo?” سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ ٨٥Ba tla re: “Ke tsa Allah.” U re: “Joale, na ha le sa hopola?” قُلۡ مَن رَّبُّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ ٱلسَّبۡعِ وَرَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡعَظِيمِ ٨٦E re: “Ke mang Mong`a maholimo a supileng le Mong`a Terone e Machosi?” Haeba lea tseba!” سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ أَفَلَا تَتَّقُونَ ٨٧Ba tla re: “Ho Allah.” Joale, E re: “Na joale ha le na ts’abo ho Eena?” قُلۡ مَنۢ بِيَدِهِۦ مَلَكُوتُ كُلِّ شَيۡءٍ وَهُوَ يُجِيرُ وَلَا يُجَارُ عَلَيۡهِ إِن كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ٨٨E re: “Haeba le na le tsebo, ke mang eo matla a puso ea lintho tsohle a leng ka har’a seatla sa hae, a bile a li sirelelitse, empa khahlanong le Eena ho se na mots’ireletsi?” سَيَقُولُونَ لِلَّهِۚ قُلۡ فَأَنَّىٰ تُسۡحَرُونَ ٨٩Ba tla re: “Ke tsa Allah.” Joale, u re: “Joale hobaneng haele moo le louoe?” بَلۡ أَتَيۡنَٰهُم بِٱلۡحَقِّ وَإِنَّهُمۡ لَكَٰذِبُونَ ٩٠Re ba rometse ‘nete, le hoja bona ba keteka leshano مَا ٱتَّخَذَ ٱللَّهُ مِن وَلَدٍ وَمَا كَانَ مَعَهُۥ مِنۡ إِلَٰهٍۚ إِذًا لَّذَهَبَ كُلُّ إِلَٰهِۭ بِمَا خَلَقَ وَلَعَلَا بَعۡضُهُمۡ عَلَىٰ بَعۡضٍۚ سُبۡحَٰنَ ٱللَّهِ عَمَّا يَصِفُونَ ٩١Ha ho mora eo Allah a mo tsoetseng, kapa hore e be ho na le `Mopi e mong pel’a Hae; ebang ho ne ho le joalo, `Mopi e mong le e mong a ka ba inketse tseo A li hlotseng, ba bang ba bona ba ne ba tla loants’a ba bang. Lithoriso li be ho Allah Ea okametseng lintho tsohle tseo ba li bolelang عَٰلِمِ ٱلۡغَيۡبِ وَٱلشَّهَٰدَةِ فَتَعَٰلَىٰ عَمَّا يُشۡرِكُونَ ٩٢U tseba tse patiloeng le tse bonoang! U phahametse lintho tsohle tseo ba li manamisang ho Eena, e le batlatsetsi قُل رَّبِّ إِمَّا تُرِيَنِّي مَا يُوعَدُونَ ٩٣E re: “Mong`a ka! Hoja feela eba U ne U ka mponts’a seo ba se khalemeletsoeng رَبِّ فَلَا تَجۡعَلۡنِي فِي ٱلۡقَوۡمِ ٱلظَّٰلِمِينَ ٩٤“Mong`a ka! U mpe U se ke oa mpeha har’a batho ba oetseng sebeng.” وَإِنَّا عَلَىٰٓ أَن نُّرِيَكَ مَا نَعِدُهُمۡ لَقَٰدِرُونَ ٩٥Ruri! Re ka khona ho u bonts’a seo Re ba khlemeletseng sona ٱدۡفَعۡ بِٱلَّتِي هِيَ أَحۡسَنُ ٱلسَّيِّئَةَۚ نَحۡنُ أَعۡلَمُ بِمَا يَصِفُونَ ٩٦Tlosa sebe ka se molemo. Re hlokolosi haholo ka seo ba se bolelang وَقُل رَّبِّ أَعُوذُ بِكَ مِنۡ هَمَزَٰتِ ٱلشَّيَٰطِينِ ٩٧U be u re: “Mong`a ka! Ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le lit’sebelo tsa ba babe وَأَعُوذُ بِكَ رَبِّ أَن يَحۡضُرُونِ ٩٨“E bile ke kopa ts’ireletso ho Uena, Mong`a ka, esere ba tloha ba ba haufi le ‘na حَتَّىٰٓ إِذَا جَآءَ أَحَدَهُمُ ٱلۡمَوۡتُ قَالَ رَبِّ ٱرۡجِعُونِ ٩٩Ho fihlela nakong eo lefu le ka khahlanyetsang e mong oa bona, o re: “Mong`a ka mpusetse morao لَعَلِّيٓ أَعۡمَلُ صَٰلِحًا فِيمَا تَرَكۡتُۚ كـَلَّآۚ إِنَّهَا كَلِمَةٌ هُوَ قَآئِلُهَاۖ وَمِن وَرَآئِهِم بَرۡزَخٌ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ ١٠٠“Hore ke tle ke etse toka holim’a lintho tseo ke li siileng morao! Empa che! E mpa e le lentsoe leo a le buoang; kamor’a bona ho teng mokoallo ho fihlela letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona فَإِذَا نُفِخَ فِي ٱلصُّورِ فَلَآ أَنسَابَ بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَئِذٍ وَلَا يَتَسَآءَلُونَ ١٠١Mohla Terompeta e letsoang, ha ho na hoba le kamano har’a bona ka letsatsi leo, kapa ho na hore ba be le lipuisano فَمَن ثَقُلَتۡ مَوَٰزِينُهُۥ فَأُوْلَٰٓئِكَ هُمُ ٱلۡمُفۡلِحُونَ ١٠٢Haele bohle ba maemo a boima, ke bona ba tla beng ba atlehile وَمَنۡ خَفَّتۡ مَوَٰزِينُهُۥ فَأُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ خَسِرُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ فِي جَهَنَّمَ خَٰلِدُونَ ١٠٣Haele ba maemo a sesefetseng, ke bona ba tla beng ba nyahlalitse meea ea bona, ba tla phela Liheleng تَلۡفَحُ وُجُوهَهُمُ ٱلنَّارُ وَهُمۡ فِيهَا كَٰلِحُونَ ١٠٤Mollo o tla tlabola lifahleho tsa bona, ba tla ba mahlomoleng a maholo kamoo أَلَمۡ تَكُنۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَكُنتُم بِهَا تُكَذِّبُونَ ١٠٥“Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Ka, tseo lona le ne le tloaetse ho li khesa قَالُواْ رَبَّنَا غَلَبَتۡ عَلَيۡنَا شِقۡوَتُنَا وَكُنَّا قَوۡمًا ضَآلِّينَ ١٠٦Bat la re “Mong`a rona! Bomalimabe ba rona bo re phoqile, re bile batho ba oetseng phosong رَبَّنَآ أَخۡرِجۡنَا مِنۡهَا فَإِنۡ عُدۡنَا فَإِنَّا ظَٰلِمُونَ ١٠٧“Mong`a rona! Oho, Ak’u mpe U re nt`se mona! Haeba Re ka boela sebeng, Ruri! Re tla be Re le baetsa-libe.” قَالَ ٱخۡسَـُٔواْ فِيهَا وَلَا تُكَلِّمُونِ ١٠٨Allah U tla re: “Lulang hona kamoo, le se ke la mpuisa إِنَّهُۥ كَانَ فَرِيقٌ مِّنۡ عِبَادِي يَقُولُونَ رَبَّنَآ ءَامَنَّا فَٱغۡفِرۡ لَنَا وَٱرۡحَمۡنَا وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلرَّٰحِمِينَ ١٠٩Ho bile teng karolo ea makhabunyane e neng e rapela: “Mong`a rona! Re’a kholoa, kahoo U mpe U re ts’oarele le hona hoba mosa holim’a rona, hobane ke Uena Ea molemo har’a bohle ba bonts’ang mohau;” فَٱتَّخَذۡتُمُوهُمۡ سِخۡرِيًّا حَتَّىٰٓ أَنسَوۡكُمۡ ذِكۡرِي وَكُنتُم مِّنۡهُمۡ تَضۡحَكُونَ ١١٠Empa le ile la ikhethela ho ba ts’eha, hoo ba ileng ba le lebatsa ho ka nkhopola, nakong eo le neng le ba tlepa lit`seho إِنِّي جَزَيۡتُهُمُ ٱلۡيَوۡمَ بِمَا صَبَرُوٓاْ أَنَّهُمۡ هُمُ ٱلۡفَآئِزُونَ ١١١“Kajeno Ke se Ke ba putsitse ho latela kamoo ba neng ba e na le mamello kateng; Ke bona ba atlehileng قَٰلَ كَمۡ لَبِثۡتُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ عَدَدَ سِنِينَ ١١٢U tla re: “Hana le phetse lilemo tse kae lefats’eng?” قَالُواْ لَبِثۡنَا يَوۡمًا أَوۡ بَعۡضَ يَوۡمٍ فَسۡـَٔلِ ٱلۡعَآدِّينَ ١١٣Ba tla re: “Re lutse feela letsatsi, kapa karolo ea lona. Empa ak’u botse ba neng ba ntse ba bala!” قَٰلَ إِن لَّبِثۡتُمۡ إِلَّا قَلِيلًاۖ لَّوۡ أَنَّكُمۡ كُنتُمۡ تَعۡلَمُونَ ١١٤U tla re: “Le lutse nakoana e khuts’oanyane hoja eba le na le tsebo أَفَحَسِبۡتُمۡ أَنَّمَا خَلَقۡنَٰكُمۡ عَبَثًا وَأَنَّكُمۡ إِلَيۡنَا لَا تُرۡجَعُونَ ١١٥“Le ne le nahana hore Re ne Re le hloletse papali, hoo le ke keng la hlotse le boela ho Rona?” فَتَعَٰلَى ٱللَّهُ ٱلۡمَلِكُ ٱلۡحَقُّۖ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا هُوَ رَبُّ ٱلۡعَرۡشِ ٱلۡكَرِيمِ ١١٦Allah U phahame kahofetisisa, Motlotlehi, ‘Nete! Etsoe ha ho `Mopi e mong kantle ho Eena, Eena Mong`a Terone Ea Lereko وَمَن يَدۡعُ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَ لَا بُرۡهَٰنَ لَهُۥ بِهِۦ فَإِنَّمَا حِسَابُهُۥ عِندَ رَبِّهِۦٓۚ إِنَّهُۥ لَا يُفۡلِحُ ٱلۡكَٰفِرُونَ ١١٧Ea rapelang lits’oants’o ntle ho Allah, ha a na matla holim’a ntho e joalo. Kahlolo ea bona e ho Mong`a bona feela. Ruri! Haele mahana-tumelo ba ke ke ba atleha وَقُل رَّبِّ ٱغۡفِرۡ وَٱرۡحَمۡ وَأَنتَ خَيۡرُ ٱلرَّٰحِمِينَ ١١٨E re: “Mong`a ka! U ts’oarele le hona ho ba le mohau, hobane ke Uena Ea Molemo ka ho fetisisa har’a bohle ba bonts’ang mohau.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.