بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ
الٓرۚ كِتَٰبٌ أَنزَلۡنَٰهُ إِلَيۡكَ لِتُخۡرِجَ ٱلنَّاسَ مِنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِ بِإِذۡنِ رَبِّهِمۡ إِلَىٰ صِرَٰطِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَمِيدِ ١Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo le halalelang leo Re u senoletseng lona, hore ka lona u tle u inole batho lefifing la bo-nka-ntjana u ba tlise leseling ka tumello ea Mong`a hau, u ba tlise Tseleng ea Ea Matla Oohle, Ea Loketsoeng ke Thoriso ٱللَّهِ ٱلَّذِي لَهُۥ مَا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِۗ وَوَيۡلٌ لِّلۡكَٰفِرِينَ مِنۡ عَذَابٍ شَدِيدٍ ٢Allah, Eo lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabellang ho Eena. Mahana-tumelo kotlo e mahlonoko ke ea bona ٱلَّذِينَ يَسۡتَحِبُّونَ ٱلۡحَيَوٰةَ ٱلدُّنۡيَا عَلَى ٱلۡأٓخِرَةِ وَيَصُدُّونَ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَيَبۡغُونَهَا عِوَجًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ فِي ضَلَٰلِۭ بَعِيدٍ ٣Bohle ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena ho feta bophelo Bo-tlang, ba bile ba sitisa batho tseleng ea Allah le hona ho e etsa ts’opholi: ba hlahlathela thoko-thoko وَمَآ أَرۡسَلۡنَا مِن رَّسُولٍ إِلَّا بِلِسَانِ قَوۡمِهِۦ لِيُبَيِّنَ لَهُمۡۖ فَيُضِلُّ ٱللَّهُ مَن يَشَآءُ وَيَهۡدِي مَن يَشَآءُۚ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٤Ha Re’a s’o romelle Moromuoa ka puo e ‘ngoe e fapaneng le ea batho ba habo, e le hore a tle a totobatse molaetsa hantle ho bona. Ke Allah ea romellang ea ikhethelang eena thoko-thoko le tsela e otlolohileng, le hona ho tataisa ea khahloang ke eena. Ruri U Matla Oohle, U Seli وَلَقَدۡ أَرۡسَلۡنَا مُوسَىٰ بِـَٔايَٰتِنَآ أَنۡ أَخۡرِجۡ قَوۡمَكَ مِنَ ٱلظُّلُمَٰتِ إِلَى ٱلنُّورِ وَذَكِّرۡهُم بِأَيَّىٰمِ ٱللَّهِۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّكُلِّ صَبَّارٍ شَكُورٍ ٥Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona: “Inola batho ba heno botebong ba lefifi u ba tlise leseling. U ba hopotse matsatsi a Allah.” Ruri! Kahar’a tsona ho teng lits’enolo ho ba tiileng mamellong le tsona liteboho وَإِذۡ قَالَ مُوسَىٰ لِقَوۡمِهِ ٱذۡكُرُواْ نِعۡمَةَ ٱللَّهِ عَلَيۡكُمۡ إِذۡ أَنجَىٰكُم مِّنۡ ءَالِ فِرۡعَوۡنَ يَسُومُونَكُمۡ سُوٓءَ ٱلۡعَذَابِ وَيُذَبِّحُونَ أَبۡنَآءَكُمۡ وَيَسۡتَحۡيُونَ نِسَآءَكُمۡۚ وَفِي ذَٰلِكُم بَلَآءٌ مِّن رَّبِّكُمۡ عَظِيمٌ ٦Hopola! Moshe a ileng a re batho ba habo: “Hopolang molemo oa Allah holim’a lona mohla a neng a le lopolla ho batho ba Faro ba neng ba le sotla ka kotlo e ts’abehang, ba bile ba bolaea bara ba lona le hona ho siea baroetsana feela; Ruri seo ebile teko e ts’abehang kahofetisisa e tsoang ho Mong`a lona.” وَإِذۡ تَأَذَّنَ رَبُّكُمۡ لَئِن شَكَرۡتُمۡ لَأَزِيدَنَّكُمۡۖ وَلَئِن كَفَرۡتُمۡ إِنَّ عَذَابِي لَشَدِيدٌ ٧Le hopole mohla Mong`a lona a neng a phatlalatsa hore: “Haeba le ka fana ka liteboho, ke tla le neha ho feta moo; empa haeba le ka hloka liteboho, Ruri! Kahlolo ea ka e ea ts’abeha.” وَقَالَ مُوسَىٰٓ إِن تَكۡفُرُوٓاْ أَنتُمۡ وَمَن فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعًا فَإِنَّ ٱللَّهَ لَغَنِيٌّ حَمِيدٌ ٨Eaba Moshe a re: “le hoja lona le batho bohle ba teng mona lefats’eng le bonts’a ho hloka teboho, Ruri Allah U Tsepame, Mong`a Lithoriso Tsohle أَلَمۡ يَأۡتِكُمۡ نَبَؤُاْ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِكُمۡ قَوۡمِ نُوحٍ وَعَادٍ وَثَمُودَ وَٱلَّذِينَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡ لَا يَعۡلَمُهُمۡ إِلَّا ٱللَّهُۚ جَآءَتۡهُمۡ رُسُلُهُم بِٱلۡبَيِّنَٰتِ فَرَدُّوٓاْ أَيۡدِيَهُمۡ فِيٓ أَفۡوَٰهِهِمۡ وَقَالُوٓاْ إِنَّا كَفَرۡنَا بِمَآ أُرۡسِلۡتُم بِهِۦ وَإِنَّا لَفِي شَكٍّ مِّمَّا تَدۡعُونَنَآ إِلَيۡهِ مُرِيبٍ ٩Na pale ea batho ba bileng teng pele ho lona e se ile ea finyella ho lona? – Ea batho ba habo Nooe, le meloko ea Ba-Ad le Ba-Thamude le bohle ba bileng teng kamor’a bona? – Ha ho ope ea ba tsebang ntle ho Allah. Baromuoa ba habo bona ba ile ba ba etela ka lits’upiso tse hlakileng, empa ba ile ba moma matsoho a bona, eaba ba re: “Bonang! Re latola seo le neng le romeletsoe ho rona ka sona, re na le khoao e totobetseng ka seo le re bitsetsang ho sona.” ۞ قَالَتۡ رُسُلُهُمۡ أَفِي ٱللَّهِ شَكٌّ فَاطِرِ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ يَدۡعُوكُمۡ لِيَغۡفِرَ لَكُم مِّن ذُنُوبِكُمۡ وَيُؤَخِّرَكُمۡ إِلَىٰٓ أَجَلٍ مُّسَمًّىۚ قَالُوٓاْ إِنۡ أَنتُمۡ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُنَا تُرِيدُونَ أَن تَصُدُّونَا عَمَّا كَانَ يَعۡبُدُ ءَابَآؤُنَا فَأۡتُونَا بِسُلۡطَٰنٍ مُّبِينٍ ١٠Baromuoa ba bona ba re: “Na khoao eka ba teng ka Allah, `Mopi oa maholimo le lefats’e? O le bitsa joalo, e le ho tla le ts’oarela libe tsa lona le hona ho behella nako ea pallo morao.” Ba re: “U motho joaloka rona, u le laba-labela ea hore khelosa ho melingoana eo bo-ntat’a rona ba neng ba e rapela. Joale hlahisang sesupo se hlakileng.” قَالَتۡ لَهُمۡ رُسُلُهُمۡ إِن نَّحۡنُ إِلَّا بَشَرٌ مِّثۡلُكُمۡ وَلَٰكِنَّ ٱللَّهَ يَمُنُّ عَلَىٰ مَن يَشَآءُ مِنۡ عِبَادِهِۦۖ وَمَا كَانَ لَنَآ أَن نَّأۡتِيَكُم بِسُلۡطَٰنٍ إِلَّا بِإِذۡنِ ٱللَّهِۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُؤۡمِنُونَ ١١Baromuoa ba habo bona ba re ho bona: “Ke ‘nete re batho joaloka lona, Allah U fana ka lereko ho eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae. Rona ha re na matla a ho ka etsa mohlolo kantle le ka tumello ea Allah. Ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah وَمَا لَنَآ أَلَّا نَتَوَكَّلَ عَلَى ٱللَّهِ وَقَدۡ هَدَىٰنَا سُبُلَنَاۚ وَلَنَصۡبِرَنَّ عَلَىٰ مَآ ءَاذَيۡتُمُونَاۚ وَعَلَى ٱللَّهِ فَلۡيَتَوَكَّلِ ٱلۡمُتَوَكِّلُونَ ١٢Re ke keng ra beha ts’epo ea rona ho Allah hobane e le eng feela A re bonts’itse litsela tsa rona? Ruri re tla mamella tseo le re etsetsang tsona. Ba behang ts’epo ba ts’oanetso ho e beha ho Allah!” وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِرُسُلِهِمۡ لَنُخۡرِجَنَّكُم مِّنۡ أَرۡضِنَآ أَوۡ لَتَعُودُنَّ فِي مِلَّتِنَاۖ فَأَوۡحَىٰٓ إِلَيۡهِمۡ رَبُّهُمۡ لَنُهۡلِكَنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ ١٣Mahana-tumelo a re ho baromuoa: “Ruri re tla le phalalisa kahar’a naha ea rona, kantle leha le ka la sokolohela tumelong ea rona.” Empa Mong`a bona a ba nyenyeletsa: “Ruri re tla ripitla baetsa-libe وَلَنُسۡكِنَنَّكُمُ ٱلۡأَرۡضَ مِنۢ بَعۡدِهِمۡۚ ذَٰلِكَ لِمَنۡ خَافَ مَقَامِي وَخَافَ وَعِيدِ ١٤“Ruri re tla le etsa majalefa kahar’a naha kamorao ho bona. Sena ke sebakeng sa ea ts’abang eo ba tlang ho ema kapela Setulo sa Kahlolo, – le hona ho ts’aba likahlolo tsa ka.” وَٱسۡتَفۡتَحُواْ وَخَابَ كُلُّ جَبَّارٍ عَنِيدٍ ١٥Empa ba batla tlholo le qeto, pherekano e ile ea eba kabelo ea e mong le e mong ea matla ea tlolang molao مِّن وَرَآئِهِۦ جَهَنَّمُ وَيُسۡقَىٰ مِن مَّآءٍ صَدِيدٍ ١٦Kapele ho ea joalo ke Lihele, o tla noesoa metsi a bohla a belang يَتَجَرَّعُهُۥ وَلَا يَكَادُ يُسِيغُهُۥ وَيَأۡتِيهِ ٱلۡمَوۡتُ مِن كُلِّ مَكَانٍ وَمَا هُوَ بِمَيِّتٍۖ وَمِن وَرَآئِهِۦ عَذَابٌ غَلِيظٌ ١٧Ka methamo a tlang ho a noa, a ke ke a a koenya: lefu le tla mo tjamela ka mahlakore ohle; empa a ke ke a shoa; kapel’a hae ho teng kahlolo e tlotlollang مَّثَلُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِرَبِّهِمۡۖ أَعۡمَٰلُهُمۡ كَرَمَادٍ ٱشۡتَدَّتۡ بِهِ ٱلرِّيحُ فِي يَوۡمٍ عَاصِفٍۖ لَّا يَقۡدِرُونَ مِمَّا كَسَبُواْ عَلَىٰ شَيۡءٍۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلضَّلَٰلُ ٱلۡبَعِيدُ ١٨Papiso ea ba latolang Mong`a bona: mesebetsi ea bona e ts’oana le molora o fefoloang ke moea o matla mohla letsatsi le (fifetseng) ke lerole. Ha ba na matla holim’a seo ba se kotutseng. Seo ke sekhobo se tlotlollang أَلَمۡ تَرَ أَنَّ ٱللَّهَ خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّۚ إِن يَشَأۡ يُذۡهِبۡكُمۡ وَيَأۡتِ بِخَلۡقٍ جَدِيدٍ ١٩Ha ba bone hore Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka ‘Nete? Etsoe ha A rata A ka le tlosa, A tlisa lihloliloeng tse ncha hape وَمَا ذَٰلِكَ عَلَى ٱللَّهِ بِعَزِيزٍ ٢٠Seo ha se taba e thata ho Allah وَبَرَزُواْ لِلَّهِ جَمِيعًا فَقَالَ ٱلضُّعَفَٰٓؤُاْ لِلَّذِينَ ٱسۡتَكۡبَرُوٓاْ إِنَّا كُنَّا لَكُمۡ تَبَعًا فَهَلۡ أَنتُم مُّغۡنُونَ عَنَّا مِنۡ عَذَابِ ٱللَّهِ مِن شَيۡءٍۚ قَالُواْ لَوۡ هَدَىٰنَا ٱللَّهُ لَهَدَيۡنَٰكُمۡۖ سَوَآءٌ عَلَيۡنَآ أَجَزِعۡنَآ أَمۡ صَبَرۡنَا مَا لَنَا مِن مَّحِيصٍ ٢١Bohle batla boela ho Mong`a bona. Ke moo ba bileng bo oatla ba tla re ho ba neng ba ikakasa ka boikhants’o: “Re ne re le balateli ba lona, na joale le ke keng la mpa la re sireletsa kahlolong ea Allah?” Ba tla re: “Hoja ebe Allah U ne A re tataisitse, Ruri re ka be re ile ra le tataisa. Ebang re ka koata kapa ra tsitlallela ka mamello, ho rona ho oa ts’oana; ha re na sets’abelo وَقَالَ ٱلشَّيۡطَٰنُ لَمَّا قُضِيَ ٱلۡأَمۡرُ إِنَّ ٱللَّهَ وَعَدَكُمۡ وَعۡدَ ٱلۡحَقِّ وَوَعَدتُّكُمۡ فَأَخۡلَفۡتُكُمۡۖ وَمَا كَانَ لِيَ عَلَيۡكُم مِّن سُلۡطَٰنٍ إِلَّآ أَن دَعَوۡتُكُمۡ فَٱسۡتَجَبۡتُمۡ لِيۖ فَلَا تَلُومُونِي وَلُومُوٓاْ أَنفُسَكُمۖ مَّآ أَنَا۠ بِمُصۡرِخِكُمۡ وَمَآ أَنتُم بِمُصۡرِخِيَّ إِنِّي كَفَرۡتُ بِمَآ أَشۡرَكۡتُمُونِ مِن قَبۡلُۗ إِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ لَهُمۡ عَذَابٌ أَلِيمٌ ٢٢Ke moo Satane a tla re, ha litaba li se li le mosenekeng: “Allah U ne a le ts’episitse ts’episo ea ‘nete; le ‘na ke ne ke le ts’episitse, empa ke le sitetsoe. Ke ne ke se na matla holim’a lona kantle le hoba ke ile ka le bitsa, lona le ile la ‘mamela. Se mpeheng molato, empa iteleleng e le lona. Ha ho kamoo nka le thusang kateng, le lona ha ho kamoo le nka nthusang kateng. Ruri! Ke ile ka nyelisa seo lona pele le neng le se kopanya le ‘na. Sebakeng sa baetsang liphoso ho teng kahlolo e mahlonoko وَأُدۡخِلَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُ خَٰلِدِينَ فِيهَا بِإِذۡنِ رَبِّهِمۡۖ تَحِيَّتُهُمۡ فِيهَا سَلَٰمٌ ٢٣Empa ba kholoang ba ba etsa mesebetsi e lokileng ba tla kena kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba ikamahantse le tumello ea Mong`a bona, tumeliso ea bona kamoo e tlaba: Khotso أَلَمۡ تَرَ كَيۡفَ ضَرَبَ ٱللَّهُ مَثَلًا كَلِمَةً طَيِّبَةً كَشَجَرَةٍ طَيِّبَةٍ أَصۡلُهَا ثَابِتٌ وَفَرۡعُهَا فِي ٱلسَّمَآءِ ٢٤Na ha u bone kamoo Allah A ithehelang papiso: “Puo e babatsehang, e ts’oana le sefate se babatsehang seo methapo ea sona e tsepameng ka tieo, seo makala a sona a nanabetsang leholimo تُؤۡتِيٓ أُكُلَهَا كُلَّ حِينِۭ بِإِذۡنِ رَبِّهَاۗ وَيَضۡرِبُ ٱللَّهُ ٱلۡأَمۡثَالَ لِلنَّاسِ لَعَلَّهُمۡ يَتَذَكَّرُونَ ٢٥Se fanang ka litholoana tsa sona linsko tsohle, ka tumello ea Mong`a sona? Ruri Allah U theha lipapiso sebakeng sa batho, e le hore ba tle ba amohele khalemo وَمَثَلُ كَلِمَةٍ خَبِيثَةٍ كَشَجَرَةٍ خَبِيثَةٍ ٱجۡتُثَّتۡ مِن فَوۡقِ ٱلۡأَرۡضِ مَا لَهَا مِن قَرَارٍ ٢٦Papiso ea puo e mpe e ts’oana le’a sefate se fosahetseng, seo methapo ea sona e sa tebang tlas’a lefats’e hoo se sa tsepamang يُثَبِّتُ ٱللَّهُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ بِٱلۡقَوۡلِ ٱلثَّابِتِ فِي ٱلۡحَيَوٰةِ ٱلدُّنۡيَا وَفِي ٱلۡأٓخِرَةِۖ وَيُضِلُّ ٱللَّهُ ٱلظَّٰلِمِينَۚ وَيَفۡعَلُ ٱللَّهُ مَا يَشَآءُ ٢٧Ruri Allah U hlapanyetsa ba kholoang ka puo e tsepameng ma bophelong ba lefats’e lena le Bo-tlang, Allah U lesa ba etsang liphoso ho kheloha. ‘Allah U etsa seo a se ratang ۞ أَلَمۡ تَرَ إِلَى ٱلَّذِينَ بَدَّلُواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ كُفۡرًا وَأَحَلُّواْ قَوۡمَهُمۡ دَارَ ٱلۡبَوَارِ ٢٨Ha eso retelehetse mahlo a hau ka ho ba fetotseng lereko la Allah ho nyefolo, ba khelosa batho ba habo bona Lehaeng la Tahlehelo جَهَنَّمَ يَصۡلَوۡنَهَاۖ وَبِئۡسَ ٱلۡقَرَارُ ٢٩Liheleng? Ba tla cha teng,-sebakeng se mahlonoko ho holola teng وَجَعَلُواْ لِلَّهِ أَندَادًا لِّيُضِلُّواْ عَن سَبِيلِهِۦۗ قُلۡ تَمَتَّعُواْ فَإِنَّ مَصِيرَكُمۡ إِلَى ٱلنَّارِ ٣٠Ba ipetlela melingoana ba e lekanya le Allah hore ba tle bakhelose batho tseleng ea Hae. E re: “Natefeloang! Pheletso ea lona e topile ho ea Liheleng.” قُل لِّعِبَادِيَ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ يُقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ وَيُنفِقُواْ مِمَّا رَزَقۡنَٰهُمۡ سِرًّا وَعَلَانِيَةً مِّن قَبۡلِ أَن يَأۡتِيَ يَوۡمٌ لَّا بَيۡعٌ فِيهِ وَلَا خِلَٰلٌ ٣١Bua le makhabunyane A ka a khotsoeng, ho phethahatsa lithapelo le hona ho nyehela ka tseo Re banehileng tsona, lekunutung kapa ponts’eng, pele ho fihla ha Letsatsi leo ka lona ho senang hobale khoebisano kapa ho theha setsoalle ٱللَّهُ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَأَنزَلَ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مَآءً فَأَخۡرَجَ بِهِۦ مِنَ ٱلثَّمَرَٰتِ رِزۡقًا لَّكُمۡۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡفُلۡكَ لِتَجۡرِيَ فِي ٱلۡبَحۡرِ بِأَمۡرِهِۦۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡأَنۡهَٰرَ ٣٢Ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho nesa pula e theohang marung, eo ka eona A hlahisang litholoana tseo e leng lijo ho lona, le hona ho bebofaletsa likepe ts’ebetso ea lona, e le hore li tle li sese holim’a leoatle tlas’a taelo ea Hae, le tsona linoka tse phallang ts’ebeletsong ea lona وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلشَّمۡسَ وَٱلۡقَمَرَ دَآئِبَيۡنِۖ وَسَخَّرَ لَكُمُ ٱلَّيۡلَ وَٱلنَّهَارَ ٣٣A ba A etsa letsatsi le ngoeli tse tsepameng tlas’a ts’ebetso ea tsona li setse morao tsela ea tsona, A le etsetsa bosiu le mots’eare وَءَاتَىٰكُم مِّن كُلِّ مَا سَأَلۡتُمُوهُۚ وَإِن تَعُدُّواْ نِعۡمَتَ ٱللَّهِ لَا تُحۡصُوهَآۗ إِنَّ ٱلۡإِنسَٰنَ لَظَلُومٌ كَفَّارٌ ٣٤O le neha tsohle tseo le li kopang, empa ha le bala nala ea Allah, le ke ke la e qeta. Ruri motho o inehetse ho hloka toka le teboho وَإِذۡ قَالَ إِبۡرَٰهِيمُ رَبِّ ٱجۡعَلۡ هَٰذَا ٱلۡبَلَدَ ءَامِنًا وَٱجۡنُبۡنِي وَبَنِيَّ أَن نَّعۡبُدَ ٱلۡأَصۡنَامَ ٣٥Hopolang hore Abrahama o ile a re: “Oho Mong`a ka! Etsa motse ona oa khotso le polokeho: U mpaballe le bara baka khahlanong le ho khumamela melingoana رَبِّ إِنَّهُنَّ أَضۡلَلۡنَ كَثِيرًا مِّنَ ٱلنَّاسِۖ فَمَن تَبِعَنِي فَإِنَّهُۥ مِنِّيۖ وَمَنۡ عَصَانِي فَإِنَّكَ غَفُورٌ رَّحِيمٌ ٣٦Oho Mong`a ka! Ruri e khelositse ba bangata har`a batho; Ea ntatelang o na le ‘na. Haele ea ntatolanng, –empa Ruri ke Uena ea Ts’oarelang joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau رَّبَّنَآ إِنِّيٓ أَسۡكَنتُ مِن ذُرِّيَّتِي بِوَادٍ غَيۡرِ ذِي زَرۡعٍ عِندَ بَيۡتِكَ ٱلۡمُحَرَّمِ رَبَّنَا لِيُقِيمُواْ ٱلصَّلَوٰةَ فَٱجۡعَلۡ أَفۡـِٔدَةً مِّنَ ٱلنَّاسِ تَهۡوِيٓ إِلَيۡهِمۡ وَٱرۡزُقۡهُم مِّنَ ٱلثَّمَرَٰتِ لَعَلَّهُمۡ يَشۡكُرُونَ ٣٧Oho Mong`a rona! Ke ahetse ba bang ba bana baka ka har’a phula e senang bolema haufinyane le Ntlo ea Hau e Halalelang. Mong`a rona! E le hore ba tle ba phethahatse lithapelo; Ts’ollela moea oa lerato kahar’a lipelo tsa batho ba tle ba be le qenehelo ho bona, U ba fepe litholoana hore ba tle ba fane ka liteboho رَبَّنَآ إِنَّكَ تَعۡلَمُ مَا نُخۡفِي وَمَا نُعۡلِنُۗ وَمَا يَخۡفَىٰ عَلَى ٱللَّهِ مِن شَيۡءٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَا فِي ٱلسَّمَآءِ ٣٨Mong`a rona! Ruri Ke Uena ea tsebang seo re se patang le seo re se utullang. Etsoe ha ho ntho e patehileng ho Allah, ekaba lefats’eng kapa leholimong ٱلۡحَمۡدُ لِلَّهِ ٱلَّذِي وَهَبَ لِي عَلَى ٱلۡكِبَرِ إِسۡمَٰعِيلَ وَإِسۡحَٰقَۚ إِنَّ رَبِّي لَسَمِيعُ ٱلدُّعَآءِ ٣٩Lithoriso li be ho Allah ea mphileng Ishmaele le Isaaka lilemong tsa botsofali ba ka! Mong`a ka ka tieo U Utloa Thapelo رَبِّ ٱجۡعَلۡنِي مُقِيمَ ٱلصَّلَوٰةِ وَمِن ذُرِّيَّتِيۚ رَبَّنَا وَتَقَبَّلۡ دُعَآءِ ٤٠Mong`a ka! A k’u etse hore ke phethahatse lithapelo ka mehla eohle ekasitana le bana ba ka; Mong`a rona! Amohela thapelo eaka رَبَّنَا ٱغۡفِرۡ لِي وَلِوَٰلِدَيَّ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ يَوۡمَ يَقُومُ ٱلۡحِسَابُ ٤١Mong`a rona! Re apese ka ts’oarelo, – `na le batsoali ba ka le bakholoang, mohla Letsatsi leo Lipallo li theoleloang.” وَلَا تَحۡسَبَنَّ ٱللَّهَ غَٰفِلًا عَمَّا يَعۡمَلُ ٱلظَّٰلِمُونَۚ إِنَّمَا يُؤَخِّرُهُمۡ لِيَوۡمٍ تَشۡخَصُ فِيهِ ٱلۡأَبۡصَٰرُ ٤٢Ha le nahane hore Allah ha A elelloe liketso tseo ba khopo ba li etsang. Empa U sa banehile khefutso e fokolang ho fihlela mohla Letsatsi leo mahlo a tla beng a lebelletse ka matsoalo مُهۡطِعِينَ مُقۡنِعِي رُءُوسِهِمۡ لَا يَرۡتَدُّ إِلَيۡهِمۡ طَرۡفُهُمۡۖ وَأَفۡـِٔدَتُهُمۡ هَوَآءٌ ٤٣Ba mathela pele melala ea bona e thamolohile ka sekhahla, ba lelalitse lihlooho ba bile ba hloka pono hoo lipelo tsa bona li emeng ntsi وَأَنذِرِ ٱلنَّاسَ يَوۡمَ يَأۡتِيهِمُ ٱلۡعَذَابُ فَيَقُولُ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ رَبَّنَآ أَخِّرۡنَآ إِلَىٰٓ أَجَلٍ قَرِيبٍ نُّجِبۡ دَعۡوَتَكَ وَنَتَّبِعِ ٱلرُّسُلَۗ أَوَلَمۡ تَكُونُوٓاْ أَقۡسَمۡتُم مِّن قَبۡلُ مَا لَكُم مِّن زَوَالٍ ٤٤U hlokomelise batho ka Letsatsi leo Khalefo e tlang ho ba fihlela, ba entseng libe bona ba tla re: “Mong`a rona! A k’u re nehe khefutso hanye-nyane. Re tla mamela Pitso ea Hau le hona ho latela Baromuoa.” Karabelo e tla re: “na ha le’a ka la ikana esale pele ka hore ho ke ke ha eba le pheletso mabapi le lona وَسَكَنتُمۡ فِي مَسَٰكِنِ ٱلَّذِينَ ظَلَمُوٓاْ أَنفُسَهُمۡ وَتَبَيَّنَ لَكُمۡ كَيۡفَ فَعَلۡنَا بِهِمۡ وَضَرَبۡنَا لَكُمُ ٱلۡأَمۡثَالَ ٤٥Le phetse liahelong tsa ba foselitseng meea ea bona; le ile la supisoa hantle kamoo Ra sebetsa ka bona le hona ho le etsetsa mehlala!” وَقَدۡ مَكَرُواْ مَكۡرَهُمۡ وَعِندَ ٱللَّهِ مَكۡرُهُمۡ وَإِن كَانَ مَكۡرُهُمۡ لِتَزُولَ مِنۡهُ ٱلۡجِبَالُ ٤٦Ba ile ba rera, empa merero ea bona e ne e le ponts`eng ho Allah, le hoja e ne e le oo lithaba li neng li ka ‘na tsa ritsa ke ona فَلَا تَحۡسَبَنَّ ٱللَّهَ مُخۡلِفَ وَعۡدِهِۦ رُسُلَهُۥٓۚ إِنَّ ٱللَّهَ عَزِيزٌ ذُو ٱنتِقَامٍ ٤٧Se nahane hore Allah U tla sitoa ho phethahatsa ts’episo ea Hae ho Baromuoa ba Hae. Bonang! Allah U Matla Oohle, Mong`a Kotlo يَوۡمَ تُبَدَّلُ ٱلۡأَرۡضُ غَيۡرَ ٱلۡأَرۡضِ وَٱلسَّمَٰوَٰتُۖ وَبَرَزُواْ لِلَّهِ ٱلۡوَٰحِدِ ٱلۡقَهَّارِ ٤٨Ka Letsatsi le leng lefats’e le tla fetoleloa sebopehong se sele, ka ho ts’oana le leholimo le tla fetoloa; bohle ba tla hlahela kapel’a Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle وَتَرَى ٱلۡمُجۡرِمِينَ يَوۡمَئِذٍ مُّقَرَّنِينَ فِي ٱلۡأَصۡفَادِ ٤٩Ka Letsatsi leo o tla bona ba etsa libe ba tlamiloe ha ‘moho ka liketane سَرَابِيلُهُم مِّن قَطِرَانٍ وَتَغۡشَىٰ وُجُوهَهُمُ ٱلنَّارُ ٥٠Ba apere liaparo tsa boka, lifahleho tsa bona li koahetsoe ke khanare ea mollo لِيَجۡزِيَ ٱللَّهُ كُلَّ نَفۡسٍ مَّا كَسَبَتۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ سَرِيعُ ٱلۡحِسَابِ ٥١Allah a tla putsa moea ka mong seo o se kotutseng. Bonang! Ruri Allah U akofela boikarabellong هَٰذَا بَلَٰغٌ لِّلنَّاسِ وَلِيُنذَرُواْ بِهِۦ وَلِيَعۡلَمُوٓاْ أَنَّمَا هُوَ إِلَٰهٌ وَٰحِدٌ وَلِيَذَّكَّرَ أُوْلُواْ ٱلۡأَلۡبَٰبِ ٥٢Ona ke molaetsa o hlakileng sebakeng sa batho: ba tle banke Tlhokomeliso, le hona hore ba be le tsebo ea hore ke Eena Allah A Inots’i le hore batho banang le kutloisiso ba tle ba utloe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao