ملة الإسلام

السورة 47 · 38 آية · Sheikh Elias Keketso Lelia

سورة محمد باللغة السوتو

السورة بالعربية مع التفسير استمع إلى سورة محمد (1,160 قارئاً)
مدنيةسورة محمد٣٨ آية

بِسۡمِ ٱللَّهِ ٱلرَّحۡمَٰنِ ٱلرَّحِيمِ

ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ أَضَلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ ١Ba latolang Allah ba bile ba thibela baho TSeleng Ea Allah,- Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle feela وَٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ وَءَامَنُواْ بِمَا نُزِّلَ عَلَىٰ مُحَمَّدٍ وَهُوَ ٱلۡحَقُّ مِن رَّبِّهِمۡ كَفَّرَ عَنۡهُمۡ سَيِّـَٔاتِهِمۡ وَأَصۡلَحَ بَالَهُمۡ ٢Empa ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, ba kholoa ts’enolong e rometsoeng ho Muhammad – hobane ke ‘nete e tsoang ho Mong’a bona, – U tla tlosa lits’ito tsa bona, A phahamise maemo a bona ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ ٱتَّبَعُواْ ٱلۡبَٰطِلَ وَأَنَّ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ ٱتَّبَعُواْ ٱلۡحَقَّ مِن رَّبِّهِمۡۚ كَذَٰلِكَ يَضۡرِبُ ٱللَّهُ لِلنَّاسِ أَمۡثَٰلَهُمۡ ٣Seo ke hobane ba latolang Allah ba latela mafeela, ha ba- kholoang ba latela ‘Nete e tsoang ho Mong’a bona: ke kamoo Allah A hlophisang mehlala ka lipapiso فَإِذَا لَقِيتُمُ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَضَرۡبَ ٱلرِّقَابِ حَتَّىٰٓ إِذَآ أَثۡخَنتُمُوهُمۡ فَشُدُّواْ ٱلۡوَثَاقَ فَإِمَّا مَنَّۢا بَعۡدُ وَإِمَّا فِدَآءً حَتَّىٰ تَضَعَ ٱلۡحَرۡبُ أَوۡزَارَهَاۚ ذَٰلِكَۖ وَلَوۡ يَشَآءُ ٱللَّهُ لَٱنتَصَرَ مِنۡهُمۡ وَلَٰكِن لِّيَبۡلُوَاْ بَعۡضَكُم بِبَعۡضٍۗ وَٱلَّذِينَ قُتِلُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَلَن يُضِلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ ٤Kahoo, ha le kopana le Mahana-tumelo(ntoeng), le ba otle melaleng; khabareng ha le se le ba thapisitse, ba tlameng ka selekane: kamorao ho moo ka pelo-nolo kapa ka tokollo ea mats’eliso: ho fihlela ntoa e letse. Ke kamoo(le laetsoeng): Empa haeba e ne e le Thato Ea Allah, A be A ba lefisitse; empa(U le lesa ho loana) hore A le behe tekong, ba banag ba lona ba tla bolaoa. Empa ba bolaoang tseleng ea Allah, – A ke ke A lesa liketso tsa bona ho ba mafeela سَيَهۡدِيهِمۡ وَيُصۡلِحُ بَالَهُمۡ ٥U tla ba tataisa le hona ho phahamisa maemo a bona وَيُدۡخِلُهُمُ ٱلۡجَنَّةَ عَرَّفَهَا لَهُمۡ ٦A ba amohelle Serapeng seo A ba ts’episitseng sona يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ إِن تَنصُرُواْ ٱللَّهَ يَنصُرۡكُمۡ وَيُثَبِّتۡ أَقۡدَامَكُمۡ ٧Oho lona ba-kholoang! Haeba le thusa Allah; Allah U tla le thusa, A matlafatse mehato ea lona وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ فَتَعۡسًا لَّهُمۡ وَأَضَلَّ أَعۡمَٰلَهُمۡ ٨Empa ba latolang (Allah), – Timelo kea bona; Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ كَرِهُواْ مَآ أَنزَلَ ٱللَّهُ فَأَحۡبَطَ أَعۡمَٰلَهُمۡ ٩Seo ke hobane ba Hloile Ts’enolo ea Allah; kahoo U entse hore liketso tsa bona li se behe litholoana ۞ أَفَلَمۡ يَسِيرُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ فَيَنظُرُواْ كَيۡفَ كَانَ عَٰقِبَةُ ٱلَّذِينَ مِن قَبۡلِهِمۡۖ دَمَّرَ ٱللَّهُ عَلَيۡهِمۡۖ وَلِلۡكَٰفِرِينَ أَمۡثَٰلُهَا ١٠Na ha ba es’o hahlaule le lefats’e, ba ke ba bone seo e bileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona(ba neng ba etsa bobe)? Allah U ile A ba ripitla, kotlo e joalo e emetse bohle ba Latolang Allah ذَٰلِكَ بِأَنَّ ٱللَّهَ مَوۡلَى ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَأَنَّ ٱلۡكَٰفِرِينَ لَا مَوۡلَىٰ لَهُمۡ ١١Seo ke hobane Allah ke mots’ireletsi oa ba-kholoang, empa ba latolang Allah ba hloka mots’ireletsi إِنَّ ٱللَّهَ يُدۡخِلُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ وَعَمِلُواْ ٱلصَّٰلِحَٰتِ جَنَّٰتٍ تَجۡرِي مِن تَحۡتِهَا ٱلۡأَنۡهَٰرُۖ وَٱلَّذِينَ كَفَرُواْ يَتَمَتَّعُونَ وَيَأۡكُلُونَ كَمَا تَأۡكُلُ ٱلۡأَنۡعَٰمُ وَٱلنَّارُ مَثۡوًى لَّهُمۡ ١٢Ruri! Allah U tla amohela bohle ba – kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Lirapeng tsee ka tlasa tsona ho phallang linoka; ha ba latolang Allah ba tla natefeloa, ba je joalo ka ha likhomo li eja, Mollo e tla ba lehae la bona وَكَأَيِّن مِّن قَرۡيَةٍ هِيَ أَشَدُّ قُوَّةً مِّن قَرۡيَتِكَ ٱلَّتِيٓ أَخۡرَجَتۡكَ أَهۡلَكۡنَٰهُمۡ فَلَا نَاصِرَ لَهُمۡ ١٣Ke metse e mekae e matla ho feta oa heno (Makka) eo baahi ba eona ba ileng ba o phalalisa? Eaba Re e ripitla hoo ba sa kang ba eba le mothusi أَفَمَن كَانَ عَلَىٰ بَيِّنَةٍ مِّن رَّبِّهِۦ كَمَن زُيِّنَ لَهُۥ سُوٓءُ عَمَلِهِۦ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَهۡوَآءَهُم ١٤Na ea tseleleng e hlakileng ho tsoa ho Mong`a hae, a ka ts’oana le eo libe tsa hae li ntlafalitsoeng ho mo khahla, a sa ntse a setse litakatso tsa hae morao مَّثَلُ ٱلۡجَنَّةِ ٱلَّتِي وُعِدَ ٱلۡمُتَّقُونَۖ فِيهَآ أَنۡهَٰرٌ مِّن مَّآءٍ غَيۡرِ ءَاسِنٍ وَأَنۡهَٰرٌ مِّن لَّبَنٍ لَّمۡ يَتَغَيَّرۡ طَعۡمُهُۥ وَأَنۡهَٰرٌ مِّنۡ خَمۡرٍ لَّذَّةٍ لِّلشَّٰرِبِينَ وَأَنۡهَٰرٌ مِّنۡ عَسَلٍ مُّصَفًّىۖ وَلَهُمۡ فِيهَا مِن كُلِّ ٱلثَّمَرَٰتِ وَمَغۡفِرَةٌ مِّن رَّبِّهِمۡۖ كَمَنۡ هُوَ خَٰلِدٌ فِي ٱلنَّارِ وَسُقُواْ مَآءً حَمِيمًا فَقَطَّعَ أَمۡعَآءَهُمۡ ١٥Ena ke papiso ea Serapa se ts’episitsoeng bohle ba ts’abang Allah: ka hare ho sona ho teng linoka tse metsi a hloekileng: linoka tsa lebese le tatso e sa fetoheng, linoka tsa veine e natefelang ba e noang, le linoka tse kopotsang manepe; ho teng mefuta ea litholoana le Lereko le tsoang ho Mong`a bona. Na ba ka bapisoa le ba hlolang Mollong kahosafeleng, ba fuoa metsi a belang ho noa, hoo a bileng a khaolang mala a bona(likotoana) وَمِنۡهُم مَّن يَسۡتَمِعُ إِلَيۡكَ حَتَّىٰٓ إِذَا خَرَجُواْ مِنۡ عِندِكَ قَالُواْ لِلَّذِينَ أُوتُواْ ٱلۡعِلۡمَ مَاذَا قَالَ ءَانِفًاۚ أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ طَبَعَ ٱللَّهُ عَلَىٰ قُلُوبِهِمۡ وَٱتَّبَعُوٓاْ أَهۡوَآءَهُمۡ ١٦Har’a bona ho teng ba u mamelang, empa qetellong ha ba u furalla, e be ba re ho ba filoeng tsebo: “Ke eng seo a neng a ntse a se buoa?” Bao ke batho bao Allah A kabieng lipelo tsa bona, ba latelang litakatso tsa bona وَٱلَّذِينَ ٱهۡتَدَوۡاْ زَادَهُمۡ هُدًى وَءَاتَىٰهُمۡ تَقۡوَىٰهُمۡ ١٧Empa ba amohelang tataiso, U ba ekeletsa(khanya) tataiso, A ba sitse ka Khalalelo le Ts’ireletso (sebeng) فَهَلۡ يَنظُرُونَ إِلَّا ٱلسَّاعَةَ أَن تَأۡتِيَهُم بَغۡتَةًۖ فَقَدۡ جَآءَ أَشۡرَاطُهَاۚ فَأَنَّىٰ لَهُمۡ إِذَا جَآءَتۡهُمۡ ذِكۡرَىٰهُمۡ ١٨Ba emetse Hora, – hore e tla ba fihlela ba sa lebella? Empa lits’upiso tsa eona li se li finyeletse, ha e se e ba fihletse, ba tla hloka molemo ofe khalemong ea bona فَٱعۡلَمۡ أَنَّهُۥ لَآ إِلَٰهَ إِلَّا ٱللَّهُ وَٱسۡتَغۡفِرۡ لِذَنۢبِكَ وَلِلۡمُؤۡمِنِينَ وَٱلۡمُؤۡمِنَٰتِۗ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ مُتَقَلَّبَكُمۡ وَمَثۡوَىٰكُمۡ ١٩Tseba hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah, u kope ts’oarelo ea libe tsa hau, le tsa batho ba-kholoang le tsa basali ba-kholoang. Hobane Allah U tseba metsamao ea lona le kamoo le phelang kateng malapeng a lona وَيَقُولُ ٱلَّذِينَ ءَامَنُواْ لَوۡلَا نُزِّلَتۡ سُورَةٌۖ فَإِذَآ أُنزِلَتۡ سُورَةٌ مُّحۡكَمَةٌ وَذُكِرَ فِيهَا ٱلۡقِتَالُ رَأَيۡتَ ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ يَنظُرُونَ إِلَيۡكَ نَظَرَ ٱلۡمَغۡشِيِّ عَلَيۡهِ مِنَ ٱلۡمَوۡتِۖ فَأَوۡلَىٰ لَهُمۡ ٢٠Ba-kholoang ba re: “Hobaneng Khaolo e sa romeloe ho rona? Empa ha Khaolo e totobetseng, e bolela ka ntoa, u tla bona bao lipelong ho bona ho tletseng maloetse ba u shalimile joalo ka ha eka ba makhatheng a lefu. Empa ba ne ba loketse طَاعَةٌ وَقَوۡلٌ مَّعۡرُوفٌۚ فَإِذَا عَزَمَ ٱلۡأَمۡرُ فَلَوۡ صَدَقُواْ ٱللَّهَ لَكَانَ خَيۡرًا لَّهُمۡ ٢١Ho amohela ba bue toka, hore ha taba e rarolotsoe, e ne etla ba molemo ha ba ne ba ena le ‘nete ho Allah فَهَلۡ عَسَيۡتُمۡ إِن تَوَلَّيۡتُمۡ أَن تُفۡسِدُواْ فِي ٱلۡأَرۡضِ وَتُقَطِّعُوٓاْ أَرۡحَامَكُمۡ ٢٢Joale, ho lebeletsoe ho tsoa ho uena haeba u fuoe matla, hore u tla fehla mofere-fere holim’a lefats’e, u khaole maqhama a tsoalano le beng ka uena أُوْلَٰٓئِكَ ٱلَّذِينَ لَعَنَهُمُ ٱللَّهُ فَأَصَمَّهُمۡ وَأَعۡمَىٰٓ أَبۡصَٰرَهُمۡ ٢٣Ba joalo ke batho bao Allah A ba rohakileng hobane U ba entse Litholo le ho ba foufatsa أَفَلَا يَتَدَبَّرُونَ ٱلۡقُرۡءَانَ أَمۡ عَلَىٰ قُلُوبٍ أَقۡفَالُهَآ ٢٤Joale ha ba leke ka matla ho batla ho utloisisa Qura’n, kapa lipelo tsa bona ba li tlamme mafito إِنَّ ٱلَّذِينَ ٱرۡتَدُّواْ عَلَىٰٓ أَدۡبَٰرِهِم مِّنۢ بَعۡدِ مَا تَبَيَّنَ لَهُمُ ٱلۡهُدَى ٱلشَّيۡطَٰنُ سَوَّلَ لَهُمۡ وَأَمۡلَىٰ لَهُمۡ ٢٥Haele ba koenehang kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, E Mobe o ba ekile; ka ts’episo ea mafeela ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمۡ قَالُواْ لِلَّذِينَ كَرِهُواْ مَا نَزَّلَ ٱللَّهُ سَنُطِيعُكُمۡ فِي بَعۡضِ ٱلۡأَمۡرِۖ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ إِسۡرَارَهُمۡ ٢٦Sena ke hobane ba re ho ba hloileng molaetsa o senotsoeng ke Allah: “Re tla le mamela karolong ea litaba tsena;” empa Allah U tseba liphiri tsa bona فَكَيۡفَ إِذَا تَوَفَّتۡهُمُ ٱلۡمَلَٰٓئِكَةُ يَضۡرِبُونَ وُجُوهَهُمۡ وَأَدۡبَٰرَهُمۡ ٢٧Empa ho tlaba joang mohla manyeloi a nkang meea ea bona lefung, a ba otla lifahlehong le ka mekokotlong ذَٰلِكَ بِأَنَّهُمُ ٱتَّبَعُواْ مَآ أَسۡخَطَ ٱللَّهَ وَكَرِهُواْ رِضۡوَٰنَهُۥ فَأَحۡبَطَ أَعۡمَٰلَهُمۡ ٢٨Sena e le hobane ba ile ba latela se khopisang Allah, eaba ba hloea se Mo thabisang. Kahoo, o fetotse liketso tsa bona mafeela أَمۡ حَسِبَ ٱلَّذِينَ فِي قُلُوبِهِم مَّرَضٌ أَن لَّن يُخۡرِجَ ٱللَّهُ أَضۡغَٰنَهُمۡ ٢٩Kapa bao Lipelo tsa bona li tletseng maloetse ba nahana hore Allah A ke ke A behaa pooaneng lehloeo la bona وَلَوۡ نَشَآءُ لَأَرَيۡنَٰكَهُمۡ فَلَعَرَفۡتَهُم بِسِيمَٰهُمۡۚ وَلَتَعۡرِفَنَّهُمۡ فِي لَحۡنِ ٱلۡقَوۡلِۚ وَٱللَّهُ يَعۡلَمُ أَعۡمَٰلَكُمۡ ٣٠Hoja ke thato ea Rona, Re ka be Re u joents’itse bona, hore ka ‘nete u tle u ba tsebe ka mats’oao a bona: empa u tla ba tseba ka lipuo tsa bona! Allah U tseba tsohle tseo le li etsang وَلَنَبۡلُوَنَّكُمۡ حَتَّىٰ نَعۡلَمَ ٱلۡمُجَٰهِدِينَ مِنكُمۡ وَٱلصَّٰبِرِينَ وَنَبۡلُوَاْ أَخۡبَارَكُمۡ ٣١Re tla le beha tekong ho fihlela Re leka ba tsitlalletseng ka tieo har’a lona (ts’ebeletsong ea Allah), ba tsitlalla ka mamello; Re tla hlahloba litlaleho tsa lona إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ وَشَآقُّواْ ٱلرَّسُولَ مِنۢ بَعۡدِ مَا تَبَيَّنَ لَهُمُ ٱلۡهُدَىٰ لَن يَضُرُّواْ ٱللَّهَ شَيۡـًٔا وَسَيُحۡبِطُ أَعۡمَٰلَهُمۡ ٣٢Ba latolang Allah, ba thibela batho tseleng ea Allah le ho hanetsa moromuoa kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, ha ho moo ba hlokofatsang Allah leha nyenyane, empa U tla fetola liketso tsa bona mafeela ۞ يَٰٓأَيُّهَا ٱلَّذِينَ ءَامَنُوٓاْ أَطِيعُواْ ٱللَّهَ وَأَطِيعُواْ ٱلرَّسُولَ وَلَا تُبۡطِلُوٓاْ أَعۡمَٰلَكُمۡ ٣٣Oho lona ba-kholoang! Mamelang Allah le moromuoa, le se ke la fetola liketso tsa lona mafeela إِنَّ ٱلَّذِينَ كَفَرُواْ وَصَدُّواْ عَن سَبِيلِ ٱللَّهِ ثُمَّ مَاتُواْ وَهُمۡ كُفَّارٌ فَلَن يَغۡفِرَ ٱللَّهُ لَهُمۡ ٣٤Ba latolang Allah, ba bile ba thibela batho tseleng ea Allah, ebe ba khahlanyetsoa ke lefu ba ntse ba latola Allah, – Allah A ke ke A ba ts’oarela فَلَا تَهِنُواْ وَتَدۡعُوٓاْ إِلَى ٱلسَّلۡمِ وَأَنتُمُ ٱلۡأَعۡلَوۡنَ وَٱللَّهُ مَعَكُمۡ وَلَن يَتِرَكُمۡ أَعۡمَٰلَكُمۡ ٣٥Le se khathale le hona ho nyahama ‘moko, le llela khotso, ha le tlameha ho ba maemong a phahameng: hobane Allah U na le lona, A ke ke A le lahla ka lebaka la liketso tsa lona tse ntle إِنَّمَا ٱلۡحَيَوٰةُ ٱلدُّنۡيَا لَعِبٌ وَلَهۡوٌۚ وَإِن تُؤۡمِنُواْ وَتَتَّقُواْ يُؤۡتِكُمۡ أُجُورَكُمۡ وَلَا يَسۡـَٔلۡكُمۡ أَمۡوَٰلَكُمۡ ٣٦Bophelo ba lefats’e lena empa ele papali le boithabiso. Empa a u kholoa e bile u nyelisa bobe, U tla le neha meputso ea lona; A ke ke A le kopa (ho khaohana le) matlotlo a lona إِن يَسۡـَٔلۡكُمُوهَا فَيُحۡفِكُمۡ تَبۡخَلُواْ وَيُخۡرِجۡ أَضۡغَٰنَكُمۡ ٣٧Hoja e be U ne A ka le kopa ona kaofela, A le latella, le ne le tla a khoaela; U ne A tla hlahisa mahloeo a lona a sephiri pooaneng هَٰٓأَنتُمۡ هَٰٓؤُلَآءِ تُدۡعَوۡنَ لِتُنفِقُواْ فِي سَبِيلِ ٱللَّهِ فَمِنكُم مَّن يَبۡخَلُۖ وَمَن يَبۡخَلۡ فَإِنَّمَا يَبۡخَلُ عَن نَّفۡسِهِۦۚ وَٱللَّهُ ٱلۡغَنِيُّ وَأَنتُمُ ٱلۡفُقَرَآءُۚ وَإِن تَتَوَلَّوۡاْ يَسۡتَبۡدِلۡ قَوۡمًا غَيۡرَكُمۡ ثُمَّ لَا يَكُونُوٓاْ أَمۡثَٰلَكُم ٣٨Ruri! Lona le ba memetsoeng ho senyeheloa tseleng ea Allah, le hoja har’a lona hona le ba bang ba khoaetseng matlotlo. Eo ea khoaetseng, o mpa a etsa joalo feela molemong oa moea oa hae. ‘Allah ha A hloke letho, lona le mafutsana. Haeba le koeneha, Ruri! O tla le fapanyetsa ka mofuta o mong oa batho o keng oa ts’oana le lona

الترجمة: Sheikh Elias Keketso Lelia.