ملة الإسلام

السورة 46 · 35 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة الأحقاف باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة الأحقاف (1,162 قارئاً)
مكيةسورة الأحقاف٣٥ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

حمٓ ١Ha. Mim تَنزِيلُ ٱلۡكِتَٰبِ مِنَ ٱللَّهِ ٱلۡعَزِيزِ ٱلۡحَكِيمِ ٢Ts’enolo ea مَا خَلَقۡنَا ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَمَا بَيۡنَهُمَآ إِلَّا بِٱلۡحَقِّ وَأَجَلٍ مُّسَمًّىۚ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ عَمَّآ أُنذِرُواْ مُعۡرِضُونَ ٣Ha Re’a hlola maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng ka ‘nete le eona nako ea pallo. Empa haele ba latolang tumelo ba furalla se ba lemosang قُلۡ أَرَءَيۡتُم مَّا تَدۡعُونَ مِن دُونِ ٱللَّهِ أَرُونِي مَاذَا خَلَقُواْ مِنَ ٱلۡأَرۡضِ أَمۡ لَهُمۡ شِرۡكٌ فِي ٱلسَّمَٰوَٰتِۖ ٱئۡتُونِي بِكِتَٰبٍ مِّن قَبۡلِ هَٰذَآ أَوۡ أَثَٰرَةٍ مِّنۡ عِلۡمٍ إِن كُنتُمۡ صَٰدِقِينَ ٤E re: “Na le hlokomela seo le bitsang ho sona ntle ho Allah? Ak’u mponts’eng lintho tseo ba li hlotseng holima lefats’e, kapa ba na le seabo maholimong? Hlahisang Lengolo, kapa masalla a tsebo, haeba le bolela ‘nete وَمَنۡ أَضَلُّ مِمَّن يَدۡعُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ مَن لَّا يَسۡتَجِيبُ لَهُۥٓ إِلَىٰ يَوۡمِ ٱلۡقِيَٰمَةِ وَهُمۡ عَن دُعَآئِهِمۡ غَٰفِلُونَ ٥Ke mang ea hlahlatelang ho feta haese ea bitsang ho se sa tlo mo araba kantle ho Allah, ka Letsatsi la Kahlolo, ea sa utloeng le pitso ea bona وَإِذَا حُشِرَ ٱلنَّاسُ كَانُواْ لَهُمۡ أَعۡدَآءً وَكَانُواْ بِعِبَادَتِهِمۡ كَٰفِرِينَ ٦Mohla batho ba tlang ho khobokang’oa ‘moho(ka tsoho ea bafu)ba tla tlallana bora, ba latole thapeli ea bona وَإِذَا تُتۡلَىٰ عَلَيۡهِمۡ ءَايَٰتُنَا بَيِّنَٰتٍ قَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِلۡحَقِّ لَمَّا جَآءَهُمۡ هَٰذَا سِحۡرٌ مُّبِينٌ ٧Ha ba pheteloa Lits’enolo tsa Rona tse hlakileng mahana- tumelo ba re, kannete ha e finyella ho bona:’sena ke boloi bo pepenene.” أَمۡ يَقُولُونَ ٱفۡتَرَىٰهُۖ قُلۡ إِنِ ٱفۡتَرَيۡتُهُۥ فَلَا تَمۡلِكُونَ لِي مِنَ ٱللَّهِ شَيۡـًٔاۖ هُوَ أَعۡلَمُ بِمَا تُفِيضُونَ فِيهِۚ كَفَىٰ بِهِۦ شَهِيدَۢا بَيۡنِي وَبَيۡنَكُمۡۖ وَهُوَ ٱلۡغَفُورُ ٱلرَّحِيمُ ٨Kapa ba re: “O iqapetse eona?” E re: “Hoja ke iqapetse eona, le ne le ke ke la fumana tlhonolofatso le e ng’oe ho Allah sebakeng sa ka. U tseba ka botlalo seo le buang ka sona! U lekane joalo ka paki lipakeng tsa ka le lona! Ke Eena Ea Ts’oarelang Joalo-Joalo, Ea Mohau o Khaphatsehang.” قُلۡ مَا كُنتُ بِدۡعًا مِّنَ ٱلرُّسُلِ وَمَآ أَدۡرِي مَا يُفۡعَلُ بِي وَلَا بِكُمۡۖ إِنۡ أَتَّبِعُ إِلَّا مَا يُوحَىٰٓ إِلَيَّ وَمَآ أَنَا۠ إِلَّا نَذِيرٌ مُّبِينٌ ٩E re: “Ha kea tlisa tumelo e ncha ea maiqapelo har’a barumuoa, kapa hona ho tseba hore na ho tla estahalang ka ‘na kapa ka lona. Ke latela feela seo ke se senoletsoeng ka ts’usumetso; ke mpa ke le mohlokomelise ea hlakileng قُلۡ أَرَءَيۡتُمۡ إِن كَانَ مِنۡ عِندِ ٱللَّهِ وَكَفَرۡتُم بِهِۦ وَشَهِدَ شَاهِدٌ مِّنۢ بَنِيٓ إِسۡرَٰٓءِيلَ عَلَىٰ مِثۡلِهِۦ فَـَٔامَنَ وَٱسۡتَكۡبَرۡتُمۡۚ إِنَّ ٱللَّهَ لَا يَهۡدِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلظَّٰلِمِينَ ١٠E re: “Lea bona? Haeba ena e tsoa ho Allah, le e latola, le paki ho tsoa har’a bana ba Israele a e (tihisa) pakang ho ts’oana le mangolo a bona, a bile a khoktsoe ha lona le ikhohomosa, ruri, Allah haA tataise batho ba se nang toka.” وَقَالَ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ لِلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَوۡ كَانَ خَيۡرًا مَّا سَبَقُونَآ إِلَيۡهِۚ وَإِذۡ لَمۡ يَهۡتَدُواْ بِهِۦ فَسَيَقُولُونَ هَٰذَآ إِفۡكٌ قَدِيمٌ ١١Mahana-Tumelo ba re ka ba-kholoang:” Haeba molaetsa ona e ne e le ntho e ntle, ba ba kang bana ba ka be ba sa atamela ho ona pele, pele ho rona!” Ka ho hlokomela hore ha ba itataise, ba tla re; “Sena ke Leshano la mehleng ea khale!” وَمِن قَبۡلِهِۦ كِتَٰبُ مُوسَىٰٓ إِمَامًا وَرَحۡمَةًۚ وَهَٰذَا كِتَٰبٌ مُّصَدِّقٌ لِّسَانًا عَرَبِيًّا لِّيُنذِرَ ٱلَّذِينَ ظَلَمُواْ وَبُشۡرَىٰ لِلۡمُحۡسِنِينَ ١٢Pele ho mona, e ne e le Lengolo la Moshe joaloka tataiso le mohau إِنَّ ٱلَّذِينَ قَالُواْ رَبُّنَا ٱللَّهُ ثُمَّ ٱسۡتَقَٰمُواْ فَلَا خَوۡفٌ عَلَيۡهِمۡ وَلَا هُمۡ يَحۡزَنُونَ ١٣Ruri ba reng: “Mong`a rona ke Allah, ba tsitlallela(tseleng eo), – ha ban a ho ts’aba, kapa hona ho sareloa أُوْلَٰٓئِكَ أَصۡحَٰبُ ٱلۡجَنَّةِ خَٰلِدِينَ فِيهَا جَزَآءَۢ بِمَا كَانُواْ يَعۡمَلُونَ ١٤Ba joalo e tla ba ba Balekane ba Serapa, ba tla phela teng (kahoasafeleng): moputso oa liketso tsa bona tse lokileng وَوَصَّيۡنَا ٱلۡإِنسَٰنَ بِوَٰلِدَيۡهِ إِحۡسَٰنًاۖ حَمَلَتۡهُ أُمُّهُۥ كُرۡهًا وَوَضَعَتۡهُ كُرۡهًاۖ وَحَمۡلُهُۥ وَفِصَٰلُهُۥ ثَلَٰثُونَ شَهۡرًاۚ حَتَّىٰٓ إِذَا بَلَغَ أَشُدَّهُۥ وَبَلَغَ أَرۡبَعِينَ سَنَةً قَالَ رَبِّ أَوۡزِعۡنِيٓ أَنۡ أَشۡكُرَ نِعۡمَتَكَ ٱلَّتِيٓ أَنۡعَمۡتَ عَلَيَّ وَعَلَىٰ وَٰلِدَيَّ وَأَنۡ أَعۡمَلَ صَٰلِحًا تَرۡضَىٰهُ وَأَصۡلِحۡ لِي فِي ذُرِّيَّتِيٓۖ إِنِّي تُبۡتُ إِلَيۡكَ وَإِنِّي مِنَ ٱلۡمُسۡلِمِينَ ١٥Re laetse motho ho ba mosa ho batsoali ba hae: ‘Ma’e o mo imme ka mathata a mo beleha ka bohloko; tlhokomelo ea ngoana ho fihlela a khoesoa ke likhoeli tse mashome a mararo, khabareng ha a fihla lilemo tsa matla a hae, mengoaha e mashome a mane, o re “Oho mong’a nketse hore ke ke be le teboho melemong ea hau eo U nts’itsitseng ka eona, le holima batsoali ba ka bobeli, hore ke tle ke etse ka ho loka, hore U tle U khahloe ke hona; U be le lereko ho ‘na le holima tsoala ea ka. Ruri ke retelehetse ka ho uena, ruri ke ithapalatsa ho uena, Islamong.” أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ نَتَقَبَّلُ عَنۡهُمۡ أَحۡسَنَ مَا عَمِلُواْ وَنَتَجَاوَزُ عَن سَيِّـَٔاتِهِمۡ فِيٓ أَصۡحَٰبِ ٱلۡجَنَّةِۖ وَعۡدَ ٱلصِّدۡقِ ٱلَّذِي كَانُواْ يُوعَدُونَ ١٦Ba joalo ke bona bao Re tlang ho amohela liketso tsa bona tse ntle, Re tlolise liketso tsa bona tse mpe mahlo holimo: Bat la ba har’a Balekane ba Serapa: ts’episo ea ‘nete, eo ba ileng ba e etsetsoa(lefats’eng) bophelong bona وَٱلَّذِي قَالَ لِوَٰلِدَيۡهِ أُفٍّ لَّكُمَآ أَتَعِدَانِنِيٓ أَنۡ أُخۡرَجَ وَقَدۡ خَلَتِ ٱلۡقُرُونُ مِن قَبۡلِي وَهُمَا يَسۡتَغِيثَانِ ٱللَّهَ وَيۡلَكَ ءَامِنۡ إِنَّ وَعۡدَ ٱللَّهِ حَقٌّ فَيَقُولُ مَا هَٰذَآ إِلَّآ أَسَٰطِيرُ ٱلۡأَوَّلِينَ ١٧Empa (ho teng)ea reng ho batsoali ba hae,” Tlohang mona, le ntse le nts’episa hore ke tla tsosoa hape, le ha lichaba li felile pele ho ‘na(li sa tsohe hape?) Bobeli bo kopa thuso ea Allah,(ba khalema mora) “Sekhoibo se be ho uena, eba le tumelo, hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete” Empa o re: “Tsena ke lits’omo tsa mehleng ea khale أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ حَقَّ عَلَيۡهِمُ ٱلۡقَوۡلُ فِيٓ أُمَمٍ قَدۡ خَلَتۡ مِن قَبۡلِهِم مِّنَ ٱلۡجِنِّ وَٱلۡإِنسِۖ إِنَّهُمۡ كَانُواْ خَٰسِرِينَ ١٨Ba joalo ke bao khahlanong le bona kahlolo e lihiloeng har’a meloko ea li-Jinn le batho, ba shoeleng: hobane bat la eba tahlehong وَلِكُلٍّ دَرَجَٰتٌ مِّمَّا عَمِلُواْۖ وَلِيُوَفِّيَهُمۡ أَعۡمَٰلَهُمۡ وَهُمۡ لَا يُظۡلَمُونَ ١٩Ho bohle ho abiloe maemo ho latela liketso tsa bona, hore Allah A tle A putse liketso tsa bona, ha ba ke ke ba jeoa tsuo وَيَوۡمَ يُعۡرَضُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ عَلَى ٱلنَّارِ أَذۡهَبۡتُمۡ طَيِّبَٰتِكُمۡ فِي حَيَاتِكُمُ ٱلدُّنۡيَا وَٱسۡتَمۡتَعۡتُم بِهَا فَٱلۡيَوۡمَ تُجۡزَوۡنَ عَذَابَ ٱلۡهُونِ بِمَا كُنتُمۡ تَسۡتَكۡبِرُونَ فِي ٱلۡأَرۡضِ بِغَيۡرِ ٱلۡحَقِّ وَبِمَا كُنتُمۡ تَفۡسُقُونَ ٢٠Ka letsatsi leo mahana-tumelo a tlang ho emisoa kapela mollo,(ho tla thoe ho bona) “le amohetse tse ntle bophelong ba lefats’e, la nyakalla ke tsona: empa kajeno le tla lefshoa ka kotlo e soabisang: hobane le ne le ikhohomosa holim’a lefats’e kantle ho toka, le tlotse meeli ۞ وَٱذۡكُرۡ أَخَا عَادٍ إِذۡ أَنذَرَ قَوۡمَهُۥ بِٱلۡأَحۡقَافِ وَقَدۡ خَلَتِ ٱلنُّذُرُ مِنۢ بَيۡنِ يَدَيۡهِ وَمِنۡ خَلۡفِهِۦٓ أَلَّا تَعۡبُدُوٓاْ إِلَّا ٱللَّهَ إِنِّيٓ أَخَافُ عَلَيۡكُمۡ عَذَابَ يَوۡمٍ عَظِيمٍ ٢١Ba phetele ka Hud oa Sechaba sa ba-A’d: O ile a lemosa sechaba sa habo ka litutulu tsa lehlabathe; empa ho ‘nile ha eba le bahlokomelise pele ho eena, le kamorao ho eena:” Se khumameleng mang kapa mang kantle ho Allah; ruri ke ts’aba Kotlo ea Letsatsi le Leholo e le tobileng.” قَالُوٓاْ أَجِئۡتَنَا لِتَأۡفِكَنَا عَنۡ ءَالِهَتِنَا فَأۡتِنَا بِمَا تَعِدُنَآ إِن كُنتَ مِنَ ٱلصَّٰدِقِينَ ٢٢Ba re: “O tletse ho tla re khelosa ho melingoaneng ea rona? Re nehelle ka seo u lulang u re ts’osa ka sona: haeba u bolela ‘nete!” قَالَ إِنَّمَا ٱلۡعِلۡمُ عِندَ ٱللَّهِ وَأُبَلِّغُكُم مَّآ أُرۡسِلۡتُ بِهِۦ وَلَٰكِنِّيٓ أَرَىٰكُمۡ قَوۡمًا تَجۡهَلُونَ ٢٣Hud a re: “Tsebo (ea hore e tla fihla neng) e ho Allah Ea inotsi: Ke phatlalatsa feela seo ke romiloeng ka sona: Empa ke’a hlokomela hore le batho ba lefifing!” فَلَمَّا رَأَوۡهُ عَارِضًا مُّسۡتَقۡبِلَ أَوۡدِيَتِهِمۡ قَالُواْ هَٰذَا عَارِضٌ مُّمۡطِرُنَاۚ بَلۡ هُوَ مَا ٱسۡتَعۡجَلۡتُم بِهِۦۖ رِيحٌ فِيهَا عَذَابٌ أَلِيمٌ ٢٤Ea re, ha ba bona(kotlo ka sebopeho) sa leru le tsamaea sebakeng ho tla koahela melatsoana ea bona, ba re, “Leru lena le re tlisetsa pula! “Che, sena ke kotlo eo le neng le kopa hore e potlakisoe!-sefefo seo ho sona e leng kotlo e mahlonoko تُدَمِّرُ كُلَّ شَيۡءِۭ بِأَمۡرِ رَبِّهَا فَأَصۡبَحُواْ لَا يُرَىٰٓ إِلَّا مَسَٰكِنُهُمۡۚ كَذَٰلِكَ نَجۡزِي ٱلۡقَوۡمَ ٱلۡمُجۡرِمِينَ ٢٥“Se tla ripitla tsohle ka taelo ea Mong`a sona!” Eaba ka meso ba – ha ho letho le neng le bonahala haese marako a matlo a bona! Ke kamoo Re putsang ba qoetseng sebeng وَلَقَدۡ مَكَّنَّٰهُمۡ فِيمَآ إِن مَّكَّنَّٰكُمۡ فِيهِ وَجَعَلۡنَا لَهُمۡ سَمۡعًا وَأَبۡصَٰرًا وَأَفۡـِٔدَةً فَمَآ أَغۡنَىٰ عَنۡهُمۡ سَمۡعُهُمۡ وَلَآ أَبۡصَٰرُهُمۡ وَلَآ أَفۡـِٔدَتُهُم مِّن شَيۡءٍ إِذۡ كَانُواْ يَجۡحَدُونَ بِـَٔايَٰتِ ٱللَّهِ وَحَاقَ بِهِم مَّا كَانُواْ بِهِۦ يَسۡتَهۡزِءُونَ ٢٦Re ile Ra ba apesa ka matla ao Re sa kang Ra le apesa ka ona, Ra ba sitsa ka kutlo, pono, sebete le bohlale: Empa tsena tsohle ha lia ka tsa ba tsoela molemo, Kutlo, pono, le sebete le bohlale ha ba tsoelapele ho latola Liets’enolo tsa Allah; ba ile ba kopeloa hare ke seo ba neng ba se soma وَلَقَدۡ أَهۡلَكۡنَا مَا حَوۡلَكُم مِّنَ ٱلۡقُرَىٰ وَصَرَّفۡنَا ٱلۡأٓيَٰتِ لَعَلَّهُمۡ يَرۡجِعُونَ ٢٧Re ile Ra ripitla lichaba tse le pota-potileng, eaba Re hlahisa ponts’eng ea bona Lits’enolo tsa Rona, hore ba tle ba sokolohe فَلَوۡلَا نَصَرَهُمُ ٱلَّذِينَ ٱتَّخَذُواْ مِن دُونِ ٱللَّهِ قُرۡبَانًا ءَالِهَةَۢۖ بَلۡ ضَلُّواْ عَنۡهُمۡۚ وَذَٰلِكَ إِفۡكُهُمۡ وَمَا كَانُواْ يَفۡتَرُونَ ٢٨Hobaneng ho sa ka ha hlaha thuso ho tsoa ho bao ba neng ba ba khumamamela e le melimo, kantle ho Allah, joaloka tsela ea katamelo ho Allah? Che, ba ba siile shalabeng: Empa seo ene e le mashano le boiqapelo ba bona وَإِذۡ صَرَفۡنَآ إِلَيۡكَ نَفَرًا مِّنَ ٱلۡجِنِّ يَسۡتَمِعُونَ ٱلۡقُرۡءَانَ فَلَمَّا حَضَرُوهُ قَالُوٓاْ أَنصِتُواْۖ فَلَمَّا قُضِيَ وَلَّوۡاْ إِلَىٰ قَوۡمِهِم مُّنذِرِينَ ٢٩Re ile Ra kokobetsa lequloana la li-Jinn ho mamela Qura’n: ha li ne li eme kapel’a lona, tsa re:” Mamaelang ka hloko”. Ha e qetoa ho phetoa, tsa khutla ho beng ka tsona, ho ba lemosa قَالُواْ يَٰقَوۡمَنَآ إِنَّا سَمِعۡنَا كِتَٰبًا أُنزِلَ مِنۢ بَعۡدِ مُوسَىٰ مُصَدِّقًا لِّمَا بَيۡنَ يَدَيۡهِ يَهۡدِيٓ إِلَى ٱلۡحَقِّ وَإِلَىٰ طَرِيقٍ مُّسۡتَقِيمٍ ٣٠Tsa re: “Oho sechaba sa bo rona! Re utloile lengolo le senotsoeng kamorao ho Moshe, le hlapanyang se tlileng pele ho lona: le tataisetsa batho ‘neteng le tseleng e topileng يَٰقَوۡمَنَآ أَجِيبُواْ دَاعِيَ ٱللَّهِ وَءَامِنُواْ بِهِۦ يَغۡفِرۡ لَكُم مِّن ذُنُوبِكُمۡ وَيُجِرۡكُم مِّنۡ عَذَابٍ أَلِيمٍ ٣١“Oho sechaba sa bo rona! Mamelang ea le memelang ho Allah, le kholoe ho Eena; U tla le ts’oarela lits’ito tsa lona, A le loele kahlolong e mahlonoko وَمَن لَّا يُجِبۡ دَاعِيَ ٱللَّهِ فَلَيۡسَ بِمُعۡجِزٍ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَلَيۡسَ لَهُۥ مِن دُونِهِۦٓ أَوۡلِيَآءُۚ أُوْلَٰٓئِكَ فِي ضَلَٰلٍ مُّبِينٍ ٣٢“Haeba ho se mong oa lona ea potlakelang pitsong ea ea re memelang ho Allah, a ke ke a ferekanya morero oa Allah holim’a lefats’e, a ka se fumane bats’irelersi kantle ho Allah: Batho ba phosong e totobetseng.” أَوَلَمۡ يَرَوۡاْ أَنَّ ٱللَّهَ ٱلَّذِي خَلَقَ ٱلسَّمَٰوَٰتِ وَٱلۡأَرۡضَ وَلَمۡ يَعۡيَ بِخَلۡقِهِنَّ بِقَٰدِرٍ عَلَىٰٓ أَن يُحۡـِۧيَ ٱلۡمَوۡتَىٰۚ بَلَىٰٓۚ إِنَّهُۥ عَلَىٰ كُلِّ شَيۡءٍ قَدِيرٌ ٣٣Na ha ba bone hore Allah, Ea hlotseng maholimo le lefats’e kantle ho mokhathala tlholong ea ona, U le matla ho fana ka bophelo ho bafu? Ruri! U le matla holima lintho tsohle وَيَوۡمَ يُعۡرَضُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ عَلَى ٱلنَّارِ أَلَيۡسَ هَٰذَا بِٱلۡحَقِّۖ قَالُواْ بَلَىٰ وَرَبِّنَاۚ قَالَ فَذُوقُواْ ٱلۡعَذَابَ بِمَا كُنتُمۡ تَكۡفُرُونَ ٣٤Ka Letsatsi leo mahana-tumelo ba tla behoa kapela mollo,(ba tla botsoa)” Se ha se ‘nete?” Ba tla re,” E, ka Mong’a rona!”(E mong o tla re) “Joale latsoang Kotlo eo le neng le e latola!” فَٱصۡبِرۡ كَمَا صَبَرَ أُوْلُواْ ٱلۡعَزۡمِ مِنَ ٱلرُّسُلِ وَلَا تَسۡتَعۡجِل لَّهُمۡۚ كَأَنَّهُمۡ يَوۡمَ يَرَوۡنَ مَا يُوعَدُونَ لَمۡ يَلۡبَثُوٓاْ إِلَّا سَاعَةً مِّن نَّهَارِۭۚ بَلَٰغٌۚ فَهَلۡ يُهۡلَكُ إِلَّا ٱلۡقَوۡمُ ٱلۡفَٰسِقُونَ ٣٥Kahoo tsitlallelang ka mamello, joaloka Barumuoa ba neng ba sa kebe tseleng ea bona; le se potlake ka mahana-tumelo. Mohla ba bonang Kotlo eo ba e ts’episitsoeng e tla ba joalo ka ha eka ba phetse nakoana e kaalo ka hora LEtsatsing. Sa lona ke ho phatlalatsa Molaetsa: Empa ba tla timetsoa ba teng ntle ho ba tlolang meeli

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.