ملة الإسلام

السورة 15 · 99 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الحجر باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الحجر (1,272 قارئاً)
مكيةسورة الحجر٩٩ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

الٓرۚ تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱلۡكِتَٰبِ وَقُرۡءَانٍ مُّبِينٍ ١Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Qura’n, – tseo eleng manollo e hlakileng رُّبَمَا يَوَدُّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لَوۡ كَانُواْ مُسۡلِمِينَ ٢Mahana-tumelo a tla tlaloa ke takatso ea hore ba ke beba ile ba inamela thatong ea Allah, Islamong ذَرۡهُمۡ يَأۡكُلُواْ وَيَتَمَتَّعُواْ وَيُلۡهِهِمُ ٱلۡأَمَلُۖ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ ٣Ba tloheleng ba je le hona ho natefeloa le ho ithabisa. Ha Ts’epo ea bohata e ba thabise: Haufi ba tla ruoa tsebo وَمَآ أَهۡلَكۡنَا مِن قَرۡيَةٍ إِلَّا وَلَهَا كِتَابٌ مَّعۡلُومٌ ٤Ha Re’a ka Ra timetsa sechaba empa ho sa ka ha eba le pallo malebana le ona مَّا تَسۡبِقُ مِنۡ أُمَّةٍ أَجَلَهَا وَمَا يَسۡتَـٔۡخِرُونَ ٥Etsoe ho se sechaba se ka itlhophelang nako eo ea pallo, kapa hona hore ba e liehise وَقَالُواْ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِي نُزِّلَ عَلَيۡهِ ٱلذِّكۡرُ إِنَّكَ لَمَجۡنُونٌ ٦Ba re: “Hela uena eo molaetsa o senotsoeng ho uena, Ruri u’a hlanya لَّوۡمَا تَأۡتِينَا بِٱلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ ٧Hobaneng u sa tlise manyeloi ho rona, haeba u le e mong oa ba nang le ‘Nete?” مَا نُنَزِّلُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةَ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَمَا كَانُوٓاْ إِذًا مُّنظَرِينَ ٨Ha Re ke Re romela manyeloi haese feela ka lebaka le tiileng, ha ane a ka tla, Bonang! ba ne ba tla hloka phomolo إِنَّا نَحۡنُ نَزَّلۡنَا ٱلذِّكۡرَ وَإِنَّا لَهُۥ لَحَٰفِظُونَ ٩Re theoletse Molaetsa ona kantle ho qeaqeo; Ruri Re balebeli ba oona وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مِن قَبۡلِكَ فِي شِيَعِ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٠Re romeletse Baromuoa pele ho uena har’a batho ba litumelo tsa khale وَمَا يَأۡتِيهِم مِّن رَّسُولٍ إِلَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ١١Ha ho le’a mong oa baromuoa eo ba sa kang ba mo soma كَذَٰلِكَ نَسۡلُكُهُۥ فِي قُلُوبِ ٱلۡمُجۡرِمِينَ ١٢Ke kamoo re etsang hore e kene lipelong tsa ba molato لَا يُؤۡمِنُونَ بِهِۦ وَقَدۡ خَلَتۡ سُنَّةُ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٣Hore ha ba kholoe ho oona, le hoja mohlala oa batho ba khale o se o fetile pele وَلَوۡ فَتَحۡنَا عَلَيۡهِم بَابًا مِّنَ ٱلسَّمَآءِ فَظَلُّواْ فِيهِ يَعۡرُجُونَ ١٤Le haeba Re ne Re ba buletse khoro ea leholimo, bane ba tla qeta letsatsi lohle ho nyolohela teng لَقَالُوٓاْ إِنَّمَا سُكِّرَتۡ أَبۡصَٰرُنَا بَلۡ نَحۡنُ قَوۡمٌ مَّسۡحُورُونَ ١٥Ba re: “Mahlo a rona a tahiloe: che, re mpa re loiloe.” وَلَقَدۡ جَعَلۡنَا فِي ٱلسَّمَآءِ بُرُوجًا وَزَيَّنَّٰهَا لِلنَّٰظِرِينَ ١٦Ke Rona ba thalehileng maholimo ka Mats’oao a Linaleli, Ra le ntlafatsa sebakeng sa babohi وَحَفِظۡنَٰهَا مِن كُلِّ شَيۡطَٰنٍ رَّجِيمٍ ١٧Re A ts’irelelitse malebana le meea eohle ea liabolosi e lits’ila إِلَّا مَنِ ٱسۡتَرَقَ ٱلسَّمۡعَ فَأَتۡبَعَهُۥ شِهَابٌ مُّبِينٌ ١٨Empa ea fumanang kutlo ka bokhukhuni, o salangoe ke khanare ea lelakabe وَٱلۡأَرۡضَ مَدَدۡنَٰهَا وَأَلۡقَيۡنَا فِيهَا رَوَٰسِيَ وَأَنۢبَتۡنَا فِيهَا مِن كُلِّ شَيۡءٍ مَّوۡزُونٍ ١٩Haele lefats’e lona re le alile joaloka moseme, eaba re beha holim’a lona Lithaba tse tsepameng ka tieo; le hona ho hlahisa lintho tsohle tsa mefuta holim’a lona ka tekano وَجَعَلۡنَا لَكُمۡ فِيهَا مَعَٰيِشَ وَمَن لَّسۡتُمۡ لَهُۥ بِرَٰزِقِينَ ٢٠Re le nehile boipheliso holim’a lona ekasitana le bao uena o sa ba fepeng letho وَإِن مِّن شَيۡءٍ إِلَّا عِندَنَا خَزَآئِنُهُۥ وَمَا نُنَزِّلُهُۥٓ إِلَّا بِقَدَرٍ مَّعۡلُومٍ ٢١Ha ho letho le teng leo mehloli ea lona e seng ho Rona. Ha Re romelle letho lefats’eng haese ka tekanyo e lekaneng وَأَرۡسَلۡنَا ٱلرِّيَٰحَ لَوَٰقِحَ فَأَنزَلۡنَا مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَسۡقَيۡنَٰكُمُوهُ وَمَآ أَنتُمۡ لَهُۥ بِخَٰزِنِينَ ٢٢Re bile Re romella liphefo tse matlafatsang, le hona ho nesa pula e tsoang marung ho le neha metsi. Empa le se balebeli ba mehloli eo وَإِنَّا لَنَحۡنُ نُحۡيِۦ وَنُمِيتُ وَنَحۡنُ ٱلۡوَٰرِثُونَ ٢٣Ruri! Ke Rona ba fanang ka bophelo, le ho fana ka lefu, ke Rona ba salang E le majalefa وَلَقَدۡ عَلِمۡنَا ٱلۡمُسۡتَقۡدِمِينَ مِنكُمۡ وَلَقَدۡ عَلِمۡنَا ٱلۡمُسۡتَـٔۡخِرِينَ ٢٤Ruri Re’a tseba ka ba potlakelang pele har’a lona le ba le le sisitheho وَإِنَّ رَبَّكَ هُوَ يَحۡشُرُهُمۡۚ إِنَّهُۥ حَكِيمٌ عَلِيمٌ ٢٥Bona! Mong`a hau U tla ba khobokanya ‘moho. Hobane Ruri U Seli, U hlokolosi وَلَقَدۡ خَلَقۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ مِن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ ٢٦Re hlotse motho ka letsopa le lets’o, le tsoang seretseng se khobiloeng la nehoa sebopeho وَٱلۡجَآنَّ خَلَقۡنَٰهُ مِن قَبۡلُ مِن نَّارِ ٱلسَّمُومِ ٢٧Pele re hlotse Masabonoeng ka mollo o tlotlehang وَإِذۡ قَالَ رَبُّكَ لِلۡمَلَٰٓئِكَةِ إِنِّي خَٰلِقُۢ بَشَرًا مِّن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ ٢٨U be u hopole mohla Mong`a hau A neng A re ho manyeloi: “bonang! Ke morerong oa ho hlola motho ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng le tla nehoa sebopeho فَإِذَا سَوَّيۡتُهُۥ وَنَفَخۡتُ فِيهِ مِن رُّوحِي فَقَعُواْ لَهُۥ سَٰجِدِينَ ٢٩Ho ba ke mo hlole le hona ho bolulela moea oa ka U halalelang ka ho eena, le oele fats’e ka boikokobetso kapela hae.” فَسَجَدَ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ كُلُّهُمۡ أَجۡمَعُونَ ٣٠Manyeloi ohle a ile a ithapalatsa ka boikokobetso ‘moho إِلَّآ إِبۡلِيسَ أَبَىٰٓ أَن يَكُونَ مَعَ ٱلسَّٰجِدِينَ ٣١Haese Iblis. Ea ileng a hana hoba har’a ba ithapalatsang قَالَ يَٰٓإِبۡلِيسُ مَا لَكَ أَلَّا تَكُونَ مَعَ ٱلسَّٰجِدِينَ ٣٢Allah A re: “Oho Iblis! Ke lefeng lebaka le entseng hore u se ke oa ba har’a ba ithapalatsang?” قَالَ لَمۡ أَكُن لِّأَسۡجُدَ لِبَشَرٍ خَلَقۡتَهُۥ مِن صَلۡصَٰلٍ مِّنۡ حَمَإٍ مَّسۡنُونٍ ٣٣Iblis a re: “Nka ithapalatsa joang ho motho eo u mo hlotseng ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng, eaba le’a khojoa le nehoa sebopeho?” قَالَ فَٱخۡرُجۡ مِنۡهَا فَإِنَّكَ رَجِيمٌ ٣٤Allah A re: “Tloha mona ke hona, hobane o ea khesehang وَإِنَّ عَلَيۡكَ ٱللَّعۡنَةَ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلدِّينِ ٣٥Thohako e tlaba holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.” قَالَ رَبِّ فَأَنظِرۡنِيٓ إِلَىٰ يَوۡمِ يُبۡعَثُونَ ٣٦Iblis a re: “Mong`a ka! A k’u mphe nyehlisetso ho fihlela Letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.” قَالَ فَإِنَّكَ مِنَ ٱلۡمُنظَرِينَ ٣٧Allah A re: “Nyehlisetso o e filoe إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡوَقۡتِ ٱلۡمَعۡلُومِ ٣٨Ho fihlela Nako ea Pallo.” قَالَ رَبِّ بِمَآ أَغۡوَيۡتَنِي لَأُزَيِّنَنَّ لَهُمۡ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَأُغۡوِيَنَّهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٣٩Iblis a re: “Mong`a ka! Ho latela hore u ntahletse thoko le tsela e nepahetseng, Ruri ke tla ntlafatsa tsela e fosahetseng malebana le batho ba lefats’eng, ke tla khelosa bohle tseleng e nepahetseng إِلَّا عِبَادَكَ مِنۡهُمُ ٱلۡمُخۡلَصِينَ ٤٠Ntle le makhabunyane a hau a ts’epahalang a bileng a hloekisitsoeng.” قَالَ هَٰذَا صِرَٰطٌ عَلَيَّ مُسۡتَقِيمٌ ٤١Allah A re: “Ena ke tsela e nepahetseng ea makhabunyane a ka, ebile e le setlamo ho ‘na إِنَّ عِبَادِي لَيۡسَ لَكَ عَلَيۡهِمۡ سُلۡطَٰنٌ إِلَّا مَنِ ٱتَّبَعَكَ مِنَ ٱلۡغَاوِينَ ٤٢Haele makhabunyane ha u ope o tlang ho ba le matla holim’a hae, ntle le ba ikenyang phosong ba o latele وَإِنَّ جَهَنَّمَ لَمَوۡعِدُهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٤٣Ruri lihele ke sebaka seo ba se t`sepisitsoeng لَهَا سَبۡعَةُ أَبۡوَٰبٍ لِّكُلِّ بَابٍ مِّنۡهُمۡ جُزۡءٌ مَّقۡسُومٌ ٤٤Se na le likhoro tse supileng, khoro ka `ngoe e na le karolo ea eona ea pallo إِنَّ ٱلۡمُتَّقِينَ فِي جَنَّٰتٍ وَعُيُونٍ ٤٥Ba lokileng ba tla ba har’a lirapa le liliba ٱدۡخُلُوهَا بِسَلَٰمٍ ءَامِنِينَ ٤٦Ho tla thoe ho bona: “Kenang ho tsona ka Khotso le Paballeho.” وَنَزَعۡنَا مَا فِي صُدُورِهِم مِّنۡ غِلٍّ إِخۡوَٰنًا عَلَىٰ سُرُرٍ مُّتَقَٰبِلِينَ ٤٧Re tla hlakola eng kapa eng ekabang teng e mpe ka hare ho lifuba tsa bona. E tla ba baena ba tla beng ba lutse litulong tse phahameng ba shebane ka mahlong لَا يَمَسُّهُمۡ فِيهَا نَصَبٌ وَمَا هُم مِّنۡهَا بِمُخۡرَجِينَ ٤٨Ho se khathatso ea letho e ka ba t`soenyang moo, kapa hona ho lelekoa sebakeng seo.” ۞ نَبِّئۡ عِبَادِيٓ أَنِّيٓ أَنَا ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ ٤٩Bolella makhabunyane A ka hore, Ruri Ke Ts’oarela-joalo- joalo, ebile Ke Khaphatseha Mohau ۞ وَأَنَّ عَذَابِي هُوَ ٱلۡعَذَابُ ٱلۡأَلِيمُ ٥٠Empa kotlo Ea Ka ke kotlo e mahlonoko وَنَبِّئۡهُمۡ عَن ضَيۡفِ إِبۡرَٰهِيمَ ٥١U be u ba bolelle ka baeti ba Abrahama إِذۡ دَخَلُواْ عَلَيۡهِ فَقَالُواْ سَلَٰمًا قَالَ إِنَّا مِنكُمۡ وَجِلُونَ ٥٢Kamoo ba ileng ba buoa le eena kateng mohla baneng ba mo etetse, ha ba re: “Khotso.” A re: “Ruri re’a le ts’aba.” قَالُواْ لَا تَوۡجَلۡ إِنَّا نُبَشِّرُكَ بِغُلَٰمٍ عَلِيمٍ ٥٣Ba re: “U se ts’ohe! Hobane Re u tliselitse litaba tse molemo tsa mora ea apesitsoeng bohlale.” قَالَ أَبَشَّرۡتُمُونِي عَلَىٰٓ أَن مَّسَّنِيَ ٱلۡكِبَرُ فَبِمَ تُبَشِّرُونَ ٥٤A re: “Le ka tlisa litaba tse molemo ho ‘na tsa mora nakong ea botsofali ba ka? Li sa na le eng litaba tsa lona tse molemo?” قَالُواْ بَشَّرۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ فَلَا تَكُن مِّنَ ٱلۡقَٰنِطِينَ ٥٥Ba re: “Re u tliselitse litaba tse molemo e le ka ‘nete. Kahoo u se ke oa nyahama.” قَالَ وَمَن يَقۡنَطُ مِن رَّحۡمَةِ رَبِّهِۦٓ إِلَّا ٱلضَّآلُّونَ ٥٦Abrahama a re: “Ke mang ea ka nyahamelang Mohau oa Mong`a hae haese feela ba khelohileng tseleng?” قَالَ فَمَا خَطۡبُكُمۡ أَيُّهَا ٱلۡمُرۡسَلُونَ ٥٧A re: “Joale ke le feng lebaka la lona, lona baromuoa ba Allah?” قَالُوٓاْ إِنَّآ أُرۡسِلۡنَآ إِلَىٰ قَوۡمٍ مُّجۡرِمِينَ ٥٨Ba re: “Re romeletsoe ho batho bohle ba oetseng sebeng إِلَّآ ءَالَ لُوطٍ إِنَّا لَمُنَجُّوهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٥٩Ntle le lelapa la lota. Re tla ba pholosa kaofela إِلَّا ٱمۡرَأَتَهُۥ قَدَّرۡنَآ إِنَّهَا لَمِنَ ٱلۡغَٰبِرِينَ ٦٠Ntle feela le mosali oa Lota, eo Re ikholisitseng hore o tla ba har’a ba tla salla morao.” فَلَمَّا جَآءَ ءَالَ لُوطٍ ٱلۡمُرۡسَلُونَ ٦١Hoba baromuoa ba fihle lelapeng la Lota قَالَ إِنَّكُمۡ قَوۡمٌ مُّنكَرُونَ ٦٢A re: “Le shebahala le le batho ba sa tsebahaleng ho ‘na.” قَالُواْ بَلۡ جِئۡنَٰكَ بِمَا كَانُواْ فِيهِ يَمۡتَرُونَ ٦٣Eaba ba re: “E, re mpa re u tliselitse seo ba bangata ba nang le khoao malebana le sona وَأَتَيۡنَٰكَ بِٱلۡحَقِّ وَإِنَّا لَصَٰدِقُونَ ٦٤Re u tliselitse ‘nete, rona re ba boleli ba ‘nete فَأَسۡرِ بِأَهۡلِكَ بِقِطۡعٍ مِّنَ ٱلَّيۡلِ وَٱتَّبِعۡ أَدۡبَٰرَهُمۡ وَلَا يَلۡتَفِتۡ مِنكُمۡ أَحَدٌ وَٱمۡضُواْ حَيۡثُ تُؤۡمَرُونَ ٦٥U tsamae ka khitla le ba ntlo ea hau, uena u ba qhobe. Ho se be le’a mong oa lona ea tla hetla morao, empa le ee moo le laetsoeng ho ea teng.” وَقَضَيۡنَآ إِلَيۡهِ ذَٰلِكَ ٱلۡأَمۡرَ أَنَّ دَابِرَ هَٰٓؤُلَآءِ مَقۡطُوعٌ مُّصۡبِحِينَ ٦٦Ke kamoo re ileng ra mo hlakisetsa taelo kateng, e le hore mesalla ea ba sebeng e tle e lahleheloe ke likamano esale hosasa وَجَآءَ أَهۡلُ ٱلۡمَدِينَةِ يَسۡتَبۡشِرُونَ ٦٧Baahi ba motse oo ba ile ba tla ka nyakallo e kholo ha ba utloa litaba tsa baeti bana قَالَ إِنَّ هَٰٓؤُلَآءِ ضَيۡفِي فَلَا تَفۡضَحُونِ ٦٨Lota a re: “Ke baeti ba ka. Kahoo le se ntlotlolle وَٱتَّقُواْ ٱللَّهَ وَلَا تُخۡزُونِ ٦٩Empa le ts’abe Allah, le se nts’oabise!” قَالُوٓاْ أَوَلَمۡ نَنۡهَكَ عَنِ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٧٠Ba re: “Na ha Re’a ka Ra u hanela ho phomosetsa mong le mong?” قَالَ هَٰٓؤُلَآءِ بَنَاتِيٓ إِن كُنتُمۡ فَٰعِلِينَ ٧١A re: “Barali ba ka ke bana, haeba le tlameha ho ba nyala.” لَعَمۡرُكَ إِنَّهُمۡ لَفِي سَكۡرَتِهِمۡ يَعۡمَهُونَ ٧٢Ruri ka bophelo ba hau, ba tlankelletse ka botlaopa nyakallong eo ea bona katamelong ea lefu فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّيۡحَةُ مُشۡرِقِينَ ٧٣Ke moo ba ileng ba ripitloa ke ho qhoma ho ts’abehang esale ka meso فَجَعَلۡنَا عَٰلِيَهَا سَافِلَهَا وَأَمۡطَرۡنَا عَلَيۡهِمۡ حِجَارَةً مِّن سِجِّيلٍ ٧٤Re ile ra ba menola le hona ho ba subuhlellanya, eaba Re ba nesetsa sebabole sa manyeta a besitsoeng إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّلۡمُتَوَسِّمِينَ ٧٥Bonang! Ruri kahar’a tsena ke lits’upiso ho ba utloisisang mats’oao وَإِنَّهَا لَبِسَبِيلٍ مُّقِيمٍ ٧٦Metse eo e ne e le pel’a ‘mila hantle o ntseng o tsamauoa إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَةً لِّلۡمُؤۡمِنِينَ ٧٧Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba kholoang وَإِن كَانَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡأَيۡكَةِ لَظَٰلِمِينَ ٧٨Le Balekane ba Moru, ene e le baetsalibe فَٱنتَقَمۡنَا مِنۡهُمۡ وَإِنَّهُمَا لَبِإِمَامٍ مُّبِينٍ ٧٩Re ile Ra iphetetsa ho bona; etsoe le bona ba ntse ba le pel’a ‘mila o moholo o totobetseng ho ka bonoa وَلَقَدۡ كَذَّبَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡحِجۡرِ ٱلۡمُرۡسَلِينَ ٨٠Le Balekane ba Al-hijr, ba ile ba latola baromuoa ba Rona وَءَاتَيۡنَٰهُمۡ ءَايَٰتِنَا فَكَانُواْ عَنۡهَا مُعۡرِضِينَ ٨١Re ile Ra ba neha lits’enolo tsa Rona, empa ba ile ba phehella ho li nyahlatsa وَكَانُواْ يَنۡحِتُونَ مِنَ ٱلۡجِبَالِ بُيُوتًا ءَامِنِينَ ٨٢Ba ile ba ipetlela melingoana ka majoe a moralla, moo a ntseng a ituletse teng ka paballeho فَأَخَذَتۡهُمُ ٱلصَّيۡحَةُ مُصۡبِحِينَ ٨٣Empa ho reketla ho ile ha ba nanola esale ka matjeke فَمَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُم مَّا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ٨٤Tsohle tseo ba neng ba li etsa ha li’a ka tsa ba tsoela molemo وَمَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّۗ وَإِنَّ ٱلسَّاعَةَ لَأٓتِيَةٌۖ فَٱصۡفَحِ ٱلصَّفۡحَ ٱلۡجَمِيلَ ٨٥Ha re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete. Ruri Hora e’a tla. Kahoo, bats’oarele ka bokhabane إِنَّ رَبَّكَ هُوَ ٱلۡخَلَّٰقُ ٱلۡعَلِيمُ ٨٦Ruri Mong`a hau! Ke `Mopi, Ea Tsebang tsohle وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَٰكَ سَبۡعًا مِّنَ ٱلۡمَثَانِي وَٱلۡقُرۡءَانَ ٱلۡعَظِيمَ ٨٧Re u nehile litemana tse supileng tse pheta-phetiloeng hammoho le Qura’n ea Sebele لَا تَمُدَّنَّ عَيۡنَيۡكَ إِلَىٰ مَا مَتَّعۡنَا بِهِۦٓ أَزۡوَٰجًا مِّنۡهُمۡ وَلَا تَحۡزَنۡ عَلَيۡهِمۡ وَٱخۡفِضۡ جَنَاحَكَ لِلۡمُؤۡمِنِينَ ٨٨U se penye mahlo a hau malebana le tseo re li apesitseng ba bang har’a bona: li se u koatise: u mpe u lepeletse mapheeo a hau ho ba kholoang وَقُلۡ إِنِّيٓ أَنَا ٱلنَّذِيرُ ٱلۡمُبِينُ ٨٩Ebe u re: “Ruri ke mohlokomelisi ea hlakileng ea se nang ts’ekamelo,” كَمَآ أَنزَلۡنَا عَلَى ٱلۡمُقۡتَسِمِينَ ٩٠Joaloka ha re kile ra romella ho ba arolang ٱلَّذِينَ جَعَلُواْ ٱلۡقُرۡءَانَ عِضِينَ ٩١Joaloka ha Qura’n e ranthantsoe فَوَرَبِّكَ لَنَسۡـَٔلَنَّهُمۡ أَجۡمَعِينَ ٩٢Kahoo, ka Mong`a hau, Re tla biletsa boikarabellong عَمَّا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ٩٣Mabapi le liketso tsa bona فَٱصۡدَعۡ بِمَا تُؤۡمَرُ وَأَعۡرِضۡ عَنِ ٱلۡمُشۡرِكِينَ ٩٤Ka hona phatlalatsa ponts’eng seo u se laetsoeng, o be u furalle ba kopanyang Allah le melimo ea bohata إِنَّا كَفَيۡنَٰكَ ٱلۡمُسۡتَهۡزِءِينَ ٩٥Re lekane ho u sirelelitsa khahlano le basomi ٱلَّذِينَ يَجۡعَلُونَ مَعَ ٱللَّهِ إِلَٰهًا ءَاخَرَۚ فَسَوۡفَ يَعۡلَمُونَ ٩٦Ba kopanyang Allah le melingoana: Empa haufinyane ba tla rua tsebo وَلَقَدۡ نَعۡلَمُ أَنَّكَ يَضِيقُ صَدۡرُكَ بِمَا يَقُولُونَ ٩٧Re tseba hantle kamoo pelo ea hau e utloang bohloko kateng ke seo ba se buoang فَسَبِّحۡ بِحَمۡدِ رَبِّكَ وَكُن مِّنَ ٱلسَّٰجِدِينَ ٩٨Empa u keteke lithoriso tsa Mong`a hau, u be har’a ba ithapalatsang ka lerato وَٱعۡبُدۡ رَبَّكَ حَتَّىٰ يَأۡتِيَكَ ٱلۡيَقِينُ ٩٩U sebeletse Mong`a hau ho fihlela u le makhatheng a lefu

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.