ملة الإسلام

السورة 45 · 37 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الجاثية باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الجاثية (1,150 قارئاً)
مكيةسورة الجاثية٣٧ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

حمٓ ١Ha. Mim تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ ٢Ts’enolo ea إِنَّ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِ لَأٓيَٰتٍ لِّلۡمُؤۡمِنِينَ ٣Ruri! maholimong le lefats’eng Lits’upiso li teng ho ba- kholoang وَفِي خَلۡقِكُمۡ وَمَا يَبُثُّ مِن دَآبَّةٍ ءَايَٰتٌ لِّقَوۡمٍ يُوقِنُونَ ٤Tlholehong ea lona le tlholeho ea liphoofolo tsohle tse hasaneng holim’a lefats’e, ke Lits’upiso ho batho bao Tumelo ea bona e leng ea sebele وَٱخۡتِلَٰفِ ٱلَّيۡلِ وَٱلنَّهَارِ وَمَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ مِنَ ٱلسَّمَآءِ مِن رِّزۡقٍ فَأَحۡيَا بِهِ ٱلۡأَرۡضَ بَعۡدَ مَوۡتِهَا وَتَصۡرِيفِ ٱلرِّيَٰحِ ءَايَٰتٌ لِّقَوۡمٍ يَعۡقِلُونَ ٥Le phapanyetsano ea Bosiu le Mots’ehare, le naleng eo Allah A e romellang lefats’eng etsoa marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse, le eona taolo ea liphefo, – ke Lits’upiso ho ba nang le kelello تِلۡكَ ءَايَٰتُ ٱللَّهِ نَتۡلُوهَا عَلَيۡكَ بِٱلۡحَقِّۖ فَبِأَيِّ حَدِيثِۭ بَعۡدَ ٱللَّهِ وَءَايَٰتِهِۦ يُؤۡمِنُونَ ٦Tsena ke Lits’upiso tsa Allah tseo Re u phetelang tsona ka ‘nete: Joale, kamor’a ho latola Allah le Lits’upiso tsa Hae ke eng seo ba tlang ho se kholoa وَيۡلٌ لِّكُلِّ أَفَّاكٍ أَثِيمٍ ٧Sekhobo se be ho moetsalibe ofe kapa ofe ea Hoebang ka Leshano يَسۡمَعُ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِ ثُمَّ يُصِرُّ مُسۡتَكۡبِرًا كَأَن لَّمۡ يَسۡمَعۡهَاۖ فَبَشِّرۡهُ بِعَذَابٍ أَلِيمٍ ٨O utloa Lits’enolo tsa Allah ha a li pheteloa, e be o tiisa hlooho ka manganga joaloka ha e ka ha a li utloa: mo bolelle litaba tsa Kahlolo e Mahlonoko وَإِذَا عَلِمَ مِنۡ ءَايَٰتِنَا شَيۡـًٔا ٱتَّخَذَهَا هُزُوًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ لَهُمۡ عَذَابٌ مُّهِينٌ ٩Ha a utloa se seng sa lits’enolo tsa Rona, o li fetola papali. Ho ba joalo ho teng Kotlo e soabisang مِّن وَرَآئِهِمۡ جَهَنَّمُۖ وَلَا يُغۡنِي عَنۡهُم مَّا كَسَبُواْ شَيۡـًٔا وَلَا مَا ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَوۡلِيَآءَۖ وَلَهُمۡ عَذَابٌ عَظِيمٌ ١٠Kapel’a bona ke Lihele, seo ba se kotutseng se ke ke sa ba tsoela molemo, kapa bats’ireletsi ba ikhethetseng bona kantle ho Allah: kahlolo e ts’abehang ke ea bona هَٰذَا هُدًىۖ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ بِـَٔايَٰتِ رَبِّهِمۡ لَهُمۡ عَذَابٌ مِّن رِّجۡزٍ أَلِيمٌ ١١Sena ke Tataiso. Haele ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona, ho teng kahlolo e mahlonoko ea khalefo sebakeng sa bona ۞ ٱللَّهُ ٱلَّذِي سَخَّرَ لَكُمُ ٱلۡبَحۡرَ لِتَجۡرِيَ ٱلۡفُلۡكُ فِيهِ بِأَمۡرِهِۦ وَلِتَبۡتَغُواْ مِن فَضۡلِهِۦ وَلَعَلَّكُمۡ تَشۡكُرُونَ ١٢Ke Allah ea entseng hore leoatle le be le molemo ho lona, le hore likepe li tle li sese holim’a lona ka taelo ea Hae, le hore le tle le tsome nala ea Hae; hore le tle le fane ka liteboho وَسَخَّرَ لَكُم مَّا فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَمَا فِي ٱلۡأَرۡضِ جَمِيعًا مِّنۡهُۚ إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَأٓيَٰتٍ لِّقَوۡمٍ يَتَفَكَّرُونَ ١٣A etsa hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li be le molemo ho lona; tsena tsohle li tsoa ho Eena: ka har’a sena ho teng lits’upiso ho ba nahanang قُل لِّلَّذِينَ ءَامَنُواْ يَغۡفِرُواْ لِلَّذِينَ لَا يَرۡجُونَ أَيَّامَ ٱللَّهِ لِيَجۡزِيَ قَوۡمَۢا بِمَا كَانُواْ يَكۡسِبُونَ ١٤Bolella bakholoang ho ts’oarela ba sa tsotelleng matsatsi a Allah: Ho ho Eena ho putsa batho ho latela tseo ba li kotutseng مَنۡ عَمِلَ صَٰلِحًا فَلِنَفۡسِهِۦۖ وَمَنۡ أَسَآءَ فَعَلَيۡهَاۖ ثُمَّ إِلَىٰ رَبِّكُمۡ تُرۡجَعُونَ ١٥Etsoe mang kapa mang ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae; ka mokhoa o ts’oanang le ea etsang sebe, o etsa joalo khahlano le ona. Qetellong le tla boela ho Mong`a lona وَلَقَدۡ ءَاتَيۡنَا بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ ٱلۡكِتَٰبَ وَٱلۡحُكۡمَ وَٱلنُّبُوَّةَ وَرَزَقۡنَٰهُم مِّنَ ٱلطَّيِّبَٰتِ وَفَضَّلۡنَٰهُمۡ عَلَى ٱلۡعَٰلَمِينَ ١٦Re ile Ra fana ka Lengolo ho Bana ba Israele, Matla a Taelo le Boporofeta; le ho ba sitsa ka lintho tse hloekileng, tse molemo le ho ba khetholla hara merabe eohle ka tlotla وَءَاتَيۡنَٰهُم بَيِّنَٰتٍ مِّنَ ٱلۡأَمۡرِۖ فَمَا ٱخۡتَلَفُوٓاْ إِلَّا مِنۢ بَعۡدِ مَا جَآءَهُمُ ٱلۡعِلۡمُ بَغۡيَۢا بَيۡنَهُمۡۚ إِنَّ رَبَّكَ يَقۡضِي بَيۡنَهُمۡ يَوۡمَ ٱلۡقِيَٰمَةِ فِيمَا كَانُواْ فِيهِ يَخۡتَلِفُونَ ١٧Ra ba neha Lits’upiso tse hlakileng litabeng tsa bona: ba ile ba fapana kamor’a hore tsebo e finyelle ho bona, ka ho honohelana ka bo-bona. Ruri! Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka le tseo ba neng ba fapana ka tsona ثُمَّ جَعَلۡنَٰكَ عَلَىٰ شَرِيعَةٍ مِّنَ ٱلۡأَمۡرِ فَٱتَّبِعۡهَا وَلَا تَتَّبِعۡ أَهۡوَآءَ ٱلَّذِينَ لَا يَعۡلَمُونَ ١٨Hajoale Re u hlomamisitse Tseleng e Topileng ea Tumelo; kahoo e latele, u se sale litakatso tsa ba hlokang tsebo morao إِنَّهُمۡ لَن يُغۡنُواْ عَنكَ مِنَ ٱللَّهِ شَيۡـًٔاۚ وَإِنَّ ٱلظَّٰلِمِينَ بَعۡضُهُمۡ أَوۡلِيَآءُ بَعۡضٍۖ وَٱللَّهُ وَلِيُّ ٱلۡمُتَّقِينَ ١٩Ba ke ke ba eba le thuso ho uena kapel’a Allah. Ke baetsalibe feela bao e leng bats’ireletsi ea ba ts’oanang le bona: empa Allah Ke Mots’ireletsi oa ba etsang tse lokileng هَٰذَا بَصَٰٓئِرُ لِلنَّاسِ وَهُدًى وَرَحۡمَةٌ لِّقَوۡمٍ يُوقِنُونَ ٢٠Tsena ke bopaki bo hlakileng ho batho, ke Tataiso le Mohau ho bao tumelo ea bona e leng ea sebele أَمۡ حَسِبَ ٱلَّذِينَ ٱجۡتَرَحُواْ ٱلسَّيِّـَٔاتِ أَن نَّجۡعَلَهُمۡ كَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ سَوَآءً مَّحۡيَاهُمۡ وَمَمَاتُهُمۡۚ سَآءَ مَا يَحۡكُمُونَ ٢١Eng! Ba setseng morao tsela e khopameng ba nahana hore Re tla ba lekanya le ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, – ka ho ts’oana bophelong ba lefats’e lena esita le lefung? Qeto ea bona ke e fosahetseng وَخَلَقَ ٱللَّهُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ بِٱلۡحَقِّ وَلِتُجۡزَىٰ كُلُّ نَفۡسِۭ بِمَا كَسَبَتۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ٢٢Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka toka, hore moea ka mong o tlo o lefshoe seo o se kotutseng. Ha ho mang ea tla qhekelloa أَفَرَءَيۡتَ مَنِ ٱتَّخَذَ إِلَٰهَهُۥ هَوَىٰهُ وَأَضَلَّهُ ٱللَّهُ عَلَىٰ عِلۡمٍ وَخَتَمَ عَلَىٰ سَمۡعِهِۦ وَقَلۡبِهِۦ وَجَعَلَ عَلَىٰ بَصَرِهِۦ غِشَٰوَةً فَمَن يَهۡدِيهِ مِنۢ بَعۡدِ ٱللَّهِۚ أَفَلَا تَذَكَّرُونَ ٢٣Na u se u ile oa bona ea etsang litakatso tsa hae molingoana oa hae? Allah U mo lesa ho kheloha ka boomo, le hona ho kaba kutlo le pelo ea hae le ho koahela mahlo a hae ka lesira. Joale, ke mang ea mo tataisang kamor’a hoba Allah a mo nyahlatse? Na le sa tla ke le amohele khalemo وَقَالُواْ مَا هِيَ إِلَّا حَيَاتُنَا ٱلدُّنۡيَا نَمُوتُ وَنَحۡيَا وَمَا يُهۡلِكُنَآ إِلَّا ٱلدَّهۡرُۚ وَمَا لَهُم بِذَٰلِكَ مِنۡ عِلۡمٍۖ إِنۡ هُمۡ إِلَّا يَظُنُّونَ ٢٤Ba bile ba re: “Ha ho bophelo bo bong haese bophelo ba rona ba lefats’e? Re tla shoa, re’a phela, ha ho se ka re rinyang haese nako ea pallo.” Empa ha ho tsebo eo ba nang le eona ka tseo tsohle; ba mpa ba hakanya وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا بَيِّنَٰتٍ مَّا كَانَ حُجَّتَهُمۡ إِلَّآ أَن قَالُواْ ٱئۡتُواْ بِـَٔابَآئِنَآ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٢٥Ha ba pheteloa Lits’enolo tsa Rona, khang ea bona ha se letho haese, hore ba re: “Tsosang bo-ntat’a rona moholo, haeba seo le se buang ke ‘nete.” قُلِ ٱللَّهُ يُحۡيِيكُمۡ ثُمَّ يُمِيتُكُمۡ ثُمَّ يَجۡمَعُكُمۡ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ لَا رَيۡبَ فِيهِ وَلَٰكِنَّ أَكۡثَرَ ٱلنَّاسِ لَا يَعۡلَمُونَ ٢٦E re: “Ke Allah Ea le nehang bophelo, ebile ke Eena Ea etsang hore le shoe; U tla le bokella ‘moho ka Letsatsi la Kahlolo leo ho seng khoao ka lona.” Le hoja bongata ba batho bo sa utloisise وَلِلَّهِ مُلۡكُ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۚ وَيَوۡمَ تَقُومُ ٱلسَّاعَةُ يَوۡمَئِذٍ يَخۡسَرُ ٱلۡمُبۡطِلُونَ ٢٧Puso ea maholimo le lefats’e ke ea Allah; le Letsatsi leo ka lona Hora ea Kahlolo e hlomamisitsoeng, – Letsatsing leo Bahoebi ka Mashano ba tla timela وَتَرَىٰ كُلَّ أُمَّةٍ جَاثِيَةًۚ كُلُّ أُمَّةٍ تُدۡعَىٰٓ إِلَىٰ كِتَٰبِهَا ٱلۡيَوۡمَ تُجۡزَوۡنَ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٢٨U tla bona sechaba ka seng se khumama, lequloana ka leng le biletsoa Tlalehong. “Kajeno le tla lefshoa ho latela tseo le neng le li etsa هَٰذَا كِتَٰبُنَا يَنطِقُ عَلَيۡكُم بِٱلۡحَقِّۚ إِنَّا كُنَّا نَسۡتَنسِخُ مَا كُنتُمۡ تَعۡمَلُونَ ٢٩“Sena ke Tlaleho ea Rona e tlaleha ka lona ka ‘nete. Hobane Re entse hore lintho tsohle tseo le neng le li etsa li tlalehoe.” فَأَمَّا ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ فَيُدۡخِلُهُمۡ رَبُّهُمۡ فِي رَحۡمَتِهِۦۚ ذَٰلِكَ هُوَ ٱلۡفَوۡزُ ٱلۡمُبِينُ ٣٠Ke moo ba neng ba kholoa le ho etsa Liketso tse lokileng, Mong`a bona A tla ba amohella ka har’a Mohau oa Hae. Eo ke katleho e pepenene وَأَمَّا ٱلَّذِينَ كَفَرُوٓاْ أَفَلَمۡ تَكُنۡ ءَايَٰتِي تُتۡلَىٰ عَلَيۡكُمۡ فَٱسۡتَكۡبَرۡتُمۡ وَكُنتُمۡ قَوۡمًا مُّجۡرِمِينَ ٣١Haele ba neng ba latola Allah (ho tla thoe ho bona): “Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Rona? Empa la ikhohomosa, la sesa sebeng وَإِذَا قِيلَ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ وَٱلسَّاعَةُ لَا رَيۡبَ فِيهَا قُلۡتُم مَّا نَدۡرِي مَا ٱلسَّاعَةُ إِن نَّظُنُّ إِلَّا ظَنًّا وَمَا نَحۡنُ بِمُسۡتَيۡقِنِينَ ٣٢“Ha ho ne ho thoe ho bona ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, ha ho khoao ka ho tla ha hora,” Le ne le re: “Ha ho seo re se tsebang ka Hora: re nahana hore kakanyo, ha re ‘nete ka eona.” وَبَدَا لَهُمۡ سَيِّـَٔاتُ مَا عَمِلُواْ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٣٣Li tla morao tse bosula tsa leketso tsa bona li tla hlahela ponts’eng, le lintho tseo ba neng ba tloaetse ho li soma li tla ba kopela hare وَقِيلَ ٱلۡيَوۡمَ نَنسَىٰكُمۡ كَمَا نَسِيتُمۡ لِقَآءَ يَوۡمِكُمۡ هَٰذَا وَمَأۡوَىٰكُمُ ٱلنَّارُ وَمَا لَكُم مِّن نَّٰصِرِينَ ٣٤Ho tla thoe: “Kajeno Re tla le lebala joaloka ha le lona le ile la lebala kopano ena ea Letsatsi la lona! Bolulo ba lona ke Mollo, ha le na bathusi ذَٰلِكُم بِأَنَّكُمُ ٱتَّخَذۡتُمۡ ءَايَٰتِ ٱللَّهِ هُزُوًا وَغَرَّتۡكُمُ ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَاۚ فَٱلۡيَوۡمَ لَا يُخۡرَجُونَ مِنۡهَا وَلَا هُمۡ يُسۡتَعۡتَبُونَ ٣٥Sena ke hobane le ile la etsa Litse’nolo tsa Allah metlae, bophelo ba lefats’e bo le thetsitse.” Ka lebaka leo, ho tloha Letsatsing leo ba ke ke ba nts’oa kamoo, kapa hona ho amoheloa Mohaung فَلِلَّهِ ٱلۡحَمۡدُ رَبِّ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَرَبِّ ٱلۡأَرۡضِ رَبِّ ٱلۡعَٰلَمِينَ ٣٦Kahoo, Thoriso e be ho Allah Mong`a maholimo le lefats’e, – Mong`a le ‘Maballi oa mafats’e oohle وَلَهُ ٱلۡكِبۡرِيَآءُ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضِۖ وَهُوَ ٱلۡعَزِيزُ ٱلۡحَكِيمُ ٣٧Tlola e be ho Eena hoohle maholimong le lefats’eng: ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.